Puo ya Boemo ba Naha ka Moporesidente Cyril Ramaphosa

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seema sa Naha (NA), Mofumahadi Baleka Mbete,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP), Mofumahadi Thandi Modise,
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa NA le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP,
Motlatsi wa Moahlodi e Moholo Raymond Zondo le ditho tse kgabane tsa boahlodi,
Moporesidente wa mehleng, Monghadi Thabo Mbeki le Mme Mbeki,
Moporesidente wa mehleng, Monghadi Kgalema Motlanthe le Mme Motlanthe,
Motsamaisi wa Dipuisano wa mehleng wa NA, Ngaka Frene Ginwala,
Motsamaisi wa Dipuisano wa mehleng wa NA, Monghadi Max Sisulu,
Matona le Batlatsi ba Matona,
Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba Makgotla a Ketsamelao a Diprofense,
Modulasetulo wa Lekgotla la Mebuso ya Dibaka la Aforika Borwa (SALGA) le bomajoro ba phethahatso,
Mmusisi wa Banka ya Risefe ya Aforika Borwa, Monghadi Lesetja Kganyago,
Dihlooho tsa ditheo tse tsheheditseng puso tsa Kgaolo ya 9,
Seaparankwe, Mofumahadi Sophie De Bruyn,
Seaparankwe, Monghadi Andrew Mlangeni,
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso, Kgosi Sipho Mahlangu,
Moetapele wa maKhoi San wa Kapa Bophirimela, Kgosana Jacobus Titus,
Kgosi John Molefe Pilane,
Morena Aaron Martin Messelaar,
Mokwetlisi wa Selemo wa 2018 wa Mokgatlo wa Aforika wa Dihlopha tsa Dinaha tsa Bolo ya Maoto ya Basadi, Mofumahadi Desiree Ellis,
Baetapele ba mekgatlo ya bodumedi,
Baetapele ba ditheo tsa thuto le tsa diphuputso,
Mekaubere ya ntwa ya tokoloho,
Ditho tsa bodiplomate,
Baeti ba bohlokwa ba memilweng,
Ditho tse hlomphehang tsa NA,
Ditho tse hlomphehang tsa NCOP,
MaAforika Borwa a heso,

Ke tlotla e kgolo ho ema kapele ho lona kajeno ho teka Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ya bo25 ho Aforika Borwa e lokolohileng ya demokrasi.

Monongwaha tjena, re le batho ba fapafapaneng re bile re le setjhaba se kopaneng, re tla keteka enngwe ya dikatleho tse kgolo tsa botho.

Re tla keteka tlholo ya tokoloho hodima kgatello, tlholo ya demokrasi hodima bohanyapetsi ba semorabe, tlholo ya tshepo hodima matshwenyeho.

Re tla keteka tjantjello e sa thekeseleng ya batho ba hatelletsweng hore ba lokolohe, ba lekane ba be ba kgotsofale.

Re tla sebedisa nako ena ho hopola maima le ditshotleho tseo meloko ya batho ba habo rona e fetileng ho tsona – dintwa tsa bona, boitelo ba bona le boikitlaetso ba bona ba ho aha Aforika Borwa eo e leng ya bohle ba phelang ho yona.

Re tla hopola kimoloho le nyakallo ya letsatsi la tokoloho ya rona, mothati oo re bileng setjhaba ka wona, naha e nang le kgotso ka boyona esita le lefatshe.

Kgabareng ya selemo sena, re a tlameha ebile re tla hetla morao leetong la dilemo tse 25.

Re le maAforika Borwa, re tla tlameha ho ipotsa hore na re fela re bone phethiso ya ditshepiso tse neng di entswe ha re ne re fumana tokoloho ya rona.

Re tlameha ho sebedisa selemo sena, e leng keteko ya bo25 ya tokoloho ya rona, re ipotsa hore na ebe re ahile setjhaba seo ho sona maAforika Borwa ohle, ka tekano ntle le qollo, a fole molemo wa ditokelo tsa bona tse phethahetseng, seriti le tokoloho.

Na re ahile setjhaba seo ho sona ditlhokeho tsa toka tsa nako e fetileng di seng di sa hlalose maphelo a rona a kajeno?

Re tlameha ho sebedisa nako ena ho hetla morao kgatelopeleng eo re e entseng, diphephetso tseo re ileng ra tobana le tsona, ditshita tseo re thulaneng le tsona esita le diphoso tseo re di entseng.

Nakong ya selemo se fetileng, re ile ra kena motjheng wa kgolo le ntjhafatso.

Ha re ne re bitoha nakong ya tlhokeho ya botsitso le ho fellwa ke boitshepo le tshepo, re ile ra nka qeto ya ho kgaola tsohle tse re arohanyang, hore re sikare tsohle tse re kopanyang.

Re nkile qeto ya ho phekola naha ya rona ditlamorao tsa bonyofonyofo tse ruthuthang esita le ho kgutlisa seriti sa ditheo tsa rona.

Re nkile qeto ya ho ntshetsapele makgabane a Molaotheo wa rona le ho boela re bea setsiketsing sa lenanetshebetso la rona la naha ditlhoko tsa bafumanehi, ba sa sebetseng, ba kotetsweng le ba amohilweng.

Re dumellane hore, tlotlong ya dilemo tse lekgolo tsa Nelson Rholihlahla Mandela le Albertina Nontsikelelo Sisulu, re tla nyehela ketso enngwe le enngwe ya rona, matsapa a mang le a mang a rona, ntho enngwe le enngwe eo re e buang, kutlwisisong ya tjhebelopele ya bona ya setjhaba sa demokrasi, toka le tekano.

Ka ho se tshwane ha rona ho tsotehang, ntle le diphapang tsa rona tse ngata, batho ba naha ena ba ile ba arabela kgoeletsong ya Thuma Mina (Roma Nna).

Ka matshweletshwele a bona, maAforika Borwa ha a ka a botsa hore na a ka etsetswa eng, empa ba botsitse hore ke eng eo ba ka e etsetsang naha ya bona.

Ka mekgwa e meholo le e menyane, ya pepeneneng le ya boikunutong, maAforika Borwa a ikitlaelleditse ho aha setjhaba se betere.

Ba bangata ba ile ba kopa maAforika Borwa a mang ho ba thuso moo ba bang ba neng ba le mathateng.

Ba bang ba bontshitse thahasello ya ho tshehetsa mmuso matsapeng a wona a ho fetola mawa.

Kajeno, jwalokaha re hetla morao selemong se fetileng, re ka paka hore ho bile le kgatelopele e bonahalang.

Batho ba habo rona ba mamaretse ntjhafatso eo naha ya rona e leng ho yona ebile ba na le tshepo e tomanyana ka bokamoso bo betere.

Tshepo ya batho ba habo rona ha se e se nang motheo; e tsepame hodima kgatelopele e seng e entswe.

Nakong ya selemo e fetileng, re qadile, re le mmoho le ba amehang ba ka sehloohong jwalokaha re tshepisitse, ka ho aha botjha setjhaba se tiileng bakeng sa diphetoho tsa bohlokwa tsa setjhaba le tsa moruo.

Jwaloka balekane kahisanong, re kgutlisa maqhama a tshepano, puisano le tshebedisano mmoho.

Re ikatametsa dikarolong tseo tsa setjhaba sa habo rona tse neng di hulela morao, di se na thahasello kapa di kotetswe ka mekgwa e mengatanyana ya dipuisano le dipontshano.

Ho ka nna ha etsahala hore matsapa a rona a ne a sa lekana, mme re ntse re na le mosebetsi o mongata oo re tshwanelang ho o etsa, empa re se re bontshitshe nakong ya selemo e fetileng, boikitlaetso ba rona bo kopanetsweng ba ho sebetsa mmoho ho rarolla diphephetso tsa rona tse tshwanang.

Re tsepamisitse matsapa a rona ho tsosoloseng kgolo le tlhahiso ya mesebetsi.

Re sebeditse mmoho – re le mmuso, tsa bosebetsi, kgwebo, mekgatlo ya setjhaba le dibaka – ho tlosa ditshita kgolong e kenyeletsang bohle esita le ho hahamalla pele dikgatong tse tomanyana tsa botsetedi.

Re ile ra tshwara Seboka sa Mesebetsi sa Boporesidente se atlehileng se ileng sa dumellana ka mekgwa e nang le mokoka eo - ha e se e kentswe tshebetsong ka botlalo - e tla batla e pheta habedi lenane la mesebetsi e thewang moruong wa rona selemo ka seng.

Ngwahola, batho ba bangatanyana ba amehang ba ile ba hlahisa dingongoreho tsa bona ka ho se tsitse le ho se tsepame ha maano.

Re di rarollotse dingongoreho tseo.

Ho arabela maemong a mpefetseng a dikgwebong tse ngatanyana tsa mmuso – moo tsamaiso e mpe le bonyofonyofo di thefutseng tshebetso ya tsona e ntle – re nkile qeto ka mekgwa ya ho ntlafatsa tsamaiso, ho matlafatsa baetapele esita le ho kgutlisa botsitso ditheong tsena tsa bohlokwa.

Re ile ra boela ra tshwanela ho sebetsana le ditlamorao tsa ho hulwa ha mmuso ka nko ditheong tsa bohlokwa tsa setjhaba, ho akga le makgotlana a rona a qobello ya tshebediso ya molao, ao seriti le bokgoni ba wona ba ho phetha mesebetsi di feletsweng ke matla dilemong tse sa tswa feta.

Ka hoo, re se re nkile dikgato tsa ho tsitsisa le ho kgutlisa seriti sa ditheo tse kang Lekgotla la Naha la Botjhutjhisi (NPA), Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS), Lekgotla la Tshireletso ya Puso (SSA) le Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS).

Re hirile Mookamedi wa Naha wa Botjhutjhisi ba Setjhaba (NDPP) e motjha, Moadvokheiti Shamila Batohi, ho etella pele tsosoloso ya NPA le ho matlafatsa ntwa ya rona kgahlanong le ditlolo tsa molao le bonyofonyofo.

Re kenya tshebetsong dikgothaletso tsa tlaleho ya Khomishene ya Dipatlisiso ya mabapi le SARS e eteletsweng pele ke Moahlodi Nugent mme re se ntse re le motjheng wa ho hira Mokomishenara e motjha ho etella pele setheo sena sa bohlokwa.

Ho ya ka tlaleho le dikgothaletso tsa Moifo wa Boemo bo Phahameng ba Tlhophobotjha ka SSA, oo modulasetulo e neng e le Letona la mehleng Sydney Mufamadi, haufinyane ke tla be ke tsebisa ka dikgato tse ngatanyana tse potlakileng ho thusa ka popobotjha ya bokgoni ba boporofeshenale ba boutlwela ba naha ba Aforika Borwa.

Ho tse ding tsa dikgato tseo re tla di nka ho bopa botjha bokgoni ba boporofeshenale ba boutlwela ba naha, e tla ba ho thewabotjha ha Lekgotla la Tshireletso ya Naha moo modulasetulo e tla ba Moporesidente e le ho netefatsa tlhophiso e betere ya mesebetsi e amanang le boutlwela le tshireletso ya Puso esita le ho thewabotjha ha makala a mabedi a tshebeletso ya rona ya boutlwela, le leng le tsepamisitse maikutlo boutlweleng ba lapeng ha le leng e le boutlweleng ba dihaneng tsa bolata.

Mosebetsi wa ho hlophisa botjha Puso o se o hatetse pele.

Re motlotlo ho hlokomela hore ka moya wa boahi bo mahlahahlaha, maAforika Borwa a mangatanyana a tswela pele ho bontsha thahasello e kgolo Pusong ya kamoso e hlophilweng botjha.

Nakong ya selemo e fetileng re le Boporesidente, re tsepamisitse maikutlo dikgokeng le ditlhekefetsong tse etswang basading le baneng setjhabeng sa habo rona.

Re arabetse dingongorehong le dikgoeletsong tsa naha tse neng di etswa ke maAforika Borwa a mangata ka hore re epe Seboka sa Moporesidente sa Tlhekefetso e Amanang le Batho ba Bong bo Itseng (GBV) le Dipolao tsa Basadi se faneng ka motheo o tiileng wa karabelo ya naha e hlophisitsweng hantle koduweng ena.

Re ile ra boela ra epa Seboka sa Pele sa tsa Bophelo bo Botle sa Moporesidente ka Mphalane ngwahola, mme se ile sa kgobokanya ba amehang ba ka sehloohong ba tswang lethathameng la mabatowa a lekaleng la bophelo bo botle.

Sebokeng sena sa tsa bophelo bo botle, bankaseabo ba ile ba tshetshetha ka koduwa e tsamaisong ya bophelo bo botle mme ba sisinya ditharollo tsa hanghang, tsa nako e kgutshwane le tsa nako e mahareng ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya tsamaiso ya bophelo bo botle. 

Re qala selemo sena se setjha re kgothatswa ke kgatelopele eo re seng re e entse, re sebetsa mmoho, tsosolosong ya moruo wa rona le ho kgutliseng ha seriti sa ditheo tsa rona tsa demokrasi.

Re tsitlalletse ho dula re le motjheng.

Ha re nyahamiswe ke mathata a mangata ao re ntseng re tla teana le ona.

Rona bohle, re le maAforika Borwa, re tshwanela ho thulana le diphephetso le mathata a tseleng ya rona.

Mosebetsi wa ho aha Aforika Borwa e betere ke boikarabelo ba rona ka kopanelo re le setjhaba, re le batho ba Aforika Borwa.

O setsiketsing sa mosebetsi wa lefapha le leng le le leng la mmuso, lekgotlana le leng le le leng le setheong se seng le se seng sa mmuso.

O susumetsa leano le leng le le leng, lenaneo le leng le le leng esita le kgato enngwe le enngwe.

Leha ho na le lethathama le batsi la mosebetsi wa bohlokwa o etswang ho pharalla le mmuso, phirimaneng ena ke batla ho bua ka mesebetsi e mehlano e potlakileng ka ho fetisisa mothating ona wa nalane ya rona.

Ena ke mesebetsi e tla sikara ntho enngwe le enngwe eo re e etsang monongwaha.

Ha re sebetsa mmoho, re tlameha ho ikitlaelletsa mesebetsi ena e latelang:

  • Wa pele, re tlameha ho akofisa kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle re be re thee mesebetsi.
  • Wa bobedi, nalane ya rona e tseka hore re ntlafatse tsamaiso ya thuto re be re ahe bokgoni boo re bo hlokang hona jwale esita le ho hahamalla bokamosong.
  • Wa boraro, re tlamehile maoto le matsoho hore re ntlafatse maemo a bophelo ba maAforika Borwa ohle, haholoholo bafumanehi.
  • Wa bone, ha re na boikgethelo empa re tlameha ho tiisa meqheleba twantshong ya bonyofonyofo le ho hulwa ha mmuso ka nko.
  • Wa bohlano, re tshwanela ho matlafatsa bokgoni ba Mmuso ho tla le tharollo ditlhokong tsa batho.

Nakong ya selemo e fetileng, re ile ra tsepamisa matsapa a rona ho akofiseng kgolo e kenyeletsang bohle, ra eketsa ka bokgabane dikgato tsa botsetedi mme ra kenya tshebetsong mekgwa ya ho thea mesebetsi e mengatanyana.

Ngwahola, moruo wa rona o ile wa tobana le bonnete ba ho tsherema ha moruo.

Mmuso o arabetse ka matlafatso ya moruo le morero wa boiphumano tse ileng tsa nanabetsa botjha ditjhelete tsa setjhaba hore di ye dibakeng tse nang le bokgoni bo boholoholo ba kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi.

Lewa la rona e ne e se ho sebedisa tjhelete molemong wa ho tswa tebetebeng ya moruo, empa e ne e le ho bea moruo motjheng wa boiphumano.

Re hlahisitse mekgwa e fapafapaneng ya ho thakgola diketsahalo tsa moruo, ho kgutlisa tshepo ya batsetedi, ho tshehetsa mesebetsi le ho rarolla diphephetso tse potlakileng tse amang maphelo a batho ba tlokotsing setjhabeng sa habo rona.

Re motlotlo ho tlaleha hore kgatelopele e tomanyana e se e entswe ho kgutliseng botsitso ba maano taolong ya merafo le ya di-visa, ho kutle tselana e lebisang kabong ya lethathama la ditsamaisuwa, esita le ho shejwabotjha ha ditefiso tsa madibohong, tsa ditereneng le tsa motlakase.

Re boetse ra qala ka mosebetsi wa ho tsitsisa le ho tshehetsa bomasepala ba 57, moo diprojeke tsa meralo ya motheo ya bomasepala tse kahodimo ho 10 000 di kenngwang tshebetsong.

Tjhadimo eo re e tsepamisitseng ntjhafatsong ya ditsi tsa difeme makeisheneng le dibakeng tsa mahaeng e tlisitse phetoho e bonahalang, kaha ditsi tsa difeme tse neng di dutse feela di sa sebediswe, jwale di ba le tlhahiso hape.

Ho fihlela mona re se re phethetse ntjhafatso ya ditsi  tsa difeme tse 10 tsa tse 16 tse hlwailweng tsa diindasteri dibakeng tse kang Botshabelo, Phuthaditjhaba, Garankuwa, Isithebe, Komani le Seshego.

Sekgahla sa kgolo seo re se hlokang ho etsa diphihlello tse bonahalang tlhahisong ya mesebetsi ha di ka ke tsa kgonahala ntle le moqeqeko wa matsete a matjha.

Ho thakgolwa ha Seboka sa Botsetedi Aforika Borwa ka Mphalane ngwahola ho fane ka morolo o moholo tjantjellong ya rona ya ho ngoka R1.2 trilione ya matsete nakong ya dilemo tse hlano.

Seboka sena sa botsetedi se hohetse ditshepiso tsa matsete a ka etsang R300 bilione ho tswa dikhamphaneng tsa Aforika Borwa le tsa matjhabeng.

Ho ne ho boetse ho na le keketseho e bonahalang botseteding bo otlolohileng ba dinaha tsa bolata ngwahola.

Ka 2017, re ngodisitse ho kena ha botsetedi bo otlolohileng ba dihana tsa bolata bo fihlellang ho R17 bilione.

Direkoto tsa semmuso di bontsha hore dikotareng tse tharo tsa pele tsa 2018, ho bile le ho kena ha R70 bilione.

Ena ke katleho e tsotehang papisong le sekgahla se tlase sa botsetedi dilemong tse kapele.

Baromuwa ba rona ba tsa botsetedi – Trevor Manuel, Mcebisi Jonas, Phumzile Langeni le Jacko Maree – esita le InvestSA ba beile leihlo maemo a matsete a tsebisitsweng sebokeng sa botsetedi.

Ho paka hore seboka sa rona sa botsetedi e ne e se puo ya molomo feela moo ho neng ho tshwariswa mamphele ka sekotlo, jwalokaha re bua, diprojeke tsa boleng ba R187 bilione di kenngwa tshebetsong, mme diprojeke tse ding tsa boleng ba R26 bilione di mokgahlelong wa tlhophisetso ya ho kenngwa tshebetsong.

Ha re nka dithutong tsa boleng tseo re ithutileng tsona, ka matsapa a tsepameng haholwanyane, le ka dintlafatso tseo re di etsang tikolohong ya dikgwebo, re habile ho nyolla kotla ya botsetedi le ho feta monongwaha.

Re tla hlwaya makala le difeme tseo re di batlang re bile re di hloka Aforika Borwa ebe re hohela batsetedi.

Ho ya ka malebela a rona a nako ya selemo e fetileng, esita le ho aha hodima dikatleho tse fihlelletsweng, re tla tshwara Seboka sa Botsetedi sa Aforika Borwa hape monongwaha.

Ke maikemisetso a rona hore matsete ao re a bokellang a anetswe diprojekeng tse naheng ka bophara.

Ntlheng ena, ke kopile mebuso ya diprofense ho hlwaya diprojeke tseo ho ka tsetelwang ho tsona, mme re netefatse hore re hlophisa dibuka tsa merero ya botsetedi bakeng sa enngwe le enngwe ya diprofense tsa rona tse robong hore di tle di tekilwe batsetedi ba nang le bokgoni.

Kamora seboka sa rona se atlehileng sa botsetedi, sehlopha sa baetapele ba dikgwebo ba Aforika Borwa ba sisinngwa ke moya wa Thuma Mina o thakgotsweng ke Kgato ya Kgolo ya Setjhaba le Poraefete ho nolofatsa merero e shadinngweng ya botsetedi ya dikhamphane tse itlhommeng pele makaleng a 19 a moruo, ho tloha merafong ho ya ho eneji e ntjhafatsehang; ho tloha tlhahisong ho ya temong le thuong.

Diindasteri tsena di lebelletse ho atolla matsete haholwanyane nakong ya dilemo tse hlano tse tlang mme di thee lenane le hodimo la mesebetsi e metjha, haholoholo haeba re ka ntlafatsa tlhokeho e kgolo ya dihlahiswa tsa kwano lapeng, re tswele pele ho tsitsisa tikoloho ya tsa bosebetsi re be re ntlafatse maemo a ho etsa kgwebo.

E le karolo ya mosebetsi wa rona o tswelang pele wa ho tlosa ditshita botseteding bo tomanyana, re theile sehlopha sa Boporesedinteng, InvestSA, Lefapha la Matlotlo a Naha le Lefapha la Merero, Bodisa le Tekolo tse tla rarolla ditshita tsa maano, molao, bolaodi le tsamaiso tse thefulwang batsetedi.

Ena ke ntho ya bohlokwa ya mosebetsi wa rona wa ho ntlafatsa manolo a ho etsa kgwebo Aforika Borwa, e leng ntho e hlokehang ho hohela botsetedi.

Sehlopha sena se tla tlaleha ka kgatelopele Kabineteng kgwedi le kgwedi.

Tlaleho ya ho Etsa Kgwebo Dinaheng tse Ding ya selemo le selemo ya Banka ya Lefatshe hajwale e bea Aforika Borwa boemong ba bo82 dinaheng tse 190 tse disitsweng.

Re iketseditse peelo ya ho ballwa ho ba 50 ba sebetsang hantle lefatsheng nakong ya dilemo tse tharo tse tlang.

Ho ne ho bonwe kgale hore enngwe ya ditshita tse sithabetsang kgolo ya moruo wa rona ke sekgahla se hodimo sa tshubuhlellano moruong.

Sebopeho sa moruo wa rona se ne se rallwe ho boloka dithepa di le matsohong a ba mmalwa.

Sena se sisithehisitse kgolo ya moruo le ya dikgwebo ha ba ha qhelelwa kantle ho moruo batjha ba bangata ba bahwebi ba Aforika Borwa le dikgwebo tse nyenyane kapa ba beellwa mathokong a moruo.

E le karolo ya matsapa a rona a ho eketsa botsetedi, le ho lokisa kenyeletso ya bohle e tomanyana esita le ho thea menyetla e mengatanyana, haufinyane ke tla tekena Bili ya Sehlomathiso sa Tlhodisano hore e be molao.

Sena se tla fa ba ikarabellang ho tsa tlhodisano bokgoni ba ho rarolla bothata bona, empa ntho ya bohlokwa le ho feta, e tla bulela maAforika Borwa a mangatanyana menyetla e metjha ya ho kena makaleng a fapaneng a moruo mme a qothisane lehlokwa a le boemong bo lekanang.

Ho hotetsa kgolo moruong, ho aha dikgwebo tse ngatanyana le ho hira batho ba bangatanyana, re tshwanela ho fumana mebaraka e metjha e meholwanyane bakeng sa thepa ya rona le ditshebeletso.

Kahoo re tla be re tsepamisitse maikutlo haholo katolosong ya diyantle.

Ho ya ka boikitlaetso ba seboka sa mesebetsi, re tla tsepamisa maikutlo ho diyantle tsa dithepa tse hlahisitsweng re be re hwebisane ka ditshebeletso tse kang ho ntshetswa kantle ha mesebetsi ya kgwebo le ho iswa ha ditshebeletso tsa kokelo dibakeng tse hole.

Re tla boela re lohotha ka ho thea mabatowa a kgethehileng a moruo a reretsweng ho hlahisa mefuta e qollotsweng ya dihlahiswa, e kang diaparo le masela, ho tea mohlala.

Ho ntlafatsa maemo a tlhodisano a diyantle tsa rona, re tla phethela diphuputso tse seng di qadile tsa ho fokotsa ditjeo tsa motlakase, kgwebisano, dikgokahano, dipalangwang le ditjeo tse ding.

Re tla tsepamisa maikutlo phahamisong ya maemo a diyantle tsa rona.

Tumellano ya ho thewa ha Sebaka sa Kgwebisano e Lokolohileng ya Kontinente ya Aforika e fana ka menyetla e meholo ya ho bea Aforika Borwa motjheng wa kgwebisano e etelletsweng pele ke botsetedi, esita le ho sebetsa le dinaha tse ding tsa Aforika hore di iketsetse bokgoni ba tsona ba diindasteri.

Tumellano ena e tla susumetsa ho thewa ha mmaraka wa batho ba kahodimo ho bilione ka paloyohle ya dihlahiswa tsa lapeng (GDP) tse kopantsweng tse etsang $3.3 trillion.

Re ipapisitse le tjhadimo ho diyantle, re tla tswelapele ka mekgwa ya ho eketsa ditlhokeho tsa lapeng, ho tse ding, ka ho eketsa sekepele sa dihlahiswa le ditshebeletso tsa lapeng tse fumantshwang mmuso le lekala la poraefete.

Ho eketsa tlhokeho ya dihlahiswa tsa lapeng, le ho fokotsa tshebediso ya ditswantle, ho bohlokwa hobane ho eketsa menyetla ya bahlahisi kahare ho Aforika Borwa ho fepela mebaraka e holang.

Ka letsholo lena, re tla matlafatsa lenaneo la “reka tsa Aforika Borwa”.

Ka lebaka la seabo sa bohlokwa seo dikgwebo tse nyane di nang le sona ho hotetseng tlhase ya moruo le mesebetsi – le ho ntshetsa pele matlafatso e batsi – monongwaha re tsepamisitse maikutlo katolosong ya Lenaneo la rona la Kgodiso ya Dikgwebo tse Nyenyane ka sekgahla.

Lenaneo la kgodiso le fa bahwebi ba thuthuang sebaka sa ho sebeletsa, meralo ya motheo le ditshebeletso tse abelanwang, phihlello tsebong e kgethehileng, kgokelo mebarakeng, thupello tshebedisong ya ditheknoloji tse ntjha esita le phihlello ditjheleteng.

Hajwale lenaneo la kgodiso le na le marangrang a dihodisi tse 51 tsa kgwebo ya theknoloji, dihodisi tse 10 tsa ntshetsopele ya bofepedi ba dikgwebo le dihodisi tsa batjha ka potlako tse 14.

E le karolo ya katoloso ya lenaneo lena, ho tla thewa ditsi tsa dijithale makeisheneng, ho qalwa ka diprofense tse nne, mme tse ngata di tla latela.

Re lebelletse hore ditsi tsena di fane ka tshebeletso ya dikgwebo e hlokehang ka ho fetisisa dikgwebong tse nyenyane le tse mahareng dibakeng tsa mahaeng le makeisheneng, empa haholoholo bathong ba batjha ba batlang ho qala dikgwebo tsa bona.

Phephetso ya rona e kgolokgolo ke ho thea mesebetsi bakeng sa ba sa sebetseng hona jwale, ha ho ntse ho rupellwa basebetsi bakeng sa mesebetsi ya kamoso.

Seboka sa Mesebetsi sa Moporesidente sa ngwahola se tlile le ditumellano tse tiileng dipakeng tsa mekgatlo ya basebetsi, dikgwebo, setjhaba le mmuso.

Ditumellano tsena, tseo jwale di kenngwang tshebetsong ke balekane ba rona kahisanong, di habile ho thea mesebetsi e meng e otlolohileng e 275 000 selemo le selemo.

Re tlile le merero, mapatlelo le dikgato tse kgolo tseo ka tsona re kgonang ho hohela batjha ka bongata bo boholo hore ba kene kgabong ya moruo o nang le tlhahiso ka dikgato tse kang Ditsiane tsa Lekgetho la Mesebetsi.

Ditsiane tsena di tla atoloswa bakeng sa dilemo tse ding tse 10.

Ho feta moo, re kgakotse Tshebeletso ya Mesebetsi ya Batjha, e leng yona e kenyang batjha ba sa sebetseng mesebetsing ya boithuto e lefang dikhamphaneng tse moruong ka bophara.

Re etsa kgoeletso dikhamphaneng tsohle, tse kgolo le tse nyane, ho ba le seabo kgatong ena mme di kenye letsoho, e seng feela ka ho aha dikgwebo tsa tsona empa hape le ka ho aha moruo esita le ho nontsha momahanyo ya setjhaba.

Kgatelopele e se ntse e etswa dibakeng tsa mesebetsi ya kgokelo, ya tokiso le ya ho boloka maemo a matle, mesebetsi ya dijithale le theknoloji e kang ho etsa matshwao le tshekatsheko ya deitha.

Tsena di re thusa ho kwenya batjha ba bangatanyana – haholoholo bao ba qetileng dikolong le dikholejeng, le bao ba seng thutong efe kapa efe, thupellong kapa kgirong efe kapa efe – hore ba kene kgabong ya moruo o nang le tlhahiso esita le menyetla e meng ya mesebetsi.

Re le mmuso, re nkile qeto ya hore tlhokeho ya malebela a mosebetsi boemong ba mathomo ditheong tsa mmuso, e fediswe.

Batjha ba habo rona ba hloka ho fuwa monyetla wa sebele wa ho qala tikolohong ya mesebetsi.

Ha ba a tshwanela ho tobana le ditshita ha ba ntse ba tsoma mesebetsi.

Re tsepamisa tjhadimo ya rona, maano a rona le mananeo a rona dikarolong tsa bohlokwa tsa moruo tse qoteditsweng ke mesebetsi.

Tsena di akga temo, bohahlaudi le moruo wa mawatleng.

Bokgoni ba temo Aforika Borwa bakeng sa tlhahiso ya mesebetsi le kgolo ya moruo bo dula bo ntse bo fokollwa ke ntshetsopele.

Aforika Borwa e ntse e na le dibaka tse kgolo tsa mobu o sa sebedisweng kapa o se nang tlhahiso.

Ho na le boramapolasi ba banyenyane ba thuthuang ba ka bang 250 000 ba sebetsanang le mobu mme ba hloka tshehetso hore ba hodisa dikgwebo tsa bona ka ho phethahetseng.

Diyantle tsa temo le thuo ke mohlodi wa bohlokwa wa tjhelete e kenang moruong wa rona, mme ho hodisa lekala la rona la temo le thuo ke ntho ya bohlokwa ho ntlafatseng tshireletso ya rona ya dijo le ho hohela botsetedi.

Re lehlohonolo ka ho ba le lekala la temo le thuo le tswetseng pele, le matla le bile le kopantseng batho ba fapafapaneng.

Re ikemiseditse ho le sebedisa e le motheo o tiileng wa ho thusa ho hodisa temo le thuo naheng ya rona molemong wa batho bohle.

Ka lenaneo le potlakisitsweng la tlhabollo ya mobu, re tla sebeletsa ho atolla dihlahiswa tsa rona tsa temo le thuo re be re kgothaletsa moruo o kenyeletsang bohle.

Bokenadipakeng ba maano le melao ya rona bo tla netefatsa hore mobu o moholwanyane o abelwa temo le thuo, kgodiso ya diindasteri le bodulo ba batho.

Ke lakatsa ho thoholetsa maAforika Borwa a mangata a bileng le seabo mosebetsing wa Komiti ya Tlhophobotjha ya Molaotheo (CRC) ka dipuisano tse ileng tsa anetswa dikgutlwaneng tsohle tsa naha ena.

Ke thoholetsa ditho tsa CRC ka ho dula di tsepamisitse maikutlo nakong ena yohle, esita le ka ho lekodisisa ditshwaelo tse neng di entswe ke maAforika Borwa le mekgatlo ya wona.

Re tla tshehetsa mosebetsi wa CRC wa ho hlopha botjha Karolo ya 25 ya Molaotheo hore e talole ka ho hlaka ditlhokeho tsa kamoho ya mobu ntle le ditlhapiso molemong wa setjhaba.

Re ipapisitse le mosebetsi ona wa tlhophobotjha ya molaotheo, re kopile Motlatsi wa Moporesidente ho etella pele Komiti e Kopaneng ya Matona ya Tlhabollo ya Mobu ho akofisa taba ya tlhabollo ya mobu.

Moifo wa ditsebi wa baeletsi o etelletsweng pele ke Ngaka Vuyo Mahlathi, o theetsweng ho eletsa mmuso ka lenaneo la wona la tlhabollo ya mobu, o lebelletswe ho teka tlaleho ya wona mafelong Hlakubele 2019.

E le karolo ya ho akofisa tlhabollo ya mobu, re hlwaile dikoto tsa mobu oo e leng wa Mmuso hore o ajwe botjha.

Mobu o sebakeng se setle o tla ajwa ho rarolla ditlhoko tsa bodulo ba batho dibakeng tsa ditoropong le tse haufi le ditoropo.

E le karolo ya pokello ya matlafatso ya temo le thuo, re tsetetse haholwanyane tshehetsong e phethahetseng ya kgodiso ya borapolasi ho netefatsa hore mobu o buseditsweng ho beng le mobu wa setjhaba o sebedisetswa ho ba le tlhahiso.

Re tla tswela pele ho bea ka sehloohong ntshetsopele ya boqhetseke le mananeo a kaho ya bokgoni bakeng sa borapolasi ba batho ba batsho ba banyenyane le ba ntseng ba thuthua.

Nakong ya selemo e tlang, re tla tswela pele ho tsepamisa maikutlo dihlahisweng tsa boleng bo hodimo tsa temo le thuo tse nang le bokgoni ba ho rekiswa kantle tse kang ditholwana, di-veine le diindasteri tsa rona, esita le nama ya kgoho le nama e kgubedu.

Nakong ya SoNA ya ngwahola, re buile haleletsana ka bokgoni bo boholo bo teng bakeng sa katoloso ya lekala la bohahlaudi.

Matsapa a rona a sa thekeseleng a ho rekisa Aforika Borwa e le sebaka se ka sehloohong sa ho etelwa ke bahahlaudi a tlile le diphetoho tse ntle, ka kgolo e bonahalang ya selemo le selemo lenaneng la bahahlaudi ba melata.

Selemong se fetileng, re bile le bahahlaudi ba 10 milione ba tlileng naheng ya rona.

Re ikemiseditse ho nyollela lenane lena ho 21 milione ka 2030, ho tse ding, re shadimme mebaraka e meholoholo ebile e le e holang ka potlako ka ho fetisisa ya India le China, esita le mebaraka e matla kontinenteng ya rona.

Ho eketsa hodima mesebetsi e otlolohileng, indasteri ena ya diyantle e ka thea mesebetsi e meng e mengatanyana e ka bang dimilione tse pedi diindastering tsa dijo le temo le thuo, dikonteraka, dipalangwang, mabenkele, le tsa bonono le botjhaba ka 2030.

Re tla tebisa bolekane dipakeng tsa mmuso le dikgwebo ho fihlella tjhebelopele ena.

Ntlha ya rona e kahodimodimo monongwaha e tla ba tlhahisong ya maemo a hodimo a taolo ya di-eVisa.

Ntlha ena, e kopantswe le thekiso le mekgwa e ntlafaditsweng ya sebaka sa ho etelwa ho matlafatsa polokeho bohahlauding, e tla thea maemo a kgolo eo re e labalabelang, hammoho le mesebetsi le menyetla e tla latela.

Naha ya rona e ntle, Aforika Borwa, e na le le leng la mabopo a malelele ka ho fetisisa lefatsheng le etsang 3 000km ho potoloha le methinya ya naha ya rona ho tloha ka botjhabela ho ya ka bophirimela.

Tikoloho eo re leng ho yona re le naha e bolela hore re ka ntlafatsa bokgoni ba mawatle a rona ho hodisa moruo.

Haesale ho tloha ka letsholo la Operation Phakisa Moruong wa Mawatleng ka 2014, re se re fumane matsete a ka bang R30 bilione mme ra thea mesebetsi e otlolohileng e kahodimo ho 7 000.

Matsete ana, haholoholo, a bile ntshetsopeleng ya meralo ya motheo, tlhahiso ya metsing, kotulo ya diphedi le dimela tsa metsing a lewatle, esita le lekala la oli le kgase.

Matsete a lebeletsweng Moruong wa Mawatleng nakong ya dilemo tse hlano tse tlang a hakanyetswa ho R3,8 bilione ke mmuso ebe R65 bilione e hakanngwang ke lekala la poraefete.

Matsete ana a lebelletswe ho ho thea mesebetsi e otlolohileng e kahodimo ho 100 000 le mesebetsi e sa otlolohang e kahodimo ho 250 000.

Maobane bosiu, ke ile ka letsetswa ke Letona Gwede Mantashe mme a mpolella hore kokonono ya oli e leng Total e tla be e etsa tsebiso e kgolo kajeno mabapi le tshibollo e ntjha ya “maemo a hodimo” ya oli le kgase lebopong la Aforika Borwa.

Re kgothaditswe haholo ke tlaleho ya kajeno hoseng ka tutudu ya Brulpadda e Lebopong la Outeniqua, leo ba bang ba e hlalositseng e le phumano e tlang le phetoho.

Sena se ka tlisa phetoho e kgolo naheng ya rona, mme se tla ba sephetho se setle haholo bakeng sa tshireletso ya eneji naheng ya rona esita le ntshetsopele ya indasteri ena.

Re thoholetsa Total le balekane ba yona ba fapaneng mme re ba lakaletsa mahlohonolo matsapeng a bona.

Mmuso o tla tswelapele ho etsa melao bakeng sa lekala ho etsetsa hore le tsamaiswe hantle molemong wa bohle ba amehang.

Nakong ya dilemo tse hlano tse fetileng, re entse kgatelopele e kgolo ka phano ya meralo ya motheo.

Tjhelete e kahodimo ho R1,3 trilione e se e tsetetswe ho aha makgolokgolo a dikolo le diyunivesithi tse pedi, ho aha dikete tse balwang ka makgolo tsa matlo a matjha, ho hokela motlakase malapeng a kahodimo ho milione, ho fehla motlakase o motjha le ho atolla dipalangwang tsa setjhaba.

Matsete ana a meralo ya motheo a boetse a thusa ka ho hodisa moruo wa rona le ho thea mesebetsi e mengata makaleng a dikonteraka le a mang.

Kaho ya meralo ya motheo e bile letlamahanyi la kgubu ya moruo wa rona mme e tlisitse melemo e tsotehang naheng ya rona.

Re tlameha ho sebetsa haholwanyane.

Kaho ya meralo ya rona ya motheo e fokotsehile ka lebaka la mabaka a mangatanyana.

Re boetse ra elellwa hore phano ya rona ya meralo ya motheo e lobokane dipakeng tsa makala a fapaneng a mmuso.

Ha e kopanye ka botlalo kaho ya matlo a matjha le menyetla ya moruo esita le kaho ya matamo, dipeipi tsa metsi, dikolo le disebedisuwa tse ding.

Kabinete e ananetse mokgwa o motjha wa ho kenngwa tshebetsong ha meralo ya motheo e metjha ho rarolla mathata ana.

E tla matlafatswa ke Letlole le letjha la Meralo ya Motheo le tsebisitsweng ka Loetse ngwahola.

Mmuso o itlamme ka ho kenya letsoho ka R100 bilione nakong ya dilemo tse 10 mme o tla sebedisa ketso ena ho batalatsa mawala a tsa ditjhelete ho tswa lekaleng la poraefete le ditheong tsa ditjhelete tsa ntshetsopele.

E le kgato ya pele, re tla atolla diprojeke tse se ntse di le motjheng, tse kang bodulo ba baithuti.

Re rera ho etsa dintho ka mokgwa o fapaneng, re qala ka selekane se tebileng le setjhaba sa habo rona mererong, kahong le polokong ya meralo ya motheo.

Jwalokaha re entse Nokeng ya Lekwa, moo Lebotho la Sesole sa Naha sa Aforika Borwa (SANDF) le ileng la kena dipakeng ho rarolla koduwa ya dikgwerekgwere, re tla etsa kgoeletso makgabaneng ohle a Mmuso le a lekala la poraefete ho rarolla diphephetso tsa meralo ya motheo.

Re tla matlafatsa bokgoni bo sa tlwaelehang mmusong e le ho netefatsa hore diprojeke di tsamaya ka potlako, ho ahwe moqeqekohadi wa diinjinere, baokamedi ba diprojeke, bataki ba meralo ya meaho le bahlahlobi ba boleng ba sebaka seo ho tla ahwa ho sona – setlamo se sebetsang se ka etsang hore dintho di etsahale ka potlako moo ho sebeletswang teng.

Lekala la dikgokahanyo tsa mehala le emetse bokgoni bo bongata ba ho matlafatsa kgolo ya moruo.

Haufinyane Letona la Dikgokahanyo le tla be le ntsha tataiso ya maano Lekgotleng le Ikemetseng la Dikgokahanyo la Aforika Borwa (ICASA) bakeng sa lethathama la tlhoko e hodimo ya maqhubu a seyalemoya.

Jwaloka naha e hahellwang ke metsi, re tobane le dikoduwa tsa metsi dibakeng tse ngata tsa naha.

Re ntshetsa pele morero wa naha o kopantsweng o phethahetseng ho rarolla dikgaello tsa metsi, meralo ya motheo e tsofalang le ho kenngwa tshebetsong ho hobe ha diprojeke.

Re thea sehlopha se sa tlwaelehang sa karabelo e potlakileng sa mebuso e kopantsweng ka potlako, se matlafatswang botjha ke ditsebi tsa seporofeshenale, ho kena dipakeng dibakeng tse nang le mathata a totileng a metsi.

Ho se seng sa dibaka tsena, Giyani, mosebetsi o moholo wa ho anetsa metsi ho badudi o se o thakgotswe, ka ho lokisa didiba tse tjhekilweng, e tlo ba ka phano e potlakileng ya meralo ya motheo ya sebele.

Polokeho ya baithuti ba rona dikolong e bohlokwa bakeng sa ho thea tikoloho e ntle ya ho ithutela.

Re hopola ka mahlonoko a maholo ho shwa ka sehloho ha Michael Komape, ya ileng a kgaqwa ka mokoting wa ntlwana Sekolong sa Poraemare sa Mahlodumela Limpopo ka 2014, le Lumka Mkethwa, wa Sekolo sa Poraemare e tlase sa Luna Kapa Botjhabela, ya ileng a hlokahala ka Hlakubele ngwahola.

Re ile ra etsa bohlakisi ngwahola mme ra fumana hore dikolo tse ka bang 4 000 di ntse di na le disebedisuwa tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere tse boemong bo bobe.

Ka lebaka la tekanyo le potlako ya ho rarollwa ha mathata, re kgakotse Letsholo la SAFE ka Phato ngwahola, leo e bang ka lona re ile ra ngoka mehlodi yohle e teng, ho akga le ditshepiso tse entsweng ke ba kgwebo, balekane ba badilweng, le indasteri ya kaho ho lokisa matlwana ohle a sa bolokehang dikolong tsa setjhaba.

Haesale re ne re kgakole letsholo lena, dikolo tse 699 di se di filwe disebedisuwa tse ntle tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere athe diprojeke dikolong tse ding tse 1 150 di maemong ao di sa ntsane di rerilwe, di radilwe kapa di ahwa.

Re ikitlaelleditse ho fedisa disebedisuwa tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere tse sa bolokehang di bile di le boemong bo bobe nakong ya dilemo tse tharo tse tlang.

Ona ke mohlala o tswileng matsoho wa tshebedisano dipakeng tsa mmuso le dikgwebo ho rarolla ka potlako tlhokeho e kgolo e thefulang tokelo ya bana ba Aforika Borwa ya polokeho le seriti disebedisuweng tsa thuto.

Re etsa kgatelopele ya bohlokwa ho kgutliseng seriti le bokgoni ba dikgwebo tsa rona tsa mmuso (di-SOE) tsa bohlokwa.

Ho kgutlisa tsamaiso ya sebele ya kgwebisano, diboto tse ntjha tse nang le batsamaisi ba nang le bokgoni, malebela a nepahetseng le boitshwaro bo botle, di se di thontswe ha Eskom, Denel, Transnet, SAFCOL, PRASA le SA Express.

Re theile Lekgotla la Moporesidente le shebaneng le di-SOE, le tla fana ka tekolo ya sepolotiki le bolaodi bo hlwahlwa ka sepheo sa ho hlabolla, ho hlophisa botjha le ho tsosolosa di-SOE, ho etsetsa hore di nke seabo sa tsona e le diphetoho tsa kgolo le ntshetsopele ya moruo.

Re batla hore di-SOE tsa rona di be le boitjaro kahohlehohle di be di kgone ho phethahatsa seabo sa tsona sa ntshetsopele le moruo.

Moo di-SOE di sa kgoneng ho nyolla kotla e lekaneng dibankeng, mebarakeng ya ditjhelete tsa ho qala dikgwebo, ditheong tsa ditjhelete tsa ntshetsopele kapa kotleng ya ditjhelete tsa lekgetho, re tla tshwanela ho phenyekolla mekgwa e meng, e kang ho rekisetsa balekane ba rona diabo kapa ho rekisa dithepa tseo e seng tsa bohlokwa.

Ha re etsa tsena tsohle, ha re ka ke ra tshehetsa mekgwa efe kapa efe eo e bang, ka mofuta ofe kapa ofe, e tlosa dithepa tsa Mmuso tse bohlokwa botsitsong bo botle ba moruo le batho.

Re na le mosebetsi le boikarabelo ba ho tshireletsa, ho aha le ho jara ditheo tsena tsa bohlokwa bakeng sa meloko e tlang.

Re tsomme merero e tshepahalang dibotong, ho bea boqhetseke le boitsebelo bo nepahetseng ditulong e le ho tsamaisa dikhamphane tsena ho etsetsa hore re tlose tsepamiso ya maikutlo botsitsong ba hanghang ho ya boitjarong ba nako e telele.

Re boetse re habile ho aha kamano ya sebele le tshebedisanommoho dipakeng tsa mmuso, mekgatlo ya basebetsi le ba amehang lekaleng la poraefete, moo ka kopanelo re ka lohothang mawala a di-SOE hore di thee mesebetsi, di dumelle kgolo e kenyeletsang bohle di be di kgone ho itjara tshebetsong le ditjheleteng.

Tshireletso ya phepelo ya eneji ke ntho ya bohlokwa kahohlehohle.

Eskom e maqakabetsing mme ditlokotsi tseo e beang Aforika Borwa ho tsona, di kgolo.

E ka thefula ditjantjello tsa rona tsa moruo le ntshetsopele ya setjhaba hampe.

Re tshwanetse ho nka diqeto tse matla le dikgato tsa bohlokwa.

Ditlamorao di ka nna tsa e ba bohloko, empa di tla mpefala le ho feta ha re ka hulanya maoto.

Ho arabeleng koduweng ena, re a tseba ka tlhokeho ya ho fokotsa ditjeo dife kapa dife tse sithabetsang moruo ho bareki le balefi ba lekgetho.

Jwalokaha re rarolla diphephetso tse tobileng Eskom, re tla netefatsa hore ho ba le dipontshano le dipuisano tse hlakileng le bohle ba bohlokwa ba amehang.

Mmoho le basebetsi, Eskom le ba bang ba amehang re tla etella pele mosebetsi ho utolla dikateng tsa merero ya neeletsano e nang le toka, ya sebele, e nang le bokgoni ebile e le e jarehang ka nako e telele e tla rarolla ditlhoko tsa bohle ba ka nnang ba ameha.

Jwalokaha re rarolla diphephetso tse tobileng Eskom, re boela re tlameha ho tshireletsa moralo wa rona wa kotla ya ditjhelete tsa lekgetho tsa naha, ho fihlella sekgahla se setle maemong a dikoloto boikemelong ba rona, mme re tsepamise maikutlo ditokelong le ditshwanelong tsa ba fang Eskom tjhelete.

Eskom e tlile le morero wa ho fetola mawa o ntlha di robong oo re o tshehetsang ebile re batla ho o bona o kentswe tshebetsong.

Ho ya ka morero ona, Eskom e tla tshwanela ho nka dikgato tse potlakileng ho fokotsa ditjeo tsa yona ka sekgahla.

E tla hloka pokello e tomanyana ya tjhelete ka keketso ya ditefiso e fihlellehang.

Re tshwanela ho nka dikgato tsa ho fokotsa ho se lefe bomasepaleng re be re tobane le tlwaelo ya ho se lefe e seng e le teng dibakeng tse ding.

Ho bohlokwa hore bohle bao ba sebedisang motlakase – hodima diyuniti tsa mahala tsa motlakase wa motheo tseo ho fanwang ka tsona – ba tshwanela ho o lefella.

Mmuso o tla lefella mekitlane ya Eskom, mme Letona la tsa Ditjhelete le tla fana ka dintlha tse tebileng ka taba ena Puong ya hae ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete.

Sena re tla se etsa ntle le ho imetsa kotla ya ditjhelete tsa lekgetho ka sekoloto se sa laoleheng.

Ho netefatsa bokgoni ba morero wa ho fetola mawa le ho qoba koduwa e tshwanang ya tsa ditjhelete, dilemong tse mmalwa tse tlang Eskom e tla tshwanela ho bopa mokgwa o motjha wa kgwebo.

Mokgwa ona wa kgwebo o tshwanela ho nkela hloohong sesosa sa mehlodi ya diqaka tsa yona tsa jwale le diphetoho tse tebileng tsa matjhaba le tsa lapeng ditjeong tse bapiswang, le ho phunyeletsa ha mebaraka mehloding ya eneji, haholoholo ditheknoloji tse hlwekileng.

O tshwanela ho nkela hloohong seabo seo Eskom ka boyona e tshwanelang ho se nka ditheknolojing tse hlwekileng tsa phehlo ya eneji.

Ho tlisa bokgoni phetolong ya mawa esita le ho bea lekala la matla la Aforika Borwa boemong bo loketseng bokamoso, hanghang re tla kena kgabong ya mosebetsi wa ho thea ditheo tse tharo tse arohaneng – Phehlo ya Eneji, Phepelo le Kanetso – tlasa Eskom Holdings.

Sena se tla netefatsa hore re arola ditjeo mme re fe setheo ka seng boikarabelo.

Sena se tla boela se thusa Eskom hore e kgone ho nyolla kotla bakeng sa ditshebetso tsa yona tse fapaneng habobebe ho batshehetsi ba ditjhelete le mebaraka.

Ntho eo e leng ya bohlokwa hanghang ke hore setheo se kgone ho tsamaisa setsi sa phepelo se kopane mmoho le merero ya mekgwatsamaiso ya basebetsi le matla, mesebetsi ya phumantsho le ya ho reka.

Ho bohlokwa hore re thakgole dikgato tsena ntle le tieho ho tsitsisa ditjhelete tsa Eskom, ho netefatsa tshireletso ya phepelo ya motlakase, esita le ho thea metheo ya boitjaro ba nako e telele.

Setsiketsing sa matsapa ohle a rona a ho fihlella kgolo e hodimonyana ebile e le e nang le tekano e kgolwanyane, ho hira batho ba batjha le ho hlophisetsa naha ya rona nako ya dijithale, e tlameha ho ba thuto e bewang ka sehloohong le kgodiso ya boqhetseke.

Ka bana ba kahodimo ho 700 000 ba fihlellang thutong ya mantlha ya bongwaneng selemong se fetileng sa ditjhelete, re theile motheo o tiileng bakeng sa Lenaneo la Dikolo tsa Thuto ya Dikonyana (ECD) eo e leng karolo ya bohlokwa ya mokgwatsamaiso wa thuto.

Monongwaha, re tla fallisa boikarabelo bakeng sa ditsi tsa ECD ho tloha Lefapheng la Ntshetsopeleng ya Setjhaba ho ya Lefapheng la Thuto ya Motheo, re be re tswele pele ka mosebetsi o lebisang dilemong tse pedi tsa ECD e tlamang bakeng sa bana bohle pele ba ka kena ho Kereiti ya 1.

Ntho enngwe ya bohlokwa e ka sehloohong ke ho ntlafatsa ka bokgabane ho bala ka kutlwisiso dilemong tsa pele tsa sekolo.

Sena se a hlokahala ho hlomelleng bana hore ba atlehe thutong, mosebetsing le bophelong – mohlomong ke ntho e le nngwe ya bohlokwa ka ho fetisisa tlholong ya bofuma, leqeme la mesebetsi le ho se lekane.

Dithuto tsa mathomo tsa ho bala tsa lefapha di bontshitse sekgahla sa kamoo boitelo mehloding ya ho bala, bakwetlisi ba ho bala ba tswileng matsoho le meralo ya dithuto di ka bang le yona sephethong sa ho bala.

Re tla atolla haholwanyane boteng ba mehlodi ena ya mathomo ya ho bala mephatong yohle ya motheo dikolong.

Nakong ya dilemo tse tsheletseng tse tlang, re tla fa ngwana e mong le e mong wa sekolo Aforika Borwa dibuka tsa tshebetso le tsa ho bala tsa dijithale sesebedisweng sa thabolete.

Re tla qala ka dikolo tseo tse neng di kotetswe ka ho fetisisa tse dibakeng tse futsanehileng ka ho fetisisa, ho akga dikolo tsa dikereiti tse ngata, mephato e mengata, tsa mapolasing le tsa mahaeng.

Hona jwale e se e le 90% ya dibuka tsa ho bala dithutong tse nang le lenane le hodimo la baithuti dikereiting tsohle, esita le dibuka tsa ho sebeletsa tse seng di fetoletswe ho dijithale.

Ho ya ka Moralo wa rona wa Boqhetseke bakeng sa Lefatshe le Fetohang, re atolla thupello ya matitjhere le baithuti hore ba arabele hantle ditheknolojing tse ropohang, ho akga le dintho tsa inthanete, dirobotiki le theknoloji e nang le bohlale ba maiketsetso.

Dithuto le ditsebi tse ngatanyana tse ntjha tsa theknoloji di tla hlahiswa, ho akga le mmetse wa theknikhale le saense ya theknikhale, saense ya mawatleng, dithuto tsa bofofisi, saense ya merafong le diakhwaphoniki.

Ho atolla seabo motjheng wa dithuto tsa theknikhale, dikolo tse ngatanyana tsa mmuso di tla fetolwa hore e be dikolo tse phahameng tsa dithuto tsa theknikhale.

Ho ya ka boithukgubetso ba mmuso tokelong ya phihlello thutong e phahameng bakeng sa bafutsana, ngwahola re leleketse thuto e phahameng ya mahala bakeng sa baithuti ba tshwanetseng ba selemo sa pele.

Re leboha letsholo lena, mahokedi a se a theilwe botjha ditheong tsohle, mme dihlooho tsa ditheo le baetapele ba baithuti ba bile le seabo sa bohlokwa ho buisaneng le baithuti.

Sekema sena se kenngwa tshebetsong nako ya dilemo tse hlano ho fihlela baithuti bohle ba se nang dikgerate tsa mathomo empa ba tshwanetseng ho ya ka maemo, ba fola molemo.

Ho tsitsisa mosebetsi wa ditaba tsa Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) ho tla bewa ka sehloohong selemong se tlang ho etsetsa hore se matlafatswe ka botlalo hore se etse mosebetsi wa sona wa bohlokwa wa ho tshehetsa baithuti ba tshwanelehileng.

Re ngongorehile ka diketsahalo tse ho tse ding tsa dikhamphase bekeng ena, haholoholo ditlaleho tsa merusu le ditshoso.

E ngongorehisang le ho feta, ke ho shwa ka sehloho ha Mlungisi Madonsela, moithuti Yunivesithing ya Theknoloji ya Durban.

Re fetisa matshediso a rona ho ba lelapa la hae mme re etsa kgoeletso ho makgotla a qobello ya molao ho batlisisa taba ena ka botlalo.

Re etsa kgoeletso ho baemedi ba baithuti le batsamaisi ba yunivesithi hore ba sebetse mmoho ho fumana ditharollo diphephetsong tseo baithuti ba tobaneng le tsona.

Re tla phethela boikitlaetso ba rona ba ho aha bodulo ba batho dibakeng tse ntle tse kopanyang menyetla ya moruo le ditshebeletso le disebedisuwa tsohle tseo batho ba di batlang.

Lekgotla la Kaho ya Matlo le tla aha diyuniti tse ding tsa matlo tse 500 000 dilemong tse hlano tse tlang, mme tjhelete e kaalo ka R30 bilione e tla fuwa bomasepala le diprofense ho di thusa ho phetha mesebetsi ya tsona.

Leha ho le jwalo, haeba re batla ho rarolla tshallo morao ya matlo ka bokgabane naheng ya rona, re tshwanela ho etsa mekgwa e fapaneng ya ho fana ka tjhelete bakeng sa bodulo ba batho.

Ke ka lebaka lena re theang Banka ya Ntshetsopele ya Bodulo ba Batho e tla batalatsa ditjhelete tsa lekala la setjhaba le la poraefete ho thusa phanong ya matlo.

Re tla boela re atolla Lenaneo la Matlo a Batho, moo malapa a fuwang ditsha ho ikgahela matlo a bona, mohlomong ka bowona kapa ka dikoporasi tsa matlo tse etelletsweng pele ke setjhaba.

Aforika Borwa e na le a mang a marangrang a tshireletso ya setjhaba a phethahetseng ka ho fetisisa lefatsheng, ka ho fana ka notlo ya sekgeo dipakeng tsa malapa a futsanehileng le a bofumeng bo bobe haholo.

Kgwedi enngwe le enngwe, dithuso tsa ditjhelete tse 17,5 milione di fuwa maAforika Borwa.

Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le tshwanela ho thoholetswa ka ho tlotla taelo ya Lekgotla la Molaotheo ya ho fedisa konteraka ya ditshebeletso tsa Cash Paymaster Services.

Ho fihlela jwale, boholo ba batho ba folang molemo dithusong tsena ba falliseditswe Posong ya Aforika Borwa (SAPO) ka katleho mme dikarete tsa kgale tsa Lekgotla la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) di nketswe setjhaba ke tse ntjha.

Re entse kgatelopele e bonahalang ka ho thea Lewa la Tshireletso ya Setjhaba le phethahetseng, ka Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le tsa Bosebetsi.

Ditlhabollo tsena di tsepame phihlellong ya tshireletso ya setjhaba e phethahetseng esita le tlhabollo ya ho bea meja fatshe e fihlellehang, ya nako e telele ebile e le e nepahetseng bakeng sa maAforika Borwa ohle.

Ka thuso ya Khomishene ya Merero ya Naha, re fihlelletse tumellano ka ditlhabollo tse kenyeletsang Letlole la Naha la Tshireletso ya Setjhaba, ditlhophiso tsa ditheo, ditlhabollo tsa taolo, melemo e ntlafaditsweng bakeng sa leqeme la mesebetsi, botlalehi bo ntlafaditsweng ba thuso ya setjhaba, le maano a mebaraka ya bosebetsi e hlwahlwa bakeng sa baahi ba dipakeng tsa dilemo tse 18 le tse 59.

Jwale re tla kenya tumellano ena ya bohle moralong wa leano hore e tle e tataise ho kenngwa tshebetsong.

Monongwaha, re tla nka kgato ya bohlokwa ya hore bohle ba fihlelle tlhokomelo ya bophelo bo botle ya boleng ya maAforika Borwa ohle.

Kamora dipuisano tse batsi, haufinyane Bili ya Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) e tla be e le malalaalaotswe hore e tekwe Palamenteng.

NHI e tla thusa maAforika Borwa ho fumana ditshebeletso tsa mahala ditsing tsa kokelo tse ananetsweng tsa boleng tsa bophelo bo botle tsa mmuso le tsa poraefete.

Ka ho sebedisa mokgwa wa kutlwelano bohloko ya setjhaba le tlatseletso ya tjhelete kamahohle, re habile ho fokotsa ho se lekane phihlellong ya tlhokomelo ya bophelo bo botle.

Ka ho elellwa sefutho sa diphephetso tlhokomelong ya bophelo bo botle, re se re theile NHI le Setsi sa Dipuisano sa ntlafatso ya boleng se Boporesidenteng, se bopilweng ka mafapha a fapaneng a ka sehloohong ho rarolla koduwa e tsamaisong ya setjhaba ya bophelo bo botle ha ho ntse ho hlophisetswa ho kenngwa tshebetsong ha NHI.

Re na le morero wa naha wa ntlafatso ya bophelo bo botle ba boleng o filweng tjhelete ho ntlafatsa tleliniki enngwe le enngwe le sepetlele se seng le se seng tse tla ba le selekane le NHI.

Ka ho hlahisa NHI hammoho le lenaneo la ntlafatso la boleng bo ntlha di ngata bakeng sa ditsi tsa kokelo tsa mmuso, re sebeletsa ho tlisa phetoho e kgolo ya bophelo bo botle malebeleng a maAforika Borwa.

Leha re entse kgatelopele haesale ho tloha ka 1994 ho fokotseng mefuta e itseng ya ditlolo tsa molao tse mpe haholo, dibaka tse ngata ho pharalla le naha di ntse di sithabeditswe ke maqulwana a dinokwane le merusu.

E le karolo ya matsapa a rona a tiileng a ho etsa hore naha ya rona e bolokehe e be e tshireletsehe haholwanyane, Lewa la Sepolesa Setjhabeng le ile la kgakolwa ka Mphalane ngwahola.

Lewa lena le tsepame kahong ya dilekane dipakeng tsa setjhaba le sepolesa; le etsa hore mehlodi e mengatanyana e be teng bakeng sa ho disa dibaka esita le dikgokahano tse ntlenyana dipakeng tsa sepolesa le setjhaba mabapi le mawa a ho thibela ditlolo tsa molao.

Sena se tla thusa mapolesa ho ba sedi ho rarolleng ditlolo tsa molao le dingongoreho tse batsi tsa polokeho ya setjhaba.

Ho feta moo, re matlafatsa tshebetso ya diyuniti tse kgethehileng tse ngatanyana tse kang diyuniti tsa Dikgoka tsa Malapeng, Tshireletso ya Bana le Ditlolo tsa Molao tsa Motabo ebile re ntlafatsa bokgoni ba rona ba tsamaiso le poloko ya direkoto mekgahlelong yohle.

SAPS e tsitlalletse mosebetsing wa ho hlopha botjha e le ho ritsisa mehlodi e mengatanyana ya sepolesa hore e ye boemong ba dibaka.

Dikgoka kgahlanong le basadi le bana di fihlile boemong boo e leng sewa.

Ka letsatsi le leng le le leng, basadi ba Aforika Borwa ba tobane le kgethollo, tlhekefetso, dikgoka esita le lefu, hangata di etswa ke bao ba haufiufi le bona.

Nakong ya selemo e fetileng, re qadile ka ho rarolla sewa sena ka mokgwa o matla ebile e le o hlophisitsweng haholwanyane.

Sebokeng sa Moporesidente sa Tlhekefetso e Amanang le Batho ba Bong bo Itseng (GBV) le Dipolao tsa Basadi, basadi ba neng ba tswa dikgutlwaneng tsohle tsa naha ba ile ba kgobokanya mmoho le mmuso le mekgatlo ya setjhaba ho rala mekgwa ya ho fedisa GBV, ho ntlafatsa tlhophiso ya merero, mmoho le ho thea boikitlaetso ba ho kenya disebediswa le boikarabelo.

O se o thakgohile mosebetsi wa ho kenya diqeto tsa seboka sena tshebetsong, ho akga le ho hlophisa Morero wa Lewa la Naha ka GBV.

Monongwaha, re tla sebetsa le balekane ba rona mekgatlong ya setjhaba ho kenya tshebetsong diqeto tsa Seboka sa Naha ka GBV le Dipolao tsa Basadi.

Re atolla re bile re nyehela ka ditjhelete tse ngatanyana dibakeng tsa tshehetso tse kang Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela le Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Khuseleka.

Re ne re ntse re sebeletsa ho netefatsa tshebetso e ntle ya makgotla a ditlolo tsa molao tsa motabo.

Re tla ntlafatsa boleng ba ditshebeletso ditsing tsena re be re netefatse hore di boela di amohela ditho tsa setjhaba sa LGBTQI+.

Re tla matlafatsa setsi sa naha sa mehala e letsetswang e tshehetsang basadi ba thulanang le GBV re be re netefatse hore e a sebetsa.

Re utlwile kgoeletso ya hore re fane ka ditjhelete tsa ho lwantsha GBV, mme re di abile ditjhelete ditekanyetsong tsa jwale e le ho tshehetsa diqeto tse nkilweng sebokeng sena.

Mmuso o tla etella letsholo lena pele hore le kenyeletsa banna le bashanyana e le bomampodi ba hlwahlwa twantshong ya GBV.

Phediso ya GBV ke ntlha ya naha e ka sehloohong e potlakileng e hlokang ngoko ya maAforika Borwa ohle hammoho le ho kenella ha ditheo tsohle.

Aforika Borwa e na le sekgahla se hodimo sa tshebediso e mpe ya dithethefatsi e susumetsang ditlolo tsa molao le dikgoka kgahlanong le basadi le bana, e tebisa bofuma ebile e baka maima le mahlonoko a maholo malapeng.

Re le mmuso re tswela pele ho etsa matsapa a bokenadipakeng e le ho rarolla ditsietsi tsa setjhaba tse ruthuthang setjhaba sa habo rona tse kang bohlena le tshebediso e mpe ya dithethefatsi.

Jwalokaha re tseba hore ho na le dikamano tse matla dipakeng tsa tshebediso e mpe ya dithethefatsi, tsamaiso ya dithethefatsi ka kgorwana tsa matsa, ditlolo tsa molao le ho se tshireletsehe setjhabeng – re tsepamisitse maikutlo twantshong ya bothata bona mohloding wa bona ka ho thibela mananeo a habileng bathong ba tlokotsing, haholoholo batjha.

Re lomahantse meno ka hore ditamene le dibaka tsohle tse rekisang jwala haufi le dikolo di tlameha ho kwalwa.

Re a ananela, jwaloka maAforika Borwa a mang ohle, hore matsapa a rona a maholoholo a ho fedisa bofuma, leqeme la mesebetsi le ho se lekane a ke ke a thusa hakaalo, ntle le ha re ka lwantsha taba ya ho hulwa ha mmuso ka nko le bonyofonyofo ka mefuta yohle ya tsona dikgutlwaneng tsohle tsa setjhaba.

Kgato eo re e nkang hona jwale ya ho fedisa bonyofonyofo le hore bao ba amehang ba nke boikarabelo e tla laola sekgahla le motjha wa phetoho ya bohlokwa e potlakileng ya setjhaba le moruo eo re e labalabelang.

Ditshenolo tse ropohang Khomisheneng ya Dipatlisiso ka ho Hulwa ha Mmuso ka Nko e eteletsweng pele ke Motlatsi wa Moahlodi e Moholo Zondo hammoho le dikhomishene tse ding di a sisimosa, kaha di utolla bobatsi le botebo ba ditlolo tsa molao tse phephetsang motheo wa Demokrasi ya Naha ya rona.

Re thoholetsa dikhomishene tsena ka mosebetsi oo di o etsang, hangata katlasa maemo a boima, ho ribolla nnete.

Dikhomishene tsena di hloka ho etsa mosebetsi wa tsona ntle le ditshita tsa letho, mme re etsa kgoeletso bathong bohle ba boemong ba ho di thusa ka dipatlisiso tsa tsona hore ba ikatametse.

Erekaha kgabareng dikhomishene tsena di tla etsa diphumano le dikgothaletso ho ya ka matlataelo a tsona, bopaki ba diketso tsa ditlolo tsa molao bo ropohang ba tlameha ho sekasekwa ke mokgwatsamaiso wa toka ditlolong tsa molao.

Moo ho nang le motheo wa ho tjhutjhisa, botjhutjhisi bo tlameha ho latela ka potlako mme ditjhelete tsa setjhaba tse utswitsweng di tlameha ho kgutliswa ka potlako.

Ho fihlela mona, re se re dumellane le Mookamedi wa Naha wa Botjhutjhisi ba Setjhaba (NDPP) o motjha hore ho na le tlhokeho e kgolo ya hore ho thewe lekala la dipatlisiso kantorong ya NDPP le tla sebetsana le bonyofonyofo bo bobe haholo hammoho le ditlolo tsa molao tse amanang le bona ho ya ka karolo ya 7 ya Molao wa Lekgotla la Naha la Botjhutjhisi (NPA).

Haufinyane ke tla be ke phatlalatsa tsebiso e tla talola mekgwa e tsepameng ya tshebetso ya lekala lena.

Ka mantswe a mang, lekala lena le tla tsepamisa maikutlo bopaking bo seng bo ropohile Khomisheneng ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko e eteletsweng pele ke Motlatsi wa Moahlodi e Moholo Zondo, bo tswang dikhomisheneng tse ding le bo tswang dipatlisisong tsa kgalemo.

Le tla hlwaya dinyewe tse ka sehloohong tsa ho batlisiswa le ho tjhutjhiswa mme le tla hapa dithepa tse hlwailweng e le dilopotsiya tsa bonyofonyofo.

Lekala lena le tla kgobokanya lethathama la bokgoni ba bofuputsi le botjhutjhisi ho tswa kahara mmuso le lekaleng la poraefete, katlasa mookamedi ya batlisisang ya tlalehang ho NDPP.

Kgabareng, re tla sebetsa le NPA le makgotla a mang a qobello ya molao ho loha tharollo ya moshwelella e tla matlafatsa bokgoni ba mokgwatsamaiso wa toka ditlolong tsa molao ho sebetsana le bonyofonyofo.

MaAforika Borwa a heso,

Ha re ntse re henahenana le diphephetso tse sa tswa feta, le ha re ntse re tebisa matsapa a rona ho hlola ditlhokeho tsa toka tse entsweng ka makgolokgolo a dilemo, ke tshwanelo hore re etse jwalo re hlahlile mahlo a rona a tseparetse bokamosong.

Lefatshe lena leo jwale re dulang ho lona le fetoha ka sekgahla le mokgwa o neng o sa lebellwa nalaneng ya batho.

Ditshibollo tsa theknoloji di bopa botjha mokgwa oo batho ba sebetsang ba bile ba phela ka wona.

Di fetola mokgwa oo batho ba amanang ka wona, mokgwa oo setjhaba se sebetsang ka wona esita le mokgwa oo se buswang ka wona.

Ditlamorao tse tsukutlang tsa phuthumalo ya lefatshe tlelaemeiting ya rona di se ntse di utlwahala, ka maemo a lehodimo a mpefetseng a ruthuthang maphelo, dibaka le meruo.

Jwaloka setjhaba se thuthuang, ka dilemo tse 25 feela re le demokrasing ya rona, re tobane le kgetho e totobetseng.

Ke kgetho dipakeng tsa hore re siuwe ke diphetoho tsa theknoloji kapa re e sikara hore e tle e sebeletse ditabatabelo tsa ntshetsopele ya rona.

Ke kgetho dipakeng tsa ho thea ho se lekane kapa ho thea katleho e abelanwang tshibollo.

Ntle le ha re ka ikamahanya, ntle le ha re ka utlwisisa sebopeho sa phetoho e tebileng e bopang lefatshe la rona botjha, ntle le ha re ka ra ba malalaalaotswe ho ananela menyetla eo e e tlisang, ditshepiso tse neng di entswe ha re ne re fumana tokoloho ya rona di tla dula di sa phethiswa ka ho sa feleng.

Kajeno, re kgetha ho ba setjhaba se nanabelang bokamoso.

Ka ho etsa jwalo, re ahella hodima lepatlelo la katleho e tswileng matsoho ya saense.

Katleho ya kaho ya theleskoupu ya MeerKAT Kapa Leboya, theleskoupu ya radio e kgolokgolo e bile e le e phunyeletsang ka ho fetisisa lefatsheng, esita le ho ahwa ha Dipontsho tsa Sekwere sa Kilomithara di thusitse Aforika Borwa ho bopa bokgoni dibakeng tse kang temoho ya sepakapaka, injiniereng e hatetseng pele esita le tshebediso e maemong a hodimo ya dikhomphyutha.

Boqhetseke le bokgoni bona di sebedisetswa ho aha HERA, theleskoupu ya radio e raletsweng ho fofonela, lekgetlo la pele, letshwao le qollehileng la radio ho tswa sehlopheng sa dinaledi tsa pelepele tse bopehileng qalong ya bophelo ba lefatshe.

Sena ha se feela ka ho ntshetsa pele kutlwisiso ya batho ka tshimoloho ya lefatshe – ke ho arabela diphephetsong tse tobileng maAforika Borwa kajeno le kamoso.

E amana le ho bopa theknoloji le bokgoni tse tla aha moruo o fetofetohang o bile o na le qothisano ya lehlokwa o theang mesebetsi e metle, ya nako e telele.

E amana le ntlafatso ya tshireletso ya dijo, taolo e betere ya mafu, le eneji e theko e tlasenyana, e hlwekileng ebile e sebetsa ka bokgabane.

E amana le bodulo ba batho bo botle esita le ditharollo tsa ntshetsopele ya setjhaba tse bopilweng ho ya ka ditlhoko le ditabatabelo tsa batho.

E amana le tsamaiso ya puso e hlaphohetsweng, e arabelang haholwanyane ebile e le e sebetsang ka bokgabane.

Ho netefatsa hore re nyalanya diphetoho tsa theknoloji ka sepheo sa ho hahamalla kgolong e kenyelletsang bohle le ntshetsopele ya setjhaba ka bokgabane le ka potlako e kgolo, ke se ke thontse Khomishene ya Moporesidente mabapi le Diphetoho tse Kgolo tsa Diindasteri tsa Theknoloji.

E bopilwe ka batho ba qollehileng ba tswang makaleng a fapaneng a setjhaba, khomishene ena e tla sebetsa e le mokgwa wa naha wa boeletsi bo ka sehloohong diphetohong tsa dijithale.

E tla hlwaya e be e kgothaletse maano, mawa le merero tse tla bea Aforika Borwa moo e tla ba moqothisani wa lehlokwa lepatlelong la diphetoho tse kgolo tsa dijithale.

Ha re ahella hodima mosebetsi oo re seng re o entse nakong ya selemo e fetileng, re tla tsepamisa maikutlo ntshetsopeleng ya matlafatso ya bokgoni ba Naha.

Re se re entse kgatelopele ho hlahlobeng boholo le sebopeho sa Naha, mme re tla phuthela mosebetsi ona mafelong a sehla sena sa tsamaiso.

Re mema maAforika Borwa ohle ho etsa ditshisinyo ka moo re ka bopang mmuso ona hantlenyana hore o sebeletse ditlhoko le ditabatabelo tsa batho.

Ho ntlafatseng bokgoni ba basebetsi ba mmuso, Sekolothupello sa Naha sa Mmuso (NSG) se hlahisa lethathama la dithuto tse tlamang, tse akaretsang dintho tse kang boitshwaro bo botle le ho nena bonyofonyofo, bolaodi bo boholo le bolaodi ba theko le thekiso ya thepa, le ho bewa ha baokamedi kgabong ya ho matlafatso phano ya ditshebeletso.

Re tla tswela pele ho kenya tshebetsong Karolo ya 8 ya Molao wa Taolo le Tsamaiso ya Setjhaba, o matlafatsang ho qhelewa ka thoko ha basebetsi ba mmuso hore ba se ke ba etsa kgwebo le Mmuso esita le ho thusa mmuso ho kgona ho sebetsana le diketso tsa bonyofonyofo ka bokgabane.

Karolo ena e tla etsa hore ho qobellwe dikotlo tse boimanyana, ho akga le dikahlolo tsa tjhelete kapa dikahlolo tsa ho ya tjhankaneng bakeng sa basebetsi ba tswang lekoteng.

Yuniti ya Boitshwaro bo Botle, Seriti le Thuso ya Kgalemo e tla theelwa ho matlafatsa bolaodi ba boitshwaro le neno ya bonyofonyofo esita le ho netefatsa taolo ya ditlamorao bakeng sa bao ba thunthetsang mesebetsi ya mmuso.

MaAforika Borwa a heso,

Monongwaha Aforika Borwa e dutse setulo seo e seng sa moshwelella Lekgotleng la Tshireletso la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng.

Re tla sebedisa boemo bona ho ntshetsa pele letsholo la kgotso kontinenteng ya rona hammoho le lefatsheng ka bophara, re ntshetsa pele tjhebelopele ya Nelson Mandela ya lefatshe le nang le kgotso, botsitso le toka.

MaAforika Borwa a heso,

Dikgweding tse mmalwa tse tlang, maAforika Borwa a tla ya dikgethong lekgetlo la botshelela demokrasing ya rona, ho ilo voutela mebuso ya naha le ya diprofense.

Ona ke monyetla wa batho ba habo rona wa ho sebedisa tokelo ya bona e fumanweng ha boima hore ba laole tsela eo ba batlang hore naha ena e tsamaye ka yona.

Ke tshetshethile le Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) esita le ditonakgolo tsa diprofense tsohle, mme ke ikemiseditse ho phanyaola mohla la 8 Motsheanong e le letsatsi la dikgetho.

Re lakatsa ho hopotsa maAforika Borwa ohle a tshwanelehileng a so kang a ingodisa e le bakgethi, hore ba ntse ba e na le nako ya ho ingodisa ho fihlela ho phanyaolwa letsatsi la dikgetho.

MaAforika Borwa a heso,

Re batho ba ekethehang feela, boikitlaetso le boitshepo.

Le ha re bile tlasa bohanyapetsi bo bobe ka ho fetisisa ba puso ya kgethollo, ha re a ka ra wela boiphetetsong ha re ne re hapa tokoloho ya rona.

Demokrasi ya rona e hotse ya ba ya hlamasela, e nontshwa ke botho ba banna le basadi ba naha ena kgabane, ba utlwisisang hantle hore e fumanwe ka boima bo bokae.

Empa tsela e lebisang tokolohong ya sebele e telele haholo, mme re bone dikarohano di tota setjhabeng sa habo rona.

Dipakeng tsa ba batsho le ba basweu, barui le mafutsana, dipakeng tsa mahaeng le ditoropong, dipakeng tsa bong bo fapaneng, esita le dipakeng tsa dihlopha tsa maleme a fapaneng le botjhaba.

Ka dinako tse ding ho ye ho bonahala eka sediba seo re neng re nwa botho ba rona ho sona, se ileng sa re thusa hore re boelana ka 1994, jwale se pshele.

Empa ha re ka ke ra inehela matsohong a batho ba hlokang boitshepo le ba seng ba bona ba hlotswe.

Setjhaba sa habo rona re tsepame metsong ya mamello le phedisano, mme re ema re lomahantse meno, re sa thekesele kgahlanong le ntho tsohle tse habileng ho re arola kapa ho ruthutha dikatleho tsa rona tse fumanweng ha boima.

Ba ile ba re bolella hore ho aha Aforika Borwa e se nang kgethollo ya semorabe ke matswele a kgoho, le hore ha re ka ke ra hlola re fola makwebeteng a rona a nako e fetileng.

Empa re parotse sefefo ka lehare, mme re ntse re eme.

E ne e le boitshepo bo sa feleng ba moya wa botho bo ileng ba boloka tshepo e ntse e phela nakong eo re neng re le lefifing la bonka ntjana.

Ke boitshepo bona bo ileng ba re jara ho ya pele jwalokaha re tobane le bokamoso bo matla bo botjha.

Ke Aforika Borwa eo ho yona monna, mosadi le ngwana e mong le e mong, ba fuwang monyetla le bokgoni ba ho intlafaletsa maphelo.

Ke Aforika Borwa eo e leng malalaalaotswe hore e nke monyetla wa diphetoho tsa theknoloji tse hahlamelang lefatshe lohle ho etsa hore moruo wa rona o hole o be o theele batho ba habo rona mesebetsi.

Ke Aforika Borwa eo batho ba yona ba nang le tjhebelopele, tjantjello le tjhatjheho; e leng ntho e etsang hore e be setsiketsi sa tshibollo, bohwebi le dikgwebo.

Ke Aforika Borwa e ananelang mathata a fetileng, empa e shebile bokamoso ka ihlo le ntjhotjho.

Ke Aforika Borwa eo baetapele ba yona ba leng sebete, ba dulang e le basebeletsi ba batho – bao e bang ho phetha mesebetsi ya bona e leng ntho e ka sehloohong, ebile ke yona feela eo e leng moputso wa bona.

Hodima tsohle, ke Aforika Borwa eo bohle re leng motlotlo ka seo re se fihletseng esita le moo re habileng ho ya teng.

Mosebetsi o kapela rona o boima.

Hodima ntho tsohle, re tlameha ho etsa hore moruo wa rona o boele o sebetse.

Ke etsa kgoeletso ho moAforika Borwa e mong le e mong hore a etse mosebetsi ona e be wa hae.

Hobane ha re atleha – mme re na le bonnete ka sena – ke setjhaba sohle se tla fola melemo.

Re le mmuso, re le dikgwebo, re le basebetsi re bile re le baahi, ha re momahaneng hore re tle re kakatlele bokamoso.

Ha re mamareleng ka diatla tse pedi bokamoso ba rona boo re bo kopanetseng, mantswe a sa boleng a Tokomane ya Tokoloho: re tshwarane ka matsoho, re sa fele matla le sebete.

Mosebetsi ona – wa ho aha Aforika Borwa e betere – ke mosebetsi wa rona ka kopanelo re le setjhaba, re le batho ba Aforka Borwa.

Jwalokaha re hahamalla mesebetsing le diphephetsong tsena, re tshwanela ho ikamahanya le mantswe a Theodore Roosevelt, ya neng a re:

“Ha se moseolli wa bohlokwa; kapa monna ya bontshang kamoo monna ya matla a kgopjwang ka wona, kapa moo moetsi wa dintho a ka beng a di entse betere ka teng.

“Tlotla ke ya monna ya kgabong, eo sefahleho sa hae se pudufetseng ke lerole le mofufutso le madi; ya itekang ka sebete; ya etsang diphoso, ya haellwang kgafetsa kgafetsa, hobane ha ho matsapa a se nang diphoso le bofokodi; empa ya itekang ho etsa dintho; ya tsebang ditjantjello tse kgolo, dithapelo tse matla; ya intshang sehlabelo molemong wa ba bang; eo qetellong a tsebisisang tlholo ya katleho e kgolo, eo e bang ha ho mpefetse, haeba a hloleha, bonnyane o hloleha a tiisitse meqheleba, ho etsetsa hore sebaka sa habo se se ke sa hlola se ba le batho bao ba hatsetseng ba bile ba tshohile, ba sa tsebeng ho hlola kapa ho hlolwa.”

Bohle re na le seabo seo re tshwanelang ho se nka re le maAforika Borwa ka bomong, re le mekgatlo ya bodumedi, mekgatlo ya dipapadi, mekgatlo ya basebetsi, ya baithuti, ya barutehi le ya baahi.

Ha re tsweleng pele ho kakatlela moya wa boitseki ba boahi ho ya ka letsholo la, Thuma Mina, ho hwanteleng pele tekanong, tokolohong le katlehong ya bohle.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore