Moporesidente Cyril Ramaphosa: Puo ya Boemo ba Naha ya 2023

Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ka Mopresidente Cyril Ramaphosa, Holong ya Motsekapa, Labone la 9 Hlakola 2023

Motsamaisi wa Dipuisano Lekgotleng la Naha la Ketsamelao, Mme Nosiviwe Mapisa-Nqakula,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprovinse, Ntate Amos Masondo, 
Motlatsi wa Mopresidente David Mabuza,
Majoro wa Phethahatso wa Motse wa Kapa, Ntate Geordin Hill-Lewis,
Mopresidente wa Mehleng Thabo Mbeki, 
Motlatsi wa Mopresidente wa Mehleng Baleka Mbete,
Mopresidente wa Palamente ya Dinaha tsa Afrika, Morena e Moholo Morena Fortune Charumbira,
Moahlodi e Moholo Raymond Zondo le Ditho tsa Makgotla a Boahlodi,
Dihlooho tsa Mekgatlo e Tshehetsang Demokrasi,
Motlatsi wa Mopresidente wa mokga o busang, Ntate Paul Mashatile le baetapele ba mekga yohle,
Ditho tsa Palamente,
MaAfrika Borwa a heso
 
Ke tlotla e kgolo ho nna ha ke eme ka pele ho lona phirimaneng ena, mme ke fana ka puo ya Boemo ba Naha. 
 
Hobane re setjhaba se sa hlalosweng ke mawatle le dinoka tseo e leng meedi ya naha ya rona. 
 
Ha re hlaloswe ke dirashwa tse ka mpeng ya lefatshe la rona kapa ke naha e kgahlang mahlo e ka hodima lefatshe la rona. Ha re hlaloswe le ke dipuo tseo re di buang kapa dipina tseo re di binang kapa mosebetsi oo re o etsang.
 
Sebopehong sa rona sa bohlokwa ka ho fetisisa, re setjhaba se hlaloswang ke tshepo le ho tiisetsa.
 
Ke tshepo e ile ya fa boitseko ba rona ba tokoloho mokoka, hape ke tshepo e re fang matla ha re ntsha naha ya rona merusung re e isa kgutsong. 
 
Le dinakong tsena tsa diteko, ke tshepo e re fang mokoka hape e phedisang boikemisetso ba rona ba ho hola, leho hlola mathata a maholo ka ho fetisisa.
 
Dilemong tse tharo feela tse fetileng, naha ya rona e ne e hateletswe ke sewa se sebe ka ho fetisisa sa lefatshe nakong ya dilemo tse ka hopolehang. Diketekete tsa maphelo di ile tsa lahleha, dikhampani tsa kwalwa le mesebetsi ya lahleha. 
 
COVID-19 ha e ka ya atleha ho re susumeletsa ho ineheleng le ho fellweng ke tshepo.
 
Re sebetsa mmoho, re ile ra hlola mathata ao, mme re se re qadile ho boela re kgutlela boemong ba rona ba pele. 
 
Kajeno moruo wa rona o moholo ho feta kamoo o neng o le kateng pele ho sewa.

Pakeng tsa dikotare tsa boraro tsa selemo sa 2021 le sa 2022, mesebetsi e metjha e ka bang milione le halofo e ile ya thewa morung wa rona. 
 
Morero wa Mopresidente wa Tlhasimollo ya Mesebetsi o hlahisitse menyetla ya ho sebetsa le ya boiphediso ho batho ba fetang milione.
 
Selemong se fetileng, baithuti ba rona ba materiki ba ile ba hanyetsana le ditlamorao tsa sewa sena ka ho atleha ho fumana 80% ya sekgahla sa ho pasa.
 
Re bona moya wa boikemisetso ho banono ba rona, dibini tsa rona, bangodi ba rona le boradipapadi ba rona ba batona le ba batshehadi, ba ipabolang ka hare ho naha, kontinenteng, esita le ka mose ho mawatle a rona.
 
Banyana Banyana ba re entse motlotlo ha ba hapa Mohope wa Basadi wa Dinaha tsa Afrika, mme e ba bommampodi ba Afrika. 
 
Zakes Bantwini, Nomcebo Zikode le Wouter Kellerman ba re entse motlotlo Dikgaung tsa Grammy ka tshebetsommoho ya bona, Bayethe.
 
Tseo re atlehileng ho tsona re le setjhaba nakong ya selemo se fetileng, ho sa natsehe diphephetso tsa rona, di re hopotsa hore tshepiso ya Afrika Borwa e a phela. 
 
Tswelopele eo re e boneng e tshwanela ho re neha sebete nakong ena eo re tshepang hore re tla ba le bokamoso bo tjhatsi.
 
Empa, hape, nakong eo ke buang le lona phirimaneng ena ka yona, malapeng a naheng ya rona ka bophara, batho ba bangata ba hatellehile, ba bangata ba tshwenyehile maikutlo, ba bangata ba a qeaqea, mme ba bangata ha ba na tshepo.
 
Empa ha ke qeaqeye. Le ha e ka ba mathata afe a nako ena, le ha e le dife ditsietsi tseo re shebaneng le tsona, re tla phahama, mme re shebane le tsona re le mmoho, hape, mmoho re tla di hlola. 
 
Sena, re tla kgona ho se etsa haeba re sebetsa mmoho, mme ho se eo re mo siyang morao.
 
Re phuthehela mona ka nako ya tsietsi.
 
Nakong ya dikgwedi tse ngata jwale, naha ya rona e emelane re kgaello ya motlakase e tetebetsang pelo e bakileng tshenyo e kgolo moruong wa rona. 
 
Hape, ka dilemo tse pedi pele ho moo, setjhaba sa rona se ile sa thefulwa ke sewa sa COVID-19 se ileng sa baka tahlehelo e kgolo ya maphelo le tshotleho e kgolo.
 
Sewa sena se ile sa mpefatsa boemo ba leqeme le leholo la mesebetsi, jwalo ka ha naha e ile ya lahlehelwa ke dimilione tse pedi tsa mesebetsi. Sewa sena se ile sa ama hampe mekgwa ya boiphediso, mme sa eketsa bofuma.
 
Ka kgwedi ya Phupu selemong sa 2021, re ile ra ba le merusu ya setjhaba e mebe ka ho fetisisa le tshenyo e so ka e eba teng nalaneng ya demokrasi ya rona, e ileng ya baka mafu a fetang 300.
 
Ngwahola, dikarolo tsa Kapa Botjhabela, KwaZulu-Natal le Leboya Bophirima di ile tsa hlaselwa ke dikgohola tse tshabehang tse ileng tsa baka tahlehelo e kgolo ya maphelo, tshenyo ya metse ya bodulo le tshenyo ya metheo ya tshebetso ya moruo.
 
Hape hona jwale, ho qonolwa ho sa kgaotseng ha phepelo ya motlakase ho thibela ho hlaphohelwa ha rona ditlamoraong tsa diketsahalo tsena. 
 
Re a tseba hore kantle ho phepelo e tshepahalang ya motlakase, dikgwebo di ke ke tsa hola, difeme tse ahang dikoloi di ke ke tsa sebetsa, dijalo di ke ke tsa nosetswa, le ditshebeletso tsa mantlha di a sitiseha. 
 
Ho qonolwa ha phepelo ya motlakase ho bolela hore malapa le disupamakete ha di kgone ho boloka dijo di le foreshe, phepelo ya metsi e a kgaoha ka dinako tse ding, mabone a sephethephethe ha a sebetse le diterata ha di kganye bosiu. 
 
Kantle ho phepelo e tshepahalang ya motlakase, matsapa a rona a ho hodisa moruo o kenyeletsang bohle, hape o thehang mesebetsi, le o fokotsang bofuma, a ke ke a atleha. 
 
Ka hona, ha re rala lenaneo la rona bakeng sa selemo seo re keneng ho sona, mosebetsi wa rona wa kapelepele ke ho fokotsa ka matla sekgahla sena se seholo sa ho qonolwa ha phepelo ya motlakase dikgweding tse tlang, mme re qetelle re fedisitse ho qonolwa ha phepelo ya motlakase ka botlalo. 
 
Tlasa maemo ana, re ke ke ra tswela pele jwalo ka tlwaelo. 
 
Batho ba Afrika Borwa ba batla hore ho nkuwe mehato, ba batla ditharollo, hape ba batla hore mmuso o ba sebeletse. 
 
Ba batla feela ho tseba hore na bothata bo tshwanang le ba ho qonolwa ha phepelo ya motlakase bo tla fediswa neng. 
 
Ke ka hona re tsepamisitseng maikutlo hodima mehato e tla tlisa phapang e bonahalang hona jwale, e tla dumella hore ho be teng tswelopele ya nnete nakong ya selemo se tlang, le e tla theha moralo o tsitsitseng bakeng la tlhaphohelo e nang le mokoka bakeng sa ho ya pele. 
 
Puong ena ha re hlahise meralo e metjha, kapa hona ho lokodisa mona lenaneo le feletseng la mmuso. 
 
Empa re tsepamisa maikutlo hodima dintlha tseno tse ngogorehisang Maafrika Borwa ka ho fetisisa: 
 
Ho qonolwa ha phepelo ya motlakase. 
 
Leqeme la mesebetsi.
 
Bofuma le ditjeo tse nyolohang tsa ditlhoko tsa boiphediso.
 
Ditlolo tsa molao le bobodu.
 
Diphephetsong tsena kaofela ha ho le ha e le efe e hlokang tharollo e bobebe.  
 
Empa re na le matla, bokgoni le tsohle tse hlokehang bakeng la ho hlola tsena. 
 
Haeba re sebetsa mmoho, mme re nka bohato ka sebete le ka tiyo, ho se eo re mo siyang morao, re tla ba le hona ho rarolla diphephetso tsa rona. 
 
Puo ena ya Boemo ba Naha (SoNA) ke ya ho hlahisa tshepo moo ho nang le ho tsieleha. 
 
Ke ya ho supa lekgalo la ho tswa ditsietsing tsena. 
 
Phirimaneng ena, re tla fana ka tlaleho ya tswelopele ya rona ho phethahatseng boitlamo boo re bo entseng ho SoNA ya selemo se fetileng.
 
Boleleleng ba selemo se fetileng, re ile ra etsa motheo o matla bakeng la boitlamo boo re bo entseng malebana le kgolo e potlakileng ka morero wa rona wa matsete, diphetoho tsa moruo, mananeo a mesebetsi ya setjhaba le lenaneo la katoloso ya metheo ya tshebetso ya moruo. 
 
Ho hlakileng ho tloha boiphihlelong ba rona ba dilemo tse seng kae tse fetileng – hantlentle ho tloha nalaneng ya rona ya ho ba le demokrasi – ke hore ha re batho ba ikgatileng.

Ha re ne re tjamelane le phephetso e kgolo ya puso ya kgethollo, ha re ka ba ra ikobela kgatello eo mmuso wa kgetholllo o ileng wa e susumetsa hodima batho ba habo rona. 
 
Re ile ra ema ka maoto, mme ra ikakgela ka setotswana boitsekong, re tshepile hore ntwa ya rona e tla hlola. Mme ya etsa jwalo. Tlasa mathata ohle re ile ra kgona ho hlola puso ya kgethollo.
 
Re ka kgona, ebile re tla fetola maemo ao re iphumanang re le ka tlasa ona kajeno. 
 
Re na le bokgoni mmoho le boikemisetso ba ho hlola mathata ana, mme re tla kenya moruo wa rona tseleng e matla ya tsosoloso. 

Ntlha ya rona e ka sehlohong e haufiufi ke ya ho tsosolosa polokeho ya motlakase. 
 
Re ka hara tebetebe e tshabehang ya tsietsi ya motlakase, e bakilweng ke diphoso tse entsweng dilemong tse ngata tse fetileng.  
 
Re ke ke ra etsolla diphoso tse ileng tsa etswa nakong e fetileng, tse kang mothamo o haellang wa phehlo ya motlakase, tshenyo e ileng ya etswa diteisheneng tsa rona tsa phehlo ya motlakase ka lebaka la ho se hlokomelwe, kapa ditlamorao tsa ho hulwa ka nko ha puso mekgatlong ya rona. 
 
Hoo re ka ho etsang ke ho lokisa bothata kajeno, ho etsa hore mabone a kgantshe hosane le bakeng sa meloko e tlang. 
 
Ka kgwedi ya Phupu ngwahola, ke ile ka phatlalatsa moralo o hlakileng wa tshebetso wa ho sebetsana le tsietsi ya motlakase.
 
Hona e ne e le ho sebetsana le kgaello ya motlakase wa dimegawate (MW) tse 4 000 ho ya ho tse 6 000.
 
Moralo ona o ile wa thathamisa mehato e mehlano ya bohlokwa:
 
Pele, ho tla lokiswa diteishene tsa Eskom tse fehlang motlakase ka tshebediso ya mashala, hape ho ntlafatswe phumantsho ya phepelo ena e sebetsang hajwale. 
 
Bobeding, ho tla dumellwa le ho potlakisa matsete a poraefete phehlong ya motlakase.
 
Borarong, ho tla potlakiswa theko ya mothamo o motjha ho tswa ho tlhahiso tse sa sebediseng mashala, kgase le polokelo ya dibetri.
 
Boneng, ho tla lokollelwa dikgwebo le malapa ho tsetela disoleng tse hlongwang kahodima matlo. 
 
Bohlanong, ho tla fetolwa ka matla lekala la motlakase molemong wa ho atlehisa polokeho ya motlakase bakeng sa nako e telele. 
 
Ditsebi di a dumellana hore moralo ona ke tsela ya sebele ka ho fetisisa ya ho fedisa ho qonolwa ha phepelo ya motlakase. 
 
Dikgweding tse tsheletseng tse sa tswa feta, re fihletse tswelopele ya bohlokwa phethahatsong ya moralo ona. 
 
Re nkile dikgato tsa ho ntlafatsa tshebetso ya diteishene tsa Eskom tse sebetsang hajwale, e le hore diteishene tse fehlang motlakase ka peso ya mashala tse hlahisang 80% ya motlakase wa rona di hlahise tekanyo ya motlakase eo di e ralesweng.
 
Tlasa boto ya yona e ntjha, Eskom e aba batho le disebediswa molemong wa ho ntlafatsa ho sebetsa hantle ha diteishene tsena tse tsheletseng tse bileng le kabelo e kgolo ka ho fetisisa ho qonolweng ha phepelo ya motlakase. 
 
Eskom e potlakisa ho ahuwa ha tharollo ya nakwana ya ho kgutlisetswa tshebetsong ha dikarolo tse tharo tse seteisheneng sa motlakase sa Kusile kamorao ho ho heleha ha setha sa ditjhemele ngwahola, nakong eo ho bileng ho ntseng ho tewa sebopeho sa dinako tsohle.
 
Re aha botjha bokgoni bo ileng ba lahleha, mme re se re hirile basebetsi ba maemo a phahameng ba nang le bokgoni, ba tla sebetsa diteisheneng tsa motlakase tse sa sebetseng hantle. 
 
Lekgotla la Boinjinere la Afrika Borwa le ithaopetse ho fana ka thuso e kgolo kamoo ho hlokehang kateng ka ho tlisa diinjinere tse tla sebetsa le dihlopha tsa taolo diteisheneng tsa phehlo ya motlakase. 
 
Re na le bokgoni bo tebileng le ditsebi hona mona Afrika Borwa – re hloka feela ho di sebedisa. 
 
Ramatlotlo wa Setjhaba o hodima ho phetha tharollo malebana le mojaro wa sekoloto sa Eskom sa dibilione tse 400 tsa diranta. Thuso ena e tla dumella khampani ena ho etsa matsete a hlokehang tokisong le phetisong.
 
Mmuso o tla tshehetsa Eskom hore e fumane thuso e eketsehileng ya ditjhelete ho tle ho rekwe disele bakeng sa karolo ena e setseng ya selemo sena. Hona ho tla fokotsa sekgahla sena se seholo sa ho qonolwa ha phepelo ya motlakase jwalo ka ha Eskom e tla kgona ho sebedisa ditesishene tsa yona tse sebedisang disele ha sistimi e le tlasa kgatello. 
 
Eskom e thakgotse lenaneo la ho reka motlakase o tlatsetsang ho bafehli ba poraefete, mme e se e bile e tiisitse tumellano ya ho fumana dimegawate tse 300 ho tswa dinaheng tsa boahisani. 

Lefapha la Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) le thehile sehlopha se inehetseng se nang le boetapele ba boemo bo phahameng se tla sebetsana le bobodu bona bo atileng le boshodu bo etsahalang diteisheneng tse ngata tsa motlakase, bo bileng le seabo tshebetsong e mpe ya diteishene tsena tsa motlakase. Ditshebetso tse etellwang pele ke Lefapha la Mautlwela tse entsweng ditsheng tse amanang le Eskom ho fihlela jwale di se di atlehile ho tshwara ha batho ba 40.
 
Jwalo ka karolo ya tshebetso e batsi ya diphetoho, ho fetolwa ha sebopeho sa Eskom, hoo re ileng ra ho phatlalatsa, ho tswela pele, mme Khampani ya Naha ya Phetiso e se e tla qala mosebetsi, mme e tla ba le boto e ikemetseng. 
 
Ho ya mafelong a selemo sena, re tla teka Bili e Lokisitsweng ya Taolo ya Motlakase molemong wa ho theha mmaraka wa motlakase o nang le tlhodisano. 
 
Jwalo ka ha re boletse ka kgwedi ya Phupu ngwahola, le ka morero wa ho sebetsana le tsietsi ya ho qonolwa ha phepelo ya motlakase, re tla tswela pele ka ho thakgola diphanele tsa sola tse hlongwang hodima matlo.
 
Puong ya hae ya Bajete, Letona la Ditjhelete le tla hlalosa kamoo malapa a tla thuswa kateng le kamoo dikgwebo di tla una molemo ka meropotso ya lekgetho.
 
Ramatlotlo wa Setjhaba o sebetsana le ditokiso tsa sekema sa dikadimo tsa sekwele bakeng la ho thusa dikgwebo tse nyenyane ho tsetela disebedisweng tsa sola, le ho dumella dibanka le mekgatlo ya ditjhelete ya ntshetsopelo ho kadima ka kotloloho sekemeng sena, molemong wa ho nolofatsa ho hiriswa ha diphanele tsa sola ho bareki ba bona.
 
E nngwe ya diphetoho tse matla tseo re di etsang ke ho dumella bahlahisi ba poraefete ho hlahisa motlakase. Jwale ho se ho na le diprojekte tse kahodimo ho 100, tseo ho lebeletsweng hore di tla hlahisa di-MW tse fetang 9 000 tsa mothamo o motjha ho tsamayeng ha nako. 
 
Dikhapani tse ngata tse bileng le seabo lenaneong la tlhahiso e sa sebediseng mashala ya motlakae di se di tla ahuwa mme di nehelane ka kakaretso ya tlhahiso ya di-MW 2 800 ya mothamo o motjha. 
 
Eskom e tla reka motlakase wa tshohanyetso o ka abuwang nakong e seng ka hodimo ho dikgwedi tse tsheletseng bakeng la ho kwala sekgeo sa nako ena. 
 
Re etsa matsete metjheng e metjha ya phetiso le makaleng a matjha a diteishene, haholoholo dibakeng tse kang Kapa Botjhabela, Kapa Leboya le Kapa Bophirima. 

Kaofela ha yona mehato ena e tla hlahisa keketseho e kgolohadi ya motlakase marangranng a motlakase nakong ya dikgwedi tse 12 ho ya ho tse 18 tse tlang, le ho feta moo.
 
Motlakase ona o tla be o ipapisitse le mehlodi ya rona ya motlakase e fapafapaneng, ho kenyeletswa le diteishene tsa rona tsa jwale tsa motlakase o fehlwang ka peso ya mashala, tsa sola, tsa moya, tsa kgase, tsa nutlere, tsa metsi le tsa polokelo ya dibetri.
 
Ho phetha moralo ona ka botlalo, re hloka kgokahanyo e matla e bohareng mmoho le mehato e tiileng. 
 
Ka nako ya tsietsi, re hloka hore mohokahanyi a be mong, le setjhaba se be ntsweleng. 
 
Jwalo ka ha re sebetsana le sesosa sa tsietsi ena, re tshwanela le ho sebetsana le ditlamorao tsa yona. 
 
Kamoo tsietsi ena e ntseng e ba kgolo kateng, e se e ama karolo e nngwe le e nngwe ya setjhaba. 
 
Re tlameha ho nka bohato ba ho fokotsa ditlamorao tsa tlokotsi ena ho balemi, dikgwebo tse nyenyane, metheo ya rona ya tshebetso ya metsi le ho marangrang a rona a dipalangwang. 
 
Setsi sa Naha sa Taolo ya Dikoduwa, ka hona, se se se hlophisitse tsietsi ena ya motlakase le ditlamorao tsa yona jwalo ka koduwa. 
 
Ka hona, re phatlalatsa boemo ba naha ba koduwa ho arabela tsietsi ena ya motlakase le ditlamorao tsa yona.
 
Letona la Kopanelo ya Puso le Ditaba tsa Marena le sa tswa hatisa Lesedinyaneng la Mmuso phatlalatso ya boemo bona ba koduwa, e tla kena tshebetsong hanghang.
 
Boemo bona ba koduwa bo tla re dumella ho fana ka mehato e sebetsang eo re hlokang ho e nka bakeng la ho tshehetsa dikgwebo tse lekaleng la tlhahiso ya dijo, polokelo le marangrang a phepelo ya mabenkele, ho kenyeletswa le ho thakgolwa ha dijenereithara, diphanele tsa sola le disebediswa tse thibelang tshenyo ya thepa e sebedisang motlakase.
 
Moo marangrang a re dumellang, e tla re thusa hore re tsebe ho lokolla tshebetsong ya ho qonolwa ha motlakase metheo ya tshebetso e hlokolosi e kang ya dipetlele le ya dibaka tsa tlhwekiso ya metsi.
 
Hape e tla re thusa ho potlakisa diprojekte tsa motlakase le ho kgina ditlhoko tsa taolo, ha re ntse re bolokile ditshireletso tse thata tsa tikoloho, metheo ya theko le maemo a setekgniki.
 
Mohlahlobi e Moholo wa Ditjhelete o tla memelwa ho netefatsa tlhokomelo e tswelang pele ya tshebediso ya ditjhelete, e le ho thibela tshebediso le ha e le efe e mpe ya ditjhelete tse hlokelwang ho shebana le koduwa ena.

Molemong wa ho sebetsana le diphephetso tseo re tjamelaneng le tsona ka mokgwa o sebetsang hantle le o potlakileng haholo, ke tla hira Letona la Motlakase Ofising ya Mopresidente. Letona lena le tla nka boikarabelo bo phethahetseng ba ho hlokomela dikarolo tsohle tsa ho arabela tsietsi ena ya motlakase. 
 
Letona lena le tla tsepamisa maikutlo ka dinako tsohle, mme le sebetsa le boto le bolaodi ba Eskom mosebetsing wa ho fedisa ho qonolwa ha phepelo ya motlakase le ho netefatsa ho phethahatswa ha Moralo wa Tshebetso wa Motlakase kantle ho tshenyo ya nako.
 
Molemong wa ho tlosa pherekano le ha e le efe, Letona la Dikgwebo tsa Mmuso le tla dula e le moemedi wa mongakabelo wa Eskom, hape le tla kganna leano la ho fetolwa ha Eskom, le netefatse ho thewa ha khampani ya phetiso, le hlokomele ho phethahatswa ha lenaneo la ho fetohela motlakaseng o lokileng, hape le hlokomele ho thewa ha Khampani ya ho Tshwara Dikgwebo tsa Mmuso (di-SOE). 
 
Tshebetso ya ho hlophiswa botjha ha puso e tla re fa monyetla wa ho etsa qeto ya ho hlophisa dibaka tse fapafapaneng tsa boikarabelo le kamoo makala le mafapha a fapafapaneng a ka phethang ka bokgabane bo boholo merero ya naha ya rona. Re sa tsitsisitse maikutlo a rona hodima tsietsi ya motlakase ha jwale, mme re tla sebetsana le ho hlophiswa botjha puso haufinyane.
 
Hona ke ha bohlokwa hobane karabelo e sebetsang hantle ya tsietsi ena e ama tshebetso ya mafapha a mangata a fapafapaneng le dikhampani tse hlokang kgokahanyo e tswang bohareng ba puso. 
 
Re tla kenyeletsa le balekane ba bang ba setjhaba sebopehong se sebetsang hantle se tshwanang le sane seo re ileng ra se thehela letsholo la ho thakgolwa ha kentelo. 
 
Maemo a makatsang a hloka ho nkelwa mehato e matla. 
 
Tsietsi ya motlakase ke phephetso ya sebele ya moruo wa rona le dikamano tsa batho setjhabeng. 
 
Re tlameha ho etsa matsapa ohle, le ho se senye nako, ha re phethahatsa mehato ena. 
 
Ha re ntse re nka mehato ena ya ho rarolla tsietsi ena ya motlakase, re ntse re elellwa kotsi eo diphetoho tsa boemo ba lehodimo bo di tlisang setjhabeng sa rona. 
 
Diketsahalo tse mpe ka ho fetisisa tse tlang ka mokgwa wa komello, dikgohola le dihlaha di eketsa haholo kotsi ya bophelong, boiphedisong le paballehong ya batho. 
 
Re tla ntshetsa pele phetohelo ya rona e lokileng ho ya moruong wa khabone e tlase ka sekgahla seo naha ya rona e ka se kgonang, hape le ka mokgwa o netefatsang polokeho ya motlakase. 
 
Re tla etsa phetohelo ya rona e lokileng ka tsela e bulang kgonahalo ya matsete a matjha, mekgwa e metjha ya diindasteri le, hape, ho feta moo, e thehang mesebetsi e metjha. 
 
Khomishene ya Mopresidente ya Boemo ba Lehodimo e tataisa karolo e kgolo ya mosebetsi ona, mme, ka ho etsa jwalo, e aha motlolo o motjha bakeng la mokgwa o kenyeletsang bohle wa ho etsa diqeto, ho kenyeletswa batho ka bomong, basebetsi, le metse e amehang ka ho fetisisa phetohelong ena. 
 
Ka Moralo wa Matsete wa Phetohelo e Lokileng ya Eneji, ditrilione tse 1.5 tsa diranta di tla tsetelwa moruong wa rona nakong ya dilemo tse hlano methathing e metjha e kang motlakase o sa fehlweng ka peso ya mashala, haederojine e tala le dikoloi tsa motlakase. 
 
Makala a mangata a matjha a a itlhahisa moruong ona, a kang a maholo a haederojine e tala, dikoloi tsa motlakase le disele tsa mafura. 
 
Diprojekte tse ngata di se di ntse di sebetsa, ho kenyeletswa le ntshetsopele ya moaho o motjha o etswang ke Sasol sebakeng sa Boegebaai, Kapa Leboya, Sesiu sa Motlakase sa Prieska, Freistata, le morero wa Phula ya Haedrojene diprovinseng tsa Limpopo, Gauteng le KwaZulu-Natal. 
 
Kapa Leboya e se e hohetse kahodimo ho dibilione tse 100 tsa diranta ka matsete diprojekteng tsa motlakase o sa fehlweng ka peso ya mashala. 
 
Matsete ana le a mang a maholohadi a etswang motlakaseng o sa fehlweng ka peso ya mashala a tla theha mesebetsi, mme a tla hlasimolla meruo ya dibaka, e seng feela Kapa Leboya, empa hape le Kapa Botjhabela, Kapa Bophirima le Mpumalanga, moo ho tla fetolwa le lehwatata le omeletseng ka ho fetisisa hore le be mohlodi o moholohadi wa motlakase. 
 
Ho feta tsohle, phetohelo ya rona e lokileng e tla beha lenaneng le ka pele basebetsi le metse e dibakeng tsa diindasteri tse fokolang, e le ho netefatsa hore ho se ke ha ba le ya mong ya siuwang morao.
 
Maafrika Borwa a heso, 
 
Moruo wa rona o tshwanela ho hola ka potlako haeba re tla fokotsa leqeme la mesebetsi ka mokgwa o kgotsofatsang. 
 
Ho SoNA ya ngwahola, re ile ra bua ka morero wa rona wa ho theha selekane se akaretsang sa setjhaba molemong wa ho aha botjha moruo wa rona, mme re dumelle kgolo e phahamemg.
 
Ha re ka ra ba le hona ho phetha selekane sa setjhaba kapele kamoo re neng re lakaditse ka lebaka la maemo a mangata a matjha a ileng a hlaha a ileng a baka hore ho be thata hore balekane ba setjhaba ba fihlelle tumellano.
 
Balekane ba setjhaba ba boletse morero wa bona wa ho theha selekane sa setjhaba le hore ba nnile ba tswela pele ho etsa moralo o tla dumella hore ho be le ketso e kopanetsweng dibakeng tsa bohlokwa tse kang motlakase, dipalangwang le ho thothwa ha thepa, ho thewa ha mesebetsi le ntshetsopele ya boitsebelo ba ho sebetsa, matsete le boitokisetso ba mebaraka e metjha, tshireletso ya setjhaba, ditlolo tsa molao le bobodu. 
 
Le ha re ntse re ikemiseditse hakaalo ka boitlamo ba ho theha tumellano e ntjha pakeng tsa makala ohle a setjhaba sa rona, re boetse re entse hore ho be teng tshebetsommoho e sebetsang dibakeng tse ding tse itseng. 
 
Re a bo bona boitlamo ba balekane bohle ba setjhaba dilekaneng tse ileng tsa thehelwa ho lwantsha sewa sa COVID-19, mme ba atlehisa lenaneo le leholo ka ho fetisisa la kentelo nalaneng ya rona.
 
Re bo bone mererong e tshwanang le Letlole la Mahatammoho le ileng la kenya letsholong setjhaba, baitseki ba setjhaba, le matlole a ditjhelete, molemong wa ho atlehisa merero e kopanetsweng, le merero ya bolekane ya ho fedisa tshebediso ya dikgoka e lebisitsweng ho ba batshehadi le polao ya ba batshehadi (GBVF), le ho arabela ditlamorao tsa diphetoho tsa boemo ba lehodimo.
 
Re bone ditholwana tsa katamelo ena ya ho kgothaletsa matsete le ho ntshetsa pele meralo e meholo makaleng a moruo, a kang lekala la ho etswa ha dikoloi, la diaparo le masela, la bommaditshibana, la tswekere, la temo le la ditshebeletso tsa matjhaba tsa kgwebo.
 
Meralo ena e meholo e seng e ile ya pethwa, e tshehetsa tsosoloso ya makala a amehang, nyehelo ya matsete e etswang ke lekala la poraefete le ho thewa ha mesebetsi e metjha le boiphediso ba baahi. 
 
Re thabisitswe ke hore balekane ba setjhaba, haholoholo borakgwebo, haesale ba ntse ba fana ka tshehetso bakeng la ho phethahatsa Moralo o Sebetsang wa Motlakase, ka maikutlo a ho etsa selekane sa setjhaba. Ka mokgwa o tshwanang, re thehile bolekane bo sebetsang ba rona le basebetsi le setjhaba molemong wa ho tshehetsa dikarolo tse ding tsa karabelo ya tsietsi ya motlakase.
 
Jwalo ka ha motlakase o hlokeha haholo bakeng sa kgolo ya moruo, ho jwalo feela le ka phepelo ya metsi e tshepahalang le sistimi e sebetsang hantle ya dipalangwang, mmoho le metheo ya tshebetso ya mebila.
 
Marangrang a rona a diterene a bile tsietsing ya dilemo tse ngata tsa matsete a fokolang, ho se hlokomelwe, diketso tsa ditlolo tsa molao le ho se sebetse hantle.
 
Ho rarolla bothata bona, ngwahola, re ile ra amohela Leano la Naha la Diterene la ho tataisa, ho ntjhafatswa le ho fetolwa ha lekala la diterene, ho lokisetswa, hara tse ding, hore marangrang a rona a diterene a kgone ho sebediswa le ke tse ding diterene tseo e seng tsa Transnet.
 
Re le mmuso, ka mafapha ohle a rona a amehang, re sebeletsa ho theha Leano la Transnet le tla fetolela boitlamo ba rona ba maano hore bonneteng, ho kenyeletswa ho hlophiswa botjha ha Diterene tsa Transnet tsa Thepa, ho thewe Molaodi ya ka thoko wa Metheo ya Tshebetso bakeng sa marangrang a diterene pele ho kgwedi ya Mphalane selemong sena sa 2023. 
 
Transnet e tla phetha bolekane le dikhampani tsa lekala la poraefete ditheminaleng tsa ditshelo tsa Durban le Ngqura, ho thusana le matsete a matjha dibakeng tsa rona tsa boemakepe le ho ntlafatsa tshebetso e ntle.
 
Sena se tla thusa dibaka tsa rona tsa boemakepe hore di tsebe ho boela di fumana boemo ba tsona jwalo ka tse ding tsa dibaka tsa boemakepe tse sebetsang hantle ka ho fetisisa jwalo ka ha ho kile ha eba jwalo.
 
Ho se ho bile le katleho e kgolo ho busetseng Theminale ya Port Elizabeth ya Dikoloi, eo jwale e menahantseng mothamo wa yona ka makgetlo a fetang a mabedi, mme e se e bile e fumane keketseho ya diromelwantle. 
 
Dikoloi di eketsehile haholo tse romelwang mebarakeng ya mose ho mawatle tse tshediswang di tloha Theminaleng ya Dikoloi ya Port Elizabeth. 
 
Transnet e boetse e tsosolosa diterene tsa yona tse sa sebetseng, hape e reka diterene tse ntjha. 
 
Re nnile ra shebana le diphephetso ha re thotha baeti ditereneng tsa bapalami.
 
Ho latela ho hlophiswa botjha ho ntseng ho tswela pele hona jwale Lekaleng la Diterene la Bapalami la Afrika Borwa, diporo tse 13 tsa diterene tsa baeti di se di butswe, mme di fokoleditse haholo basebetsi ba bangata ditshenyehelo tsa maeto.
 
Phepelo e tshepahalang ya metsi ke ya bohlokwa haholo bakeng sa boiphediso ba batho le bakeng sa kgolo ya moruo wa rona.
 
Ho netefatsa polokeho ya metsi hona jwale le ka moso, Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le eteletse pele tshebetso ya ho tsetela diprojekteng tsa sehlooho naheng ka bophara. 
 
Kamorao ho tiehiso ya dilemo tse ngata, mesebetsi e phethahetseng ya kaho ya projekte ya Mohato wa Bobedi wa Dihlaba tsa Lesotho o tla qalwa selemong sena. 
 
Projekte ya Dihlaba ya Lesotho ke ya bohlokwa bakeng la ho netefatsa polokeho ya phepelo ya metsi Gauteng, Freistata, Mpumalanga, Leboya Bophirima le Kapa Leboya. 
 
Dilemo tse mashomeshome kamora hore e sisinngwe, le dilemo tse robong kamora mokete wa ho e phetholela lekote, mohato wa pele wa projekte ya Mzimvubu ya Metsi o tla qala selemong se tlang sa ditjhelete. 
 
Mohato ona, o akgang ho ahuwa ha Letamo la Ntabelanga, metheo ya tshebetso ya nosetso le phepelo ya metsi ho ya metseng, e tla tshehetswa ke mmuso ka ditjhelete.
 
Mohato o latelang e tla ba wa ho ahuwa ha Letamo la Lilane, le tla kenyeletsa seteishene sa motlakase o fehlwang ka matla a metsi.
 
Diprojekte tse kgolo tsa ho eketsa mothamo wa Letamo la Clanwilliam, Letamo la Hazelmere le Letamo la Tzaneen di tla ntlafatsa phepelo ya metsi ho ya Lebopong le ka Bophirima, eThekwini le karolo e ka botjhabela ya Limpopo. 
 
Selemong se fetileng, re phatlaladitse moralo o moholo wa phetoho ya tshohanyetso wa ho nolofatsa tshebetso ya dikopo tsa dilaksense tsa tshebediso ya metsi, e leng ya bohlokwa ho thusa ho tlisa matsete a managata. 
 
Ho tloha hona hoo, re suthisitse tshallomorao ya ho ntshuwa ha dilaksense tsa tshebediso ya metsi, hape ra fokotsa nako ya ho emela phumantsho ya dilaksense, ra e theolela ho matsatsi a 90. 
 
Lenaneo la rona la kaho ya metheo ya tshebetso le fumana ho potlaka ka thuso ya Letlole la Metheo ya Tshebetso le Metheo ya Tshebetso ya Afrika Borwa, e thehetsweng ho tshehetsa diprojekte tse kgolo tsa metheo ya tshebetso.
 
E nngwe ya ditshitiso tse kgolo ka ho fetisisa tsa matsete a metheo ya tshebetso ke kgaello ya bokgoni ba setekgniki le ya bokgoni ba taolo.
 
Ho lokisa hona, Metheo ya tshebetso ya Afrika Borwa e abetswe dimilione tse 600 tsa diranta bakeng la boitokisetso ba projekte, bakeng sa dibaka tsa mahaeng le tse fokollwang ke disebediswa. 
 
Ditshebetso tsa tshehetso le meralo tseo re di kentseng tshebetsong dilemong tse ngata tse fetileng di se di qadile ho beha ditholwana jwale ka mokgwa wa matsete a mmuso a eketsehileng metheong ya tshebetso.
 
Ho fihlela ka Pherekgong selemong sena, diprojekte tsa boleng ba dibilione tse 232 tsa diranta di ne di ne di se di ahuwa, mme diprojekte tsa boleng bo batlang bo etsa dibilione tse 4 tsa diranta di ne di se di phethilwe. 
 
Diprojekte tse phethilweng di kenyeletsa kaho ya matlo a matjha a bodulo Gauteng, ntlafatso ya mebila le ntshetsopele ya dikou tse nyenyane. 
 
Ntshetsopeleng e kgolo, Lekala la Afrika Borwa la Mebila ya Naha – SANRAL – le abile dikonteraka tsa kaho ya mebila tsa boleng ba dibilione tse 18 tsa diranta nakong ya dikgwedi tse tharo tse fetileng. 
 
Kaho ya Borokgo ba Msikaba le Borokgo ba Mtentu e tla qetwa, mme e etse hore maeto a Kapa Botjhabela a nolofale haholo.
 
Matsete ana a tla tswela indasteri ya kaho molemo o moholo, hape a dumella ho thewa ha mesebetsi e mengata, ntshetsopele ya bokgoni le kimollo ya bofutsana, haholoholo metseng ya mahae e haufi le dibaka tsena. 
 
Ngwahola, re itse re tla eketsa kaho ya marokgo a metseng ya mahae e le karolo ya lenaneo la Welisizwe, ho thusa baahi hore ba finyelle dikolong ka bonolo le ka polokeho, le dibakeng tsa mesebetsi le tsa ditshebeletso. 
 
Marokgo a 24 a KwaZulu-Natal a a ahuwa hona jwale, mme ho lokiswa ha ditsha ho tswela pele bakeng la marokgo a mang a 24. 
 
Lekaleng la dikgokahanyo, ho phethwa ha thekiso ya setjhabeng ya maqhubu a pharaletseng ho butse matsete a matjha, mme ha kenya dibilione tse 14 tsa diranta bajeteng ya naha.
 
Boleleleng ba selemo sena, re tla tshedisetsa malapa a setseng ho leqhubu la thelevishene ya digithale, mme re phethe ho tingwa ha phetiso ya analog. 
 
Hona ho tla fana ka maqhubu a bohlokwa bakeng la ho thakgolwa ha marangrang a mehala ya 5G, hape ho tla fokotsa ditjeo tsa datha. 
 
Mehato ena e tla re atametsa haufi le pono ya rona ya phumantsho ya Inthanete e fihlellehang, le e lebelo le phahamemng. 
 
Ho SoNA ya ngwahola, re itse re tla tsepamisa maikutlo a rona hodima matsapa a rona a ho bokella maemo a hodimo a matsete, e leng ntho ya bohlokwa ho hodiseng moruo le ho theheng mesebetsi. 
 
Re itse re tla fana ka tshusumetso letsholong leo re ileng ra kena ho lona dilemong tse ka bang hlano tse fetileng la ho hlahisa ditrilione tse 1.2 tsa diranta ka mokgwa wa matsete a matjha. 
 
Selemong se fetileng, Seboka sa Bone sa Matsete sa Afrika Borwa (SAIC) se fumane dibilione tse 367 tsa diranta ka mokgwa wa boitlamo ba matsete, sa re fa tshepo ya hore pakana ya rona ya matsete ya dilemo tse hlano re tla e fihlela. 
 
Boleleleng ba selemo se fetileng, bongata ba diketso tsena tsa boitlamo bo fihleletse moo bongata ba dikhampani tseo tse ileng tsa etsa boitlamo di tsetetseng difektring tse ntjha, ditsing tsa mohala, difektring tsa motlakase wa sola, mehaleng e tsamayang ka tlasa lewatle ya faeba, ho atollweng ha metjha ya tlhahiso le kamohelong ya ditheknoloji tse ntjha. 
 
Ntlheng ya bohlokwa, matsete ana a hlahisitse mesebetsi e metjha le menyetla e metjha bakeng sa dikgwebo tse nyenyane tse ntseng di hola. 
 
Mohla la 13 Mmesa selemong sena, re tla tshwara SAIC ya rona ya bohlano. 
 
Sebokeng sena, re tla beha pakana e ntjha ya ho bokella, ka mokgwa wa matsete, ka hodimo ho trilione tse 2 tsa diranta, ho ya selemong sa 2028. 
 
Matsete a seng a kene moruong ona ho fihlela kajeno a se a fane ka nyehelo e eketsehileng haholo tlhahisong ya naha. 
 
Matsete ana a kgothaleditse matsapa a rona a ho reka dihlahiswa tsa ka hare ho naha.
 
Ngwahola, ke ile ka etsa SoNA ke tenne sutu le dieta tse entsweng ka motlotlo Afrika Borwa. 
 
Phirimaneng ena, ke nwa metsi ka kgalase e entsweng Wadeville bekeng e fetileng ke basebetsi ba tswang Katlehong, Vosloorus le Germiston. 
 
Ka dilemo tse ngata, Afrika Borwa e ne e reka dikgalase tsa ho nwa metsi dinaheng tsa kantle. 
 
Jwale re se re di etsa, ka ho eketseha, ka hare ho naha. 
 
Empa ha se dikgalase feela.
 
Haeba o ya sepetlele o ilo buuwa, monyetla ke wa hore o tla fuwa moriana o o robatsang o hlahisitsweng setsheng sa maemo a hodimo sa Eastern Cape. 
 
Nakong ya Ketelo ya ka ya Semmuso United Kingdom selemong se fetileng, feme ya Afrika Borwa e ile ya fumana laksense ya ho hlahisa ente e rothetswang ka hanong ya kholera kgetlo la pele mona Afrika Borwa. 
 
Ditumellano tsa ho kopanya dikhampani tse hlodisanang di entse mokgwa wa hore ho tle ho be le mafura a mangata a tla hlwekiswa ka hare ho naha, le hore ho eketsehe dijo tse tla rekwa ho balemi ba mona Afrika Borwa.
 
Ngwahola, re entse boitlamo ba ho bulela matsete lekaleng la hempe le matekwane.
 
Re se re ntse re sebeletsa ho etsa maemo a tla dumella hore lekala lena le hole.
 
Lefapha la Temo, Diphetoho tsa Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae, mmoho le Lefapha la Bophelo, a tla sebetsana le maemo a renang ha jwale bakeng la temo ya hempe le matekwane e le ho dumella temo ya kantle le pokello ya kotulo ho tswa ho balemi ba setso. 
 
Sena se tla bula tshebetso e kgolo ya moruo dibakeng tsa naha ya rona tsa mahaeng, haholoholo Kapa Botjhabela, KwaZulu-Natal le Mpumalanga.
 
Mosebetsi o potlakileng o se o le mathuleng a ho phethwa ke mmuso ho theha moralo wa taolo e nolofatsang bakeng la kgwebo yohle, dikatamelo tsohle tsa merero e molaong bakeng la meriana e tlatsetsang, dijo, ditlolo, le dihlahiswa tsa indasteri, ho ntse ho ikamahantswe le ditumellano tsa matjhaba le ditlwaelo tse molemo ka ho fetisisa.
 
Hona ho kenyeletsa ho hlophiswa botjha ha dibajete tsa mafapha bakeng la ntshetsopele le tshehetso ya lekala la setso, balemi ba batsho, le tekanyo ya tshebetso ya SAPS le diphetoho tsa taolo.
 
Moruo o holang o tlameha, ka ho eketsa, ho ba moruo o kenyeletsang bohle. 

Seboka sa Thakgolo ya Boradiindasteri ba Batsho sa kgwedi ya Phupu selemong se fetileng se bontshitse dikatleho tsa Maafrika Borwa a matsho tlhahisong ya dijo, dikarolo tsa dikoloi, thepa ya katlung, diaparo, setala, dikhemikhale le dihlahiswa tsa merafo, e leng moo ho hlahiswang diketekete tsa mesebetsi, hape ho hodiswa sehlahiswa se seholo sa naha. 
 
Jwale tjena re na le bodiindasteri ba batsho ba batlang ba le 1 000 ba nang le seabo lenaneong la bodiindasteri ba batsho.
 
Jwalo ka mohlala wa matla a theknoloji a bodiindasteri bana, e mong wa bahlodi ba fumaneng dikgau sebokeng sena e bile Astrifica Technologies, khampani e thehilweng mmoho le e mong ke mosadi e motsho, Jessie Ndaba, e fanang ka ditharollo tsa datha malebana le tshebetso ya disathelaete. 
 
Re entse tswelopele selemong sena se fetileng ka ho fumana katleho ya maemo a phahameng a ho ba borathepa ha basebetsi moruong ona. 
 
Jwale tjena ho na le basebetsi ba fetang 400 000 ba nang le dikarolo tsa thuo difemeng tseo ba di sebeletsang. 
 
Kgolo le tlhahiso ya mesebetsi moruong ona e tla atlehiswa ke dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng, dikopanele le dikgwebo tse sa rerwang. 
 
Selemong se fetileng, re thakgotse sekema sa tshohanyetso sa kadimo ya ditjhelete se tsamaisong ya dibanka le mekgatlo e meng ya ditjhelete, mme se netefaletswa ke mmuso, bakeng la dikhampani tse hlokang thuso ya ditjhelete hore di tsosoloswe ka baka la ditlamorao tsa sewa. 
 
Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane le tla sebetsa mmoho le Ramatlotlo wa Naha malebana le hore na sekema sena se ka matlafatswa jwang ho thusa dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng le dikgwebo tse lekaleng le sa rerwang.
 
Ho sebtsana le phephetso ya kgaello ya mesebetsi ya batjha, Moropotso wa Kgafa ya Kgiro o atolotswe molemong wa ho kgothaletsa dikgwebo ho hira manane a maholo ho feta a batjha.
 
Ngwahola, ke ile ka phatlalatsa hore re tla leka ho fokotsa mafito a ditshebetsong tsa mmuso e le hore re tle re fedise tiehiso e sa hlokahaleng. 
 
Sehlopha sa phokotso ya mafito a ditshebeletsong tsa mmuso, tlasa boetapele ba Ntate Sipho Nkosi, se se se ntse se sebetsa le mafapha a fapafapaneng ho etsa hore ho be bobebe ho etsa mosebetsi. 
 
Ho ile ha qosa hore ho be teng katamelo ya tshebetsommoho, moo ho sebetswang le mafapha le makala dibakeng tse kang tsa sistimi ya ditokelo tsa barafi, dilaksenseng tsa borakgwebo ba dipalangwang lekaleng la bohahlaodi, di-visa le ditumello tsa mosebetsi, dikolo tsa dikonyana le lekala le sa rerwang. 
 
Selemong sena, re tla phetha ditokiso tsa Molao wa Kgwebo wa 1991 (Molao wa 71 wa selemo sa 1991) ho fokotsa ditshitiso tsa taolo ya dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse nyenyane haholo (di-SMME) le ditshebedisano, mme ho etswe hore ho be bonolo ho borakgwebo ho qala dikgwebo. 
 
Ka lekala la Ditjhelete la Dikgwebo tse Nyenyane – re rerile ho nehelana ka dibilione tse 1.4 tsa diranta ho thusa borakgwebo ba fetang 90 000. 
 
Mmuso, bolekaneng le Letlole la Afrika Borwa la di-SMME o tshwarahane le ho theha letlole la dibilione tse 10 tsa diranta ho tshehetsa kgolo ya di-SMME. Mmuso o lohotha kgonahalo ya ho nehelana ka dibilione tse 2.5 tsa diranta bakeng la letlole lena le bakeng la tshallo ya dibilione tse 7.5 tsa diranta tse tla hlaha lekaleng la poraefete. 
 
Ho fumantshwa ha laksense ha Banka ya Poso ho tla etsa motheo bakeng la ho thewa ha banka ya mmuso e tla fana ka ditshebeletso tsa ditjhelete ho di-SMME, dikgwebo tsa batjha le tsa basadi, le metse e haellwang ke ditshebeletso. 

Jwalo ka ha Lekgotla la Ketsamolao le ntse le shebisisa Bili e lokiswang ya Banka ya Poso, Banka ya Poso e ntse e hlahloba dihlahiswa tsa yona tsa ditshebeletso e le hore e tle e fane ka tharollo e ka sebetsang le e fihlellehang, e nkelang dibanka tsa kgwebo sebaka. 
 
Tsela e sebetsang hantle mme e nang le mokoka ya ho aha moruo ke ho fumantsha batho bokgoni le tsebo ya ho o hodisa. 
 
Ka hona, re se re nnile ra tshwarana le ho matlafatsa maqhama pakeng tsa bokgoni boo re bo ntshetsang pele le bokgoni boo dibaka tsa mesebetsi di bo hlokang. 
 
Selemong sena, Letlole la Naha la Bokgoni le tla nehelana ka dimilione tse 800 tsa diranta ho ntshetsa pele bokgoni lekaleng la digithale le theknoloji ka motlolo wa boiqapelo o etsang maqhama pakeng tsa ditefello tsa kwetliso le kgonahalo ya ho hirwa.
 
Re boetse re hlahisa boipiletso boo re bo entseng ho dikhampani, mafapha le di-SOE hore ba tlose tlhokeho ya boiphihlelo ba mosebetsi bakeng la batho ba batjha ba etsang dikopo tsa ba tla qala ho sebetsa. 
 
Selemong se fetileng, re itse re tla kenya mosebetsing lenane le kahodimo ho 10 000 la ba fumaneng mangolo a dikoletjhe tsa Tekgniki le Thuto ya Mosebetsi le Kwetliso (TVET). 
 
Re le fetile lenane lena, mme bakeng sa selemo sa 2023 re behile pakana ya lenane la 20 000 la ba nang le mangolo a TVET ba tla kenngwa mesebetsing.
 
Lenane la baithuti ba kenang kwetllisong ya ho ba ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho dikoletjheng tsa TVET le tla eketswa ho tloha ho 17 000 ho ya ho 30 000 selemong sa 2023 sa dithuto. 
 
E nngwe ya dikarolo tsa bohlokwa bakeng sa kgolo ya moruo le tlhodisano, ke bokgoni ba ho hohela bokgoni boo moruo o bo hlokang. 
 
Kamora ho phetha tlhahlobo e akaretsang ya sistimi ya di-visa, re tla potlakela ho phethahatsa ditshisinyo tse fanweng. 
 
Tsona di kenyeletsa sistimi e kgonang haholo ho ikamahanya le diphetoho, e thehetsweng hodima dintlha, ya ho hohela basebetsi ba matswantle ba nang le bokgoni, moo ho sebediswang sekema se tshetjwang sa bahiri ho nolofatsa tshebetso ya di-visa bakeng la boramatsete ba baholo, hape le moo ho nolofatswang ditlhoko tsa dikopo. 
 
Re tla boetse re hlahisa visa e sebetsang ka taolo e hole (rimoutu), le nako ya diteselo tse ikgethileng, bakeng la dikgwebo tse qalang tse nang le bokgoni ba kgolo e phahameng.
 
Nakong ena eo lenaneo la diphetoho le ntseng le tswela pele, re tla tswela pele ka ho tshehetsa phumantsho ya mesebetsi ya mmuso le ya setjhaba hore ba batlang mesebetsi ba e fumane. 
 
Selemong se fetileng, re buile ka boleng ba lenaneo la Mopresidente la Hlasimollo ya Mesebetsi le fanang ka menyetla ya mosebetsi le ya boiphediso.
 
Morero ona jwale o se o thehile menyetla e kahodima milione, e fihlellang provinseng e nngwe le e nngwe, esita le seterekeng se seng le se seng ka hara naha ya rona. 
 
Bekeng e fetileng, sehlopha se setjha sa bomphato ba 150 000 ba bathusi ba dikolo se qadile mosebetsi dikolong tse kahodimo ho 22 000, e le moo ho fanwang ka seriti, tshepo le boiphihlelo ba mosebetsi ho batho ba batjha ba neng ba sa hirwa.
 
Letlole la Setjhaba la Mesebetsi le tla hira batho ba nang le seabo ba 50 000 mohatong wa lona o latelang bakeng la ho etsa mosebetsi o tla tswela bohle molemo, mme Tshebeletso ya Naha ya Batjha e tsosolotsweng e tla theha menyetla e meng hape e 36 000 ka mekgatlo e sa etseng phaello le mekgatlo ya setjhaba.

Lefapha la Ditaba tsa Lehae le se le hirile sehlopha sa pele sa bomphato ba batjha ba 10 000 ba sa sebetseng, e leng moo ba tla kenya dikhomputheng dintlha tsa baahi tse fetang dimilione tse 340 tse ngotsweng dipampiring.
 
Jwale tjena ho na le basebedisi ba kahodimo ho dimilione tse tharo ba ingodisitseng ho SA Youth.mobi, e leng polatefomo e sa lefeng lekgetho ya Inthanete e thusang hore Maafrika Borwa a batjha a fihlelle menyetla ya ho ithuta le ho amohela meputso. 
 
Sena se entswe ka tshebetsonommoho e matla le Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha (NYDA), le ntseng le tswela pele ho fana ka thuso ya bohlokwa ho borakgwebo ba banyenyane le ba batli ba mosebetsi.
 
Ke thoholetsa NYDA e le kannete ka mokgwa oo e thusang batjha ho fumana mosebetsi.

Lenaneo la Mopresidente la Tlhasimollo ya Mesebetsi le lona le tshehetsa batho hore ba fumane ho iphedisa. 
 
Balemi ba banyenyane ba fumane divautjhara tse kenyang letsoho tsa ho reka dipeo, monontsha le disebediswa, e leng thuso ya ho ntlafatsa polokeho ya dijo le diphetoho tsa temo. 
 
Morero ona o entse hore ho be le ho lengwa ha mobu wa boholo ba dihektara tse 640 000.
 
Karolo e tsotehang e etsang 68% ya balemi bana ke basadi.
 
Selemong sena, re ikemiseditse ho eketsa lelane la divautjhara tseo re di fang balemi ba banyenyane ka 250 000. 
 
Ena ke mehlala ya phapang eo mmuso o ka e etsang maphelong a batho ka boiqapelo, boqhetseke le boitlamo. 
 
Maafrika Borwa a heso,
 
Ditjeo tsa boiphediso tse ntseng di nyoloha di mpefatsa bofuma le ho se lekalekane. 
 
Dimilione tsa Maafrika Borwa ha di kgone ho iphedisa le ho phedisa malapa a tsona. 
 
Ho na le mosadi ya se nang molekane motseng wa Alex, ya ngongorehiswang ke hore na o tla etsa jwang hore bophelo bo tswele pele jwalo ka ha ditjeo tsa poone le ditefello tsa ho eta ka tekisi di ntse di tswela pele ho nyoloha.
 
Ho na le mosebetsi wa fektri Gqeberha eo hona jwale a tadimaneng le bokamoso bo lerootho jwalo ka ha ho qonolwa ha phepelo ya motlakase ho kgannela ho kwalweng ha tshebetso eo ya ho etsuwa ha dikoloi.
 
Ke mosebetsi wa mmuso ho fa Moafrika Borwa e mong le e mong tshireletso ya boemo bo tlase ka ho fetisisa, hore a tsebe ho iphedisa. 
 
Hona jwale naheng ya rona, ho na le batho ba kahodimo ho dimilione tse 25 ba fumanang mokgwa o itseng wa tshehetso ya moputso.
 
Ka hodima mona, malapa a bahloki a ka bang dimilione tse pedi a fumana tekanyo ya metsi a sa lefellweng, tekanyo ya motlakase o sa lefellweng le tshebeletso e sa lefellweng ya ho thothwa ha ditshila tse tiileng.
 
E batla e le 60% ya bajete ya rona e sebedisetswang ntho e tsejwang feela e le moputso wa setjhaba, moo ho fanwang ka mekgwa e fapafapaneng ya tshehetso, ditshebeletso tsa motheo le thuso ho malapa le batho ka bomong ho lwantsha bofuma le tlala. 
 
Ho tshehetsa mosebetsi ona le ho lwantsha ditlamorao tsa ditjeo tsa bophelo tse nyolohang, re tla tswela pele ka Diphallelo tsa Kimollo ya Setjhaba bakeng la Bohlomohi (SRD), tseo hajwale di fihlellang batho ba dimilione tse 7.8.
 
Re tla netefatsa hore diphallelo tsa setjhaba tse teng hona jwale di a nyollwa molemong wa ho fokotsa boima bo hatellang bahloki ba ho fokotseha ha matla a tjhelete. 
 
Sena se tla tekwa bajeteng ke Letona la Ditjhelete.
 
Mosebetsi o se o ntse o etsuwa wa ho hlahisa mokgwa wa tshebetso bakeng la tshehetso ya moputso wa motheo eo re tla e kenya tshebetsong bakeng la ba fokolang ka ho fetisisa, ho latela kamoo bajete ya rona e re dumellang kateng.
 
Sena se tla sebeletsa hodima boiqapelo boo re bo hlahisitseng ka Diphallelo tsa SRD, ho kenyeletswa ho hokahanngwa ha datha eo re nang le yona mmusong ka bophara, e le ho netefatsa hore re fihlella ho bohle ba hlokang. 
 
Ramatlotlo wa Setjhaba o ntse a tadimisisa kgonahalo ya mehato e potlakileng ya ho fokotsa boima ba ditheko tsa dijo bo bakwang ke ho qonolwa ha phepelo ya motlakase. 
 
Selemong sena, re tla nka mehato e tla tswela malapa a futsanehileng molemo ka ho potlakisa ho ntshuwa ha ditokomane tsa borametse bakeng la matlo a tshehetso ya mmuso.
 
Tshallomorao e teng hona jwale tshebetsong ya ho ntshetsa beng ba matlo ditokomane tse ba pakang e kahodimo ho milione ya matlo, e lekanyetswa dibilione tse 242 tsa diranta tsa matlotlo a tshwanelang hore e be a matsohong a malapa a futsanehileng ka ho fetisisa a Maafrika Borwa. 
 
Ha re tlo tsepamisa maikutlo a rona ho fediseng tshallomorao ena feela, empa le hodima ho etsa hore sistimi ena ya ditokomane tsa thaetlele e be e sebetsang hantle haholo le e fihlellehang haholo.
 
Jwalo ka ha re ile ra etsa boitlamo ho SoNA selemong se fetileng, Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Metheo ya Tshebetso le se le phethile ho neheletswa ha dihektara tse 14 000 tsa mobu wa mmuso bakeng la kaho ya matlo a bodulo.
      
Ho fihleleha ha thuto ya boleng bo botle ho bohle ke sebetsa se matla ka ho fetisisa seo re nang le sona bakeng la ho fedisa bofuma. 
 
Re tshwanela ho qala ka bana ba sa leng banyenyane haholo, moo re ba fumantshang motheo oo ba o hlokang hore ba tsebe ho ngola le ho bala ka kutlwisiso, ho ithuta le ho hola.
 
Ka hona, ke taba ya bohlokwa ya hore lenane la bana ba fumanang tshehetso ya ditjhelete ya Dikolo tsa Dikonyana (ECD) e be e iphetile ka makgetlo a fetang a mabedi pakeng tsa 2019 le 2022, mme e fihlelle milioneng e nang le halofo ya bana. 
 
Lefapha la Thuto ya Motheo le nolofatsa ditlhoko tsa ditsi tsa ECD tsa ho fumana tshehetso, mme ho dumellwe hore ho eketswe lenane la ba fumanang tshehetso ho tswa mmusong ka dikete tse ding hape. 
 
Ha re le ntlheng e nngwe e phethang leeto la thuto ya motheo, re tlameha ho thoholetsa sekgahla sa katleho ya baithuti ba materiki ba selemo se fetileng sa 80%, moo diprovinse tsohle di bontshitseng diphetho tse ntlafetseng. 
 
Ena e bile keketseho ho tloha ho 76% ya selemo se ka pele. 
 
Karolo ya dikatleho tsa batjhela dikolong tse sa lefellweng ke batswadi e nyolohile ho tloha ho 55% ka selemo sa 2019 ho ya ho 64% ka 2022. 
 
Sena se bolela hore tshebetso ya baihuti ba dikolong tse futsanehileng e ntse e ntlafala butlebutle, e leng ho pakahatsang boleng ba tshehetso eo mmuso o ba fang yona. 
 
Seo diphetho tsena di se hlahisang ke hore ho na le phetoho e kgutsitseng e etsahalang dikolong tsa rona. 
 
Dikolo di tlameha ho bolokeha, mme di dumelle hore ho be le ho ithuta le ho ruta ho etswang hantle. 
 
Morero wa Matlwana a Loketseng Thuto – o tsejwang ka hore ke SAFE – mmoho le Morero wa Phano e Potlakileng ya Metheo ya Tshebetso Dikolong e se e ahile matlwana a nepahetseng a 55 000 ka disebediswa tse tswang lekaleng la mmuso le lekaleng la poraefete.
 
Ho hlahisa bokgoni boo naha ya rona e bo hlokang, re atolla disistimi tsa thuto ya mosebetsi le kwetliso ka ho kenya tshebetsong kharikhulamo e amohetsweng ya motlolo wa metjha e meraro.
 
Selemong sena, mmuso o rerile ho phetha Motlolo o Moholo wa Letlole la Ditjhelete la Baithuti bakeng la thuto e phahameng, ka ho toba, bakeng la baithuti ba welang ka thoko ho ditlhoko tsa Sekema sa jwale sa Naha sa Dithuso tsa Ditjhelete sa Baithuti; e le ho fihlella ho bao ba tsejwang ka hore ke ‘ba mokgahlelong o lebalehileng’.
 
Ditho tse kgabane,
 
Ditlolo tsa molao tse sebedisang dikgoka di ama Moafrika Borwa e mong le e mong habohloko. 
 
Naheng ya rona ka bophara, baahi ba dula ba tshohetse bona le malapa a bona. 
 
Boemo bona bo ke ke ba tswela pele. 
 
Re matlafaletsa SAPS ho thibela ditlolo tsa molao, hape re ntlafatsa bokgoni ba Lekgotla la Naha la Botjhotjhisi (NPA) le makgotla a dinyewe molemong wa ho netefatsa hore batlodi ba molao ba tliswa ka pele ho makgotla a dinyewe. 
 
Hona ho kenyeletsa ho beha mapolesa a mangata diterateng, le ho hlophisa dihlopha tse ikgethileng tse tla tsepamisa maikutlo mefuteng e ikgethileng ya ditlolo tsa molao.
 
Ngwahola, re entse boitlamo ba ho hira basebetsi ba batjha ba sepolesa ba 12 000.
 
Ho tloha hona hoo, bahiruwa ba batjha ba 10 000 ba fumane mangolo ho tswa dikoletjheng tsa sepolesa, mme ba bang hape ba 10 000 ba tla hirwa ba be ba rupelwe selemong sena. 
 
Dihlopha tsa sepolesa tse ikgethileng tse sebetsanang le ho lwantsha ditlolo tsa molao tse tshwanang le ho kwetela, boqhekanyetsi le ho rafa ho seng molaong di se di ile tsa ba le dikatleho tse ngata, moo di tshwereng babelaellwa ba sehlopha, hape tsa atleha hore ba be bangata ba ahlolwang. 
 
Ho etsuwa ka matla hore ho lwantshwe tshenyo ya moruo le ditlolo tse amanang le yona tse etsang tshenyo e kgolo moruong. 
 
Dihlopha tsa Tshebetso tse Kopanyang Mafapha tsa Metheo ya Tshebetso ya Moruo di se di ntse di sebetsa dibakeng tse 20 tse kotsing. 
 
Selemong se fetileng, ke ile ka hlahisa tlhokomediso malebana le tshenyo e kgolo e etswang ke ho utsuwa ha mehala ya koporo sistiming ya rona ya motlakase, ditseleng tsa diterene le metheong e meng ya tshebetso ya mmuso.
 
Ho tloha hona hoo, sepolesa se se se ntse se nkile bohato ba ho lwantsha boshodu ba mehala. 
 
Ka kgwedi ya Tshitwe, mmuso o ile wa hlahisa thibelo ya nakwana ya ho romelwa ntle ha mehala ya koporo e senyehileng le dimetale tse ding e le ho sitisa maqulwana a ditlokotsebe, hape le ho dumella sistimi e ntjha ya kgwebo e tle e kenngwe tshebetsong. 
 
Jwalo ka ha re se re qadile ho etsa diphetoho tsa moruo motlakaseng, metsing, dikgokahanong le ho thothweng ha thepa ka Letsholo la Vulindlela, re phethahatsa tshebetso ya diphetoho, e le ho ntlafatsa ho sebetsa hantle ha ntwa ya rona e kgahlanong le ditlolo tsa molao. 
 
Re tla sebedisa bokgoni ba rona ba tlhodisano ditshebetsong tsohle tsa ditsi tsa mehala ho tshehetsa tshebediso e nepahetseng ya mohala wa thuso wa 10111, bolekaneng ba rona le lekala la poraefete. 
 
Hona ke ho netefatsa hore ha batho ba letsetsa sepolesa, mehala ya bona e a arajwa, mme ditsietsi tsa bona tsa tshohanyetso di a tsotellwa.
 
Re tla boetse re sebedisa diselefouno ka mokgwa o rarahaneng haholo ho tsebahatsa le ho toba dibaka tse kotsing ya ditlolo tsa molao.
 
Ntlheng ya bohlokwa, bajeteng ena tjhelete ya sepolesa le ya Karolo e Ikgethileng ya Diphuputso (SIU) di tla eketswa. 
      
Ditlolo tsa molao tse lebiswang ho basadi le bana e ntse e le letshwao le ngongorehisang la bophelo ba setjhaba sa rona. 
 
Ka kgwedi ya Pudungwana ngwahola, re ile ra tshwara Seboka sa bobedi sa Mopresidente sa GBVF ho hlahloba tswelopele e ntsweng ho phethahatsweng ha Moralo o Moholo wa Naha, o neng o ile wa amohelwa e le karabelo e kgolo ya rona ya sewa, e sebetsang hantle, hape e kopanetsweng ke bohle.
 
E nngwe ya dikatleho tse kgolo tsa matsapa a rona a ho lwantsha GBV ke boholo ba kamoo balekane ba setjhaba ba sebeditseng ka matla ho atlehisa Moralo ona o Moholo wa Naha.

Ka kgwedi ya Pherekgong selemong se fetileng, ke ile ka saenela dikarolo tsa bohlokwa tse tharo tsa molao tse fanang ka tshireletso e kgolo ho mahlatsipa a GBV hore e be molao, le ho netefatsa hore baetsi ba bobe ba se ke ba hlola ba sebedisa dikgaello tse teng molaong hore ba qobe ho fumanwa ba le molato.
 
Re ntse re tswela pele ho ntlafatsa ho fihlelleha le tshebetso ya Makgotla a Ditlolo tse amang Bong le ho atolla marangrang a Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela. 
 
Karolo ya bohlokwa ya Moralo o Moholo wa naha ke ho matlafatswa ha basadi ho tsa moruo. 
 
Ho tloha phatlalatsong ya boikemisetso ba rona ba ho lebisa bonyane 40% ya ditheko tse etsuwang ke mmuso dikgwebong tseo beng ba tsona e leng basadi, re batlile ho theha tikoloho e dumellang le ho tshehetswa ha borakgwebo ba basadi. 
 
Re kwetlisitse dikgwebo tse kahodimo ho 3 400 tsa basadi, re di lokisetsa hore di lokele menyetla ya ho kena thekisetsong.
 
Ka Seboka sa Basadi sa Moruo, re bone dikopano tsa diindasteri le dikhampani di etsa boitlamo dipakaneng tsa diindasteri tsa diphetoho tsa bong ka bophara. 
 
Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri e hlwaile dibilione tse ka bang 9 tsa diranta bakeng la ho tsetelwa dikgwebong tse etellwang pele ke basadi. 
 
Dikhampani tse ding, ho kenyeletswa Koporasi ya Setjhaba ya Matsete le Letlole la Naha la Matlafatso, le tsona di entse boitlamo ba ho theha dikoloi tsa tshebediso e ikgethileng ho tshehetsa dikgwebo tseo beng ba tsona e leng basadi. 
 
Bohle re tshwanela ho ba le seabo, re le batho ka bomong, mekgatlo le baetapele ka bophara ba setjhaba, ho fedisa ditlolo tsena tsa molao tse etswang kgahlanong le basadi le bana.
 
Selemong se fetileng, ke ile ka re re tla nka mohato o tiileng kgahlanong le bobodu, mme re hlakolele ruri nako ya ho hulwa ka nko ha puso. 
 
Khomishene ya ho Hulwa ha Puso ka Nko e neng e eteletswe pele ke Moahlodi e Moholo Raymond Zondo e ile ya phetha mosebetsi wa yona, mme ya nehelana ka karolo ya ho qetela ya tlaleho ya yona ka kgwedi ya Phuptjane ngwahola. 
 
Re le naha, re na le molato o moholo wa teboho e yang ho Moahlodi e Moholo Zondo, basebetsi ba Khomishene, le bohle ba ileng ba fana ka bopaki bakeng la mosebetsi wa bona o tswileng matsoho wa setjhaba. 
 
Ditshisinyo tsa Khomishene di ntse di phethahatswa ho latela morero oo ke ileng ka o neha Palamente ka Pudungwana ngwahola e le hore dintlha tsa bofokodi ba tsamaiso tse tsebahaditsweng ke Khomishene ho tle ho sebetsanwe le tsona, mme ho hulwa ha puso ka nko ho se hlolwe ho dumellwa hape. 
 
Lekgotla la Naha la Boeletsi la Twantsho ya Bobodu, le theilweng ka batho ba tswang setjhabeng sa rona ka bophara, le se le le teng ho eletsa malebana le mehato ya ho motsula bobodu, ho kenyeletswa ho ntjhafatswa ha kaho ya setheo sa ho fedisa bobodu. 
 
Re mosebetsing wa ho matlafatsa Lekala la Tshireletso ya Dipaki, mme re tla etsa ditokiso tsa Molao wa Tshireletso ya Dipepeso, wa selemo sa 2000 (Molao wa 26 wa selemo sa 2000), le Molao wa Tshireletso ya Dipaki, wa selemo sa 1998 (Molao wa 112 wa selemo sa 1998), e le ho matlafatsa tshireletso ya dihlabamokgosi. 
 
Mosebetsi o se o ntse o qadilwe wa ho ntlafatsa ho fihlelleha ha lenaneo la tshireletso ya dipaki bakeng la basebetsi ba mmuso ba pepesang tsamaiso e mpe, bobodu le boitshwaro bo sa lokang. 
 
Re tla phetha moralo wa Bili ya Ho Reka ha Puso molemong wa ho sebetsana le dintlha tsa bofokodi tse tsebahaditsweng ke Khomishene ya Ho Hulwa ha Puso ka Nko, mme re ntlafatse ho sebetsa hantle, boleng ba tjhelete le ponaletso. 
 
Makala a rona a tsosolotsweng a phethahatso ya molao a etsa tshebetso e tiileng kgahlanong le dikhampani le batho bao ho belaelwang hore ba bile le seabo ho hulweng ha puso ka nko. 
 
Lekala la NPA la Diphuputso, leo ke le thehileng ka selemo sa 2019, le se le hlahisitse ka pele ho makgotla a dinyewe batho ba 187 ba qositsweng bakeng la dinyewe tse 32 tsa ho hulwa ha puso ka nko le bobodu. 
 
Ke dibilione tse 7 tsa diranta tseo ho fihlela jwale di seng di buseleditswe mmuso ho tswa dinyeweng tsa ho hulwa ha puso ka nko. 
 
Ho fihlela jwale, dibilione tse 12.9 tsa diranta tsa matlole le matlotlo di se di se di sa thetswe. 
 
Selemong sena, Lekala la Diphuputso le tla thewa e le karolo ya nako tsohle ka hare ho NPA. 
 
Maafrika Borwa a heso,
 
Ho atleha ho fumana tswelopele ho sebetsaneng le diphephetso tse potlakileng tseo re shebaneng le tsona, re hloka Puso e nang le bokgoni le e sebetsang hantle.
 
Bofokodi ba rona bo boholo bo dikgwebong tsa mmuso le pusong ya dibaka. 
 
Boholo ba di-SOE tsa rona bo tlasa kgatello ya dikoloto, matsete a fokolang metheong ya tshebetso, ditlamorao tsa ho hulwa ha puso ka nko, le kgaello ya bokgoni. 
 
Re tla phethahatsa tshisinyo ya Lekgotla la Mopresidente la di-SOE ya ho theha khampani ya mmuso ya ho tshwara e le karolo ya motlolo o bohareng wa thuo ya matlotlo o tla netefatsa bolaodi bo sebetsang hantle ba di-SOE. 
 
Ka thoko ho moo, ke laetse Ofisi ya Mopresidente le Ramatlotlo wa Setjhaba ho sebetsa mmoho ho hlophisa botjha mafapha a mmuso, dikgwebo le mananeo nakong ya dilemo tse tharo tse tlang. 
 
Ramatlotlo wa Setjhaba o akanya hore re ka fihlella poloko e ka bang teng ya dibilione tse 27 tsa diranta nakong e mahareng haeba re ka ra sebetsana le ditaelo tse pharallanang, ra kwala mananeo a sa sebetseng hantle, hape ra kopanya dikgwebo moo ho tshwanelang.
 
Tshebetso e fokolang ya dipuso tse ngata tsa dibaka e ntse e le ntlha e ngogorehisang. 
 
Ke bommasepala ba rona ba bangata ho feta, ba 163 ho ba 257, ba sa sebetseng hantle kapa ba boemong ba bohloki ka lebaka la taolo e sa sebetseng hantle le, ka dinako tse ding, taolo ya ditjhelete le ya tsamaiso e sebetswang ka bobodu, mmoho le phepelo e fokolang ya ditshebeletso.

Mmuso o phethahatsa mehato e mengata ya ho sebetsana le mefokolo boemong ba puso ya dibaka le ho ntlafatsa phepelo ya ditshebeletso tsa motheo. 
 
Tsena di kenyeletsa ho ntlafatswa ha bokgoni ba baemedi ba mmuso le basebeletsi, ho lokiswa le ho ntlafatswa ha metheo ya tshebetso ya dibaka, ho rapela batshwari ba puso ya dibaka hore ba nke mehato moo bommasepala ba hlolehang ho phetha boikarabelo ba bona.
 
Tshebeletso ya setjhaba e nang le tsebo, e nang le basebetsi ba nang le bokgoni, batho ba inehetseng hape ba sebetsang ka toka, ke ya bohlokwa haholo bakeng la puso e sebetsang hantle, esita le ho fediseng bobodu, tshekisetso le tshenyo. 
 
Karabelong ya Khomishene ya Ho Hulwa ha Puso ka Nko le ho ipapisa le moralo wa ho etsa hore tshebeletso ya mmuso e be ya ditsebi, diteko tsa botshepehi e tla ba setlamo bakeng la batho ba hirwang tshebeletsong ya mmuso, le ditlhahlobo tsa ba qalang mosebetsi di tla etswa. 
 
Re lokisa melao, hape re matlafatsa tema ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba ya ho netefatsa hore batho ba hirwang dibakeng tsa balaodi ba baholo e be ba nang le mangolo a mosebetsi, le ho habela ho theheng tshebeletso ya setjhaba e le nngwe, le e kopaneng. 
 
Ditho tse kgabane,
 
Jwalo ka ha re inehetse ho ntlafatseng bokamoso ba banna le basadi ba naha ya rona le ho ntshetseng pele katleho e kopanetsweng bakeng la bohle, boinehelo ba rona le bona bo jwalo le tabeng ya ho atleha ho bopa Afrika e Ntle le Lefatshe le Letle.
 
Re ngongorehiswa haholo ke ho eketseha haholo ha dikgohlano pakeng tsa baahi ba Iseraele le baahi ba Palestina, mme re etsa boipiletso ba phediso ya ho tsohelana matla, le hore ho tsoseletswe tshebetso e ileng ya tlohelwa ya ho bopa kgotso. 
 
Afrika Borwa e lebisa matshediso a yona a tebileng ho mmuso le batho ba naha ya Turkiye kamorao ho ho reketla ha lefatshe ho thefulang maikutlo ho etsahetseng pejana bekeng ena. 
 
Re le naha, re motlotlo haholo ka matsapa a Gift of the Givers a ho thusa bao ba annngweng ke ho reketla hona ha lefatshe.
 
Re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la kgohlano e ntseng e tswela pele pakeng tsa Russia le Ukraine, mme re kgothaletsa mahlakore ohle ho beha dihlomo fatshe mme ba batle tharollo ya kgotso ka dipuisano.
 
Bokamoso ba Afrika Borwa bo hokelane haholo le ba dinaha tsa kontinente ya rona, le tsa Lebatowa le ka Borwa la Ntshetsopele, ka ho tobileng.
 
Molemong wa botsitso le tswelopele ya rona, re a tlameha ho nka mehato e tla tlisa kgotso, botsitso le ntshetsopele kontinenteng ya rona. 
 
Re tla tswela pele ho atolla menyetla ya kgwebo le matsete re sebetsa mmoho le balekane ba rona ba kgwebo ba matjhaba mme re tla leka ho hohella matsete le dithuso tsa ditjhelete Afrika Borwa ka seabo sa rona diforamong tse kopanyang mebuso tse kang G20, eo re tla e tshwarela naheng ya rona ka selemo sa 2025.
 
Selemong sena, Afrika Borwa e nka bodulasetulo ba sehlopha sa dinaha tsa Brazil, Russia, India le Afrika Borwa.
 
Re tla tsepamisa maikutlo ho tshebetsommoho ya ntshetsopele e nang le mokoka, phetoho e lokileng ya eneji, boindasteri le phethahatso ya Sebaka sa Kgwebo e Lokolohileng Kontinenteng ya Afrika.
 
Afrika Borwa, mmoho le baahisani ba rona Kopanong ya Mokhafisong ya Afrika e ka Borwa, re tla phetha haufinyane tlhahiso ya rona ya indasteri Sebakeng sa Kgwebo e Lokolohileng Kontinenteng ya Afrika.
 
Ha e se e kentswe tshebetsong ka botlalo, Kgwebo e Lokolohileng ya Kontinente e tla fana ka monyetla o so ka o eba teng wa ho hodisa ho kopanngwa ha moruo wa ka hare ho Afrika, ho hodisa meruo ya dinaha tse amehang, le ho bula meedi e metjha le mebaraka e metjha bakeng la dikhampani tsa Afrika Borwa. 
 
Maafrika Borwa a heso, 
 
Semelo sa sebele sa setjhaba se bonahala dinakong tsa tlokotsi. 
 
Naha e hlaloswa ke kamoo batho ba yona ba tadimanang le mathata a maholo ka ho fetisisa – hore na ba sebetsa mmoho, mme ba tobane le diphephetso ba le ngatananngwe, ba kopantswe ke morero o le mong, kapa hore na ba inehela mathateng a ka pele ho bona. 
 
Re setjhaba se phamotsweng ke diphephetso tsa nako ena, empa re boetse re setjhaba se lekang ka matla ho phethahatsa tshepo ya bokamoso ba rona.
 
Ha re ne re nka mehato ya rona ya pele tseleng e yang demokrasing, re ile ra ba le pono e hlakileng ya hore na tsela eo e tla re fihlisa kae. 
 
Re ile ra bona naha eo ho yona batho bohle ba lekanang.
 
Re ile ra bona naha eo ho yona monono wa disebediswa tsa yona o tla tswela bohle molemo. 
 
Re ile ra bona naha eo ho yona re ka dulang ka kgotso, le eo ho yona re ka sebetsang mmoho ho aha boitsebiso bo tshwanang, le bokamoso bo kopanetsweng. 
 
Setjhaba sa rona se thehetswe hodima Molao wa Motheo o netefatsang makgabane a demokrasi a seriti, tekatekano le tokoloho, le ditokelo tsa e mong le e mong wa rona. 
 
Mehato eo re e lokodisitseng phirimaneng ena, mme re sebeletsa hodima mosebetsi oo re seng re o entse, di tla re atametsa ponong eo. 
 
Di tla re dumella, ha re sebetsa mmoho le ka morero, ho tswa ka hara tlokotsi re le setjhaba se fetohileng. 
 
Re tla tswa ka hara tsietsi ena re na le sistimi ya motlakase e sebetsang hantle haholo, e tshepahalang haholo, hape e lokelanang le tlhodisano. 
 
Re tla tswa re na le dibaka tsa boemakepe le diterene tse qothisanang lehlokwa le tse ntle ka ho fetisisa lefatsheng, le inthanete e fihlellehang ho Maafrika Borwa a mangata dibakeng tse ngata tsa naha, le phepelo e nang le mokoka ya metsi. 
 
Re tla amohela bahahlaodi ba bangata haholo naheng ya rona, hape re tla ntshetsa pele le ho theha bokgoni boo moruo wa rona o bo hlokang. 
 
Re tla theha mesebetsi bakeng la bao ba sa sebetseng, hape re fane ka tshepo ho bao ba ileng ba ema ka nako e telele. 
 
Ka mapolesa a mangata seterateng, le diforamo tse sebetsang hantle tsa bopolesa ba setjhaba, le lekgotla la botjhothisi le sebetsang hantle le le ikemetseng, batho ba rona ba tla ba le hona ho tshepa Mmuso. 
 
Ka ho lwantsha tshenyo ya moruo le ditlolo tsa molao tse hlophisitsweng, metheo ya rona ya tshebetso e tla bolokeha haholo, mme dikgwebo di tla kgona ho sebetsa ka bolokolohi bo boholo. 
 
Ka sistimi ya tshireletso ya setjhaba e matlafaditsweng, hape e atolotsweng, batho ba tla ba moelana haholo ba phelang ka bofutsana, mme le malapa a tla ba moelana haholo a tla phela ka tlala. 
 
Re tlameha ho etsa dintho tsena tsohle, e seng feela molemong wa ho hlola diphephetso tsa rona tsa jwale, empa hape le ho ntjhafatsa tshepiso ya Afrika Borwa. 
 
Ke tshepiso eo re e bolokileng e phela dipelong tsa rona le diketsong tsa rona. 
 
Selemong sena, e tla ba dilemo tse 10 ho tloha ha re ne re fonanisa Nelson Mandela, Mopresidente wa pele wa Afrika Borwa ya demokrasi, Madiba wa rona eo re mo ratang. E tla be e boetse e le dilemo tse 105 tsa tlhaho ya hae.
 
Ha re keteka bophelo ba hae bo kgabane, ha re ke re ikgothatseng ka mantswe ao a neng a a buwe nakong ya tlhomamiso ya hae ka selemo sa 1994, ha a ne a re:
 
 “Ho tswa boiphihlelong ba ho tjamelana le tlokotsi e kgolohadi ya setjhaba e nkileng nako e telele ka ho fetisisa, ho tshwanela hore ho tswalwe setjhaba seo batho bohle ba tla ba motlotlo ka sona” 
 
“Re le Maafrika Borwa feela a tlwaelehileng, diketso tsa rona tsa ka mehla di tlameha ho hlahisa bonnete ba Afrika Borwa ya sebele e tla ntlafatsa tshepo ya batho tsamaisong ya toka, e tla matlafatsa boitshepo ba yona bohlomphehing ba moya wa motho, mme e ntshetse pele matshepa ohle a rona bakeng la bophelo bo tlotlehileng bakeng sa bohle.”
 
Ho aha setjhaba se jwalo, le ho hlola mathata a maholo a nako ena, re tshwanela ho sebetsa mmoho. Re tshwanela ho tiisetsa. 
 
Re le setjhaba, nakong ena ho feta dinakong tsohle, re tshwanela ho hlahisa semelo sa rona sa nnete. 
 
Re tshwanela ho sebetsa mmoho, mme ho se be eo re mo siyang morao. 
 
Ke a leboha.
 

Share this page

Similar categories to explore