Pehelo ya moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le karabelo ya Afrika Borwa ho sewa sa kokwanahloko ya Corona

Pehelo ya moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le karabelo ya Afrika Borwa ho sewa sa kokwanahloko ya Corona, Union Buildings, Tshwane

Batho ba heso,
Dumelang, Riperile, Sanibonani, Molweni, Ndi madekwana, Gooienaand, Good evening.

E se e le dibeke tse 10 hantle haesale ho ne ho phatlalatswe maemo a koduwa ya naha e le ho arabela seweng sa kokwanahloko ya corona.

Haesale ho tloha ka nako eo, re kentse tshebetsong dikgato tse matla tse neng di sa lebellwa, ho akga le ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, e le ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena.

Ke maswabi ka hore dikgato tsena di le baketse mathata a maholo, ha di ne di thibela tokelo ya lona ya ho tsamaya ka bolokolohi, ya ho sebetsa le ya ho kgwantlella maphelo a lona.

Ka lebaka la dikgato tseo re di hanyapeditseng, le boitelo boo le bo entseng, re kgonne ho sisithehisa sekgahla sa ditshwaetso ra ba ra thusa le ditsi tsa habo rona tsa kokelo hore di se ke tsa subuhlellana.

Re sebedisitse nako eo re e fumaneng nakong ena ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho bopa karabelo e matla ya bophelo bo botle ba setjhaba, esita le ho hlophisetsa tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle hore e be le mahetla a ho jara sekgahla se hodimo sa ditshwaetso se lebelletsweng.

Jwale, ha re kena mokgahlelong o latelang wa twantsho ya rona ya kokwanahloko ya corona, e boela e ba diketso tsa lona hape tse tla laola bokamoso ba setjhaba sa habo rona.

Le le batho ka bomong, le le malapa, le le setjhaba, ke lona ba tla laola taba ya hore na ebe re qetella re thefulehile jwaloka ha dinaha tse ding tse ngata di ile tsa thefuleha, kapa ebe re tla pholosa batho ba habo rona, setjhaba sa habo rona le moruo wa habo rona hore ho se ke ha fihlellwa tebetebeng e mpe ka ho fetisisa ya sewa sena.

Re a tseba hore boitshireletso bo botle ka ho fetisisa kgahlanong le kokwanahloko ena bo bobebebebe.

Ho hatlela matsoho kgafetsa, ho kenya sekwahela nko le molomo, ho siya sekgeo sa bonyane ba dimithara tse ka bang nngwe le halofo dipakeng tsa hao le batho ba bang, ho qoba ho itshwara sefahleho ka matsoho a sa hlatsuwang esita le ho hlwekisa dibaka tseo re di tshwaratshwarang kgafetsa.

Ke ka ho hlompha ditlwaelo tsena tsa motheo ka bokgabane le ka dinako tsohle, moo re tla hlola sewa sena.

Jwale ho se ho na le ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona tse 22 583 tse netefaditsweng Afrika Borwa.

Batho ba ka etsang halofo ya bana ba tshwaeditsweng, ba se ba hlaphohetswe, mohlomong ka lebaka la matshwao a bona a neng a se mabe hakaalo kapa ka lebaka la tlhokomelo eo ba e fumaneng dipetleleng tsa rona.

Ka bomadimabe, batho ba 429 ba se ba hlokahetse ka lebaka la yona.

Re fetisetsa matshediso a rona ho ba malapa a bona, ho metswalle le basebetsimmoho.

Tahlehelo ya lona le rona ke tahlehelo ya rona.

Jwale ho na le ditshwaetso tse phelang tsa kokwanahloko ya corona tse 11 000 naheng ena.

Ditshwaetsong tsena, ke bakudi ba 842 ba amohetsweng dipetlele mme ba 128 ba bona ba ka diphaposing tsa ba kulang haholo.

Lenane la batho ba tshwaeditsweng le ka be le le kahodimo ho mona haeba re ne re sa folofela leraha ka ho qobella dikgato tse matla tsa thibelo.

Re dula re ntse re le boemong bo botlenyana ho feta boo dinaha tse ding tse ngata di bileng ho bona ha di ne di le mothating ona oo re leng ho ona wa ho nama ha bohloko bona.

Ka lebaka la dikgato tse matla tseo re ileng ra di nka, re kgonne ho matlafatsa karabelo ya rona ya bophelo bo botle.

Ho fihlela kajeno, re se re entse diteko tsa kokwanahloko ya corona tse kahodimo ho 580 000 esita le ditlhahlobo tse kahodimo ho 12 milione.

Ho na le basebeletsi ba setjhaba ba bophelo bo botle ba ka bang 60 000 ba neng ba ntse ba kena motse le motse ho pharalla le naha, e le ho hlwaya ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona tseo ho ka etsahalang hore di teng.

Ho hlophisetseng keketseho e lebelletsweng ya ditshwaetso, dibethe tse ka bang 20 000 di se di lokisitswe botjha kapa di lokiswa botjha bakeng sa ditshwaetso tsa COVID-19, mme dipetlele tse hojana le moo batho ba dulang teng tse 27 di se di ntse di ahwa naha ka bophara. Boholo ba dipetlele tsena di se di le malalaalaotswe hore di amohele bakudi ba kokwanahloko ya corona.

Ka yona nako eo, re ile ra ba le diqholotso tse ngatanyana, ho akga le kgaello ya phepelo ya disebedisuwa tsa ho fumana bohloko bona, ka lebaka la tlhokeho e kgolo ya disebedisuwa tsena lefatsheng ka bophara.

Sena se bakile hore diteko tsa kokwanahloko ya corona di nke nako e teletsana, e leng ntho e ileng ya sithabetsa tshebetso e kgabane ya mananeo a rona.

Sekgahla le ho potlaka ha karabelo ya bophelo bo botle ba setjhaba tshohanyetsong ena, ebile tse kgahlang haholo.

Hohlehohle hona re ne re ntse re tseba hore ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho tla sisithehisa feela ho ata ha kokwanahloko ena, empa ho ke ke ha kgona ho e thibela.

Ho fihlela ho fumanwa ente e tla fumaneha ho bohle, kokwanahloko ya corona e tla tswelapele ho ata setjhabeng sa habo rona. Sena se bolela hore re tlameha ho e tlwaela taba ya hore re tla phela le kokwanahloko ya corona ka nako e teletsana e tlang.

Ho na le mekutu e meholohadi ya ho etsa ente lefatsheng lohle, mme Afrika Borwa ke karolo ya yona.

Mmuso o tshehetsa o bile o fana ka tjhelete diprojekeng tse ngatanyana tsa diphuputso, ho akga le morero wa ho etsa diente tsa kokwanahloko ya corona kwano lapeng hang ha baiketi ba se ba le teng. Re tla sebedisa boqhetseke, le tsebo ya boemo bo hodimo, le meralo ya motheo le mekgatlo e kahare ho indasteri ya diente e le ho hlahisa le ho anetsa ente ena.

Re bontshane ka hore haeba ente ena e ka etsuwa kae kapa kae lefatsheng, e tla tshwanela hore e fumantshwe baahi ba dinaha tsohle, mahala le ka ho lekanang.

Jwaloka ha borasaense ba lepile, ditshwaetso jwale di se di qadile ho eketsa ka sekgahla se seholo naheng ena ya habo rona.

Karolo ya nngwe borarong ya ditshwaetso tse eketsehileng tse netefaditsweng, di ngodisitswe bekeng e fetileng feela.

Re tshwanela ho lebella hore dipalo tsena di tla eketseha le ho feta ebile e le ka potlako le ho feta.

Dimmotlolo tse fapaneng di ahilwe e le ho lepa mothati oo kokwanahloko ena e tla o latela, esita le ho thusa ho tataisa merero ya rona le bajete ya rona.

Dimmotlolo tsena di re bolella dintho tse pedi tsa bohlokwa.

Ya pele ke ya hore sewa sa kokwanahloko ya corona Afrika Borwa se tla mpefala le ho feta, pele se kokobela.

Ya bobedi ebile e le ya bohlokwa ka ho fetisisa, ba re bolella hore bolelele ba nako, tekanyo le sekgahla sa sewa sena di itshetlehile diketsong tsa rona re le setjhaba esita le boitshwarong ba rona re le batho ka bomong.

Ka ho latela ditlwaelo tsa boitshireletso ba motheo, re ka fokotsa lenane la ditshwaetso le la batho ba hlokahalang.

Lekgetlo la ho qetela ha ke ne ke bua le setjhaba, ke ile ka re re tla latela methati ya dipuisano e le ho tataisa diketso tseo re tshwanelang ho di etsa.

Haesale ho tloha ka nako eo, re ile ra kopana le baetapele ba mekga ya dipolotiki e nang le boemedi Palamenteng esita le ba kgwebo, mekgatlo ya basebetsi le baemedi ba setjhaba mabatoweng.

Re ile ra teana le Ditonakgolo, boramotse, baemedi ba Lekgotla la Mmuso wa Dibaka la Afrika Borwa (SALGA), baetapele ba setso le baemedi ba ditumelo tse fapaneng.

Jwaloka ha re ile ra etsa qalehong ya koduwa ena, re boetse re batlile keletso ya Komiti ya Boeletsi ba Matona ka COVID-19, bao e leng sehlopha sa batho ba rutehileng haholo, borasaense ba hlomphehang ba bile ba e na le malebela, dingaka tse sebetsanang le bakudi, dingaka tse fuputsang ka sesosa le taolo ya bohloko bo itseng esita le ditsebi tsa bophelo bo botle ba setjhaba.

Re motlotlo haholo ka mosebetsi oo ba seng ba o entse esita le oo ba ntseng ba tswelapele ho o etsa, e le ho netefatsa hore karabelo ya rona e tataiswa ke bopaki bo botle ka ho fetisisa bo teng ba saense.

Re ananela maikutlo a fapakaneng ao ka dinako tse ding a qholotsang maikutlo a borasaense le diporofeshenale tsa bophelo bo botle naheng ya rona, e leng ntho e hotetsang ngangisano ya setjhaba ebile e matlafatsa karabelo ya rona.

Re ne re ntse re tataiswa le ke keletso ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO) esita le Ditsi tsa Afrika tsa Taolo le Thibelo ya Mahloko.

Jwaloka ha re henahenana le sewa se amang maphelo le boiphediso ba Maafrika Borwa ohle, ho ne ho le bohlokwa hore re phopholetse ka bobatsi kahohle kamoo ho ka kgonehang kateng.

Dipontshano tsena di ne di hlokeha di bile di le bohlokwa kaha re fumane ditshisinyo tse ngatanyana tse ahang.

Di matlafaditse mokgwa oo mmuso o bonang dintho ka wona, mme di fana ka maikutlo a otlolohileng a diqholotso tseo batho ba habo rona ba tobanang le tsona mabatoweng a fapaneng.

Dihlopha tseo re bontshaneng le tsona di fapakane jwaloka batho ba Afrika Borwa ka bobona, mme bohle ba a dumela hore re sebeditse ka nepo hore re fokotse ho ata ha kokwanahloko ena.

Kaofela ha tsona di ntswe leng tsitlallelong ya tsona ya hore sepheopheo e tlameha ho ba sa ho pholosa maphelo le ho boloka mesebetsi.

Leha ho na le dintlha tse ngatanyana tseo ho fapanwang ka tsona, dihlopha tsena tsohle di na le tumellano e batsi ka mothati oo re tshwanelang ho o latela e le ho ahella hodima dikatleho tseo re seng re di fihlelletse ho fihlela jwale.

Leha ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara ho sebeditse hantle, ho ke ke ha bolokwa ka nako e telele.

Re ile ra lelekela dikgato tse hlano tsa tsamaiso ya temoso ya COVID-19 e le ho laola ho nyehliswa butlebutle ha ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Mokgwa wa ho batalatsa mabala o tataiswa ke dintho tse ngatanyana, ho akga le boemo ba ditshwaetso le sekgahla seo di atang ka sona, bokgoni ba ditsi tsa bophelo bo botle, sekgahla sa ho kenngwa tshebetsong ha bokenadipakeng ba bophelo bo botle ba setjhaba hammoho le thefuleho ya moruo le kahisano ke dithibelo tse tswelang pele.

Ke ka lebaka la dintho tsena, le kamora dipontshano, moo Kabinete e qetileng ka hore boemo ba temoso bakeng sa naha yohle bo theolwe ho tloha ho ba bone ho ya ho ba boraro, ho tloha ka la 1 Phuptjane 2020.

Ho ya boemong ya boraro ho bontsha phetoho ya bohlokwa mokgweng wa rona wa ho sebetsana le sewa sena.

Sena se tla thusa hore ho bulwe moruo ho be ho tloswe dithibelo tse ngatanyana metsamaong ya batho, ha ka ho le leng ho atollwa ka bokgabane ho bile ho matlafatswa bokenadipakeng ba rona ho tsa bophelo bo botle ba setjhaba.

Leha re theohela boemong ba boraro, ho bohlokwa hore re e ele hloko taba ya hore ho na le dibaka tse mmalwa tsa naha moo bohloko bona bo ngatafetseng haholo le moo ditshwaetso di ntseng di tswelapele ho ata.

Re tla ba le mokgwa o fapaneng wa ho sebetsana le dibaka tse nang le sekgahla se hodimo sa ditshwaetso le ho jaleha ha kokwanahloko ena.

Dibaka tsena di tla tsebahatswa e le tseo kokwanahloko ya corona e jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona.

Sebaka seo e jeleng setsi ka ho fetisisa ho sona ke se nang le batho ba fetang bohlanong bathong ba bang le ba bang ba 100 000 ba tshwaetsehang kapa moo ditshwaetso tse ntjha di atang ka potlako.

Ditoropo tse kgolo tse latelang di hlwailwe e le tseo kokwanahloko ya corona e jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona: Tshwane, Johannesburg, Ekurhuleni, Ethekwini, Nelson Mandela Bay, Buffalo City le Motse Kapa.

Dibaka tse ding tseo e jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona ke bomasepala ba ditereke tsa West Coast, Overberg le Cape Winelands Kapa Bophirimela, e be setereke sa Chris Hani se Kapa Botjhabela le setereke sa iLembe se KwaZulu-Natal.

Re ngongorehile haholo ka maemo a toropo e kgolo ya Motse Kapa esita le Kapa Bophirimela ka kakaretso, eo jwale e nang le palo yohle e etsang halofo ya ditshwaetso tsohle tse naheng ena.

Taba ena re sebetsana le yona e le e potlakileng haholo.

Lenane la dibaka tseo e jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona di tla nne di hlahlojwe botjha ka dibeke tse ding le tse ding tse pedi, le teng ho itshetlehilwe ho ateng ha kokwanahloko ena.

Ha re sebetsana le dikokwanahloko dibakeng tsena, re tla kenya tshebetsong bokenadipakeng bo matla bo reretsweng ho fokotsa lenane la ditshwaetso tse ntjha.

Re kenya tshebetsong dikgato tse ntlafaditsweng tsa tekodisiso, tsa taolo ya ditshwaetso le Botsamaisi.

Re tla romela sehlopha se tla sebetsa ka dinako tsohle sa basebetsi ba nang le malebela sebakeng ka seng seo e jeleng setsi ka ho fetisisa ho sona.

Sehlopha sena se tla akga dingaka tse fuputsang ka sesosa le taolo ya mahloko, dingaka tsa mahloko ohle, baoki, basebeletsi ba bophelo bo botle setjhabeng, ditsebi tsa bophelo bo botle ba setjhaba le ditshebeletso tsa bongaka tsa tshohanyetso, mme se tla tshehetswa ke ditsebi tse tswang naheng ya Cuba.

Re tla hokahanya sebaka ka seng seo e jeleng setsi ka ho fetisisa ho sona le ditshebeletso tsa diteko, ditsi tsa ho kgethelwa, ditsi tsa tshekeho, kalafo, dibethe tsa sepetlele le ho fofonela ba ileng ba teana le babelaellwa ba tshwaetso.

Haeba ho ka hlokeha, karolo efe kapa efe ya naha e ka nna ya busetswa boemong ba bone kapa ba bohlano, ha feela ho ata ha tshwaetso ho sa thibehe ntle le bokenadipakeng ba rona mme ho na le kotsi ya tshubuhlellano ditsing tsa rona tsa bophelo bo botle.

Kgabareng, ka mekutu ya rona, ho tla kgonahala hore dibaka tseo ditshwaetso di leng tlase ho tsona di bewe boemong ba bobedi le ba pele.

Ho kenngwa tshebetsong ha boemo ba boraro ho tloha mathwasong a Phuptjane, ho tla kenyeletsa ho kgutlela tshebetsong ha makala a mangata a moruo, le teng haeba ho ikobelwa ditsamaiso tse thatafaditsweng tsa bophelo bo botle le melawana ya ho qaqolohana ha batho.

Ho bulwa ha moruo le diketsahalo tse ding, ho bolela hore basebetsi ba bangata ba mmuso ba tla hoeletswa hore ba kgutlele mesebetsing.

Sena se tla etswa ho ipapisitswe le dikateng tsa Molao wa Taolo ya Mahloko le Dikotsi tse Amanang le Mesebetsi jwaloka ha ho tataiswa ke Lefapha la Tshebeletso le Botsamaisi ba Setjhaba le sebetsa le mafapha a mang ohle a mmusong.

Re ananela mosebetsi o ntseng o tswelapele ho etswa ke basebeletsi ba setjhaba, haholoholo ba tshwereng teu twantshong ya COVID-19.

Polokeho ya basebetsi bohle, ho akga le basebeletsi ba setjhaba, e re ngongorehisa haholo. Re tla tswelapele ho etsa mekutu yohle bakeng sa phano e lekaneng ya disebediswa tsa boitshireletso e le ho netefatsa polokeho ya bohle ha ba le mesebetsing.

Ntlha ya rona e ka sehloohong ke ho fokotsa menyetla ya tshwaetseho ya kokwanahloko ena esita le ho thea tikoloho e bolokehileng bakeng sa bohle.

Kahoo re kopa hore bao ba sa hlokeng ho ya mesebetsing kapa ditheong tsa thuto, ba nne ba tswelepele ho dula malapeng.

Batho ba tla boela ba kgona ho tloha malapeng a bona ho ya reka dithepa tse itseng kapa ho fumana ditshebeletso tse akgang tlhokomelo ya bongaka.

Batho ba tla boela ba kgona ho ikwetlisa neng kapa neng motsheare, ha feela sena se sa etswe ka dihlopha.

Qomatsi ya metsamao ya batho e tla fediswa.

Jwala bo ka nna ba rekisetswa feela hore bo nwellwe malapeng le teng e le katlasa maemo a thatafaditsweng, ka matsatsi a qollotsweng ebile e le ka dihora tse badilweng feela.

Ditsebiso ntlheng ena di tla etswa hang ha re se re phethetse dipuisano le lekala ka maemo a fapaneng.

Ho rekiswa ha kwae ho tla dula ho ntse ho kwetswe boemong bona ba boraro ka lebaka la dikotsi tse amanang le ho tsuba.

Dikopano tsohle di tla dula di ntse di sa dumellwe, ntle le mapatong moo batho ba tlamehileng hore ba se ke ba feta sekepele sa 50 kapa dikopanong tsa mesebetsing ka mabaka a amanang le mosebetsi.

Sebaka sefe kapa se buletsweng setjhaba moo diketsahalo tsa botjhaba, tsa dipapadi, tsa boithabiso, tsa boikgathollo, tsa dipontshuwa kapa moo tse tshwanang le tsona di ka tshwarelwang teng, di tla dula di kwetswe.

Re bile le dipuisano tse ntle le baetapele ba ditumelo tse fapaneng ka ditshisinyo tsa bona tsa ho bulebulela dithapelo le ditshebeletso tsa tlhabollo ya maikutlo, empa ho ipapisitswe le melawana le dipeelo tse itseng.

Bohle re dumellane ka ho ba le dipuisano tse ding hape tabeng ena mme re na le tshepo ya hore re tla fumana tharollo e tla re sebeletsa.

Re lakaletsa batho ba habo rona ba Masolomane Eid e monate.

Bohle ba fetile nakong ena ya boitelo, e tshwanelang ho latelwa ke moketjana.

Re batla ho ba leboha ka hore ba etse diphetoho tse tshwanelehileng moketjaneng ona, jwaloka ha re tswelapele ho lwantsha sewa sena mmoho.

Ha re bulela moruo, re tla itshetleha tumellanong ya boithaopo ba bohle ba amehang, e le ho rarolla dintlha tse ka sehloohong tse ka bang kotsi mesebetsing esita le meeding e dipakeng tsa basebetsi le setjhaba.

Kahoo, re tla phethela ditsamaiso tse ngatanyana tsa lekala ebile re tla hloka le hore khamphane enngwe le enngwe e rale morero wa dibaka tseo ho sebeletswang ho tsona pele di bula hape.

Ho ya ka merero ena, dikhamphane di tla tshwanela hore di kenye dikgato le disebediswa tsa tlhwekiso le tsa ho qaqolohana ha batho; di tla tshwanela le ho hlahloba basebetsi kamehla ha ba fihla, di tsheke bao ho belaellwang hore ba tshwaetsehile di be di etse ditlhophiso tsa hore ba ilo etswa diteko.

Di boela di tlameha ho thusa ka ho fofonela bao ba ileng ba teana le basebetsi ba yona haeba ba fumanwa ba tshwaetsehile.

Ka lebaka la ho ba tlokotsing ha bona, basebetsi bohle ba kahodimo ho dilemo tse 60 esita le bao ba nang le mafu a tshiretseng a kang lefu la pelo, lefu la tswekere, lefu la diqebo la ho phefumoloha le mofetshe, ba tshwanela ho dula malapeng.

Basebetsi ba ka kgonang ho sebetsa ba le malapeng, ba tshwanela ho dumellwa hore ba etse jwalo.

Ka ho ya ka dikgato tsena, ditshebeletso tsohle tsa tlhahiso, tsa merafo, tsa dikonteraka, tsa ditjhelete, ditshebeletso tsa seporofeshenale le tsa kgwebo, theknoloji ya lesedi, dikgokahano, ditshebeletso tsa mmuso le ditshebeletso tsa mehlodi ya ditaba, di tla bula ka botlalo ho tloha ka la 1 Phuptjane 2020.

Ho qalwa botjha ho nepahetseng le ditlhophiso tsa ho nyehliswa butlebutle di tla tshwanela ho kenngwa sebakeng se seng le se seng seo ho sebeletswang ho sona.

Dikgwebisano tsa diholeseiling le tsa mabenkeleng di tla bulwa ka botlalo, ho akga le tsa mabenkele ohle, tsa di-spaza le tsa baitshokodi. Dikgwebo tsa E-commerce di tla dula di ntse di butswe.

Makala a mang a neng a butswe nakong e fetileng, a kang a temothuo le meru, ditshebeletso tsa setjhaba, ditshebeletso tsa bongaka, tlhahiso ya dijo le ya dihlahiswa tsa bohlweki, di tla dula di butswe ka botlalo.

Ho netefatsa hore re boloka maemo a ho qaqolohana ha batho, diketsahalo tse ding tsa moruo tse kotsi haholo di tla dula di sa dumellwa. Tsona di akga:

  • Mabenkele a dijo, dibara le ditamene, ntle le ha ho tlisitswe kapa ho ilo latwa dijo.
  • Dibaka tsa bodulo le maeto a difofane a kahare ho naha, ntle le maeto a kgwebo, di tla kenngwa butlebutle ka matsatsi a ntseng a tla tsebiswa.
  • Diboka, diketsahalo tsa boithabiso le tsa dipapadi.
  • Ditshebeletso tsa boitlhokomelo, tse akgang ditshebeletso tsa ho lokisa meriri le tsa botle.
     

Ho kgutlela mesebetsing ho tla etswa butlebutle e le hore dibaka tsa ho sebeletsa di lokele maemo a kokwanahloko ya corona. Ho tlameha ho etswa ka mokgwa o qobang o bile o fokotsa kotsi ya tshwaetso.

Re ile ra tshetshetha le ba indasteri ya bohahlaudi, ya dihotele le mabenkele a dijo mabapi le diqholotso le maima ao makala ana a tobanang le ona.

Ba entse ditshisinyo tse ngatanyana mabapi le dikgato tseo ba batlang ho di kenya mohla makala a bona a bulang. Re ntse re di sekaseka ditshisinyo tsena.

Ho na le dikhamphane tse ngata tse sebeditseng haholwanyane le ho feta moo melawana e hlalosang ka teng e le ho tshehetsa karabelo ya kokwanahloko ya corona, ho akga le tseo tse seng di fana ka tlhahlobisiso, diteko esita le dibaka tsa ho kgethela basebetsi ba tsona.

Re tla tshetshetha le dikhamphane tse kgolwanyane ka hore na di ka di etsa ha jwang ditsi tsa tshekeho hore di be teng bakeng sa basebetsi ba tsona.

Re thoholetsa dikhamphane tseo tse kentseng letsoho Letloleng la Tshehetsano esita le ka mekgwa e meng karabelong ya rona. Tsona di akga dikhamphane tse kang Volkswagen, e ahang sepetlele se hojana le moo batho ba dulang teng femeng e sa sebedisweng e Nelson Mandela Bay se ka kwenyang dibethe tse 4 000.

Enngwe ya diqholotso tse kgolo eo re tla e toba ha re kena boemong ba boraro, e tla dumella batho ba ka fihlellang dimilioneng tse robedi hore ba kgutlele mesebetsing, e tla ba kotsi e eketsehileng ya tshwaetsano dipalangweng tsa setjhaba.

Re tshwanela ho ba le selekane dipakeng tsa bapalami, boraditekesi le boradibese, ba dikgwebo le mmuso, e le ho boloka batho ba habo rona ba tshireletsehile.

Bapalami ba tla tshwanela ho dula ba kentse dikwahela nko le molomo, ba hatlele matsoho ha ba palama le ha ba theoha ba be ba qobe ho itshwara difahleho ka matsoho a sa hlatsuwang.

Bapalami ba tla boela ba hloka ho siya sebaka se bolokehileng dipakeng tsa bona.

Boraditekesi le boradibese ba tshwanela ho hlompha melawana e tla tsebahatswa ke Letona la tsa Dipalangwang, ho akga le ho netefatsa hore makoloi a bona a hlwekiswa kgafetsa.

Dikgwebo tse ngatanyana di re tsebisitse hore di ntse di sheba hore na di ka fokotsa tshubuhlellano jwang dipalangweng tsa setjhaba, ho akga le ho sotha dihora tsa tshebetso di be di fane ka dipalangwang tsa basebetsi.

Meedi ya rona ya naha e tla dula e ntse e kwetswe, ntle le ha ho tsamaiswa thepa kapa ho busetswa baahi ba dinaha ka ho fapana.

Qholotso enngwe e boima eo re tshwanelang ho e toba ke ya ho bulwa botjha ha dikolo.

Tabatabelo ya rona e ka sehloohong ke ya bophelo bo botle ba barutwana, ba baithuti, ba dititjhere le basebetsi ba ditheo tsena.

Le rona re ngongorehile ka kgolo le tswelopele ya bana ba rona esita le ka hore barutwana bohle ba se ke ba kotelwa kotelo ya moshwelella ke sewa sena.

Kahoo, re latela mothati o sedi wa ho bulwa botjha ha dikolo butlebutle, re tataiswa ke keletso ya bongaka esita le ka dipontshano le bohle ba amehang.

Re tla tswelapele ka ho rutela dikolong bakeng sa barutwana ba mephato ya 7 le 12 ho tloha ka la 1 Phuptjane 2020.

Dikgato tse thatafaditsweng tsa taolo ya ditshwaetso, mme moo ho hlokehang, meralo ya motheo e ekeditsweng ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere e a kenngwa e le ho thusa ka ho qaqolohana ha batho, ho hatlela matsoho kgafetsa esita le polokeho ya barutwana.

Ho na le dikgato tse ding tse kenngwang e le ho netefatsa ho bolokeha, ha bana ba kgahlametswa ka lenaneo la phepo dikolong esita le ka dipalangwang tsa barutwana.

Almanaka ya dikolo e tla hlophiswa botjha, mme le kharikhulamo e tla pukupukutlwa ho etsetsa hore re nne re kgone ho bapa le selemo sa dithuto sa 2020.

Ho a utlwisiseha hore ho na le dipelaelonyana ka ho bulwa botjha ha dikolo, mme ke tlameha ho thasisetsa hore ha ho motswadi ya tla qobellwa hore a ise ngwana wa hae sekolong haeba a ngongorehile ka polokeho ya hae.

Empa haeba bohle re le ngatana nngwe, haeba re ikitlaelletsa ho latela ditlhokomediso le ditsamaiso tsohle, re tla kgona ho boloka dikolo tsa rona di bolokehile.

Re boetse re e busetsa butlebutle taba ya ho tswelapele ha dithuto ditheong tsa thuto e phahameng.

Ho tloha ka la 1 Phuptjane 2020, diyunivesithi tsohle tsa setjhaba di lebelletswe hore di kenye tshebetsong mawala a ho ruta le ho ithuta ka tshebediso ya theknoloji, e le ho netefatsa hore baithuti bohle ba fuwa monyetla o tshwanang wa ho phethela selemo sa dithuto sa 2020.

Ha ho qala boemo ba boraro, ho ke ke ha dumellwa baithuti ba kahodimo ho karolo ya boraro hore ba kgutlele dikhamphaseng ntle le haeba ba ka fuwa bodulo bo bolokehileng.

Ditheo tsena di tla bula hantle ha ho ntse ho fetoha boemo ba kokwanahloko ya corona.

Ha re ntse re kgobokanya disebediswa tsa rona tsa bophelo bo botle hore di kgahlametsane le ho ropoha ha ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona, re tlameha ho netefatsa hore ha re bule sekgeo sa ho ropoha ha dikoduwa tse ding tsa bophelo bo botle.

Ditshebeletso tse tlwaelehileng tsa bophelo bo botle di tshwanela ho bulwa ka botlalo mme di nne di tswelepele ho fana ka ditshebeletso ho tsepamisitswe maikutlo dienteng tsa bana, ditshebeletsong tsa ho thibela kemaro, tlhokomelong ya baimane, tekolong le kalafong ya lefuba le HIV, taolong ya mafu a diqebo le tshehetsong ya mahlatsipa a ditlhekefetso tse amanang le bong.

Re tshwanela ho dula re ntse re tiisa hore ditokelo tsa batho bohle tsa ho phela le ho ba le seriti di ba setsiketsing sa karabelo ya rona kokwanahlokong ya corona, le hore re tlameha ho lomahanya meno kgahlanong le diketso dife kapa dife tse thunthetsang ditokelo tsena le ditokelo tse ding tsa mantlha tsa botho.

Maafrika Borwa a heso,

Re se bone sebete sa bao ba nnileng ba tswelapele ho sebetsa nakong yohle ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, ba hlokomela bao ba kulang, ba fana ka dijo le ditshebeletso tsa mantlha, ba sebeletsa ho boloka naha ya habo rona e ntse e hahamalla pele katlasa maemo ao a boima.

Morwalo wa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha o bile boima haholo ho bao ba neng ba sa kgone ho o jara.

Jwale ke nako ya hore boholo ba rona re kgutlele mesebetsing mme re boele re tswelepele ka dikarolo tsa maphelo a rona tse neng di eme kgekgenene ho tloha haesale ho ne ho qale ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Leha ho le jwalo, ke batla ho thasisetsa taba ya hore ho nyehliswa ha dithibelo tse itseng ha ho bolele hore kotsi e tliswang ke kokwanahloko ya corona e se e fetile kapa yona twantsho ya rona ya bohloko bona e se e fedile.

Hantlentle, kotsi ya keketseho e kgolohadi ya ditshwaetso jwale e kgolo le ho feta kamoo e neng e le ka teng ho tloha ha ho ne ho ropoha sewa sena naheng ena.

Jwale ke nako ya hore re matlafatse mekutu ya rona re be re tebise tshebedisanommoho ya rona.

Jwale, re boela re tshepela ho lona, le diketsong tsa lona esita le boikarabelong ba lona.

Re tshepetse ho lona hore le tla boloka boleng ba bophelo le seriti sa batho bohle.

Re tshepetse ho lona hore le tshireletse ba fokolang le ba tlokotsing ka ho fetisisa hara rona.

Re tshepetse ho lona hore le bontshe tshehetsano le kutlwelano bohloko tseo e leng makgetha a qollehileng a karabelo ya batho ba Afrika Borwa koduweng ena.

Ho kgahlametsaneng le qholotso ena e kgolohadi hakana, re tla hahamalla pele re le setjhaba se le seng, re momahane re bile re ikitlaelleditse hore jwang kapa jwang re tla hlola.

Mothating ona, ho feta mothati o mong ofe kapa ofe, re a hopotswa ka mantswe a Madiba, ha a ne a re: “Jwale ho ho lona”.

A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o boloke le setjhaba sa yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore