Ho romela tletlebo ka boitshwaro ba sepolesa

O ka romela tletlebo ho Bolaodi bo Ikemetseng ba Diphuphutso tsa Sepolosa (IPID) haeba o batla hore ba etse diphuphutso ka tse latelang:

  • mafu a hlahetseng setlamong sa sepolesa
  • mafu a bakilweng ke diketso tsa sepolesa
  • tletlebo efe kapa efe e amanang le ho lokolla sethunya sa mosebetsi ke mohlanka ofe kapa ofe wa sepolesa
  • peto ya motho ofe kapa ofe ke mohlanka wa sepolesa, ho sa natse hore mohlanka eo wa sepolesa o ne a le mosebetsing kapa tjhe
  • peto ya motho ofe kapa ofe nakong eo motho eo a ntseng a le setlamong sa sepolesa
  • tletlebo efe kapa efe ya ho sotlwa kapa ho lematswa kgahlano le mohlanka ofe kapa ofe wa sepolesa nakong eo a etsang mosebetsi wa hae.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le lho romela tletlebo tletlebo kapa o iteanye le Boalodi bo Ikemetseng ba Diphuphutso tsa Sepolesa ho 012 399 0000.

 

Share this page