Pehelo ka Sephetho sa Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 10 Motsheanong 2023 

A.    Dintlha tsa Hajwale 

1.    10 Motsheanong – Selemo sa bo-29 sa Tlhomamiso ya Moporesidente wa Pele wa Demokrasi 

1.1.    Kopano ena ya Kabinete e tshwerwe hantle ha ho fela dilemo tse 29 Moporesidente Nelson Mandela a hlomamisitswe jwaloka Moporesidente wa pele wa demokrasi, ka la 10 Motsheanong 1994. Kamora mengwahakgolo e meraro le halofo ya bokoloniale le ho kgethollwa ha batho ho ya ka merabe ya bona, le nakong eo batho ba neng ba nehwa ditshebeletso tsa motheo ho latela mebala ya bona, Afrika Borwa ya demokrasi e ile ya teka merero e kenyeletsang ya ntshetsopele molemong wa ho fihlella naha e atlehileng, e sa kgetholleng ka mmala, e sa kgetholleng ka bong le e nang le tekano-tekano. 
1.2.    Leha ho na le tse ngata tse fihleletsweng ho tloha ka selemo sa 1994, ho sa na le tse ngata tse lokelang ho etswa molemong wa ho phethahatsa tseo naha ena e di labalabelang tse amanang le ntshetsopele. 
1.3.    Banka ya Resefe ya Afrika Borwa e ntshitse ditjhelete tsa pampiri le dikhoene tse ntlafaditsweng, tsa ho keteka demokrasi ya rona e itshetlehileng molaong wa motheo le ho tlotla Madiba wa rona eo re mo ratang. 

2.    Seboka sa Bophelo bo Botle sa Moporesidente 

2.1.    Seboka sa bobedi sa Bophelo bo Botle sa Moporesidente se neng se tshwerwe ka la 4-5 Motsheanong 2023 se ne se shebane le ditshia tse robong tse Momahantsweng tsa Bophelo bo Botle tsa Boporesidente tsa 2019: khiro ya batho; phihlello ya meriana, diente le dihlahiswa tsa kalafo; infrastraktjha; kenyeletso ya lekala la poraefete; tlhokomelo ya kalafo ya boleng; ntlafatso ya bolaodi ba ditjhelete ba lekala la mmuso; taolo le boetapele; kenyeletso ya badudi; ditsamaiso tsa tlhahisoleseding le ho ba malala-a-laotswe bakeng sa diwa. 
2.2.    Se seng sa sephetho sa Seboka sena e bile boitlamo bo ntjhafetseng ba ho kenya tshebetsong Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI). Ena ke karolo ya lenaneo la ho fokotsa ho se lekane-lekane phumantshong ya ditshebeletso tsa tlhokomelo ya kalafo, ka ho fedisa mathata a ditjhelete a amang phihlello ya ditshebeletso tsa tlhokomelo ya kalafo. 
2.3.    Kabinete e ananela ho tjhaellwa monwana ha mehato e hlokehang molemong wa ho ntlafatsa tsamaiso ya bophelo bo botle le ho potlakisa diphetoho tsa NHI. Tsena di atametsa ditsamaiso tsa bophelo bo botle bakeng sa ho sebeletsa Maafrika Borwa. 

3.    Eneji

3.1.    Mmuso o sebetsa le Eskom ho potlakisa ho lokiswa ha diyuniti tse bakileng hore ho kenwe Mokgahlelong wa Botshelela wa ho tingwa ha motlakase morao tjena, mme sena sa ba sa sitisa kgatelopele ya lenaneo la ho ntlafatsa boteng ba nako e telele ba motlakase ka hara naha. 
3.2.    Eskom e sebetsa ka matla ho eketsa Boteng ba Motlakase ke Setheo sena ka ho lokiswa ho matla, katiso ya mekgwa e meng ya ho fehlwa ha motlakase ka ho sebedisa Dithebaene tsa Kgase, ho eketswa ha mekgwa e meng ya ho fehla motlakase e kenyeletsang ya mehlodi ya tlhaho ya matsete a lekala la poraefete, le ho matlafatsa temoso ya tsena molemong wa ho ntlafatsa Tsamaiso ya Tlhokeho e Matla ho tloha ho ba sebedisang motlakase haholo le malapeng. 
3.3.    Diketso tsa sabotasi di tswela pele ho senya infrastraktjha ya Eskom, mme ho tswella ka ho romelwa ha ditho tsa Lebotho la Naha la Tshireletso la Afrika Borwa (SANDF) tse 880 ho lebela dibaka tsa ho fehla motlakase tsa Eskom, ke karolo ya mehato ya ho thibela ho putlama ha marangrang a naha. 
3.4.    Kabinete e ananetse qeto ya ho ipiletsa kgahlano le kahlolo ya morao tjena ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Pretoria le laetseng Eskom hore e se kgaole phepelo ya motlakase ditheong tsa setjhaba tse kenyeletsang dikolo, ditleliniki, dipetlele le diteishene tsa sepolesa ho itshetlehilwe hodima dikateng tsa kahlolo eo. 
3.5.    Kabinete e lakatsa ho hopotsa Maafrika Borwa ho tswella le ho baballa motlakase bakeng sa ho fihlella morero wa ho baballa 1 000MW ka hara naha.

4.    Ntshetsopele ya Infrastraktjha 

4.1.    Letsholo la Afrika Borwa bakeng sa ho tsosolosa moruo le ho hlahisa mesebetsi le tswela pele ka matla. Tabeng ena, Letona la Dipalangwang, Mofumahadi Sindi Chikunga le thakgotse letsholo lena bakeng sa Projeke ya Ashburton Interchange ya R2.4-bilione, Masepaleng wa Msunduzi o KwaZulu-Natal, e tla ntlafatsa tsamaiso e se nang mathata ya thepa ho tloha Port of Durban ho kena naheng ena le lebatoweng la Ntshetsopele ya Badudi ba Afrika e Borwa (SADC).
4.2.    Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha, Monghadi Sihle Zikalala le nehelane ka maemakepe a manyane a fetang 13 ka palo a ntlafaditsweng ka Lenaneo la mmuso la R501 milione la Tokiso le Tlhokomelo ya Maemakepe a Manyane. Ntjhafatso ya dikou tsena e tla eketsa bokgabane ba ona le ho thusa lekala la lehae la botshwasi le dikgwebo tse ding tsa lehae.

5.    Leeto la Peholeihlo la Jagersfontein

5.1.    Motlatsa-Moporesidente Paul Mashatile o ne a le leetong la peholeihlo Jagersfontein, Masepaleng wa Lehae wa Kopanong, Seterekeng sa Xhariep Freistata. Tlaleho ka phepelo e hlwahlwa le e nang le tekano-tekano ya metsi, le ho lokisetsa botjha bodulo bakeng sa badudi ba neng ba anngwe ke koduwa e ileng ya bakwa ke ho phatloha ha lebota la letamo. 
5.2.    Kabinete e ipileditse dikhampaning tsohle tsa merafo ho ngodisa matamo a tsona a seretse dathabeising ya Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, ho netefatsa boimatahanyo le melawana ya polokeho ya matamo. 
5.3.    Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le ntse le ntjhafatsa dathabeisi ya matamo ohle a seretse ka hara naha a imatahanyang le dipehelo hore a nkuwe e le “Matamo a ka bang Kotsi.” Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng ka matamo a seretse o ka romela imeile ho greylingjm@dws.gov.za

6.    Indaba ya Bohahlaudi ya Afrika

6.1.    Indaba ya Bohahlaudi ya Afrika ya 2023 e tswela pele Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli, Thekong, moo indasteri ya tsa bohahlaudi Afrika e emetsweng ke baemedi ba fapaneng, ba tswang dinaheng tse fetang 20 tsa Afrika tse nang le seabo sebokeng, le ho pepesa dihlahiswa tse fetang 350 tsa bohahlaudi.
6.2.    Ketsahalo ena ke lepatlelo la bohlokwa la ba sebetsang indastering ena la ho kopana, ba abelane maele le ho theha mekgwa ya tshebedisano e tla kgothaletsa kgolo. 
6.3.    Afrika Borwa e motlotlo ka tshehetso eo mmuso o e nehang dikgwebo tse nyane, tse mahareng, tse kgolo, tsa basadi le tsa batjha lekaleng la bohahlaudi le boeti. 

