Mokgwa wa ho tlaleha motho ya lahlehileng

Haeba motho eo o mo tlwaetseng a lahlehile, o tshwanela ho tlaleha sepoleseng hanghang ha o elellwa hore o lahlehile. Ha o a tshwanela ho emela dihora tse 24.

O ka ikopanya le Lekala le sebetsanang le Batho ba Lahlehileng ho tlaleha motho ya lahlehileng kapa o ye seteisheneng sa sepolesa se haufi ebe o tlaleha hore ho na le motho ya lahlehileng, hanghang ha o elellwa hore o lahlehile.

Nka senepe sa moraorao sa motho ya lahlehileng ho etsetsa hore se tle se skenelwe ho kenngwa Lenaneng la Lekala la Naha la Batho ba Lahlehileng. Lenane lena ke projeke ya ho Kgina Ditlolo tsa Molao mme sepolesa se a e sebedisa naha ka bophara. Fana ka lesedi lefe kapa lefe le ka thusang ho hlwaya motho, jwaloka dilemo tsa hae, bolelele, mmala wa moriri, mmala wa mahlo le matshwao afe kapa afe a kang mengwapo kapa ditobatobi. O ka nna wa kotjwa ho tlatsa diforomo mme o fane ka lesedi lena lohle.

Ho na le lefokisi le tla fuwa boikarabelo ba ho e sala morao taba eo. O tshwanela ho netefatsa hore o nka lebitso le dinomoro tseo o ka ikopanyang le lefokisi ka tsona, mme o dule o ikopanya le lona. O tshwanela ho tsebisa lefokisi leo ka lesedi lefe kapa lefe le letjha ka motho eo ya lahlehileng, leo o le fumaneng kamora ho tlaleha taba eo.

Hopola ho tsebisa sepolesa haeba motho ya lahlehileng a fumanwe.

Ha o batla ho tseba haholwanyane ka ho tlaleha motho ya lahlehileng.

 

Share this page