Ho etsa kopo ya kgodiso a ngwana

Dintlha ka 
O lokela ho etsang 
Nako ya tshebetso 
Ditjeo ke bokae 
Diforomo tse tlatswang 
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho etsa kopo ya kgodiso a ngwana

Ha o batla ho hlokomela ngwana ya hlokang tlhokomelo le thireletso, etsa kopo ya kgodiso ya ngwana ofising ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba kapa mokgatlo o ananetsweng wa tshireletso ya bana.

Kgodiso ya ngwana ke ho kenya ngwana bakeng sa nakwana tlhokomelong le tshireletsong eo a e hlokang. Ngwana o kengwa tlhokomelong ya motho ya tshwanetseng eo e seng motswadi kapa mohlokomedi wa ngwana.

Ke mang ya tshwanelehang ho ba ngwana ya hodiswang?

Ngwana o lokela:

  • ho ba dilemo tse ka tlase ho tse 18 boholo le/kapa
  • a be a lahluwe kapa a le kgutsana mme a se na mokgwa ofe kapa ofe o bonahalang wa tshehetso
  • ho bontsha boitshwaro bo ke keng ba laola ke motswadi kapa mohlokomedi
  • a be a phela diterateng kapa a kopa bakeng sa ho iphedisa
  • a be a le lekgoba la dithethefatsi tseo a tshepetseng ho tsona mme a se na tshehetso efe kapa efe ya ho fumana kalafo bakeng sa hoo a tshepetseng ho hona
  • a be a ile a tshwarwa ka tsela e sa lokang kapa a sa sireletseha ho tshwarweng ka tsela e sa lokang 
  • a be a le motho ya ka bang kotsi ha a ka kgutlisetswa tlhokomelong ya motswadi, mohlokomedi kapa motho hya molebetseng
  • ho ba boemong ba ho se tsotellwe mmeleng le kelellong, ho tshwarwa hampe, tlhekefetso kapa ho kgellwa tlase ke motswadi, mohlokomedi, motho ya nang le maikarabelo le ditokelo tsa botswadi kapa setho sa lelapa la ngwana kapa motho eo ngwana a leng tlasa taolo ya hae.

Ke mang ya tshwanelehang ho hodisa ngwana?

Ho tshwaneleha ho ba motswadi ya hodisang ngwana, o lokela:

  • hore o be o le dilemo tse 18 kapa ka hodimo
  • hore o be o shahlile o itekanetse 
  • hore o be o na le kgahleho mme o kgona ho sapota ngwana
  • hore o be o kgona ho fana ka tikoloho e tshwanetseng bakeng sa kgolo le tswelopele ya ngwana

O ka hodisa ngwana feela ka ho ya ka nako e bontshitsweng taelong ya lekgotla. Hang ho ba nako e boletsweng ke taelo ya lekgotla e fele, mohlanka ya okametseng e ka re ka mora ho lekola botjha dikgothaletso tse tswang ho mosebeletsi wa setjhaba a atolosa nako ya taelo ya lekgotla.

O lokela ho etsang

  • Etsa kopo ya ho hodisa ngwana ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba kapa mokgatlong o ananetsweng wa tshireletso ya bana.
  • O tla romelwa ho mosebeletsi wa setjhaba ya tla etsa dipatlisiso. 
  • Mosebeletsi wa zsetjhaba o tla lekola mabaka a ngwana. 
  • O tla lekolwa le ho hlahlojwa hape bakeng sa ho tshwaneleha ho ba motswadi ya ka hodiang ngwana.
  • Romela ho latelang:
    • afidaviti e bolelang hore ngwana o lahluwe (ha ho tshwaneleha)
    • ditifikeiti tsa ho hlokahala tsa batswadi (ha ho tshwaneleha)
    • setifikeiti sa tswalo sa ngwana (ha ho tshwaneleha) – Ha ngwana a se na setifikeiti sa tswalo, mosebeletsi wa setjhaba o tla o thusa ho fumana setifikeiti sa tswalo
    • tokomane ya hao ya Boitsebiso (ID)
  • Motswadi/batswadi ba ngwana ka tswalo le ngwana ba lokela ho ba le seabo tshebetsong.
  • Moo ngwana a lahluweng kapa e leng kgutsana, mosebeletsi wa setjhaba o tla o thusa ka ho etsa papatso dikoranteng e be le emela dikarabo tsa setjhaba bakeng sa kgwedi e le nngwe. 
  • Mosebeletsi wa setjhaba o la ngola raporoto e be o e balla Lekgola la Bana mmoho le dikgothaletso.
  • Ka ho ya ka raporoto ya mosebeletsi wa setjhaba, mohlanka ya okametseng lekgotleng a ka bona ngwana a hloka tlhokomelo le tshireletso.
  • Mohlanka ya okametseng o tla fana ka taelo ya lekgotla a dumella ho behwa ha ngwana matsohong a motswadi ya tla mo hodisa. Taelo ya lekgotla e tla bontsha mabitso a motswadi ya tla hodisa ngwana, ngwana ya tla hodiswwa le nako ya ho behwa tlasa kgodiso.

Ela hloko: Hang ho ba taelo ya lekgotla e tswe, o ka etsa kopo ya thuso ya kgodiso ya ngwana ofising e haufi le wena ya SASSA. Ngwana a ka lokollwa hapele ditlamong tsa ho lefa ditefelo tsa sekolong sa mmuso le dibakeng tsa tlhokomelo ya bophelo tsa mmuso. Bakeng sa hore ngwana a lokollwe ditlamong tsa ho lefa ditefelo tsa sekolo, o lokela ho tlatsa Foromo ya Ho Lokollwa e fumanwang sekolong, e be o romela khopi ya taelo ya lekgotla. 

Nako ya tshebetso

Dipatlisiso le phethahatso ya dipotso e fapana ka ho ya ka taba ka nngwe.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ena ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo tsohle di fumaneha ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

 

 

Share this page