Kopo ya go ba gona go tsheko ya Lekgotla La Go Ntšhiwa ga Baswariwa ka mabaka

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

 

 

Tlhaloso

Motletlebi ofe kapa ofe le lehlatsipa lefe kapa lefe la botlokotsebe le ka nna la kopa ho hlahisa puo ka ho ngola kapa ho ba teng nakong eo Boto ya Parola e dutseng nakong eo ho tlilo lekolwa dintlha tsa ya tlotseng molao bakeng sa hore a behwe paroleng kapa tlhokomelong ya tlhabollo. 

Mehato e latelwang

  1. Motletlebi kapa lehlatsipa la botlokotsebe le tlamehile ho tsebisa Bohlokomedi ba Tlhabollo bo tshwanetseng hammoho le Boto ya Parola (CSPB) ka ho ba ngolla haeba ba lakatsa ho hlahisa puo kapa ba be teng nakong eo Boto ya Parola e dutseng ka dintlha tsa ya tlotseng molao.
  2. Boto e tla tsebisa motletlebi kapa lehlatsipa ka ho mo ngolla moo e hlalosang hore na ba lokela ho e etsa neng le hore ba lokela ho hlahisa puo ya bona ho mang. Letsatsi le sebaka se tshwanetseng tsa kopano ya Boto ya Parola le tsona di tla boela di totobatswa. 
  3. Ke boikarabelo ba motletlebi kapa lehlatsipa ho tsebisa Khomishenara kapa CSPB ha aterese ya bona e fetohile.

Maemo a tshebeletso

Boto ya Parola e tla tsebisa motletlebi kapa lehlatsipa ka ho mo ngolla mabapi le dintlha tsa ho hlahisa puo hammoho le ka kopano e tshwanetseng ya Boto ya Parola.

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Diforomo tse tlatsuwang

Request to make a representation to a Parole Board (Kopo ya motletlebi ho hlahisa puo Bohlokomeding ba Tjhankane le Botong ya Parola)

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

 

Tel: 012 307 2998 | 012 307 2999

Physical address:                               
124 WF Nkomo Street                            
Poyntons West Block                   
Pretoria                  
0001

Postal address:
Department of Correctional Services
Private Bag X136
Pretoria
0001

Share this page