Ingodise setsing sa thuto e phahameng

Dintlha ka 
O lokela ho etsang 
Nako ya tshebetso 
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang 
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le ho ingodisa setsing sa thuto e phahameng

O ka tswelletsa dithuto tsa hao yunivesithing, yunivesithing ya theknoloji kapa dikoletjheng tsa thuto ya sethekgeniki le mosebetsi wa matsoho (TVET) tsa kgetho ya hao, haeba o tshwaneleha.

diyunivesithi di fana ka manane a thuto le seprofeshenale, ha diyunivesithi tsa theknoloji le dikoletjhe tsa TVET di fana ka mananeo a thuto ya matsoho.

O lokela ho netefatsa ditlhoko tsa motheo tsa kamohelo le setsi sa kgetho ya hao.

Haeba o le moithuti ya tswang naheng e nngwe, o tlameha hore o qale ka ho etsa kopo ya phemiti ya ho ithuta khomisheneng e phahameng ya Aforika Borwa, ntlo ya boqosa kapa ya tshebeletso ya kgwebo naheng eo o hlahang ho yona. Mangolo a hao a thuto a naha e ngnwe a tlameha hore a lekolwe ke Setheo sa Mangolo a Thuto sa Aforika Borwa (SAQA) pele o ingodisa. Ditekolo di ka nka ho fihla ho matsatsi a 16.

Seo o lokela ho se etsa

  1. Ho ipapisitswe le diphetho tsa hao tsa ho kena le ditlhoko tsa setsi, kgetha thuto eo o tshwanelehang bakeng sa yona.
  2. Haeba o ingodisa setsing sa poraefete, lekola hore na se ngodisitswe le Lefapha la Thuto.
  3. Etsa kopo ho setsi sa kgetho ya hao ka kotloloho.
  4. Phethela foromo e laetsweng ya kopo ya setsi seo.
  5. Nehelana ka foromo ya kopo le ditokomane tsohle tse hlokehang ho setsi.

Haeba o le moithuti ya tswang naheng e kantle, etsa kopo ya dintho tse latelang:

Ho nka nako e kae

Ditsi tse fapaneng di na le dinako tse fapaneng.

Ho bitsa bokae

Ditefiso tsa thuto di fapana ho ya ka ditsi.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo tsa ngodiso di fumaneha diyunivesithing le dikoletjheng tsa TVET.

O ka iteanya le mang

 

Diyunivesithi

Dikoletjhe tsa setjhaba tsa TVET

Dikoletjhe tsa poraefete tsa TVET

 

Share this page