Kopo ya ho ba moahi wa naha ha o se o tshwaneleha ka mora nako e itseng

Haeba o hlahetse Aforika Borwa mme bonyane e mong wa batswadi ba hao e le moahi wa Aforika Borwa kapa a na le tumello ya bodudi ba ka dinako tsohle Aforika Borwa, kapa haebao ngwana ya nkilweng ka molao le ho hodiswa ke moahi wa Aforika Borwa kapa modudi wa dinako tsohlewa Aforika Borwa, o tla fetolwa ho nna moahi wa naha ya Aforika Borwa.

O ka etsa kopo ya boahi ba Aforika Borwa ka leloko kapa ka kgapo.

Hape o ka etsa kopo ya ho dula ka boahi ba hao pele o fumana boahi ba naha e nngwe. Ntle le haeba o fuwe ho dula ka boahi ba hao pele o thola boahi ba naha e nngwe, o tla lahlehelwa ke boahi ba hao ba Aforika Borwa.

O ka etsa kopo ya hore o kgutlisetswe boahi ba hao ba Aforika Borwa haeba o le moahi wa kgale ka tswalo kapa ka leloko mme o se ke kgutletse Aforika Borwa sa ruri.

O ka nyahlatsa boahi ba hao ba Aforika Borwa haeba o ikemiseditse ho nka boahi ba naha e nngwe.

O ka etsa kopo ya ho kotelwa bakeng sa ho lahlehelwa ke boahi haeba o ile wa fumana boahi ba naha e nngwe pele ho la 6 Mphalane 1995.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le boahi kapa ikopanye le Lefapha la Merero ya Lehae.

 

Share this page