Puo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa Mabapi le Kgatelo Pele e Seng e Fihletswe ka Boiteko ba Naha ba ho Lwantsha Koduwa ya COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

Dibekeng tse pedi tse fetileng ke ile ka phatlalatsa ho eketswa ha dipehelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso boitekong ba ho lwantsha kokwanahloko ena ya khorona.

Keketso ena ya dipehelo e latela keletso ya saense eo re e fumaneng ho tswa ho Komoti ya Dikeletso ya Matona ka COVID-19 mmoho le Moifo wa Naha o Shebaneng le Kokwanahloko ena ya Khorona (NCCC).

Dipehelo tsena di ne di hlokahala ka potlako ho lwantsha leqhubu lena la boraro le mpefatswang ke mofuta ona o motjha wa Delta.

Ntho eo re ntseng re e behileng pele haholo, ke ho fokotsa ditshwaetso ka ho fokotsa ho kopana ha batho.

Dibekeng tsena tse pedi tse fetileng, re theoletse naha ena boemong ba bone bo lekotsweng botjha ba ho kginwa ha ditshebeletso.

Sena se bakilwe ke sekgahla se hodimo sa ditshwaetso.

Ha ke ne ke qetela ho bua le lona, ke ile ka bolela hore re tla boela re lekola maemo ka mora matsatsi a 14 ho sheba hore e be ho a hlokahala hore re nyehlise kapa tjhe.

Ha jwale, ditshwaetso tsona di sa le hodimo.

Jwalo ka ha mofuta ona wa Delta o matha ka sekgahla se seholo, leqhubu lena la boraro le bonahala le eba lebe ho feta la pele le la bobedi.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, palo ya batho ba neng ba tshwaetseha e ne e batla e ba batho ba 20 000 ka letsatsi.

Ha jwale, re na le batho ba fetang 200 000 ba tshwaetsehileng ke COVID-19.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, ke batho ba fetang 4 200 ba hlokahetseng ka lebaka la COVID-19.

Leha palo ya tshwaetso tse ntjha Gauteng e feta halofo ya ditshwaetso kaofela tse naheng ena, empa ditshwaetso di ntse di eketseha ka sekgahla Kapa Bophirima, Limpopo, Leboya Bophirima, KwaZulu-Natal le Mpumalanga.

Ditsi tsa bophelo bo botle di tlasa kgatello e kgolo naheng ka bophara.

Bekeng e tlang ho nahanelwa ha palo ya ba amohelwang dipetlele naheng ka bophara e tla fihla ho ya sehlohlolo sa maqhubu a mabedi a fetileng.

Palo ya ba hlokahalang ka lebaka la COVID-19 dipetlele e feta ya leqhubu la pele.

Ka lebaka lena, ka mora ho buisana le diprofensi, Kabinete e nkile qeto ya ho tlohela naha ena e le maemong a bone a lekotsweng botjha a ho kginwa ha ditshebeletso matsatsi a mang a 14.

Sena se bolela hore ho tloha jwale ho fihlela ka la 25 Phupu, dipehelo tse latelang di tla tswela pele le ho sebetsa:

− Dikopano tsohle tsa boithabiso, dipolotiki, dikereke le mefuta e meng ha di a dumellwa.

− Nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu e ntse e le pakeng tsa hora ya borobong ka phirimana le ya bone kameso.

− Ho rekiswa ha jwala ho ntse ho sa dumellwa.

− Dikolo di tla dula di kwetswe ho fihlela ka la 26 Phupu.

− Motho ohle o ntse a tlameha ho apara semonkwana se kwahelang nko le molomo ha a le setjhabeng.

Leha ho le jwalo, re entse diphetoho tse latelang dipehelong tsa Boemo ba Bone bo Lekotsweng Botjha ba ho Kginwa ha Ditshebeletso:

− Dibaka tsa ho jela le direstjuarente di tla dumellwa ho sebetsa di latela dipehelo tsa bophelo bo botle. Dibaka tsena di tla dumellwa ho nka batho ba sa feteng ba 50 ka nako, ha sebaka se le senyane, e be palo e sa feteng halofo ya ya palo e tlatsang ke sebaka seo.

− Dibaka tse ding tse kang tsa boithapollo le boikwetliso, le tsona di tla dumellwa ho sebetsa mmoho le difantisi tsa ho tsoma diphoofolo tsa naha le balemi ba temo thuo le bona ba ka sebetsa ba latela dipehelo tse behilweng.

Haesale koduwa ena e qala, sohle seo re se etsang re se etsa re latela bopaki le dikeletso tsa ditsebi.

Seo re se tsebang ke sena:

Ho fokotsa ho kopana ha batho ho theola palo ya ba tshwaetsehang.

Re a tseba hore kokwanahloko ya khorona e hasana haholo mafung, dikopanong tsa mesebetsing, meketjaneng, dikopanong tsa malapa, direstjuarenteng le ditameneng.

Ke ka hona maemong ana a bone a lekotsweng botjha re hanyetsang dikopano tse kang tsa dikereke, boithabiso le dipolotiki.

Re boetse re a tseba hore ha batho ba tsamaya, kokwanahloko ena e tsamaya le bona.

Ka lebaka la palo e hodimo ya ditshwaetso Gauteng dibekeng tse pedi tse fetileng, re ile ra tiisa dipehelo tsa ho kena le ho tswa profensing ena, e le ho leka ho thibela ho phatlalla ha kokwanahloko ena le naha ka bophara.

Re a tseba hape hore ho thibelwa ho tsamaya bosiu ho fokotsa meketjana ya bosiu e leng se thibelang tshwaetso tse ka etsahalang.

Re a tseba hape hore ho kwala ha thekiso ya jwala ho fokotsa palo ya ba amohelwang dipetlele esitana le dikotsi tse kang tsa makoloi kapa hona ho lwana ka lebaka la jwala.

Ho fokotsa dikotsi tse bakwang ke jwala, ho bula dibaka dipetlele hore di shebane le bakudi ba COVID-19.

Jwala bo boetse bo etsa hore batho ba rate ho kopana le ho se latele dipehelo tsa bophelo bo botle.

Leha ho le jwalo, re a se tseba seabo sa jwala moruong wa naha ena.

Ho feta tsohle, matla a ho thibela ditshwaetso a mothong ka mong.

Ka lebaka la hore mofuta ona wa Delta o tshwaetseha ha bonolo, re tlameha ho ba sedi mme re latele dipehelo tsa sethatho tseo re di tsebang.

Jwalo ka ha re ntse re beha dipehelo tsa ho fokotsa ditshwaetso, ka ho le leng re ntse re sireletsa batho ba bangata ka moo re ka kgonang ka mokgwa wa ho enta.

Letsholo la naha la ho enta le tsamaya ka potlako e kgolo.

Ho fihlela kajeno, ke Maafrika Borwa a dimilione di 4.2 a seng a entilwe mme ba milione ho bona ba entile matsatsing a supileng a fetileng.

Sekgahla sa ho enta se phetehile habedi kgweding ena ya ho feta mme re ntse re tswela pele le ho etsa jwalo.

Ha jwale, hara beke ho entwa batho ba kang bang 190 000.

Mmuso le lekala le ikemetseng ba sebetsa mmoho ho tla le mokgwa wa ho eketsa palo ya batho ba entwang ka letsatsi.

Ha jwale re enta batho ba dilemo di 50-59 le tse 60 le ho feta.

Ho tloha ka Labone lena la la 15 Phupu, bohle ba dilemo di 35 le ho feta, le bona ba ka kgona ho ingodisa ka Mokgwa wa Elektroniki wa EVDS.

Ka la 1 Phato re tshepa hore re tla be re qala ho enta bona bana ba dilemo di 35 le ho feta.

Letsholo la ho enta basebeletsi ba bohlokwa ba kang matitjhere a thuto ya motheo, mapolesa le masole le tswela pele.

Lefapha la Bophelo bo Botle le ntse le sokola mokgwa wa ho entela batho moo ba sebetsang teng e le ho eketsa palo ya ba entwang ditsing tsa setjhaba.

Re sebetsana le taba ya hore ditsi tsa ho enta di be haufi le moo batho ba dulang teng ho ba bebofaletsa mosebetsi.

Re tla tswela pele ho sebetsa le setjhaba, baruti le marena ho kgothaletsa setjhaba sa rona ho enta.

Diprofensi kaofela di ikemiseditse ho eketsa ditsi tsa ho entela e le ho kgona ho enta batho ka matsatsi a tsheletseng kapa a supileng ka beke.

Sena se tla kgonahala ka ho fumana tjhelete ya ho lefa basebeletsi hore ba sebetse le ka matsatsi a bona a ho phomola  le hona ho hira basebeletsi ba bang ba tsa bophelo bo botle le baithuti ho tsa saense.

Bohle ba dumeletsweng ho entwa ba ka ingodisa pele ba ka ya ho entwa ho potlakisa mosebetsi ditsing tsa ho entela.

Leha ho le jwalo, ditsi kaofela di a ba amohela batho ba iphihlelang feela ba tlo ingodisa.

Ke kgothatsa Maafrika Borwa ohle a dumeletsweng ho ingodisa ho etsa jwalo e le hore ba tle ba tsebe ho entwa.

Re tlameha ho hasa molaetsa wa ho tsebisa batho hore ente tsena di matla di bile di a sebetsa.

A mang a mathata ao re tobaneng le ona ha jwale letsholong lena la ho enta, ke leqeme la ente.

Sena ke pharela e kgolo Afrika Borwa le Kontinenteng yohle ya Afrika.

Matsatsing a mmalwa a fetileng, Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika ka tshebediso ya kantoro e shebaneng le ditaba tsa COVID-19 mokgatlong ona, e entse tumellano le Mokgatlo wa Dinaha tsa Yuropa e tla etsa hore naha ena le tse ding tsa Afrika di fumane phaello palong ya ente tseo re di fumanang.

Ka yona tumellano ena, Aspen e tla kgona ho tlisa ente tse dimilione di 17 tsa ha Johnson & Johnson Afrika Borwa le dinaheng tse ding tsa Afrika dikgweding tsena tse tharo tse tlang ho tloha mafelong a Phupu.

Palo ena e tla ipheta habedi ho tloha ka Mphalane.

Mokgahlelo wa pele wa ente tsena o tla tliswa Afrika Borwa le dinaheng tse ding tsa Afrika ho tloha ka Phupu.

Jwalo ka karolo ya ho matlafatsa tsa bophelo bo botle kontinenteng ena, re dumellane le ba ha Johnson & Johnson hore jwale re hlahise ente ka laesense, e seng ka tumellano jwalo ka pele, mme sena se tla thusa naha ena le kontinente ho ba le karolo ho ente tsena.

Re boetse hape re buisana le hore re fumane tumello ya ho hlahisa motswako wa ente ena mona Afrika Borwa e le hore re tle re be le ente eo e leng ya rona e hlahisitsweng dinaheng tsa kontinente ena.

Re boetse hape re thabetse phatlalatso ya Mopresidente Joe Biden ya hore Amerika e tla nehela ka ente tsa ha Pfizer tse dimilione di 15-20 e sebedisa COVAX.

Ditaba tsena kaofela di bolela hore Afrika Borwa e na le tsela ya ho fumana ente e lekaneng ho fihlela dipehelo tsa yona.

Re boetse hape re shebile ho eketsa ente tseo re di sebedisang ha jwale.

Re boetse re thabetse qeto ya SAHPRA ya ho dumella hore ente ya CoronaVac e sebediswe Afrika Borwa.

Komiti ya Dikeletso ka Ente e shebane le tsela ya ho potlakisa ho sebediswa ha ente ena ya CoronaVac letsholong lena la ho enta.

Re ile ra tlameha ho nka qeto tse thata leha re tseba hore di tlisa ditjeho moruong.

Leha dipehelo tsena di na le kgahlamelo moruong, empa re tlameha ho hopola hore koduwa ena ke yona e tlisitseng mathata tsoseletsong ya moruo wa rona.

Ho se laolehe ha ditshwaetso ho ka baka tshenyo e fetang dipehelo tsena moruong, e thibele tlhahiso ya thepa le batho ho ya boithabisong le dibakeng tsa setjhaba.

Re a e tseba le taba ya hore dipehelo tsena di na le ditlamorao mothong ka mong, malapeng le dikgwebong tse neng di hula ka thata le pele ho koduwa ena.

Re ntse re ikemiseditse ho lwantshana le kgahlamelo ya ho kginwa ha ditshebeletso mekgweng eo batho ba iphedisang ka yona.

Ho latela ho theolelwa ha ho kginwa ha ditshebeletso Boemong ba Bone bo Lekotsweng Botjha, Letlole la ba Feletsweng ke Mesebetsi le buisana le mahlahana a lona ho shebana le mathata a basebetsi ba lahlehelwang ke meputso ya bona ka lebaka la ho kginwa hona ha ditshebeletso.

Ka lebaka lena, letlole lena le nkile qeto ya hore letlole la COVID-19 TERS le thuse le makala a anngweng ke Maemo ana a Bone a Lekotsweng Botjha a ho kginwa ha ditshebeletso.

Lesedi le eketsehileng ka ntlha ena le tla fumaneha ha tsohle di se di phethetswe mme ha phatlalatswa le hore ke bo mang ba ka kgonang ho fumana thuso.

Haesale letlole lena la COVID-19 TERS le qadile ngwahola, le se le lefile R60 bilione ho basebeletsi ba ka bang dimilione di 5.5.

Ho feta moo, Kabinete e nkile qeto ya hore e dumelle hore dilaesense tsa kgwebo le ditumello tsa teng tse feletsweng ke nako pakeng tsa Tlhakubele 2020 le Phuptjane 2021 di tla dumellwa ho sebetsa ho fihlela mohla la 31 Tshitwe 2022.

Dilaesense kapa ditumello tse ntjha tse fumanehileng ho tloha ka la 1 Phupu le tsona di tla dumellwa ho sebetsa ho fihlela ka la 31 Tshitwe 2022 mme ha ho ditefello tse tla hlokahala.

Sena se tla imolla dikgwebo tse nyane.

Maafrika Borwa a heso,

Ho na le e nngwe taba ya bohlokwa eo ke ratang ho bua ka yona.

Re bone merusu e ntseng e eketseha matsatsing a mmalwa a fetileng dikarolong tse ding tsa naha ena.

Re bone ho phatsamiseha ha dibopeho tsa motheo tse kang mmila e meholo, ho phatsamisang ho thothwa ha thepa le tsamaiso ya ditshebeletso tse tsamaisang moruo wa rona.

Meaho e sentswe, makoloi a thujwa ka majwe. Batho ba a tshoswa mme ba bang bona ba lemetse.

Diketso tsena di beha maphelo kotsing le ho phatsamisa tsoseletso ya moruo.

Molaotheo wa rona o neha batho bohle tokelo ya ho ntsha maikutlo a bona le ho hwanta ka kgotso.

Leha ho na le ba kwatileng ka motsotso ona, empa seo ha se bolele hore ba tlameha ho hlohleletsa merusu le ho senya.

Ke ntho e re kgathatsang re le Maafrika Borwa kaofela hore ho bolelwe ha diketso tse kang tsena di hlohleletswa ka mabaka a borabe.

Ena ke ntho eo re tlamehang ho e tshwela ka mathe re le Maafrika Borwa kaofela jwalo ka ha re le setjhaba se bopahaneng leha re arohane ka puo, setso, tumelo esitana le morabe.

Molaotheo wa rona wa demokrasi o re bolella hore bohle re a lekana ka pela molao, le hore bohle re na le tokelo e tshwanang ya ho sireletswa ke molao.

Molao o netefatsa hore matla a puso ha a sebediswe bohlaswa.

Molao o sireletsa bafutsanehi le ba sa kgoneng ho itshireletsa.

Ho tloha demokrasi ya rona e qala, ditsi tse kang Lekgotla la Molaotheo haesale di tswa pele ho ntlafatsa maphelo a Maafrika Borwa.

Jwalo ka setjhaba, re tlameha ho hlakisa taba ya hore re ke ke ra dumella diketso tsa bonokwane.

Bohle ba amehang merusung ena, ba tla tshwarwa mme ba qoswe.

Bohle ba tlolang dipehelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso ba tla fumana kotlo e ba tshwanelang.

Sena se tla etswa ntle le tshabo kapa yona ketseletso.

Re boetse re tshwela ka mathe melaetsa ya ditshwantsho le dividiyo tsa diketsahalo tsa mehleng ya kgale tse tsamaiswang ka maikemisetso a ho ferekanya setjhaba.

Ke ile ka ipiletsa hore batho ba inahane pele ba fetisa melaetsa e sa netefatswang metjheng ena ya kgokahano le ho e meng.

Bongata ba batho ba naha ena bo rata ho phela ka kgotso le kutlwano.

Ba batla ho sebetsa ba fumane moputso. Ba rata ho bona naha ena e tsoseletseha koduweng ena.

Re tobane le koduwa ya COVID-19 mmoho.

Re sebetsa mmoho ho tsoseletsa moruo hore ho hlahe menyetla ya mesebetsi le ho tshehetsa dikgwebo hore le rona re fumane malapa a rona se yang ka maleng le ho isa bana ba rona dikolong.

Re a aha, ha re senye.

Re tla dula re sireletsa le hona ho baballa maphelo a batho.

Re tla sebetsa ka thata ho feta pele ho netefatsa hore bohle re a entwa.

Re tla tsoseletsa moruo wa rona re hlahise le menyetla ya mesebetsi.

Ha re a tlameha ho lebala hore leha nako ena e le thata, empa e tla feta.

E se e ka Modimo a ka tswela pele ho hlohonolofatsa Afrika Borwa le ho baballa setjhaba sa yona.

Ha e lale.

Share this page

Similar categories to explore