Kopo ya ho amohela setswakantle sa tlhapi ka sepheo sa boithabiso

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho reka tlhapi dinaheng tse ka ntle maemong a boikgathollo

Bakeng sa ho reka tlhapi ka ntle, jwaloka tlhapi ya lewatle, mabakeng a boikgathollo o tshwanela ho etsa kopo ya tumello ho Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi. O keke wa rekisa tlhapi e tswang ka ntle empa o ka e sebedisetsa mabaka a hao.

O tshwanela ho etsa kopo bonyane beke tse pedi pele ho leeto la hao hore o fane ka nako ya ho lokisa ditsamaiso. O keke wa reka tlhapi ka ntle mabakeng a boikgathollo ntle le tumello ya ho reka ka ntle ho naha. Ha o hloke tumello bakeng sa diboko tsa botshwasi; le ha ho le jwalo, ka kopo netefatsa hore o na le tumello ya diboko tsa botshwasi bakeng sa botshwasi ba boikgathollo kapa setlankana sa bopaki ba ho reka diboko tsa botshwasi (ke mokotla o le mong feela ka letsatsi oo o ka tsamayang ka ona.

Thibelo e latelang e a sebetsa:

  • O keke wa reka mefuta e hlwauweng ya tlhapi dinaheng tsa ka ntle ho ya ka Tumellano ya Matjhaba ya Kgwebo ka Mefuta e Tsietsing ya ho Feela e leng (CITES). Bakeng sa tlhahisoleseding e batsi ka CITES etela www.cites.org.
  • Tumello e tla sebetsa feela nakong ya leeto la ho ya le ho kgutla naheng eo o yang ho yona.
  • O keke wa reka tlhapi ya lewatle e phelang naheng e ka ntle.

Temoso: Tumello ya ho reka tlhapi ka ntle ha e kenyeletse tlhapi ya metsing a foreshe. Ho hloleha ho imatahanya le dipehelo tsa tumello ho ka etsa hore tumello e fanyehwe kapa e nyahlatswe.

O lokela ho etsang

Fumana diforomo tsa kopo ya tumello ya ho reka tlhapi naheng ya ka ntle ho Lekala la Bolaodi ba Botshwasi la Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi mokatong o ka tlase, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa.

  1. Bala foromo ya kopo ka botlalo le ho etsa bonnete ba hore o kgotsofatsa ditlhoko le dipehelo.
  2. Tlatsa foromo ya kopo le ho fana ka tlhahisoleseding e latelang:
    • matsatsi a ho tloha le ho kgutlela Aforika Borwa
    • lebitso la naha eo o e etelang
    • lebitso la lediboho la Aforika Borwa le tla sebediswa ha o kgutlela Aforika Borwa
    • bolela kamoo tlhapi e tla tlang ka teng ho tswa ka ntle (e hatseditswe/e bata e le foreshe/jj.)
    • khopi e netefaditsweng ya lengolo la boitsebiso.
  3. Lefa sekepele akhaonteng e latelang:
    Banka: First National Bank
    Nomoro ya akhaonte: 62123256382
    Mofuta wa akhaonte: Current
    Lebitso la akhaonte: Marine Living Resources Fund
    Lebitso la lekala: Corporate Account Service Cape Town
    Khoutu ya lekala: 204109
    Bakeng sa boitshupo letsetsa setsi sa tshebeletso ya bareki ho 0860 000 3474.
  4. Kenyeletsa tse latelang foromong ya kopo:
    • bopaki ba tefello (setlankana sa ho kenya tjhelete bankeng)
    • bopaki ba aterese ya bodulo, nomoro ya mohala, nomoro ya fekse, le aterese ya imeile tsa Aforika Borwa
    • khopi ya hao e netefaditsweng ya tokomane ya boitsebiso.
  5. Romela foromo ya hao ya kopo ho Department of Agriculture, Forestry and Fisheries: Private Bag X2, Roggebaai, Cape Town, 8012 kapa o e kenye ho Fisheries Management Branch ya Department of Agriculture, Forestry and Fisheries at the ground floor, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Cape Town. O keke wa sebedisa fekse kapa imeile bakeng sa kopo ya hao.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka matsatsi a supileng a tshebetso kapa ho feta, ho ya ka haeba o entse kopo ka nepo.

Ditjeo ke bokae

Customer Service Centre

Diforomo tse tlatswang

Fumana diforomo tsa kopo ya tumello ya ho reka tlhapi naheng e ka ntle ho Lekala la Bolaodi ba Botshwasi la Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi mokatong o ka tlase, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Call Centre

Tel: +27 12 399 9000
Fax: +27 12 359 3625

Share this page