Pehelo ka Mopresidente Cyril Ramaphosa mabapi le Kgatelopele ya Maiteko a Naha a ho Ngotla ho Ata ha Sewa sa COVID-19 

MaAfrika Borwa a heso,

Kajeno ho fela dikgwedi tse 15 hantle haesale naha ena e bile Tlasa Maemo a Naha a Koduwa mabapi le ho arabela ho sewa sa kokwanahloko ya corona. 

Ha re so ka re ba le pharela e kang ena ho tsa bophelo bo botle kapa yona e nkileng nako e telele hakana. 

Re utlwisisa hantle tsela eo MaAfrika Borwa a mangata a kgathetseng kateng ke maemo ana. 

Re lahlehetswe ke beng ka rona ba bangata, mme hape ha re kgone le ho emelana le mathata a tlisitsweng ke sewa sena dimilioneng tsa batho ba habo rona. 

Ke a tseba hore re se re ya re fellwa ke mamello ke dithibelo tseo re di behetsweng.

Ke boetse ke a tseba hore le kgathatsehile haholo ke dithibelo tseo re di behileng, tse kginang bolokolohi ba batho ba ho eta, ho bokana, ho ithabisa, ho rapela mmoho, ka di nako tse ding le ho kgwahlapisa tsa ho iphedisa. 

Leha ho le jwalo,re a tseba hore dithibelo tsena di a sebetsa boitekong ba ho lwantsha ho ata ha kokwanahloko ena. 

Re se fetile le ho mamella maqhubu a mabedi a neng a hlobaetsa a tshwaetso. 

Leha ho le jwalo,tshebedisano mmoho e thusitse ho fokotsa tshwaetso le ho pholosa ho hlokahala ha batho ka bongata. 

Re a tseba hore leha ena e bile nako e boima haholo ya dikgwedi tse 15, empa jwale re se re qadile ho aha botjha le ho tsoseletsa naha ya bo rona.

Leha ho bile le mathata mona le mane, empa jwale lenaneo la rona la ho enta setjhaba le kene motjheng mme jwale re tla kgona ho laola lefu lena. 

Leha sena se re tliseditse tshepo, empa mosebetsi o sa le moholo. 

Leqhubu la boraro la tshwaetso le fihlile mme jwale re tlameha ho le lwantsha. 

Haesale ke qetela ho le tshetlehela puo dibekeng tse pedi tse fetileng, ka kakaretso, palo ya batho ba tshwaetswang ka letsatsi e menahane habedi. 

Ka nako eo, re ne re tlaleha ditshwaetso tse ka etsang 3 700 ka letsatsi. 

Matsatsing a supileng a fetileng, re rekotile palohare ya ditshwaetso tse 7 500 ka letsatsi.

Palo ya ba amohelwang dipetlele ka lebaka la COVID-19 matsatsing a 14 a fetileng ke 59% e leng palo e hodimo ha e bapiswa le matsatsi a 14 pele ho moo. 

Ka kakaretso palo ya ba hlokokahalang ka lebaka la COVID-19 ka letsatsi e nyolohile ka 48%,e tloha ho ba 535 dibekeng tse pedi tse fetileng ho ya ho ba 791 matsatsing a supileng a fetileng. 
Ntle le Kapa Leboya feela, diprovenseng tsohle palo ya ditshwaetso e nyolohile. 

Diprovense tse nne – Gauteng, Foreistata, Leboya Bophirima le Kapa Leboya – di leqhubung la boraro semmuso, ha tse ding tsona di atamela boemo boo. 

Palo ya diteko tsa tshwaetso ya COVID – e leng se bitswang sekgahla sa ditshwaetso- se tswela pele ho nyoloha Gauteng, Limpopo, Kapa Bophirima, Foreistata le KwaZulu-Natal.

Ho tsona kaofela, Gauteng ke yona e amehileng haholo. 

Palo ya yona ke pedi-borarong ya ditshwaetso tse ntjha tsa beke e sa tswa feta. 

Sekgahla sa tshwaetso Gauteng se matla ho feta sa leqhubu le fetileng ka nako yona ena. 

Ho bonahala hore matsatsing a seng makae dipalopalo tsa Gauteng di tla be di feta tsa sehlohlolo sa leqhubu la bobedi. 

Dipetlele tsa poraefete provenseng ena di boletse hore di se di le haufi le ho tlala. 
Re tlameha ho nka bohato kapele le ka potlako ho pholosa maphelo. 

Ho ka etsa jwalo, re tlameha ho boela dinthong tsa mantlha.

Re tlameha ho ikgopotsa tsela eo kokwanahloko e namang kateng e le hore kaofela ha rona re itshware ka tsela e tla fokotsa menyetla ya tshwaetso. 

Ha re a tlameha ho iphapanyetsa mekgwa ya bohlokwa eo re tsebang hantle hore e bohlokwa. Borasaense ba rona ba boletse hantle hore tsela eo re itshwarang ka yona ke yona e atisang kokwanahloko. 

Re tlameha ho hopola hore batho ba tshwaeditsweng ke COVID-19 bongata ba bona ha bo bontshe matshwao. 

Motho eo o dutseng haufi le yena ka tekesing, mosebetsi mmoho le wena, kapa motswalle kapa setho sa lelapa ba ka tshwaetswa dipokanong tsa setjhaba. 

O ka nna wa tshwaetswa ha o tsamaya ka tekesi e kwetsweng difenstere. 

O ka nna wa tshwaetswa ke mosebetsi mmoho le wena haeba a sa kenya maske o kwahelang nko le molomo. 

Motswalle kapa e mong wa lelapa a ka o phomosetsa dijo kapa senomaphodi ntle le ho hlapa matsoho kapa ho a hlwekisa ka sebolaya-dikokwanahloko ebe he ke moo wena o ka tshwaetswang teng. 

O ka nna wa etela batswadi ba seng ba hodile kapa nkgono kapa ntate moholo o sa tsebe hore o na le tshwaetso mme o ba tshwaetse. 

O ka etela wa leloko ya nang le bohloko ba tswekere kapa kgatello e hodimo ya madi kapa leha e le bohloko bofe feela bo sa alafeheng mme o ba tshwaetse leha wena o ntse o ipona o phetse hantle. 

O ka nna wa ya kerekeng kapa moskeng kapa wa ya restjhurenteng e tletseng kapa setsing sa mabenkele mme o tsamaya o tshwaetsa batho bohle bao o kopanang le bona mme o behe boitekanelo le maphelo a bona kotsing. 

Ka bomadimabe, tshwaetso e etsahala ha bobebe jwalo feela. 

Ha o tseba hore o kile wa kopana le motho ya tshwaeditsweng ke COVID-19, o tlameha ho latela molao, o ikwalle o le mong matsatsi a leshome ho sa natswe hore seo se sitisa bophelo ba hao ho le hokae. 

Ona ke o mong wa mekgwa ya ho fokotsa ho ata ha kokwanahloko ena. 

Ho fetola tsela eo re etsang dintho ka yona ho ka tlisa phapang e kgolo. 

Re se re buile ka sena hangata, empa re tlameha ho se pheta hobane re tsamaya re fanya mona le mane. 
Re tlameha ho tsitlallela ho etsa dintho ka nepo ka dinako tsohle. 

Haeba re le sedi, re etsa dintho ka nepo, re ka fokotsa sekgahla sa tshwaetso. 

Ha sekgahla sa tshwaetso ka nako leha e le efe se theoha, ke moo palo ya batho ba kulang, ba kenang dipetlele, le phaposing ya ba kulang haholo le ya ba hlokang metjhini ya ho hema e ka fokotsehang. 

Seo re se hlokometseng maqhubung ana a mabedi a fetileng le lefatsheng ka bophara, ke hore ha dipetlele di qala di tlala, batho ba hlokahala ka bongata. 

Se pele ho rona ha jwale ke ho netefatsa hore dipetlele tsa rona di na le dibethe le basebeletsi ba lekaneng mmoho le metjhini ya ho hema le moya o lekaneng bakeng sa batho bohle ba ka hlokang tsena kaofela. 

Ho ropoha ka matla ha ditshwaetso tse ntjha, ho bolela hore re tlameha ho tiisa dithibelo tsa rona metsamaong le dipokanong tsa batho. 

Re tlameha ho qobella batho ho ikobela dithibelo mme bohle ba sa etseng jwalo ba fumane kotlo e ba tshwanelang. 

Ka lebaka la sekgahla sena sa tshwaetso, re nkile qeto ya ho kgutlisetsa naha ena Boemong ba Boraro ba Tlhokomediso. 

Sena se tla qala phirimaneng ena ha melawana e se e ngotswe koranteng ya mmuso. 
Sena se bolela hore: 
- Nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu e tla qala ka hora ya leshome bosiu ho isa ho ya bone ka meso. 
- Dikgwebo tse sa faneng ka ditshebeletso tsa bohlokwa tse kang direstjhurente, dibara le ditsi tsa boikwetliso di tlameha ho kwala ka hora ya borobong bosiu ho etsetsa hore basebeletsi le mabota ba fihle lapeng pele ho qala nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu. 

- Dipokanong ho se ho tla dumellwa batho ba sa feteng ba 50 ha ba le ka moahong mme ba sa feteng 100 ha ba le ka ntle ho moaho. 
Haeba sebaka seo se le senyane hore se ka moma batho ba 50 ba qaqolohane, ho tla dumellwa batho ba etsang halofo feela ya palo e tlatsang sebaka seo. 

Sena se kenyeletsa dikereke,dipokano tsa dipolotiki, dipokano tsa setjhaba, direstjhurente, dibara, ditamene le dibaka tse kang tseo. 

- Mapatong ho tla dumellwa batho ba sa feteng 50 ba dutseng ka ho qaqolohana le ho ikobela melawana ya bophelo bo botle. 

Ditebelo le dipokano tsa kamora mapato le tsa ‘di-after tears’ ha di a dumellwa. 

- Dibaka tse rekisang jwala bakeng sa batho ba rekang ba tsamaya di tla dumellwa ho bula ka hora ya leshome hoseng ho ya ho ya botshelela ka phirimana Mantaha ho ya ho Labone. 

Tsena ha di kenyeletse matsatsi a phomolo. 
Dibaka tse rekisang jwala bakeng sa ba rekang ba nwa, tsona di dumeletswe ho bula ho latela dilaesense tsa tsona, empa ba kwale ka hora ya borobong ka phirimana. 

Jwala ha bo a dumellwa dibakeng tsa setjhaba tse kang mawatleng le diphakeng. 

Esale re arabela seweng sena,  re batlile ho nka mehato e nepahetseng le e tla mekamekana le tshoso ya tshwaetso. 

Re rialo hobane re a tseba hore ha re ka tlisa dithibelo tse matla haholo, moruo wa rona o ka lemala. 

Ka lehlakoreng le leng ha re ka kgwehlisa haholo dithibelong tsa rona, re ka iphumana re hloleha ho laola sekgahla sa kokwanahloko ena. 

Ka lebaka lena re shebile dipalopalo tsa rona ka le ntjhotjho mme hape re ntse re fumana le dikeletso ho ditsebi le borasaense ba rona. 

Mehato eo re e nkang ke e nepahetseng ho latela sekgahla sa tshwaetso e le hore re tle re kgone ho pholosa maphelo. 

Ho feta moo, mehato e meng ya bohlokwa e ntse e le tshebetsong. 

E dutse e le setlamo hore motho o tlameha ho kenya maske o kwahelang nko le molomo ka dinako tsohle ha a le bathong. 

Ke tlolo ya molao ho se etse seo. 

Beng le balaodi ba meaho ya setjhaba, ditsi tse fapaneng, mabenkele, direstjhurente, ditekesi le dibese ba na le boikarabelo ba ho netefatsa hore batho ba ka hara ditsha tsa bona kapa dipalangwang tsa bona ba kenya dimaske.

Ba boetse hape ba tlameha ho netefatsa hore batho ba qaqolohane ka nepo. 

Ho bohlokwa ho hopola hore ke tlolo ya molao ho dumella bareki kapa basebeletsi ba fetang palo e dumeletsweng ho netefatsa ho qaqolohana ha batho sebakeng sa hao. 

Ho theolela naha Boemong ba Boraro ba Tlhokomediso ho tla ama dikarolo tse ngata tsa maphelo a rona le ditlhophiso tseo re neng re se re di entse. 

Re ka etsa mohlala ka Sehopotso sa Letsatsi la Batjha se neng se hlophiseditswe ho ba mane Pietermaritzburg hosane.

Dintho di tla fetoha haholo jwalo ka ha batho ba tla dumellwa ho ya teng e tla ba ba mmalwa haholo mme le Mopresidente o se a tla fana ka puo ya hae ka mokgwa wa vidiyo. 

Kaofela ha rona re na le boikarabelo ba ho sireletsa maphelo a rona le a ba bang. 

Ho matleng a rona kaofela ho fokotsa kotsi ya tshwaetso ho rona le ho ba bang. 

Re a bona kaofela hore lenaneo la rona la ho enta setjhaba le bile le ditiehiso tse itseng. 

Ya pele e ne e be hore kamora ho fumana ente ya AstraZeneca, eo re neng re e rekile Serum Institute ya India, borasaense ba rona ba fumane hore e ne e se na matla a lekaneng ho lwantshana le mofuta wa kokwanahloko ena o neng o sa tswa fumanwa mona Afrika Borwa. 

E nngwe ntho e re ammeng ha bohloko ke ho haella ha diente lefatsheng ka bophara, e leng se sitisitseng mananeo a kentelo Afrika ka bophara le dinaheng tse ngata tsa lekeno le tlase le le mahareng. 

Kamora mathata a AstraZeneca, re ile ra fumana ya Johnson & Johnson, yona e ne e kgona ho lwantsha kokwanahloko ena ka tekanyetso e le nngwe feela mme hape ho bobebe ho e boloka le ho e thotha. 

Le yona ena ya Johnson & Johnson ho ile ha ba le mathata ka yona ra ba ra emisa hanyane ho e sebedisa ka lebaka la menyenyetsi ya hore ho na le mathata metswakong ya yona femeng e mane Baltimore, Amerika.

Ho fihlela hajwale, lenaneo la rona la kentelo le ile la lokela ho tshepela ho ente ya Pfizer, e hlokang ditekanyetso tse pedi. 

Leha ho le jwalo, basebeletsi ba tsa bophelo bo botle ba 480 000 ba entuwe ka ente ya Johnson & Johnson jwaloka karolo ya Mokgahlelo wa Pele wa lenaneo la kentelo. 

Jwalo ka Mokgahlelo wa Bobedi wa lenaneo la kentelo, ho se ho entuwe basebeletsi ba tsa bophelo bo botle le batho ba dilemo di 60 le ho feta ka tekanyetso ya pele ya ente ya Pfizer.
Sena se etsa palo ya batho bohle ba seng ba entilwe e be se ka etsang dimilione tse pedi. 

Sekgahla sa ho enta se nyolohile betere jwale jwaloka ha re se re enta batho ba ka bang 80 000 ka letsatsi ditsing tse fetang 570 makaleng a mmuso le a  poraefete. 
Palo ena e tla eketseha dibekeng tse mmalwa tse tlang jwaloka ha re ikemiseditse ho sireletsa batho ba kotsing ka bongata kamoo re ka kgonang. 

Mathata a ente ena ya Johnson & Johnson a se a rarolotswe jwale.

Mathata ana a ile a etsa hore meriana e ka bang dimilione tse pedi tseo di neng di se di hlahisitswe di se kgone ho sebediswa. 

Leha ho le jwalo, polante ya Aspen e Gqeberha, ho la Kapa Botjhabela jwale e tswela pele le ho hlahisa ente e ntjha.  

Khamphani ena e ikanne ho eketsa tlhahiso ya yona hore e tle e kgone ho fepela naha ena ka ente e lekaneng dibekeng tse mmalwa tse tlang. 

Ho fihlela letsatsing lena, re se re fumane meriana e dimilione tse 2.4 tsa ente ya Pfizer.

Re lebeletse hore ha Phuptjane e fela, re be se re fumane meriana e dimilione tse 3.1 tsa ente ya Pfizer.

Re boetse ra fumana molaetsa wa hore ho ka etsahala Johnson & Johnson e re tlisetse dimilione tse pedi tsa diente mafelong a kgwedi yona ena. 

Ente eo re tla e fumana pele ya Johnson & Johnson, ho tla entwa matitjhere ka yona mme ha e sala ho entwe balebedi ho tsa bophelo bo botle. 

Jwaloka ha tiehiso e bakilweng ke mathata a tlhahiso ya ente e se e rarolotswe,se re saletseng jwale ke hore re qetele lenaneo la ho enta batho bohle ba dilemo di 60 le ho feta ntle le tiehiso. 

Hajwale ho akanyetswa hore re na le bokgoni ba ho enta bonyane batho ba ka bang 150,000 ka letsatsi mme re ikemiseditse ho finyella palo ya batho ba 250 000 ka letsatsi nakong e seng kae.

Ka lebaka leo, ke etsa kgoeletso ho batho bohle ba dilemo di 60 le ho feta hore ba ingodisetse ho entwa – ka inthanethe, ka SMS, ka mohala, kapa ho ya ingodisa ka sebele – hore ba entwe ntle le tiehiso.

Ke etsa kgoeletso ho batho bohle hore haeba o tseba motho ya dilemo di 60 le ho feta, ya so kang a entwa, hore o mo thuse ho ingodisa e le hore a tle a entwe. 

Leha re bona sekgahla sa tshwaetso se ntse se nyoloha naheng ka bophara, empa ho ntse ho na le dipalopalo tse ding tse tlisang tshepo. 

Ka nako yona ena leqhubung la bobedi mathwasong a Tshitwe ngwahola, e ne e le basebeletsi ba 640 ba tsa bophelo bo botle ba neng ba se ba tshwaeditswe ke COVID-19 matsatsing a supileng feela. 

Matsatsing a supileng a fetileng, ke basebeletsi ba 64 feela ba tsa bophelo bo botle ba bileng le tshwaetso. 

Leha maikemitsetso a rona e le hore ho se be le mosebeletsi le ya mong wa tsa bophelo bo botle ya bang le tshwaetso, empa sena se bontsha ho fokotseha ho hoholo ha tshwaetso, e leng se bontshang katleho ya mokgahlelo wa pele wa lenaneo la kentelo. 

Sena ke bopaki ba hore ente e a sebetsa.

Taba ena e tlameha ho re kgothatsa hore re potlakise lenaneo lena la ho enta setjhaba e le hore batho bohle ba ingodisitseng semmuso ba e fumane.

Dikgweding tse leshome le metso e mehlano tse fetileng, ke ne ke bue le setjhaba ke le Union Buildings, ka re:
“Sewa sena se tla feta.

“Leha ho le jwalo, ke rona ba tla ikgethela hore se tla nka nako e kae, se tla senya hakae mme ho ntla nka nako e kae hore moruo le naha ya bo rona di hlaphohelwe. 

“Ke nnete, jwale re tobane le maemo a tshohanyetso. 

“Leha ho le jwalo, haeba re tshwarisane, re nka bohato bo matla e sa le jwale, re tla hlola.”

Le kamora nako ena eo re fetileng ho yona, kamora tsohle tseo re fetileng ho tsona, le kamora sohle seo re se entseng, le seo re se fihletseng re le setjhaba, ke ntse ke na le tshepo ya hore re tla hlola. 

Re se re fetile mathateng a maholo jwalo ka naha mme re hlotse.

Ha re a tlameha ho nyahamiswa ke ho hloka botsitso, tshabo le ho hlonama. 

Ha re a tlameha ho lahla tshepo ka lebaka la boholo kapa bona bothata ba mosebetsi o re emetseng.
Re tlameha hoba le tlhase ya tshepo ya ho hlola sewa sena. 

Leha ho le jwalo, mosebetsi o sa le moholo. 
Re bontshitse hore re na le bokgoni le tjheseho ya ho lwantsha kokwanahloko ena. 

Ke boetse hape ke na le tshepo ya hore re ntse re tla atleha. 

E se e ka Modimo a ka hlohonolofatsa Afrika Borwa le setjhaba sa yona.

Ha e lale.

Share this page

Similar categories to explore