Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 15 Motsheanong 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e hlahisitse ngongoreho ya yona mabapi le merusu ya moraorao tjena Morafong wa Lonmin o Marikana o bakileng ho nyahlatswa ha mosebetsi le tshitiso ya tlhahiso. Qabang ena e tlalehwa e le mabapi le dintlha tsa bongata ba boemedi bo kenyeletsang Mokgatlo wa Basebetsi wa Basebeletsi ba Merafo (NUM) le mokgatlo o mong wa Mokgatlo wa Basebeletsi ba Merafo le Kaho (AMCU).

Kabinete e etsa boipiletso ho boetapele ba mekgatlo ka bobedi e leng (NUM le AMCU) hore ba rarolle qabang ya bona ka kgotso le ho beha ditabatabelo tsa naha le tsa basebetsi ka pele ho feta eng kapa eng. Basebetsi ba tshwanela ho lemoha hore seteraeke se sa tshireletswang se ka ba le ditlamorao tse mpe haholo e seng ho bona feela, empa le bakeng sa bokamoso ba morafo le ba mesebetsi ya bona.

Kabinete e boela e etsa boipiletso ho botsamaisi ba Lonmin hore bo etse ka hohle kamoo ho ka kgonehang ho etsa bonnete ba hore mathata a rarollwa ka potlako kamoo ho ka kgonehang pele ho senyeha dintho tse ngata ho feta. Ho molemong wa bohlokwa wa naha bakeng sa hore mekgatlo ka bobedi le botsamaisi ba Lonmin ho bontsha maemo a hlokehang a boetapele le a bolaodi ba dikamano tsa mesebetsi.

1.2. Kabinete e tshehetsa ka botlalodiphihlello tsa sethathong tsa diphuputso tsa ho dumellwa ha ho tsorama ho sa dumellwang ha sefofane sa setjhaba Setsing sa Lebotho la Sesole sa Moyeng sa Waterkloof.
Kabinete e tobokeditse hore polokeho le boikemelo ba Aforika Borwa ke ntlha ya bohlokwa.Tlolo ya melao le melawana e tsamaelanang le madiboho le ditsha tse hlokolosi tsa naha e lokela hore ho sebetsanwe le yona ka thata ntle le tshabo kapa ho ratwa. Batho ba tla fumanwang ba tlola le ho nyenyefatsa melao ba lokelwa ke kgalefo e matla ya molao.

1.3. Kabinete e ananela mosebetsi wa Mafapha a Mmuso oo o tlalehilweng ke Matona a fapafapaneng nakong ya Dipuo tsa Ditekanyetso tsa mafapha. Kabinete e ananela ntlha ya hore phatlalatso e fuweng Dipuo tsa Ditekanyetso e thusa bakeng sa ho matlafatsa baahi ka tlhahisoleseding le ho etsa hore mmuso o ikarabelle.
1.4. Kabinete e ananela dipuisano tsa mahareng a Lefapha la Thuto ya Motheo le Mokgatlo wa Matitjhere wa Demokrasi wa Aforika Borwa tse entseng hore diketsahalo tsa boipelaetso di fanyehuwe.
Kabinete e etsa kgoeletso ho bankakarolo bohle ho tsa thuto ho rarolla diqabang tsa bona hore thuto ya batjha ba rona e se ke ya behwa tsietsing.

1.5. Kabinete e ananetse Phuputso ya ka ha Palo ya Mesebetsi e bontshang ho phahama ha sekgahla sa tlhokahalo ya mesebetsi ho tloha ho diphesente tse 24,9  ho ya ho tse 25,2.
Mmuso o potlakisa mekgwa, e jwaloka ho akofisa dikaho tsa motheo tse kgannwang ke mmuso, bakeng sa ho eketsa mesebetsi ka ho sebedisa Makala a Setjhaba hore a kenakene ntlha ena.
Mmuso mmoho le ba ikarabelang ho tsa mesebetsi le dikgwebo o kgakotse Tumellano ya Kahisano ya Kgiro ya Batjha ka Mmesa 2013. Sena ho ya pele se bontsha boitlamo bo kopanetsweng ho iseng ho tobaneng le ntlha ya tlhokahalo ya mosebetsi Sena se bontsha kamoo makala ka bonngwe a etsang boitlamo ba ho lwantsha tlhoko ya mesebetsi hara batjha ka ho shebana le maikemisetso a bonahalang le dinako tseo ka tsona ba tla fihlelang seo ka katleho, ho beha leihlo le ho lekola mmoho boikenyakako bo hlwauweng.
Kabinete e dutse e na le tshepo ya hore mekgwa e teng ha jwale e tla thusa naha ho hlahisa mesebetsi e metjha le ho fihlella maikemisetso a yona a ho hlahisa mesebetsi e metjha e dimilione tse hlanoka 2020.

1.6. Kabinete e ananela ho tekenwa ha moralo wa tshebetso bakeng sa ho kenya tshebetsong memorandamo o bitswang Memorandamo wa Kutlwisisano Mabapi le Paballo le Tshireletso ya tsa Tlhaho pakeng tsa Aforika Borwa le Vietnam.
Moralo wa ho Kenngwa Tshebetsong o tla tsamaya ho fihla ka 2017 mme o tla thusa mekutung ya ho lwantsha ditlolo tsa molao tse kenyeletsang Diphoofolo tse hlaha, haholoholo ho tsongwa ho seng molaong ha ditshukudu. Kabinete e boela e pheta hore Mmuso o ikemiseditse ho shebana le ntlha ya ho tsongwa ha ditshukudu ho seng molaong le ho tiisa hore disenyi di tla ahlolwa.

1.7. Kabinete e ananela phatlalatso ya Lefapha la Merero ya Lehae ya ho qala ka mokgwa wa boitsebiso wa karete o bitswang Tshebediso ya Karete ya Boitsebiso, o matlafatsang boitsebiso ba rona ba naha le ho ntlafatsa polokeho ya setjhaba.
Mokolokotwane ona wa bohlokwa o tshwere kgonahalo ya ho potlakisa ditshebeletso tsa mmuso, ha ka ho le leng o fokotsa botlokotsebe le bobodu bo kenyeletsang ditokomane tsa boitsebiso.
Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ho tshehetsa tsamaiso ena hore ka  2020 bohle re be re na le Karete ya Boitsebiso le mokgwa wa boitsebiso wa bosetšhaba.

1.8. Kabinete e tshwela ka mathe tlhaselo ya mokoloko wa makoloi a Matjhaba a Kopaneng ho la Abyei, Sudan, e bakileng mafu a morena wa morabe le mosebeletsi wa kgotso wa Etopia. Ketsahalo ena e madimabe e tshosa botsitso ba Abyei mmoho le tswelopele e fihlelletsweng haufinyana tjena ke Sudan le Sudan Borwa.

1.9. Kabinete e kgahlanong le tlhaselo ya Syria ke mabotho a polokeho a Israele. Kabinete e etsa kgoeletso ho Mokgatlo wa Matjhaba a kopaneng hore o iponahatse mabothong a ka thoko bakeng sa ho hlompha boikemelo ba Syria le ho tlohella maSyria ho sebetsa mmoho bakeng sa ho rarolla diqabang tsa ona.

1.10. Kabinete e ananetse ho behwa setulong ha Moadfokate Lawrence Mushwana jwaloka modulasetulo wa Komiti ya Tsamaiso ya Matjhaba (ICC) ya Ditheo tsa Kgothaletso le Tshireletso ya Ditokelo tsa Botho. Lena ke lekgetlo la pelehore Aforika e etelle pele kantoro ya Modulasetulo wa ICC. Maemo a Modulasetulo wa ICC a tiisetsa tsepamiso e phahameng ya maikutlo hodima nalane ya naha ya ditokelo tsa botho le ho tsamaelana ha yona le boitlamo ba ditokelo tsa botho tsa matjhaba.

1.11. Kabinete e ananetse hore ho ketekwa ha dilemo tse 50 tsa Mokgatlo wa Kopano ya Aforika (OAU) ho tla etsahala ka Letsatsi la Aforika, ka la 25 Motsheanong 2013.
Kabinete e hlakisitse hore momahano ya OAU bakeng sa ho se kenyeletse mmuso wa karohano makaleng a ona ho phahamisitse boitseko ba rona bakeng sa tokoloho le phihlello ya demokerasi.

Aforika Borwa e tla imatahanya le kontinente bakeng sa ho hopola hoketeka dilemo tse 50 tsa Kopano ya Aforika. Diketsahalo di kenyeletsa dipontsho tsa kgwedi kaofela tsa bonono ba pono lebatoweng la Dinaha tsa Ntshetsopele ya Dinaha tsa Aforika e ka Borwa (SADC) ho tloha ka la 24 Motsheanong ho ya ho la 28 Phuptjane 2013. Institjute ya Aforika Borwa le yona e tla bitsa pitso ya se bitswang sehlopha sa dirutehi le ya dinaha tse ding e le karolo ya mekete ya sehopotso ka la 19-21 Motsheanong 2013. Ho fetafeta moo, ho tla ba le dipontsho Museamong waDitsong (Motsemoholo wa Tshwane) ho hopola Letsatsi la Aforika ka la 21 Motsheanong 2013 tlasa mookotaba o reng “Dilemo tse 50 kamora ho thehwa ha OAU – Aforika ha e Kopane kapa e Timele.”Senase tla latelwa ke konsarete ya mmino ya Letsatsi la Aforika Meahong ya Kopano ka la 25 Motsheanong 2013.

1.12. Kabinete e ananetse karabelo e potlakileng ya Mopresidente Jacob Zuma bakeng sa sememo sa setho sa badudi sa ho etela badudi Eldorado Park le Kliptown e mabapi le yona, ka Labobedi la 14 Motsheanong 2013. Kopo ya badudi e ne e le ho sekaseka ho phahama ha tsamaiso ya dithethefatsi tse seng molaong le tshebediso e mpe ya tsona sebakeng seo.
Mmuso, mmoho le badudi, o itlamme ho potlakisa mananeo a boikenyako ba ona ho thibela bothata bona bo qetang batjha.
1.13. Kabinete e ananetse leeto la bobedi la Motlatsa Mopresidente Motlanthe, a feleheditswe ke baetapele ba makala a mararo a mmuso, ho ya De Doorns ho la Kapa Bophirima ka moqebelo wa la 11 Motsheanong 2013. Leeto le dipuisano le bankakarolo ho kenyeletswa le basebeletsi ba mapolasi e tswetswe ke leeto la pele la Motlatsa Mopresidente ka la 12 hlakola 2013. Tswelopele e tsitsitseng e ile ya bonahala ho hlaha mafapheng a mangata bakeng sa ho ntlafatsa ditshebeletso sebakeng seo. Boitlamo bo bontshitsweng ke makala oohle a etsa motheo o tiileng bakeng sa dipuisano tse tswellang ho isa lekaleng le tsepameng la temo.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka boitokisetso ba Beke ya Tshireletso ya Bana mahareng a la 27 Motsheanong le la 2 Phuptjane 2013, tlasa mookotaba o reng: “Ho sebetsa mmoho bakeng sa tshireletso ya bana.”
Dipuisano ka ha bana le batjha di ntse di etswa diprofenseng tsohle e le boitokisetso ba ho thakgola Beke ya Tshireletso ya Bana le Khonferense. Jwaloka karolo ya ho hlohleletsa temoso, Beke ya Tshireletso ya Bana e tla thakgolwa mmoho le Khonferense ya Dikgutsana, Bana ba Tsietsing le Batjha (OVCY) ka la 27 Motsheanong Setsing sa Matjhaba sa Dikhonferense sa Inkosi Albert Luthuli ho la KwaZulu Natal.
Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa bakeng sa ho nyehela tshireletsong ya bana ba rona le ho theha tikoloho e bolokehileng le e tshireletsehileng. MaAforika Borwa a ka bontsha ka ho hlaka tshehetso ya oona ka ho rwala ribone e tala e le letshwao la bophelo, kgolo, tshepo, kgathallo le tshehetso bakeng sa baetapele ba rona ba kamoso.
Maikemisetso a OVCY a tobile ho nka karolo ha bana setjhabeng le metseng ya rona hore bana batle ba mamelwe ditabeng tse ba amang.

2.2.  Kabinete e tjhaeletse monwana Moralo wa Leano la Setjhaba la tsa Metsing  (NAPF). Leano lena le fana ka moralo o kopanetsweng bakeng sa ho thehwa le ho ntshetswa pele ha indasteri e nyehelang bakeng sa tlhahiso ya mesebetsi e tsitsitseng le matsete a eketsehileng.
NAPF e hlahisitswe ho shebuwe lekala la tsa metsing tsa lefatshe le bonahetseng le bontsha tlhoko e phahameng bakeng sa dihlahiswa tsa tlhapi. Ho la Aforika Borwa, tsa metsing a lewatle le metsi a foreshe di hlahisa monyetla o motle bakeng sa ho qaqolohanya tlhahiso ya tlhapi sa ho kgotsofatsa tlhoko ya lehae, ho nyehela bakeng sa botsitso ba dijo, tlhahiso ya mesebetsi, ntshetsopele ya moruo le ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, le menyetla ya ho rekisetsa dinaha tsa ka ntle.

2.3.  Kabinete e tjhaeletse monwana ntlha ya hore Aforika Borwa e tshware Khonferense ya Boraro ya Lefatshe ho tsa Temo, Botsitso ba Dijo le ho fetofetoha ha Tlelaemete kotareng ya bone ya 2013, e eteletsweng pele ke Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi.
Botsitso ba dijo e sa le taba e ngongorehisang mme Khonferense e tla tla ka dintlha tse hlwahlwa bakeng sa kamoo re hlahisang, re laolang le ho sebedisa dijo.
Ho tloha ka COP17/CMP7, Aforika Borwa e sa le e le e nngwe ya dinaha tse ka sehloohong bakeng sa ho hodisa se bitswang temo e qhekanyetsang tlelaemete e leng se arabelang diphephetso tsa botsitso ba dijo le ho fetofetoha ha tlelaemete. Ke sepheo sa Khonferense ya Lefatshe ho ntshetsapele mekgwa ya kgolo e tla tshwarellang bakeng sa kahisano le tikoloho.

2.4.  Kabinete e tjhaeletse monwana tumellano ya Aforika Borwa ya  Tsitlallelo ya Bohlweki (SPS) ho Tumellano ya Kgwebo ya Ntshetsopele ya Kgwebo ya Ditjhaba tsa Aforika e Borwa le hore sena se hlahiswe Palamenteng.
Tumellano ya Kgwebo ya SADC eo Aforika Borwa e kgemang le yona bakeng sa ho hodisa tshebedisano mmoho ya lebatowa le kopano hara mebuso ya ditho bakeng sa kgwebisano thepeng le ditshebeletsong ka hara lebatowa, ho kenyeletswa dihlahiswa tsa temo.
Karolwana ya SADC SPS Annex ho Tumellano ya Kgwebo ya SADC e fana ka moralo o kgontshang shebisano mmoho ya SPS. Hape e hodisa dikamano tse ntle tsa mekgwa ya SPS e thehilweng hodima maemo a matjhaba le ditataiso bakeng sa ho tsamaisa kgwebisano e bolokehileng le e hlokang leeme ya dihlahiswa tsa temo lebatoweng..

2.5.  Kabinetee ile ya behwa sehlohlolong ka tswelopele e amanang le ho tshwarwa ha  dikopano tsa Sekema sa Tsamaiso ya ho fana ka Ditifikeiti ya Kimberley (KPCS) ke Aforika Borwa ka 2013, e kenyeletsang dikopano tsa kopanelo ho la Kimberley ho tloha ka la 4 ho ya ho la 7 Phuptjane le kopano kakaretso ya KPCS ho la Gauteng ho tloha ka la 26 ho ya ho la 29 Pudungwana 2013. Ho tshwarwa ha dikopano tsa KPCS ho tla thusa bakeng sa ho hodisa indasteri ya taemane le bohahlaodi.
Maemo a Aforika Borwa jwaloka modulasetulo wa KPCS e fana ka kananelo bakeng sa karolo ya bohlokwa eo Aforika Borwa e e bapalang lekaleng la matjhaba la taemane. Jwaloka modulasetulo, ke sepheo sa Aforika Borwa ho matlafatsa dikamano tsa kgwebisano tsa matjhaba, ka morero wa ho matlafatsa le ho eketsa menyabuketso ya Aforika ka hara KPCS le ho nyehela bakeng sa tikoloho e bolokehilengya lefatshe.

3. Dibili

3.1.  Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya Bili ya Puseletso ya Ditokelo tsa Mobu ya 2013 le Memorandamo wa Dipheo tsa Bili, bakeng sa ho tshwaela.
Sena se fana ka matla ho Puo ya Mopresidente ka Maemo a Setjhaba ya 2013 moo a phatlaladitseng dintlafatso tsa Molao wa Puseletso ya Mobu. Sena se amana le ho eketsa nako ya ho kenya ditseko bakeng sa puseletso, ho etsa hore batho ba sa kenyang ditseko ka letsatsi la ho qetela e leng la 31 Tshitwe 1998 kapa ba neng ba sa kenyeletswa mohatong ona, hore ba kenye ditseko.
Ho bulwa botjha ha ho kenngwa ha ditseko ho tataiswa ke pono ya Moralo wa Ntshetsopele ya Setjhaba(NDP) mmoho le Lenaneo le Akaretsang la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le mawala a mang a kgolo ao morero a ona e leng ho hodisa poelano ya setjhaba le kopano ya kahisano.

3.2.  Kabinete e tjhaeletse monwana Bili ya Ntlafatso ya Dikgokahano tsa Elektroniki ho Palamente.
Ntlafatso e bakuwe ke ho lokollwa ha lekala la dikgokahanyo tsa elektroniki le dintlafatso tse potlakileng tsa theknoloji tse entseng hore ho dule ho na le dikarolo tse sa hlokahaleng Molaong. Dintlafatso di batla ho sebetsana le phokotso ya phehisano, ho fihlella marangrang a dikgokahano tsa elektroniki, ditjeho tsa dikgokahano mmoho le ho ntlafatsa nako ya ho phethela ditsamaiso tsa dithuso.
Bili ya Ntlafatso e matahanya Molao le Molao wa matlafatso moruong o bataletseng wa batho ba batsho; se lokisa botjha phano ya dilaesense; se ntlafatsa dipehelo tsa phehisano; se tlosa ditiehiso tsa molao le ho sebetsana le dintlha tse tsamaelanang le sena.

3.3.  Kabinete e tjhaeletse monwana pehelo ya Bili ya Ntlafatso ya Mokgatlo o Ikemetseng wa Dikgokahano wa Aforika Borwa (ICASA) Palamenteng. Bili ya Ntlafatso e arabela mabakeng a mang a ho NDP.
Dintlafatso tsa Molao wa ICASA wa Nomoro ya 13 wa 2002 o bitswang (Molao wa ICASA) di hlakiswa ke tlhokahalo ya dintlafatso bakeng sa ho matlafatsa Mokgatlo o ikemetseng. Sena se tla hlahiswa ke pehelo ya tlhakisetso mabakeng a matla a ona; bakeng sa ho matahanya Molao haufi le ditlhoko tsa Molao wa Bolaodi ba Ditjhelete tsa Setjhaba le ho ntlafatsa bohlwahlwa ba ona. Sena ke ka morero wa ho ntlafatsa boikarabelo le ponahaletso tse tla tlisang taolo e hlwahlwa ka hara ICASA.
Mmuso o lokela ho bapala karolo e tomanyana ho netefatsa hore lekala dikgokahano tsa elektroniki le laolwa ka mokgwa o tshehetsang dipheo tsa setjhaba ka kakaretso.Sena ha se bolele hore ho tla ngotlwa boikemelo bofe kapa bofe ba ICASA.
Bohlokwa ba bolaodi bo ikemetseng le bo hlokang leeme bakeng sa lekala la dikgokahano ha bo hloke ho toboketswa ho feta mona.

4. Dithonyo

4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho thonngwa ha Monghadi. Ebrahim Mohamed jwalokaMokhomishenara wa Khomishene ya Naha ya Bareki bakeng sa dilemo tse hlano (5).

Dipatlisiso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore