Ho ingodisa jwalo ka moenjeneri wa porofeshine

Ho ingodisa jwalo ka moenjeneri wa porofeshine le Lekgotla la Boenjeneri la Aforika Borwa (ECSA) ke boemo bo hlokahalang ho ya ka molao haeba o:

  • Sebetsa ka batho ba tlang ho wena bakeng sa mosebetsi wa boenjeneri
  • Nka boikarabelo bakeng sa mosebetsi wa boenjeneri
  • Etsa mosebetsi ho ya ka melao e behilweng (mohlala. Melao ya Naha ya ho Aha)
  • Lakatsa ho ba leloko le felletseng la setheo se itseng se tsebahalang sa ho aha.

O ka etsa kopo ya boingodiso jwalo ka mokgethwa wa boenjeneri ha o se o qetile ho phetha dithuto tsa hao tse tsebahalang tsa boenjeneri kapa mangolo a hao a thuto a jwalo ka B.Sc (Eng), B.Eng, kapa National Diploma lekaleng la Boenjeneri. Ha o na le mangolo a thuto a boenjeneri a ka ntle ho naha, o lokela ho nehelana ka khopi ya hao ya setifikeiti mmoho le rekoto ya hao ya dithuto e bontshang dithuto kaofela tseo o di entseng le ho di pasa nakong ya dilemo tsa hao tsa ho ithuta.

Kamora ho fumana mangolo a hao a thuto le bonyane nako ya tshebetso ya dilemo tse tharo, o ka ingodisa jwalo ka mosebeletsi wa boenjeneri mekgahlelong e latelang ya porofeshine ya boenjeneri:

  • Moenjeneri wa Porofeshine (Pr Eng)
  • Rathekenoloji wa Moenjeneri wa Porofeshine (Pr Tech Eng)
  • Moenjeneri ya nang le Setifikeiti wa Porofeshine (Pr Cert Eng)
  • Rathekenishiene wa Boenjeneri wa Porofeshine (Pr Eng Techni)

Diforomo tsa kopo le tlhahisoleseding e fetang mona di fumaneha ho tswa dikantorong tsa ECSA, ho websaeteng ya bona ya www.ecsa.co.za kapa wa di kopa imeiling ya engineer@ecsa.co.za.

Share this page