Pehelo ya Moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le karabelo ya afrika borwa ho sewa sa kokwanahloko ya corona

Maafrika Borwa a Heso,

E se e le dibeke tse supileng hantle haesale ho ne ho tsebahatswe ka tshwaetso ya pele ya kokwanahloko ya corona kahara naha ya habo rona. 

Haesale ho tloha ka nako eo, maphelo a rona bohle a fetohile ka ditsela tse hlokolotsi.

Re le setjhaba, re ile ra qobelleha ho nka dikgato tse matla kgahlanong le sera sena se sa bonweng, se beileng maphelo a rona le a baratuwa ba rona kotsing.

Re ile ra qobelleha ho itlwaetsa mekgwa e metjha ya ho phela, ka nako e kgutshwane.

Jwaloka ha re kena bekeng ya bohlano ya ho kginwa ho e so kang ho bonwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara re bile re lelaletsa mahlo a rona bokamosong, re tshwanela ho dula re hopola hore na ke hobaneng ha re le maemong ana.

Kokwanahloko ena e qalang ho bonwa ya corona, e ileng ya ropoha toropong e kgolo ya China ya Wuhan ngwahola ka Tshitwe, e namme ka potlako lefatsheng ka bophara.

Ho fihlela kajeno, ho se ho tlalehilwe ditshwaetso tse 2.6 milione lefatsheng ka bophara.

Ho ka nna ha etsahala hore lenane la sebele la batho ba tshwaeditsweng le kahodimo haholo ho lena.

Kokwanahloko ya corona e baka bohloko bo tsejwang ka hore ke COVID-19, e leng bohloko bo thatafatsang ho phefumoloha boo hajwale ho seng motho ya tshireletsehileng ho bona ebile bo hloka pheko.

Kokwanahloko ya corona e fetisetswa mothong e mong ho tloha ho e mong ka marothodinyana a tswang ka nkong kapa ka hanong a ka fetiswang ka ho thetsana ka kotloloho, kapa hodima dibaka tseo re di amang kapa ha motho ya tshwaetsehileng a kgohlela kapa a thimola a le haufi le motho e mong.

Boholo ba batho ba tshwaeditsweng ba bontsha feela matshwao a fokolang; ha ba bang ba sa bontshe matshwao hohang.

Empa ho na le batho ba bang le matshwao a mpefetseng haholo mme bona ba tshwanela ho iswa sepetlele.

Hangata bana ke batho ba baholo le bao ba ntseng ba na le mafu a diqebo a akgang lefu la pelo, lefu la tswekere, lefu le sa foleng la ho phefumoloha le mofetshe.

Ho ba bang ba batho bana, COVID-19 e a bolaya.

Ho phatlalla le lefatshe, batho ba kahodimo ho 185 000 ba se ba bolailwe ke bohloko bona.

Mona Afrika Borwa, ke bonyane ba batho ba 75 ba seng ba hlokahetse.

Erekaha kokwanahloko ya corona e ka ata ka potlako hara setjhaba, e ka kgona ho imela le tsamaiso ya bophelo bo botle e nang le mehlodi e metle ka ho fetisisa lefatsheng, ka nako ya dibeke tse mmalwa feela.

Sena ke se etsahetseng dinaheng tse ngata lefatsheng ka bophara, mme ruri ke seo rona re le Afrika Borwa, re se emetseng ka maoto hore re se thibele.

Ke ditsamaiso tsa bophelo bo botle tse mmalwa haholo lefatsheng ka bophara, haeba di le teng, tse malalaalaotswe ho phahamela mapoqo keketsehong e kgolo ya batho ba hlokang kalafo ha lefu la ho thatafallwa ke ho phefumoloha le se le mpefetse haholo.

Kahoo, haeba kokwanahloko ena e ata ka potlako, ha ho dibethe tse lekaneng dipetlele, le diphaposi tsa ba kulang haholo, le dithusaphefumoloho, le diaparo tsa boitshireletso kapa yona meriana bakeng sa ho anela bohle ba e hlokang.

Ho mpefatsang dintho le ho feta, ke hore batho ba tshwerweng ke mafu a mang kapa ba hlokang ditshebeletso tsa tshohanyetso, ha ba kgone ho fumana tlhokomelo eo ba e hlokang.

Maemong a jwalo, batho ba bangata ba neng ba ka pholoswa, ba a hlokahala.

Ke boela ke pheta dintlha tsena tsa motheo hape, tseo hajwale ba bangata ba lona ba seng ba di tlwaetse, kaha di hlalosa dikgato tseo re seng re di nkile ho fihlela kajeno ebile di susumetsa le dikgato tseo ke tla di tsebahatsa phirimaneng ena.

Haesale ho tloha ha re ne re tsebahatsa sewa sa kokwanahloko ya corona e le koduwa ya naha ka Sontaha sa la 15 Tlhakubele 2020, sepheo sa rona e ne e le ho diehisa ho ata ha kokwanahloko ena.

Re ne re batla ho phema ho ropoha ho matla ha ditshwaetso le keketseho e sa tlo laoleha ya batho ba hlokang tlhokomelo ya bongaka.

Mothati oo re o latelang o thehilwe hodima dipehelo tsa ho sielana sebaka dipakeng tsa batho, thibelo ya metsamao le ditlwaelo tse matla tsa bohlweki ba motheo.

Ka ho diehisa ho ata ha kokwanahloko ena, re bile le nako e ntle ya ho hlophisa ditsi tsa rona tsa kokelo ra ba ra kgobokanya tse ding tsa disebediswa tsa bohlokwa tsa bongaka, tse hlokehang haholo bakeng sa ho kgahlametsana le keketseho e ke keng ya qojwa ya ditshwaetso.

Ke ka ho etsa jwalo, moo re tshepang hore re tla pholosa diketekete tsa maphelo.

Ho na le bopaki bo totobetseng ba hore ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, ho a sebetsa.

Hammoho le dikgato tse ding tseo re seng re di nkile, tse akgang ho kwalwa ha madiboho a rona, esita le diphetoho tsa boitshwaro tseo bohle re di entseng, ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho diehisitse ho ata ha sewa sena naheng ena.

Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO) o thoholeditse Afrika Borwa ka ho nka dikgato ka potlako le ho latela keletso ya borasaense ya ho diehisa ho ata ha kokwanahloko ena. 

Empa, leha e le hore ho kginwa hona ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara ke mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho thibela ho ata ha kokwanahloko ya corona, sena e ke ke ya eba ntho ya moshwelella.

Batho ba habo rona ba tshwanela ho ja. Ba tshwanela ho sebetsa. Dikhamphane di tshwanela ho kgona ho etsa tlhahiso le ho hwebisana, di tshwanela le ho iketsetsa tjhelete di be di boloke basebetsi ba tsona ba le mesebetsing.

Ke kahoo re entseng qeto ya hore ka morao ho Labone la la 30 Mmesa 2020, re tshwanela ho qala butlebutle ka mekgahlelo ya ho tsosolosa diketsahalo tsa moruo. 

Re tla kenya tshebetsong lewa le seng kotsi hakaalo leo ka lona re tla latela mothati o sedi wa ho nyehlisa dithibelo tsa hajwale tsa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Re nkile qeto ya ho latela mothati ona hobane ho ntse ho e na le tse ngata tse sa tsejweng ka sekgahla le mokgwa wa ho ata ha kokwanahloko ena kahara setjhaba sa habo rona.

Kahoo, dikgato tseo re di nkang hona jwale di lokela ho lekanngwa le ho sebetswa butlebutle.

Mothati ona o tataiswa ke keletso ya borasaense ba eleditseng ka hore ho emiswa ka potlako ho sa laoleheng ha dithibelo tsena, ho ka nna ha baka ho ropohabotjha ho matla ha ditshwaetso.

Ha re ka ke ra nka kgato kajeno eo re tla ikwahlaya haholo ka yona kamoso. 

Re tshwanela ho phema lehlaphahlapha la pulobotjha ya ditshebeletso le ka re beang kotsing ya ho ata ha kokwanahloko, le tla boela e tlameha ho latelwa ke ho kginwa ho hong hape ho matla ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, jwaloka ha ho etsahetse dinaheng tse ding.

Re tshwanela ho tsitsisa maemo dipakeng tsa tlhokeho ya ho kena kgabong ya moruo le bohlokwa ba ho thibela kokwanahloko le ho pholosa maphelo.

Ho fihlella sena, re se re radile mothati o tataisang dikgato tseo re tshwanelang ho di kenya tshebetsong, re itshetlehile hodima sekgahla seo sewa sena se holang ka sona kahara naha ena. 

Jwaloka karolo ya mothati ona, ho tla ba le mehato e mehlano ya kokwanahloko ya corona:

Mohato wa bohlano o bolela hore ho batleha dikgato tse matla tsa ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena e le ho pholosa maphelo.

Mohato wa bone o bolela hore ho na le mesebetsi e itseng e ka dumellwang hore e boele e thakgolwe, empa ho itshetlehilwe hodima bosedi bo matla bo hlokehang bakeng sa ho notla tshwaetseho le ho ropoha ha kokwanahloko ena setjhabeng.
 
Mohato wa boraro o amana le ho nyehlisa dithibelo tse itseng, tse akgang diketsahalo tsa mosebetsing le tsa kahisanong, e le ho rarolla kotsi e kgolo ya tshwaetseho.

Mohato wa bobedi o amana le ho nyehliswa ha dithibelo ho ya pele, empa ho ntse ho bolokilwe taba ya ho sielana sebaka dipakeng le ya dithibelo diketsahalong tse ding tsa ho qhanolla le tsa kahisano, bakeng sa ho thibela ho ropohabotjha ha kokwanahloko ena.

Mohato wa pele o bolela hore bongata ba diketsahalo tse tlwaelehileng di ka thakgoha hape, empa ho ntse ho latelwa ditataiso tsa ho ba sedi le tsa bophelo bo botle ka dinako tsohle. 

Ho netefatsa hore karabelo ya rona seweng sena e ka ba e nepahetseng le e tjhorileng ka hohle kamoo ho ka kgonehang ka teng, ho tla ba le mohato wa naha le mehato e meng e arohaneng bakeng sa provense ka nngwe, le setereke le toropo e kgolo kahara naha ena.

Hajwale re mohatong wa bohlano, o batlang hore ho kginwe metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ka botlalo, e le ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena. 

Ona ke mohato o hodimodimo wa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha mme o ile wa qobellwa ha ho ne ho batleha kgato e matla ya ho thibela tshwaetseho.

Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona (NCCC) le tla teka boemo ba phadimeho, ho itshetlehilwe hodima tekolo ya sekgahla sa tshwaetso le bokgoni ba tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle ya ho fana ka tlhokomelo ho ba e hlokang.
 
Re sebeditse ka matla bakeng sa ho hlopha dikarolo tse fapaneng tsa moruo ho ya ka kotsi e ka bang teng ya tshwaetso lekaleng ka leng, le sefutho se lebeletsweng sa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, le nyehelo ya lekala ka leng moruong esita le kamoo le amang maphelo ka teng.

Matona a amehang a tla fana ka dintlha ka botlalo mabapi le ho hlophisa diindaseteri le kamoo indasteri ka nngwe e amehang ka teng mohatong ka mong.

Re tla fa makala ohle a diindaseteri monyetla wa ho sekaseka dintlha tsena, mme haeba a batla ho tshwaela, a ka etsa jwalo pele melawana ena e metjha e kenngwa koranteng ya mmuso.

NCCC e ile ya kopana pejana kajeno mme ya qeta ka hore sekgahla sa naha sa phadimeho mabapi le kokwanahloko ya corona, se tla theolwa ho tloha mohatong wa bohlano ho ya mohatong wa bone ho tloha ka Labohlano la la 1 Motsheanong 2020.

Sena se bolela hore ho na le mesebetsi e itseng e ka dumellwang hore e boele e thakgolwe, empa ho itshetlehilwe hodima bosedi bo matla bo hlokehang bakeng sa ho notla tshwaetseho le ho ropoha ha kokwanahloko ena setjhabeng.

Dikgwebo tse itseng di tla dumellwa ho boela di thakgola ditshebetso tsa tsona katlasa dipehelo tse itseng tse qollehileng.

Kgwebo ka nngwe e tla tshwanela ho ikobela ditaelo tsohle tsa bophelo bo botle le tsa polokeho bakeng sa ho sireletsa basebeletsi ba yona, mme ho tla kenngwa tshebetsong meralo ya dibaka tsa mosebetsing e le ho thusa ka tlhahlobo ya mahloko le ho thibela ho ata ha tshwaetso ena. 

Dikgwebo tsohle tse dumelletsweng ho boela di thakgola ditshebetso tsa tsona di tla tshwanela ho etsa jwalo butlebutle, mme di tla qala ka ho hlophisa dibaka tseo ho sebeletswang ho sona hore di boele di lokele maemo a tshebetso, ho latele ka hore basebetsi ba kgutlele ka mekgahlelo e sa feteng palo ya nngwe borarong. 

Maemong a mang, lekala le ke ke la kgona ho kgutlela tlhahisong ya lona e phethahatseng nakong ena ya mohato wa bone, moo kotsi ya tshwaetso e ntseng e le hodimo. 

Tsena di tla manollwa bekeng e tlang kamora mokgahlelo wa ho qetela wa ditherisano.

Dikgwebo di tla kgothaletswa ho ithuela lewa la ho sebeletsa malapeng haeba ho kgoneha. 

Basebetsi bohle ba ka kgonang ho sebeletsa malapeng ba tshwanela ho dumellwa ho etsa jwalo.

Matona a amehang a tla fana ka dintlha tse tebileng mabapi le motjha o tla latelwa wa pulobotjha ya dikolo le ditheo tse ding tsa thuto, ka mekgahlelo.

Ha re ntse re nyehisa dithibelo tsena butlebutle, ho a hlokeha hore boholo ba dikgato tsa ho kgina ho ata ha kokwanahloko di dule di ntse di sebetsa.

Ha naha e hahamalla mohatong wa bone ka la 1 Motsheanong 2020:

Madiboho a rona a tla dula a kwaletswe maeto a matjhaba, ntle le moo e leng pusetso ya baahi ba Afrika Borwa le ba melata.

Ha ho maeto a tla dumellwa dipakeng tsa diprovense, ntle le a ho tsamaisa thepa le maemong a qollehileng a kang a ho ya mapatong.

Dipalangwang tsa setjhaba di tla nne di tswelepele ho sebetsa, empa ho itshetlehilwe le meolwane ya lenane la bapalami le ditlhokeho tse matla tsa bohlweki, ho akga le ya hore bapalami bohle ba rwale dimaske.

Setjhaba se kgothaletswa hore se dule malapeng, ntle feela le ha e le ka mabaka a bohlokwa, a ho etsa mesebetsi ya mantlha le mesebetsi e makaleng a butsweng empa a ntse a beilwe leihlo. Batho ba ka nna ba ikwetlisa katlasa dipehelo tse matla tsa bophelo bo botle ba setjhaba.

Dipokano tsohle, ntle le tse amanang le mapato le mosebetsi, di tla dula di thibetswe.

Metsofe, le ba nang le mafu a diqebo, ba lokela ho dula malapeng mme ba nke dikgato tse sedi bakeng sa ho itsheka thajana.

Thekiso ya disakerete e tla dumellwa. 

Lethathama la dithepa tse ka rekiswang le tla atoloswa bakeng sa ho kenyeletsa le mekgahlelo e meng e itseng. Tsena le tsona di tla manollwa ke Matona a amehang.

Ho bohlokwa ho tseba hore dithibelo tse ngatanyana di tla dula di sebetsa ho sa natswe boemo ba phadimeho, ha feela kotsi ya ho tshwaetseha e ntse e le teng:

Dibara le ditamene di tla dula di kwetswe.

Ditsi tsa diboka le dipitso tse kgolo, tsa dibaka tsa boithabiso, tsa dibaeskopo, tsa ditshwantshiso tsa dikalaneng le dikonsarete, di tla dula di kwetswe.

Dikgobokano tsa dikonsarete, tsa dipapadi, tsa bodumedi, tsa botjhaba le kahisano, di ke ke tsa dumellwa ho fihlela maemo a kgotsofatsa hore ho bolokehile hore di ka tshwarwa.

Kokwanahloko ya corona e ata ka ho thetsana ha batho.

Haeba batho ba sa tsamaye, kokwanahloko ena le yona e ke ke ya tsamaya.

Ho tea mohlala,re a tseba hore lepato le le leng feela la Port St Johns le mmoka wa kereke wa Mangaung, di ekeditse haholo kgahlakgahleng ya ditshwaetso diprovenseng tseo ka tatelano.

Ho ya ka bopaki boo re nang le bona, re a tseba hore 75% ya ditshwaetso tse netefaditsweng tsa kokwanahloko ya corona di fumanwe feela bomasepaleng ba baholo ba tsheletseng, e leng Johannesburg, Ekurhuleni, Motse Kapa, Buffalo City, EThekwini le Mangaung.

Kahoo, ho bohlokwa hore re etse makgobonthithi ohle a hore re thibele metsamao ya batho, mme leha sena se hanana le tlholeho ya rona, empa ke ho fokotsa kopano eo re bang le yona le ba bang.

Qetellong, ke diketso tsa rona re le batho ka bomong, tse tla susumetsa sekgahla seo kokwanahloko e atang ka potlako ka sona. 

Haeba bohle re ka tsitlallela ditaelo ra ba ra latela ditataiso tsa bophelo bo botle ba setjhaba, re tla kgona ho laola kokwanahloko ena mme re ke ke ra tshwanela ho kgutlisa boholo ba dithibelo tsena tse matla ka ho fetisisa. 

Re ka ho thibela ho ata ha kokwanahloko ya corona ka ho etsa dintho tse mmalwa tse bonolo.

Hatlela kgafetsa ka sesepa le metsi kapa o sebedise sebolayadikokwanahloko se nang le alkhohole.

Iphe sebaka se fetang mithara o le mong dipakeng tsa hao le motho e mong, haholoholo bao ba kgohlelang kapa ba thimolang.

Leka hore o se ke wa itshwaratshwara molomo, nko le mahlo hobane ho ka nna ha etsahala hore ebe matsoho a hao a thetsitse kokwanahloko ya corona dibakeng tse ding.

Ha o kgohlela kapa o thimola, kwahela molomo le nko ka setswe se kobilweng kapa ka pampitshanabonojana, o be o e lahle hanghang.

Jwaloka ha re qala ho nyehlisa dithibelo tsa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho tloha maqalong a Motsheanong, re ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle hore a rwale dimaske kamehla ha a tswa ka malapeng.

Indaseteri ya rona ya diaparo le masela, ho akga le dikgwebo tse ngata tse nyenyane, di itlhophisetsa ho hlahisa moqeqekohadi wa dimaske tsena.

Dikgato tse babatsehang tseo re di kentseng tshebetsong bakeng sa ho thibela sewa sa kokwanahloko ya corona, di nyalantswe le seabo se babatsehang sa Maafrika Borwa a mangata.

Re lebisa tlotla ho bona, ho baoki, dingaka, borasaense le basebetsi ba etsang ditlhahlobo dibakeng tse fapaneng, ba eteletseng pele karabelo ya rona ya bophelo bo botle ba setjhaba.

Re ikemiseditse ho netefatsa hore ba ba le disebediswa tsohle tseo ba di hlokang, ho akga le disebediswa le diaparo tsa boitshireletso tse lekaneng esita le disebediswa tse ding, e le ho phetha mosebetsi oo ba koptjwang hore ba o phethe.

Ha re ntse re nyehlisa dithibelo tsena tsa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha butlebutle, re ntse re eketsa ka matla le ka potlako karabelong ya rona ya bophelo bo botle ba setjhaba.

Re se re bone keketseho e kgolo ya tlhahlobisiso le ho etsa diteko setjhabeng.

Ka tataiso ya keletso ya WHO le Ditsi tsa Afrika tsa Taolo le Thibelo ya Mahloko, re se re ikamahantse le dinaha tse ding tsa Afrika mabapi le hore re bee boholo ba tlhahlobisiso le ho etsa diteko setsiketsing sa mokgahlelo o latelang wa karabelo ya rona.

Pejana bekeng ena, ke ile ka tsebisa ka kabo ya tlatsetso ya R20 bilione karabelong ya rona ya bophelo bo botle e le ho netefatsa hore re na le dibethe, meriana, thepa le basebetsi ba tla batleha haeba naha e ka mpefallwa haholo ke ditshwaetso.

Phirimaneng ena, ke boela ke lebisa tlotla ho bao ba fanang ka ditshebeletso le dithepa tsa mantlha, bakganni ba dilori, ba ditekesi, ba dibese le diterene; basebetsi ba mapolasing, ba mabenkeleng, ba diteisheneng tsa motlakase, ba dipolanteng tsa metsi, ba tshelang peterole, ba dibankeng le ditsing tseo ho letsetswang mehala ho tsona; bahlanka ba qobello ya molao hammoho le balebedi.

Re a leboha ka matsapa a lona a re thusitseng hore re kgone ho ba le kgatelopelo e ntle hakana thibelong ya sewa sena.

E le karolo ya ho atolosa matsapa ana, ke laetse masole a kahodimo ho 70 000 hore a ilo thusa ka mesebetsi e fapafapaneng ya karabelo ya rona kokwanahlokong ya corona.

Ho fihlela jwale, masole a seng a rometswe dibakeng tse fapaneng a thusitse haholo ka ho tshehetsa mapolesa a Afrika Borwa mosebetsing wa ona.

Ba tla tswelapele ho etsa jwalo, empa ba tla boela ba fana ka thuso dibakeng tse ding tsa bohlokwa, tse kang phepelong ya metsi, tokisong ya meralo ya motheo le ditshebeletsong tsa bophelo bo botle.

Ena ke nako e hlokolotsi twantshong ya rona ya kokwanahloko ya corona.

Ke nako ya ho ba sedi. 

Ke nako ya ho etsa dintho ka boikarabelo. 

Ke nako ya ho ba le mamello.

Ha ho motho ya sa batleng ho kgutlela mosebetsing.

Ha ho khamphane e sa batleng ho bula hape.

Ha ho moithuti ya sa batleng ho kgutlela dithutong tsa hae.

Leha ho le jwalo re lebeletswe, hore ka nako e nngwe e itseng maphelong a rona, re etse sehlabelo se seholo molemong wa bokamoso ba rona le bokamoso ba batho ba bang.

Ho na le dinako tseo ka tsona re tlamehang ho mamella maima le mathata, ho etsetsa hore re tle re nyakallele tokoloho le nala kamoso.

Dibekeng tse hlano tse fetileng, re bontshitse lefatshe lohle seo setjhaba se ka se fihlellang ha se na le sebete, boikitlaetso le tshehetsano. 

Ha re a tlameha ho nyahama.

Ke a le kopa hore le tiye.

Ke kopa hore le dule le le kgokanyana phiri.

Dulang malapeng, dulang le bolokehile.

Ke a le leboha ka tsohle tseo le di entseng esita le tseo le ntseng le di etsa.

A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o sireletse le setjhaba sa yona.
    
Ke a leboha.
 

Share this page

Similar categories to explore