O ka etsa kopo ya hore tlhahisoleseding e bukeng ya boingodiso ba setjhaba e fetolwe bakeng sa:
- ho ngodisa botjha ngwana ya hlahileng ka ntle ho lenyalo haeba batswadi ba nyalana ha mamorao
- ho kenya dintlha tsa ntate wa nnete lengolong la boingodiso ba ditlhaho bakeng sa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo
- ho kenya lebitso le qalang kapa fane bukeng ya boingodiso ba ditlhaho ya motho ya ngodisitsweng ntle le lebitso le qalang kapa fane
- ho fetola lebitso le qalang
- ho fetola fane ya ngwana
- ho nka fane e ntjha
- ho fetola bong
- ho lokisa letsatsi la tswalo, bong kapa tulo ya tswalo.
Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho etsa kopo ya phethoho kapa ikopanye le Lefapha la Merero ya Lehae.