Mokgwa wa ho etsa kopo ya ho buseletswa Lekgetho le Kenyeletswang Dinthong tse Rekiswang (VAT)

Baeti ba melata ba Aforika Borwa ba ka nna ba tseka ho buseletswa VAT eo ba e lefileng dinthong tseo ba tsamayang le tsona ha ba tswela kantle ho naha, haeba boleng ba tsona bo feta R250. Kopo ya ho buseletswa tjhelete e tlameha ho kenngwa dikantorong tsa Motsamaisi wa Pusetso ya Tjhelete ya VAT. Dikantoro tsena di Boemafofaneng ba Matjhaba ba Johannesburg le ba Cape Town, madibohong a fapafapaneng a meeding esita le boemakepeng bofe kapa bofe bo kgethetsweng kgwebisano.

Ha o reka dintho, itlhalose ho ralebenkele hore o mohahlaudi wa molata, ebe o kopa setlankana sa lekgetho. Setlankana sa lekgetho se tlameha ho ba le lesedi lohle ka tse latelang:

  • sekepele sa VAT, kapa seteitemente se bontshang hore VAT e kenyeleditswe ditjeong tsohle tsa dintho tse rekilweng
  • bongata esita le tlhaloso e phethahetseng ka dintho tse rekilweng
  • nomoro e qollehileng ya setlankana sa lekgetho
  • lebitso la moreki le aterese ya hae
  • sekepele sa VAT, kapa seteitemente se bontshang hore VAT ya sekgahla sa 15% e kenyeleditswe palong yohle ya ditjeo tsa dintho tse rekilweng.

O tlameha ho hlahisa ditokomane tsa sethatho esita le dintho tse rekilweng.

 

 

Postal address  

The VAT Refund Administrator
PO Box 107
OR Tambo International Airport
South Africa
1627

E-mail addresses  

Botswana : botswana@taxrefunds.co.za
Swaziland : swaziland@taxrefunds.co.za
Namibia : namibia@taxrefunds.co.za
Other countries : generalqueries@taxrefunds.co.za

Website: www.taxrefunds.co.za

Tel: + 27 11 979 0055

Share this page