Ho hlakola laesense ya thelevishene

Ha o rekisitse, o lahlile kapa o lahlehetswe ke thelevishine ya hao ha ho sa hlokahala hore o ka ba le laesense ya TV.

O lokela ho tsebisa Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC) ka maemo a hao a fetohileng ka ho ngola bopaki bo tletseng foromong ya afidafiti e fumanehang dikantorong tsa hao tse haufinyana tsa SABC kapa ka ho etsa setatemente se maleba ho Mokomishinara ofe kapa ofe wa Boikano.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le laesense ya TV ho tswa ho Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC) kapa iteanye le SABC ho 011 330 9555.

 

Share this page