Moporesidente Cyril Ramaphosa: Puo ya Boemo ba Naha ya 2022

Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ka Mopresidente Cyril Ramaphosa Cape Town City Hall Labone, 10 Hlakola 2022

Motsamaisi wa Palamente, Mme Nosiviwe Mapisa-Nqakula,

Modulasetulo wa Lekgotla la Diprofensi, Ntate Amos Masondo,

Motlatsa Mopresidente, David Mabuza,

Mopresidente wa mehleng, Thabo Mbeki,

Motlatsa Mopresidente wa mehleng, Phumzile Mlambo-Ngcuka,

Motlatsa Mopresidente wa mehleng, Baleka Mbete,

Motsamaisi wa mehleng wa Palamente, Ntate Max Sisulu,

Moahlodi e Moholo wa Naha ya Tshwereng Mokobobo, Raymond Zondo,

Ramotse wa Toropo ya Kapa, Ntate Geordin Hill-Lewis,

Mookamedi wa Baemedi ba Dinaha tsa Matjhaba, Ntate Bene M'Poko,

Ditho tsa Lekala la Makgotla a Dinyewe,

Baokamedi ba Makala a Tshehetsang Demokrasi,

Ditho tsohle tsa Palamente,

Maafrika Borwa a heso,

Ke kgetlo la pele selemong sena ho tloha haesale re ba tlasa mmuso wa demokrasi hore Puo ya Boemo ba Naha e se ke ya tshwarelwa meahong ya Palamente.

Mathwasong a selemo sena, mollo o ile wa ripitla moaho wa demokrasi ya rona.

Re ne re shebelletse ka maswabi a maholo mollo o tjhesa moaho oo ho ona Molaotheo wa rona o qadileng teng, moo melao ya diphetoho le ntshetso pele e pasiseditsweng teng, le moo baemedi ba setjhaba ba ralang meralo ya setjhaba teng.

Ho ba bangata, se etsahetseng Palamenteng se bontsha tshenyo setjhabeng.

Ho ba bangata, se etsahetseng se bontsha tshenyo e tlisitsweng ke koduwa ena ya COVID-19 ka lebaka la ho se sebetse ha batho esitana le bofuma.

Tshenyo ena e bolela tshenyo e bakilweng ke koduwa ena dilemong tsena tse pedi tse fetileng ka ho bolaya Maafrika Borwa a balwang ka mashome a dikete mme a ka bang dimilione tse pedi ona a fellwa ke mesebetsi.

Mollo ona o re hopotsa tshenyo, merusu le ho inkela thepa mabenkeleng ka Phupu ngwahola dikarolong tse ding tsa naha ena, moo ho hlokahetseng teng batho ba fetang 300 moo le dibaka tse ngata tsa teng di sentsweng.

Jwalo ka ha re ntse re hetla morao selemong se fetileng, re hopola mantswe a Mopresidente Thabo Mbeki a re hopotsang hore: “Dinako tsa mathata di hloka sebete le matla. Mathata ha a tle nakong eo o a lebeletseng ka yona”.

Ho kopanela ha rona mona Cape Town City Hall, e seng Palamenteng jwalo ka tlwaelo, ho bontsha diketsahalo tse sa tlwaelehang tsa nako ya jwale.

Sena se bontsha Batsamaisi ba Palamente le ditho kaofela tsa ntlo tse pedi tsa Palamente hore mosebetsi wa Palamente o tlameha ho tswela pele ntle le tshitiso.

Ho a etsahala setjhabeng hore botsitso bo fele mme dintho di be ka mokgwa o sele.

Nakong e jwalo, ho etsahala ntho tse pedi, ho ba le katleho kapa dintho di senyehe, di boele morao.

Sena ke seo re shebaneng le sona kajeno.

Tsela eo re e kgethang kajeno, ke yona e tla hlakisang bokamoso ba meloko e tlang.

Ke ka hona re nkang mehato ho tiisa demokrasi ya rona ho netefatsa boinehelo ba rona ho Molaotheo o re sireletsang kaofela.

Re sebetsa mmoho ho tsoseletsa moruo wa rona, ho qeta ho se lekalekane le ho sebetsa ka leeme, tseo kaofela di thibelang katleho ya rona.

Re mmoho ho lwantsheng bobodu le ho netefatsa hore bohle ba ikarabelang diketsong tsa ho hapa puso, ba fumana kotlo ya ditlolo tsa bona tsa molao.

Re aha naha ya rona botjha mme re netefatsa hore setjhaba se boela se tshepa makala a ditshebeletso tsa mmuso.

E nngwe ntho eo ke nang le bonnete ba hore re dumellana ka yona, ke maemo ao re leng ho ona – bofuma, leqeme la mesebetsi le ho se lekane – e leng ntho e sa amohelehang, le e sa tlamehang ho tswela pele.

Leha Maafrika Borwa a mangata a fapana ka dintho tse itseng, empa ha jwale a dumellana ka ntho e le nngwe ya hore diphetoho tsa moshwelella di a hlokahala bakeng sa ho tsoseletsa moruo wa rona.

Ho na le tlhokeho ya ntho tse pedi, ho rarolla ka potlako mathata ao re tobaneng le ona, le ho theha maemo a hore ho be teng botsitso le ntshetso pele.

Ho ka fihlela tsena, re tlameha ho ba le tumellano e ntjha re le Afrika Borwa.

Tumellano eo e tla tla ha kaofela ha rona re utlwisisa diphephetso tseo re shebaneng le tsona mme re bona le tlhokeho ya ho rarolla mathata a kang leqeme la mesebetsi, bofuma esitana le ho se lekalekane.

Tumellano ena e ntjha, e tlameha ho ba e elellwang hore mmuso o tlameha ho theha maemo a hore lekala le ikemetseng le kgone ho rarolla mathata a moruo wa rona.

Maemo ao re buang ka ona, e tlameha hape ho ba a dumellang Maafrika Borwa ho phela bophelo bo betere le ho kgona ho bontsha bokgoni ba ona.

E boetse e tlameha ho ba tumellano e tla etsa hore re elellwe boikarabelo ba rona ka ho fapana, mmoho le ho amohela hore re mmoho maemong ana ao re leng ho ona.

Jwalo ka ha re sebetsa mmoho – re le mmuso, basebetsi, borakgwebo le setjhaba ka kakaretso – re sebetsa mmoho ho etsa moralo o tla re fihlisa tumellanong eo.

Dipuisano di se di qadile hore ke eng se tlamehang ho etswa, le hore ke efe kabelo e tla hlokahala ho tswa lekaleng ka leng.

Tshebedisanong mmoho eo ya rona, re ipehetse matsatsi a 100 ho tlisa phetoho kgolong ya moruo, ho theheng menyetla ya mesebetsi le ho qeta tlala.

Re tla etsa sena re sebeletsa motheong wa Leano la Tsoseletso le Kaho Botjha ya Moruo (ERRP), e leng leano le leholo la rona la kaho botjha ya moruo wa rona.

Ha re so lebale dintlha tseo re di behileng pele ho SoNA ya ngwahola e leng:

  • ho hlola koduwa ya COVID-19,
  • ho ntshetsa pele meralo ya motheo,
  • ho eketsa tlhahiso ya moshwelella ya dihlahiswa tsa lehae,
  • tshehetso ya tlhahiso ya mesebetsi le ya dikgwebo tsa moo re phelang teng,
  • ho eketsa ka potlako ho fehlwa ha motlakase.
     

Hore tshebedisano ena e sebetse, re tla hloka hore ditho tsohle tsa setjhaba sa Afrika Borwa le tsona di nke karolo mosebetsing ona.

Ha ho motho ya tlamehang ho salla morao.

Maafrika Borwa a heso,

Ha ke ne ke qetela ho tshetleha puo ya boemo ba naha, re ne re le maemong a mabe ka ho fetisisa a koduwa ena dilemong tse fetang tse lekgolo.

Haesale COVID-19 e fihlile naheng ena ya rona, re bile le maqhubu a mangata a latellanang a ditshwaetso, ho ropoha ha mefuta e metjha ya kokwanahloko ena, le ho hlokahala ha batho ba ka bang 100 000 ka lebaka la yona COVID-19.

Maafrika Borwa a hlotse mathata ana a tshabehang ka lebaka la sebete, matla, tlhokomelo mmoho le taolo eo re neng re na le yona.

Dilemong tsena tse pedi tse fetileng, re ile ra nka bohato boo re so kang re bo nka ka ho matlafatsa lekala la rona la tsa bophelo bo botle, ra atolla dilaboratori, re etsa matsapa a ho thibela ditshwaetso.

Setjhaba se tlameha ho leboha boinehelo ba basebeletsi bohle ba tsa bophelo bo botle ka ho beha maphelo a bona kotsing molemong wa ho pholosa maphelo a batho nakong yane ya koduwa.

Nakong ya dibeke feela ditshwaetso di qadile naheng ena, ke ile ka phatlalatsa ho thehwa ha Letlole la Kopanelo ka maikemisetso a ho bopa setjhaba e le hore naha ena e tle e kgone ho lwantsha koduwa ena.

Thuso e ile ya hlaha ka makgalo ohle mme letlole lena la bokeletsa tjhelete e ballwang ho dibilione tse 3.4 tsa diranta ho tswa bathong ba fetang 300 000, dikhamphane tsa kgwebo le tse sa etseng phaello tse 3 000. Ho feta moo, ke batho ba fetang ba 400 le dikhamphane tse 100 ba ileng ba kenya letsoho ka ho ithaopa ka nako le ditshebeletso tsa bona.

Letlole lena, le ile la thusa haholo ho tshehetseng ditshebeletso tsa naha tsa bophelo bo botle le mathateng a ileng a hlaha setjhabeng.

Ke rata ho leboha motho ohle ya kentseng letsoho Letloleng lena la Kopanelo, le bohle ba thusitseng ka mekgwa e fapafapaneng ho ba amehileng koduweng ena.

Jwalo ka ha koduwa ena e ne e ntse e fetofetoha, le rona ra tlameha ho fetola tsela eo re etsang dintho ka yona.

Re ne re etsa dintho re latela bopaki ba borasaense mme seo sa etsa hore mosebetsi wa rona e be o tswileng matsoho ka dinako tsohle hobane borasaense ba ne ba na le rona ho sohle seo re neng re se etsa.

Nakong e ka etsa selemo e fetileng, haesale re tsepamisitse tshebetso ya rona ho entweng ha setjhaba.

Ho fihlela ha jwale, re se re sebedisitse ente tsa COVID-19 tse dimilione di 30. Hona jwale ke batho ba baholo ba etsang persente tse 42 le ba persente di 60 ba dilemo di ka hodimo ho tse 50 ba seng ba entile ka botlalo.

Jwale re se re loketse ho kena mokgahlelong o motjha wa ho laola koduwa ena.

Maikemisetso a rona ke ho fedisa maemo a koduwa naheng hang feela ha re se re phethetse dipehelo tse tlasa Molao wa Naha wa tsa Bophelo bo Botle wa 2003, (Molao wa bo 61 wa 2003) mmoho le emeng melao e laolang dikoduwa.

Dipehelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso mabapi le dikgwebo mmoho le tsela eo setjhaba se phelang ka teng di emisitswe.

Bopaki bo se bo bontshitse hore ente ke yona thebe e molemo kgahlano le ho kudiswa mmoho le ho bolawa ke COVID-19.

Ha kaofela ha rona re ka enta, mme ra tswela pele le ho ikobela dipehelo tsa bophelo bo botle, ra dula re le sedi, bophelo ba rona bo ka kgutlela setlwaeding leha kokwanahloko ena e ntse e le teng.

Boemo ba naha, le boemo ba moruo, ke diya thoteng di bapile.

Ho eketsa hodima dikarohano tseo re seng re e na le tsona ka lebaka la borabe, bodulo le maemo a thuto, COVID-19 e ekeditse moedi pakeng tsa ba sebetsang le ba sa sebetseng.

Ngwahola, palo ya ba sa sebetseng e fihlile maemong ao e so kang e fihla ho ona.

Ho se sebetse ha batho ho bakilwe ke kgolo e fokolang ya moruo, e leng se bakileng hore maemo ao a moruo e theohe nako e telele.

Nakong e ka etsang selemo e fetileng, re ile ra una molemo ka lebaka la meralo e tsitsitseng ya moruo, theko e ntle ya dihlahiswa mmoho le ntlafalo e ntle e neng e sa lebellwa.

Leha ho le jwalo, se ileng sa re busetsa morao jwale ke phepelo e sa tsitsang ya motlakase, tshebedisano e seng ntle ho diindasteri, mmoho le ditjeho tse hodimo tsa ho etsa kgwebo.

Re ntse re etsa matsapa a ho thusa dikgwebo ho hola, ho theha menyetla ya mesebetsi mafapheng a mmuso mmoho le ho sireletsa setjhaba.

Re a tseba kaofela ha rona hore mmuso ha o thehe menyetla ya mesebetsi, dikgwebo ke tsona tse thehang menyetla ya mesebetsi.

Dipersente tse 80 tsa batho ba sebetsang Afrika Borwa, ba sebetsa makaleng a ikemetseng, e seng mmusong.

Mosebetsi wa bohlokwa wa mmuso ke ho etsa hore ho be bobebe ho dikgwebo – tse kgolo le tse nyane – ho kgona ho simolla, ho hola, mmoho le ho kena mmarakeng e metjha, di kgone le ho hlahisa dihlahiswa tse ntjha, mmoho le ho hira basebetsi ba bangata.

Mathata a maholo a moruo wa Afrika Borwa ke a meralo.

Dikgwebo tse ngata di bile le sisitheho ho tsetela naheng ena ka lebaka la phepelo e sa tsitsang ya motlakase, ho thothwa ha thepa ka diterene le dikepe ho sa tsitsang, ho se atlehe ha tsa mahlale ka lebaka la ho se be le ditsela le mekgwa e metjha ya ho etsa dintho, mmoho le phepelo ya rona ya metsi e seng maemong.

Re lokisa mathata ana ka ho tlisa diphetoho meralong ya diindasteri tsena, ka ho fokotsa depehelo le ditjeho tsa kgwebo, mmoho le ho di thusa ho hola.

Mathata a maholo kgolong ya moruo le ntshetso peleng ya setjhaba, ke motlakase.

Matsatsing a mmalwa a fetileng, re bone mathata a motlakase a qala hape.

Ho tingwa ha ona ka sepheo sa ho o baballa, ke mathata dikgwebong, malapeng le setjhabeng ka kakaretso.

Naha ya rona e haellwa ke motlakase o ka bang 4 000 MW ka lebaka la metjhini e fehlang motlakase e tsofetseng, le e sa lokisweng, tshebediso ya maano a sa nepahalang, le kgahlamelo ya mathata a kgapo ya puso.

Nakong e ka etsang selemo e fetileng, re entse matsapa a ho kwala sekgeo sena ka ho tla le ditsela tse ding tsa ho fehla motlakase.

Matsapa ana a tla etsa hore ho be le mekgwa e metjha ya ho fehla motlakase dilemong tse mmalwa tse tlang. Yona e kenyeletsa:

  • motlakase o fetang 500 MW ho tswa diprojekeng tse seng di le mothating wa ho fela tsa Bid Window 4, tsa ho fehla motlakase ka mokgwa wa tlhaho.
  • motlakase wa 2 600 MW o tla fumaneha lenaneong la Bid Window 5, la ho fehla motlakase ka mokgwa wa tlhaho moo baikete ba teng ba ileng ba phatlalatswa ngwahola,
  • motlakase o fihlellang ho 800 MW ho tswa diprojekeng tse seng di le malala-a-laotswe ho fehla motlakase ntle le mathata,
  • motlakase wa 2 600 MW ho tswa ho Bid Window 6, wa lenaneo la ho fehla motlakase ka tsela ya tlhaho le tla thakgolwa haufinyane,
  • motlakase wa 3 000 MW o fehlwang ka kgase, le wa 500 MW ho sebediswa mashala (battery) oo ditshisinyo tsa ona di tlang ho qala mafelong a selemo sena,
  • motlakase o ka bang 4 000 MW o tla fehlwang ke lekala la merafo,
  • o ka bang 1 400 MW o ka nnang wa unwa ke bomasepala ba fapafapaneng.
     

O mong mohato wa ho kwala sekgeo sena sa phepelo ya motlakase, ke ho fetola meralo ya lekala lena la motlakase.

Eskom e se e phethetse kaho ya lekala la yona le shebaneng le kgokahanyo ya motlakase mme mosebetsi ona o behetswe ho fela ka Tshitwe 2022.

Khamphane ena e tswela pele le ho ikaha botjha ho leka ho lokisa mathata a ho se lokiswe ha metjhini ya yona, le ho sebedisa maano a tshebetso ka tsela e sele.

Ho ka tseba ho etsa diphetoho tsena, Kabinete maobane e entse dintlafatso Molaong o Laolang Motlakase, (Molao wa 2006) mme setjhaba se nehilwe monyetla wa ho ntsha maikutlo a sona ka ona.

Diphetoho tsena, di tla thusa hore ho be le dikhamphane tse ngata tse fehlang motlakase mme hape ho thehwe le khamphane e ikemetseng ya mmuso ya kgokahanyo ya motlakase.

Mmuso wa rona o ke ke wa hola ntle le tshebeletso tse tsitsitseng tsa dikepe le diterene.

Dilemong tse ngata tsa ho feta, maemo a ho sebetsa ha boemakepe a ile a theoha haholo, e leng se ileng sa ama le dinaha tsa matjhaba esitana le tsa mona Afrika. Sena se thefula moruo ha bohloko.

Ha re etsa mohlala hona jwale, lekala la temo le tshepetse haholo ho boemakepe bo sebetsang hantle bakeng sa ho romela thepa ya lona mose ho mawatle.

Ditholwana le meroho di ke se kgone ho qeta matsatsi kapa tsona dibeke di emetse ho tsamaiswa.

Sena se thefula maemo a kgwebo mme le lebitso la naha ya rona le a senyeha, athe e tsebisahala haholo ka meroho le ditholwana tse foreshe.

Khamphane ya ha Transnet e hodima mosebetsi wa ho lokisa maemo ana ka ho lokisa boemakepe.

Transnet e tla kopa maikutlo a dikgwebo tse ikemetseng mabapi le boemakepe ba Thekong le ba Ngqura mme re tla theha tshebedisano mmoho dibakeng tsena ka bobedi ka Mphalane 2022.

Transnet e tla qala tshebeletso ya ho dumella dikgwebo tse ikemetseng ho thotha dikhonteina pakeng tsa Thekong le City Deep, Gauteng.

Transnet e se e sebedisana le dikhamphane tse ikemetseng ho lwantsha taba ya boshodu ba dithapo tsa motlakase le ho senngwa ha ditsela tsa diterene.

Tshebedisano ena e bontsha katleho jwalo ka ha e fokoditse tshitiso ya ho sebetsa ha diterene.

Tshebetso e mpe ya diterene tse tsamaisang batho, e ama maphelo a batho haholo.

Re sebetsa ka thata ho lokisa tshebeletso ena dibakeng tse ka bang leshome.

Tsona ke ya ka Borwa ho toropo ya Kapa le ya Mabopane mane Tshwane, mme tse ding tsona di tla latela selemong se tlang.

A mang mathata a maholo ao re shebaneng le ona ke ho dieha ha ho fetolwa ha kgaso ya rona ho tloha ho mokgwa wa analogue, ho tla ho wa dijithale.

Diprofensing tse ngata mokgwa ona o se o fedisitswe.

Jwalo ka ha ke ne ke bolele ho SoNA ya ngwahola, diprofensi tse ding tsona di tla kena mokgweng wa dijithale mafelong a Tlhakubele 2022.

Ho kgona ho phethela letsholo lena, mmuso o tla tshehetsa malapa a meputso e fokolang hore a kgone ho fumana mabokose ana a ho hokelwa ho dijithale.

Lekala la rona le laolang tsa kgokahano, e leng, ICASA, dibekeng tse tharo ho tloha kajeno, le tla qala mosebetsi wa ho thonya khamphane e tla laola kgaso ena ya dijithale.

Ona e tlo ba monyetla o motjha ho dikhamphane tsa kgokahano ya mehala nakong e fetang dilemo tse leshome.

Re tla boela re hokela marangrang a kgokahano le ho bomasepala ba bangata ka ho sebedisa tsela e le nngwe feela ya ho fana ka ditokelo tsa kgokahano ho bona.

Diphetoho tsena, di tla bebofatsa tsela ya kgokahano mme di fokotse le ditjeho tsa kgokahano ena ya dijithale.

Ha sena se ka atleha, se tla re tlisetsa ditsebi tsa dijithale mme le moruo o setlele.

Re boetse re lokisa botjha taba ya ditumello tsa ho kena naheng ena, e leng se tla etsa hore baeti ba tlang ka tsa bohahlaudi, kgwebo le mosebetsi, ba kene naheng ya rona ha bonolo.

Jwalo ka ha re ne re boletse ngwahola, jwale o se o ka etsa kopo ya Visa ka inthanete, mme sena se se se etsahala le dinaheng tse ding tse 14 tse kenyeletsang China, India, Kenya le Nigeria.

Hona jwale, re se re na le lethathama le lekotsweng botjha la mefuta ya mesebetsi eo ho hlokahalang Ditsebi tsa Bohlokwa ho yona. Ke kgetlo la pele sena se etsahala ho tloha ka 2014 ka mora ho buisana le borakgwebo le mekgatlo ya basebetsi. Lethathama lena le bontsha hore ke ditsebi tsa mesebetsi e fe tseo re di hlokang e le hore seo se tsamaisane le dipehelo tsa rona tsa ho amohela baeti naheng ena le se hlokahalang bakeng sa ntlafatso ya moruo wa rona.

Hona jwale, leano la ho lekola botjha tsela ya ho fana ka tumello ya ho kena naheng ena ka lebaka la mosebetsi, le qadile, mme le eteletswe pele ke Molaodi Kakaretso wa mehleng wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae, Ntate Mavuso Msimang.

Letsholo lena, ke la ho lekola mokgwa wa ho qala mefuta e metjha ya ditumello tsa ho kena naheng ena, tse tla thusa kgolong ya moruo, tse kang ya ho dula le ho sebetsa, mmoho le ho o dumella ho sebetsa moo empa o sa dule teng.

Metsi ke mpho ya bohlokwa ya tlhaho.

A bohlokwa bophelong le kgolong ya moruo.

Ke ka hona re ntlafatsang ditshebeletso tsa ona ho netefatsa paballo ya ona, le ho lokiswa ha metjhini ya teng.

Re hlile re ikemiseditse ho etsa diphetoho lekaleng lena jwalo ka ho eketsa basebetsi Lefapheng la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, ho lekola tsela eo Boto ya teng e sebetsa ka teng, le ho netefatsa hore ho fepelwa bomasepala ka metsi ho latela dipehelo tsa Leano la Ntshetsopele ya Ditereke (DDM).

Diphetoho tsena, di eteletswe pele ke letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le seng le etetse mehlodi yohle ya metsi naheng ena.

Ho se ho na le leano la ho fokotsa nako o e emang pele o fumana laesense ya ho sebedisa metsi. Nako eo re ipehetseng yona ke hore ka Phupjane re be se re qetile ka dikopo tse saletseng morao tsa dilaesense, mmoho le ho phethela dikopo tse ntjha tse ka bang persente tse 80 matsatsing a 90 selemong se tlang sa ditjhelete.

Ho na le molao o motjha o tla laola Lekala le Laolang Meralo ya Bohlokwa ya Phepelo ya Metsi mme setjhaba se tla fuwa monyetla wa ho hlahisa maikutlo a sona ka ona.

Re tla tsoseletsa mokgwa wa ho beha leilhlo taba ya ho boloka metsi a le maemong ho bomasepala, mme moo mathata a bang teng, lefapha le tla kenella.

Re tlo boela re lekola hape melao e laolang diindasteri, e le hore re tsebe ho dumella tshebediso ya matekwane ho etsa dihlahiswa, e le se ka nyollang moruo, le ho hlahisa menyetla e mengata ya mesebetsi.

Leha ho hlokahala diphetoho meralong ya rona, empa ha se yona feela e hlokahalang bakeng sa kgolo ya moruo wa rona.

Selemong sena, re nkile mehato ya bohlokwa ho bebofatsa dintho bakeng sa dikgwebo tse nyane, tse mahareng le ba ithekisetsang diterateng.

Tsena ke tsona dikgwebo tse thehang mesebetsi, le ho thusa mafutsana ho leleka tlala ka lapeng.

Re ntse re buisana le mahlahana a rona ho lekola botjha melao e laolang dikgwebo, ele ho leka ho bebofatsa hore dikgwebo tsena tse nyane di kgone ho hira batho ba bangata, empa re ntse re hlokometse tshireletso ya ditokelo tsa basebetsi.

Ho na le leano la kadimo ya ditjhelete le radilweng ho thusa dikgwebo tsena tse nyane ho itsoseletsa ka mora koduwa ena le merusu ya ho inkela mabenkeleng.

Leano lena, ke ntlafatso ya leano la kgale le neng le ntse le le teng.

Leanong lena, ho tla kenyeletswa le ho thehwa ha lekala le ikemetseng le fanang ka thuso ya ditjhelete dikgwebong tsena, ho eketswe le mefuta ya tshehetso e fumanehang ho lona, mme ho nyehliswe le dipehelo tsa teng hore ho thusahale ba bangata.

Lefapha la Matlotlo le makala a amehang indastering ena, ba se ba phethela dintlha tse mmalwa tabeng ena, mme phatlalatso e tla etswa nakong e sa fediseng pelo.

Re boetse hape re lekola botjha Molao wa Dikgwebo wa 1991 (Molao wa bo 71 wa 1991) – mmoho le e meng e laolang dikgwebo tse nyane ho isa ho tse kgolo – ka maikemisetso a ho bebofatsa dipehelo ho batho ba ithekisetsang diterateng.

Ho na le melawana e mengata, e bitsang, eo ho seng bonolo ho e latela naheng ena. Taba ena, e thibela ho hola ha dikgwebo, le ho thehwa ha mesebetsi.

Basebeletsi Kantorong ya Mopresidente, ba letsholong la ho bebofatsa tsela ya ho sebetsa ha dikgwebo tsohle ka ho bebofatsa dipehelo tsa dikgwebo.

Ha re batla ho tlisa diphetoho ka potlako dikgwebong, re tlameha ho ba le basebeletsi ba anetseng ho sebetsana le diphetoho tseo.

Ke thontse Ntate Sipho Nkosi ho bebofatsa dipehelo mafapheng ohle a mmuso.

Ntate Nkosi o na le tseba e batsi ho tsa kgwebo ho kenyeletsa le ho ba Molaodi e Moholo wa Exxaro Resources, ha jwale ke modulasetulo wa Mokgatlo wa Dikgwebo tse Nyane.

Basebetsi bana ba tla sheba hore ke diphetoho dife tse hlokang ho lokiswa ka potlako ho so ka ho fela selemo ho kenyeletsa le ho netefatsa hore ba etsang kgwebisano le mmuso ba lefuwa matsatsing a 30 jwalo ka ha ho tlameha.

Basebetsi bana ba tla boela ba sebetsa le mafapha le diakgente tse ikemetseng ho leka ho tlosa ditshita tse thibelang kgolo ya moruo. Sena se tla kenyeletsa leano le tswellang pele hona jwale la ho bebofatsa tsela ya ho ngodisa matlo, kgwebisano le dinaha tse ding mmoho le ho fumana mangolo a ho etsa kgwebo ya tsa kaho.

Meralo ya motheo ke ya bohlokwa kahong botjha le tsoseletsong ya moruo.

Ntlafatso ya meralo ya motheo, ke yona eo re e behileng pele ka mokgwa wa tshehetso ya ditjhelete le ditshebeletso tsa setekginiki, e le ho tshehetsa kgolo ya moruo, ho ntlafatsa dibaka tseo batho ba phelang ho tsona, haholoholo ka motlakase, ditsela le phepelo ya metsi.

Letlole la Ntlafatsa ya Meralo ya Motheo ke lona le tlo sebediswa mona. Ho beheletswe ka thoko dibilione tse 100 tsa diranta bakeng sa mosebetsi ona dilemong tse leshome.

Mafapha a mangata a mmuso a sebedisa letlole lena diprojekeng tse bitsang dibilione tse R96 tse kenyeletsang kaho ya matlo a baithuti, matlo a setjhaba, ntlafatso ya tsa kgokahano, tsa dikgwerekgwere le metsi le tsa transporoto.

Ho lebeletswe hore diprojeke tse ka bitsang dibilione tse 21 tsa diranta di qale hona selemong sena. Tjheleteng ena, dibilione tse 2.6 tsa diranta di tswa ho mmuso, mme e nngwe tjhelete yona e tswa lekaleng le ikemetseng le ditshebeletsong tsa tshehetso ya ditjhelete.

Mmuso o tla qala ka ho kenya tjhelete e kalo ka dibilione tse 1.8 tsa diranta ntlafatsong ya meralo ya motheo, e leng se tla neha dikgwebo tse ikemetseng monyetla wa ho kena ho tse ding diprojeke tse ka bitsang dibilione tse 133 tsa diranta.

Ho dimilione tsa batho ba mahaeng, mmila le marokgo ke tsa bohlokwa ho bona hore ba finyelle mesebetsing, mabenkeleng le ditshebeletsong tsa setjhaba.

Ho ntse ho na le bana ba bangata ba tshelang dinoka tse tletseng ho ya dikolong le boradikoloi ba sokolang ho ya ditoropong ka lebaka la bobe ba ditsela.

Re nyolla sekgahla sa tshebetso Lenaneong la Welisizwe la Kaho ya Marokgo dibakeng tsa Mahaeng ka ho aha marokgo a 95 ka selemo ha ho bapiswa le a 14 a ha jwale.

Sesole sa rona sa Naha, ke sona se tsamaisang leano lena la Welisizwe mme se bontshitse boiphihlelo kahong ya ena ya marokgo.

Botjheng ba beke ena, ke ne ke le motsaneng wa Thakgalane mane Limpopo ho ya thakgola kaho ya mmila o motjha o tla thusa ho hokahanya metsana e mmedi sebakeng seo. Mmila ya mofuta ona e ahwa ho sebediswa ditene tsena tsa ho lokisa mabala malapeng, mme ona ke mokgwa o sa bitsing.

Lenaneo lena la ntlafatso ya mmila ya mahaeng, ho lona ho tlo sebediswa basebeletsi ho etsa ntlafatso sebaka sa dikilomitara tse 685 nakong ya dilemo tse tharo tse tlang. Mosebetsi ona, o kenyeletsa ho aha mebila e kenellang metsaneng ya Limpopo le Kapa Botjhabela, mme Foreisitata le Leboya Bophirima teng ba tla fetola mmila ya lepoto ho e etsa ya sekontiri. Kapa Bophirima teng ba tla ntlafatsa mmila e hokelang metsana ya teng.

Mmuso o thakgotse Lenaneo la Phepelo ya Metsi la uMzimvubu.

Projeke ena e kenyeletsa Letamo la Ntabelanga le la Lalini, sitsi sa metjhini ya ho tshella le ho pompa metsi, le sa ho a hlwekisa sa hona Ntabelanga, mmoho le phepelo ya ona metsaneng e haufi.

Letsatsi la ho kwala bakeng sa ho kenya dikopo tsa ho etsa mosebetsi ona, ke mafelo a kgwedi ena, ba tla atleha mona, ba tla phatlalatswa ka Loetse 2022.

Mmuso o tla le mahlale a tharollo mathateng a meralo ya motheo dikolong.

Tharollo ya teng e ka mokgwa wa ho potlakisa tshehetso ya ditjhelete, ho ba le thepa ya boleng mmoho le ho hira basebetsi ba anetseng, le ho lokiswa ka nepo ha disebediswa tsa tshebetso.

Tharollong ena, e tla thakgola Lekala le Ikgethileng le tla sebetsa le Ditsi tse Fanang ka Tshehetso ya Ditjhelete le dikhamphane tse ikemetseng ho thotha ditlhoko tsa motheo tsa dikolo.

Mohlala wa letsholo lena, ba o entse mane dikolong tsa Kapa Botjhabela le Kapa Leboya.

Sena se latela katleho eo mmuso o e fihletseng nakong ya selemo se fetileng lenaneong la Hydrogen SA, moo Afrika Borwa e ileng ya tswa pele mmarakeng ona o motjha wa kgwebo.

Lenaneo leo, le kenyeletsa Meralo ya dilemo tse leshome ya Lenaneo lena la Hydrogen Society bakeng sa Kapa Leboya, e leng tshehetso ya tlhahiso ya motlakase wa metsi o bitsang dibilione tse 270 tsa diranta.

Tshenyo e bakwang ke boshodu ba dithapo tsa motlakase le ditshepe, e thefula meralo ya motheo e kang diterene le phepelo ya motlakase. Re tlo nka mehato le mekgatlo e qobellang melao re tiise letsoho tabeng ya theko le thekiso ya dintho tsena.

Tshiya ya bohlokwa tsoseletsong ya moruo ke ho matlafatsa lekala la tlhahiso le ho ba le diindasteri tsa boemo ba matjhaba tse romelang thepa matjhabeng.

Selemong se fetileng, re thakgotse maano a ntlafatso indastering ya tshepe, fenitjhara le ditshebeletsong tsa kgwebisano maemong a matjhaba.

Ka maano ana, mmuso, borakgwebo le mekgatlo ya basebetsi, ba sebetsa mmoho ho eketsa tlhahiso le menyetla ya mesebetsi makaleng ana.

Mabenkele a mangata indastering ya diaparo a phatlaladitse taba ya hore a lohotha ho reka thepa ya ona mona lapeng.

Le leng la mabenkele ao ke la Foschini, leo e leng lona le rokileng sutu ena eo ke e apereng. Ba e rokile mane fektring ya bona e ntjha e bitswang, Prestige Epping.

Dilemong tse hlano tse fetileng, persente tse ka bang 80 tsa diaparo tsa ha Foschini di ne di tlhoha dinaheng tsa botjhabela. Kajeno tse fetang halofo ya tsona di se di fumaneha mona lapeng.

Dieta tsena tseo ke di rwetseng tsona di rokilwe ka kopanelo ke ditho tsa Mokgatlo wa Basebetsi ba Dihlahiswa tsa Letlalo ho tswa Bolton Footwear, Kapa le Dick Whittington Shoes mane Pietermaritzburg.

Nakong e ka etsang dilemo tse nne tse fetileng, re ne re ipehetse ho etsa matsete a ka bang ditrilione tse 1.2 tsa diranta nakong ya dilemo tse hlano.

Nako ya Kopano ya boraro ya Matsete ka Pudungwana 2020, re ne re se re bokeleditse dibilione tse 776 tsa diranta bakeng sa matsete ao.

Kgweding e tlang ka la 24 Tlhakubele, re tla be re tshwere Kopano ya bone ya Matsete mane Lejweleputswa.

Ho yona re tlo lekola menyetla eo Afrika Borwa e bileng le yona ho tswela pele le ho ikaha botjha ka mora koduwa ya COVID-19, mme re tla tlisa tlaleho ya kopano eo.

Kopanong ya Dinaha tsa Afrika e fetileng, re nkile tumellano ya hore mosebetsi wa kgwebisano o ka qala ho latela Leano la Tumellano ya Kgwebisano ntle le Ditjeho Dinaheng tsa Afrika.

Dikhamphane tsa Afrika Borwa di tla tlameha ho sebedisa monyetla ona ho ka etsa kgwebo dinaheng tse ding tsa Afrika.

Tumellano ena ya ho Hwebisana ntle le Ditefello, e neha dinaha tsa Afrika bokgoni ba ho itshwarela dintho tsa tsona mmoho le ho nyolla moruo ka potlako.

Re tla tswela pele le ho ntlafatsa tsa bophelo Afrika re sebetsa le dinaha tse ding tsa Afrika le tsa matjhaba ho leka ho matlafatsa Afrika ka mora koduwa ena.

Re tlo eketse tlhahiso ya ente kontinenteng ena.

Rona jwalo ka Afrika Borwa, re se re hatetse pele karolong eo.

Hona jwale, re na le khamphane tse pedi tsa Afrika Borwa – Aspen and Biovac – tse hlahisang ente ya COVID-19. Ho na le tse ding diprojeke tse pedi tse phatlaladitsweng tsa tlhahiso ya ente.

Ho feta moo, re na le khamphane tse hlahisang metjhini ya ho hema, dibolaya dikokwanahloko, dimonkwana, diatlana le meriana.

Tllhahiso ena e bitsang dibilione tsa tjhelete ka selemo, e thakgotswe nakong e sa feteng selemo e fetileng.

Dihlahiswa tsa mona Afrika Borwa di romelwa dinaheng tse ding tsa Afrika, e leng se thehang menyetla ya mesebetsi bakeng sa batjha ba Afrika Borwa.

Leha re thusa diindasteri tse teng ho hola, re boetse hape re hodisa le menyetla e metjha e hlahang, e ka tlisang menyetla ya mesebetsi.

Mmuso le lekala le ikemetseng, ba sebeditse mmoho ho theha tshebeletso ya dikgwebo tsa matjhaba ka ho kopanya mmoho dikgwebo tse nyane mme ya eba khamphane ya bohlokwa maemong a matjhaba.

Mokgatlo wa matjhaba wa ditshebeletso tsa dikgwebo, o motjheng wa ho theha menyetla ya mesebetsi e metjha e 500 000 dilemong tse mmalwa tse tlang.

Lekala le hwebang ka matekwana, lona le ka theha mesebetsi e ka bang 130 000.

Re lokisa meralo ya tshebediso ya semela sena e le hore lekala lena le tle le etse phaello e kgolo jwalo ka dinaha tse kang Lesotho.

Batho ba Kapa Botjhabela le KwaZulu-Natal, le dibakeng tse ding, ba emetse feela ha phala e lla, ba kene temeng ba hwebe ka semela sena sa kgale, ba hlahise dihlahiswa tse ntjha ho sona.

Ditshebeletso tse ding tsa setjhaba tse ka thusang setjhaba sa rona ke tsa kgudiso ya bana, booki, bosebeletsi ba setjhaba le tse ding. Ditshebeletso tsena, di ke se thehe menyetla ya mesebetsi feela, empa di ka ba bohlokwa le setjhabeng.

Diindasteri tse ding tse seng di tswetse pele, di na le seo di ka thusang ka sona ho ntlafatseng diindasteri le tlhahiso ya naha ena.

Lekala la tsa temo le lona le na le bokgoni ba ho theha menyetla ya mosebetsi ditholwaneng tse kang tse boditsana, mangangajane a morara, monokotshwai, matokomane le ditholwana tse melang dibakeng tse futhumetseng.

Maano a indasteri ya tswekere le ya dikgoho, le ona a bile le seabo ho nyolleng matsete ka ntlafalo ya ona tlhahisong le diphetohong tsa ona.

Ho ka hohela boramatsete ba matjhaba ho dirashwa tse rashwang merafong ya rona, re tla tlameha ho phethela maano a ntlafatso ya merafo ya rona.

Re tla tswela pele le ho tshehetsa tlhahiso ya kgase hobane le yona e tla thusa ntlafatsong ya moruo le ho theheng menyetla ya mesebetsi.

Re tla netefatsa hore tsena di etsahala ho ipapisitswe le melao ya tsa tikoloho le e meng ya naha ena ya rona, mme moo ho bonahalang dikarohano teng, re di lokise hantle ka moya wa kutlwisisano molemong wa naha le setjhaba sa rona.

Re phela karolong ya lefatse e angwang haholo ke ho fetofetoha ha maemo a lehodimo.

Ka lebaka lena, re ba le mathata a kang komello, dikgohola le a mang mathata ka lebaka la maemo a ho futhumala ha lehodimo. Hona jwale, ho sa tswa ba le dikgohola diprofensing tse kang KwaZulu-Natal, Gauteng le Kapa Botjhabela.

Tsena kaofela di bakile tshenyo meralong ya motheo le malapeng a batho.

Selemong se fetileng, re ile ra nka mehato ya bohlokwa ho lwantshana le ho fetofetoha ha maemo a lehodimo mme le moruo le ona wa ba betere.

E bile kgetlo la pele naha ya rona e kgona ho ipapisa le pehelo e behilweng ya motjheso, e leng wa 1.5°C.

Ena ke tekanyetso eo dinaha tsohle di dumellaneng ka yona Tumellanong ya Maemo a Lehodimo mane Paris, mme yona e etseditswe ho thibela mathata a ka bakwang ke ho mpefala ha maemo a lehodimo.

Haesale ke theha Komeshene ya Mopresidente ya Maemo a Lehodimo nakong e etsang selemo e fetileng, tema e se e bonahetse ya ho fokotsa ho silafala ha moya.

Kopanong ya matjhaba ya maemo a lehodimo ka Pudungwana ngwahola, mane Glasgow, Afrika Borwa e ile ya etsa nalane ka ho saena tumellano ya dibilione tse 131 tsa diranta le Mokgatlo wa Dinaha tsa Yuropa, Fora, Jeremane, United Kingdom le Amerika.

Tumellano ena ya mofuta wa yona, e tla kenyeletsa ho fetolwa ha ditsi tse fehlang motlakase wa mashala tse tsofetseng, hore di sebetse ka mokgwa o motjha o tla tswela basebeletsi le setjhaba molemo.

Ho netefatsa hore re kgola molemo tumellanong ena, le tse ding, ke thontshe Ntate Daniel Mminele, Motlatsi wa mehleng wa Mookamedi wa Banka ya Resefe ho etella pele Komiti ya Mopresidente e shebaneng le Ditjhelete tsa ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo, e le hore diphetoho tsena di tle di etsahale ka nepo.

Ha dintho di etswa ka nepo, ho fetolwa hona ha ho fehlwa ha motlakase ho ka tswela motho ohle molemo.

Tlhahiso ya motlakase ka mokgwa wa tlhaho ho tla theola theko ya ona, ho etse hore o tsitse, mme le diindasteri di kgone ho tshetjwa maemong a matjhaba.

Ha re ka qala ho sebedisa dikoloi tse tsamayang ka motlakase, le ho sebedisa motlakase o fehlwang ka metsi, re ka ba le motlakase o hlwekileng haholo.

Re tla etsa maano a ho atolla merafo ya rona ho rashweng ha diminerale tse bohlokwa motlakaseng o hlwekileng tse kang platinum, vanadium, cobalt, koporo, manganese le lithium.

Re boetse hape re na le monyetla wa ho hlahisa motlakse o hlweileng o fehlwang ka letsatsi le moya re sebedisa thekenoloji le boiphihlelo ba rona.

Mehatong ena kaofela – ho tloha dintlafatsong meralong ya motheo, ho ya tshehetsong ya dikgwebo, ho etsa matsete meralo ya metheo, le ho theheng makala a matjha – tsena kaofela di tla thusa lekala le ikemetseng ho nyolla moruo wa rona dilemong tsena tse tlang.

Leha ho le jwalo, re a tseba hore leha maemo a dikgwebo a ka ba matle ho le ho kae, ho ntse ho tla nka nako e telele hore dikgwebo di kgone ho theha menyetla ya mesebetsi e ka lekanang dimilione tsa Maafrika Borwa ana a sa sebetseng.

Ha re a ikemisetsa hore ho be teng ya tla salla morao.

Ke ka hona re eketsang ka taba ya ho hirwa ke mmuso le ke mekgatlo ya setjhaba.

Mekgahlelo e mmedi ya Leano le Mopresidente la Theho ya Mesebetsi, e ileng ya thakgolwa ka Mphalane 2020, e ile ya thusa batho ba fetang 850 000.

Persente tse fetang tse 80 bathong bana, e ne e le batjha, ha ba fetang tse 60 bona e le basadi.

Ho thusahetse batho ba kang Tracy Nkosi wa Springs, ya neng a hirelwe ho thusa ho ruta Sekolong sa Poraimari sa Welgedag, mme o re monyetla ona o mo kgothaditse hore a ntshetse dithuto tsa hae pele lekaleng lena la tsa thuto.

Ho boetse ha thusahala le Mme Nosipho Cekwana wa Impendle, KwaZulu-Natal, ya neng a sebedisetse vaotjhara ya hae ya tsa temo ho rekeng poone, manyolo le meriana ya diphoofolo tsa hae.

Maafrika Borwa a seng a unne molemo leanong lena a se a tla fihla ho milione.

Mona re kenyeletsa le batjha ba fetang halofo ya milione, ba ileng ba hirwa ho ba bathusi ba matitjhere, mme lena e bile leano le leholo ka ho fetisisa la ho hira batjha.

Leano lena, le tla boela le kenella le Lefapheng la Ditaba tsa Lehae, moo ho tlang ho hirwa teng batjha ba 10 0000 ba sa sebetseng ho kenya dikhomputareng dintlha tsa lefapha lena tse ngotsweng fatshe. Mona ho tla thusahala bona mme ho boele ho ntlafatse le tshebeletso ya lefapha.

Letlole la Theho ya Mesebetsi la Ditshebeletso tsa Setjhaba, le lona le tla theha e meng mesebetsi e 50,000, le sebedisa ditshebeletso tsa mekgatlo eo e seng ya mmuso, makaleng a kang tsa temo dibakeng tsa ditoropong, kgudiso ya bana, tsa bonono mmoho le twantsho ya tlhekefetso ya bonng. Ntle le moo, re boetse re fa batjha tsebo le maele bakeng sa kgiro le ho ba fumanela le menyetla e teng.

Re tlameha ho kgothaletsa dikgwebo tse nyane ho hira batho ka hore re eketse melemo ya seo ha re tla Tabeng ya Lekgetho la Kgiro.

Ena haesale e le tsela e sebetsang ya ho kgothaletsa dikhamphane ho hira batho ba batjha. Ha ho se ho na le melemonyana e itseng, teng ho tla ba bobebe hore dikgwebo tse nyane di hire batjha.

Letona la Matlotlo le tla fana ka dintlha tsa diphetoho tsena ha le se le tshetleha puo ya lona ya kabo ya matlotlo.

Re etsa kgoeletso ho dikhamphane ho tshehetsa leano lena, di hire batjha.

E se e le batjha ba fetang dimilione tse 2.3 ba seng ba ingodisitse ho websaete ya batjha ba batlang mosebetsi e leng ya SAYouth.mobi.

Palong e ka hodimo, ba 600 000 ba se ba fumane dikgeo tsa mesebetsi.

Leano le ntlafaditsweng la Naha la Ditshebeletso tsa Batjha, le tla hira sehlopha sa pele sa batjha ba 50 000 nakong ya selemo e tlang. Sena se tla neha batjha bana monyetla wa ho ba le seabo setjhabeng sa habo bona, le ho ntshetsa pele boiphihlelo ba bona.

Lefapha la Thuto e Phahameng le tla hira batjha ba tswang dikoletjheng tsa TVET ba 10,000 ba sa sebetseng ho tloha ka kgwedi ya Mmesa 2022.

Ha ke ne ke lokisa SoNA ena, ke ne ke thuswa ka batjha ba babedi ba Afrika Borwa ba ithutang mosebetsi Kantorong ya Mopresidente, bona ke Naledi Malatji le Kearabetswe Mabatle.

Ba mpolelletse ka bohloko ba batjha ba nang le mangolo a thuto empa ba sa fumane mosebetsi hobane ba se na boiphihlelo.

Sena se etsa ba qetelle ba etsa mesebetsi eo ba neng ba sa ithutela yona.

Maano ao ke seng ke buile ka ona kaofela, re a etsetsa hore batjha ba rona ba fumane boiphihlelo bona bo hlokahalang hore motho a hirwe.

Re etsa kgoeletso ho lekala le ikemetseng hore le tshehetse leano lena – mme moo ho kgonehang, boiphihlelo ha bo a tlameha ho ba se hlokahalang ha o batla mosebetsi – e leng ho leka ho thusa batjha ba bangata hore ba kgone ho qala ho fumana mesebetsi.

Jwalo ka ha re sebeletsa ho nyolla moruo, le ho theha menyetla ya mesebetsi, re tla eketsa tshehetso malapeng a fumanehileng, ho netefatsa hore ha ho motho ya robalang ka lephako naheng ena.

Ditjhelete tsa dithuso tsa mmuso, ke e nngwe ya katleho tsa mmuso wa rona wa demokrasi, mme di thusa batho ba fetang dimilione tse 18 ka kgwedi.

Ntle le thuso ena, dimilione tsa batho di ne di tla bolawa ke tlala.

Haesale ho qala COVID-19, ho bile le Tshehetso ya Tjhelete ya Kimollo ho batho ba fetang dimilione tse 10 ba sa sebetseng, ba neng ba se na letho ka lebaka la koduwa ena.

Ba bang ba batho bana ba qadile dikgwebo ka tjhelete ena.

Ntate Thando Makhubu wa Soweto o ne a fumane tjhelete ya R350 ngwahola dikgwedi tse supileng. O ile a boloka tjhelete ena dikgwedi tseo kaofela mme o qadile kgwebo ya ice-cream eo a hirileng batho ba bane ho yona.

Ntate Lindokuhle Msomi, mohlahise wa mananeo a TV ya sa sebetseng, o ne a boloke R350 eo dikgwedi tse robong mme a bula kgwebo ya ho rekisa dijo hore a fepe lelapa la hae.

Leha tjhelete ena e thusa, empa re tlameha ho tseba hore mmuso le ona ha o na tjhelete hantle.

Ho se be le tjhelete ha mmuso, ho ama mafutsana haholo hobane ho thefula ditshebeletso tsa mmuso tseo a tshepetseng ho tsona haholo.

Jwalo ka ha re bone molemo wa tjhelete ena ya R350 setjhabeng, re tla eketsa nako ya yona ho fihlela ka Tlhakubele 2023.

Nakong eo, re tla be ntse re etsa dipuisano re sheba hore ke ofe mokgwa oo re ka o sebedisang wa thuso ya tjhelete bakeng sa yona ha e se e fela.

Pele re ka qala ho fana ka tjhelete eo, re tla tlameha ho bona hore mmuso o tla kgona ho tswela pele le yona na, le hore ha e no thefula tjhelete ya ditshebeletso tsa setjhaba kapa ho sheba hore mmuso o tla kgona ho e lefa nako e telele.

Ke maikemisetso a rona ho ba le tekanyetso ya tshehetso ho ba hlokang.

Ho thusa hore batho ba be le lefatshe la bona, ho tla thusa ho fokotsa tlala, le ho etsa hore batho ba phele maphelo a betere.

Ntse re tswela pele le ho buseletsa batho lefatshe ho latela Molaotheo wa rona, mme selemong sena, re tlo pasisa Molao o dumellang ho Nkuwa ha Lefatshe ho bao e seng la bona.

Ho thehwa ha Akgente ya tsa Temo le Ntlafatsa ya ho Kgutliswa ha Lefatshe, ho tla phethelwa selemong sena.

Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo, le phethela ho fetisetswa ha lefatshe leo e ka bang dihektara tse 14 000 la mmuso ho Akgente e Ahang Matlo.

Re na le lefatshe le lekaneng le ka sebedisetswang temo, le ka sebediswa ke dimilione tsa borapolasi ba dikgoho, diphoofolo, meroho le ditholwana.

Ka Leano la Mopresidente la Kgiro le Letlole la Kopanelo, borapolasi ba bangata ba se ba fumane divaotjhara ho atolla tlhahiso tsa bona.

Leano lena, le bontshitse le sebetsa le bile le le molemo.

Lekala la tsa temo, le ile la elellwa bohlokwa ba ho tshehetsa borapolasi ba sa leng banyane mme ba ba kenya lenaneo la bareki ba bona.

Leano la ntlafatso ya indasteri ya tswekere, le se le fane ka tjhelete e ballwang ho dimilione tse R225 ho borapolasi ba fetang 12 000 ba banyane ba lemang mmoba, mme bona ke bopaki ba boinehelo ba mmuso ba ho tshehetsa borapolasi ba batsho.

Re tla eketsa divaotjhara tsena mme re etsa kgoeletso ho makala a mang hore le ona a kenye letsoho e le hore re tle re kgone ho finyella ho borapolasi ba 250 000 selemong sena.

Matsapa a rona a ho tsoseletsa moruo a ke ke a atleha haeba re sa lwantshe taba ya bobodu.

Mathwasong a selemo sena, ke se ke fumane karolo tse pedi tsa pele tsa tlaleho ya Komeshene ya Dipatlisiso ka menyenyetsi ya Kgapo ya Puso e neng e eteletswe pele ke Moahlodi e Moholo wa Naha ya Tshwereng Mokobobo, Raymond Zondo.

Leha tlaleho ya teng e so felle, empa karolo tsena tse pedi di beha dintho pepeneneng hore ‘kgapo ya puso’ yona e etsahetse.

Sena se bolela hore dikhamphane tsa mmuso di ne di kenelletswe ke mashodu a neng a ikemiseditse ho nka tjhelete ya mmuso a ithuise ka yona.

Tlaleho ena, e hlalosa ka ho otloloha ka moo diketso tsa bobodu di neng di etsahala ka teng Khamphaneng ya Bofofise ya Afrika Borwa, ho Transnet, Denel, Kantorong ya Afrika Borwa ya Pokello ya Lekgetho (SARS) mmoho le Lefapheng la Mmuso la Diphatlalaso.

Kgapo ena ya puso e bile le kgahlamelo e mpe maphelong a Maafrika Borwa, empa haholoholo ho ba futsanehileng le ba hlophehileng.

E entse hore mmuso o se kgone ho tlisa ditshebeletso bathong, le ho fihlela se hlokwang ke Molaotheo mabapi le ditokelo tsa batho.

Jwale re tlameha ho netefatsa hore taba ena ha e boele e etsahala hape.

Boikarabelo ba ka ke hore re latela se tlalehong, mme re nke mehato e tshwanelang.

Pele ho la 30 Phpjane, ke tla bolela mehato eo ke tla e nka ho latela dikgothaletso tsa komeshene.

Jwalo ka ha komeshene e kgothaletsa, re tla tiisa tsela ya ho sireletsa ba pepesang bobodu, e leng bona batho ba bohlokwa twantshong ena ya bobodu, ka ho beha maphelo a bona kotsing ka ho pepesa ketso tsena.

Re ntse re lokola melao botjha ho sheba hore na re ka tiisa tshireletso ya bona jwang.

Makala a tshireletso a ikarabellang, a sheba mekgwa e potlakang e ka sebediswang ho sireletsa batho bana.

Batho le dikhamphane tse ikarabellang bobodung bona ba kgapo ya puso, ba tlameha ho fumana kotlo e ba tshwanelang.

Ke tshepa hore Lekala la Naha la Botjhotjhisi (NPA) le tla etsa diphuputso tsa lona ho latela kgothaletso ya komeshene hore ho tle ho tshwarwe baetsi ba bobe bona ka potlako.

Ho na le moifo o ikgethileng ho NPA o tla shebana le dinyewe tsena.

Re tlameha ho thonya Hlooho ya Diphuputso ho latela ho itokolla ha Moatevoketi Hermione Cronje mosebetsing ona.

Diphetoho tse entsweng ka Phupjane 2020 melawaneng e Laolang Komeshene ya Dipatlisiso mabapi le Kgapo ya Puso, di dumella komeshene ho neha makala a qobellang molao dintlha tsa komeshene eo.

Diphetoho tsena di kenyeletsa ho dumellwa ho hirwa ha mosebeletsi wa komeshene ke lekala le qobellang melao.

Diphetoho tsena di bebofaletsa Lekala la Diphuputso mosebetsi wa ho qala diphuputso tsa lona moo komeshene e qetelletseng teng.

Hona jwale re a leboha ka tshehetso eo re e fumanang lekaleng le ikemetseng la ho thusa ka ho fana ka boiphihlelo boo mmuso o se nang bona, hore o kgone ho atleha ho fuputseng le dinyewe tsena.

Ho netefatsa hore lekala la botjhotjhisi le tswela pele le mosebetsi wa lona ho latela Molaotheo, le ho netefatsa hore tsohle di etsetswa pepeneneng, re etsa moralo wa ho sebedisana le lekala le ikemetseng, mme ona o tla laolwa ke Lefapha la Matlotlo.

Ho ntse ho na le dipuisano tse tswellang pele le lekala la toka hore ho thehwe makgotla a ikgethang a dinyewe bakeng sa dinyewe tsena tsa kgapo ya puso le bobodu.

Leha re leka ka hohle hohle ho qeta ketso tsena tsa kgapo ya puso, empa re a tseba hore ha e le ntwa kgahlano le bobodu yona, e sa le hole le ho fela.

Le nakong ena ya koduwa ya COVID-19, dikhamphane le batho ba itseng, ba ne ba etsa mmomori le basebeletsi ba mmuso ho leka ho qhekella mmuso tjhelete e ballwang ho dibilione dikonterakeng tse mabapi le COVID.

Hang feela ha bopaki bo hlahella, re tlo nka bohato.

Re ile ra tlameha ho emisa dikonteraka tse itseng tsa theko ya ditlhoko mabapi le COVID mme ra theha tshebeletso ya kopanelo ya makala a qobellang molao, moo ho neng ho phatlalatswa ka inthanete dintlha tsa dikonteraka tse mabapi le COVID mme Lekala le Ikgethileng la Diphuputso (SIU) le entse diphuputso tsa lona.

Ka Tshitwe, SIU e nnehile tlaleho ya yona ya diphuputso mabapi le dikonteraka tsa COVID.

Ka lebaka la sena, ho se ho na le dinyewe tse ka bang 45 tsa tjhelete e bitsang dibilione tse R2.1 tse seng di hlahletswe Lekgotlaneng le Ikgethang.

SIU e se e kgothaleditse hore basebeletsi ba mmuso ba ka bang 224 ba ye komiting ya kgalemo mme ya romela dinyewe tse 386 ho NPA bakeng sa ho tjhotjhiswa.

Kantoro ya Mopresidente e thehile tsela ya ho beha leihlo hore dikgothaletso tsa SIU di a latelwa, mme mmuso le mafapha a ona, a netefatsa hore baetsi ba bobe bona ba fumana kotlo e ba tshwanelang.

Ntwa kgahlano le bobodu e tla tiha jwale, re leboha sephetho sena sa Komeshene ya Dipatlisiso ka Kgapo ya Puso, le ho matlafatswa ha makala a qobellang molao le ho kenngwa tshebetsong ha dipehelo tsa setjhaba tsa twantsho ya bobodu.

Dikhamphane tsa mmuso (SOE) ke tsa bohlokwa moruong wa naha.

Ho tloha ho metsi, ditsela, motlakase le boemakepe, tsa tshireletso le bofofisi, tsena kaofela ke ditshebeletso tsa bohlokwa tsamaisong ya naha.

Ho bohlokwa hore re di ahe botjha di tle di tswele naha molemo.

Re letsholong la ho tsoseletsa dikhamphane tsena, ka ho le leng re etsa diphetoho tsa hore khamphane tsena di sebetse hantle, di sebetse ka botshepehi le ka tsela ya moshwelella.

Moifo wa Mopresidente o shebaneng le Dikhamphane tsa Mmuso, o kgethilweng ka 2020, o entse dikgothaletso tsa hore mmuso e be ona o ka sehloohong taolong ya dikhamphane tsena. Sena se tla etsa hore ho bonahale phapang pakeng tsa moo mmusong o sebetsang jwalo ka monga khamphane le moo o behang teng dipehelo tsa tshebetso jwalo ka mmuso. Sena se tla fokotsa ho kenella ha tsa dipolotiki mme ho etse dikhamphane tsena di tsamaiswe ka tsela ya profeshenale.

O mong mohato leanong lena ke ho theha khamphane e kgolo e tla okamela dikhamphane tsohle tsa mmuso.

Ho netefatsa hore dikhamphane tsena tsa mmuso di sebetsa ka nepo, Moifo ona wa Mopresidente wa Dikhamphane tsena, o kgothaletsa hore di nne di tswele pele le ho sebetsa, di kopanywe kapa di fediswe.

Kgothaletso e nngwe le e nngwe re e shebisana le bohle ba amehang.

Re nka mehato ya ho sireletsa demokrasi ya rona, meralo ya moruo wa rona le ho aha setjhaba se bolokehileng bakeng sa bohle.

Botjheng ba beke ena, re phatlaladitse tlaleho ya ditsebi mabapi le merusu ya kgwedi ya Phupu ngwahola.

Tlaleho ena, e hlakisa pono e seng ntle ka bokgoni ba makala a rona a tshireletso le a mang a neng a tlameha ho etsa mesebetsi ya ona.

Tlaleho ena, e bontsha ha mmuso o bile bohlaswa taolong ya maemo ao a Phupu 2021. Sepolesa se ne se sa itokisetsa ka nepo, ha ho ka ba ha ba teng tshebedisano mmoho pakeng tsa sona le lekala la mautlwela, mme le sona sepolesa ha se dule se le setjhabeng seo se tlamehang ho se sireletsa.

Moifo ona wa ditsebi, o bontshitse hore sesosa sa merusu eo e bile bofutsana, le ho se lekalekane ha batho naheng ena.

Ditsebi tsena di boletse ha Kabinete e tlameha ho jara boikarabelo ba merusu eo ya ka kgwedi ya Phupu 2021.

Bona ke boikarabelo boo re bo dumelang re bileng re bo amohelang.

Ho ya ka kgothaletso ya ditsebi, re tla rala leano la ho shebana le bofokodi bona boo ditsebi di llileng ka bona.

Re tlo phakisa ho tlatsa dikgeo tsa bohlokwa, le ho lekola kgahlamelo ya ho emiswa mosebetsing ha basebeletsi ba Lefapheng la Tshireletso le la Mautlwela.

Haufinyane re tla phatlalatsa diphetoho bookameding ba makala a tshireletso, e le ho matlafatsa lekala lena.

Basebeletsi ba sepolesa sa setjhaba lekaleng la Sepolesa sa Naha, ba tla tlameha ho fumana thupelo e nepahetseng e tla dumella hore ba be maemong a lokelang.

Tshenyo le boshodu bo tswellang pele meralong ya moruo, bo na le kgahlamelo e mpe ntlafatsong ya moruo, ya matsete le thehong ya menyetla ya mesebetsi.

Re boetse hape re tlameha ho lwantsha ditlokotsebe tsena tse lwantshang basebeletsi ba tsa kaho ka maikemisetso a ho ba qhekella tjhelete.

Ena ke pharela e hlokang tharollo e hlophisitsweng hantle.

Mmuso o thehile lekala la kopanelo le tlo lwantsha bothata ba tshenyo ya ka boomo moruong, tlhaselo ya basebeletsi ba tsa kaho le tshenyo ya meralo ya motheo.

Re tla matlafatsa sepolesa sa rona ka ho hira mapolesa a matjha a 12 000.

E nngwe karolo e hlokang ho tsoseletswa ka potlako, ke ya sepolesa sa setjhaba ka maikemisetso a ho matlafatsa tshebedisano e ntle pakeng tsa mapolesa le setjhaba seo a sebetsang ho sona.

Ho a hlaka tlalehong ya ditsebi hore re tlameha ho nka bohato bo matla ntlafatsong ya tshireletso ya naha ya rona.

Ke ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle ho nka karolo ho thehweng ha Leano la Naha la Tshireletso.

Ke tla kopa batsamaisi ba Palamene hore ba kope Palamente hore e nke karolo tabeng ena, esitana le ho buisana le bohle ba amehang.

Moifo wa Naha wa Tshireletso, o laetse lekala la tshireletso ho potlakisa ho kenya tshebetsong dikgothaletso tsa moifo wa ditsebi.

Mehato ya teng, e tla shebana le mathata a hore setjhaba ha se ikobele molao.

Selemong sena, re tlo tiisa ntwa kgahlano le Tlhekefetso ya Bonng le Dipolao tsa Basadi ka ho kenya tshebetsong Leano la Naha la Twantsho ya Tlhekefetso ya Bonng le Dipolao tsa Basadi, mmoho le maano a mang a ho matlafatsa basadi.

Mathwasong a kgwedi ena, ke saenne melao e meraro e metjha e tlo matlafatsa lekala la rona le lwantshang botlokotsebe. Melao ena e bile e netefatsa hore mmuso o tshehetsa mahlatsipa a diketsahalo tsena.

Ho kengwa ha melao ena tshebetsong, ho tla netefatsa hore ditlokotsebe di a ahlola mme mahlatsipa ona a fumana tshireletso a e hlokang.

Re se re hatetse pele ho leka ho fokotsa ho pakellana ha mosebetsi wa ditshebeletso tsa lefutso, ka ho o fokotsa ho tloha ho 210 000 ka Mmesa 2021 mme ha jwale ho setse fela e 58 000.

Tlhekefetso ya Bonng e ke ke ya fela ha feela makala ohle a setjhaba a sa kopane mmoho ho tla le mekgwa ya ho hlola mokgwa ona o mobe.

Jwalo ka ha COVID-19 e sentse hakana, re tlameha ho hopola hore le bophelo ba setjhaba bo itshetlehileng ntlafatsong ya moruo le ya bodulo.

Re tla tswela pele le ho netefatsa hore motho ohle ho sa natsehe hore o kgona ho lefa kapa tjhe, o fumana tshebeletso e nepahetseng ya tsa bophelo bo botle.

Jwalo ka ha setjhaba se sa ntsane se ntsha maikutlo a sona ka Molao ona wa Leano la Ditjhelete ho tsa Bophelo bo Botle, ho se ho na le kgatelo pele ho kengweng ha lona tshebetsong.

Ke batho ba fetang dimilione tse 59 ba ngodisitsweng Dintlheng tsa Polokelo ya Dintlha tsa Bakudi.

Ka Loetse 2021, ho ile ha hirwa basebeletsi ba bang ba fetang 56 000 ba tsa bophelo bo botle, mme ha boela hape ha nkuwa basebeletsi ba setjhaba ba 46 000 ba kengwa ho tsa bophelo bo botle.

Dilemong tse pedi tse fetileng, thuto ya bana ba rona e phatsamisehile haholo.

Jwalo ka ha bana ba se ba tla ya sekolong kamehla, re tla sebetsa ka thata ho netefatsa hore bana ba rona ba fumana thuto ya boleng, e ba tshwanelang.

Maafrika Borwa a heso,

Mmuso o tlameha ho sebeletsa setjhaba.

Ke ka hona re ikemiseditseng ho ba mmuso o nang le bokgoni le ntshetso pele.

Haufinyane, re tla phethela moralo wa hore mmuso o sebetse ka tsela ya profeshenale.

Sena se tla kenyeletsa dipehelo tse matla ho hirweng ha basebeletsi ba mmuso, ntshetsopeleng ya thupello ka mokgwa wa Thupello ya Botsamisi ba Mmuso, mmoho le tshebedisano mmoho le mekgatlo e laolang mangolo a profeshenale mmoho le diyunivesithi.

Ho hlahlojwa ha tsela eo basebeletsi ba mmuso ba phelang ka yona, ho se ho qadile mafapheng ohle.

Le selemong sena, re tlo tswela pele le ho kenya DDM tshebetsong.

Leano lena, le kopanya maemo ohle a puso mmoho le mahlahana a ona diterekeng tsohle bakeng sa ho hodisa moruo le ntlafatso ya maphelo a batho.

Leano lena la DDM, le thusa ho potlakisa ho etsa meralo ho kenyeletsa le ya ditjhelete maemong ohle a mmuso, mme le thusa le ho kgona ho fihlisa diprojeke tsa boemo ba naha boemong ba ditereke.

Leha ho na le dikarolo tsa ditshebeletso tsa mmuso tse hlokang ho lokiswa, empa ka ho le leng, ho ntse ho na le tse kgonang ho thusa setjhaba ka nepo le ka tshwanelo.

E nngwe ya ditshebeletso tseo, ke ya SARS, e tla beng e qeta dilemo tse 25 selemong sena.

Leha SARS e thefutswe ke diketso tsa kgapo ya puso, empa e kgonne ho atleha ho sebetsa ka nepo, le botshepehi.

Haesale e ne e thehwe, SARS e se e bokeleditse tjhelete e ballwang ho ditrilione tse R16 bakeng sa ntlafatso ya moruo le naha. Lekala lena, le entse hore mmuso o kgone ho ntlafatsa maphelo a dimilione tsa batho ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle, tsa thuso ya ditjhelete le ditshebeletso tsa sethatho.

Puso e nepahetseng ha e bonwe ka basebeletsi ba sebetsang hantle le makala a teng a sebetsang hantle feela.

Puso e nepahetse e boetse e bonahala le ka moo setjhaba se fuwang monyetla wa ho nka karolo le sona.

Re tlameha ho netefatsa hore mekgatlo e kang ya taolo ya dikolo, le ya sepolesa sa setjhaba e fumana tlhokomelo e e hlokang.

Setjhaba se mafolofolo se bohlokwa bakeng sa ntlafatso le puso e nepahetseng.

Re tlo sebetsa le mahlahana a rona ho lokisetsa ho bitsa kopano ya mekgatlo ya setjhaba eo e leng kgale e emetswe ka mahlo a mafubedu.

Kopano ena, e tla rarolla mathata pakeng tsa mmuso le setjhaba, le pakeng tsa mmuso le mekgatlo ena e seng tlasa mmuso mathateng ao e kopanang le ona.

Naha ya rona e bile le mathata nakong e sa tswa feta.

Ho na le maqulwana a karohano ao e leng ona a re behileng maemong ao re leng ho ona kajeno.

Re shebane le maemo a thata haholo.

Ke nnete, re ntweng ya ho pholosa naha ya rona.

Jwang kapa jwang, teng re tla hlola.

Ha re kopaneng re le Maafrika Borwa re lwantsheng bobodu, re theheng mesebetsi, re lwaneleng toka le tekatekano setjhabeng sa habo rona.

Re kopane le mathata nakong e fetileng, ra a hlola.

Re ile ra tlameha ho nka qeto tse thata, mme ra kgona.

Re se re bontshitse sebete le matla dinakong tsa mathata,

Ka nako e nngwe, ke bona re lahla tshepo, re nyahama, mme re kgutlela morao.

Jwale ha re a tlameha ho etsa jwalo hape.

Ha re tshwaraneng mme re tobaneng le maemo a re tobileng, re kopaneng re tsoseletseng moruo le ditshebeletso tsa rona tsa setjhaba.

Ha re sebetseng mmoho hle.

Ha re aheng naha ya habo rona botjha.

Ho se be le ya sallang morao.

Ha e lale.

Share this page

Similar categories to explore