Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 25 Phuptjane 2014

1. Maemo a Kabinete mabapi le ditaba tsa jwale

1.1. Kabinete e ananetse Puo ka Boemo ba Naha ba bosupa bo entsweng ke Moporesidente Jacob Zuma ka Labobedi, Phuptjane 17, 2014. Mananeo a tobokeditsweng ke Moporesidente a tataiswang ke Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) a tla sekasekwa dibekeng tse tlang ke meifo ya Matona a fapafapaneng. Ka moya wa hore Mmoho ha re ntshetseng Aforika Borwa pele, Kabinete e ipiletsa ho mafapha ohle a setjhaba ho imatahanya le Mmuso bakeng sa ho kenya tshebetsong Lenaneo le letjha la Tshebetso, le itshetlehileng hodima diphihlello tse entsweng Dilemong tse 20 tsa Tokoloho.

1.2 Kabinete e amohela ho fela ha seteraeke sa kgwedi tse hlano Merafong ya Polatinamo. Seteraeke sena se nkileng nako e telele se bile le ditlamorao tse bohloko ho basebetsi, bahiri le moruo ka kakaretso. Jwalo ka ha tokelo ya ho teraeka e tshireleditswe ka hara molao wa rona wa motheo le melaong ya basebetsi, Kabinete e ipiletsa ka bobedi ho bahiri le mekgatlo ya basebetsi ho rarolla ditherisano ka potlako le ho thibela diteraeke tse nkang nako e telele. Katleho ya mananeo a rona a ntshetsopele e itshetlehile hodima moruo o tsitsitseng le ho ntlafala. Jwalo ka maAforika Borwa, ke boikarabelo ba rona bohle ho hodisa moruo wa naha.

1.3 Kabinete e ananetse ho tshwaelwa tlase ha Aforika Borwa moruong ke mekgatlo ya tekolo ya moruo, e leng wa Standard and Poor, le wa Fitch bekeng e fetileng. Kabinete e sa pheta hore mmuso o hlokomela diphephetso tsa kgolo tseo Aforika Borwa e tobaneng le tsona. Mmuso o behile ka sehloohong ho kenngwa tshebetsong ka potlako ha NDP, ka dintlafatso tse lebisitsweng ho sibolla bokgoni ba Aforika Borwa ba ho hola.

Mmuso o itelletse ho ntlafatsa tikoloho ya taolo, ka ho fokotsa leqeme la bokgoni le ho potlakisa lenaneo la ona la ho tsetela ho dikaho tsa motheo jwalo ka karolo ya ho tlosa ditshita tse sitisang kgolo.

1.4 Kabinete e amohela diphihlello tsa Diphuputso tse Akaretsang tsa Malapa tsa 2013 tse lokollotsweng haufinyana tjena ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa. Diphihlello tsena di tiisa pale e monate ya hore maano a mmuso a tsitsitseng le mananeo a fetola maphelo a maAforika Borwa hore a be betere.

Diphuputso di tiisa hore phihlello ya ditshebeletso tse kang metsi, ho phuthwa ha matlakala, bodulo le thuto ya mahala di bontshitse kgolo e tsitsitseng ha nako e ntse e tsamaya. MaAforika Borwa a nang le metsi a dipompo a nyolohetse ho 89,9% ha malapa a hoketsweng motlakase a eme ho 85% ka 2013.

Lenaneo la mmuso la thuso ya setjhaba le tswela pele ho fana ka thuso le tshireletso bakeng sa malapa le badudi bao ha e ne e se ka hoo, ba ka beng ba thefutswe ke leru la bofuma le leqeme la mosebetsi.

Palo ya batho ba fumantshwang dithuso tsa setjhaba e nyolohile ho tloha ho 13,7% ka 2003 ho ya ho 45,5% ka 2013. Diphesente tsa malapa moo batho ba lapang di theohile ho tloha ho 29,3% ka 2002 ho ya ho 13,4% ka 2013. 

1.5 Kabinete e ananetse kemedi ya maemo a hodimo ya Aforika Borwa e eteletsweng pele ke Moporesidente Jacob Zuma e kenetseng Seboka sa bo 23 sa Kopano ya Aforika tlasa mookotaba o reng: “Temo le Hlahiso e sa Kgaelleng ya Dijo ka hara Aforika.” Seboka se qala ka la 20 ho ya ho la 27 Phuptjane 2014 Malabo ho la Rephaboliki ya Equatorial Guinea.

Jwalo ka karolo ya kontinente, Aforika Borwa e tla nehela dipuisanong tse mabapi le lenaneo la ntshetsopele bakeng sa Aforika le ho tshehetsa Seboka ho hodisa mananeo a ntshetsopele bakeng sa naha.

1.6 Kabinete e thoholetsa Lefapha la Bonono le Botjhaba le Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha ka ho etella pele diketsahalo tsa Kgwedi ya Batjha tlasa mookotaba o reng “Batjha ba Ntshetsha Aforika Borwa Pele.”

Ha re ntse re tswela pele ho keteka Kgwedi ya Batjha, Kabinete e pheta lenaneo la mmuso la ho sebetsa le batjha ho fetola bophelo ba bona le ho fetola naha. Dilemong feela tse hlano tse fetileng, R2,7 bilione e ile ya behelwa ka thoko bakeng sa tshehetso ka ditjhelete ya boetapele ba dikgwebo bakeng sa batjha, dibasari tsa baithuti di menahane habedi mme le mananeo a thuto ya bana ba lokisetswang sekolo a ntlafaditse mokgahlelo wa motheo wa bana. Boitshunyako bo kang bona bo tla dula bo tsepamisitswe maikutlong a mmuso, ha re mema batjha hore e be balekane ba rona bakeng sa ho ntshetsa Aforika Borwa pele.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e entsweng bakeng sa ho ntshetsapele Leano la Karabelo ho Phethoho ya Tlelaemete ya Naha: Tlhophollo ya Pebofatso ya Kgase ya Sepakapakeng (GHG). Tlaleho e hlopholla tshebetso ya Aforika Borwa bolaoding bo hlwahlwa ba ditlamorao tsa phethoho ya tlelaemete, le ho etsa dikgothaletso bakeng sa nehelo ya Aforika Borwa boikitlaetsong ba ho fokotsa boteng ba GHG.

2.2. Ho feta moo Kabinete e fumane moralo wa tlaleho mabapi le Dikateng tsa Naha tsa Kgase ya Sepakapakeng bakeng sa Aforika Borwa, bakeng sa 2000 - 2010. Sena se tsamaelana le tumellano ya Moralo wa Matjhaba a Kopaneng mabapi le Phethoho ya Tlelaemete eo Aforika Borwa e e hlophisitseng ka 1997. Ho ya ka tumellano ena, dinaha di lebeletswe ho nehelana ka ditlaleho tsa tsona tsa kgatelopele kamora dilemo tse ding le tse ding tse pedi. Moralo wa hajwale wa tlaleho o se o lokollotswe bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. E tla phethelwa bakeng sa hore e lokelwe ho nehelanwa ha morao selemong sena.

2.3. Kabinete e amohela ho tjhaellwa monwana ha sebaka sa tlatsetso se setjha bakeng sa   Setsha sa Lefa la Lefatshe sa Mapungubwe ke Komiti ya Lefatshe ya Ditsha tsa Lefa ya Unesco eo e neng e tshwere Kopano ya yona ya bo 38 Doha, ho la Qatar, ho tloha ka la 15 ho ya ho la 25 Phuptjane 2014. Sebaka sena se setjha sa tlatsetso ke sephetho sa ditherisano tsa nako e telele tse kenyeletsang beng ba lefatshe, baemedi ba badudi, mekgatlo eo e seng ya mmuso, dikhamphani tsa merafo le bankakarolo ba fapafapaneng ba mmuso. Tumello ya sebaka sena se setjha sa tlatsetso ke ntshetsopele e ananelwang bakeng sa boikitlaetso ba Aforika Borwa ho ntlafatsa bolaodi le tshireletso ya ditsha tsa histori ya lefatshe ha e ntse e dumella ntshetsopele e nang le boikarabelo le ya ntshetsopele ya boteng bo tswellang pele.

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Aforika Borwa e tla tshwara Kopano ya Foramo ya Tshebedisanommoho le  Tshebedisanommo bakeng sa Bophelo bo Botle ba Batswetse, Masea le Bana Setsing sa Seboka sa Sandton, ho la Gauteng, ho tloha ka la 30 Phuptjane ho ya ho la 1 Phupu 2014. Tshebedisanommoho ena ke mokgatlo wa lefatshe o tshwarwang ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle.

Ho kopanela Foramo ho fana ka sebaka sa ho tsepamisa maikutlo bohlokweng ba ho matlafatsa bophelo bo botle ba batswetse, masea le bana ka hara Aforika Borwa le ho lemosa mafapha ohle a setjhaba hore a nehele boikitlaetsong bona.

Ho lokollwa ha ho Balwa ho ya Qetellong ha Lefatshe ka moo lefatshe le sebetsang bakeng sa ho fihlella Maikemisetso a Ntshetsopele ya Dilemokete tsa 4 le 5 hape ho tla thusa bankakarolo ho tswa ho mafapha a bophelo bo botle le ao e seng a bophelo bo botle ho lekola kgatelopele le ho ithuta.

Hape ho tla hodisa boikarabello bo boholo ho basadi, masea, bana le ho batjha, ho ba thusa ho lemoha ditokelo tsa bona ho fihla ho maemo a phahameng ka ho fetisisa a bophelo bo botle ha dilemo di ntse di tsamaya ho ya ho 2015 le ka nqane ho yona.

3.2 Aforika Borwa e tla tshwara Tlhodisano ya Matjhaba ya Dipalo (IMO). IMO ke phehisano ya selemo ka seng ya tharollo ya diqaka tsa dipalo bakeng sa baithuti ba dikolo tse phahameng, e tshwarelwang dinaheng tse fapaneng selemo ka seng. Sena ke monyetla wa ho bontsha bokgoni ba naha ya rona ba ho tshwara diketsahalo tsa maemo a hodimo tsa lefatshe le ho pepesa boradipalo ba maemo a hodimo ba Aforika Borwa. Dinaha tsa palo e etsang 109 di se di ingodisitse bakeng sa IMO ena.

4. Bathonngwa

Kabinete e ananetse mesebetsi e latelang:

4.1. Monghadi GO Hollamby jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Tsamaisong ya Ditjhelete le Phano ya Ditshebeletso tsa Thepa ho Lefapha la Merero ya Lehae.

4.2. Boto ya Koporasi ya Matsete a Setjhaba
a) Monghadi Mcebisi Hubert Jonas, jwalo ka molaodi eo e seng wa phethahatso le jwalo ka Modulasetulo (nakong ya tshebetso ya hae jwalo ka Motlatsi wa Letona la Ditjhelete); le
b) Monghadi Roshan Morar jwaloka Motlatsi wa Modulasetulo (bakeng sa dilemo tse tharo).

4.3. Komiti e ikgethang ho tsa Molao wa Dikhamphani (bakeng sa nako e sa feteng dilemo tse hlano)
a) Setho se kenang lehatong la e mong, Ngaka Johannes Erasmus; le
b) Leresefe le le leng, Mofumahadi Juanita Steenkamp.

Dipotso:
Phumla Williams
Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore