Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Dintlha mabapi le ho etsa kopo ya ho ngodisa sebaka sa tlhwekiso
Ho sebetsa sebakeng sa tlhwekiso, o tlameha ho se ngodisa le Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947. Sebaka sa tlhwekiso se sebedisetswa ho hlwekisa dihlahiswa tsa diphoofolo kapa tse tswang diphoofolong tse nang le masapo a mokokotlo le tse se nang oona tse totobaditsweng ke Letona.
Ho amoheleha:
- sebaka sa tlhwekiso se tlameha ho thehwa Aforika Borwa
- o tlameha ho fumana ditlaleho tsa tlhahlobo ho tswa ho Ofisiri ya Bongaka ba Diphoofolo ya mmuso le Ofisiri ya tsa Bophelo Tikolohong porovenseng ya heno.
- sebaka se tlameha ho:
- phethahatsa ho ya ka ditlhoko tsa bohlweki
- phethahatsa ho ya ka ditlhoko tsa molao wa Tlhwekiso ya Sebaka
- ba le dibaka tse loketseng ho boloka
- sebetsana le dihlahiswa tsa diphoofolo tse se nang ‘pathogenic organisms’.
Hang ha Mongodisi a amohetse foromo ya hao ya kopo le ditlaleho tsa tlhahlobo, mohlahlobi ho tswa Molaong wa 36 wa 1947 o tla hlahloba hore na sebaka sa tlhwekiso se phethahatsa ho ya ka ditlhoko tsa Molao (Molao wa 36 wa 1947).
Haeba Mongodisi a kgotsofaditswe ke tlhahlobo, sebaka se tla ngodiswa mme setefekeiti se tla ntshwa. Setefekeiti sa sebaka sa tlhwekiso se molaong dilemo tse tharo. O tlameha ho etsa kopo ya ntjhafatso ho fihla ka la 31 Tlhakubele selemong seo ngodiso e fihlang pheletsong ka sona.
Ela Hloko: Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947 o tla fedisa ngodiso ya hao nako efe kapa efe ebang:
- o tlotse kapa o hlolehile ho phethahatsa ho ya ka tlhoko ya Molao wa Menontsha, Diphepelo tsa Mapolasing, Disebediswa tse Bolokang Dijalo le Disebediswa tse Bolokang Mehlape ‘Fertilizers, Farm Feeds, Agricultural Remedies and Stock Remedies‘ wa 1947 (Molao wa 36 wa 1947)
- o hlolehile ho phethahatsa ho ya ka dipehelo tsa boingodiso
- sebaka sa hao ha se phethahatse ho ya ka dipehelo tse behetsweng kapa ha se sa hlole se loketse tlhwekiso
- sebaka sa hao se kgahlanong le bophelo le ditabatabelo tsa setjhaba
O lokela ho etsang
- Iteanye le lefapha la heno la porovense la Temothuo mme o kope Ofisiri ya Bongaka ba Diphoofolo ya Mmuso le Ofisiri ya tsa Bophelo Tikolohong sebakeng sa heno.
- Kopa Ofisiri ya Bongaka ba Diphoofolo ya Mmuso le Ofisiri ya tsa Bophelo Tikolohong hore ba tlo hlahloba sebaka sa tlhwekiso hore o fumane ditlaleho tsa tlhahlobo ya bongaka ba diphoofolo le tsa bophelo tikolohong
- Kamora hoba o fumane ditlaleho, o tlameha ho fumana foromo ya kopo ya ngodiso ya sebaka sa tlhwekiso inthaneteng tlasa diforomo tse tlatswang mme o e tlatse. Ho seng jwalo, o ka fumana foromo Kantorong ya Mongodisi Sebakeng sa Temothuo ‘Agriculture Place’, 20 Seterateng sa Steve Biko, Arcadia, Pretoria.
- Lefa tjhelete e behetsweng ka tjheke, tjhelete e tsamaiswang ka poso ho Motsamaisikakaretso: Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi. Haeba o tlo isa kopo ya hao le tjhelete ya kopo ya hao ka letsoho, o tlameha ho netefatsa hore o fumana setlankana sa hore o lefile. Haeba o lefa tjhelete ya hao ka Phethiso ya Eleketeroniki, o tlameha ho e lefa akhaonteng e latelang :
Lebitso la akhaonte: NDA-ACT36 of 1947
Nomoro ya Akhaonte: 11 2031 02
Tshupiso: 13SP1 le lebitso la sebaka, Khoutu ya lekala: 01 0845,
Lebitso la Banka: Standard Bank. - O tlameha ho hlomathisa tse latelang foromong ya hao ya kopo:
- Bopaki ba tefo
- Ditlaleho tsa tlhahlobo ya bongaka ba diphoofolo le tsa bophelo tikolohong
- Moralo wa sebaka le (di)tshebetso ya tlhahiso
- Romela ditokomane tsa kopo ya hao ka poso ho: Molao wa Mongodisi wa 36 wa 1947, Poso ya poraevete ya X343, Pretoria 0001 kapa di ise ka letsoho ho: Molao wa Mongodisi wa 36 wa 1947, Agriculture Place, 20 Seterateng sa Steve Biko, Pretoria
Nako ya tshebetso
Ho nka dikgwedi tse fihlang ho tse nne.
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Application for registration of a sterilising plant (Kopo ya ngodiso ya sebaka sa tlhwekiso)
Dintlha tsa ho iteanya
Administration
Lindinkosi Lembethe
Tel: 012 319 6863
E-mail: LindinkosiL@daff.gov.za
National office
Tel: 012 319 6657
Fax: 012 319 7179
Physical address: Agriculture Place, 20 Steve Biko Street, Arcadia, Pretoria
Postal address: Private Bag X343, Pretoria 0001
Web address: http://www.dalrrd.gov.za/