Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 29 Motsheanong 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e etsa kgoeletso ho badudi hore ba fadimehe kgahlanong le ho tsoha botjha ho ka nnang ha hlaha ha merusu ya botlokotsebe e tobileng melata. Kabinete e sedi hore e se ke ya supa merusu ena e le lehloyo la melata hobane bopaki ba sethathong bo bontsha hore diketso tsena di kgannwa haholo ke botlokotsebe.

Kabinete e ile ya thoholetsa makala a tiiso ya molao bakeng sa mosebetsi wa ona wa ka potlako le o matla.

1.2. Kabinete e lebisa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya bahlankana ba batjha ba lahlehetsweng ke bophelo ba bona ka lebaka la mekgwa ya mabollo e fosahetseng. Kabinete e thatiselletsa kgoeletso ya Mopresidente Jacob Zuma bakeng sa toka e potlakileng le ho etsa boipiletso ho baetapele ba botjhaba le baahi hore ba fadimehe kgahlanong le tshebediso e mpe le ho se kgathalle.

Mmuso o tshehetsa ka botlalo meetlo le botjhaba ba naha ya rona bo fapafapaneng le ho hatella hore tsena tsohle di lokela ho ipapisa le ditokelo tsa molao wa motheo.

1.3. Kabinete e ananetse ho nka karolo ha Aforika Borwa Sebokeng sa maobanyana mona sa Kopano ya Aforika (AU), moo Aforika Borwa e behileng dintlha tse ngatanyana ka sehloohong lenanetsamaisong la Seboka. Tsena di ne di kenyeleditse Moralo wa Bohlokwa wa Khomishene ya AU bakeng sa nako ya 2014-2017 le Ditekanyetso tsa AU bakeng sa 2014; maemo a kgotso le polokeho Aforika; mehlodi e meng ya dithuso tsa ditjhelete bakeng sa AU; Lenanetsamaiso la Ntshetsopele la ka mora 2015; kopano ya Baetapele ba Mebuso ba Bosemphato bo Botjha Bakeng sa Ntshetsopele ya Aforika le Komiti ya Mmuso Tlwaetso ya Makgulo, le Foramo ya Seboka sa Aforika sa Mokgwa wa ho Shebisana tse fetileng Mmoho.

1.4. Kabinete e thoholeditse boetapele ba Dinaha tse Kopaneng Bakeng sa Ntshetsopele ya Aforika e ka Borwa bakeng sa ho thusa tsamaisong e lebisitseng hore Zimbabwe e amohele Molaotheo o motjha. Molaotheo wa Zimbabwe o tshwaya mokolokotwane wa bohlokwa ho kenngweng tshebetsong ha Tumellano ya Kgotso ya Lefatshe ka katleho.

1.5.  Mathuleng ana a Kgwedi ya Batjha Kabinete e etsa kgoeletso ho makala oohle a setjhaba ho phahamisa maemo a mananeo a ho lwantsha tshebediso e mpe ya dithethefatsi. Mookotaba wa Kgwedi ya Batjha o re: “Ha re Sebetseng Mmoho bakeng sa Ntshetsopele ya Batjha le Aforika Borwa e Hlokang Dithethefatsi.”

Ketso e matla ya Mmuso bakeng sa ho shebana le tshebediso e mpe ya dithethefatsi ho la Eldorado Park, Gauteng, e tlisa batho ba tulo ena haufi le ho hlokomela ntlha ya sebaka se hlokang dithethefatsi. Kabinete e lemoha le ho ananela tswelopele e entsweng ke sepolesa, baetapele ba badudi le makala a mang ho la Eldorado Park tlasa boetapele ba Mmuso wa Porofense wa Gauteng. Mmoho ba entse kgatelopele ya bohlokwa twantshong ya kgehlepe ena ya tshebediso e mpe ya dithethefatsi. Kabinete e a hlokomela hore maemo ho la Eldorado Park a bontsha dintlha tse tobaneng le dibaka tse ngata naheng ka bophara le ho etsa kgoeletso baduding bohle ba naha hore ba etelle pele ntwa ya Aforika Borwa e “hlokang dithethefatsi” ka hara ditulo ka ho fapana.

Nakong ya kgwedi ya Batjha, ha re itlameng bakeng sa ho lwana ntwa e kgahlanong le tshebediso e mpe ya dithethefatsi le botahwa ditulong tsohle tsa naha.

1.6. Kabinete e amohela ho kenngwa ha puo ya seAforika ho Kereiti ya R le ho Kereiti ya 1 moo dipuo tseo di leng siyo.

Kabinete hape e thoholetsa phatlalatso ya Yunivesithi ya KwaZulu-Natal ya ho etsa hore isiZulu e be setlamo ho barutwana ba qalang, ba sa tsebeng puo ya isiZulu hantle, ho ingodisa bakeng sa thuto eo ho ntshetsapele bokgoni ba ho qoqa.

Kabinete e kgothaletsa baahi bohle ba Aforika Borwa ho ithuta puo e le nngwe ya ka hara naha ka ha sena se kgothaletsa tsebo ya maleme a mangata le kaho ya setjhaba.

1.7. Kabinete e ananela hore ho tloha ka la 1 ho ya ho la 3 Phuptjane 2013 Mopresidente Jacob Zuma o tla etela semmuso ho la Japan le ho kenela Khonferense ya Matjhaba ya bo hlano ya Tokyo mabapi le Ntshetsopele ya Aforika (TICAD V). Mookotaba wa TICAD V ho la Yokohama, Japan, ke: “Re tshwarisane le Aforika e Fetohelang Pele Haholo.”

1.8. Kabinete e maswabi ka ho hlokahala ha mokaubere wa raditaba Vuyo Mbuli le ho isa matshediso ho ba lelapa la Mbuli, metswalle le bomphato indastering ya boraditaba. Monghadi Mbuli o nyehetse haholo bakeng sa ho bopa dipuisano tsa setjhaba dintlheng tsa bohlokwa le lerato la mosebetsi wa hae le amme dipelo tsa baahi ba Aforika Borwa.

1.9. Kabinete e bontshitse matshediso a yona ho baahi ba Bangladesh le malapa le metswalle mabapi le basebeletsi ba fetang 1 000 ba feme ya masela ba hlokahetseng ha ba welwa ke moaho. Mehopolo le dithapelo tsa rona di na le setjhaba sa Bangladesh.

1.10. Kabinete e maswabi haholo ka tahlehelo ya bophelo le ditemalo ka lebaka la dikgohola tse matla ho la China e ka borwa.

1.11. Kabinete hape e bohloko haholo ka lefu la baithuti ba bahlano ba motsana wa Lwandile ho la Ngqeleni, Kapa Botjhabela, ba timetseng kotsing ya bese. Baithuti ba 30 le bona ba ile ba lemala kotsing ena e mpe. Mmuso o isa matshediso a ona ho malapa, metswalle, baithutimmoho le matitjhere a diphofu. Ho utlwisa bohloko ha Aforika Borwa e lahlehelwa ke baetapele ba kamoso.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaeletse monwana hore Pampiritshwaelo bakeng sa Tshebetso ya Sepolesa e phatlalatswe ho Kazete ya Mmuso bakeng sa hore setjhaba se tshwaele.

Ho tloha ha ho ne ho thehwa Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) ka 1994, ho bile le diphetoho tse ngata tikolohong e ka hare le ka ntle e bileng le kgahlamelo kutlwisisong ya Tshebeletso le ho arabeleng dintlha tsa botlokotsebe le polokeho.

Ka mora 1994, Mmuso o ne o tobane le ho shebana le dipheo tse pedi tsa ho bopa mmuso o tswelang pele ka ho le leng o ntse o fetolela sepolesa ho institjushene ya taolo.

Pampiritshwaelo ena e arabela ho diphephetso tse hlwauweng ho latela tekolo ya kgema ha Leano la Setjhaba la Thibelo ya Botlokotsebe (NCPS) la 1996 le Pampiritemoso ya 1998 e mabapi le Paballo le Polokeho. Setsing sa maano ana ho ne ho na le mohopolo wa ho shebana le ipaballo le polokeho ka mokgwa o batsi ka ntshetsopele le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a akaretsang makala a fapaneng ka kopanelo. Mmoho mohopolo e ne e le ho hlahisa moralo o bataletseng bakeng sa ho sebetsana le dintlha tse batsi tsa paballo le polokeho ho fihlela ka 2004.

Pampiritshwaelo e sebetsana le “Ho tobana le Botlokotsebe ho Aforika Borwa ya Demokerasi, Tshebetso ya Sepolesa ka hara Aforika Borwa, Batalatso ya Boprofeshenale le Ditlhophiso tsa Institjushene ya Sepolesa.” Sepheo sa sena ke hore qetellong ho etswe hore SAPS e arabele lepatlelo la botlokotsebe le ntseng le fetoha le ho kgotsofatsa ditlhoko tsa Mmuso o ntseng o tswelapele.

2.2. Kabinete e tjhaeletse monwana Moralo wa Naha wa Tshebetso bakeng sa Bana wa 2012-2017 jwaloka moralo o batsi bakeng sa ho fana ka tataiso le tshupiso ho mafapha a mmuso, badudi le bomphato ba bang lefapheng la tsa bana bakeng sa ho phethahatsa ditokelo tsa bana.

Moralo ona o kenyeletsa Molaotheo, ditumellano tsa matjhaba le tsa lebatowa, ho hlaha ha molao bakeng sa bana ka hara Aforika Borwa, Dipheo tsa Ntshetsopele ya Mongwahakgolo le Moralo wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) wa Pono ya 2030.
Moralo ona o na le meokotaba e mehlano e ka sehloohong: ho phela ha bana (mohlala. Phokotseho ya sekgahla sa ho shwa ha masea); kgodiso ya bana (mohlala Ditshebeletso tsa kgodiso ya bana ba sale banyane); tshireletso ya bana (mohlala tshireletso kgahlanong le merusu le tlhekefetso ka motabo); maemo a bophelo a bana (mohlala Maem a bodulo ba bana) le bonkakarolo ba bana (mohlala Bana ba be le boikarabelo ha ba sebedisa ditokelo tsa bona).
Moralo ona wa Naha wa Tshebetso bakeng sa Bana wa 2012-2017 o tla ahlaahlwa ho ya pele nako e tlang ya boraditaba.

2.3. Kabinete e tjhaeletse monwana hore Tjhatara bakeng sa Ntjhafatso ya Botjhaba ba Aforika e nehelwe Palamenteng bakeng sa ho tjhaelwa monwana wa tokiso ho ya ka dipehelo tsa Karolo 231 (92) ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa.

Tokiso ya Tjhatara ke mmuso ke karabelo ho Boitlamo bakeng sa Ntjhafatso ya Botjhaba le Maitshwaro bo Tshwanang ba Tulo e Setlwaeding ya bo 16 ya Dihlooho tsa AU e neng e tshwaretswe ho la Equatorial Guinea, ka Pherekgong 2011, le Kgakolo ya letsholo la AU bakeng sa Tjhatara bakeng sa Ntjhafatso ya Botjhaba ba Aforika e neng e tshwaretswe Aforika Borwa ho ya mafelong a 2011.
Tokiso ya Tjhatara e phahamisa tshireletso ya maitshwaro a botjhaba a maAforika le mafa a botjhaba mme e kgothaletsa Boikgantsho ba BoAforika.

Tjhatara e kgothaletsa kopanngo ya botjhaba, bonono, maitshwaro a botjhaba, puo, lefa mmoho le diindasteri tsa botjhaba le popo e le tsa bohlokwa bakeng sa ntshetsopele ya nako e telele. Sena se na le boleng ba ho nyehela kgolong ya moruo le kopanong ya kahisano. Tjhatara e nyalantswe le Tsela e Ntjha ya Kgolo, NDP, Pampiritemoso mabapi le Bonono, Botjhaba le Lefa le Leano la Moruo la Gauta ya Mzansi. Letona la Bonono le Botjhaba o tla bitsa kopano ya boraditaba mabapi le sena.

2.4. Kabinete e ananetse ho tshwarwa ha Seboka sa pele sa Saense, Theknoloji le Ntlafatso (STI) ho tloha ka la 20 ho ya ho la 21 Phupu 2013.

Dipuisano tse rerilweng nakong ya Seboka di fana ka lepatlelo la ho fatana le ditsela tsa ho ntlafatsa kgokahanyo pakeng tsa mmuso le lefapha la poraefete.
Seboka se tla kgontsha bankakarolo ho fatana le ditsela tsa kamoo STI e ka bapalang karolo ya bohlokwa leetong la rona la ho ya moruong o itshetlehileng tsebong le ho phethahatsa Pono ya 2030.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaeletse monwana Bili e lohothwang ya sehlomathiso sa Bili ya Moralo wa Tsamaiso ya Setjhaba (PAM) se jwale se tla phatlalatswang bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.

Bili ya moralo e batla ho hlahisa moralo wa semolao o tshwanang bakeng sa basebetsi le mabaka a itseng a tlhophiso le taolo ho tsamaiso ya naha, porofense le bomasepala. Sepheo sa sena ke ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso ka mokgwa o tshwanang bakeng sa tsamaiso ya tsa setjhaba, tshebediso e ntlafetseng ya basebeletsi le ho theha kgoro e le nngwe bakeng sa ditshebeletso tsa mmuso ho baahi.

3.2. Kabinete e tjhaeletse monwana Sehlomathiso sa Bili ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba bakeng sa tshwaelo ya setjhaba le ho hlahiswa ha Sehlomathiso sa Bili Palamenteng.

Sepheo sa Sehlomathiso sa Bili ke ho matahanya Molao wa Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba wa 1997 le Molaotheo. Ho fetafeta moo se batla ho matlafatsa Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba hore e fane ka tataiso e tsamaelanang le melawana e busang tsamaiso setjhaba.

Sena se tsamaelana le karolo e matlafaditsweng e labalabelwang ke NDP bakeng sa Khomishene.

3.3. Kabinete e tjhaeletse monwana hore Sehlomathiso sa Bili ya Tshebeletso ya Tsa Boemo Ba Lehodimo ya Aforika Borwa sa 2013 se phatlalatswe bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.

Sehlomathiso sa Bili ena ke ho hlomathisa Molao wa Tshebeletso tsa Boemo ba Lehodimo, wa 2001 (Molao wa 08 wa 2001) o nehelanang ka ho thehwa, dipheo, matla le mesebetsi ya Tshebeletso ya Tsa Boemo Ba Lehodimo ya Aforika Borwa.

Haholoholo dihlomathiso di tla neha Tshebeletso ya Tsa Boemo Ba Lehodimo ya Aforika Borwa tumello ya molao ya ho kenya tshebetsong mosebetsi wa taolo ya boleng ba tlhahisoleseding ka moya o fetofetohang, le ho sebetsa jwaloka mohlokomedi wa Mokgwa wa Tlhahisoleseding ka Boleng ba Moya wa Aforika Borwa.

Sena se nyehela ho tshireletseng le ho matlafatseng ha thepa ya rona ya tikoloho le mehlodi ya tlhaho.

3.4. Kabinete e tjhaeletse monwana hore Moralo wa Sehlomathiso sa Bili ya Ntshetsopele ya Mehlodi ya Diminerale le Petroliamo, wa 2012 o nehelwe Palamente.

Moralo wa Sehlomathiso sa Bili ya Ntshetsopele ya Mehlodi ya Diminerale le Petroliamo (Bili ya Sehlomathiso) o batla ho hlomathisa Molao wa Ntshetsopele ya Mehlodi ya Diminerale le Petroliamo wa 2002 (Molao wa 28 wa 2002) jwaloka ha o hlomathisitswe ke Molao wa Ntshetsopele ya Mehlodi ya Diminerale le Petroliamo wa 2008 (Molao wa 49 wa 2008).

Dipheo tse kgolo tsa moralo wa Bili ya Sehlomathiso ke, hara tse ding, ho matlafatsa phano bakeng sa ho tshwaelwa ha diminerale hore ho hodiswe indasteri le ho nyehela dipheong tsa naha tsa ho hlahisa mesebetsi le kgolo ya moruo jwaloka ha ho labalabelwa ke NDP. Ho tla behwa nako e ikgethileng bakeng sa ntlha ena.

4. Bathonngwa
Kabinete e tjhaeletse monwana bathonngwa ba latelang:

4.1. Monghadi Sithembiso Freeman Nomvalo jwaloka Mohlanka wa Phethahatso ya ka Sehloohong bakeng sa Lekala la Theknoloji ya Tlhahisoleseding ya Mmuso hape e le setho sa phethahatso ho Boto ya lona ya Balaodi bakeng sa selemo.

4.2. Monghadi Trevor Gordon jwaloka Motlatsa Molaodikakaretso: Taolo ya Dikgwerekgwere tsa Dikhemikale ho Lefapha la Merero ya Tikoloho.

4.3. Mofumahadi Yoliswa Makhasi jwaloka Motlatsa Motsamaisikakaretso: Bolaodi ba Kgwebo ho Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso.

4.4. Mofumahadi Rose Mbono jwaloka Motlatsa Motsamaisikakaretso: Matahanyo ya Leano le Kgahlamelo ya Moruo ho Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso..

4.5. Kabinete e tjhaeletse monwana ho thonngwa ho latelang ho Lekala la Polokeho ya Kahisano la Aforika Borwa (SASSA):
a) Mofumahadi Emmarentia Dianne Dunkerley mosebetsing wa Molaodi wa Phethahatso: Tsamaiso ya Matlole a Thekolohelo,
b) Monghadi. Frank Earl mosebetsing wa Molaodi wa Phethahatso: Phethisetso ya Matlole.

4.6. Kabinete e ananetse kekeletso ya nako ya tshebetso, bakeng sa dikgwedi tse tsheletseng, bakeng sa ditho tse 20 tsa Lekgotla la ha jwale la Lekgotla la Aforika Borwa la Diprofeshene tsa Saense ya Tlhaho ho fihla ka la 30 Lwetse 2013.

Dipatlisiso:
Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore