Kopo ya tumello ya nakwana ya ho amohela ditswantle tsa diphoofolo ka maikemisetso

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho etsa kopo ya ho reka kantle kapa ho rekisetsa dinaha tsa kantle tlasa mabaka a itseng

Haeba o batla ho reka diphoofolo kantle ho naha mme o di tlise ka hara Aforika Borwa nakwana/rekisetsa dinaha tsa kantle diphoofolo nakwana mme o di ntshe Aforika Borwa tlasa mabaka a jwaloka a dipontsho, ditlhodisano le ho robalana ha diphoofolo/ditshebeletso tsa bongaka ba diphoofolo, o tlameha ho etsa kopo mme o fumantshwe phemiti ya ntlafatso ya diphoofolo ho tswa ho Mongodisi wa Ntlafatso ya Diphoofolo.

Hape o tlameha ho etsa kopo ya phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha ho Bolaodi ba Bophelo ba Diphoofolo le Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo ho tswa naheng e rekisetsang kantle.

O tlameha ho etsa kopo matsatsi a 30 pele o reka/rekisetsa kantle ho naha. 

O lokela ho etsang

  1. Tlatsa foromo ya kopo: Kopo yah o reka/rekisetsa diphoofolo kantle ho naha tlasa mabaka a itseng (Dipontsho).
  2. Ebang o reka phoofolo kantle nakwana bakeng sa ho robalana le tse ding mabaka a ditshebeletso tsa bongaka ba diphoofolo, o tlameha ho ba le:
    • Setefekeiti se tswang ho Mongodisi ya tsebahalang naheng eo o rekang phoofolo ho yona. Setefekeiti se tlameha ho bontsha mofuta wa madi wa DNA wa phoofolo le bophelo ba phoofolo. 
  3. Kgothalletso ho tswa ho Mokgatlo o amehang wa Batswadisi wa Aforika Borwa haholoholo bakeng sa tswadiso ya phoofolo ya lapeng/e ruuweng.
  4. Hape o ka lefa ka tjheke kapa tjhelete ya ho posa ho:
    • Motsamaisikakaretso: Lefapha la Temothuo,Meru le Ditlhapi
      Standard Bank of South Africa
      Lekala: Arcadia
      Nomoro ya Akhaonte: 011219556
      Khoutu ya Lekala: 000845/ 010845
      Tshupiso e tlameha ho ba lebitso le sefane sa hao.
  5. O jara boikarabelo ba ditjeho tsa banka hammoho le ditjeho tsa Banka ya Matjhabeng. Lefapha le ke ke la fana ka phemiti ebang tjhelete e felletseng ya R302 e sa amohelwe.
  6. Ditefello di ka boela tsa etswa dikantorong tsa Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi tse boletsweng tlasa dintlha tseo o ka iteanyang le bona ka tsona.
  7. Moo o etsetsang motho e mong kopo, o kotjwa ho netefatsa hore o lefa lebitsong la motho eo kapa lebitsong la khamphani.
  8. Ha ho na kopo e tla sebetswa kantle ho bopaki ba tefo.
    Mongodisi wa Ntlafatso ya Diphoofolo:
    Poso ya poraevete ya X138
    Pretoria
    0001
    Aforika Borwa
    Kapa fekesetsa ho (012) 319 7570/7425.
  9. Kamora ho amohela foromo e tlatsitsweng le bopaki ba tefo, phemiti ya ntlafatso ya diphoofolo e tla ntshwa mme e fuwe Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo ho fana ka phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha.
  10. Kamora ho etsa kopo ya phemiti ya ntlafatso ya diphoofolo, o tlameha ho etsa kopo ya phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha ho Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo. Bakeng sa ditlhakisetso mabapi le phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha o kotjwa ho letsetsa (012) 319 7514.
  11. Ntlafatso ya Diphoofolo e tla sebetsa foromo ya hao ya kopo mme e o nehe setefekeiti le ho se neha Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo bakeng sa phemiti ya hao ya ho reka diphoofolo kantle ho naha.
  12. O tlameha ho etsa kopo ya setefekeiti sa bongaka ba diphoofolo ho Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo.
  13. O tlameha ho hlahisetsa diofisiri tsa bongaka ba diphoofolo diphemiti tsa sethato ka bobedi boemakepeng, hammoho le Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo se tswang naheng e rekisetsang kantle.

Ela hloko: Dikopo tse sa fellang di ke ke tsa kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho boikarabelo ba tshitiso efe kapa efe bo tla amohelwa.

Nako ya tshebetso

Ho tla nka matsatsi a 30 ho sebetsa kopo ya hao.

Ditjeo ke bokae

R220

Diforomo tse tlatswang

Application to import/export animals for certain purposes

Dintlha tsa ho iteanya

 

Directorate Animal Production
Tel: 012 319 7424 / 012 319 7576 / 012 319 7590 / 012 319 7429 / 012 319 7434 / 012 319 7486
Fax: 012 319 7570/7425
Physical address: Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria
Postal address: The Registrar of Animal improvement Private Bag X138, Pretoria, 0001

Share this page