Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro, la 1 Pudungwana 2017

Kabinete e kopane Tuynhuys Motse Kapa.

A. Dintlha tsa hajwale

1. Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBPS) 2017

1.1. Kabinete e amohela MTBPS e tshetlehilweng ke Letona la Ditjhelete, Monghadi Malusi Gigaba, Palamenteng, Motse Kapa, bekeng e fetileng.
1.2. Ditekanyetso tsa ditokiso di tswela pele ho kganna kgolo e kenyeletsang le matlafatso ya ditjhelete tsa mmuso ka ho le leng ho tshireletsa le ho kgothaletsa ditshenyehelo tsa setjhaba mabapi le thuto, boitekanelo, meralo ya motheo ya mantlha le tshireletso ya setjhaba, tseo maAforika Borwa a bo rona a itshetlehileng hodima tsona hore ba natefelwe ke bophelo bo betere.
1.3. Maemong a tsitsipano a moruo, boitlamo ba mmuso ba ho mekamekana le diphephetso ka hara Aforika Borwa bo bontshwa ka maitshunyako a ho hodisa meruo ya makeishene le ya dibaka tsa metse ya mahae, ho matlafatsa taolo e hlwahlwa dikhamphaning tsa mmuso, hammoho le kabo ya tlatsetso e bonahalang ya ho thusa thuto e phahameng ka matlole.
1.4. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho kenela mekutu e eketsehileng ya ho hodisa moruo.

2. Tekolo ya Lebotho la Basebetsi

2.1. Kabinete e ananela Tekolo ya Kotara ka Nngwe ya Lebotho la Basebetsi e lokolotsweng haufinyana tjena bakeng sa kotara ya boraro ya selemo sa 2017, e bontshang hore sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi se dutse se sa fetoha ho tloha kotareng e fetileng moo e neng e le 27.7%. Ho rekotuwe dikuno tsa kgiro lekaleng la mmuso tse etsang 187 000 nakong ya kotara, lekaleng leo e seng la mmuso le lekaleng la temo a rekotile tahlehelo ya mesebetsi ya 71 000 le 25 000 ka tatelano. Mmuso o dula o iteletse ho etsa sohle se ka kgonehang ho sebetsana le diphephetso tsa tlhokeho ya mesebetsi le ho ipiletsa lekaleng la poraefete ho bapala karolo ya lona.

3. Mokete wa Dilemo tse Lekgolo wa Oliver Reginald Tambo

3.1. Kabinete e leboha maAforika Borwa kaofela bakeng sa ho keteka dilemo tse lekgolo tsa mohale wa Ntwa ya Tokoloho OR Tambo, o fihletseng sehlohlolo ka mokete wa Labohlano, la 27 Mphalane 2017 Motsaneng wa Nkantolo ho la Kapa Botjhabela.
3.2. Jwaloka karolo ya mekete ya dilemo tse lekgolo, Moporesidente Jacob Zuma o ne a eteletse pele diporojeke tsa ntlafatso, tse kenyeletsang:

  • Phano ya Letamo la Ludeke Mbizana, le ahilweng e le karolo ya Sekema sa Lebatowa le Leholo la Phepelo ka Bongata ya Metsi la Mbizana ke Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere;
  • Leeto la ho ya lelapeng la Nyameni Motsaneng wa Ludeke moo Moporesidente a ileng a hotetsa motlakase, e le karolo ya lenaneo la mmuso le pharaletseng la ho hokela motlakase dibakeng tsa mahae Mbizana le dibakeng tse mabapi;
  • Dibaesekele tse abetsweng baithuti Sekolong sa Tekginiki se Phahameng sa OR Tambo, e le karolo ya lenaneo la Lefapha la Dipalangwang la Shova Kalula, le tshehetsang baithuti ba tsamayang sebaka sa dikilomithara tse fetang tse tharo ho ya sekolong;
  • Nyehelo ya dikhompyutha Sekolong se Ikgethang sa Vukuzenzele bakeng sa bana ba nang le boqhwala, e neng e eteletswe pele ke Letona la Dikgokahanyo, Mmamoloko Kubayi-Ngubane.

4. Dipalopalo tsa Botlokotsebe

4.1. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela le badudi ho ipapisa le makala a qobello ya molao ho lwantsha botlokotsebe. Dipalopalo tsa botlokotsebe tse lokolotsweng haufinyana tjena ke Letona la Sepolesa, Monghadi Fikile Mbalula, di bontshitse dibaka tse ding moo re entseng kgatelopele mabapi le ho lwantsha botlokotsebe le dibaka tse ding moo maemo a botlokotsebe a ntseng a dutse a phahame.
4.2. Kabinete e kgodisehile hore ke ka feela ho sebetsa mmoho hore re le kaofela re ka kgonang ho kgola molemo ka ho bopa metse e bolokehileng e kgonang ho tswela pele.
4.3. Dipalopalo tsa botlokotsebe di thusa mmuso le Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) ho beha leihlo dibaka tse ka sehlohlolong le ho sebetsa jwaloka mokgwa wa ho lemosa nako e sa le teng bakeng sa ho matlafatsa ditshebetso tsa thibelo ya botlokotsebe le mawa. Ke karolo ya lewa la thibelo ya botlokotsebe ho netefatsa hore batho bohle ka hara naha ba bolokehile le ho ikutlwa ba le jwalo.

5. Dikgoka tse itshetlehileng hodima bong (GBV)

5.1. Kabinete e boeletsa ho tshwela ka mathe ha yona ha tlhekefetso ya basadi le bana, ho sa tsotellwe maemo a baetsi ba diketso tse jwalo setjhabeng.
5.2. Kabinete e kgothaletsa mahlatsipa ho tlaleha diketsahalo tsena tse mpe ho baetapele ba qobello ya molao, ba lokelang ho batlisisa dipelaello tsa GBV le ho sebetsa ka matla ka hara lepatlelo la molao ho netefatsa hore toka e ya phethahatswa.
5.3. Letsholo la Matsatsi a 16 a Diketso tsa Thibelo ya Dikgoka Kgahlanong le Basadi le Bana le a atamela mme Kabinete e tjhaelletse monwana mookotaba wa selemong sena: “Mpalleng le nna: Mmoho re Ntshetsapele Aforika Borwa e Hlokang Dikgoka”.
5.4. Kabinete hape e ipiletsa ho baahi ho rutana ka ditokelo tsa basadi le bana, le ka mekgwa e meng ya thuso e teng bakeng sa ho thusa mahlatsipa a dikgoka.
5.5. Letsholo la Matsatsi a 16 a Diketso tsa Thibelo ke letsholo la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN), le etsahalang selemo ka seng ho tloha ka la 25 Pudungwana (Letsatsi la Matjhaba la Phediso ya Dikgoka Kgahlanong le Basadi) ho isa ka la 10 Tshitwe (Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho).
5.6. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho itahlela ka setotswana mananeong a tsebiso le ho hlahisa temoso metseng ya bona le makaleng a fapaneng ka ho latelana.

6. Seboka sa Diphethoho tsa Bohahlaudi

6.1. Kabinete e ipiletsa ho bankakarolo kaofela ho tshehetsa maikitlaetso a lekala la bohahlaudi a diphethoho kaha sena se hlahisa bokgoni ba ho tswela molemo moruo ka ho matlafatsa badudi ba hlokang menyetla le ho kganna kgolo ya mesebetsi.
6.2. Lefapha la Bohahlaudi le ne le tshwere Seboka sa Naha sa Diphethoho tsa Bohahlaudi ka la 30 le la 31 Mphalane 2017 tlasa mookotaba: “Bohahlaudi bakeng sa Bohle: Fetola, Hola le ho Baballa”, moo ho ileng ha lokollwa Tlaleho ya Boemo ba Diphethoho tsa Lekala le ho thakgolwa ha Lepatlelo la Matlafatso e Pharaletseng ya Batho ba Batsho Moruong (B-BBEE) la Bohahlaudi le Letlole la Diphethoho tsa Bohahlaudi.

7. Leeto la Puso la Moporesidente Macky Sall wa Senegal

7.1. Kabinete e amohela Leeto la Puso la Moporesidente wa Riphabliki ya Senegal, Motlotlehi Macky Sall ka la 20 Mphalane 2017. Aforika Borwa le Senegal di fapanyetsane mehopolo mabapi le dintlha tse hlokolosi tsa lebatowa le tsa lefatshe le ho saena ditumellano dintlheng tse mmalwa.
7.2. Dinaha tse pedi tsena di na le dikamano tsa kutlwano tsa sepolotiki, tsa moruo le tsa kahisano tse tiiseditsweng ka maqhama a matla a nalane a ballwang dilemong tse fetileng tsa ntwa ya tokoloho.
7.3. Ho saenwa ha Memorandamo wa Kutlwano (MoU) mabapi le ho nyalanya Sehlekehleke sa Robben (se neng se sebediswa ke mmuso wa kgethollo ho kwalla balwanedi ba tokoloho) le Dihlekehleke tsa Gorée (motjha oo ka ona batho ba Aforika ba neng ba tsamaiswa ka dikepe ho iswa bophelong ba bokgoba) se tswela pele ho matlafatsa maqhama a botjhaba le a nalane ha ho hopolwa Dipuisano tsa Dakar tsa selemo sa 1987.

8. Leeto la Kemedi ya Indonesia Aforika Borwa

8.1. Kabinete e amohela leeto la Sultan Husain Abubakar Syah wa Tidore ho la Indonesia ka hara Aforika Borwa. Kemedi ya Tidore e ne e kenyeleditse Muhammad Amin Farouk, wa leloko la Tuan Guru, molwanedi wa tokoloho ya ileng a hapjwa ke ma-Dutch le ho romelwa Sehlekehlekeng sa Robben ka selemo sa 1780. Tuan Guru (Imam Abdullah bin Qadi Abdussalam) le bomphato ba hae ba bararo ba ile ba kwallwa bakeng sa dilemo tse 12 mme kamora moo ba behwa palehong ho la Kapa, moo a nyehetseng haholo bakeng sa ntshetsopele ya badudi ba lehae le kahong ya moske wa pele. MaAforika Borwa a mmalwa a na le dikamano tsa lelapa le yena.
8.2. Kemedi e etetse Seboka sa Naha (NA) le Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP) moo ba amohetsweng ke badula ditulo, Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa le Letona la Ntshetsopele ya Moruo Ebrahim Patel.
8.3. Leeto lena le hlakisitse nalane e tshwanang ya puso ya bokoloniale le ntwa ya dilemo tse balwang ka makgolo a dilemo ya tokoloho ya setjhaba ya batho ba Indonesia le Aforika Borwa. Kajeno re keteka maqhama a kgwebisano, bohahlaudi le a mang pakeng tsa dinaha tse pedi tsena.

9. Ditlhatlhobo tsa mafelo a selemo

9.1. Kabinete e kgotsofetse hore ditlhatlhobo tsa mafelo a selemo hajwale di tswela pele dikolong le dikahong tse ding tsa thuto ntle le tshitiso.
9.2. Thuto ke e nngwe ya ditsela tsa bohlokwa tsa ho kgannela setjhaba bokamosong bo betere bakeng sa bohle ka hara naha. Batswadi le bahlokomedi ba kgothaletswa ho tswela pele ho fana ka tshehetso e batlehang ho baithuti nakong ena.
9.3. Mananeo a Lefapha la Thuto ya Motheo a ho kgaoletsa nako e senyehileng le maikitlaetso a mang a thusitse baithuti ba anngweng ke matsholo a boipelaetso hara selemo mme ho lebeletswe sephetho se setle.

10. Momahano ya setjhaba

10.1. Kabinete e thoholetsa makala a qobello ya molao le tshebedisano ya badudi ba thusitseng ka ho tshwarwa ha Willem Oosthuizen le Theo Jackson. Bobedi bona bo qobelletse Victor Mlotshwa ho kena ka lekaseng la bafu le ho mo tshosa ka ho mo tshela ka peterole.
10.2. Kahlolo e bontsha hore melao ya Aforika Borwa ke e tiileng bakeng sa ho sireletsa ditokelo tsa baahi ba yona bohle.
10.3. Kabinete e boetse e tiisa tokelo ya maAforika Borwa kaofela ya ho kenela matsholo a boipelaetso a kgotso jwaloka ha karolo ya demokerasi ya molaotheo e tjho. Leha ho le jwalo, ditokelo tse tekilweng ka hara Molaotheo wa Aforika Borwa wa selemo sa 1996 di na le tekanyetso mme ha di a lokela ho hatikela ditokelo tsa demokerasi tsa ba bang.
10.4. Kabinete e tshwela ka mathe ho kwalwa ha ditsela tsa setjhaba, ho pepesa matshwao a kgatello ya mehleng le ho senngwa ha matshwao a naha a bontshang demokerasi ya rona e lwanetsweng ka thata.
10.5. Kabinete e itlametse karolo ya yona ya ho aha setjhaba se momahaneng bakeng sa bohle le ho ipiletsa ho baahi kaofela ho bapala karolo ya bona ka boikarabelo le ka moya wa ho sebetsa mmoho ho aha Aforika Borwa e kopaneng, e hlokang semorabe, e sa kgetholleng ho ya ka bong, ya demokerasi le e tswetseng pele.

B. Diqeto tsa Kabinete

11.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya Boemo ba Mebuso ya Lehae ka hara Aforika Borwa ya 2015/16. Tlaleho ena e teka kgatelopele e entsweng mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Hare Kgutleleng Sethathong (B2B), e leng moralo wa tshebetso wa ho netefatsa phano ya ditshebeletso tsa motheo, taolo e hlwahlwa le bolaodi ba ditjhelete bo kgabane.

Tlaleho ena e hlakisa dibaka tsa diphephetso le ho fana ka motheo bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha mokgahlelo wa bobedi wa Lenaneo la B2B. Tlaleho e tla tekelwa Palamente.

11.2. Kabinete e tsheheditse dihlomathiso tse sisintsweng tsa Dikhoutu tse tharo tsa Lekala la B-BBEE. Dihlomathiso tsena di tobana le diphephetso tsa lekala lena le mathata a diphethoho tseo ka ho le leng di neng di sa tlo sebetswa ka botlalo ka dikhoutu tse tlwaelehileng. Makala ana a mararo ke a Temo, Ditjhelete le Kaho. Dihlomathiso tse sisinngwang di sekasekilwe le bankakarolo ba amehang. Dikhoutu kaofela tsa makala tse fetotsweng di tla kenngwa koranteng ya mmuso.

11.3. Kabinete e tjhaelletse monwana mohopolo wa Lewa la Naha la tsa Inthanetele ho phatlalatswa ha ona Koranteng ya Mmuso. O phatlaladitswe ka Mmesa 2017 bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Mohopolo wa Lewa la Naha la tsa Inthaneteo hlakisa tjhebelopele e arolelanwang le ho sutha tlwaelong ya ho ba setjhaba sa tlhahisoleseding ho ya moruong le setjhabeng sa tsebo.

O tobana le diphephetso, ho kenyeletswa le kgethollo ho tsa dijithale pakeng tsa barui le bafutsana, pakeng tsa merabe, dibaka tse fapaneng tsa bodulo le mabakeng a bong.

O fana ka lepatlelo bakeng sa maAforika Borwa ho kenella ho tsa thekenoloji, e leng se hlokahalang le ho amana mabapi le ho ntlafatsa ntshetsopele le nala moruong molemong wa setjhaba ka kakaretso. Lefapha la Meralo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso le tla fana ka tlhahisoleseding e batsi mabapi le lewa lena.

11.4. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa le Mmapa wa Naha wa Ditshebeletso tsa Mmuso ka Inthanete, hore le phatlalatswe Koranteng ya Mmuso. Le tla tlisa diphethoho tsa dijithale ditshebeletsong tsa setjhaba le ho thusa ka phano ya boleng bo ntlafaditsweng ba ditshebeletso ha ka ho le leng le tla be le kenella ka hara dithekenoloji tsa dijithale. Lewa lena hara tse ding, le tobile, ho arohanngwa ha maikitlaetso a Ditshebeletso tsa Mmuso ka Inthanete le ho iphetapheta ha metjha, didathabeisi, tsamaiso e ngata e sa tsamaelaneng le ho hloka bokgoni. Hape le tla eketsa tshebediso ya thekenoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahanyo (di-ICT), le tla matlafatsa ntjhafatso dithekenolojing le ditshebedisong tsa Ditshebeletso tsa Mmuso ka Inthanete.

11.5. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Ntshetsopele la ICT la Dikgwebo tse Nyenyane, tse Mahareng le tse Kgolo (di-SMME). Bona ke boitshunyako bo tobileng makala bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tse tjamelaneng le di-SMME tse sebetsang ka hara lekala la ICT.

Lewa lena le lohotha maitshunyako a ho akofisa ntshetsopele le kgolo ya dikgwebo tse nyenyane ka hara lekala la ICT, ha ka nqa e nngwe le thusa ka keketseho maemong a kamohelo le tshebediso ya di-ICT ke lekala le akaretsang la dikgwebo tse nyenyane.

Lewa lena le rerile ho tshehetsa dikgwebo tse ntjha tsa ICT, ho matlafatsa dikgwebo tse ntseng di le teng le ho atolosa tshehetso ho di-SMME tse nang le bokgoni ba kgolo.

11.6. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Tlaleho ya Tekolo ya Lenaneo la Naha la Phepo Dikolong. Lena ke lenaneo la mmuso le nang le ditekanyetso tsa selemo ka seng tsa R5.5 bilione le bakang hore bana ba ballwang ho dimilione tse robong ba thole dijo tse nang le phepo dikolong. Tlaleho ena e fana ka dibaka moo ho nang le ho kenngwa tshebetsong ho hlwahlwa le dibaka tse ding moo ho ntseng ho batleha ntlafatso.

Tlaleho e tla manehwa websaeteng ya Lefapha la Merero, Bodisa le Tekolo ya Tshebetso (www.dpme.gov.za).

11.7. Kabinete e tshehetsa boiketo ba Aforika Borwa ba ho kgethwa hape ho botho ba dilemo tse pedi ba Lekgotla la Mokgatlo wa Matjhaba wa Merero ya Mawatle (IMO). Dikgetho tsena di tla tshwarwa nakong ya Tulo e Setlwaeding ya Kopano ya bo-30 ho tloha ka la 27 Pudungwana ho isa ka la 6 Tshitwe 2017 London, United Kingdom.

Aforika Borwa ke naha ya mawatle moo se ka etsang 80% ya kgwebisano ya matjhaba e etswang ka ho sebedisa mawatle. Botho ba Aforika Borwa ho Lekgotla la IMO bo nyehela ho kgolo ya mesebetsi e bakuwang ke Operation Phakisa: ya Moruo wa Mawatle.

11.8. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tsebahatswa Palamenteng ha Sehlomathiso ho Porothokhole ya Montreal mabapi le Dinthwana tse Senyang Moalo wa Ozouno ho kenyeletsa dihaedroflorokhabone (di-HFC). Sehlomathiso sena se rerile ho fokotsa di-HFC (Tumellano ya Kigali), e leng dikgase tse ding tse kotsi tse nyehelang ho phokotseho ya Moalo wa Ozouno. Aforika Borwa e se e ntse e le setho se saenetsweng ho Porothokhole ya Montreal.

11.9. Kabinete hape e tjhaelletse monwana ho tsebahatswa Palamenteng ha kamohelo ya Khonvenshene ya Minamata mabapi le Sekete. E fana ka menyetla bakeng sa tshireletso ya dihlopha tse kotsing, haholoholo ba dulang dibakeng tseo ho tsona ho nang le mesebetsi ya merafo, kgahlanong le ditlamorao tse kotsi tsa sekete tikolohong le boitekanelong ba batho.

11.10. Kabinete e tsebisitswe ka Tlaleho ya Khomishene ya Dipatlisiso tse mabapi le Thuto e Phahameng le Thupello ka hara Riphabliki ya Aforika Borwa. Komiti ya Kantoro ya Moporesidente ya Ditjhelete e tla kopana ho hlantholla dikateng tsa yona tsa tshusumetso ya ditjhelete. Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello le tla lokela ho sheba botjha maano a amehang le molao, moo ho hlokahalang. Moporesidente Zuma o tla lokollela setjhaba tlaleho ena haufinyana mme sebueledi sa Moporesidente, Ngaka Bongani Ngqulunga, o tla etsa tsebiso mabapi le taba ena.

C. Dibili

12.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Bili ya Naha ya Moputso o Tlase e tla etsa hore ho lefuwe moputso o tlase bakeng sa basebeletsi ba lefuwang ka tlase ka ho fetisisa ka hara Mmaraka wa Basebetsi wa Aforika Borwa. Bili e ipiletsa hore mosebeletsi e mong le e mong a lefuwe mokgolo o seng ka tlase ho moputso o tlase wa Naha. Hang ha bili ena e qala ho sebetsa bahiri ba tla lebellwa ho lefa basebeletsi ba bona ho seng ka tlase ho moputso wa naha o tlase, o lokelang ho eketswa selemo ka seng.

12.2. Kabinete hape e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Bili ya Maemo a Motheo a Kgiro ya 2017. Sena se fetola Molao wa Maemo a Motheo a Kgiro, 1997 (Molao wa bo-75 wa selemo sa 1997) ho netefatsa hore o tla sebetsa ho ya ka Bili ya Moputso o Tlase.

12.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Bili ya Dikamano tsa Basebetsi ya 2017. Bili ena ke ditlamorao tsa ditherisano le bankakarolo kaofela ba amehang. E sebetsana le, hara tse ding, metjha ya ho piketa, diteraeke tsa nako e telele le dibopeho tsa boeletsi ba bonamodi.

12.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha tse amanang le Mebuso ya Lehae: Sehlomathiso sa Bili ya Dibopeho tsa Bomasepala ya 2017. Sena se fetola se amanang le Mebuso ya Lehae: Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala, 1998 (Molao wa bo-117 wa selemo sa 1998).

Bili e rerile ho matlafatsa ditlhophiso tsa ka hara mmuso le taolo ya demokerasi. Hape e rerile ho sebetsana le dintlha tse amanang le tsamaiso le bolaodi ba dikgetho tsa bomasepala, le ho kgothaletsa ho kenngwa tshebetsong ho hlwahlwa le ho kgabane ha Molao ona, hammoho le ho matlafatsa bodisa le taolo ka hara bomasepala.

12.5. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha Bili ya Mekgwa ya Elektroniki ya Boingodiso ba Ditokomane tsa Matlo ya 2017. Bili e se e isitswe setjhabeng bakeng sa ditherisano.

E sebetsa bakeng sa ntshetsopele ya mokgwa wa elektroniki wa boingodiso ba ditokomane tsa matlo (e-DRS), bakeng sa ho tswellisa ditokomane tsa matlo, ho ntlafatsa boingodiso ba methamo e meholo ya ditokomane tsa matlo jwaloka ha e bakwa ke maikitlaetso a Mmuso a tlhabollo ya mobu.

12.6. Jwaloka karolo ya ho kgothaletsa tshebediso ya di-ICT ho aha moruo o kenyeletsang, Kabinete e tjhaelletse monwana Bili ya Setheo sa Naha sa iKamva ya Maitsebelo ho tsa Inthanete ya 2017 (Bili ya iNeSI) hore e kenngwe koranteng ya mmuso bakeng sa ditherisano le tshwaelo.

Bili ya iNeSI e fana ka hore ho thehwe iNeSI e le setheo sa setjhaba ka molao wa sona o se dumellang, bakeng sa ho tobana le kgaello ya Maitsebelo ho tsa Inthanete e sitisang matsete, ntshetsopele ya moruo wa kahisano le bokgoni ba ntshetsopele ka hara naha.

Sena se theha dibaka tsa tlhahiso ya ICT porofenseng ka nngwe, ebe e ba se tla thusa iNeSI ho hlahisa le ho rala mananeo a batlehang le thepa ya thupello, ho kgothaletsa le ho etsa diphuputso tsa ntlafatso, le ho fana ka bokgoni ba diphuputso ho baithuti ba etsang dithuto tsa kamora dikgerata.

12.7. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Ditshebeletso tsa Poso Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Sena se fetola Sehlomathiso sa Molao wa Ditshebeletso tsa Poso wa bo-124 wa selemo sa 1998.

Bili e fana ka ho boptjwa botjha ha lekala la poso ka kakaretso bakeng sa ho nyehela dipehelong tsa phihlello ya lefatshe ya Ditshebeletso tsa Inthanete tsa ntlafatso ha ka nqa e nngwe ho tswelwa pele ho fana ka ditshebeletso tsa poso tsa boleng le tse bolokehileng tsa mehleng.

Sena se nyehela bakeng sa tekatekano le seriti sa botho ka phumantsho ya tlhahisoleseding le ditshebeletso tsa poso tse kgonehang, tse thusang ka ntshetsopele ya kahisano le ntlafatso ya boleng ba bophelo bakeng sa batho ka bo mong le badudi.

D. Diketsahalo tse tlang

Kabinete hape e ananetse tse ding tsa diketsahalo tse tlang khalendareng ya mmuso.

13. Lenaneo la Boporesidente la Bodisa la Siyahlola

13.1. Moporesidente Zuma o rerile ho etela Sepetlele sa Dithuto sa Steve Biko Tshwane ka Labohlano, 3 Pudungwana 2017 ho beha leihlo ditshebeletso tsa phano ya tlhokomelo ya kalafo e le karolo ya Lenaneo la Boporesidente la Siyahlola.

Sepetlele sena ke se seng sa dipetlele tsa setjhaba se sebetsang hantle ka ho fetisisa ka hara naha le ho rehellwa ka Steve Bantu Biko, e leng mofu eo e neng e le mohale wa ntwa ya tokoloho le moithuti wa mehleng wa dithuto tsa bongaka wa Yunivesithi ya Natal (eo hajwale e bitswang Yunivesithi ya KwaZulu-Natal).

Leeto la Moporesidente Zuma ke karolo ya lenaneo le tswellang la ho beha leihlo le reretsweng ho sebetsana le diphephetso tse tobaneng le dipetlele tsa mmuso le ho ntlafatsa tsamaiso ya tlhokomelo ya kalafo ka hara naha, e leng e nngwe ya dintlha tse ka sehlohlolong tsa mmuso.

14. Kgwedi ya Naha ya Temoso ya Ditokelo tsa Batho ba nang le Boqhwala

14.1. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho tshehetsa Kgwedi ya Naha ya Temoso ya Ditokelo tsa Batho ba nang le Boqhwala pakeng tsa 3 Pudungwana le 3 Tshitwe 2017, eo hape e tsamaelanang le Letsatsi la Matjhaba la Batho ba nang le Boqhwala.

MaAforika Borwa a kgothaletswa ho phahamisa temoso le ho sireletsa ditokelo tsa batho ba phelang ka boqhwala, ha ka ho le leng ho ananelwa dikuno tse entsweng bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tse tobaneng le batho ba phelang ka boqhwala.

15. Pitso ya Naha ya Ntshetsopele ya Moruo wa Lehae

15.1. Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba le Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane a tla epa Pitso ya pele ya Naha ya Ntshetsopele ya Moruo wa Lehae ka la 9 le 10 Pudungwana 2017 Gauteng.

Pitso ena ke lepatlelo la lewa bakeng sa dipuisano pakeng tsa lekala la mmuso le la poraefete mabapi le dintlha tse ka sehlohoong le tse hlokolosi tse amanang le ho hlasimolla meruo ya lehae ka ho bopa tikoloho e kgontshang ho fihlella ntshetsopele ya moruo o kenyeletsang.

E.    Melaetsa
16.
16.1. Kabinete e amohela tsebiso ya didolara tsa Amerika tse fetang bilione tse tla tsetelwa bakeng sa dikgwedi tse mmalwa moruong wa Aforika Borwa ho tsa thekenoloji, thuto le kgwebo ya tsa temo. Sena se ile sa tsebiswa ke Lenqosa Harold Doley, Jr, e leng Mmusisi wa Banka ya Ntshetsopele ya Aforika.
16.2. Kabinete e thoholetsa Ngaka Nono Simelela ka ho thonngwa e le Mothusi wa Motsamaisi-Kakaretso wa Mokgatlo wa Bophelo bo Botle wa Lefatshe (WHO). Ngaka Simelela o tla etella pele Lekala la WHO le Sebetsang ka tsa Malapa, Basadi, Bana le Batjha ho tloha ka la 13 Pudungwana 2017. Ke mosadi wa pele wa moAforika wa ho ba Ngaka ya Mopepisi ka hara Aforika Borwa.
16.3. Kabinete e amohela tsebiso ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Rakbi ya ho kgothaletsa hore Aforika Borwa ke naha ya thatohatsi ya ho tshwara tlhodisano ya Mohope wa Lefatshe wa Rakbi wa selemo sa 2023. Kabinete hape e thoholetsa mosebetsi wa Letona la Dipapadi le Boithapollo, Monghadi Thulas Nxesi, Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa le moifo wa boiketo wa Kopano ya Rakbi ya Aforika Borwa. Mokgatlo wa Lefatshe wa Rakbi o tla etsa tsebiso ya ho qetela ka la 15 Pudungwana 2017.
16.4. Kabinete e thoholetsa bankakarolo bohle le bahlodi ba Dikgau tsa bo-15 tsa Selemo ka Seng tsa Ntlafatso ya Lekala la Mmuso. Dikgau tsena di ananela maikitlaetso a phano ya ditshebeletso a atlehileng le ho ba hlwahlwa ka ho sebedisa dikatamelo tse ntjhafatsang, mekgwa le disebediswa.
16.5. Kabinete e thoholetsa SuperSport United FC bakeng sa ho fihla ho makgaolakgang a Mohope wa CAF Confederation kamora ho hlola sehlopha sa Tunisia sa Club Africa 3-1 le 4-2 ka palohare. Sehlopha ka kakaretso se tsejwang ka hore ke Matsatsantsa se tla kopana le TP Mazembe mokgahlelong wa bobedi wa dihlopha tsa kontinente wa makgaolakgang a tlhodisano ena kgweding e tlang.
16.6. Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya Ian McLeod, eo ho hlokahala ha hae e leng tahlehelo papading ya bolo ya Aforika Borwa. E bile moletsaphala wa pele wa moAforika Borwa tlhodisanong ya Mohope wa Lefatshe wa FIFA, ha e ne e le mohlanka ya sebetsang dipapading tsa lefatshe tsa selemo sa 1998 ho la Fora.

F. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
17.
17.1  Batsamaisi ho Boto ya Koporasi ya Inshorense ya Mokitlane wa Diyantle ya South Africa SOC Limited:
a. Mofumahadi Lerato Herriette Mothae; le
b. Mofumahadi Sisa Mayekiso.

17.2. Ditho tsa dinako tsohle tsa Lekgotla la Naha la Dinyewe tsa Basebedisi:
a. Mofumahadi Hazel Viloshni Devraj; le
b. Moatefokate John Rinton Simpson.

17.3. Ho thonngwa hape ha ditho tse pedi tsa nakwana tsa Lekgotla la Dinyewe la Phehisano:
a. Moporofesara Imraan Valodia; le
b. Monghadi Anton Roskan.

17.4. Boto ya Lekgotla la Diphuputso tsa Disaense tsa Botho:
a. Moporofesara Mvuyo Tom – (Modulasetulo);
b. Moporofesara Lindiwe Zungu;
c. Mofumahadi Nasima Badsha;
d. Moporofesara Relebohile Moletsane;
e. Moporofesara Haroon Bhorat;
f. Moporofesara Shireen Hassim;
g. Mofumahadi Precious Nompumelelo Sibiya;
h. Moporofesara Mark Bussain;
i. Moatefokate Roshan Dehal; le
j. Ngaka Abdalia Hamdok.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisi-Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore