Kopo ya ngodiso ya mobu bakeng sa ho boloka nare

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ga boingodiso ba naha bakeng sa ho rua nare

Ebang o lakatsa ho rua nare, o tlameha ho qala ka ho ngodisa naha le Lefapha la Temothuo, meru le Ditlhapi (DAFF).

O tlameha ho qala ka ho fumana tumello ho tswa ho balaodi ba amehang ba tlhokomelo ya tlhaho porovenseng.

O lokela ho etsang

  1. Iteanye le ngaka ya diphoofolo ya mmuso ya lehae mme o beheletse letsatsi.
  2. O tlameha ho fumana ditokomane tse latelang pele ho kopo mme o di ise kantorong ya ngaka ya diphoofolo ya mmuso:
    • Setefekeiti sa semmuso sa naha e kampelwang seo balaodi ba tlhokomelo ya tlhaho ba faneng ka sona.
    • Khopi ya mmapa o bontshang boholo ba nnete ba naha e etsetswang kopo.
  3. O tlameha ho tlatsa foromo ya kopo ka pele ho ngaka ya diphoofolo ya mmuso.
  4. Ngaka ya diphoofolo ya mmuso e tlameha ho hlahloba naha le diterata mme e tiisetse boemo ba bolwetse ba nare.
  5. Hloho ya ditshebeletso tsa bongaka ba diphoofolo porovenseng e tlameha ho paka hore disebediswa tse lekaneng di a fumaneha ho beha maemo leihlo polasing kgafetsa, hore metsamao kaofela ya nare polasing le kantle e ka hlokomelwa ka tshwanelo le hore ho tla kgonahala hore mekgelo e latelwe ntle ho tiehiso.
  6. Foromo ya kopo e tlameha ho saenwa ke morui/motsamaisi, ngaka ya diphoofolo ya mmuso ya porovense le hloho ya ditshebeletso tsa bongaka ba diphoofolo porovenseng.  Hloho ya ditshebeletso tsa bongaka ba diphoofolo ya porovense e tlameha ho romela kop oho Botsamaisi ba Bophelo ba diphoofolo.
  7. Diofisiri DAFF di fana ka nomoro ya semmuso ya boingodiso, di kenya tsebiso rejisetareng ya dinare ya naha le ho hatisetsa monga naha setefekeiti sa boingodiso. Setefekeiti se romelwa ho ngaka ya diphoofolo ya mmuso e kentseng kopo. O ka lata setefekeiti ngakeng ya diphoofolo ya mmuso ya lehae.

Nako ya tshebetso

Nako ya ho dumellwa ha kopo ke Balaodi ba Diphoofolo ba Porovenseng e fapana ho tloha porovenseng e nngwe ho ya ho e nngwe.

Hang ha kopo e se e amohetswe Bolaoding ba Bophelo ba Diphoofolo, tshebetso ya boingodiso e ka nka matsatsi a ka bang a leshome a mosebetsi.

Ditjeo ke bokae

Ditjeho tsa tshebeletso di tla fapana, ho itshetlehile ka porovense e amehang.

Diforomo tse tlatswang

Application for the registration of land for keeping buffalo [MSWord]

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page