Ingodise jwalo ka mohlahisi kapa motho ya tlisang makoloi ho tswa kantle

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho ingodisa jwaloka moetsi kapa moreki wa dikoloi dinaheng tsa kantle

Ha o ka batla ho etsa, ho reka dinaheng tsa kantle kapa ho aha dikoloi Aforika Borwa bakeng sa phaello, o tlameha ho qala ka ho ngodisa le lefapha la dipalangwang la porovense.

Hang ha lefapha le amohela kopo ya hao, le tla romela mohlahlobi ho fumana hore na o phethahatsa ho ya ka melawana e amehang. Kgwebo ya hao le yona e tla itshetleha tumellong ya Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS).

O lokela ho etsang
  1. Leba lefapheng la dipalangwang la porovense mme o ise tse latelang:
    • kopo e tlatsitsweng le tsebiso e mabapi le foromo ya moetsi/moreki wa dinaheng tsa kantle/moahi wa dikolo (MIB)
    • khopi e netefaditsweng ya bukana ya boitsebiso ya mokopi (ID)
    • khopi e netefaditsweng ya ID ya moemedi (ebang mokopi ke mokgatlo wa batho)
    • khopi e netefaditsweng ya setefekeiti sa kgwebo (ebang mokopi ke mokgatlo wa batho)
    • lengolo la boemedi ebang o emetse khamphani 
    • nomoro ya khoutu ya lekgetho e tswang Tshebeletsong ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS) (ebang o le moreki wa dinaheng tsa kantle)
    • bopaki ba boingodiso ba VAT bo tswang SARS
Nako ya tshebetso

Boingodiso bo itshetlehile kamohelong ya MEC ya amehang mme setefekeiti sa boingodiso se ntshwa kamohelong e jwalo.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le lefapha la dipalangwang la lehae la heno bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Kopo le tsebiso mabapi le foromo ya moetsi/moreki wa dinaheng tsa kantle/moahi wa dikoloi (MIB) (Application and notice i.r.o registration of a manufacturer/importer/builder of vehicles [Form MIB])

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact your local department of transport

Share this page