7.    Dipuo tsa Ditekanyetso 

7.1.    Mafapha a mmuso a se a qadile ho teka dipuo tsa ona tsa ditekanyetso, tseo e leng tlaleho mmusong ya mosebetsi oo lefapha ka leng le o entseng selemong sa ditjhelete. 
7.2.    Lenaneo la Puo ya Ditekanyetso la Palamente le a fumaneha websaeteng ena: www.parliament.gov.za/parliament-programme. 
7.3.    Sekejule sa Dipuo tsa Ditekanyetso (Dikomiti tse Atolositsweng tsa Setjhaba (EPC)) sa ho tloha ka la 16 Motsheanong 2023 ho isa ho la 19 Motsheanong 2023.

EPC ya Diminerale le Eneji

(Seboka le Boraditaba ka 13:00 se netefaditswe)

16 Motsheanong 2023

Good Hope Chamber

 

10:00 ho ya ho 15:15

EPC ya Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere

(Seboka le Boraditaba ka 08:30-09:30 nako e tla netefatswa)

16 Motsheanong 2023

M46

10:00 ho ya ho 12:15

EPC ya Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso (EPC ya Sekolo Sa Mmuso sa Naha le Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba

(Seboka le Boraditaba 10:00-11:00 nako e tla netefatswa)

16 Motsheanong 2023

Good Hope Chamber

14:00 ho ya ho 16:15

EPC ya Ditshebeletso tsa Dikgokahanyo tsa Mmuso le Tlhahisoleding (Seboka le Boraditaba 12:00-13:00 nako e tla netefatswa)

16 Motsheanong 2023

M46

14:00 ho ya ho 16:15

EPC ya Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane

(Seboka le Boraditaba 14:00-15:00 nako e tla netefatswa)

16 Motsheanong 2023

Good Hope Chamber

16:30 ho ya ho 18:15

EPC ya Matlotlo a Naha

(Seboka le Boraditaba 15:00-16:00 nako e tla netefatswa)

16 Motsheanong 2023

M46

16:30 ho ya ho 18:15

EPC ya Dipalangwang

(Seboka le Boraditaba 12:00-13:00 nako e tla netefatswa)

17 Motsheanong 2023

Good Hope Chamber

15:00 ho ya ho 17:15

EPC ya Dikgokahanyo le Ditheknoloji tsa Dijithale (Seboka le Boraditaba 11:00-12:00 nako e tla netefatswa)

17 Motsheanong 2023

M46

15:00 ho ya ho 17:15

EPC ya Merero ya Lehae

(Seboka le Boraditaba 09:00-10:00 nako e tla netefatswa)

17 Motsheanong 2023

Good Hope Chamber

17:30 ho ya ho 19:00

EPC ya Thuto ya Motheo

(Seboka le Boraditaba 09:00-10:00 nako e tla netefatswa)

18 Motsheanong 2023

Good Hope Chamber

14:00 ho ya ho 16:15

EPC ya Tlhabollo ya Batshwaruwa

(Seboka le Boraditaba 11:00-12:00)

18 Motsheanong 2023

Good Hope Chamber

16:30 ho ya ho 18:15

EPC ya Meralo, Bodisa le Tekolo

(Seboka le Boraditaba 10:00-11:00 nako e tla netefatswa)

18 Motsheanong 2023

M46

16:30 ho ya ho 18:15

Meru, Botshwasi le Tikoloho

(Seboka le Boraditaba 08:30-09:30 nako e sa tla netefatswa)

19 Motsheanong 2023

Good Hope Chamber

10:00 ho ya ho 12:15

Tshireletso ya Puso

(Seboka le Boraditaba 13:00 -14:00 nako e tla netefatswa)

19 Motsheanong 2023

M46

10:00 ho ya ho 12:15

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

8.    Thuso ya ho Lefa Melato ya Bomasepala 

8.1.    Letona la ditjhelete le hlahisitse mokgwa wa thuso ya ho hlakola melato eo ka yona ho tla fediswa melato ya kgale ya bomasepala ho Eskom, mme sena se tla thusa bomasepala hore ba be le ditjhelete ba kgone ho nehelana ka ditshebeletso tsa motheo tse tshepahalang. Ho lebeletswe hore bomasepala ba fihlelle dipehelo tse tiileng tse 33 hore ba lokele ho fuwa thuso ena. 
8.2.    Dipehelo tsena di kenyeletsa bokgoni ba bomasepala ba ho bokella bonyane ba tjhelete e lebeletsweng ya ditshebeletso tsa phepelo ya motlakase le metsi; ho se senngwe ha tjhelete yohle ya motlakase, metsi le ditshebeletso tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere e bokelletsweng; le ho lefa akhaonte ya Eskom pele, ebe ho latela akhaonte ya metsi a mangata pele ho etswa ditefello dife kapa dife tsa kgwedi. 

9.    Lenaneo la Afrika 

9.1.    Moporesidente Cyril Ramaphosa o bile le seabo Motjheng wa Lebatowa wa Peholeihlo wa bo-11 wa Karolo e Boemong bo Hodimo ya Tsela ya Kgotso, Tshireletso le Tshebedisano (PSC), wa naha ya Riphabliki ya Demokrasi ya Congo (DRC), Lebatoweng la Matsha a Maholo, Burundi, e le karolo ya ho ntshetsa pele Morero wa Afrika wa ho fedisa dintwa ka selemo sa 2030.
9.2.    Moporesidente Cyril Ramaphosa o boetse a kenela Seboka sa Botho ba Dinaha tse Tharo se Ikgethang, Namibia. Seboka se fumane tlaleho ya Mosebetsi wa Tekolo ya Tikoloho wa SADC ka Botjhabela ba DRC mme seboka sa shebisisa karabelo ya lebatowa maemong a tswellang le ho ama tshireletso le boemo ba batho sebakeng seo. Sebokeng seo ho dumellanwe ka hore AU e hokahanye maiteko a fapaneng a ho ntlafatsa poloko ya kgotso le mekutu ya ho ntlafatsa tshireletso Botjhabela ba DRC.
9.3.    Kabinete e ananetse qaleho ya dipuisano tsa pele ho ditherisano pakeng tsa sesole sa Sudan le Rapid Support Forces, tse qadileng Jeddah, Saudi Arabia, ka la 6 Motsheanong 2023. Sudan e nang le kgotso le e buswang ke mmuso o kgethilweng ke batho e bohlokwa bakeng sa Sudan le lebatowa ka kakaretso le kontinente. Kahoo kabinete e ipiletsa mahlakoreng ka bobedi ho rerisana ka tumellano e tla fedisa ntwa le tshotleho ya batho ba Sudan. 
9.4.    Kabinete e thabetse ho utlwa hore Maafrika Borwa ohle a neng a batla ho kgutlela hae ho tloha naheng ya Sudan e aparetsweng ke dikgohlano jwale a kgutletse lapeng, le ho kgotsofatswa ke thuso eo Afrika Borwa e nehelaneng ka yona ho dinaha tsa boahisani. 

10.     Merero ya Kgwebisano 

10.1.    Kabinete e amohetse tlaleho mabapi le dintshetsopele tsa merero ya kgwebisano, le ho lemoha hore kgweding ya Tlhakubele 2023 diyantle tsa Afrika Borwa dinaheng tse ding di ballwa ho R184 bilione. Lekala la Tlhahiso le sebeditse ka bokgabane ka ho nyehela R85 bilione ka dihlahiswa, Lekala la Merafo la nyehela R84 bilione ha la Temo le nyehetse R11 bilione. 
10.2.    Ditjhelete tsena tsa bohlokwa leha di le nyane ho feta tsa Tlhakubele 2022, di bontsha kamoo moruo wa Afrika Borwa o leng matla kateng le nakong ena ya kgolo e fokolang ya moruo. Paloyohle ya Thepa ya R41 bilione ya diyantle tsena e ile dinaheng tse ding tsa Afrika mme sena ke sesupo sa maiteko ao diindasteri tsa Afrika Borwa di a etsang ho atolosa kgwebisano ya tsona kontinenteng ena. 
10.3.    Dimmaraka moo kgwebisano e hodileng di kenyeletsa China, Belgium, Italy le United Arab Emirates mme sena se supa melemo e kgolwang ka kotloloho kamanong ya Afrika Borwa ya tsa moruo le dinaha tse ding. 

B. Diqeto tsa Kabinete 

1.    Lewa la Naha le Kopanetsweng la ho Lwantsha Kgwebisano ya Diphoofolo tse Hlaha (NISCWT)

1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Naha le Kopanetsweng la ho Lwantsha Kgwebisano ya Diphoofolo tse Hlaha (NISCWT). Ke lewa la pele la mofuta ona Afrika Borwa. Sepheo sa lona sa mantlha ke ho matlafatsa makala a qobello ya molao, ka disebediswa tse hlokehang bakeng sa ho fokotsa le ho thibela bothata bo totang ba kgwebisano ya diphoofolo tse hlaha bo amang tshireletso ya naha. 
1.2.    Leano lena le etsa ditshisinyo tse bonahalang tsa ho ntlafatsa bokgoni ba qobello ya molao ka hara naha, ho kenyeletsa tsepamiso ya maikutlo e tobileng phuputso le ho tjhutjhiswa ha maqulwana a kgwebisano ya diphoofolo tse hlaha. NISCWT e phatlaladitswe Lefapheng la Meru, Botshwasi le Tikoloho ho www.dffe.gov.za. 

2.    Nkgetheng wa Afrika Borwa ya Thonyeditsweng Ho Ba Moahlodi Lekgotleng la Toka la Matjhaba (ICJ)

2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Moprofesara Dire Tladi e le nkgetheng wa Afrika Borwa bakeng sa ho kgethelwa ho ba Moahlodi wa Lekgotla la Toka la Matjhaba (ICJ) dikgethong tsa ka Pudungwana 2023 tsa lekala lena. 
2.2.    Dire Tladi ke moprofesara wa Molao wa Matjhaba Yunivesithing ya Pretoria mme o boetse ke Moporesidente wa Lekala la Afrika Borwa la Mokgatlo wa Molao wa Matjhaba le Setho sa Phethahatso sa Mokgatlo wa Molao wa Matjhaba. E kile ya ba Modulasetulo wa Khomishene ya Molao wa Matjhaba, e leng mokgatlo wa UN oo hangata o nkuwang e le lekala la ICJ. E kile ya ba Moeletsi wa Molao wa Ntlo ya Bonqosa ya Afrika Borwa e New York le ho ba Moeletsi ya Ikgethang wa Matona a Afrika Borwa a Lefapha la Ditaba tsa Kantle ho Naha. 

3.    Dithonyo

Mangolo a thuto a bathonngwa a tla netefatswa mme ho netefatswe le hore ha ba so ka ba tlola molao.

Dithonyo tse ntjha ho Boto e Ikemetseng ya Bolaodi ya Bahlahlobi ba Dibuka tsa Ditjhelete:

(a)    Mofumahadi Precious Nompumelelo Sibiya; le 
(b)    Monghadi Mojalefa Mosala 

Dithonyo ho Boto ya Nakwana ya Umngeni Water: 

(a)    Mofumahadi Khulekelwe Glynnis Mbonambi;
(b)    Monghadi Mzimkulu Msiwa;
(c)    Mofumahadi Sylvia Thandazile Mhlongo;
(d)    Mofumahadi Hlengiwe Patricia Majozi;
(e)    Monghadi Mfanveli James Ndlovu;
(f)    Monghadi Sibusiso Wycliff Mkhize; le 
(g)    Moatefokate Lavan Gopaul;

C.    Dibili

1.    Sehlomathiso sa Bili ya Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa, 2023

1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana kgothaletso ya moralo wa Sehlomathiso sa Bili ya Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa ya selemo sa 2023, Palamenteng. 
Dihlomathiso tsena ke karabelo ho Kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo e dihilweng ka Tshitwe 2020 nyeweng ya Sonke Gender Justice NPC v the President of the Republic of South Africa and others.
1.2.    Dihlomathiso di tiisa boikemelo ba Bohlahlobi ba Molao ba Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa jwalo ka ha ho rerilwe Karolong 7(2) ya Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996. Sena se tla lebisa ho kenngweng tshebetsong ha Karolo 88A (1) (b) le 91 tsa Molao wa Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa, 1998 (Molao 111 wa 1998). 
1.3.    Kahoo sepheo ka kgothaletso ya moralo wa Bili ke ho kenya tshebetsong mehato ya tokiso bakeng sa dikarolo tsa Molao tse fosahetseng jwalo ka ha Lekgotla la Molaotheo le boletse.

2.    Bili ya Ditheko tsa Mmuso

2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana kgothaletso ya moralo wa Bili ya Ditheko tsa Mmuso, Palamenteng. Bili ena e hlakola Molao wa Moralo wa Leano la Ditheko tsa Mmuso tse Ikgethang wa selemo sa 2000 (Molao 5 wa 2000).
2.2.    Sepheo sa moralo wa Bili ke ho theha moralo o le mong wa ditheko tsa mmuso le ho fedisa karohano melaong e sebetsanang le ditheko tsa mmuso. 
2.3.    Bohlokwa ba moralo wa Bili ya Ditheko tsa Mmuso ke hore e thusa phihlellong ya maikemisetso a rona a naha a kang ho tliswa ha diphetoho, matlafatso ya basadi, batjha le diqhwala. 
2.4.    E boetse e thusa ka ho kgothaletsa ho rekwa ha thepa ya lehae le ho tshehetsa boqapi ba lehae le diphuputso, mme e kgothaletsa ho rekwa ha thepa dikgwebong tse nyane le tse mahareng tsa Afrika Borwa. 

D.    Diketsahalo tse Tlang

1. Lenaneo la Matjhaba
1.1.    Ka la 12 Motsheanong 2023 Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla amohela Moporesidente wa Bulgaria, Monghadi Rumen Radev leetong la tshebetso. Leeto le tla tsepamisa maikutlo kahong ya maqhama a sepolotiki le kgwebisano, hammoho le phapanyetsano ya botjhaba ba Afrika Borwa le Bulgaria. Bulgaria esale e le molekane wa bohlokwa kgwebisanong le Afrika Borwa mme ka 2022 naha ena e rometse diyantle tse ballwang ho R1.96 bilione Bulgaria. 
1.2.    Moporesidente Ramaphosa o tla boela a amohele Tonakgolo ya Riphabliki ya Singapore, Monghadi Lee Hsien Loong ka la 16 Motsheanong 2023 leetong la hae la semmuso Afrika Borwa, le tla tsepamisa maikutlo hodima ho tiisa dikamano tse teng pakeng tsa dinaha ka bobedi. Afrika Borwa e rometse diyantle tsa R10.3 bilione Singapore ka selemo sa 2022, moo Afrika Borwa e bileng le masalla. Diyantle tsa Arika Borwa tse ka sehloohong tse rometsweng Singapore di kenyeletsa alominiamo ya tlhaho, dolomaete e tjhesitsweng le samente ya Portland, hara tse ding. 

2.    Bonkakarolo bo Tlang Diketsahalong tsa Lefatshe tsa Tikoloho

2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana thomo ya Afrika Borwa ya ditherisano le bonkakarolo ho Tulo ya Bobedi ya Komiti ya Mebuso e Kopanetsweng ya Ditherisano (INC 2) ya Tumellano e Tlamang ya Matjhaba ya Tshilafatso ya Polastiki e Kenyeletsang Ditikoloho tsa Lewatle, e tla tshwarelwa Paris, Fora ho tloha ka la 29 Motsheanong ho isa ho la 02 Phuptjane 2023. INC e na le boikarabelo ba ho netefatsa ntshetsopele ya tumellano ya lefatshe ya tshilafatso ya polastiki, ho kenyeletsa le tikoloho ya mawatleng. 
2.2.    Kabinete e boetse e tjhaelletse monwana thomo ya Afrika Borwa ya ditherisano tsa Lekgotla la Bohokahanyi la Matjhaba la bo-35 la Lenaneo la Matjhaba a Kopaneng la Thuto, Saense le Setso la Motho le Tikoloho ya hae tse tla tshwarelwa Paris, Fora ho tloha ka la 12 ho isa ka la 16 Phuptjane 2023. 
2.3.    Thomo ya UNESCO MAB ICC ke ho kgothaletsa mekgwa ya ho phela e hlokomelang tikoloho ka tsela e sa e senyeng. Afrika Borwa e qadile ho nka karolo Lenaneong la Motho le Tikoloho ya hae (MAB) ka 1995 Sebokeng sa Seville, Spain. Hajwale Afrika Borwa e mokgahlelong wa ho kenya tshebetsong Leano la Tlatsetso la Afrika Borwa la Naha la Tikoloho leo e leng tataiso ya ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la MAB maemong ohle a botsamaisi ba tikoloho a tlatsetso.

3.    Leeto la Motlatsa-Moporesidente wa Colombia, Afrika Borwa

3.1.    Motlatsa-Moporesidente Paul Mashatile o tla amohela molekane wa hae wa Colombia, Motlotlehi Mofumahadi Vice Francia Elena Márquez, Motlatsa-Moporesidente wa Riphabliki ya Colombia, ya tla beng a le leetong la Semmuso ka Labohlano la 12 Motsheanong 2023. Sepheo ka leeto lena ke ho tiisa maqhama pakeng tsa Afrika Borwa le Colombia kaha Colombia e thakgola dipuisano tse matla le kontinente ya Afrika.

4.    Dikopano le boraditaba tse tlang le ditho tsa Phethahatso tsa Naha

4.1.    Letona la Motlakase Ngaka Kgosientsho Ramokgopa le tla beha boraditaba sehlohlolong ka kgatelopele e mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Tshebetso wa Eneji (EAP) ka Labohlano la 12 Motsheanong 2023 ka 14:00. Dikopano tsena tsa beke le beke di fana ka monyetla wa ho beha boraditaba le setjhaba sehlohlolong ka kgatelopele e teng twantshong ya ho kgaolwa ha motlakase bekeng e fetileng mme di boele di fane ka monyetla wa ho hlakisa le ho hlalosa dintlha tse nang le tshusumetso ho kgaolweng ha phepelo ya motlakase morao tjena. 

5.    Kgwedi ya Afrika

5.1.    Ka Motsheanong, Afrika Borwa e keteka Kgwedi ya Afrika eo ka yona e leng sehopotso sa ho thehwa ha Mokgatlo Kopano ya Afrika (OAU) ka selemo sa 1963, o seng o tsejwa e le Kopano ya Afrika (AU). Mosebetsi o ka sehloohong wa AU ke ho ntshetsa pele kgotso le botsitso kontinenteng. 

6.    Dipapadi tsa Bompodi ba Lefatshe tsa Table Tennis

6.1.    Dipapadi tsa Makgaolakgang tsa Bompodi ba Lefatshe tsa Table Tennis tsa selemo sa 2023 tsa ITTF di tla tshwarwa ho tloha ka la 20 ho isa ka la 28 Motsheanong 2023. 
6.2.    Thonamente ena e tla bapallwa Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Thekong, e tla ba le dipapadi tsa ba babedi tsa Banna le Basadi, tsa Banna, Basadi le tsa ba bane tse Tswakileng. Kabinete e lakaletsa bankakarolo bohle tse molemo ketsahalong ena.
6.3.    Dipapadi tsa Makgaolakgang tsa Bompodi ba Lefatshe tsa Table Tennis tsa ITTF e tla ba ketsahalo e kgolo nalaneng ya papadi ya table tennis kaha e tla be e le lekgetlo la pele dilemong tse 80 di tshwarelwa Afrika.

7.    Mohope wa Lefatshe wa Netebolo

7.1.    Moo ho seng ho setse Matsatsi a 81 pele ho qala Mohope wa Lefatshe wa Netebolo, Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ho bontsha morolo wa naha eo dipapadi tla tshwarelwa ho yona ka mohoo wa Netball Fridays. 

8.    Peholeihlo ya Lenaneo la Ntshetsopele ya Ditereke
8.1.    Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla hlophisa Imbizo ya Borobedi ya Motlolo wa Ntshetsopele ya Ditereke (DDM), Seterekeng sa Cape Winelands, Kapa Bophirima ka la 19 Motsheanong 2023, e le karolo ya maiteko a mmuso a ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso le ho kgothaletsa badudi le setjhaba ka kakaretso ho ba karolo ya ho hodisa Afrika Borwa mmoho le ho se siye ba bang morao maitekong ana. 
8.2.    Ditho tsa Phethahatso di tla kena mokgahlelong o latelang wa Lenaneo la Imbizo e le karolo ya mekgwa ya tshebedisano e atametsang mmuso bathong le ho kgothaletsa hore baahi ba be le seabo pusong molemong wa ho rarolla tshallomorao ho tsa bohlokwa le phumantshong ya ditshebeletso. 

E. Melaetsa

1.    Ditakaletso tsa Mahlohonolo

Kabinete e thoholeditse le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho: 

  • Mofumahadi Kirsten Neuschäfer ya ikgapetseng tlholo ya Golden Globe Race e tummeng kamora ho qeta matsatsi a batlang a ba 235 a beisa ka seketswana lewatle ntle le GPS le disebediswa tse ding tsa theknoloji. E ne e le yena feela mosadi ya kenetseng lebelo lena mme ya ba mosadi wa pele ho hapa lebelo lena la ho tsamaya a le mong a potoloha lefatshe. 

2.    Matshediso 

  • Kabinete e lebisitse matshediso ho lelapa le metswalle ya: 
  • Moahi wa Netherlands eo e neng e le moitseki kgahlanong le mmuso wa kgethollo Monghadi Klaas de Jonge, ya neng a inehetse ho lwanela tokoloho, ya ileng a hlomphuwa ka National Order of the Companions of OR Tambo. De Jonge o hopolwa ka ho batla botshabelo ntlong ya bonqosa ya Netherlands moo a phetseng dilemo tse pedi a qoba ho tshwarwa ke sepolesa sa mmuso wa kgethollo. O boetse o hopolwa ka mosebetsi wa hae wa bonamodi ba dikgohlano dinaheng tse ngata kontinenteng ena. 
  • Setsebi sa tsa Eneji, Monghadi Ted Blom, ya neng a hlola a ntsha maikutlo a hae ka tjantjello le ka boqhetseke ka leano la eneji. 
  • Sajene Lwando Lawrence Bunga, Sajene Mario Nel le Konstabole Lefaka, e leng bahlanka ba bararo ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa ba bolailweng bekeng e fetileng ba le mosebetsing diterekeng tsa bona tsa Masepala e Moholo wa Nelson Mandela, le Masepala e Moholo wa Buffalo City Kapa Botjhabela le Atteridgeville, Gauteng. Ho feta moo, mapolesa a mang a mabedi a bolailwe maobane. Kabinete e tshwela ka mathe polao ya mapolesa le ho e nka e le tlhaselo ya tshireletso ya naha ka ho otloloha. Kabinete e laetse ba qobello ya molao ho etsa ka hohle kamoo ba ka kgonang ho batlana le ditlokotsebe tse bolayang mapolesa. 
  • Mokaubere papading ya kolofo Afrika Borwa, Monghadi John Bland (77), ya ileng a hapa dikgau tse 36 kamora mashome a mangata a dilemo a bapala papadi ena. 

Dipotso: Monghadi Michael Currin
Sebueledi sa Mmuso se Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 082 462 7896

Share this page

Similar categories to explore