Pehelo ya Moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le karabelo ya Afrika Borwa Seweng sa kokwanahloko ya Corona

Maafrika Borwa a heso,

Bekeng ena, naha ya habo rona e fihlelletse mothati o mahlonoko wa ho ata hwa sewa sena sa kokwanahloko ya corona, jwaloka ha bohloko bona bo se bo bolaile batho ba 219.

Ho shwa ha motho e mong le e mong ke koduwa.

Batho bana ba 219 ba hlokahetseng ba ne ba e na le malapa, ba e na le bahlokomeduwa, metswalle le basebetsimmoho.

Maphelo a bona a kgaoleditswe ke kokwanahloko ena e bakileng masetladibete bathong le moruong lefatsheng ka bophara.

Ho kgobokanyeng le ho tlaleheng ka manane a kamehla a ditshwaetso tse ntjha, a ba shwang le ba hlaphohelwang, re ka nna ra e tlodisa mahlo habobebe taba ya hore re sebetsana le maphelo a batho.

Kokwanahloko ena ya corona ha e thefule maphelo a batho ba habo rona feela, empa e thefula le bokgoni ba bona ba ho iphedisa, ho iphepa mmoho le ba malapa a bona, ho ithuta le ho tswelapele esita le ho nyakallela ditokoloho tse ngata tsa mantlha tseo kamehla re di nkang hanyane.

Phirimaneng ena, ha re ba beeng menahanong le merapelong ya rona bohle ba tshwaeditsweng ke kokwanahloko ena ya corona, bohle ba hlokahelletsweng ke baratuwa ba bona, le bohle ba ileng ba mamella mme ba ntse ba tswelapele ho mamella maima a maholo ka lebaka la sewa sena.

E se e ka ba dibeke tse supileng haesale re ne re kenye ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha tshebetsong naha ka bophara.

Nakong ena, Maafrika Borwa a bontshitse sebete se seholo, le ho tsoha molota le boikarabelo.

Ke boela ke le leboha ka boitelo boo le bo entseng ho fihlela mona.

Ke batla ho re, jwaloka ha ke ile ka e bua ntho ena, hore ntle le bolelele le bohanyapetsi ba yona, ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho ne ho hlile ho hlokahala.

Ntle le ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, lenane la ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona le ka be le nyolohile ka mokgwa o tswileng taolong, disebediswa tsa rona tsa bophelo bo botle di ka be di imetswe mme Maafrika Borwa a mang a diketekete a ka be a shwele.

Ho tloha tshimolohong, haesale karabelo ya rona e ntse e tataiswa ke dikeletso tse tswang ho ditsebi tse itlhommeng pele lefatsheng, tsa naheng ena ya rona le tsa lefatsheng ka bophara.

Re ile ra boela ra fola molemo tataisong e tswang Mokgatlong wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO).

Malebela ao dinaha tse ding di fetileng ho ona a boetse a re butse mahlo.

Ho na le dikgakanyo tse ngatanyana mabapi le kgonahalo ya mothati oo bohloko bona bo ne bo tla o latela haeba re ne re sa nka dikgato ka potlako.

Jwaloka ha lesedi le tomanyana le ntse le fumaneha, dikgakanyo tsena di ntlafaditswe tsa ba tsa batalatswa.

Kgakanyo e ntle ka ho fetisisa ke ya hore, ntle le ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha hammoho le dikgato tse ding tseo re ileng ra di nka, jwale ho ka be ho se ho tshwaeditswe bonnyane ba Maafrika Borwa a 80 000.

Athe lenane la ba shweleng lona le ka be le le kahodimo ho menahane ha robedi ho feta kamoo le leng ka teng.

Ho ya kamoo ho leng ka teng, ke batho ba 219 Afrika Borwa ba ileng ba hlaba ka lenaka fatshe ka lebaka la bohloko bona.

Ha re bapisa nako e tshwanang le ena ya ho ata ha bohloko bona, Amerika ho ne ho se ho shwele batho ba kahodimo ho 22 000 athe Borithane teng ho ne ho se ho shwele ba kahodimo ho 19 000.

Ha re a tshwanela ho lebala hore sepheo sa ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha e ne e le ho sisithehisa ho ata hwa kokwanahloko ena le ho thibela ho ropoha ho hoholo hwa ditshwaetso.

Ho fihlela jwale, mokgwa oo rona re le Maafrika Borwa re arabetseng ka teng ho lwantshaneng le kokwanahloko ena, re atlehile.

Lenane la ditshwaetso tse hlwailweng ditekong tsohle tse entsweng, e leng se tsejwang ka hore ke sekgahla sa ba tshwaeditsweng, le dutse le ntse le le tlase ebile le tsitsitse.

Sekgahla sa ditshwaetso tse netefaditsweng Afrika Borwa se ka etsa sekepele sa batho ba 181 ho milione kanngwe setjhabeng.

Ha ho se ho bapiswa, dinaha tse kang Amerika, Borithane, Spain, Italy le Singapore di na le sekepele sa ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona se dipakeng tsa 2 400 le 4 600 ho milione kanngwe ya batho.

E bohlokwa taba ya hore ditshwaetsong tse 12 074 tse netefaditsweng Afrika Borwa, ho na le ba 4 745 ba hlaphohetsweng.

Ka ho sisithehisa ho ata ha bohloko bona, re kgonne ho matlafatsa bokgoni ba tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle, le ho kenya tshebetsong lethathama la mananeo a bophelo bo botle ba setjhaba, e le ho laola hantlenyana keketseho e ke keng ya qojwa ya ditshwaetso tsena.

Jwale re na le dibethe tse ding tse ekeditsweng tse ka bang 25 000 bakeng sa tshekeho.

Re kgonne ho reka le ho hlahisa meqeqeko e bonahalang ya disebediswa tsa boitshireletso bakeng sa basebeletsi ba tsa bophelo bo botle.

Ha re ne re sebedisa nako ya bohlokwa eo re e filweng ke ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, re kgonne ho atolla lenaneo la rona la tlhahlobo le ho etsa diteko ka bokgabane.

Ka kakaretso, basebetsi ba rona ba itahletseng ka setotswana ba se ba hlahlobile batho ba kahodimo ho dimilione tse robong, mme re se re entse diteko tsa kokwanahloko ya corona tse ka bang 370 000.

Ena ke tlhophiso e kgolokgolo ebile e le e batsi ka ho fetisisa ya bophelo bo botle ba setjhaba nalaneng ya naha ya rona.

E phethahaditswe ke mosebetsi o boima le boithukgubetso ba diketekete tsa basebetsi ba setjhaba, baoki, dingaka le basebeletsi ba bang ba bophelo bo botle.

Ba entse boitelo bo hlomolang e le ho netefatsa hore ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho a atleha.

Ka ho arabela kgoeletsong ya ho dula malapeng le ho dula le bolokehile, lona batho ba Afrika Borwa, le re thusitse ho pholosa maphelo a mangata.

Jwaloka ha re matlafaditse karabelo ya rona bophelong bo botle ba setjhaba, re se re leleketse dikgato tse ngatanyana tsa bohlokwa tsa ho tshehetsa dikhamphane, basebetsi le malapa a thefutsweng haholo ke ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Re ntshitse ngatana ya kimollo ya moruo le kahisano ya boleng bo kahodimo ho R500 bilione e le ho thusa dikhamphane tse tebetebeng, ho baballa mesebetsi le ho fana ka meropotsonyana ho baitshokodi le malapa a futsanehileng.

Haesale le ne le thewe, lekgotla le kgethehileng la kimollo matshwenyehong a COVID-19 la Letlole la Inshorense ya ho fellwa ke Mesebetsi (UIF), le se le lefile tjhelete e kahodimo ho R11 bilione ho basebetsi ba dimilione tse pedi ba hirilweng ke dikhamphane tse tebetebeng tse kahodimo ho 160 000.

Sena se tla thusa ho boloka dikhamphane molemong wa ho pholosa dimilione tsa mesebetsi.

Matlole a mangatanyana ao re a theetseng ho tshehetsa dikgwebo tse nyenyane, ho akga le dikgato tse thokotsweng ke Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, Lefapha la tsa Bohahlaudi, Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) le Letlole la Bokamoso ba Afrika Borwa, di fane ka tshehetso dikgwebong tse kahodimo ho 27 000 ka kotloloho.

Ho tloha kajeno, Lekgotla la Tiiseletso ya Dikadimo tsa Ditjhelete la COVID-19 la R200 bilione, le tiiseleditsweng ke mmuso, le se le qadile ho sebetsana le dikopo tse tswang dikgwebong tse nyenyane le tse mahareng.

Mathwasong a kgwedi ena, mmuso o lefile R5 bilione ya tjhelete e ekeditsweng ho baamohedi ba dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba, e le ho thusa malapa a futsanehileng ka nako ena eo ho yona mehlodi e meng ya lekeno e sitisehileng.

Re se re buletse dikopo tsa ditsiane tse kgethehileng tsa COVID-19 tsa R350 ka kgwedi, bakeng sa Maafrika Borwa a sa sebetseng ao ho seng thuso ya mofuta ofe kapa ofe eo a e fumanang mmusong.

Ha la kajeno le ne le dikela, Maafrika Borwa a ka bang dimilione tse tharo a ne a se a entse dikopo tsa ho thuswa.

Dithuso tsena tsa nakwana di tla kganna ka dikgwedi tse tsheletseng.

Re tla etsa makgobonthithi ohle ho netefatsa hore nakong ena e boima, re tshehetsa re bile re tshireletsa baahi ba habo rona ba tlokotsing ka ho fetisisa.

Sekgahla sa dikgato tseo re di nkileng, ho akga le kimollo lekgethong hammoho le bokenadipakeng ba Banka ya Risefe ya Afrika Borwa, se etsa nalane.

Letlole la Tshehetsano, le ileng la theelwa ho tshehetsa karabelo ya kokwanahloko ya corona, le nyollotse kotla e ka etsang R2.7 bilione e le boitlamo bo tswang bathong ba kahodimo ho 175 000 le dikhamphane le mekgatlo e kahodimo ho 1 500.

Re motlotlo ka mebuso le mekgatlo e mengata e ntseng e tswelapele ho tshehetsa karabelo ya rona ya kokwanahloko ya corona ka mosa.

Ho eketsa kahodimo ho bao ke ileng ka ba ananela kapele, ke batla ho bontsha kananelo ya rona mmusong le bathong ba Amerika ka nyehelo ya bona ya dithusaphefumoloho tse 1 000.

Ke boela ke ananela boitlamo ba ELMA Group of Foundations ba R2 bilione e le ho fokotsa sekgahla sa kokwanahloko ya corona ditjhabeng tse tlokotsing Afrika.

Sena se akga le nyehelo ya hanghang ya R250 milione Letloleng la Tshehetsano la Afrika Borwa.

Re ikitlaelleditse hore karabelo ya rona e be boemong bo lekanang le sekepele sa koduwa, e be e thuse ho netefatsa hore metheo ya moruo wa rona e a tshireletswa.

Ho bile le ditlaleho tse sisimosang haholo tsa keketseho ya ditlhekefetso tse amanang le bong haesale ho ne ho qale ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Sewa sena sa ditlhekefetso tse amanang le bong se tswelapele ho okaokela naha ya habo rona kaha banna ba e lata letailana basading.

Re se re theile mothati wa tshohanyetso bakeng sa bahlekefetsuwa, e le ho netefatsa hore mahlatsipa a ditlhekefetso tse amanang le bong a fuwa thuso.

Bo bong ba bokenadipakeng boo re bo entseng, ke ho netefatsa hore melawana ya ho kginwa hwa metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha e botjwa ka mokgwa oo ka wona mosadi a ka tlohang ha hae a ilo tlaleha tlhekefetso ntle le tshabo ya kahlolo, ya tshoso kapa ya tlhekefetso enngwe hape.

Jwale, kamora dikgwedi tse pedi re phatlaladitse maemo a koduwa ya naha, re malalaalaotswe ho nka mothinya o yang mokgahlelong o motjha karabelong ya rona ya sewa sa kokwanahloko ya corona.

Ka la pele Motsheanong, re ile ra theohela Kgatong ya bone yaba re a qala ka ho nyehlisa ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara.

Sena se ne se amana le mawala a fetotsweng ao ka ona re neng re habile ho sisithehisa sekgahla sa ditshwaetso le ho batalatsa mapatlelo.

Jwale re itlhophisetsa ho o nyehlisa le ho feta ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, esita le ho bula moruo butlebutle.

Ke tla pheta seo nkileng ka se bua: ho re haeba re tlohela ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ha bohlaswa ebile e le ka potlako, re ipea kotsing ya ho ropoha ho sa laoleheng hwa ditshwaetso kapelepele.

Kahoo, re tla nne re tswelepele ho hata ka bohlale, re ipapisitse le bopaki bo teng bo botle ka ho fetisisa re bile re tataiswa ke dikeletso tsa ditsebi tsa kwano lapeng le tsa matjhabeng.

Sepheo sa rona ke ho eketsa diketsahalo tsa moruo butlebutle ha re ntse re kenya tshebetsong mekgwa ya ho fokotsa ditshwaetso tsa kokwanahloko ena, re bile re fana ka tlhokomelo e lekaneng ho bao ba tshwaetsehang mme ba hloka kalafo.

Lekgetlong la ho qetela ha ke ne ke bua le lona, ke ile ka talola ka tsamaiso ya kgato ya bohlano eo re e leleketseng e le ho tataisa mosebetsi ona.

Nakong eo, naha e ne e le kgatong ya bohlano, e nang le dithibelo tse thata ka ho fetisisa metsamaong le diketsahalong tsa moruo.

Kgato ya bone, e leng kgato eo ha jwale naha ka bophara e leng ho yona, e bolokile boholo ba melawana ya ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, empa e dumella ho bulwa butlebutle ha dikarolo tse itseng tsa moruo.

Dikgato tsa ho tloha ho ya boraro ho ya ho ya pele di dumella ho nyehliswa ho tomanyana hwa dithibelo.

Jwaloka ha ke ile ka hlakisa ka nako eo, dibaka tse ding tsa naha ena di ka nna tsa bewa kgatong e itseng, ha tse ding di ka nna tsa bewa dikgatong tse ding.

Sena se tla etswa ho ipapisitswe le sekgahla sa tshwaetso sebakeng se amehang esita le bokgoni ba disebediswa tsa sona tsa bophelo bo botle, hore na se tla ba le mahetla a ho jara morwalo wa kalafo ya batho ba tshwaetsehileng.

Ha jwale, naheng ena ditshwaetso di bokellane haholo bomasepaleng ba mmalwa ba ditoropo tse kgolo le diterekeng.

Ho bohlokwa hore re boloke dithibelo tse thata dibakeng tsena, re be re thibele le ho eta ho lebisang kantle ho dibaka tsena ho ya dikarolong tse ding tsa naha tse nang le sekgahla se fokolang sa ditshwaetso.

Hanghang re tla qala ka mothati wa dipontshano le ba amehang, ka tshisinyo ya hore mafelong a Motsheanong boholo ba naha bo bewe kgatong ya boraro, empa dibaka tseo tsa naha ya habo rona tse nang le sekgahla se hodimodimo sa ditshwaetso, di nne di dule di le kgatong ya bone.

Re tla boela re etsa ditsebiso tse ding kamora ho phethelwa ha dipuisano

Matsatsing a tlang, re tla etsa ditsebiso ka diphetoho tse itseng melawaneng ya kgato ya bone, e le ho atolla diketsahalo tsa dikgwebo tse dumelletsweng mapatlelong a mabenkele hammoho le thekisetsano ka mokgwa wa e-commerce wa inthaneteng, re be re fokotse dithibelo ditokelong tsa ho reka le ho rekisa.

Ba bang ba nnile ba botsa hore na mokgwa oo re lwantshang kokwanahloko ya corona ka wona ha o a bea maphelo a batho ba habo rona paneng.

Haesale mokgwa wa mawala a rona o itshetlehile pholosong le paballong ya maphelo.

Haesale sepheo sa rona se ka sehloohong e le ho sisithehisa sekgahla sa ditshwaetso ka mekgwa e mengatanyana ya bokenadipakeng disebedisweng tsa rona tsa thibelo ya kokwanahloko ya corona.

Kgato ka nngwe dikgatong tsena tsa thibelo e bohlokwa ebile ho ke ke ha phehisanwa ka yona. Tsona ke:

  • Ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha (hore ho fihlellwe qaqolohano e kgolo dipakeng tsa batho)
  •   Qaqolohano dipakeng tsa batho
  • Ho amohela ditlwaelo tsa bohlweki ba matsoho ka ho hatlela matsoho kgafetsa ka metsi le sesepa kapa sebolayadikokwanahloko
  • Mekgwa ya ho hohlola, ho akga le ho hohlolla bokahareng ba setswe kapa ho pampitshana bonojana
  • Ho kenya dikwahelasefahleho neng kapa neng ha o le kahara batho
  • Tshebediso ya disebediswa tsa boitshireletso ke basebetsi bohle ba tsa bophelo bo botle
  • Ho hlwekiswa kgafetsa hwa tikoloho eo ho sebeletswang ho yona hammoho le dibaka tse ding tsa setjhaba
  • Tlhahlobo ya matshwao
  • Ho etsa diteko, ho kgethelwa, tshekeho le bofofonedi ba bao ba ileng ba kopana le motshwaetsuwa

Ke ho kenngweng tshebetsong hwa mekgwa ena yohle ya boipaballo moo re tla fenya bohloko bona.

Katleho ya mekutu ya rona ya ho kgina ho ata hwa kokwanahloko ena ho itshetlehile ho fumanweng ha bao ba tshwaeditsweng, ho sa kganya, ho be ho fofonelwe bao ba ileng ba kopana le bona mme ba kgethelwe, ho etsetsa hore ba se ke ba fetisetsa kokwanahloko ena ho ba bang.

Letsholo la rona la tlhahlobo la ho kena motse le motse dibakeng tse tlokotsing naha ka bophara, le thusitse ka hore batho ba kahodimo ho 100 000 ba fetisetswe ditekong.

Sena se re file setshwantsho se setle sa sekgahla sa tshwaetso kahara setjhaba, empa jwale re hloka lenaneo la tlhahlobo le diteko le reretsweng dibaka tseo ho tsona ho nang le kgonahalo e kgolo ya hore batho ba ka tshwaetswa.

Sena se tla kenyeletsa ho hlwauwa hwa dibaka tseo ditshwaetso di jeleng setsi ho tsona ho sebediswa theknoloji, lesedi la tekodisiso le dipalopalo tsa batshwaetsuwa dibakeng tseo, e leng ntho e thusang ho jalweng hwa dihlopha tse etsang tlhahlobo le diteko dibakeng tsena.

Bao ba fumanweng ba tshwaetsehile, ba tshwanela ho itsheka thajana kapa ba kgethelwe ka ho iswa ditsing tse tshwanelehileng tse hlahlobilweng ka boikemelo.

Ntho eo e leng ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ya hore, mokgahlelo ona o motjha o tla hloka hore e mong le e mong wa rona a fetole boitshwaro ba hae ka botebo.

Ho tshwanela hore ho be teng phetoho ya bohlokwa mekgweng eo re nahanang ka yona le eo re phelang ka yona.

Re tshwanela ho nka boikarabelo ka maphelo a rona le a ba bang.

Ha re hopoleng hore leha ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho sisithehisitse sekgahla sa ditshwaetso, kokwanahloko ya corona yona e ntse e le teng, mme e tla nne e be teng kahara rona ka nako e telele e tlang.

Re hlokomedisitswe hore ditshwaetso di tla ja setsi ha ho ntse ho nyehliswa dikgato tsa ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, jwaloka ha ho etsahetse dinaheng tse ngata.

Re boetse re a tseba hore kokwanahloko ya corona e tla tswelapele ho ba tsietsi ya bophelo bo botle lefatshe ka bophara ka nako e teletsana e tlang, le hore twantsho ya COVID-19 e tshwanela ho ba karolo ya maphelo a rona a letsatsi le letsatsi.

Katleho ya rona ya ho fenya kokwanahloko ya corona e tla susumetswa ke diphetoho tseo re di etsang boitshwarong ba rona.

Jwaloka ha dithibelo di ntse di nyehliswa, re tla tshwanela ho ba sedi le ho feta ho hlompheng qaqolohano dipakeng tsa batho, re kenye dikwahelasefahleho kgafetsa ha re tloha malapeng, re hatlele matsoho kgafetsa ka metsi le sesepa kapa ka sebolayadikokwanahloko, re be re qobe ho atamelana le batho ba bang.

Ke kgothaditswe ke ho bona hore haesale ho ne ho qale kgato ya bone, ke batho ba bangata kahara setjhaba ba kenyang dikwahelasefahleho.

Re tla hloka ho hlophabotjha dibaka tsa mesebetsing, dikolo, diyunivesithi, dikholeje le dibaka tse ding tsa setjhaba, e le ho kgina ditshwaetso.

Re tla tshwanela ho itlwaetsa mekgwa e metjha ya merapelo, ya kahisano, ya ho ikwetlisa le ya dikopano, e fokotsang menyetla ya ho ata ha kokwanahloko ena.

Ke diketso tsa rona tsa jwale tse tla bontsha hore na ebe molemo oo re o fumaneng ka ho kginwa hwa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha o ka bolokeha ho ya pele.

Ke diketso tsa rona tsa jwale, ka bomong le ka kopanelo, tse tla bontsha hore na ebe boitelo bo boholo boo batho ba bo entseng nakong ya dikgwedi tse pedi tse fetileng bo tla qetella bo pholositse maphelo a diketekete tsa Maafrika Borwa, bo be bo tshireletse naha ya habo rona mahlomoleng a maholo ao sewa sena se ka a bakang.

Ho tshelela mokgahlelong o latelang wa karabelo ya kokwanahloko ya corona ho tla ba boima ho feta mokgahlelong ona oo re leng ho ona ka mekgwa e mengatanyana.

Kotsi ya ho ropoha ha ditshwaetso e tla eketseha kaha batho ba bangatanyana ba kgutlela mesebetsing.

Sena se hloka hore bohle re fadimehe, re be le boikarabelo le boitshwaro.

Maafrika Borwa a heso,

Nakong ya dibeke tse supileng tse fetileng, le kopilwe ho peseletsa le ho tela tse ngata.

Ka makgetlo a mmalwanyana, ke ile ka ema kapele ho lona mme ka le kopa hore le amohele dithibelo tse thata maphelong a lona a kamehla, mme ke tseba hore tsona di tla tlisa maima a maholo.

Le ile la di mamela dikgoeletso tsena, le kgodisehile hantle hore dikgato tsena di a hlokeha bakeng sa bophelo bo botle, le ho pholoha hwa setjhaba sa habo rona.

Athe boemong ba dintho tsohle tseo le koptjwang hore le ikobele tsona, le lona ho na le dintho tse mmalwanyana tse bohlokwa tseo le di kopang ho rona, baetapele ba rona.

Ke kahoo re tlamehang ho ananela hore ha re ne re tobana le qholotso ena e neng e sa lebellwa, e ka nna ya ba ho bile le dinako tseo ka tsona re ileng ra haellwa ke ho sebetsa ka ho ya ka ditebello tsa lona.

Tse ding tsa diketso tseo re di entseng di ne di sa hlaka, tse ding di ne di hanana ha tse ding di hlalositswe ka botlaila.

Ka mohlomong ho kenngwa tshebetsong ho ile ha sisitheha, athe ho qobellwa ha melawana le hona ho ne ho sa tshwane ho bile ho kgahlapetsa.

Phirimaneng ena, ke batla hore ke boele ke tiise boikitlaetso ba ka le ba mmuso oo ke o etelletseng pele, ba ho nka kgato efe kapa efe e hlokehang e le ho tshireletsa bophelo, seriti le ditabatabelo tsa batho ba Afrika Borwa.

Nakong e fetileng ha ke ne ke bua le lona, ke ile ka re haufinyane re tla be re hahamalla mokgahlelong wa boraro wa karabelo ya moruo wa rona koduweng ya kokwanahloko ya corona, ka ho talola mawala a hlakileng a tsosoloso ya moruo.

Kabinete e tshwasehile tabeng ena mme e tla etsa tsebiso ha mosebetsi o se o phethetswe.

Re ikemiseditse ebile re ikatlaelleditse:

ho netefatsa hore diqeto tsohle tsa mmuso di nkuwa ka moya o motle, hore di a utlwahala ebile di ipapisitse le bopaki bo tshwarehang, le hore ha di bake tshenyo e ngata ho feta botle;

ho ba le ponaletso, ho hlaba setjhaba malotsana mme re etse jwalo kgafetsa;

ho tswelapele ho toba ditaba mabapi le maemo a sewa sena. Le batla ho tseba ha ho mpefetse, ebile le batla ho bolellwa haeba ho ka mpefala le ho feta;

ho tswelapele ho tshetshetha le ho bontshana le lona;

ho netefatsa hore re tswelapele ka ho kgobokanya mehlodi yohle eo re nang le yona e le ho tshehetsa ba tlokotsing ka ho fetisisa, esita le ho fana ka tshehetso e kgolo ho bao ba e hlokang ka ho fetisisa; le,

ho netefatsa hore ditjhelete tse reretsweng karabelo ya rona ho kokwanahloko ya corona ha di senngwe ebile ha di utsuwe.

Kahodimo ho tseo tsohle, ke boela ke itlama hape hore ke tla netefatsa hore ditokelo tsa lona di a hlomphuwa ebile di a bolokwa, haholoholo ke bao ba apesitsweng matla a boikarabelo bona.

Ke le Moporesidente wa lona, re le mmuso ona, re ikitlaelleditse ho fihlella ditebello tseo le nang le tsona ka rona.

Moo re le phoqileng teng, re tla tswelapele ho etsa diphetoho.

Moo re etsang diphoso, re tla tswelapele ho di lokisa.

Dintwa tsa rona ka kopanelo dikgweding tse mmalwa tse fetileng, di re rutile boholo ka rona le ka ba bang.

Re boetse re ithutile tse ngata ka kokwanahloko ena.

Leha e le hore ho ne ho na le diphapano le dikganano, ka ho le leng ho ne ho ntse ho e na le mosa, kgauhelo le kutlwelanobohloko.

Ho bile teng sebete le tshehetsano.

Afrika Borwa e fetohileng haholo esita le lefatshe, di re tjametse.

Teko e kgolokgolo e tla ba ya tjantjello ya rona ya ho amohela diphetoho.

Ha re beng malalaalaotswe ho tobana le qholotso ena.

Ha re beteng poho re le lelapa le le leng re bile re le setjhaba se le seng, ho aha kahisano e ntjha e matla le ho feta.

Matsatsi a tlang a tla ba boima.

Empa re tla monyolla matla ho tseo re seng re di fihletse.

Re tshwanela ho hopola mantswe a neng a buuwe ke Moporesidente Nelson Mandela dilemong tse 20 tse fetileng ha naha ya habo rona e ne e thefulwa ke sewa se seng.

O ne a re:

“Maemong a tshabo e kgolo e tliswang ke HIV/AIDS, re tlameha ho tlohella diphapano tsa rona mme re kopanye mekutu ya rona hore re tle re pholose maphelo.

“Nalane e tla re bea ka bobeng haeba re hloleha ho etsa jwalo.”

Ha ke thetha, e re ke fane ka mantswe a Franklin Delano Roosevelt, a neng a tekwe nakong e neng e le boima bophelong ba naha ya hae:

Boemo ba setjhaba sena bo botle
elo ya setjhaba sena e tiile
Moya wa setjhaba sena o matla
Tumelo ya setjhaba sena ke e sa feleng.

A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o boloke setjhaba sa yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore