Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 13 Lwetse 2023

A. Maemo a Renang

1. Seboka sa G20

1.1. Kabinete e lebohela Tonakgolo Modi le naha ya Indiya ka ho tshwara ka katleho Seboka sa G20 le ho amohela Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU) jwalo ka setho se feletseng sa G20.

1.2. Haesale Afrika Borwa tlasa boetapele ba Motlotlehi Mopresidente Cyril Ramaphosa e etsa kgoeletso ya hore AU e amohelwe jwalo ka setho se feletseng sa G20 ho tloha Sebokeng sa G20 sa 2022 mane Bali, Indonesia.

1.3. Ho nka karolo ha AU ho tla thusa dinaha tse ka Borwa ho Afrika esitana le Afrika ka ho phatlalla ditabeng tsa moruo wa matjhaba.

1.4. Afrika Borwa e boetse ya sebedisa seboka sena ho tswela pele ho etsa kgoeletso ya ho atolosa Tshebedisano ya Matjhaba bakeng sa Ntshetsopele e Tsitsitseng ka sepheo sa ho kgona ho phethisa boitlamo bo entsweng mabapi le ho fetofetoha ha boemo ba lehodimo.

1.5. Hara dintho tse ngata, baetapele ba G20 ba ile ba ikana:

(a) Ho potlakisa kgolo e kopantseng bohle, e matla, e leka-lekaneng le e tsitsitseng.

(b) Ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha Leano la Ntshetsopele e Tsitsitseng ya selemo sa 2030.

(c) Ho etsa matsapa a ho fokotsa ho silafatswa ha tikoloho ka mosi ka ho sebedisa mokgwa wa kopanelo. 

(d) Ho ntlafatsa mokgwa wa ho finyella dithusong tsa tsa bophelo bo botle le ho ntshetsa pele tlhahiso ya meriana dinaheng tse tswelang pele ka sepheo sa ho itokisetsa dikoduwa tse ka hlahang nakong e tlang.

(e) Ho eketsa tshehetso ya ditjhelete ho tswa mehloding yohle ho potlakisa kgatelo pele ya di-SDG.

(f) Ho potlakisa matsapa le disebediswa tsa ho fihlela Tumellano ya Paris, ho kenyeletsa le ya taolo ya maemo a ho tjhesa.

(g) Ho leka ho tlisa diphetoho bakeng sa Dibanka tsa Kopanelo tsa Ntshetsopele (MDBs) tse betere le tse kgolo tse tla tobana le diphephetso tsa ho fihlella ntshetso pele.

(h) Ho thibela ho se lekalekane ho tsa bong ka ho tlisa tekatekano le ho dumella basadi le bona ho nka diqeto ho tsa kgwebo. 

(i) Ho kenyeletsa maano a sebediswang ke dinaha tse tswelang pele, ho kenyeletsa le Tse so kang di Tswella ka ho Phethahala, (LDCs), Tse Hole le Lewatle (LLDCs), le Tse Tswelang Pele tse Dihlekehlekeng tse Nyane (SIDS),  dipuisanong tsa nako e tlang tsa G20 ka sepheo sa hore le tsona di be le lentswe diqetong tsa matjhaba.

1.6 Hona sebokeng sena sa G20, Afrika Borwa e ile ya kgona ho nka karolo kopanong ya Baetapele ba Dinaha tsa Afrika le tsa Yuropa moo ho neng bo buuwa ka taba ya tlhahiso ya dijo, dijothollo, manyolo ha mmoho le ho tlisa diphetoho maemong a ditjhelete matjhabeng.

2. Seboka sa Dinaha tsa Afrika sa Maemo a Lehodimo 

2.1. Kabinete e ile ya lebohisa Mopresidente Ruto wa Kenya ka ho tshwara ka katleho seboka sa pele sa Afrika sa maemo a lehodimo. Seboka sena se netefaditse taba ya hore Afrika e na le bokgoni ha mmoho le menyetla ya ho fehla motlakase ka mokgwa wa tlhaho e leng se bontshang kgolo le tswelopele ya khonthinente ena.

2.2. Tumellano ya Sebokeng sena ke ya hore ho be le mokgwa o tsitsitseng le wa tshehetso ya ditjhelete ntle le dikoloto mabapi le ho tshehetsa Diphetoho ho tsa Motlakase ka mokgwa o se nang kgahlamelo maemong a lehodimo le ka mokgwa o tla tlisa menyetla ya mesebetsi le ho lwantsha bofuma.

2.3. Hona Sebokeng seo, Afrika Borwa e ile ya fumana monyetla wa ho nka karolo kopanong ya moifo o bitswang African Green Hydrogen Alliance (AGHA) mme ya ba ya fumana monyetla wa ho ba modulasetulo wa moifo oo.

3. Motlakase

3.1 Kabinete e ile ya tsebiswa ka taba ya ho lokiswa ho hlophisitsweng ha metjhini e fehlang motlakase ke Eskom bakeng sa ho netefatsa botsitso seteisheneng se fehlang motlakse sa Eskom. Taba ena ya ho lokiswa ha metjhini ena e ile ya nyolla maemo a ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa matsatsing ana a sa tswa feta.

3.2 Ho nyollelwa ha ho tingwa ha motlakase boemong ba botshelela bekeng e fetileng ebile ka lebaka la ho boela maemong a tlase a ho tingwa ha ona ka sepheo sa ho o baballa. 

3.3 Kabinete e ile ya netefalletswa taba ya hore ho nyollwa hona ha maemo a ho tingwa ha motlakase ke ntho ya nakwana jwalo ka ha Eskom e itokisetsa taba ya ho fokotsa ho tingwa hona nakong e tlang. 

3.4 Letona le shebaneng le Motlakase Kantorong ya Mopresidente, Ngaka Kgosientsho Ramokgopa o tla tswela pele ho beha setjhaba sehlohlolong sa ditaba mabapi le mathata a hona jwale a motlakase esitana le taba ya mehato e nkilweng bakeng sa ho fedisa ho tingwa hona ha ona. 

4. Moruo, Matsete le Kgwebo

4.1. Tlhahiso ya Dihlahiswa tsa Lehae

4.1.1. Kabinete e kgotsofaditswe ke ho tsitsa ho bonahetseng moruong wa Afrika Borwa dihlahisweng tsa lehae (GDP) dipalopalong tsa kotara ya bobedi tse sa tswa lokollwa ke ba StatsSA. Sena se etsahetse leha maemo a moruo lefatsheng a ne a se matle, le naha le yona e aparetswe ke mathata a motlakase. Ba ha StatsSA ba tlalehile ha GDP ya rona e eketsehile ka 0, 6% kotareng ya bobedi ya 2023. Lekala la tlhahiso lona le nyolohile ka 2, 2% hona kotareng ena ya bobedi e leng se nyollotseng GDP ka persente tse 0, 3. Ho tswela pele ho ntlafala ha lekala la tlhahiso ho bontsha ho ntlafala ha sekgahla sa tlhahiso ya thepa, e leng se boelang se eketse le menyetla ya mesebetsi lekaleng lena la tlhahiso.  

4.1.2. Tlhahiso ya petroleum, dihlahiswa tsa dikhemikhale, rekere le tsa polasitiki e bile tsona tse bapetseng karolo e hodimo haholo keketsehong ena ya kotara ya bobedi. Le leng lekala le bileng le kabelo kgolong ena ke la tshepe le dihlahiswa tsa masenke le tlhahiso ya metjhini. Ha e le lekala la ditjhelete, thekiso ya matlo le ditshebeletso tsa dikgwebo ona a eketsehile ka 0, 7% kotareng ya bobedi, e leng se entseng kgolo ya persente tse 0, 2 ho GDP. Lekala la tsa temo, meru le botshwasi ba ditlhapi ona a eketsehile ka 4, 2% kotareng ya bobedi, e leng se entseng keketseho ya GDP ka persente tse 0, 1. Lekala la ditshebeletso bathong lona le eketsehile ka 0, 7% ka kotara ya bobedi, e leng se ekeditseng GDP ka persente tse 0, 1.

4.2 Ho Kenngwa Tshebetsong ha Leano la Ntlafatso ya Lekala la Thuo ya Dikgoho

Kabinete e thabetse mesebetsi e 750 e thehilweng khampaning ya Rainbow Chickens mane Hammarsdale, e leng se bontshitseng katleho ya Leano la Ntlafatso Thuong ya Dikgoho. Ka selemo sa 2017, basebetsi ba 1000 ba ile ba fellwa ke mosebetsi mane ha Rainbow Chickens mme le khampani ya kwala. Ka mora ho tla le leano la ntlafatso, mmuso o ile wa hlahisa lekgetho dihlahisweng tsa nama ya kgoho tse neng di kena naheng ena ho tswa dinaheng tse hlano. Sena ha mmoho le keketseho ho matsete le mehato e meng ya ho ntlafatsa indasteri ena le ho tlisa dikhampani tse ngata tsa batho ba batsho mmarakeng, e bile katleho e kgolo. Rainbow Chickens e ile ya boela ya bula mme ya kenya matsete a dimilione tse R220 mme ya eketsa le menyetla ya mesebetsi jwalo ka ha e thehile mesebetsi e 2780; ya etsa matsete a matjha a dibilione tse R2.

4.3 Tshepiso ya Dibilione tse R5 ke Bahlahisi ba Dikarolwana tsa Makoloi

Kabinete e amohetse tshepiso ya matsete a dibilione tse R5 ho tswa ho bahlahisi ba dikarolwana tsa makoloi tse ileng tsa etswa Dipontshong tsa NAACAM tse sa tswa etsahala. Ditshepiso tsena tsa dikhampani tse sebetsang mona Afrika Borwa e ile ya bontsha hore indasteri ena e na le tshepo ho mmaraka wa Afrika Borwa le ho menyetla e moholo ho bahlahisi ba lehae ba dikarolwana, e leng se nehang bahlahisi ba makoloi dibaka tse tshepahetseng tsa ho fumana dikarolwana tsa makoloi.  Eitse ka mora phatlalatso eo, Letona la Dikgwebo, Diindasteri le Ditlhodisano le ile la bula Benteler Plant Extension mane Kapa Botjhabela e tlo hlahisa dikarolwana tsa makoloi bakeng sa bahlahisi ba makoloi kwano. Sena ho lebeletswe ha se tla nka sebaka sa thepa e kenang kwano ya boleng ba bilione e R1 mme ya eketsa menyetla e ka bang 743 ya mesebetsi.

5. Matsete a Stellantis Afrika Borwa

5.1. Kabinete e amohetse ho netefatswa ha maikemisetso a ba ha Stellantis a ho tla aha khampani. mane Coega, mona Afrika Borwa. Ba ikemiseditse hore projeke ena ebe e fedile ka selemo sa 2025. Tlhahiso ya pele ya projeke ena e tla qala mathwasong a selemo sa 2026 e tla ba ya ho hlahisa vene ya mofuta wa 1 T moo ho lebeletsweng hore ho hlahiswe tse ka bang 50,000 ka selemo ho kenyeletsa le tse tla romelwa dinaheng tsa kantle. Sena se tsamaisana le Leano la Ntshetsopele ya Tlhahiso ya Dikarolwana tsa Makoloi (APDP).

5.2. Ho fihlela mohato ona wa pele ho lebeletswe hore ho hirwe batho ba ka bang 1000. Stellantis e tlo sebedisa dihora tse fetang tse 500 000 e rupella basebeletsi ba lehae hore ba be le tsebo e maemong a matjhaba. Re ikemiseditse ho rupella basebeletsi ba lehae ba fetang persente tse 30.

6. Setsi se seholo sa thupello ya maemo

6.1. Balaodi ba Thupello ho tsa Dikhemikhale ba sa tswa thakgola Setsi sa Thupello ya MAEMO mane Babanango, KwaZulu-Natal, se tla fana ka thupello ya theknoloji profensing eo. Ena ke e nngwe ya diprojeke tsa mmuso tsa ho ntshetsa boitsebelo pele mme ho ikemiseditswe hore lenaneo lena le namele le diprofensing tse ding.

6.2. Ka hodimo ho moo, Kabinete e amohetse taba ya ho thakgolwa ha Lenaneo la Thupello la ka mora ho Qeta Sekolong e leng se tla thusa ho beha maemo a boitsebelo ho lekana le tlhokeho ya teng mesebetsing e leng mathata ao Afrika Borwa e tobaneng haholo le ona.  

7. Meralo ya Motheo

7.1. Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere: Karolo ya bo 63 ya ho kenella mathateng a Mmasepala wa Lehae wa Emfuleni

7.1.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka kgatelo pele tabeng ya ho kenella mathateng a Mmasepala wa Lehae wa Emfuleni ho latela Karolo ya bo 63.

7.1.2. Kabinete e tsebisitswe ka sesosa sa mathata a tsamaiso ya dikgwerekgwere Emfuleni le dipehelo tsa nako e kgutshwane, e mahareng ha mmoho le e telele tsa ho rarolla mathata ana.

7.1.3. Kabinete e boetse ya hlajwa malotsana ka kgatelo pele e seng e entswe ke ba ha Rand Water ho leka ho rarolla bothata ba ho tsholohela ha metsi a dikgwerekgwere diterateng ka ho lokisa dipeipi tse phatlohileng ha mmoho le ho thibolla tse thibaneng.

7.1.4. Ka hodimo ho moo, Kabinete e ile ya behwa sehlohlolong sa ditaba ka kgatelo pele ka ho ntjhafatswa/ kapa ho lokiswa ha setsi se pompang tsamaiso ya dikgwerekgwere ha mmoho le ho ntjhafatswa ha dipeipi tse seng di tsofetse kapa di dula di phatloha. Sena se kenyeletsa le ho lokiswa ha metjhini ha mmoho le motlakase wa dibakeng tse hlwekisang metsi  tsa masepaleng oo.

7.1.5. Ha nako e ntse e tsamaya, ho ikemiseditswe hore projeke ena e kenyeletse le ho ntjhafatsa ditsi tse tharo tse hlwekisang metsi e leng sa Leeuwkuil, Sebokeng le Rietspruit Wastewater Treatment Works.

7.1.6. Ka tshebedisano mmoho le Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, le ba ha Rand Water, GCIS e tla hlophisa nako ya ho ya lekola mosebetsi ona mane Emfuleni.

7.2. Mateano a Mmila wa N4, Montrose le Schoemanskloof

7.2.1. Kabinete e amohetse ho bulwa ha mmila o ntlafaditsweng mateanong a Mmila wa N4, Montrose le Schoemanskloof mane Mpumalanga, e bopang karolo ya projeke ya Maputo Corridor Development. Dintlafatso tsena di tla fokotsa nako ya ho tsamaisa thepa mmileng mme e nyolle le yona paballo ho bakganni. 

7.2.2. Projeke ena e thehile menyetla e fetang e 350 ya mesebetsi mme ya fana ka menyetla le dikhampaning tse ngata tsa lehae esitana le ho thusa metsana e haufi.

7.3. Seporo sa Terene pakeng tsa KwaMashu le Thekong

7.4. Kabinete e thabetse ho bulwa hape ha seporo sa diterene tsa bapalami pakeng tsa KwaMashu le Thekong e leng se tlisitseng diterene tse ntjha, tse hlwekileng le tse bolokehileng. Dikhampani tse 13 tsa kopanelo di tla fumana mosebetsi wa ho hlwekisa diterene tsena ha mmoho le diteishene tsa tsona. Sena se ekeditse palo ya ya bapalami ba diterene jwalo ka ha e le ona mokgwa o bitsang hantle wa dipalangwang. 

8. Twantsho ya Bonokwane le Bobodu

8.1. Letsholo la Operation Bring Back

8.1.1. Kabinete e thabetse ho thakgolwa ha letsholo la Operation Bring Back e leng la ho hapa meaho e nkilweng ka mahahapa. Jwalo ka karolo ya letsholo lena, mmuso wa naha o thusa bommasepala ho netefatsa hore ba kgona ho qobella melawana ya bona e le ho tseba ho hapa meaho yohle e nkilweng ka mahahapa ha mmoho le ho busetsa taolo le tshebediso ya yona ho mmuso. 

8.2 Letsholo la kopanelo la twantsho ya bonokwane 

8.2.1 Kabinete e amohetse mosebetsi o sa tswa etswa ke ba qobellang molao ntweng ya bona ya twantsho ya bonokwane. 

8.2.2 Kotareng ya pele ya 2023, sepolesa sa di-Hawks se tshwere babelaellwa ba 611 mme ba hapa thepa e ngata e kenyeletsang mabenyane, taemane, mefuta e kotsing ya ho fela, makoloi, tjhelete, dithunya, diqhomane, dihlahiswa tsa mekokotelo esitana le disebediswa tsa motlakase tseo kaofela di bitsang R6 112 768 985.

8.2.3 Ka hodimo ho moo, ba boetse ba tshwara boraqhwe dinkokonono tse robong (9) mosebetsing ona wa ho rafa ka tsela e seng molaong mme makgotla a dinyewe a ntsha mangolo a ho hapa thepa e kenyeletsang makoloi a majabajaba a kang Lamborghini, mabenyane ha mmoho le tjhelete, tseo kaofela di bitsang dimilione tse R34.

8.2. Kabinete e rolela mekgatlo e qobellang molao kgaebana ka ho tshwara maqulwana ana a bonokwane. E nngwe taba eo Kabinete e e  e thoholetsang ke ho lwantsha ka katleho dinokwane tse neng di hlometse di tshwara koloi e tsamaisang tjhelete poho mane Limpopo. Kabinete e rata ho hatella taba ya hore ba qobellang molao ba tlameha ho netefatsa hore ba tiisa letsoho ho bohle ba kgellang tshireletso ya naha ha mmoho le melao ya naha fatshe.

8.3. Kabinete e boetse e thabetse ho tshwarwa ha basebeletsi ba robong (9) ba Lefapha la Bophelo bo Botle mane profensing ya Kapa Leboya ka lebaka la bobodu thekong ya thepa ya tshireletso (PPE). Babelaellwa bana ba behwa melato ya bobodu, bonyofonyofo, phapanyetsano e fosahetseng ya tjhelete ha mmoho le ho tlola Molao wa Tshebediso ya Tjhelete ya Setjhaba. 

9. Ntlhakemo ya Mmuso Mabapi le Leano la Naha la Ditefello tsa Kalafo

9.1. Kabinete e boetse ya netefatsa ntlhakemo ya mmuso ya ho kenya tshebetsong Leano la Naha la Ditefello tsa Kalafo ka maikemisetso a ho netefatsa hore Maafrika Borwa ohle a fumana tshebeletso ya maemo ya tsa bophelo bo botle. Ntlhakemo e pele mabapi le NHI ke ya hore ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa mmuso le tse ikemetseng ha di a tsitsa. Se hlokahalang ho etswa ke ho kopanya ditshebeletso tsena e le hore setjhaba kaofela se tle se kgone ho una molemo. Ka ho kenya NHI tshebetsong, mmuso o ikemiseditse ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso ditsing tsa mmuso. Ena ke taba e sa tlamehang ho nahanwa e le nngwe e sa kopangwe le dintho tse qohollotsweng Tshisinyong ya Molao wa NHI. 

9.2. Taba ya ho sheba tshehetso ya ditjhelete ya leano ka tsela sa phatlallang, ke ho kgella fatshe sepheo le morero wa Tshisinyo ena ya Molao ho tliseng dintlafatso ditshebeletsong tsa mmuso le tse ikemetseng. Dintlafatso tsena tse sisinngwang di tla thusa ho fokotsa tshubuhlellano ditsing tsa mmuso. Ha Letlole la NHI le lekana bakeng sa ho reka ditshebeletso ho tswa ho bafani ba ditshebeletso ba setjhaba le ba ikemetseng, ke hona re tla bona ho imoloha dibakeng tsa setjhaba tse tlasa kgatello e kgolo Ha se ntho e nepahetseng ho mathisa ditaba tse seng nnete ka leano lena. Tsohle di behilwe hantle tsa hlaka hore diphetoho tsena di tla kenngwa tshebetsong ka mora nako e telele le ka mekgahlelo. 

10. Ntlhakemo ya mmuso mabapi le Mathata a Ditjhelete tsa Mmuso

10.1. Kabinete e a tseba ka mathata a ditjhelete ao mmuso o shebaneng le ona mme sena ha se ntho e sa tlwaelehang Afrika Borwa, leha ho le jwalo, e bakile mathata kabong ya matlotlo ya mahareng a selemo. Leha ho bile le mathata ana a ditjhelete, Kabinete e ntshitse mahlo dinameng hore sena se se ke sa ba le kgahlamelo e mpe phanong ya ditshebeletso setjhabeng.

10.2. Haufinyane Letona la Ditjhelete le tla fana ka tlhakisetso lengolong le ileng la phatlalatswa ka la 31 Phato 2023, le neng le bolela ha mmuso o tlameha ho fokotsa tshebediso ya tjhelete. Ho eketsa moo, ho lekola kgatelo pele ya ho kenngwa tshebetsong ha ditumellano tseo Matona a ileng a dumellana ka tsona, Mopresidente le Motlatsi wa Mopresidente ba tla ba le kopano le letona ka leng ho lekola hore tshebediso ya tjhelete e sebedisetswe dinthong tseo di neng di behilwe ka sehloohong. 

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Leano le Thibelo le Kalafo ya Ditlamorao tsa Tshebediso e Mpe ya Dithethefatsi.

1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Leano le Thibelo le Kalafo ya Ditlamorao tsa Tshebediso e Mpe ya Dithethefatsi bukeng ya diphatlalatso tsa mmuso ka sepheo sa ho lwantsha tshebediso e bohlaswa ya dithethefatsi. 

1.2. Leano lena e tla ba tlatsetso ho a fetileng a kang la Twantsho ya Dithethefatsi la 2013 le la 2017. Le tla boela le thusa moo Molao wa Twantsho ya Tshebediso e Bohlaswa ya Dithethefatsi o haellang teng.

1.3. Leano lena le na le ditshisinyo tsa ho sebedisa mananeo a setjhaba ho lwantsheng bothata bona. 

1.4. Leano lena le tla phatlalatswa ho websaete ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, www. dsd.gov.za.

2. Ho Kengwa Tshebetsong ha Letlole la Tekatekano ho tsa Bohahlaudi

2.1. Kabinete e ile ya behwa sehlohlolong sa ditaba ka tumellano e fihletsweng ka ho kenngwa tshebetsong ha Letlole la Tekatekano ho tsa Bohahlaudi (TEF) ho latela nyewe e neng e hlahletswe ke Afriforum le Solidarity.

2.2. Kabinete e behilwe sehlohlolong ka mehato e nkuweng ho kenya tumellano ena tshebetsong ha mmoho le diphephetso tseo TEF e bileng le tsona tumellanong ena. 

2.3. TEF ena e tla kenngwa tshebetsong ho ipapisitswe le pehelo ya Lekala lena la Bohahlaudi e bolelang ha batho ba batsho ba tlameha ho ba le kabelo ya persente tse 30 ha ho bapiswa le tse 51 tsa pele.

2.4. Kabinete e ile ya tshehetsa phethahatso ya TEF.

C. Tshisinyo ya Melao

1. Tshisinyo ya Molao wa Komeshene ya Ditshebeletso tsa Mmuso (PSC)

1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao wa Komeshene ya Ditshebeletso tsa Mmuso e leng e tlisang diphetoho Molaong wa PSC, wa bo 46 wa 1997. 

1.2. Diphetoho tsena di tla thusa PSC ho sebetsa jwalo ka lekala le ikemetseng le se nang leeme ho latela molaotheo ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebetso ya basebeletsi ba mmuso. 

1.3. Tshisinyo ena e boetse e eketsa matla ao PSC e tla ba le ona kgahlano le bommasepala le makala a mang a mmuso mme e tla fana ka moralo oo e tla o latela ho fetoleng ditshebeletso tsa mmuso hore e be tsa Profeshenale. 

2. Moralo wa Tshisinyo ya Molao wa Ntshetsopele ya Thuo ya Diphofotswana tsa Metsing

2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Moralo wa Tshisinyo ya Molao wa Ntshetsopele ya Thuo ya Diphofotswana tsa Metsing bakeng sa maikutlo a setjhaba. Sepheo sa Tshisinyo ena ke ho:

  • kgothaletsa ntshetsopele ya lekala lena, ho tlisa botsitso tlhahisong ya dijo ha mmoho le ntlafatsong ya moruo wa naha,
  • tshehetsa kabelo ya dikgwebo tse nyane, haholoholo tsa basadi le batjha; le
  • tshehetsa ho tlisweng ha diphetoho lekaleng lena.

3. Moralo wa Tshisinyo ya Molao wa Dikgwebo tsa Mmuso

3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Moralo wa Tshisinyo ya Molao wa Dikgwebo tsa Mmuso bakeng sa maikutlo a setjhaba.

3.2. Sepheo sa moralo ona ke ho:

3.2.1. Tiisa seabo sa Mmuso dikhampaning tsa mmuso

3.2.2. Ho thehwa ha Taolo ya Matlotlo a Mmuso SOC Ltd e le khampani e tla okamela dikhampani kaofela tsa mmuso bakeng sa leano la SOEs, moo Mmuso e tla ba ona feela monga diabo tsa teng.

4. Ho Phumulwa ha Tshisinyo ya Molao wa South African Airways

4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha ho Phumulwa ha Tshisinyo ya Molao wa South African Airways bakeng sa maikutlo a setjhaba.

4.2. Ho phumulwa hona ha Molao wa SAA ho reretswe ho tlisa diphetoho jwalo kaha mmuso o se o se na diabo tse ngata ha SAA.

4.3. Ho phumulwa hona ha Molao wa SAA ha ho etse diphetoho ngodisong ya khampani ena ka tlasa Molao wa Ngodiso ya Dikhampani; mme hape

4.4. Ditokelo tse tsamaisanang le ho ba le diabo ha mmuso ho tla nkuwa ke moemedi ya tla thonngwa ho emela Mmuso.

D. Khiro

Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

Ho Thonngwa ha Ditho tsa Boto ya Metsi ya Lekwa

1.1. Ntate Makhosini Solomon Msibi (Modulasetulo);

1.2. Ntate Lungile Right Bomela (Motlatsa Modulasetulo);

1.3. Ntate Luvuyo Xola Ntoyi;

1.4. Mme Elizabeth Cornelia Rockman;

1.5. Mme Ntikila Sandlana

1.6. Ntate Andrew Modisaotsile Rantho;

1.7. Ntate Desmond Solomon Ezekiel Fransman;

1.8. Mme Matshego Gail Mercy Jele;

1.9. Mme Boipelo Felicity Nakedi;

1.10. Mme Tshepiso Doreen Segoe-Backward; le

1.11. Ntate Thabo Moses Manyoni

2. Ho Thonngwa ha Ditho tsa Boto ya Metsi ya Umngeni le Uthukela

2.1. Moatevokheiti Vusi Khuzwayo (Modulasetulo)

2.2. Mme Nothando Nonkululeko Mkhize

2.3. Mme Senamile Masango

2.4. Mme Sylvia Thandazile Mhlongo

2.5. Mme Hlengiwe Mvubu

2.6. Ntate Khanyisani Stanley Shandu

2.7. Ntate Lavandran Nanda Gopaul

2.8. Ntate Sibusiso Wycliff Mkhize

2.9. Ntate Kwazikwenkosi Innocent Mshengu;

2.10. Mme Diana Gloria Hoorzuk;

2.11. Ntate Cornish James Timothy; and

2.12. Ntate Sipho Maxwell Mtolo

3. Ho Thonngwa ha Ditho tsa Boto ya Metsi ya Overberg

3.1 Ntate Razeen Benjamin (o kgethilwe hape mme ke Modulasetulo);

3.2 Mme Siphiwe Doris Mayinga (o kgethilwe hape mme ke Motlatsa Modulasetulo);

3.3 Ntate David Lefutso (o kgethilwe hape);

3.4 Ngaka Nandipha Daphne Siwahla-Madiba (o kgethilwe hape);

3.5 Moprofesara Gregory Jerome Davids (o kgethilwe hape);

3.6 Mme Monica Auphry Malunga

3.7 Mme Nalini Singh-Maharaj

3.8 Ngaka Thavamoney Kelly

3.9 Ntate Bongani Evidence Mnisi

3.10 Ntate Louis Oudsthoorn, le

3.11 Ntate Dirk van Papendorp

4. Ho Thonngwa ha Ditho tseo e seng tsa Phethahatso tsa Boto ya National Meteorology Institute of South Africa bakeng sa dilemo tse hlano

4.1. Ngaka Precious Gugulethu Motshwene;

4.2. Moprofesara Andrew Cedric Buffler;

4.3. Moprofesara Lorna Benita Holtman;

4.4. Mme Senamile Masango;

4.5. Mme Sarah Natalia Prins;

4.6. Ngaka James Tshilongo;

4.7. Ngaka Wynand Louw;

4.8. Ngaka Alufelwi Maxwell Tshavhungwe; le

4.9. Mme Babalwa Songongo;

5. Ho Thonngwa ha Ditho tsa Boto ya Diteko bakeng sa Laesense ya Ditokelo (PEB)

5.1. Mme Thandiwe Khumalo (o kgethilwe hape);

5.2. Ntate Paul Sibisi (o kgethilwe hape);

5.3. Mme Shanaaz Mohamed (o kgethilwe hape);

5.4. Ntate Johnny Fiandeiro (o kgethilwe hape);

5.5. Ngaka Magdalena Kleyn; le

5.6. Mme C. Mathoto Masetla-Mafa;

6. Ho Thonngwa ha Ditho tseo e seng tsa ka Phethahatso tsa Boto ya Letlole la Dikotsi tsa Mebileng bakeng sa dilemo tse tharo. 

6.1. Mme Lorrain Francois (o kgethilwe hape mme ke Modulasetulo);

6.2. Ngaka Nomonde Buyiswa Mabuya-Moloete (o kgethilwe hape mme ke Motlatsa Modulasetulo);

6.3. Moatevokheiti Nontuthuzelo Njeza;

6.4. Ntate Moses Nyama;

6.5. Ntate Thulani Samuel Tshabalala (o kgethilwe hape);

6.6. Ntate Simphiwe Blose (o kgethilwe hape);

6.7. Mme Pamela Bongeka Mathebula;

6.8. Ntate Duke William Mathebula;

6.9. Mme Tinyiko Mhlari;

6.10. Ngaka Pholile Dladla;

6.11. Ntate Kwena Cuthbert Komape le

6.12. Mme Bongiwe B. Khumalo

E. Diketsahalo tse Tlang

1 Letsatsi la Botjhaba

1.1 Mokete o moholo wa selemo wa Letsatsi la Botjhaba o tla tshwarelwa lebaleng la dipapadi la Princess Magogo mane Kwa-Mashu, KwaZulu-Natal ka la 24 Lwetse 2023 mme Kabinete e etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle ho nka karolo ho ketekeng botjhaba ba rona bo tebileng.

2 Kopano ya Setlwaedi ya bo 78 ya Matjhaba a Kopaneng 

2.1 Afrika Borwa e tla nka karolo kopanong ya bo 78 e tlwaelehileng ya Matjhaba a Kopaneng ho tloha ka la 18 ho isa ka la 26 Lwetse 2023 tlasa lepetjo le reng: “Re tsosolosa botshepehi ho bopeng dinaha tsa matjhaba: Ho potlakisa leano la 2030 le la Ntlafatso bakeng sa kgotso, katleho le kgatelo pele e tsitsitseng bakeng sa bohle.”

3. Seboka sa UNESCO sa Beke ya bo 9 ya Boenjiniere ba Afrika le Seboka sa bo 7 sa Boenjiniere ba Afrika

3.1 Afrika Borwa ka Moifo wa Taolo ya Boenjiniere le Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo e tla tshwara seboka sa Seboka sa UNESCO sa Beke ya bo 9 ya Boenjiniere ba Afrika le Seboka sa bo 7 sa Boenjiniere ba Afrika ho tloha ka la 25 ho isa ka la 28 Lwetse 2023 mane Tshwane.

4. Sport Indaba ya Dikolo tsa Afrika Borwa

Lefapha la Dipapadi, Bonono le Setso le tla tshwara Seboka sa Naha sa Sport Indaba ya Dikolo tsa Afrika Borwa mane Birchwood Hotel Johannesburg ho tloha ka la 14 ho isa ka la 15 Lwetse 2023. Dipapadi tsa dikolo di kgutlile ka sepheo sa ho ntlafatsa dipapadi le seabo sa mmuso tsoseletsong ya dipapadi tsa dikolo Afrika Borwa.

5. Ho Hlomamiswa ha Moifo wa Taolo ya Madiboho

5.1 Moifo wa Taolo ya Madiboho wa 2023 o tla qala ho sebetsa ho tloha ka la 1 Mmesa 2023 e le e nngwe ya makala a mmuso a hlahellang ho shetjule ya bo 3(A) ya makala a mmuso a qobellang molao mme e tla hlomamiswa se mmuso ka la 5 Mphalane 2023. 

6. Africa Growth Opportunity Act (AGOA)

6.1 Afrika Borwa e tla tshwara seboka sa AGOA ho tloha ka la 2 ho isaka la 4 Pudungwana 2023. Sebokeng sena ho tla buisanwa ka ditaba tse mabapi le kgwebisano pakeng tsa naha ya Amerika ha mmoho le dinaha tse lokelang tsa Afrika. 

F. Melaetsa

1. Diteboho

Kabinete e lebisa ditebo le ditakaletso tse ntle ho:

1.1 Springboks – ka ho phahamisetsa folokga ya naha hodimo ka ho hapa papadi ya bona ya pele Mohopeng wa Lefatshe wa Rabi wa 2023. 

1.2 Tariq Moosa le basebeletsi ba Chicano Customs ba hlahisitseng koloi ya BMW ya mmotlolo wa E9 2800 CS oo ba o rehileng Nkabi, e leng mofuta o ileng wa hlola mefuta e fetang 6000 ya dikoloi tse pele Yuropa Dipontshong tsa Dikoloi mane Birmingham, UK.

1.3 Basadi ba Afrika Borwa bao e leng bommasaense ba ileng ba hapa dikgau Dikgaung tsa selemo sa 2023 tsa Dikgau tsa Afrika Borwa tsa Bommasaense ba Afrika Borwa (SAWiSA) tse neng di tshwerwe ke Letona la Thuto e Phahameng, Saense le Mahlale, Ngaka Blade Nzimande. Kabinete e lebohisa bahlodi ba latelang:

  • Bommadiphuputso ba Itlhommeng Pele: Dithutong tsa Botho le Bodulo ba bona
  • Moprofesara. Catherine Ward
  • Bommadiphuputso ba Itlhommeng Pele ba sa leng Batjha: Dithutong tsa Botho le Bodulo ba bona
  • Moprofesara. Anastacia Mamabolo
  • Bommadiphuputso ba Itlhommeng Pele: Dithutong tsa Tlhaho le Boenjiniere
  • Moprofesara. Janine Barbara Adams
  • Bommadiphuputso ba itlhommeng pele ba sa leng batjha: Dithutong tsa Tlhaho le Boenjiniere
  • Moprofesara. Usisipho Feleni
  • Mosadi ya Itlhommeng Pele ya sa leng Motjha: Kgau e Ikgethileng
  • Ngaka Tiisetso Elizabeth Lephoto
  • Mosadi ya Itlhommeng Pele: Kgau e Ikgethileng
  • Ngaka Patience Thenjiwe Mthunzi-Kufa
  • DSI Ndoni Mchunu Fellowships: Kgau tsa Maemo a Masters
  • Mme Nyeleti Precious Mabaso
  • Mme Modjadji Rebecca Letsoalo
  • Mme Gizelle Roque van Niekerk
  • DSI-Ndoni Mcunu: Dikgau tsa Maemo a Bongaka
  • Mme Munira Hoosain
  • Mme Aletta Susanna Elizabeth Nortje
  • Mme Boitumelo Makgabutlane
  • Mme Thendo Gertie Makhado
  • Mme Bambesiwe Mbesi May
  • Mme Carla Dodd
  • Mme Ramakgahlela Betty Sebati
  • Mme Lusani Mamushiane

2. Matshidiso

Kabinete e fetisetsa matshidiso le kutlwelo bohloko ho malapa le metswalle ya:

  • Setjhaba sa naha ya Morokho ka koduwa ya ho reketla ha lefatshe ho neng bo bolaye batho ba balwang ka dikete mme ha lemala ba bangata.
  • Mmuso le setjhaba sa Libiya ka lebaka la dikgohola tse bolaileng batho ba balwang ka dikete. 
  • Rakgwebo, Mothusi wa setjhaba le mothehi wa Pick n Pay, Raymond Ackerman (92), ya neng a na le ponelopele ya Afrika Borwa e betere mme ya ileng a ba mohlala o motle setjhabeng bophelo bohle ba hae. Bophelong ba hae o boetse a kgona ho hapa kgau ya Order of The Baobab.
  • Kgosana Mangosuthu Buthelezi (95) Mothehi le Mopresidente wa Inkatha Freedom Party eo e neng e be Letona la pele la Ditaba tsa Lehae.
  • Molwanedi wa ditokelo tsa botho ha mmoho le tokoloho, Mme Amy Rietstein Thornton (91), ya neng a bapale karolo e kgolo Nyeweng ya Bohlabaphiyo ya 1956 jwalo ka motshehetsi wa UDF nakong eo a neng a kgutlela Afrika Borwa ka mora ho ngala naheng.
  • Molwanedi wa tokoloho, moitseki le Lenqosa la mehleng Ntate Zeph Makgetla (78), ya neng a nehele bophelo ba hae ho sebeletsa setjhaba sa Afrika Borwa. 
  • Mohlophisi wa mehleng wa Business Day, Jim Jones, (81), ya neng a bapale karolo e kgolo nakong ya dipuisano tsa ho tlisa demokrasi naheng ena. 

Ditlhakisetso:
Mme Nomonde Mnukwa – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485

Share this page

Similar categories to explore