Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 23 Phupu 2014

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa ha jwale

1.1 Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Operation Phakisa ke Moporesidente Jacob Zuma, e akofisang tsamaiso ka ho kenngwa tshebetsong ha meralo e batsi, tharollo ya mathata le diketso tse bonahalang tse tsamaisang kgolo. Lefapha la Merero ya Tikoloho e tla ba lefapha la pele la ho etella pele tshebedisano mmoho le ba diindaseteri, mesebetsi, setjhaba le ba tsa thuto bakeng sa ho sebetsa mmoho ho katolla bokgoni ba mawatle a rona.

Ka 2010, moruo wa mawatle, jwale ka ha o tsebahala, o nehetse se ka etsang R54 bilione ho Dihlahiswa Kaofela tsa Naha Selemong (GDP) tsa Aforika Borwa, mme o ikarabella bakeng sa mesebetsi e ka bang 316 000. Bopaki bo supa hore mawatle a Aforika Borwa a ka nehela ho fihla ho R177 bilione ho GDP ka 2033. Mawatle a boetse a na le bokgoni ba ho hlola mesebetsi e otlolohileng e mahareng a 800 000 le milione e nngwe. Maemo ana a kgolo a bontsha bonyane diphesente tse nne tsa kgolo ya selemo ka seng ho bobedi GDP le tlhahiso ya mesebetsi.

Kotulo ya dimela le tshwaso ya diphoofolo tse tsejwang tsa metsi tsa lewatle, dipalangwang tsa lewatle, patlo ya oli le gase ya lewatle le tshireletso ya tsa mawatle di tsebisitswe tsohle e le dibaka tse ka sehloohong tsa moruo wa mawatle. Laboratori ya phano e thehilwe tlasa sebaka ka seng bakeng sa ho rarolla diphephetso tse hlokolosi.

1.2  Kabinete e leboha maAforika Borwa ohle le lefatshe bakeng sa ho nka karolo ho Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela la selemong sena. MaAforika Borwa ho tswa ka makgalo ohle a naha ya rona a arabetse kgoeletso ya ho fana ka nako le matla a bona bakeng sa ho etsa phapang.

Letsholo la ho hlwekisa le ntlafatsa dibaka tsa rona le ho nnetefatsa ho baballa tikoloho ya rona. Jwalo ka karolo ya letsholo lena, Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba le ntshitse bahlanka ba tsa Setekginiki ba Masepala ba ka bang 150 ho dimasepaleng kaofela ho nka karolo letsholong lena la tlhwekiso, empa le ho tshehetsa dimasepala selemo ho pota.

Matsholo a kang “War Leaks a thibelang metsi a dutlang” a tla tswela pele le ho matlafatswa moo batjha ba sa sebetseng le ditho tse ding tsa badudi di tla kgothaletswang ho imatahanya le mmuso bakeng sa ho lokisa ho dutla ha metsi. Kabinete e boetse e etsa kgoeletso ho badudi hore ba boloke dinoka le melatswana di hlwekile le ho hlaka, ka ha sena se nehela bakeng sa maemo a bophelo bo botle, a bolokehileng le a nang le seriti. Dinoka le melatswana e silafetseng di tshosetsa bophelo ba badudi ba phelang tlase ho noka.

1.3  Kabinete e amohela tumellano ya ho thakgola Banka e Ntjha ya Ntshetsopele (NDB) Sebokeng sa Botshelela sa dinaha tsa Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa (BRICS) ho la Brazil le ho theha kantoro ya lebatowa ho la Johannesburg. NDB e tla matlafatsa tshebedisano mmoho hara dinaha tsa ditho tsa BRICS le ho tshehetsa mekutu ya makala a ditjhelete le a mekga e mengata ya lebatowa, mme kahoo e tla be e nehela bakeng sa boitlamo bo kopanetsweng ba dinaha tsa ditho tsa BRICS bakeng sa ho fihlella sepheo sa kgolo e matla ya moshwelella e tsitsitseng.

Kantoro ya Lebatowa e tla bapala karolo ya bohlokwa bakeng sa ho lefella meaho ya motheo le diporojeke tsa ntshetsopele tsa moshwelella ka hara Aforika. Ka hara mokgwa wa tshebetso wa NDB ho na le tsela ya boitokisetso ba projeke e tla thusa bakeng sa ho fihlella diprojeke tse ngatanyana tsa dikaho tsa motheo ka hara kontinente. Tsena ho fihlela mona ha di so kenngwe tshebetsong ka lebaka la tlhokeho ya matlole bakeng sa boitokisetso ba porojeke, e leng mohato wa bohlokwa bakeng sa ho etsa hore mehopolo ya porojeke e be malala-a-laotswe bakeng sa tefello le ho kenngwa tshebetsong.

1.4  Kabinete e bontshitse ngongoreho e kgolo mabapi le ho tota ha dikgoka pakeng tsa Dibaka tsa Iseraele le Palestina. Kabinete e pheta kgoeletso ya Moporesidente Zuma ho mmuso wa Iseraele ho emisa ka ditlhaselo tsa yona tsa fatshe le tsa moyeng, tse ntseng di tswela pele ho baka tahlehelo ya bophelo le koduwa bathong. Ho fetafeta moo, e etsa kgoeletso bakeng sa phediso ya ho hlasela ka dirokete ho badudi ba Iseraele ke Hamas.

Kabinete e kgahlanong le diteko tse ipatileng tsa Mmuso wa Iseraele tsa ho sebedisa tlhaselo ya ona ho Gaza bakeng sa ho nyatsa Mmuso wa Kopanelo wa Palestina. Ho keke ha ba le tharollo ya ntwa qakeng ya Iserael le Palestina. Tharollo e itshetlehile feela hodima ditherisano tse matla tsa nnete tse kenyeletsang mahlakore ka bobedi. Aforika Borwa e imatahanya le Mongodikakaretso wa Matjhaba a Kopaneng, Monghadi Ban Ki-moon, ha a ipiletsa bakeng sa phediso ya dikgoka hanghang ka mahlakore ohle, le ho qala ha ho tsamaiswa ha dithuso tsa botho ho batho ba sotlehang ba Gaza. Maemo a tsa botho ke ngongoreho e kgolo ya Kabinete. Mmuso o ipiletsa ho ba ka sehloohong ba Egepeta hore ba thuse bakeng sa batho ba lemetseng le ba amehileng ba Gaza.

1.5 Lebitsong la batho ba Rephaboliki ya Aforika Borwa, Kabinete e lebisa matshediso ho malapa le metswalle ya mahlatsipa a sefofane sa Difofane tsa Malaysia se swahlamaneng ho la Ukraine ka la 17 Phupu 2014.

1. 6 Kabinete e lebisa matshediso ho lelapa le metswalle ya mongodi ya hapileng Kgau ya Nobel Nadine Gordimer ya sa tswa hlokahala. Aforika Borwa e tla dula e hopola Mofumahadi Gordimer jwalo ka molwanedi wa tokoloho ya sebedisitseng pene ya hae le lentswe le kgothetseng bakeng sa ho bua kgahlanong le mamphemphe a mmuso wa kgethollo.

Mofumahadi Gordimer e ne e le mothei wa Seboka sa Bangodi sa Aforika Borwa mme jwalo ka setho sa African National Congress ka 1989, o ile a fana ka bopaki ba ho bebofatsa kahlolo bakeng sa baetapele ba 11 ba United Democratic Front le balwanedi ba tokoloho ba Vaal Civil Association. Dipale tsa hae, tse bapetseng karolo e kgolo ntweng kgahlanong le mmuso wa kgethollo, di pepesitse kgahlamelo ya bosemorafe bo hlophisitsweng bophelong ba maAforika Borwa.

1.7 Kabinete e lebisa matshediso ho motswadi wa Taegrin Morris ya dilemo di nne ya ileng a bolawa ketsong ya ho nka koloi ka dikgoka Reiger Park ka borwa ho Johannesburg. Kabinete e itahlela ka setotswana ka ho tshwela ka mathe sehloho se sekana haholoholo baneng. Kabinete e boetse e lebohile sepolesa le ditho tsa setjhaba tse thusitseng ka ho kgutlela lapeng ka polokeho ha Mongezi Phike ya kwetetsweng nakong ya ha ntatae a nkelwa koloi ka dikgoka.

1.8 Kabinete e hopotsa maAforika Borwa hore Lekgotla la Ditlotlo le mema setjhaba bakeng sa ho kgetha batho ho tswa setjhabeng, mekgatlo eo e seng ya mmuso, mekgatlo ya badudi le ya ditumelo bakeng sa batho ba lokelang ho ka fuwa Dikgau tsa Tlotlo tsa Naha.

Dikgau tsa Tlotlo tsa Naha ke tlotla e kgolohadi eo naha e ka e nehang badudi ba nang le tokelo. Moporesidente jwalo ka Mohlokomedi e Moholo wa Dikgau tsa Tlotlo tsa Naha ke yena a fanang ka dikgau tsena.

Ditho tsa setjhaba di koptjwa ho nehelana ka mabitso a batho ba ipabotseng ka bokgabane ka hara setjhaba ba sebedisa foromo eo ba ka e tholang ho www.thepresidency.gov.za. Sena se lokela ho tsamaya mmoho le kgothaletso e ka thoko e kenyeletsang tse latelang:

  • temana ya makeno e nang le kgutsufatso ya diphihlello tsa mothonngwa;
  • lenane la makgabane a babatsehang a fihlelletsweng ke mothonngwa bophelong ba hae ba mosebetsi le ho tsa matjhaba; le
  • tlhakisetso ka ha tshebeletso e babatsehang, e sa tlwaelehang kapa ketso e bontshang sebete e entsweng ke mothonngwa.

Dithonyo di tla fella ka la 31 Phupu 2014.

2  Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1 Kabinete e tsebisitswe ka ho kenngwa tshebetsong ha Karolo 100 (1) (b) ya boitshunyako Porofenseng ya  Limpopo mme e tjhaelletse monwana phethoho ya boitshunyako ho tloha ho karolo 100 (1) (b) ho ya ho karolo 100 (1) (a) ka maemo a hlakileng a fuweng ba Phethahatso ya Porofense hore ba phethahatse e le qalo ya ho tiisetsa ho hulwa ha yona ka ho phethahala.

Ho imatahantswe le Molaotheo Lekgotla la Naha la Diporofense le ile la tsebiswa. Kopano e ka thoko e tla tshwarwang maqalong a bekeng e tlang e tla hlakisa se fihlelletsweng le ditsamaiso ha ho tsamaelwa pele.
.
2.2  Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Nako e Mahareng wa Mawala (MTSF) wa 2014-2019 o tla sebetsa e le ditene tsa ho aha tsa dilemong tse hlano tse qalang ho ya ho pono ya 2030 ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP). MTSF e na le dintlha ka botlalo tsa meralo ya dilemo tse hlano e tla kenngwa tshebetsong bakeng sa NDP, ka dipheo, matshwao, mesebetsi le boikarabelo le dinako bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha mesebetsi ya bohlokwa – bakeng sa ho kgonahatsa peho ya leihlo e hlophisitsweng le e itshetlehileng hodima bopaki bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha NDP.

MTSF e itshetlehile hodima boiphihlelo ba mmuso le thuto nakong ya tsamaiso ya mmuso ya 2009-2014, ha meralo, peho leihlo le tekolo tse thehilweng hodima diphetho di ne di tsebiswa lekgetlo la pele. Nakong eo ditumellano tsa phano di ile tsa ntshetswapele,  tsa behwa leihlo le ho lekolwa bakeng sa dintlha tse 12 tsa sephetho se ka sehloohong sa mmuso se neng se kenyeletsa thuto ya motheo ya boleng, bophelo bo bolelele bakeng sa maAforika Borwa ohle, boipaballo le polokeho, kgolo e kenyeletsang le mesebetsi e kgabane le ntshetsopele ya dibaka tsa mahae le kabo botjha ya naha. Nakong ya tsamaiso ya mmuso ya 2014-2019  palo ya diphetho e nyolohetse ho tse 14, ho kenyeleditswe tse pedi tse ntjha – tshireletso ho tsa kahisano le ho tsa momahano ya setjhaba le ho kaho ya setjhaba. Ho tsena tsohle, diphetho tsena tse 14 di akaretsa dikgaolo tsohle tsa NDP. Kantoro ya Letona la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo le tla tshwara kopano ya boraditaba mabapi le MTSF haufinyane.

2.3  Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e tshware Puisano ya Bomphato ba Lefatshe ya bo Kgabane ka Mphalane 2014 tlasa mookotaba o reng: “Matlafatso ya Saense, Thekenoloji le Ntlafatso (STI) bakeng sa Diphethoho tsa Moruo wa Kahisano ka Melawana ya Bomphato e Kgabane”.

Puisano e fana ka lepatlelo bakeng sa Dihloho tsa Mebuso, baetapele ba dikgwebo, borasaense,  dirutehi le baetapele ba baithuti ho fapanyetsana mehopolo le boiphihlelo e amanang le STI. Ho fetafeta moo, puisano e batla ho phahamisa phethoho ho moruo wa kahisano, ntshetsopele le kgolo ka hara Aforika.

Ho tshwarwa ha morero ona ho tla boela ho tobana le dipheo le maikemisetso a NDP mabapi le ho ntlafatsa saense le thekenoloji bakeng sa phethoho ya moruo wa kahisano ka hara Aforika Borwa le ho ntlafatsa boikemisetso ba rona ba ntlafatso ka hara lebatowa, kontinente le lefatshe ka bophara.

3  Diketsahalo tse tlang

3.1  Moporesidente Jacob Zuma o tla thakgola Kgwedi ya Basadi Meahong ya Kopano ka la 31 Phupu  2014 tlasa mookotaba o reng: “sehopotso sa bo60 sa Tumelano ya Basadi jwalo ka karolo ya dilemo tse 20 tsa Tokoloho, Re Ntshetsa Lenaneo la Basadi Pele!” Ho thakgolwa hona ho tla kenelwa ke Palamente ya BoAforika eo le yona e tla lebisang hlompho ho Mokgatlo wa Basadi wa BoAforika le ho bua ka karolo ya yona tokolohong ya Basadi ba Aforika.

Ho na le mesebetsi e mengata e reretsweng kgwedi ya Phato bakeng sa ho keteka dikuno tse entsweng ke Aforika Borwa ho fetoleng bophelo ba basadi ba Aforika Borwa. Ketsahalo e kgolo e tla tshwarelwa Durban ka la 9 Phato. Lefapha la Bonono le Botjhaba, jwalo ka lefapha le eteletseng pele Kgwedi ya Basadi, le tla boela le thakgole Metsotso e 20 e Babatsehang ka ho fetisisa bakeng sa Basadi kgweding ya Phato. Diketsahalo tsena tsa bohlokwa di tshwaya diphihlello tse kgabane tse entsweng ke basadi ba lehae le dikuno tse entsweng ke basadi bohle ba Aforika Borwa. Dintlha ka botlalo tsa diketsahalo tsena di tla tsebiswa ha nako e ntse e tsamaya.

3.2 Mopresidente Jacob Zuma o hlophiseditswe hore a etelle pele kemedi e tla nka karolo ho Seboka sa Baemedi ba Dinaha tse Kopaneng-le Aforika, tlasa sehlooho se reng: “Ho tsetela molokong o tlang”, ho tloha ka la 5 ho ya ho la 6 Phato 2014. Seboka se lebeletswe ho kopanya mmoho boraphethahatso ba dikgwebo ba Amerika le ba Aforika bakeng sa ho rerisana ka matsete le dikgwebo ka hara Aforika.

Ho tla boela hape ho ba le dikopano tsa ka thoko bakeng sa Bahlanka ba ka Sehloohong ba Phethahatso ba Amerika le ba Aforika le Kopano ya Matona ya Molao wa Kgolo ya Aforika le Monyetla (AGOA). Dikopano tsena di reretswe ho matlafatsa maqhama pakeng tsa Amerika le Aforika haholoholo mererong ya kgwebisano le matsete.
Diphetho tse lebeletsweng ke: kgothaletso ya kopanelo ho ya ka mabatowa ka hara kontinente; tshehetso bakeng sa mananeo a fapafapaneng a ntshetsopele ya moruo a Kopano ya Aforika, kgotso le polokeho, ho kenyeletswa katoloso ya AGOA; ho fetofetoha ha tlelaemete le merero ya tshireletso ya tikoloho le thuso bakeng sa ho fihlella dipheo tsa pono ya Aforika ya 2063.

3.3  Lefapha la Saense le Theknoloji le tla thakgola Beke ya Naha ya Saense (NSW) ka la 2 Phato 2014 tlasa mookotaba o reng: “Saense ya kajeno, ke lefatshe la hosane”.  NSW 2014 e tla tswela pele ho fihlela ka la 9 Phato 2014 naheng ka bophara. Bekeng eo ho tla ba le mesebetsi e mengatanyana ya saense naheng ka bophara. Sena se tla kenyeletsa dipepeso, dipontsho tsa saense, diwekeshopo le dithuto. Dintlha ka botlalo di tla tsebiswa ha nako e ntse e tsamaya. Kabinete e etsa kgoeletso ho batswadi, matitjhere, baithuti le maAforika Borwa ka kakaretso ho ba karolo ya NSW 2014.

4 Dithonyo

4.1 Kabinete e ananetse katoloso ya nako ya tshebetso bakeng sa ditho tse latelang tsa Boto ya Naha ya Diloto, ha tsamaiso ya ho thonya motsamaisi wa boraro e ntse e phethelwa.
a) Moporofesara Ntshengedzeni Alfred Nevhuṱanḓa (Modulasetulo),
b) Mofumahadi Mathukana Mokoka,
c) Moporofesara Govin Reddy,
d) Mofumahadi Zodwa Paulina Ntuli (moemedi wa Lefapha la Kgwebisano le Indasteri), le
e) Mofumahadi Ndileka Eumera Portia Loyilane.

4.2  Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Batsamaisi ba latelang bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya Bolaodi ba Polokeho ya Mawatle ya Aforika Borwa.
a) Motlatsi wa Admirale Johannes Mudimu (Modulasetulo),
b) Ngaka Michael Harry Hendricks,
c) Moadvokheiti Motsehoa Brenda Madumise (Motlatsi wa Modulasetulo),
d) Monghadi Frederick Andrew Jacobs,
e) Mofumahadi Nomsa Margaret Cele, le
f) Monghadi Brett Naidoo

4.3  Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa.
a) Mofumahadi Zodwa Penelope Manase,
b) Ngaka Popo Molefe (Modulasetulo),
c) Mofumahadi Carol (Roskruge) Cele,
d) Monghadi William Solomon Steenkamp,
e) Mofumahadi Nonduduzo Samukeliswe Kheswa,
f) Mofumahadi Mashila Jemina Matlala,
g) Monghadi Sfiso Buthelezi (o kgethilwe hape),
h) Monghadi Xolile George (o kgethilwe hape jwalo ka mothonngwa wa Mokgatlo wa Mebuso ya Lehae wa Aforika Borwa),
i) Monghadi Landon McMillan (Moemedi wa Lefapha la Matlotlo a Setjhaba), le
j) Monghadi Clement Manyungwana (Moemedi wa Lefapha la Dipalangwang).

4.4  Kabinete e dumellane le ho thonngwa ha ditho tse ntjha bakeng sa Lekgotla la Tikoloho ya Dikaho.
Moemedi wa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba
a) Monghadi Sam Themba (Clive) Mtshisa,
Baemedi ba Mafapha a Dikaho tsa Motheo
b) Monghadi Zukile C Mvalo,
c) Mofumahadi Martina Mapula Tshangela,
d) Mofumahadi Itumeleng Sizwe Kgomo,
Baemedi ba Makgotla a Porofeshenale ba Tikoloho ya Dikaho
e) Mofumahadi Christina Alida Breed,
f) Mofumahadi Ancunel Anna-Lucia Steyn,
g) Moporofesara Kathleen Anne Michell,
h) Monghadi Thembinkosi Matunda,
i) Mofumahadi Ezodidi Gugu Makongwana,
j) Monghadi Jerry Leigh Margolius,
k) Mofumahadi Anna-Marie Sassenberg,
l) Ngaka Zwanani Titus Mathe,
m) Monghadi Nicolaas Daniel Lombard,
n) Monghadi Sithiwe Thubane,
o) Monghadi Douglas Michell,
p) Monghadi Isaac Mzumara Nkosi (Modulasetulo),
Baemedi ba Setjhaba
q) Mofumahadi Niniza Fortunate Sithole (Motlatsi wa Modulasetulo),
r) Moadvokheiti (Ngaka) Nalini Maharaj,
s) Moadvokheiti Derick Jeffrey Block, le
t) Monghadi Reginald Gaolatlhe Sefotlho.
4.5  Kabinete e dumellane le ho thonngwa ha ditho tse latelang bakeng sa Boto ya Ntshetsopele ya Kaho ya Indaseteri.
a) Mofumahadi Lindelwa Teresa Myataza (Modulasetulo),
b) Monghadi Christopher Siphiwe Jiyane (Motlatsi wa Modulasetulo),
c) Mofumahadi Nazreen Sekao Pandor,
d) Monghadi Gonasagran Maduray,
e) Mofumahadi Nomsa Jacobs-Skweyiya,
f) Monghadi Sipho Abednego Mosai,
g) Monghadi Lefadi Lucas Makibinyane,
h) Mofumahadi Natalie Carol Skeepers,
i) Monghadi Selaelo Michael Makhura,
j) Mofumahadi Vuyiswa Victoria Sidzumo,
k) Mofumahadi Mandisa Fatyela-Lindie,
l) Monghadi Hareesh Lakha Patel, le
m) Monghadi Nico Maas.
4.6  Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Batsamaisi ba latelang bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e ka Borwa.
a) Mofumahadi Busisiwe Abigail Mabuza (o kgethilwe hape),
b) Mofumahadi Mary Vilakazi (o kgethilwe hape),
c) Mofumahadi Dawn Marole (o kgethilwe hape),
d) Mofumahadi Gugu Mtetwa,
e) Monghadi Mabotha Arthur Moloto,
f) Mofumahadi Anuradha Sing,
g) Moporofesara Mark Swilling.

E hlahisitswe ke Lefapha la Dikgokahanyo
Dipotso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se tshwereng mokobobo)
Mohala: 0835010139

Share this page

Similar categories to explore