Pehelo ya Kopano ya Kabinete ka kgokahano ya vidiyo ya Laboraro, la 26 Phato 2020

A. Maemo a Renang Hajwale

1. Mohato wa Bobedi wa Tlhokomediso ya Lefu la Kokwanahloko ya Corona (COVID-19) 
1.1. Ho sutha ho Mohato wa Tlhokomediso wa Boraro ho isa ho wa Bobedi wa naha wa ho kginwa ditshebeletso le motsamao wa batho ho tloha ka la 18 Phato 2020 o bakile ho nyehliswa ho amohelehang ha dithibelo mesebetsing e meng ya moruo wa kahisano. Diphethoho tsena tsa bohlokwa ruri di tla hlasimolla moruo wa rona le ho nyehela bakeng sa tlhahiso ya mesebetsi e batlehang e le ka nnete, ka ho qolleha indastering ya bohlaudi le ya kamohelo ya baeti.  

1.2. Mohato wa Bobedi wa Tlhokomediso o etsa hore ho kgonahale hore Matona a itlhahise pela matlo a mabedi a Palamente, Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprovense, bakeng sa hara tse ding, ho araba dipotso tsa ditho tsa Palamente.

1.3. Leha ‘leqhubu la bobedi’ la ditshwaetso le bonweng ke dinaha tse ding tse ngata e le kgonahalo e dulang e le teng, diketso tsa rona tse kopanetsweng dibekeng le dikgweding tse mmalwa tse tlang di ka thibela seo ho etsahala, mme se tla supa kapele kamoo re ka hatelang pele kateng. Kabinete e ipiletsa ho bohle ho fadimeha ka matla, ho itlwaetsa boitshwaro bo nang le boikarabelo le ho etsa tse nepahetseng hore re pheme ho ropoha ha bobedi. 

1.4. Mmuso o sebedisana le balekane ba kahisano le badudi ho netefatsa hore ditereke di na le mehlodi e lekaneng le ho itlhophisa bakeng sa ho laola ho nama ha kokwanahloko ena. 

1.5. Setjhaba sa bo rona se entse menyabuketso e matla mabapi le ho lwantsha sewa sena. Mosebetsi wa rona o motle, ka bomadimabe, o thunthetswa ke diketso tse bohlaswa tsa batho ba hananang le ho nka boikarabelo ba ho thibela ho nama ha kokwanahloko ena. Batho ba kgannang ba tahilwe le ho itshwara bohlaswa ba beha maphelo a batho ba se nang molato kotsing. 

1.6. Ka lebaka la boitshwaro bo kang boo bo bohlaswa, bekeng ena re utlwisitswe bohloko ke lefu la bahlanka ba bararo ba Lefapha la Sepolesa sa Motsemoholo wa Tshwane ba hlokahetseng ho thulaneng ho sehloho ha dikoloi le mokganni ya neng a tahilwe mafelong a beke a fetileng. Kotsi ena e bakileng lefu e lokela ho re bula mahlo kaofela, ka bo mong le ka kopanelo, ho thuisa seo re ka se etsang mabapi le ho qala ho etsa dintho ka boikarabelo le ho bapala karolo ya rona mabapi le ho thibela tshebediso e mpe ya tahi.

1.7. Kabinete e kgothaletsa batho bohle ka hara Afrika Borwa ho tswella ho ikobela ditaelo tsa bophelo bo botle le Mohatong wa Bobedi wa Tlhokomediso. Bohle re lokela ho sielana sebaka, ho kenya dimaske ha re le bathong le ho dula re hlapa matsoho kgafetsa ka sesepa le metsi kapa re sebedise sebolaya-dikokwanahloko sa matsoho sa motswako wa alkhohole. 

2. Ho Kgutlela Dikolong le Ditsing tse Phahameng tsa Thuto 
2.1. Kabinete e ananetse ho bulwa hape ha dikolo tsa poraemari le tsa disekondari tlasa Lefapha la Thuto ya Motheo ka Mantaha ona o fetileng. Baithuti ba Dikereiti tsa 6 le 11 ba kgutletse diphaposing tsa borutelo ka Mantaha ha ba Dikereiti tsa 7 le 12 ba kgutletse kgweding e fetileng ho latela ho kwalwa ha dikolo nakwana bakeng sa ho thibela kgonahalo e neng e ka ba teng ya ho nama ha COVID-19. 

2.2. Kabinete e boetse e ananetse phatlalatso ya hore tlasa Mohato wa Bobedi wa ho kginwa ha ditshebeletso le motsamao, diyunivesithi kaofela di tla be di amohela ho kgutla ho tla laolwa ha baithuti bakeng sa dithuto tsa dikhempaseng ho ipapisitswe le dipehelo tse phatlaladitsweng Koranteng ya Mmuso (Vol 660, No 43414 ka la 8 Phuptjane 2020). Ho ya ka dipehelo tse tekilweng, tlasa Mohato wa Bobedi wa ho kginwa ha ditshebeletso le motsamao, ho tla dumellwa bonyane 66% ya baithuti ho kgutlela diyunivesithing. 

2.3. E boetse e ananetse ho kgutlela ka mekgahlelo ha baithuti ba dikoletjhe tsa Setekginiki le Thuto ya Makala a Mesebetsi, ho bulwa hape ha ditsi tsa Badudi tsa Thuto le Thupello le ho kgutlela ha basebeletsi dibakeng tsa tshebetso. Sena se tla etswa ho ya ka meralo ya bolaodi ba COVID-19 ka botlalo ho phatlalla le lekala le amehang, le ho netefatsa polokeho e tswellang ya baithuti le basebeletsi, ha le ntse le dumella ho kena ho eketsehileng ha ho ruta le ho ithuta ha baithuti ba bangata.

3. Ho Ema Kgahlanong le Bobodu
3.1. Kabinete e boeleditse boitlamo ba yona ba ho netefatsa hore dipelaello tsa bobodu bo amanang le ditheko tsa thepa bakeng sa COVID-19 di fuputswa kapele ke makala a qobello ya molao a akgang Yuniti e Ikgethang ya Dipatlisiso. Bohle ba nkgang lefotha ba tla otlwa ha bohloko, mme tjhelete e utsuweng ya Puso ke dikhamphani le dilalome ka ho nyolla ditheko tsa thepa ya boitshireletso e tla kgutliswa. 

3.2. Kabinete e boetse e thabisitswe ke kgatelopele e entsweng ke Komiti ya Matona e tlasa bodulasetulo ba Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa Ronald Lamola. Moifo ona wa Matona o ne o lebeletswe ho hokahanya ho bokellwa ha ditheko tsohle tsa thepa ya COVID-19 le ho fumantshwa setjhaba. Lebitsong la ponaletso, websaete ya Lefapha la Matlotlo a Naha (www.treasury.gov.za) e se e phatlaladitse tlhahisoleseding ya boholo ba mafapha le ditheo tse imatahantseng ka botlalo.  

3.3. Lefapha la Matlotlo a Naha le tla tswella ka mosebetsi o mong wa ho hlahlobisa tlhahisoleding e amohetsweng bakeng sa ho e tswellisa. Kabinete e thathiselletsa hore makala a qobello ya molao a tla tswella ho ikarabella mosebetsing wa bofuputsi. 

3.4. Setsi sa Fusion, e leng se hokahanyang mosebetsi wa makala kaofela a qobello ya molao, se motjheng wa ho fana ka tlaleho ya pele ya dibeke ka ding tse tsheletseng bekeng ya pele ya Loetse 2020 ho Moporesidente Cyril Ramaphosa.

3.5. Kabinete e tla neha makala kaofela a qobello ya molao tshehetso e hlokehang. Sena se tla kenyeletsa ho ba fa mehlodi eo ba e hlokang bakeng sa ho sebetsa ka botlalo, ka boikemelo ntle le tshabo, tshekamelo le kgethollo ho thusa ka diphuputso le botjhutjhisi ba dinyewe tse amanang le bobodu ntle le tshenyo ya nako. 

3.6. Sekgobo sa bobodu, se ipabolang ka boshodu bo pepeneneng ba mehlodi ya mmuso, ke mofetshe o moholohadi setjhabeng o nang le bokgoni ba ho hohola tshepo ya setjhaba maitekong a mmuso a ho ntlafatsa maphelo a batho. Kabinete e tshwela ka mathe ka matla diketso kaofela tsa bobodu mme e na le tshepo ya hore disenyi kaofela di tla qetella di qositswe, ntle le tshabo kapa tshekamelo.

3.7. Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa kaofela ho tlaleha bobodu Mohaleng wa Naha o Kgahlanong le Bobodu ho 0800 701 701.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Mananeo a Thupello Bakeng sa Ditho tsa Phethahatso le Batsamaisi ba ka Sehloohong ka Hara Tshebeletso ya Mmuso
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana mananeo a mabedi a thupello a tla fana ka matla boitlamong ba ho aha bokgoni ba puso. La pele ke thupello ya Sekolo sa Sehla sa Selemo sa Taolo ya Moruo, bakeng sa ditho tsa Phethahatso ho tswa makaleng ohle a mmuso. Le reretswe ho pharalatsa ditjhebo tsa ho ithuta ka ho manolla le ho shebisisa maemo a diqholotso tsa mmuso. Le tla tsamaiswa ke Sekolo sa thupello sa Naha sa Mmuso (NSG), ka semphato le Sekolo sa Dithuto tsa Tsamaiso ya Puso sa Wits le Sekolo sa Dithuto tsa Boetapele sa OR Tambo.

1.2. Lenaneo la bobedi le reretswe dihlooho tsa mafapha. Le na le dikarolo tse tharo, e leng Lenaneo la Boitokisetso la Ditho tsa Phethahatso, Lenaneo la Thuto ya Ditho tsa Phethahatso le lenaneo le letjha le tla bitswa Etella. Mananeo ana a tla tsamaiswa ke NSG, ka semphato le University College London. 

2. Ho Tjhetjhiswa ha ho Tshwarwa ha Seboka sa Mokgatlo wa Mawatle wa Matjhaba (IMO) sa Selemo sa 2020
2.1. Ka lebaka la sewa sa COVID-19, Kabinete e tjhaelletse monwana ho tjhetjhiswa ha ho tshwarwa ha seboka sa IMO le ketsahalo e bapileng mmoho le sona ya Letsatsi la Lefatshe la Mawatle, ho tloha ho Mphalane 2020 ho ba ka Mphalane 2021. Kabinete e ne e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha ketsahalo ena ka Pudungwana 2015. 

C. Dibili

1. Sehlomathiso sa Bili ya Diakgente tsa Dihlahiswa tsa Temo ya Selemo sa 2018
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Diakgente tsa Dihlahiswa tsa Temo ya selemo sa 2018 Palamenteng. Dihlomathiso di reretswe ho sireletsa ditokelo tsa bahlahisi ho dintlha tse sa laolweng tsa diakgente tsa dihlahiswa tse foreshe. Hang ha se se se fetisitswe ho ba molao, diakgente hara tse ding di tla qobelleha ho nka inshorense ya tshireletso le ho ba le diakhaonte tsa teraste. 

1.2. Dihlomathiso tse sisintsweng ka hara Bili di ile tsa thaothwa ka botlalo le bankakarolo ba amehang. Diphethoho di tla boela di ntlafatse menyetla ya phihlello ya mmaraka bakeng sa bahlahisi ba banyane hammoho le diakgente tsa mmaraka, bahwebi le barekisi ba neng ba tinngwe menyetla. 

2. Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Mangolo a Thuo ya Bodulo

3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Thuo ya Bodulo Palamenteng. Bili ena e fetola Molao wa Mangolo a Thuo ya Bodulo, wa selemo sa 1986 (Molao wa bo-95 wa selemo sa 1986), o dumellang ho thehwa ha dikema tsa thuo ya bodulo. Dihlomathiso tse sisintsweng di tla fana ka tlhakisetso le ho sireletsa bahiri ba madulong a ka tlasa meaho ya ditlhophiso tsa kgiro. 

4. Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Dikgetho wa Selemo sa 2020
4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Dikgetho wa selemo sa 2020 Palamenteng. Bili ena e fetola dikotwana tse tharo tsa theromolao, e leng Molao wa Khomishene ya Dikgetho, wa selemo sa 1996 (Molao wa bo-51 wa selemo sa 1996); Molao wa Dikgetho, wa selemo sa 1998 (Molao wa bo-73 wa selemo sa 1998) le Molao wa Mebuso ya Lehae wa Dikgetho tsa Bomasepala, wa selemo sa 2000 (Molao wa bo-27 wa selemo sa 2000).

4.2. Diphethoho tse sisintsweng di tla matlafatsa mekgwa e teng ya molaotheo. Dihlomathiso hara tse ding di tla hlahisa dintjhafatso mesebetsing ya dikgetho ho ipapisitswe le ditlwaelo tse hlwahlwa ka ho fetisisa bakeng sa ho ntlafatsa tshebetso ya Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho mabapi le ho laola dikgetho. 


D. Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.

1. Katoloso ya konteraka ya Ntate Hubert Mathanzima Mweli jwaloka Motsamaisi-Kakaretso ho Lefapha la Thuto ya Motheo bakeng sa dilemo tse hlano. 
2. Boto ya Kantoro ya Poso ya Afrika Borwa:
a. Ntate Emmanuel Lekgau;
b. Mme Nolitha Pieters;
c. Ntate Sandile Phillip; 
d. Ntate Sipho Majombozi; le
e. Mme Yvette Lillian Mavivi Myakayaka-Manzini.

3. Batsamaisi bao e seng ba phethahatso ba Postbank SOC Limited:
a. Ntate Gcobani Mancotywa;
b. Ntate Darwin Zinzile Nkonki;
c. Ntate Thabile Wonci; le
d. Moatefokate Leigh Hefer-Hendrikse.

Dipotso: Mme Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore