Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 26 Mmesa 2016

1. Ho kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e amohela Leeto la Puso la Moporesidente Jacob Zuma la ho etela Rephaboliki ya maIsilamo ya Iran, le hodisang dikamano tsa moruo le kgwebisano dipakeng tsa dinaha ka bobedi, ka ho saenwa ha ditumellano le maitlamo a mmalwa.

Moporesidente Jacob Zuma le Moporesidente Hasan Rouhani ba tiisitse tshebedisano-mmoho mapatlelong a kgwebisano, thuto le ntshetsopele ya maitsebelo; saense le thekenoloji; eneji, ho kenyeletswa le bokgoni ba ho tsoma kgase le ho e lokisetsa tshebediso; temo; merafo le bokgolamolemo ba diminerale; ntshetsopele ya meralo ya motheo le dipalangwang; ditjhelete, merero ya dibanka le inshorense le bohahlaudi. E leng kaofela tse nyehelang ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

Boemong ba tsa Matjhaba, baetapele ba babedi ba dumellane ka ho matlafatsa kgoeletso bakeng sa tlhabollo ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ka ho qolleha Lekgotla la Tshireletso la UN, molemong wa lefatshe le ntseng le tswela pele.

1.2. Diphetho tsena di matlafaditse Leeto la Tshebetso la Moporesidente ho ya United Arab Emirates (UAE) moo dipuso ka bobedi di ntjhafaditseng boitlamo ba tsona ho lebiseng matlafatsong le kgodisong ya dikamano tsa bobedi, ka ho qolleha kgwebisanong, matseteng le mapatlelong a moruo hore e be bolekane ba lewa le pharalletseng.

Sena se ahella hodima Leeto la Puso la Moporesidente Jacob Zuma ka Pudungwana 2011 moo ho bonahetseng ho thehwa ha Khomishene e Kopanetsweng ya SA-UAE e akofisitseng lebelo la kgwebisano e phethahetseng dipakeng tsa dinaha tse pedi tsena ho tloha ho R13 bilione ka 2011 ho ya ho R27 bilione ka 2015.

Aforika Borwa le UAE hape di dumellane ho eketsa tshebedisano-mmoho ho sebetsana le menyetla ho Moruo wa Lewatle, ho hodisa ho romellwa dinaheng tse ka ntle ha dihlahiswa tsa temo tsa Aforika Borwa, dihlahiswa tse entsweng difemeng mme ka ho qolleha theko ya tsa tshireletso le bomphato.

Leeto hape le hodisitse bokgoni ba Aforika Borwa ba ho aha meralo ya motheo ho shebanwe le menyetla bakeng sa dikhamphani tsa Aforika Borwa ho EXPO 2020 ho la Dubai, hammoho le tshebedisano-mmoho lepatlelong la kgotso le botsitso.

1.3. Kabinete e amohetse mehato e tiileng e kentsweng tshebetsong ke Letona la Dipapadi le Boikgathollo Fikile Mbalula ho aha botjha maemo a qhetsohileng le ho ba le kgethollo e tebileng ho tsa dipapadi le boikgathollo ka tshebediso ya Tjhata ya Diphethoho. Sena se tla akofisa diphethoho tse tla lebisang tsamaisong e kopaneng ya dipapadi e thehilweng hodima dipehelo tsa demokerasi, tekatekano, ponaletso le boemedi ho ya ka mekgahlelo e fapaneng ya setjhaba, phumantsho le bonkakarolo bo eketsehileng ho ipapisitswe le ditabatabelo tsa NDP.

1.4. Kabinete e amohela dipuo tsa ditekanyetso tse ntseng di tekwa ke mafapha a fapafapaneng le ditlaleho tse batsi tse supang kgatelopele e entsweng bakeng sa ho ntlafatsa bophelo ba maAforika Borwa.
Sena se bontsha ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) o re atametsang haufi le ho fihlellwa ha Pono ya 2030 ya NDP.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho latela dipuo tsa ditekanyetso mapatlelong a fapafapaneng a boraditaba bakeng sa ho utlwisisa betere ka Lenaneo la Mmuso la Tshebetso.

1.5. Kabinete e etsa kgoeletso bakeng sa boitlamo bo tswellang mabapi le diphetho tse bonahalang dibakeng tsa mosebetsi ho itshetlehilwe hodima diphetho ho tswa ho Tlaleho ya Selemo ka seng ya Khomishene ya bo-16 ya Tekatekano Mosebetsing bakeng sa bahiri ba tobilweng e thakgotsweng tlasa mookotaba “Diphethoho di bohlokwa kgwebong”. Tlaleho ena e thusa mmuso ho utlwisia maemo a tekatekano mosebetsing ka hara naha le kgatelopele ya yona ho diphethoho mosebetsing bakeng sa selemo sa 2015.

1.6. Kabinete e thoholeditse Lefapha la Bodulo ba Batho ka phano ya matlo a 4, 3 milione le menyetla ya matlo ho tloha mathwasong a demokerasi. Menyetla ena e kenyeletsa matlo a tsheheditsweng ka botlalo a 2, 806 235 (matlo a BNG), matlo a hiriswang/kahisano a 121 784, a 6329 a Lenaneo le Hoketsweng ho Ditshehetso tsa Ditjhelete tsa ka Bomong le ditentshe tse nang le ditshebeletso tse 986 608.

Mokolokotwane ona o etsang nalane o fane ka bodulo ho batho ba fetang 20 milione mme ho keteka phihlello ena mmuso o thakgotse letsholo la naha la ho bontsha katleho ya naha.

Ho thakgolwa ha morero ona wa naha ho etsahetse COSMO City, e leng e nngwe ya diporojeke tse kopanetsweng tse ka sehloohong ho potoloha le naha eo hape e ketekang dilemo tse leshome e le teng.

Kabinete e lebohile maAforika Borwa kaofela bakeng sa dinyehelo tsa ona, boitelo le mosebetsi o matla wa ho netefatsa hore seriti sa maAforika Borwa a hlokang se babaletswe ka bodulo ba batho.

1.7. Kabinete e thoholetsa Mongodikakaretso wa Matjhaba a Kopaneng ka ho hlophisa Mokete wa Maemo a Hodimo wa ho Saena Tumellano ya Paris, e amohetsweng ke Mekga e 176 ka Tshitwe 2015. Ho saenwa ha Tumellano ya Paris ho tshwaile mohato wa pele ho kenngweng tshebetsong ha yona o tla tataisa mekutu ya matjhaba ya ho; fokotsa ho ntshwa ha dikgase tse kotsi le ho mekamekana le diphephetso kaofela tse amanang le ho fetofetoha ha tlelaemete. Kabinete e lebeletse ka tshepo sephetho sa ditsamaiso tsa tiisetso tsa lehae, ke bohle, ho thusa hore ho be le ho kenngwa ka nako ka botlalo ha Tumellano ya Paris ka 2020.

1.8. Kabinete hape e ananetse hore Lefapha la Merero ya Tikoloho le entse semphato le Lefapha la Bohahlaudi bakeng sa ho fana ka dilaboratori tsa sehlooho se reng “Biodiversity Lab: Re hodisa nyehelo ya moruo ya mehlodi ya Aforika Borwa ya tlhaho” ho tloha ka la 10 Mmesa ho isa la 13 Motsheanong 2016.

Sepheo ke ho elellwa bokgoni ba moruo ba diphapang tsa tlhaho tse ruileng tsa Aforika Borwa tse tekilweng ho moralo wa Lewa la Naha la Moruo wa Tlhaho o tjhaelletsweng monwana ke Kabinete ka Phupu 2015 hore setjhaba se nke karolo.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Tshebetso wa Leano la Diindaseteri (IPAP) 2016/17 – 2018/19, e leng tshiya ya bohlokwa ya Moralo wa Dintlha tse Robong wa Moporesidente o lebisang ho kenngweng tshebetsong ha NDP.

Sena ke ho phetwa ka tatelano ha borobedi ha selemo ka seng ha meralo ya mmuso ya akofiso ya diindaseteri ho ahellang hodima diphihlello, mapatlelo a leano le mananeo a ho phetwa ho fetileng.

IPAP 2016/17 e rerile ho fihlella leano la diindaseteri le nang le kgahlamelo e batlang e phahame maemong a boima a moruo. Tsena di kenyeletsa dikgahlamelo tse ntseng di tswela pele tsa ho thefuleha ha moruo wa lefatshe ho kenyeletswa le koduwa ya diindaseteri tsa tshepe le ho putlama ha thepa hammoho le komello e matla le mathata a mang a ka lapeng.

Diphihlello tsa ho tswa selemong se fetileng di kenyeletsa ho baballwa ha mesebetsi e ka bang 67 000 le tlhahiso ya mesebetsi e hlamatsehang e metjha e ballwang ho 7 000 lekaleng la Diaparo le Masela le Dieta. Lekala la tlatsetso la dihlahiswa tsa Temo ke le leng la makala a maholo a tlhahiso la phano ya mesebetsi, e ballwang ho mesebetsi e 216 090 ka 2015 ha ho bapiswa le e 208 822 ka 2014.Matsete a boleng ba R600 milione a ile a hohelwa ka 2015/16, mme a etsa motheo bakeng sa ho matlafatsa ntshetsopele ya kgwebo ho tsepamisitswe maikutlo hodima badudi ba mahaeng.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele ya Ditoropo wa ho Phethela le Moralo wa ho Kenya Tshebetsong wa 2016/19. Sephetho ka kakaretso sa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele ya Ditoropo ke ho fetola qaqolohano ya dibaka tsa bodulo. Sena se tshwaya tsamaiso e ntjha ya metsemeholo le ditoropo tsa Aforika Borwa, sena se tla tataisetsa kgolo ya ditoropo ho lebiseng ho motlolo wa kgolo wa moshwelella o kopaneng, o hokahanyang le ho kopanya metsemeholo le ditoropo, tse bolokehileng, tse nang le mehlodi e hlwahlwa le ho ba dibaka tse ntle tsa ho sebetsa le ho dula ho tsona.

Sena se arabela ho taelo ya NDP la ho hodisa leano la ntshetsopele ya ditoropo le tla netefatsa moralo o nepahetseng, matsete a meralo ya motheo le taolo ya ho tshehetsa bokgoni ba kgolo le ho bula bokgoni ba moruo ba metsemeholo le ditoropo tsa rona.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Moralo wa Leano la Naha la Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa Makala a Thuto – Re aha Tsamaiso e hlwahlwa le e Kopanetsweng ya Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa Makala a Thuto bakeng sa Aforika Borwa, Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.

Moralo ona wa Leano hang feela ha o kentswe tshebetsong o tla fana ka katamelo e kopanetsweng bakeng sa ditshebeletso tsa ntshetsopele ya makala a thuto a boleng bakeng sa baahi kaofela. Sena se tla ba thusa ho etsa diqeto tse kgabane tsa makala a thuto hore ba thole mesebetsi, ba nyehele setjhabeng le ho aha moruo wa Aforika Borwa.

Ditshebeletso tsa Ntshetsopele ya Makala a Thuto di bapala karolo ya bohlokwa mabapi le ho thusa mebaraka ya rona ya mosebetsi hore e sebetse le hore mekgwa ya thuto e fihlelle merero ya yona. Sena se nyehela ho lebiseng ha phihlello ya dikgothaletso tsa NDP tsa ho hlasimolla kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi, le ho matahanya basebeletsi le mesebetsi e loketseng eo ba e etsang; le ho eketsa ntshetsopele ya maitsebelo le palo ya ba nang le mangolo a diyunivesithi.

2.4. Kabinete e ile ya tsebiswa ka ho kenngwa tshebetsong ha Tsamaiso ya Naha ya Tekolo le ho tjhaella monwana Tlaleho ya Selemo ka seng ya 2014/15 le Moralo wa Naha wa Tekolo bakeng sa 2016/17 ho ya ho 2018/19, jwaloka karolo ya boikitlaetso ba ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso.

Tsamaiso ya Naha ya Tekolo e tswa ho Moralo wa Leano la Naha la Tekolo o netefatsang hore bopaki bo tshepahalang le bo hlokang tshekamelo ho tswa ho ditekolo bo kenyeletswa tsamaisong ya ho etsa meralo, ho etsa ditekanyetso tsa ditjhelete, ntlafatso ya mekgatlo, tjhebo-botjha ya maano, hammoho le lenaneo le tswellang le taolo ya diporojeke ka morero wa ho ntlafatsa tshebetso.

Ditekolo tse 47 di se di phethetswe kapa di motjheng, tse akaretsang R75 bilione ya ditjeho tsa mmuso. Ditlaleho tsa tekolo tse15 di ile tsa tjhaellwa monwana mme tse 12 tsa tekelwa Kabinete ho fihlela mona. Meralo ya ntlafatso e 14 e ntse e kenngwa tshebetsong mme kgatelopele ho tsena e bontsha diphethoho tse hlamatsehang, bakeng sa ho pharalatsa sekgahla.

2.5. Kabinete e ile ya tsebiswa ka diphetho tsa tekolo le ho tjhaella monwana dikgothaletso ka morero wa ho eketsa sekgahla ho tswa ho ho kenngwa tshebetsong ha Lekala la Kahisano la Lenaneo la Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP-SS).

Lenaneo lena le bapala karolo ya bohlokwa bakeng sa tshireletso ya kahisano bakeng sa batho ba baholo ba ntseng ba itekanetse ba sa sebetseng, ka ho ba hulela mosebetsing o nang le tlhahiso le ho amohela ditlhapiso tsa kgwedi ka palohare ya tjhelete e etsang R1 517. 69. Boholo ba mananeo a lekala la kahisano a fana ka ditshebeletso tse ikgethang ho badudi ba kotsing le ba fumanehileng.

EPWP-SS e hotse ka potlako pakeng tsa mokgahlelo wa pele le wa bobedi, ho tloha ho mananeo a 5 ho isa ho a 22 a bakileng hore lekala le fihlelle menyetla ya mesebetsi e 175 769 mokgahlelong wa pele le menyetla e 866 246 mokgahlelong wa bobedi, e leng se ka nqane ho sepheo sa 750 000.

Dikgothaletso di tsepamisitse maikutlo hodima ntlafatso ya ho kenngwa tshebetsong bakeng sa ho fokotsa dikgaello tabeng ya ho etsa diqeto, ho kenngwa tshebetsong ha (ditefello le ditlhapiso) le phano ya thupello, hammoho le kgokahano.

2.6. Kabinete e ile ya tsebiswa ka diphetho le ho tiisetsa dikgothaletso tsa moralo le ho kenngwa tshebetsong ha tekolo ya Thuso ya Ditjhelete ya Ntshetsopele ya Bodulo ba Ditoropong le Moralo wa Ntlafatso ya tsona.
Diphetho di tshehetsa ho baballwa ha Thuso ya Ditjhelete ya Ntshetsopele ya Ditoropo jwaloka thuso ya tshehetso e thusang ka matlole mohopolo wa bodulo ba batho ba moshwelella le bo lekalekanang molemong wa bafumanehi le malapa a lekeno le mahareng.

Sena ke sa bohlokwa bakeng sa ho fihlella merero ho tswa ho Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng; phano ya menyetla e 1 495 milione ya bodulo ditikolohong tsa boleng ka 2019.

2.7. Kabinete e tjhaelletse monwana tlaleho ya Ho kenngwa Tshebetsong le Tekolo ya Kgahlamelo ya Thekenoloji le Mehlodi ya Batho bakeng sa Lenaneo la Diindaseteri, karabelo ya botsamaisi ho tlaleho le moralo wa ntlafatso o kentsweng ke Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri.

Lenaneo lena le ile la hlahiswa ke Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri ka 1992 ho matlafatsa ntshetsopele ya maitsebelo ho tsa saense, boenjinere le thekenoloji. Le nyehela ho tlhahiso ya mesebetsi ka ho hlahisa phallo ya bafuputsi ba nang le maitsebelo a maholo le batsamaisi ba thekenoloji bakeng sa diindaseteri le ho ntlafatsa bophehisani ba mekgatlo ya kgwebo e nkang karolo.

Lenaneo lena ke la sebele, la bohlokwa le ho ba ntlha e hlwahlwa ya tshehetso ya ntjhafatso e fanang ka boleng ba tjhelete bo hlamatsehang ka bobedi mabapi le ntshetsopele ya thekenoloji le ho ntshetsapele mehlodi ya batho le maitsebelo a tsamaelanang le diindaseteri. Hape le bapiseha hantle le mananeo a mang a matjhaba.

2.8. Kabinete e ile ya tsebiswa ka diphetho tsa dipatlisiso tsa Tlaleho ya Moifo wa Tshebetso wa Matona mabapi le dipelaelo tsa ‘thekiso ya dikgeo tsa mosebetsi tsa matitjhere’ tse amang batho ka bo mong, mekgatlo ya matitjhere le bahlanka ba Mafapha a itseng a Thuto a Diporofense. Kabinete e ile ya thathiselletsa dikgothaletso tsa ho sebetsa hantle le ho tobana le diphetho.

Tlaleho ya ho Qetela ya Moifo wa Tshebetso wa Matona e fana ka thunthetso ya karolo e bapetsweng ke bankakarolo bohle tsamaisong ya thonyo le ho thaothwa ha matitjhere.

Hape e ananela mathata a maholo tsamaisong ya hajwale ya dithonyo dikgeong tsa mosebetsi lekaleng la thuto ya motheo; le ho fana ka dikgothaletso ho thusa Lefapha la Thuto ya Motheo le lekala la thuto ya motheo ka kakaretso ho sebetsana le diphephetso tse hlwailweng.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Naha ya Meru Palamenteng. Bili e fetola Molao wa Naha wa Meru, 1998 (Molao No. 84 wa 1998).
Ho kenngwa tshebetsong ha dihlomathiso ho tla ntlafatsa taolo ya moshwelella ya meru le hape ho kgothaletsa bonkakarolo ba dihlopha tse kotsing, tse itshetlehileng hodima tjalo ya meru bakeng sa bophelo ba tsona, ka hara Lekgotla la Naha la Boeletsi la Meru.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla kenela mokete wa ho behwa le ho nkiswa kano ha Moporesidente wa Uganda Yoweri Museveni Kampala ka la 12 Motsheanong 2016. Leeto la ho tswa ka hara naha le tla boela le matlafatsa dikamano tsa bobedi bona pakeng tsa Aforika Borwa le Uganda.

4.2. Moporesident Jacob Zuma o tla di hula pele ho ketsahalo ya Letsatsi la Naha la Thapelo e tla tshwarelwa Lebaleng la Dipapadi la ABSA Durban ka la 29 Mmesa 2016. Baetapele ba Ditumelo le ba mekgatlo ya badudi ba tla imatahanya le mmuso bakeng sa ho rapella ho matlafala ho ya pele ha demokerasi, bonngwe ba setjhaba, momahano ya kahisano hammoho le Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tse atlehileng tsa 2016.

4.3. Kabinete e ile ya tsebiswa ka meralo ya Lefapha la Bonono le Botjhaba ya ho tshwara mokete wa Kgwedi ya Aforika ka Motsheanong 2016 tlasa mookotaba: “Re aha Aforika e Betere le Lefatshe le Betere” jwaloka karolo ya kontinente ya ho keteka ho thehwa ha Kopano ya Mokgatlo wa Aforika, oo hajwale e leng Kopano ya Aforika le mosebetsi oo e o entseng. Moporesidente Jacob Zuma o tla thakgola Kgwedi ya Aforika ka Letsatsi la Naha la Thapelo ka la 29 Mmesa 2016.

Ka 2016 Kgwedi ya Aforika e tla tsepamisa maikutlo hodima boikitlaetso ba ntshetsopele ya basadi le batjha, ha re ntse re hopola selemo sa bo-60 sa Mohwanto wa Basadi le selemo sa bo-40 sa Merusu ya Batjha ya Soweto.

MaAforika Borwa a kgothaletswa ho nka karolo lenaneong lena la dintlha tse ngata le kenyeletsang diketsahalo tse pharaletseng tse akgang ka hare bonono ba pono, theatara, mmino, dithuto le dipuisano hammoho le sehopotso sa bo-10 sa Letlole la Lefatshe la Lefa. Kgwedi ya Aforika e sebetsa jwaloka lepatlelo la ho kopana botjha le ho itlama botjha ho boAforika le Tsoseletso ya Aforika ka ho etsa hore batho ba kontinente ba atamelane ho feta.

4.4. Ka la 20 Motsheanong 2016 mmuso o tla etella pele mokete wa naha wa dilemo tse lekgolo wa Yunivesithi ya Fort Hare khemapaseng ya Alice ho la Kapa Botjhabela. Bakeng sa boitokisetso ba mokete o moholo, Moporesidente Jacob Zuma o thehile Komiti ya Matona (IMC) ho rera le ho hokahanya mokete ona o etsang nalane wa dilemo tse lekgolo.

Setheo sena sa thuto se etsang nalane se sebeditse jwaloka mokolokotwane nakong ya ntwa ya tokoloho mme hape e tsebahala jwaloka “pitsa ya boetapele ba Aforika” hape e le setsi sa thuto sa mehleng sa batho bao e neng e le bahale ba ntwa kgahlanong le mmuso wa kgethollo ba kang ZK Matthews, Nelson Mandela, Robert Sobukwe, Oliver Tambo le Govan Mbeki. Ke yona feela yunivesithi ya Aforika e Borwa e hlahisitseng dihlooho tsa puso tse hlano: Nelson Mandela wa Aforika Borwa, Yusuf Lule wa Uganda, Robert Mugabe wa Zimbabwe, Ntsu Mokhehle wa Lesotho le Sir Seretse Khama wa Botswana.

Jwaloka karolo ya ho keteka dilemo tse lekgolo tsa Yunivesithi ya Fort Hare Kabinete e etsa kgoeletso ho Baithuti ba Mehleng le ditho tsa setjhaba ho arolelana mehopolo ya bona ya Fort Hare bakeng sa letsholo la Re arolele Pale ya Hao ka ho sebedisa hashtag #MyFortHare.

4.5. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho Foramo ya bo-26 ya Moruo wa Lefatshe (WEF) ya Aforika ho la Rwanda pakeng tsa la 11 le 13 Motsheanong 2016. Foramo e tla tshwarwa tlasa mookotaba: “Re hokahanya Mehlodi ya Aforika ka Diphethoho tsa Dijithale”.

Mmuso ka Moralo wa ona wa Dintlha tse Robong o ntshetsapele diphethoho tsa ona tsa dijithale. E fana ka mokgahlelo wa pele wa boikitlaetso ba marangrang a phatlaletseng a tla hokela ditheo tsa mmuso tse 5 000 ka hara bomasepala ba setereke ba robedi nakong ya dilemo tse tharo. Thuso ya ditjhelete e ka fihlang ho R740 milione e se abilwe bakeng sa ho tshehetsa phano.

4.6. INDABA 2016 e tla tshwarwa Setsheng sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli ho la Durban ho tloha ka la 7 ho isa ho la 9 Motsheanong 2016, ke lepatlelo la Bo-Aforika le tla kgothaletsa dihlahiswa tsa bohahlaudi ho bareki ba matjhaba.

Bohahlaudi, jwaloka e nngwe ya ditshiya tse tsheletseng tsa kgolo ya NDP, bo nyehetse R357 bilione ho GDP ya rona ka 2014 le ho tshehetsa diphesente tse 9 tsa mesebetsi ka hara Aforika Borwa. Lekgotla la Lefatshe la Boeti le Bohahlaudi le akanya hore bohahlaudi bo tla nyehela R560 bilione ho GDP ya rona ka 2025 mme e tla tshehetsa mesebetsi e fetang dimilione tse pedi.

Kgodiso ya kgahlamelo ya Bohahlaudi ho Moruo wa Mawatle ke tshiya e hlokolosi ya Moralo wa Dintlha tse Robong, ha ho shejwa hore ho na le bokgoni bo so kang bo sibollwa hantle ba mawatle a rona, bo ka nyehelang kgolong ya moruo. Moruo wa mawatle le bohahlaudi di fana ka menyetla e matla bakeng sa kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi.

4.7. Bakeng sa ho hopola Letsatsi la Basebetsi ka la 1 Motsheanong 2016, Kabinete e boeletsa boitlamo ba naha ba ho tshireletsa ditokelo tsa basebetsi ka melao ya rona ya mesebetsi e tswetseng pele.
Ho tloha ka 1994 mmuso ka melao e kang Molao wa Dikamano tsa Basebetsi, Molao wa Maemo a Motheo a Kgiro, Molao wa Tekatekano ya Kgiro le wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing e hodisitse ditokelo tsa basebetsi.

4.8. Kabinete e kgothaletsa baithuti ba Kereiti 12 learners ho qala ho hula diforomo tsa kopo kapa ba etse dikopo ka inthanete ho ditsha tsa thuto e phahameng jwaloka karolo ya Letsholo la Apply Now/ Khetha Career Guidance.

Letsholo lena le nkuwang selemo ka seng ke Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello, le tsamaya naha ka bophara ho fihlela ka Loetse 2016 le ho thusa baithuti ho etsa kgetho e hlokolosi ha ba etsa dikopo ho ditsha tsa thuto e phahameng.

Baithuti ba kgothaletswa ho ikopanya le Setsha sa Ditshebeletso tsa Ntshetsopele ya Makala a Thuto ka SMS kapa “please call me” ho 072 204 5056 kapa 086 999 0123, imeile careerhelp@dhet.gov.za,Feisebukung ho www.facebook.com/careerhelp kapa Twitter ho http://twitter.com/rsacareerhelp.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Kabinete e kgothaletsa bankakarolo ba amehang ho tshwaela ka moralo wa Tjhata e Shebilweng botjha ya Matlafatso e Pharaletseng ya Matlafatso ya Batho ba Batsho Moruong mabapi le indaseteri ya Aforika Borwa ya Merafo le Diminerale ya 2016 e ileng ya phatlalatswa Koranteng ya Mmuso.

Moralo o shebile botjha Tjhata ya Merafo le ho tswela pele ho kopanya maano a mmuso a diphethoho le melao bakeng sa ho matlafatsa bobebe ba ho kena kgwebong, ho hlahisa tlhakiso ya taolo, bokgoni ba tjhebelopele le bonnete. Hape e matahantswe le dipehelo tsa Molao wa Matlafatso ya Moruo o Pharaletseng wa Batho ba Batsho, 2003 (Molao No. 53 wa 2003) le Dikhoutu tsa Tshebetso e Ntle (Dikhoutu tsa DTI).

5.2. Kabinete e ananela ho tjhaellwa monwana ha kgapo e lohothwang ya SAB Miller ke AB InBev e ntseng e shebisiswa ke ba ka taolong ba diphehisano. Kabinete e amohela katamelo eo ho dumellanweng ka yona ke Letona la Ntshetsopele ya Moruo le AB InBev le ba ka taolong ba phehisano mabapi le letoto la dintlha tse amang kgahleho ya setjhaba. Boitlamo ba khamphani bo sebetsa jwaloka tataiso, hodima dintlha tsa kgahleho ya setjhaba, ho dikhamphani tse ding tse maemong a ho kopana le kgapo tse ikemiseditseng seo.

Sena se kenyeletsa boitlamo boo ho dumellanweng ka bona ke khamphani ho sebedisa R1 bilione nakong ya dilemo tse hlano tse tlang bakeng sa ho hodisa dihwai tse nyenyane le ntshetsopele ya bafani ba lehae, dikgwebo tse ntjha, dithekenoloji tsa eneji le metsi tse hlwahlwa le ntshetsopele ya batjha. Boitlamo ho tsa mesebetsi ho kenyeletswa le maikemisetso a ho qoba phokotso mosebetsing eo e seng ya boithaopo ya basebetsi ka lebaka la ho kopanngwa le ho baballa maemo a kgiro khamphaning bakeng sa dilemo tse hlano tse tlang, ke karolo ya tumellano ya bohlokwa pakeng tsa khamphani le mmuso ho tshehetsa ntlafatso ya indaseteri, ntshetsopele ya dikgwebo tse nyane le tlhahiso ya mesebetsi.

5.3. Ntlheng e nngwe e ka thoko, Kabinete e lemoha ho kenngwa tshebetsong ha dipehelo tsa Sehlomathiso sa Molao wa Phehisano se etsang hore e be tlolo ya molao ya batsamaisi le bolaodi ho etsa mmommori wa ho henahena ditheko, dithenda kapa mebaraka. Dipehelo tsena ke karolo ya ho matlafatsa ntwa kgahlanong le maqulwana a senyang moruo le ho beha ditheko tse hodimo bakeng sa bareki.

Re ipiletsa ho dikgwebo ka hara Aforika Borwa ho phehisana ho itshetlehilwe hodima ditheko tse tlase, ntlafatso e eketsehileng, boleng bo ntlafetseng ba thepa e fanwang kapa tshebeletso e phahameng ho bareki ho na le mmommori.

5.4. Kabinete lemohile kamoo lekala la dibanka le laolwang haholo ka teng Aforika Borwa – le lefatsheng, le tlhokeho ya Aforika Borwa ya ho imatahanya le maemo a matjhaba a kang Basel III le melao e kgahlanong le tshebediso ya tjhelete ka bolotsana ya Lebotho la Tshebetso la Ditjhelete (FATF), tseo esale di tjhaellwa monwana ke Kabinete. Mokgwa wa Twin Peaks le ona o tla laola boitshwaro ba mmaraka ka hara lekala la dibanka le a mang a phatlaletseng a ditjhelete."

5.5. Kabinete e amohela diphetho ho tswa ho Kopano ya Selemo ya Letlole la Ditjhelete la Matjhaba le Dihlopha tsa Banka ya Lefatshe ya 2016 e neng e tshwerwe tlasa mookotaba:“diphephetso tsa Lefatshe, Ditharollo tsa Lefatshe”. Katamelo ya dintlha tse tharo ya ho rotetsa kgolo maemong a lefatshe e ile ya sisinngwa, e le ho kgothaletsa dinaha ho sebedisa dibetsa tsohle tsa ho akofisa kgolo, ke hore, ditlhabollo tsa tjhelete, matlotlo le tsa sebopeho. Dinaha tse nang le sebaka sa ditjhelete le matlotlo di ile tsa kgothaletswa ho etsa haholwanyane bakeng sa ho matlafatsa tlhokeho; leha ho le jwalo, ho kenngwa tshebetsong ha ditlharollo tsa sebopeho ho ne ho le hlokolosi bakeng sa bohle. Ho ba bangata sena se kenyeletsa matsete ho meralo ya motheo, ntjhafatso le ntlafatso ya tikoloho ya bolaodi, hara tse ding.

5.6. Kabinete e hopotsa bakgethi bohle ba tshwanelehang ba so kang ba ingodisa le ho netefatsa dintlha tsa bona hore ba ka nna ba etsa jwalo ka ho etela Kantoro ya bona ya lehae ya Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC). Sena se a hlokahala ho netefatsa lebitso la hao lenaneng la bakgethi e leng se tla thusa bakgethi ba tshwanelehang ho sebedisa tokelo ya bona ya demokerasi ka la 3 Phato 2016.

Kabinete e kgothaletsa bakgethi ho netefatsa hore ba kgotsofatsa ditlhokeho tsa ho fana ka diaterese tsa bona kantorong ya Lehae ya Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC).Dipotso ka ditaba tsa dikgetho di ka lebiswa setsheng sa mehala sa IEC ho 0800 11 8000, se bulwang Mantaha ho isa Labohlano, ho tloha ka 7 hoseng ho isa ka to 9 bosiu.

5.7. Kabinete e thoholetsa Transnet, Bolaodi ba Naha ba Botjhutjhisi, SABC le Mafapha a Thuto e Phahameng le Thupello, Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano, le la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo ka ho nkuwa e le “Bahiri ba nang le Kgohedi ka ho fetisisa” ka hara Aforika Borwa ke khamphani ya matshwao, UNIVERSUM.

5.8. Kabinete e thoholetsa Letona la Saense le Thekenoloji, Naledi Pandor, ya amohetseng Kgau ya Bokgabane ho tswa ho Riphaboliki ya Bofederale ya Jeremane bakeng sa nyehelo ya hae ho tsa saense lefatsheng. Kgau e fuwa batho ba ho tswa lefatsheng ka bophara bakeng sa diphihlello tsa bona mapatlelong a sepolotiki, a kahisano le a mautlwela.

5.9. Kabinete e thoholetsa Motsamaisi-Kakaretso wa Lefapha la Merero ya Tikoloho Nosipho Ngcaba bakeng sa ho amohela Kgau ya 2015/16 Lifetime Achievement Eco-Logic ho tswa ho phatlalatso ya Enviropaedia.

5.10. Kabinete e thoholetsa setaki Kemang Wa Lehulere bakeng sa ho ba "Setaki sa sa Selemo" bakeng sa 2017 e leng se tshehetswang ke Deutsche Bank. Wa Lehulere, ya sibollang kamano ya pontsho ya bonono ka hara Aforika Borwa ya kamora mmuso wa kgethollo, o tla pepesa dipontsho tsa hae a le mong Jeremane sebakeng sa Deutsche Bank KunstHalle ho la Berlin selemong se tlang.

5.11. Kabinete e thoholetsa Lefapha la Bohahlaudi bakeng sa ho hapa moputso wa Leano/Tshehetso ya Setjhaba e Ipabotseng ka ho fetisisa ho Dikgau tsa 2016 tsa Bohahlaudi bo nang le Boikarabelo. Makgabane ana a abelwa lefapha la lekala la setjhaba, bolaodi kapa setheo se entseng boitelo bo hlakileng le nyehelo bakeng sa ho hodisa bohahlaudi bo nang le boikarabelo.

5.12. Kabinete e thoholetsa sebapadi sa kolofo Branden Grace bakeng sa ho hapa papadi ya hae ya pele ya PGA Tour ho RBC Heritage ho la Hilton Head, Amerika.

5.13. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke lefu la Bertie Lubner ya entseng nyehelo e kgolo bakeng sa ntshetsopele ya Aforika Borwa jwaloka moetapele wa kgwebo, mosebeletsi wa batho le modulasetulo wa tlotlo wa bophelo bohle wa Mokgatlho wa maJuta a Aforika Borwa.

5.14. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona a tswang boteng ba pelo ho metswalle le bamalapa a mahlatsipa (Tiisetso Tselo, Sesi Mtshali, Sana Sibeko, Mphikeleli Malindi, Gugulethu Sithole, Vusi Nkabinde, Daphney Linda, Sicelo Kheswa, Sphamandla Gedle le Simphiwe Nhlapo) a kotsi e sisimosang ya bese ha ba ne ba kgutla Raling ya Mohoo wa Dikgetho wa ANC Port Elizabeth. Kabinete hape e lakaleditse pholo ya kapele ho ba lemetseng.

5.15. Kabinete e fetiseditse matshidiso a yona ho lelapa le metswalle ya Ngaka Herman Nditsheni Netshidzivhani, setsebi sa pele sa Aforika Borwa sa motho e motsho sa bokgoni ba pelehi. Jwaloka mothei wa tliliniki ya bokgoni ba pelehi ka hara Sepetlele sa Park Lane ho la Johannesburg, Netshidzivhani o thusitse maAforika Borwa a mangata ho qala malapa.

5.16. Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya Dene Smuts, Setho sa Mehleng sa Palamente sa Democratic Alliance. Kabinete e thoholetsa nyehelo ya hae e babatsehang bakeng sa ntshetsopele ya demokerasi ya rona ya molaotheo.

5.17. Kabinete e imatahanya le Moporesidente President Jacob Zuma bakeng sa ho lakaletsa Mama Winnie Madikizela-Mandela pholo e potlakileng le ho kgothaletsa ho hlomphuwa ha boinotshi ba lelapa nakong ena. Winnie Mandela o hlomphuwa hohle ka lebaka la karolo ya hae ntweng ya tokoloho e nyehetseng ho phediso ya maano a kgatello le ho tlisa demokerasi Aforika Borwa.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di ho ya ka netefatso ya mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Paul Steenkamp ho Lekgotla la Naha la Boeletsi ka Ntlafatso.

6.2. Clarinda Elizabeth Simpson jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete wa SENTECH.

6.3. Lumko Caesario Mtimde jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso wa Ditshebeletso tsa Lefatshe le Lekala la Phihlello la Aforika Borwa.

6.4. Ho thonngwa hape ha Moatefokate Rory Wayne Voller jwaloka Motlatsi wa Mokhomishenara wa Khomishene ya Dikhamphani le Thepa ya Mautlwela.

6.5. Katoloso ya konteraka bakeng sa Lungisa Fuzile jwaloka Motsamaisi Kakaretso wa Lefapha la Matlotlo.

6.6. Katoloso ya konteraka bakeng sa Nosipho Ngcaba jwaloka Motsamaisi Kakaretso wa Lefapha la Merero ya Tikoloho.

6.7. N Mafu jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso: Matlafatso le Botsamaisi ba Bankakarolo ka hara Lefapha la Mekaubere ya Sesole.

6.8. TLM Makotoko jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Tshebetso bakeng sa Lefapha la Merero ya Tikoloho.

Dipotso:
Donald Liphoko
Cell: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore