Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 4 Pudungwana 2015

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e amohela porojeke ya diteko ya Ntshetsopele ya Dikgwebo ya R20 milione. Lenaneo lena la diteko la dilemo tse pedi le rerile ho ntjhafatsa dibaka tsa diindaseteri tsa Aforika Borwa, ho theha dibaka tse ikgethang tsa diindaseteri le ho tshehetsa kopanelo ya ntshetsopele ya moruo wa lehae bakeng sa ho matlafatsa lekala la dikgwebo tse nyenyane.

Porojeke ena ke semphato le Lefapha la Kgwebisano le Indaseteri, Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, Lefapha la Matlotlo a Naha, le Thuso ya Ditjhelete ya ba Fumanang Lekeno le Mahareng ya Banka ya Ntshetsopele ya Aforika. Porojeke e lakatsa ho nyehela ho tlhahiso ya mesebetsi, ho fokotsa bofuma ho badudi ba hatellehileng, le ho ntlafatsa phumantsho ya thekenoloji le boitsebelo bakeng sa dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolwanyane (di-SMME).

Boikitlaetso bona bo tla fana ka tshehetso lekaleng la SMME ho fihlela ka Tshitwe 2017. Ho itshetlehilwe hodima dikatleho tsa bona, mmuso o tla lohotha ho fana ka bona naheng ka bophara.

1.2. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Setsi se Kopanetsweng sa Tshebetso ke Moporesidente Jacob Zuma ho la Skukuza. Setsi sena se tla hokahanya ditshebetso kgahlanong le bothata ba ho tsoma ditshukudu ntle le molao tulong eo.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Boradiindaseteri ba Batho ba Batsho, e leng karolo ya Moralo wa Leano la Tshebetso la Diindaseteri (IPAP). Leano lena le kgema le Lewa la Naha la Ntshetsopele le Moralo wa Dintlha tse Robong o tsebisitsweng ke Moporesidente Zuma ha a ne a tshetleha Puo ka Maemo a Naha ya 2015.

Hape ke karolo ya boikitlaetso ba mmuso bo pharaletseng ba ho thehwa ha diindaseteri bakeng sa ho atolosa motheo wa diindaseteri le ho kenya ho fetofetoha ho hotjha ha boetapele ba dikgwebo moruong. Sena se hloka boitshunyako bo batlang bo tletse sebete lehlakoreng la mmuso le ho hodisa moruo ka tshehetso e nang le boitelo ho boradiindaseteri ba batho ba batsho jwaloka ha ho hlakisitswe ho IPAP.

Leano lena le tla tsepamisa maikutlo hodima kgolo le bophehisani ba lefatshe ba dikgwebo tseo e leng tsa batho ba batsho. Sepheo ke ho nyehela ho phethoho ya maemo le dikateng tsa setjhaba tsa lekala la diindaseteri la Aforika Borwa le ho kenyeletsa boradiindaseteri ba batho ba batsho, ba nkuwang e le mohlodi o sa sebedisweng ka toka wa mesebetsi, lekeno, makgetho le ntlafatso. Leano le tla thusa ka bonkakarolo bo hlwahlwa ba dikhamphani tseo e leng tsa batho ba batsho le ho laolwa ke bona lethathameng la dikgwebo tsa boleng lekaleng la diindaseteri tsa moruo wa naha.

Letona la Dikgwebo le Diindaseteri le tla tshwara kopano e ka thoko le boraditaba ho manolla leano lena.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya Naha ya Aforika Borwa ya Boraro mabapi le ho Kenngwa Tshebetsong ha Porothokhole ya Cartagena ya Paballo ya tsa Tlhaho, bakeng sa ho fuwa Bongodi ba Khonvenshene ya Diphapano tsa Tlhaho.

Porothokhole ke yona e laolang metsamao ya Diphedi tse Lokisitsweng, e tsejwang hape jwaloka Diphedi tse Lokisitsweng ka Dijeni tse hlahiswang ke thekenoloji ya sejwalejwale ya tsa tlhaho,ho tloha naheng e nngwe ho ya ho e nngwe.

Aforika Borwa ke mohlahisi e moholo ka ho fetisisa wa borobong wa dimela tse lokisitsweng ka dijeni lefatsheng le ho dula e le moetapele bakeng sa ho amohelwa ha dimela tse lokisitsweng ka dijeni. Sena se matahantswe le Karolo 24 ya Molaotheo, e kgothaletsang tshebediso ya moshwelella ya tswakatswakano ya tsa tlhaho.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana boikemisetso ba Aforika Borwa ba ho nehelana ka ditshebeletso tsa qalo ho ya ka qeto ya Seboka sa Matona sa borobong sa Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebo (WTO) ho fana ka tshwaro e tlang pele ho Dinaha tseo Ntshetsopele ya tsona e leng e Tlase (di-LDC).

Aforika Borwa e entse boitlamo ba ho kenya tshebetsong tumellano ya WTO, e fanang ka tshehetso e tlang pele ho di-LDC. Hara dinaha tse 34 tse nkuwang e le di- LDC, tse 25 ke tsa Aforika. Boikemisetso ba qalo ba Aforika Borwa e tla ba ho makala a ditshebeletso tsa ditjhelete, dikgokahanyo tsa mehala, bohahlaudi le dipalangwang. Nehelano e kang ena e etsa karolo ya ho bebofatsa ho kenella mebarakeng bakeng sa ditshebeletso le bafani ba ditshebeletso ka hara mebaraka eo e seng ya di-LDC.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana moputso o lekotsweng botjha wa ho hlopha botjha tjhelete e phedisang ya 5.5% e lokelang ho lefuwa ditho tsa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Aforika Borwa (SAHRC) ho tloha ka la 1 Mmesa 2015. Sena se imatahantse le Karolo 9(1) ya Molao wa SAHRC, wa 2013 (Molao 40 wa 2013).

2.5. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Tlaleho ya Dinako tse itseng e Kopanetsweng ya Bobedi tlasa Tjhata ya Aforika e mabapi le Ditokelo tsa Batho le tsa Botho le Tlaleho ya Qalo tlasa Porothokhole ya Tjhata ya Aforika e mabapi le Ditokelo tsa Basadi ka hara Aforika.

Tlaleho e isitsweng ho Khomishene ya Kopano ya Aforika (AU) ke thlathlobo ya diphihlello le diphephetso tsa ho fana ka kgahlamelo ho ditokelo tsa badudi, sepolotiki, moruo wa kahisano le tsa botjhaba. Sena se kgema le ho ba karolo ha Aforika Borwa ho Porothokhole ya AU ho Tjhata ya Aforika e mabapi le Ditokelo tsa Botho le Batho hodima ditokelo tsa Basadi ka hara Aforika.

2.6. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tsebiswa ha Tsamaiso ya Lesotho hore e qale ho tloha ka la 1 Tlhakola 2016. Sena se latela tsamaiso e ikgethang e ileng ya fuwa Zimbabwe ka 2010, eo kamora moo e ileng ya atoloswa.

Tsamaiso ena e tla thusa ka taolo e betere ya motsamao wa basebetsi bao e leng baahi ba Lesotho ba tlang Aforika Borwa ba tlola melao ya mekgwa ya hajwale ya bofalli.

Letona la Merero ya Lehae le tla fana ka dintlha tse batsi kopanong ya boraditaba hamorao.

2.7. Letona la Ditjhelete le tsebisitse Kabinete ka ho kenngwa tshebetsong ha Sehlomathiso sa Melao ya Lekgetho ya 2013 le 2014 se tla qala ho sebetsa ho tloha ka la 1 Tlhakubele 2016. Dintlafatso tsena di reretswe ho lokisa le ho nolofatsa dinyehelo tsa lekgetho tsa ho beha meja fatshe le dikuno. Katoloso ya kuno ya lekgetho bakeng sa ho tshireletsa matlole a ho beha meja fatshe e tla thusa basebetsi ba fetang milione ho ba le mokgolo o batlang o phahame oo ba o isang lapeng.

Sena hape se tla thibela mekgwa ya ho iphapanya ho lefa lekgetho ha batho ba mekgolo e phahameng ho fihla ho 27.5% tsa mokgolo kapa lekeno le tshwanelwang ke lekgetho la ho fihla ho R350 000.

Letona hape le tsebisitse Kabinete ka pehelo ya ho etsa hore matlole a ho beha meja fatshe a lefuwe nako e telele, moo ba kgolang molemo ho tswa phokoletsong ya lekgetho le bona ba tla lokela hore ba lefuwe nako e telele jwaloka karolo ya dipoloko tsa bona ha ba beha meja fatshe.

Dintlafatso tsena di kenngwa tshebetsong kamora ditherisano tse tebileng le bankakarolo kaofela ka hare le ka ntle ho Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Mesebetsi, moo ho ileng ha tshwarwa dikopano tse bonyane 33 le basebetsi le boradiindaseteri ho tloha ka 2012. Bongata bo boholo ba bankakarolo bo bontshitse tshehetso ya bona e tletseng bakeng sa ho tswela pele ka dintlafatso ka la 1 Hlakubele 2016.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Kgaso sa 2015 Palamenteng. Bili e hlomathisa Molao wa Kgaso, 1999 (Molao 4 wa 1999) e le ho ntshetsapele le ho kenya tshebetsong mmotlolo o tsitsitseng wa taolo ya kgwebo o netefatsang botsitso ba nako e telele ba Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC).

Mmuso o itlamme bakeng sa kgaso ya setjhaba e matla, e ikemetseng le ho ba le boimatahanyo, e ikarabellang ho radiabo, setjhaba le Palamente.

Bokgoni ba ho phetha thomo ya ona ho itshetlehile hodima tshebetso e phethahetseng ya Boto ya SABC ka ho fana ka lewa la tshupiso ho kgaso ya setjhaba.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa hore Bili ya Inshorense ya 2015 e hlahiswe ho Palamente.

Bili e fana ka moralo o matlafaditsweng wa semolao bakeng sa taolo e hlwahlwa ya lekala la inshorense e kgemang le maemo a matjhaba bakeng sa bolaodi ba inshorense. Bili e matlafatsa ditlhokeho tsa hajwale tsa taolo ya dikotsi, tjhelete le tlhatlhobo. E suthisa le ho matlafatsa dikarolo tsa bohlokwa tsa Molao wa Inshorense wa Nako e Telele, 1998 (Molao 52 wa 1998) le Molao wa Inshorense ya Nako e Kgutshwane, 1998 (Molao 53 wa 1998) o tsamaelanang le taolo e hlwahlwa.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Moralo wa ho Kenella ho Merafo ya Aforika le Ditjhelete Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e theha Koporasi ya ho Kenella ho Merafo ya Aforika le Ditjhelete ka molao. Hape e hlalosa thomo ya yona le dipheo tsa lewa la yona. E matlafatsa taolo le ho behwa leihlo ha setheo sena.

3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili ya Dipepeso tse Tshireleditsweng tsa 2015 ho Palamente. Bili e atolosa ho sebetsa ha Molao wa Dipepeso tse Tshireleditsweng, 2000 (Molao 26 wa 2000) ho feta ka nqane ho dikamano tsa tlwaelo tsa mohiri le mosebeletsi.

Dihlomathiso di laola boikarabelo bo kopanetsweng, di hlahisa tokelo ya ho batlisisa dipepeso, di fana ka ho kotelwa kgahlanong le boikarabelo ba badudi le botlokotsebe mabakeng a itseng le ho etsa hore dipepeso tse etswang ka boomo e be tlolo ya molao.

Bili e nyehela ho boitlamo ba mmuso ba ho lwantsha boqhekanyetsi le bobodu ka ho matlafatsa tshireletso ya dimpimpi.

3.5. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili ya Tsamaiso ya Boahlodi ba Ditlolo tsa Molao tsa Sephethephethe sa Mebileng ya 2015 ho Palamente. Bili e hlomathisa Molao wa Tsamaiso ya Boahlodi ba Ditlolo tsa Molao tsa Mebileng, 1998 (Molao 46 wa 1998).

Bili e tla thusa Lekala la Ditlolo tsa Molao wa Sephethephethe sa Mebileng le ho etsa hore balaodi ba tsitse ho tsa ditjhelete, mme hape e hlahisa bohlwahlwa ba ho fana ka ditsebiso ho batlodi ba molao.

4. Diketsahalo tse tlang         

4.1.      Moporesidente Zuma o tla kenela Seboka sa G20 ka la 15 le 16 Pudungwana 2015 Antalya, ho la Turkey, moo ho tla be ho tsepamisitswe maikutlo hodima kgolo e kenyeletsang le e matla ka tshebetso e kopanetsweng.

Baetapele sebokeng sena ba tla tshohla kenyeletso, ho kenngwa tshebetsong le matsete bakeng sa ho fihlella kgolo e matla, ya moshwelella le e tsitsitseng maemong a lefatshe.

4.2. Moporesidente Zuma o tla nka Leeto la Semmuso la ho ya Berlin, ho la Jeremane ka la 10 Pudungwana 2015, moo a tla amohelwa ke Mokanseliri Angela Merkel. Moporesidente hape o tla nka leeto la hlompho ho ya ho Moporesidente Joachim Gauck.

Nakong ya leeto lena dinaha ka bobedi di tla tiisetsa botjha boitlamo ba tsona ba ho tswella ho matlafatsa dikamano tsa bobedi bona le tsa kgolo.

4.3. Moporesidente Zuma o tla amohela Tonakgolo ya Netherlands Mark Rutte Meahong ya Kopano ka la 17 Pudungwana 2015.

Se tla latela sena, ke hore Tonakgolo Rutte o tla etella pele kemedi ya dikgwebo Johannesburg le Motse Kapa e tla tsepamisa maikutlo hodima Temo, tlhokomelo ya kalafo, dipalangwang, meralo ya motheo, metsi le eneji.

4.4. Aforika Borwa e tla tshwara Seboka sa Foramo ya Tshebedisano-mmoho ya China-Aforika ho la Johannesburg ka la 4 le 5 Tshitwe 2015. Dipheo tsa seboka ke ho hlophisa Lenaneo la Lewa la Tshebedisano-mmoho la Dilemo tse the 5-10 pakeng tsa Aforika Borwa le China (2015-2024) le ho hodisa ditumellano tsa bobedi bona pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.

4.5. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya maemo a hodimo Leetong la Semmuso la ho etela Riphaboliki ya Mamoseleme ya Iran ho tloha ka la 7 ho isa ka la 9 Pudungwana 2015, bakeng sa ho hodisetsa pele dikamano tsa bobedi bona tsa sepolotiki le moruo pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.

4.6. Moporesidente Zuma ka la 6 Pudungwana 2015 o tla hlophisa leeto la tlhatlhobo la Siyahlola Bushbuckridge ho la Mpumalanga, le tla tsepamisa maikutlo hodima metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere.

Palo e etsang malapa a 16 600 e kgola molemo ho tswa ho Mokgahlelo 1 wa porojeke ya metsi ya mmuso ka hara tulo ena, e fanang ka metsi metsaneng e 24 ka hara Masepala wa Lehae wa the Bushbuckridge.

Mmuso o dula o itlamme ho netefatsa hore maAforika kaofela a fumantshwa ditshebeletso tsa motheo. Mahareng a 2002 le 2014, diphesente tsa malapa a fumantshitsweng metsi di nyolohile ho tloha ho 80% ho ya ho 86%, ha tsamaiso ya dikgwerekgwere e nyolohile ho tloha ho 62% ho ya ho 80%.

4.7. Moporesidente Zuma o tla kenela ho behwa setulong ha Moporesidente ya sa tswa kgethwa wa Riphaboliki e Kopaneng ya Tanzania, Mohlomphehi Monghadi John Pembe Magufuli, ka la 5 Pudungwana 2015.

5. Molaetsa wa Ditakaletso tsa Mahlohonolo

5.1. Kabinete e thoholetsa basebeletsi ba setjhaba ba kgethilweng ho Dikgau tsa Boraro tsa Naha tsa Boqhetseke tsa Batho Pele. Mokete wa Dikgau o tshwarwa ka la 13 Pudungwana 2015 Emperor’s Palace, ho la Gauteng tlasa mookotaba: “Batho Pele – Re beha Batho Pele”. Di putsa tshebetso e kgabane ka ho fetisisa, tshebetso e ntle mme di metha kgotsofalo ya baahi ho tshebetso ya mmuso.

5.2. Kabinete e thoholetsa mmuso le batho ka bobedi ba Riphaboliki ya Côte d’Ivoire le Riphaboliki e Kopaneng ya Tanzania ka ho tshwara dikgetho tse nang le kgotso. Ho nka karolo ka bongata ha setjhaba sa Côte d’Ivoire le sa Tanzania dikgethong tsa kakaretso ho bontsha kutlwisiso ya bona ya bohlokwa ba ho etsa mosebetsi wa bona wa setjhaba le ho sebedisa ditokelo tsa bona tsa motheo. Ke sesupo sa kgolo ya tsamaiso ya ho kenya demokerasi tshebetsong ka hara kontinente.

5.3. Kabinete e thoholetsa sehlopha sa Springbok ka tshebetso ya sona ho Mohope wa Lefatshe wa Boto ya Matjhaba ya Rakbi wa 2015. Sehlopha se tlile lapeng le medale wa boronse.

5.4. Kabinete e thoholetsa sehlopha sa Aforika Borwa sa disesi ka ho phethela Mohope wa Lefatshe wa Disesi wa FINA Doha, ho la Qatar.

Cameron van der Burgh o hapile medale wa gauta ho dimithara tse 100 tsa lebelo la ho sesa ka difuba, Chad le Clos ho dimithara tse 100 tsa serurubele hape o kgonne ho qetella maemong a bone a ho sesa ka ho hapa ho sesa ka mokokotlo tlholong ya dimithara tse 200. Michael Meyer o hapile silivera ho dimithara tse 200 tsa lebelo la motswako la bo mong. Douglas Erasmus o hapile medale wa boronse ho lebelo la boikgethelo le potlakileng la dimithara tse 50. Kaylene Corbett e bile wa borobedi ho lebelo la makgaolakgang la dimithara tse 50 la ho sesa ka mokokotlo ha Calvyn Justus le yena a phethetse borobeding ho lebelo la dimithara tse 200 la boikgethelo.

6. Dikhonferense

6.1. Kabinete e amohela kemedi e kenetseng Khonferense ya BRICS ya Bone ya Matjhaba ya Phehisano ho tloha ka la 12 ho isa ka la 13 Pudungwana 2015 Setsing sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli, ho la Durban tlasa mookotaba: “Phehisano le Kgolo e Kenyeletsang”.

Sena se bokanya mmoho ditsebi ho tsa molao wa phehisano bakeng sa ho sekaseka kamoo leano la phehisano le ka nyehelang ho kgolo e kenyeletsang le ntshetsopele ya moruo ka hara dinaha tsa BRICS (Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa).

Taolo e matla ya diphehisano ya Aforika Borwa e kgontsha baahi ho nka karolo ka ho hloka leeme moruong wa naha. E kgothaletsa ho itahlela ka setotswana ha batho ba batlang ba le bangata makaleng a tlhahiso a moruo le ho fedisa ho se utlwane ka hara dikgwebo.

Taolo ya diphehisano ya Aforika Borwa e nyehela bonkakarolo bo batlang bo phahame ba baahi mme e entse menyabuketso e bonahalang bakeng sa ho lwantsha maqulwana le ho henahenana le ditheko. E nkile ketapele bakeng sa ho sebedisa ditabatabelo tse mabapi le dimatahanyo le diphumantsho.

6.2. Letona la Dipalangwang Dipuo Peters le tla kenela Khonferense ya Bobedi ya Lefatshe ya Matona a Dipalangwang ho tloha ka la 18 ho isa ho la 20 Pudungwana 2015 ho la Brazil, moo Aforika Borwa e tla teka Tlaleho ya Nako e Bohareng ya Naha mabapi le kgatelopele e entsweng bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Lefatshe wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng wa Dilemo tse Leshome tsa ho Sebetsana le Boipaballo Mebileng wa 2011-2020.

Aforika Borwa e itlamme ho fokotsa dikotsi tsa mebileng ka 50% ho tloha ho tse 13 967 ho ya ho tse ka tlase ho 7 000 ka 2020. Aforika Borwa e etsa menyabuketso ya bohlokwa bakeng sa ho fihlella dipheo tsa yona jwaloka ka ha di hlahella ho Moralo wa Lefatshe wa Dilemo tse Leshome tsa ho Sebetsana le Boipaballo Mebileng wa 2011-2020, ho sa natswe diphephetso tseo hajwale naha e tobaneng le tsona.

7. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

7.1. Ho sebetsana le ditshita tsa tlhahiso ya mesebetsi e dula e le ntlha e ka sehloohong bakeng sa mmuso. Leano la Pehelo ya Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng le hlakisitse kgolo ya moruo ya lefatshe e tsamayang butle, ka ditheko tsa thepa tse tlasa kgatello le tlhokeho ya mesebetsi e phahameng dikarolong tse ngata tsa lefatshe.

Sena se ile sa bonahala ho Diphuputso tsa Kotara ka nngwe tsa Lebotho la Basebetsi, tseo bakeng sa kotara ya boraro ya 2015 di ngodisitseng tlhokeho ya mosebetsi ho 25.5%, haholo ho phahama ho tloha ho 25.4% kotareng e tshwanang selemong se fetileng.

Sena se hlakisa tlhokeho ya hore makala kaofela a sebetse le mmuso bakeng sa ho tshehetsa boikitlaetso ba naha ba ho hlahisa menyetla ya mesebetsi le ho etsa hore maAforika Borwa a mangata a sebetse.

Mmuso, ka Moralo wa Dintlha tse Robong, o sebetsa ho hotetsa kgolo le ho hlahisa mesebetsi ka ho bula menyetla e metjha dibakeng tsa mawa a moruo.

7.2. Kabinete e amohela tsebiso ya Moporesidente Zuma ya ho se nyolle ditefello ditheong tsa thuto e phahameng bakeng sa selemo sa dithuto sa 2016. Qeto ena e tlisitse kimoloho e batlehang haholo ya ditjhelete, haholoholo ho ba fumanehileng, ba sebetsang le sehlopha sa malapa a mahareng a nang le baithuti.

Kabinete e boela e amohela qeto ya Moporesidente ya ho theha khomishene e tla shebana le dintlha tsohle tse hlahisitsweng ke baithuti. Moporesidente o tla tsebisa ka khomishene mmoho le dintlha tsa yona tsa tshebetso ha mmela o ntse o puta.

7.3. Kabinete e amohela boitshunyako ba Lefapha la Metsi le Dikgwerekgwere bakeng sa ho thusa badudi ho la KwaZulu-Natal le Foreistata ba anngweng ke komello ya moraorao tjena. Dibaka tse fepelwang ke matamo a maholwanyane a lebatowa a naha le dikema di dutse di ntse di bolokehile kaha ditsamaiso tsena hajwale di na le botsitso bo botle ba palohare ya poloko ya metsi a tletseng ka 66%.

Kabinete e amohela ho thehwa ha Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) e mabapi le Polokeho ya Metsi bodulasetulong ba Letona la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba Pravin Gordhan. IMC e bopilwe ka Matona a Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Puseletso ya Mobu; Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, le Temo, Meru le Ditlhapi. Komiti e tla tshohla le ho sisinya boitshunyako bo bong ho badudi ba anngweng haholo ke komello.

7.4. Kabinete e lemohile se ntseng se etsahala ho la Nigeria mabapi le kotlo ya MTN ya US$5.2 bilione ke Khomishene ya Dikgokahanyo ya Nigeria. Kabinete e tshepa hore dipuisano tse ntseng di tswela pele pakeng tsa MTN le ba ka sehloohong ba Nigeria di tla baka hore ho be le tharollo e potlakileng ya ho se utlwane hore ho tle ho netefatswe hore MTN e tswela pele ka kgwebo ya yona ya ho tsetela ka hara moruo wa Nigeria.

8. Matshediso

8.1. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke lefu la tshohanyetso la Chumani Nqakula, mora wa Letona la Tshireletso le Mekaubere ya Ntwa Nosiviwe Mapisa-Nqakula le Charles Nqakula, e leng Setho sa Palamente. Kabinete e fetisa matshediso a yona a tebileng ho lelapa la Nqakula le metswalle.

8.2. Kabinete e fetisa matshediso a yona a tebileng ho lelapa le ba leloko la Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso Ngoako Ramatlhodi, ka ho hlokahala ha mme wa hae ya dilemo tse 95, Mmatlou Elizabeth Ramatlhodi.

9. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

1. Monghadi Mogojare Richard Seleka jwaloka Motsamaisi e Moholo (DG) ho Lefapha la Dikgwebo tsa Setjhaba; le

2. Monghadi Robert Moeketsa Ramasodi jwaloka motlatsi wa DG: Tlhahiso ya tsa Temo, Bophelo bo Botle le Polokeho ya Dijo ho Lefapha la Temo, Meru le Ditlhapi.

9.1. Boto ya Koporasi ya Taolo ya Sephethephethe sa Mebileng:

a) Mofumahadi Daphline Harridene Charlotte-Ann Ewertse – Setho seo e seng sa Phethahatso; le
b) Monghadi Thulani Matiki Norman Kgomo – Setho seo e seng sa Phethahatso.

9.2. Boto ya Koporasi ya Matsete a Setjhaba:

a) Mofumahadi Lindiwe Toyi – Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso;
b) Mofumahadi Sandra Beswick – Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso;
c) Ms Tantaswa Fubu – Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso;
d) Ngaka Claudia Manning – Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso;
e) Monghadi Pitsi Paul Moloto – Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso ; le
f) Mofumahadi Matshepo Faith More – o thontswe hape jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete.

9.3. Boto ya Lekala la Ntshetsopele ya Matlo:

a) Monghadi Mavuso Walter Msimang – Modulasetulo;
b) Monghadi Maanda Emmanuel Mutheiwana;
c) Monghadi Pravin Amar Singh;
d) Monghadi Thuthuka Siphumezile Songelwa; le
e) Monghadi Nkululeko Nkosingiphile Vilakazi – moemedi wa Letona la Mesebetsi ya Setjhaba.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore