Etsa kopo komiting ya ditshebeletso tsa bohlokwa hore e tle e etse ditekolo hore na tshebetso eo efela e le tshebeletso ya bohlokwa

Mohiri a ka nna a etsa kopo Komiting ya Ditshebeletso tsa Bohlokwa (ESC) ho hlahloba hore na kgwebo eo efela e le tshebeletso ya bohlokwa.

Ka tshebeletso ya bohlokwa ho bolelwa tshebeletso eo, ha ho ka etsahala hore e sitisehe, seo se ka beha maphelo le bophelo ba batho kotsing kapa ho tlisa tshitiso e kgolo.

Nakong ya diseteraeke, mokga ofe kapa ofe o amehang tsekisanong ka ditaba tse latelang e ka nna ya romela taba eo komiting ya ditshebeletso tsa bohlokwa:

  • ho sa natse hore tshebeletso eo ke tshebeletso ya bohlokwa kapa tjhe
  • ho sa natse hore mohiruwa kapa mohiri o kotsing mabapi le tshebeletso e tshwailweng e le tshebeletso ya bohlokwa.

Tlatsa foromo ya LRA4.2 - E tlhahisang ditsekisano bakeng sa ditshebeletso tsa bohlokwa ho ka lekolwa mme o e romele ho Khomishene ya Poelano le Bonamodi (CCMA).

Thola lesedi le fetang lena mabapi le mosebetsi wa Komiti ya Ditshebeletso tsa Bohlokwa kapa o buisane le Khomishene ya Poelano le Bonamodi.

 

Call centre: 0861 16 16 16

Share this page