Ho Kopa Ngodiso bakeng sa VAT

O lokela ho ngodisa kgwebo ya hao bakeng sa Lekgetho la Boleng bo Ekeditsweng (VAT) haeba tjhelete ya thepa kapa ditshebeletso tse lefellwang lekgetho e feta milione o le mong wa Diranta ka nako ya dikgwedi tse 12, kapa e lebeletswe ho feta palo ena.

Hape kgwebo e ka nna ya ithaopa ho ingodisa haeba lekeno le unnweng nakong ya dikgwedi tse 12 tse fetileng le tlotse R50 000.

VAT ke lekgetho le sa tobang tshebediso ya thepa le ditshebeletso moruong.

Nehelana ka foromo ya boingodiso ho lekala la hao la lehae la SARS nakong ya matsatsi a 21 ho tloha mohlang o tlotseng milione o le mong wa Diranta.

VAT e lefiswa ka sekgahla se tlwaelehileng sa 15% thepeng le ditshebeletsong tsa barekisi ba ngodisitsweng. Ho na le letoto le seng le kae la thepa le ditshebeletso tse lefiswang VAT ka sekgahla sa noto kapa tse sa lefisweng VAT ho hang.

O ka etsa kopo ya ho hlakola boingodiso ba hao ba VAT haeba thepa e rekwang e lefiswang lekgetho e le ka tlase ho sekepele sa milione o le mong wa Diranta, kapa haeba mesebetsi yohle ya kgwebo e emisitswe.

Boingodiso ba hao ba VAT bo tla hlakolwa feela ha Mokomishenara a ikgotsofaditse hore thepa ya hao e rekwang e lefiswang lekgetho ha e tlole milione o le mong wa Diranta kapa ha o sa tswela pele ka kgwebo ya hao.

O lokela ho lemosa ba SARS nakong ya matsasi a 21 a ho kgina kgwebo.

Kgwebo ya hao e tla jara boikarabelo ba mekitlane efe kapa efe ya VAT e saletseng morao ha e ne e sa ngodisitswe jwaloka morekisi.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ka moo o ka ingodisang bakeng sa Vat kapa ho hlakola boingodiso kapa ikopanye le SARS.

 

Share this page