Tlaleho ka President Cyril Ramaphosa ka Kgatelopele e seng e Fihletswe Twantshong ya Koduwa ya COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

Botjheng ba beke ena, borasaense ba rona ba sa tswa fumana mofuta o motjha wa kokwanahloko ya khorona e bakang kokwanahloko ena ya COVID-19. Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle o rehile mofuta ona o motjha ka lebitso la  Omicron mme wa bolela ha e le ‘mofuta o ngongorehisang e le ka nnete’. 

Mofuta ona wa Omicron o qadile ho fumaneha naheng ya Botswana mme ha latela Afrika Borwa, athe hape borasaense ba boetse ba e fumana le dinaheng tse kang Hong Kong, Australia, Belgium, Ithali, United Kingdom, Jeremane, Austria, Denmark le Isiraele. 

Ho phakisa ho hlokomela mofuta ona o motjha, ke sephetho sa mosebetsi o tswileng  matsoho wa borasaense ba rona mmoho le ho ba tjhatsi ha Mafapha a rona e leng la Saense le Mahlale mmoho le la Bophelo bo Botle ka bokgoni ba ona ba ho kgona ho hlwaya dikokwanahloko tsena ka potlako. 

Naha ya rona ke e nngwe ya dinaha tsa matjhaba tse sebedisang marangrang ho lebela  tsela eo kokwanahloko ena ya COVID-19 e iphetophetolang ka teng. Ho phakisa ho fumaneha ha mofuta ona le tema e seng e kgathilwe ho etsa re kgone ho  utlwisisa mathata a yona le tsela eo e etsahalang ka yona e leng se bolela hore jwale re malala-a-laotswe ho ka lwantshana le yona. 

Re rolela borasaense ba rona ba tsebisahalang le hona ho hlompheha lefatsheng ka bophara ka boiphihlelo ba bona tsebong ya bona ka dikokwanahloko. 

Ho se ho na le dintho tseo re seng re di tseba jwale ka mofuta ona ka lebaka la mosebetsi o tswileng matsoho wa borasaense bana ba rona. 
Ya pele, re a tseba hore Omicron e kgona ho ikatisa ka potlako ho feta mofuta wa pele.  Ya bobedi, re a tseba hore disebediswa tseo re nang le tsona tsa ho etsa diteko tsa
COVID-19 di a kgona ho bontsha Omicron ena. Sena se bolela hore motho ya bonahalang a na le matshwao a COVID-19 kapa ya kileng a kopana le motho ya nang le yona, o tla tlameha ho etswa diteko. 

Ya boraro, re a tseba hore mofuta ona ha o tshwane le mefuta ena e teng le hore ha e tshwane le mofuta wa Delta kapa wa Beta. 

Ya bone, re a tseba hore ditshwaetso tse sa tswa fumaneha Gauteng dibekeng tse pedi tse fetileng tseo ha jwale di seng di nametse le diprofensing tse ding ke ka lebaka la yona. 

Leha ho le jwalo, ho ntse ho na le dintho tse ngata tseo re sa di tsebeng ka mofuta ona tseo borasaense ba rona ba leng maphathephathe ho leka ho di fumana. 

Matsatsing le dibekeng tse mmalwa tse tlang e tla re ha re ntse re fumana dintlha re tla ba le 
kutlwisiso e betere ya hore: 

  • e be motho ya nang le Omicron a ka tshwaetsa e mong ha bobebe ho le ho kae, 
  • e be kotsi ya yona ya hore motho a boele e tshwaetsehe la bobedi yona e kae, 
  • e be mofuta ona o kudisa haholo ho le ho kae, le hore, 
  • ente eo re nang le yona e sebetsa jwang kgahlano le mofuta ona wa Omicron. 

Ho fumaneha hona ha Omicron ho tlile ka nakong eo ditshwaetso tsa COVID-19 le tsona di nyolohang. Ho nyoloha hona ha ditshwaetso ho atile haholo Gauteng leha diprofensing tse ding le teng  manane a teng a ntse a nyoloha hanyane. 

Matsatsing a supileng a fetileng, re bone palo ya batho ba tshwaetsehang ka letsatsi e nyolohela ho 1 600 e feta hole ya ba 500 ba beke e etelletseng eo pele, le ba 275 ba beke e ka pele ho eo. 

Ditshwaetso tsena tsa COVID-19 di nyolohile ho tloha persenteng tse pedi ho ya ho tse robong nakong e sa feteng beke. 

Ena ke keketseho e mpe haholo ka nako e kgutshwane haholo. Haeba tshwaetso tsena di ka tswela pele ka sekgahla sena, re tla ipona re le leqhubung la bone la ditshwaetso dibekeng tse mmalwa tse tlang kapa pele ho moo. 

Seo ha se a tlameha ho re makatsa. Ditsebi ka dikokwanahloko di re tsebisitse hore leqhubu la bona la ditshwaetso le ka re fihlela mathwasong a Tshitwe.

Borasaense ba re boleletse ho lebella le ho ropoha ha mefuta e meng e metjha. Ho na le dingongoreho tse ngata ka mofuta ona wa Omicron, le hore o tla sebetsa jwang ho ya pele. 

Leha ho le jwalo, re se re hlometse bakeng sa ho itshireletsa kgahlano le yona. Ka lesedi leo re nang le lona ka mofuta ona, re a tseba seo re tlamehang ho se etsa ho fokotsa ditshwaetso le ho itshireletsa ho re kudiseng haholo esitana le ho bolaweng ke yona. 

Sebetsa se seholo seo re nang le sona ke ente. Haesale re qala ho ba le ente ya COVID-19 mafelong a ngwahola, re bone phokotseho e kgolo ho kuleng haholo ha batho, ho amohelwa dipetlele esitana le ho bolawa ke COVID-19ha batho Afrika Borwa le lefatsheng ka bophara. 

Ente di a sebetsa. Ente di pholosa maphelo. 

Haesale re thakgola lenaneo la rona la ho enta setjhaba ka Motsheanong 2021, re se resebedisitse diente tse fetang dimilione tse 25 mona Afrika Borwa. 

Ona ke mosebetsi o babatsehang haholo. Ona ke mosebetsi o babatsehang wa tsa bophelo bo botle o fihlelletsweng ka nakwang e kgutshwane hakana. 

Ke batho ba baholo ba persente di 41 ba seng ba fumane karolo ya pele ya ente mme ba persente di 35.6 bona ba se ba entetse COVID-19 ka botlalo.

Ke persente tse fetang tse 57 tsa ba dilemo di fetang tse 60 ba seng ba entile ka botlalo mme ke persente tse 53 tsa ba dilemo di 50 ho ya ho tse 60 ba seng ba entile ka botlalo. 

Ena ke kgatelopele e babatsehang, empa mosebetsi o sa le moholo, re tlameha ho fokotsa ditshwaetso, ho amohelwa ha batho dipetlele ka lebaka la kokwanahloko ena, ho bolawa ke yona mmoho le ho aha moruo wa rona botjha. 

Ente ya COVID-19 e mahala. 

Phirimaneng ena, ke rata ho etsa kgoeletso ho motho ohle ya so kang a enta ho potlakela sitsing sa ho entela ho ya enta.

Haeba ho na le ya so kang a enta ka lapeng kapa metswalleng ya hao, mo kgothalletse ho etsa jwalo. 

Ho fihlela ha jwale, ente ke sona sebetsa sa bohlokwa sa ho itshireletsa kgahlano le Omicron bakeng sa ho fokotsa kgahlamelo ya leqhubu la bone la ditshwaetso le ho thusa ho kgutlisa bolokolohi maphelong a rona boo kaofela re bo lakatsang. 

Ente e boetse e bohlokwa ho thusa ho bula moruo wa rona ka botlalo, ho bula tsa maeto le ho ntjhafatsa makala a thefulehileng a moruo a kang la bohahlaudi le la kamohelo ya baeti. 

Re leboha motho ohle ya nkileng karolo tlhahisong ya diente tsena, haholoholo baithaopi ba ileng ba ithaopa ditekong tsa diente tsena molemong wa ho phekola setjhaba. 

Ke bona batho ba re bontshitseng hore ente tsena di bolokehile di bile di a sebetsa. Bana ke bona bahale ba rona ba sebele. Le bona e bile karolo ya basebeletsi ba tsa bophelo bo botle bao ho atametseng ho fela dilemo tse pedi ba e hlanaka kgahlano le koduwa ena, ba hlokomela bakudi esitana le ho enta setjhaba e leng seo ba ntseng ba tswela pele le ho se etsa le kajeno. 

Ha re enta re tlameha ho nahana ka batho bana ba bileng dibete. 

Ha re enta, ha re qetelle feela ka ho itshireletsa rona, empa re boetse re fokotsa le kgatello eo ditsi tsa rona tsa bophelo bo botle le basebeletsi ba tsona di nang le yona mmoho le kotsi eo basebeletsi bana ba tobanang le yona. 

Afrika Borwa jwalo ka dinaha tse ding, le yona e lohotha taba ya ho fana ka ente ya tlatsetso bathong bao ho bonahalang ba leng kotsing le bao e tlang ho ba molemo ho bona.

Basebeletsi ba tsa bophelo bo botle ba neng ba nke karolo diteko tsa ente tsa Sisonke, baneng ba entwe dikgweding tse fetang tse tsheletseng tse fetileng, ba fuwa monyetla wa ho
fumana ente ya tlatsetso ya ha Johnson & Johnson.
Ba ha Pfizer le bona ba se ba kentse kopo Mokgatlong wa Afrika Borwa o Laolang Tshebediso ya Meriana hore ba fane ka ente ya tlatsetso hodima tsena tse pedi tsa sethatho. 

Moifo wa Matona wa Dikeletso ka Diente le ona o kgothaletsa hore ho fanwe ka ente ya tlatsetso eo le ho yona ho ntseng ho tla qalwa ka maqheku. 

Batho ba bang bona ba nang le mmele e fokolang ba kang ba sebedisang kalafo ya mofetshe, ba tshetshang ka metjhini, le ba nang le mafu a ho ruruha methapo ya madi, ba tla fumana ente ya tlatsetso ho latela ditaelo tsa dingaka tsa bona. 

Ke boikarabelo ba rona kaofela ka bonngwe, re le dikhamphane le mmuso ho netefatsa hore setjhaba kaofela se kgona ho sebetsa, ho eta le hona ho ithabisa ka polokeho. 

Re ntse re buisana le mahlahana a rona le bankakarolo ba bang ho bona hore re ka etsa jwang ho etsa hore ente e fumanehe dibakeng tsa mesebetsi, meketeng ya setjhaba, dipalangweng tsa setjhaba le ditsing tsa setjhaba. 

Sena se kenyeletsa dipuisano tse ntseng di tswela pele ho NEDLAC pakeng tsa mmuso, mekgatlo ya basebetsi, ya dikgwebo le ya setjhaba moo ho bonahetseng hore bohle ba bona tlhoko ya sena. 

Mmuso o thehile moifo o ikgethang o tla sekasekana le taba ya hore dibakeng le diketsahalong tse itseng ho kene feela batho ba entileng. 

Moifo ona o tla itlaleha ho Moifo wa Matona o Shebaneng le ho Entwa o etelletsweng pele ke Motlatsa Mopresidente mme ona o tla etsa dikgothaletso ho Kabinete ka tsela e
nepahetseng wa ho qobella setjhaba enta. 

Re a tseba hore ho etsa sena ha e no ba ntho e bobebe, empa ha re sa tobane le hona ka potlako, re tla dula re e ba kotsing ya mefuta ena e metjha ya dikokwanahloko le maqhubu a fapafapaneng a ditshwaetso.

Sebetsa sa bobedi sa ho lwantsha mofuta ona o motjha wa kokwanahloko, ke ho tswelapele le ho apara dimonkwana ha re le setjhabeng kapa hara batho. 
Jwale ho na le bopaki bo totobetseng ba hore ho apara semonkwana sa lesela kapa sa mofuta o mong, se kwahelang nko le molomo, ke ona mokgwa o betere wa hore batho ba se tshwaetsane ka kokwanahloko ena. 

Sebetsa sa boraro sona sa ho lwantsha mofuta ona o motjha ha se rekwe mme hape se sengata: sona ke moya o foreshe. Sena se bolela hore re tlameha ho leka ka hohlehohle hore ha re kopana le batho, re Kopane le bona kantle. Ha re na le batho ba bang ka tlung kapa dikoloing, dibeseng le ditekesing, re tlameha ho bula difensetere hore moya o tle o kgone ho kena. 

Sebetsa sa bone sa ho lwantsha mofuta ona o motjha ke ho qoba ho ba mokgoping, haholoholo ka hara moaho. 

Dikopano tse nang le batho ba bangata tse tla nka nako e telele, di tlameha ho etswa ka mokgwa wa vidiyo. 

Meketjana ya mafelo a selemo le ya baithuti ba materiki e tlameha ho emiswa ha nakwana mme motho ohle o tlameha ho inahana habedi pele a ka ya meketjaneng kapa a hlophisa moketjana. 

Haeba ho etsahala batho ba kopana, dipehelo tsa COVID di tlameha ho latelwa. Kopano e nngwe le e nngwe ya batho e nyolla menyetla ya ho tshwaetsa kapa ho tshwaetseha. 

Maafrika Borwa a heso, Moifo wa Naha o shebaneng le Kokwanahloko ya Khorona o ne o kopane maobane ho shebana le kgahlamelo ya mofuta ona o motjha wa Omicron.

Ona o ile wa latelwa ke wa Moifo wa Kgokahanyo wa Mopresidente tsatsing lena moo ho ileng ha nkuwa qeto ya hore naha ena e tswele pele ho ba Maemong a Pele a ho Kginwa ha Ditshebeletso le hore naha ena e ne e tswele pele ho ba ka tlasa Maemo a Koduwa. 

Re nkile qeto ya ho se fetole dipehelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso hobane nakong ya maqhubu a fetileng a ditshwaetso, diente di ne di so ka di fumaneha ha bobebe hape e ne e 
sa le batho ba mmalwa ba entileng. 

Kgetlong lena dintho ha di sa tshwana. Motho ohle ya dilemo di 12 le ho feta, a ka enta mahala ditsing tse fetang sekete naheng ka bophara. 

Re a tseba hore ente tsena di thibela ho kula haholo le ho amohelwa dipetlele. Re a tseba hape hore kokwanahloko ena ya khorona e tla ba le rona nako e telele. Re tlameha ho fumana tsela ya ho lwantsha koduwa ena empa re ntse re qoba ho phatsamisa moruo wa rona. 

Re ke se kgone ho fihlela sena haeba re sa nyolle sekgahla sa ho enta, re sa tswele pele le ho apara dimonkwana, kapa hona ho latela dipehelo tsa bophelo bo botle. 

Re tlameha ho hopola dipehelo tsa Maemo a pele a ho Kginwa ha Ditshebeletso: 

  • Nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu e ntse e le ka kgitla ho isa horeng ya bone mesong. 
  • Palo ya batho dikopanong tsa ka hara moaho ha e a tlameha ho feta 750 mme kantle teng ke ba se fete 2 000. Haeba moaho o sa kgone ho nka palo ena ya batho, ba qaqolohane hantle, ho tla dumellwa halofo ya palo e amohelwang ke moaho oo. 
  • Mafung teng ho dumelletswe batho ba sa feteng 100 mme ditebelo le meketjana ya ka mora mafu ha e a dumellwa. 
  • Ho apara semonkwana ha o le setjhabeng e ntse e le setlamo mme ho se etse jwalo ke tlolo ya molao.
  • Thekiso ya jwala e dumelletswe ho ya ka dipehelo tsa laesense, empa bo ke se rekiswe ka nako ya ho kgaotsa ho tsamaya. 

Re tla nne re shebe sekgahla sa ditshwaetso le sa ba amohelwang dipetlele mme re tla lekola maemo botjha dibekeng tse mmalwa. Re tla bona ka nako eo hore e be ho tla hlokahala re etse diphetoho kapa tjhe dipehelong tsa rona. Ha jwale re ntse re etsa diphetoho melaong ya rona ya tsa bophelo bo botle e le hore re tlere kgone ho lekola tshebediso ya rona ya Molao o laolang Maemo a Koduwa e le hore re tsebe ho qeta Maemo a Koduwa naheng ena. Re boetsa hape re tla kenya tshebetsong leano la rona la naha le tla etsa hore dipetlele le ditsi tsa rona tsa bophelo bo botle di be malala-a-laotswe mabapi le leqhubu la bone la ditshwaetso. 

Re tsepamisitse maikutlo a rona taolong e nepahetseng ya tsa bophelo bo botle, tlhahlobo le ho kgona ho fuputsa ba kileng ba kopana le ba tshwaetsehileng mmoho le ho matlafatsa tlhokomelo le ho eketsa basebeletsi ba rona. 

Ho netefatsa hore ditsi tsa rona di malala-a-laotswe, dibethe tseo re neng re di lokiseditse leqhubu la boraro la ditshwaetso tsa COVID-19, re di lokisetsa le leqhubu lena la bone jwale. 
Re netefatsa le hore dibethe tsohle tse lokiseditsweng bakudi ba COVID-19 kaofela ha tsona di na le metjhini ya ho hema. 

Re tla tswela pele le ho sebedisa tataiso ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle bakeng sa maeto a matjhaba mme ona ha o kgothaletse ho kwalwa ha madiboho a dinaha. Le rona jwalo ka dinaha tse ding, re se re le malala-a-laotswe ho laola ho fetisetswa ha ditshwaetso tsena tse ntjha dinaheng tse ding. 

Sena se kenyeletsa pehelo ya hore baeti ba be le bopaki ba hore motho o entile le sephetho sa diteko tsa COVID-19 tsa PCR tse nkilweng dihoreng tse 72 tse bontshang hore motho ha 
a na COVID-19. 

Re swabisitswe haholo ke qeto ya dinaha tse ngata tse hanang ho amohela baeti ba tswang dinaheng tsa tikoloho e ka Borwa ho Afrika ho latela ho ropoha hona ha mofuta ona o motjha wa Omicron.

Ena ke ntlha e totobetseng ya ho kwenelela tumellano ya kopanong ya dinaha tsa G20 mane Roma kgweding e fetileng. Kopanong eo, ho ile ha dumellanwa ka hore maeto a matjhaba a tla qala mme a tla ipapisa le dipehelo tsa mekgatlo ya matjhaba e kang Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle, wa Matjhaba wa Bofofisi, o Laolang Dikepe mmoho le wa OECD.
Tumellano ena ya G20 ya Roma, e latela bothata ba lekala la bohahlaudi dinaheng tse ntseng di thuthuha, e le ho thusa makala ana “ho aha moruo wa ona botjha.”

Dinaha tsena tse emisitseng ho amehala baeti ba dinaha tse ka Borwa ho Afrika di kenyeletsa United Kingdom, Amerika, dinaha tseo e leng ditho tsa Mokgatlo wa Dinaha tsa Yuropa, Canada, Turkey, Sri Lanka, Oman, United Arab Emirates, Australia, Japan,Thailand, Seychelles, Brazil le Guatemala, ha re bala tse mmalwa. Dipehelo tsena ha di na mabaka di bile di kgetholla naha ya rona le tsa boahisane. 

Dipehelo tsena tsa tsona ha di latele dikeletso tsa saense kapa hore di tla thibela ho ata ha mofuta ona wa kokwanahloko. Seo bohato bona ba tsona bo se etsang feela, ke ho ntshetsa 
pele ho thefuleha ha moruo wa dinaha tsena le ho kgella fatshe boiteko ba tsona ba ho lwantsha koduwa ena. Re etsa kgoeletso dinaheng tseo kaofela ho inahana botjha le ho fetola qeto ya tsona pele qeto ena ya tsona e etsa tshenyo e kgolo moruong wa rona le wa dinaha tsa boahisane ba rona le batho ba tsona. 

Dinaha tsena ha di na bopaki ba saense ba dipehelo tsena. Re a tseba hore kokwanahloko ena jwalo ka tse ding, e a ikatisa le ho etsa mefuta e meng. Re boetse re a tseba hore ho bobebe ho hlaha ha mefuta e meng ha batho ba sa enta. 

Ke ka hona he re bileng karolo ya dinaha tse ngata lefatsheng ka bophara tse neng di lwanela hore dinaha kaofela di fumane ente ka ho lekana. Re e boletsele le taba ya hore ho se fumane ente ka ho lekana, ha ho behe maphelo a batho kotsing feela, empa ho thefula le boiteko ba matjhaba ba ho lwantsha koduwa ena. Ho ropoha ha Omicron e tlameha ho ba thuto ho matjhaba hore ho se fumane ente ha ho a tlameha ho tswela pele. 

Re tla dula re le kotsing ho fihlela motho ohle a enta. Mefuta e metjha ya dikokwanahloko e tla dula e fumaneha ho fihlela motho ohle a enta. Mefuta ena e ka nna ya tshwaetsa ha bobebe, ya ho kudisa haholo le hona ho ba manganga ho ente. Bakeng sa hore dinaha tsena tse ruileng di nne di thibelle maeto ho tswa dinaheng tsena tse thuthuhang, di ka be di di tshehetsa ho hlahisa ente e lekaneng bakeng sa setjhaba sa 
tsona. 

Maafrika Borwa a heso, Ho ropoha hona ha Omicron le ho eketseha ha ditshwaetso, ke bopaki bo bontshang hantle hore kokwanahloko ena e sa le hole le ho fela. Re na le tsebo, boiphihlelo le disebediswa bakeng sa ho laola koduwa ena, ho tswela pele le mesebetsi ya letsatsi mmoho le ho aha botjha moruo. 

Re a tseba le hore naha ya rona e tlameha ho nka bohato bofe. Kaofela ha rona re tlameha ho enta. Kaofela ha rona re tlameha ho tswela pele le ho latela dipehelo tsa bophelo bo botle e leng 
ho apara dimonkwana, ho hlwekisa matsoho kgafetsa, ho qoba ho ba mokgoping le dibaka tse kwalehileng. 

Kaofela ha rona re tlameha ho hlokomela maphelo a rona le a bao re phelang le bona. Kaofela ha rona re tlameha ho nka karolo. Re ke se hlolwe ke koduwa ena. Re se re kgonne ho ithuta ho phela le yona. 

Re tla mamella, re hlole mme re tsitlallele ho ya pele. Modimo a hlohonolofatse Afrika Borwa le setjhaba sa yona. 
Ha e lale.
 

Share this page

Similar categories to explore