Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ka Moporesidente Cyril Ramaphosa

Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ka Moporesidente Cyril Ramaphosa Palamenteng, Motse Kapa

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha (NA), Mofumahadi Thandi Modise,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP), Monghadi Amos Masondo,
Motlatsa Moporesidente David Mabuza,
Moporesidente wa mehleng Thabo Mbeki le Mofumahadi Mbeki,
Motlatsa Moporesidente wa mehleng Ph
umzile Mlambo-Ngcuka,
Motlatsa Moporesidente wa mehleng Baleka Mbete,
Moahlodi a Moholo Mogoeng Mogoeng le ditho tse hlomphehang tsa Boahlodi,
Matona le Batlatsa Matona
Ditho tse Kgabane tsa NA,
Ditho tse Kgabane tsa NCOP,
Dini ya Lebatowa la Yuropa, e emetseng sehlopha sa bodipolomate, Motlotlehi, Ntate Beka Dvali,
Bamemuwa ka ho fapafapana,
MaAforika Borwa a heso,

Tsatsing lena, dilemong tse 31 tse fetileng, Nelson Mandela o ile a tswa dihekeng tsa Ntlwanatshwana ya Victor Verster jwalo ka motho ya lokolohile, e leng bopaki bo felletseng ba matla le sebete sa batho ba Aforika Borwa.

Bakeng sa dilemo tse ka bang dimiliyone tse 40, ho ile ha ba le tikoloho e makatsang motsung o qetellong ya kontinente ya rona.

Feinbos Biome e nammeng ho phatlalla le Kapa, e na le sebopeho se ikgethang semeleng sefe kapa sefe se fumanwang lefatsheng.

E ka phela lehlabuleng le tjhesang, mobung o ommeng ngo le mariheng a batang a tletseng pula. Ho fapafapana ha yona ho a makatsa.

Palesa ya rona ya naha, Porothiya, ke leloko la feinbos.

Selemong se fetileng ha ke ne ke bula Seboka sa Matsete sa Naha sa boraro, ke ile ka bua ka ditho tse ikgethang tsa Porothiya, tse tshwanang le semelo sa naha ya rona ka mekgwa e mengata.

Se ikgethang ka ho fetisisa ka feinbos ke hore, bakeng sa ho dula e phela, e hloka mollo.

Bonyane ha nngwe ka mora dilemo tse ding le tse ding tse mashome a mabedi, feinbos e tlameha ho tjha ka mollo o tjhesang tukutuku ho ntjhafatsa tikoloho le hore e hole botjha.

Lehlabula lohle, makala a tjheleng a dula a swabile. Empa ha dipula tsa lehwetla di kgutla, peo e a mela, mme bophelo ba yona bo qala qalong hape.

Dithaba di kgaba ka bophelo bo botjha jwalo ka ha dimela tse neng di bonahala di lahlehile di hlaha hape ebile di le matla le ho feta pele.

Rona batho ba Aforika Borwa, re fetile mathateng a tshosang selemong se fetileng.

Jwalo ka mollo o hlaha o tukang ho phatlalla le dithaba moo ho melang feinbos, sewa se bolayang se aparetse lefatshe, se siya masisapelo moo se fetileng.

Mme le ha ho le jwalo, jwalo ka feinbos ya naha ya lefatshe la habo rona, le rona re ipakile re le matla ka mekgwa e mengata.

Bakeng sa dilemo tse makgolo a mararo, re bile mahlatsipa a kgatello, ho nkelwa thepa le ho hloka toka.

Mme re hanne ho hloma ka lengole fatshe bakeng sa dilemo tse makgolo a mararo.

Malakabe a ho hloka toka a kanna ya ba a re entse mehwabadi, empa ha a ka a re qeta.

Pula ya demokerasi e tlisitse ntjhafalo le tswalo ya setjhaba se setjha.

Nako le nako re phahame ho tswa botebong ba lefifi, ho bona letsatsi le letjha.

Ha re sheba tshenyo e kgolo eo lefu lena le e bakileng, re a tseba hore jwalo ka feinbos, jwalo ka bohle ba kileng ba hata lefatsheng lena pele ho rona, le rona re tla phahama hape.

Nako e ka bang selemo e se e fetile ha esale Aforika Borwa e ba le lehlatsipa la pele la kokwanahloko ya corona, COVID-19.

Ho tloha ka nako eo, batho ba ka bang miliyone le halofo naheng ya rona ba tsebahala ba tshwaeditswe ke kokwanahloko.

Batho ba ho tsejwang ba hlokahetse ba feta 45 000.

Ka nqane ho dipalopalo tsena ho na le pale ya ditlokotsi le mahloko a batho.

Ha ho lelapa, setjhaba le sebaka sa mosebetsi seo motho e ba mo tsebang, ba sebetsang le ena mme ba mo rata a sa hlokahalang ka lebaka la bohloko bona.

Hape ke pale ya sebete le matla.

Sebete sa basebetsi ba ntlo ya kokelo – ba yang mosebetsing bakeng sa ho pholosa bophelo –letsatsi ka mora letsatsi, bosiu ka mora bosiu, ba tseba hore le bona ba kotsing ya tshwaetso.

Ke tlaleho e babatsehang ya sebete sa leponesa, lesole, mosebeletsi wa ditshebeletso tse ka sehlohong, mohlokomedi le bohle ba ka pele twantshong ya sewa sena, ba bolokileng naha ya rona e bolokehile, setjhaba sa rona se fepilwe mme moruo o ntse o tswela pele.

Ke pale ya ho ba ngatana nngwe le kutlwelo bohloko.

Ya setjhaba se emeng mmoho ho tobana le COVID-19 ka ditsela tse sokang di bonwa ho tloha matsatsing a pele a demokerasi.

Koduwa ena e senotse semelo sa nnete sa setjhaba se tsotehang sa rona ho feta eng kapa eng.

E behile moya wa batho ba hanneng ho hlolwa pontsheng.

Ke moya ona wa Aforika Borwa o tlamehang ho susumetsa maikemisetso a rona a ho aha moruo o motjha mme o lekanang mmoho le setjhaba se betere, se nang le toka.

Selemo sena se hodimo se tlameha ho ba nako ya phetoho, bakeng sa tswelopele le ho qala botjha.

Se tlameha ho ba selemo se re phahamang ka sona.

Sena ha se selemo se tlwaelehileng, le Puo ena ya Boemo ba Naha ha se e tlwaelehileng.

Ka hoo, mantsiboheng ana ke tla tsepamisa maikutlo ho dintho tse tlang pele selemong sa 2021.

Ntlha ya pele ke hore, re tlameha ho hlola sewa sa kokwanahloko ya corona.

Ya bobedi ke hore, re tlameha ho potlakisa ho iphumana ha moruo wa rona.

Ya boraro ke hore, re tlameha ho kenya metjha ya ho hlabolla moruo tshebetsong, bakeng sa ho theha mesebetsi ya moshwelella le ho tlisa kgolo bakeng sa bohle.

Ya ho qetela ke hore, re tlameha ho lwantsha bobodu le ho matlafatsa Naha.

Dibekeng tse tlang, re tla sekaseka dintlha tse ding tsa bohlokwa tsa lenaneo la mmuso la selemo sena.

Ntho ya bohlokwa bakeng sa ho iphumana ha naha ya rona ke ho lwantsha kokwanahloko ya corona ka hohlehohle mme re sa kgaotse, hore re e hlole.

Aforika Borwa e qeta ho ba le leqhubu la bobedi la ditshwaetso ha esale COVID-19 e fihla naheng ya rona ka Tlhakubele ngwahola.

Ka lebaka la mofuta o motjha wa kokwanahloko, leqhubu lena la bobedi le ne le le lebe haholo mme le bolaile batho ba bangata ho feta la pele.

Le ha ho le jwalo, le kabe le bolaile batho ba bangata ho feta moo.

Ha re ne re sa potlakela ho thibela motsamao le diketsahalo tse ding, re sa hlophisa ditheo tsa bophelo, ha maAforika Borwa a ne a sa hlomphe melao e bobebe ya bophelo, masisapelo a entsweng ke kokwanahloko ena a kabe a le maholo ho feta mona.

Monongwaha re tlameha ho etsa ka hohle ka moo re ka kgonang ho laola le ho hlola sewa sena.

Hona ho bolela ho tiisa matsapa a thibelo le ho matlafatsa metjha ya bophelo.

Ho bolela le hore re tlameha ho ba le letsholo le leholo la ho enta bakeng sa ho pholosa maphelo le ho fokotsa sekgahla sa tshwaetso setjhabeng sohle.

Pejana hona bekeng ena, re ile ra tsebiswa hore enngwe ya di ente tseo re neng re di rekile ya AstraZeneca, e tshireletsa tshwaetsong tse bobebe ho isa ho tse mahareng fela tsa mofuta o motjha o tsejwang ka 501Y.V2.

Hona ke ho ya ka diphihlello tse ntjha tsa diphuputso tse entsweng ke borasaense le boradiphuputso ba rona.

Re thoholetsa boramahlale bana bakeng sa ho etella dipatlisiso tsena pele le ho fana ka bopaki bo botjha bo bohlokwa bakeng sa ho thusa diqeto tsa rona.

Jwalo ka ha mofuta ona wa kokwanahloko e le ona o mongata naheng ya rona hajwale, diphihlello tsena di bapala karolo ya bohlokwa bakeng sa sekgahla, mofuta le tatellano ya lenane la ente ya rona.

Le ha e sa tlameha ho diehisa ho qala ha letsholo la ho enta haholo, e tla ama kgetho ya diente le mokgwa wa ho di sebedisa.

Mokgahlelo wa pele wa letsholo la rona la ho enta, le reretsweng ho tsepamisa maikutlo ho basebetsi ba bophelo le basebetsi ba bang ba ka pele twantshong ya kokwanahloko ena, o se o tla sebedisa ente ya Johnson & Johnson, e ho bontshitsweng e ka sebetsa hantle kgahlano le mofuta ona wa 501Y.V2.

Re beheleditse marothodi a dimiliyone tse robong a ente ya Johnson & Johnson.

Moqeqeko wa pele, wa marothodi a 80 000, o tla fihla naheng bekeng e tlang.

Meqeqeko e latelang ya marothodi a 500 000 a ente ya Johnson & Johnson e tla fihla dibekeng tse nne tse tlang.

Diporofense tsohle di se di qadile ka ho etsa maano a letsholo la ho enta mme di se di emetse ha marothodi a pele a ente a fihla.

Ke lakatsa ho leboha diporofense tsohle bakeng sa ka moo ba leng malala a laotswe ka teng bakeng sa mosebetsi ona wa tonanahadi oo re tlo kena ho ona.

Ntle le moo, re beheleditse marothodi a ente a dimiliyone tse 12 setsing sa COVAX sa lefatshe.

Sena se tla tshehetswa ke diente tse ding tseo Aforika Borwa e ka di fumanang ka tshehetso ya Setsi sa Sehlopha sa Tshebetso ya ho Fumana Diente sa Aforika sa Mokgatlo wa Dinaha tsa Aforika (AU).

Pfizer e tshepisitse marothodi a ente a dimiliyone tse 20, a tla qala ho romelwa mafelong a kotara ya pele ya selemo.

Re sa tswela pele ho buisana le bahlahisi ba diente hore re etse bonnete ba hore re reka marothodi a lekaneng a ente a lokelang boemo ba rona.

Bophelo le polokeho ya setjhaba sa rona di dula di le bohlokwa haholo ho rona.

Meriana yohle e hlahang dinaheng tse ka ntle e a lekolwa, e bewe ditekong, e fuputswe, e hlahlojwe le ho dumellwa ke Lekgotla la Taolo ya Dihlahiswa tsa Bophelo la Aforika Borwa (SAHPRA) ha e fihla ka hara naha.

Re tla tswela pele ho sebedisa lewa le itshetlehileng ho saense le re sebeleditseng hantle ho tloha matsatsing a ho qala a sewa sena.

Katleho ya letsholo la ho enta e itshetlehile ho tshebedisano mmoho e hlwahlwa ya mahlakore ohle a setjhaba.

Re kgothatswa haholo ke ho nka karolo ho hlwahlwa ha dikgwebo, basebetsi, lekala la bophelo le ditheo tsa bongaka, haholoholo ka ho hlophisetsa letsholo lena le leholo la ho enta.

Jwalo fela ka ha re kile ra hlola, re ntse re tla hlola hape mme re phahame.

Empa ha se bohloko bona fela bo re tlamehang ho bo hlola.

Re tlameha ho hlola bofuma, tlala, tlhokeho ya mesebetsi le ho se lekalekane.

Re tlameha ho hlola nalane ya kgethollo le ho nkelwa thepa, ho tswelang pele ho futsanehisa setjhaba sa rona, ho bileng ho totisitswe ka ho fetisisa ke sewa sena.

Ha ke ne ke fana ka Puo ya Boemo ba Naha ka hara Ntlo ena ngwahola, ha ho mang kapa mang wa rona a neng a ka nahana hore – nakong ya dibeke fela – naha ya rona le lefatshe la rona di tlabe di fetohile haholo hakana.

Maano a rona a ile a tlameha hore a fetolwe hore a tsamaellane le ditlhoko tsa sewa sena se hlasetseng lefatshe.

Ditekanyetso tsa tjhelete di ile tsa tlameha ho etswa hape hore di thuse moo tjhelete e hlokehang haholo mme mananeo a mangata a ile a tlameha ho tjhetjhiswa.

Selemong se fetileng, moruo wa Aforika Borwa o ile wa putlama ka sekgahla mme tlhokeho ya mosebetsi ya nyoloha ka mokgwa o makatsang.

Bofuma bo hlwele mekwalaba. Ho se lekakene ho ntse ho teba.

Sehleng sa boraro sa selemo sa 2020, moruo wa rona o ne o le tlase ka diperesente tse tshelela papisong le sehla sa ho qetela sa selemo sa 2019.

Palo ya batho ba sa sebetseng e ile ya nyoloha ka dimiliyone tse 1,7 sehleng sa boraro saselemo sa 2020 papisong le sehla sa pele, pele re hlaselwa ke sewa.

Hajwale tlhokeho ya mosebetsi e etsa diperesente tse 30.8.

Ka lebaka la metjha ya kimollo eo re e kentseng tshebetsong le mekgahlelo ya ho bulela moruo hape, re lebelletse ho bona ho iphumana ho hoholo ho tsa mesebetsi mafelong a selemo.

Jwalo ka ha re sebeditse bakeng sa ho laola ho nama ha kokwanahloko ena, re ile ra tlameha le ho nka mehato e meholo bakeng sa ho tshehetsa setjhaba sa Aforika Borwa, ho thusa dikgwebo tse imetsweng le ho tshireletsa metjha ya ho iphedisa ya setjhaba.

Leano la Thuso ya Setjhaba le Moruo le re le hlahisitseng ngwahola ka Mmesa, ke thuso e kgolo ka ho fetisisa ya mofuta wa yona nalaneng ya naha ya rona.

E hlwaile mehato ya boleng ba dibiliyone tse 500 tsa diranta – kapa e ka bang diperesente tse 10 tsa boleng ba dihlahiswa le ditshebeletso tsohle tsa naha – bakeng sa ho fa malapa a kojwana di mahetleng tjhelete ka kotloloho, ho tshehetsa meputso ya basebetsi le ho thusa dikgwebo tse hulang ka boima ka mekgwa e fapaneng.

Batho ba dimiliyone tse 18, kapa ba ka bang 1/3 ya setjhaba, ba fumane ditefo tsa tlatsetso tsa diphallelo ka mehato ena ya dithuso.

Ho dumelwa hore diphallelo tsena di phahamiseditse batho ba fetang dimiliyone tse hlano ka hodima moedi wa bofuma ba ho se kgone ho reka dijo, di thusitse ho fedisa tlala ka nako ya koduwa e kgolo.

Ho fihlela hajwale, tshehetso ya mekgolo ya tjhelete e fetang dimiliyone tse 57 tsa diranta e se e lefuwe basebetsi ba fetang dimiliyone tse 4,5 ka Letlole le ikgethang la Inshorense ya Batho ba sa Sebetseng le la Nakwana le Thusang Monga Mosebetsi le Mosebeletsi (TERS).

Hofanwe ka biliyone le kotara ya diranta haholoholo bakeng sa ho tshehetsa dikgwebo tse nyane le tse mahareng.

Ntle le moo, dikgwebo tse imetsweng di fumane thuso ya kimollo ya lekgetho e fetang dibiliyone tse 70 tsa diranta.

Ho se ho amohetswe dikadimo tsa tjhelete tse ka bang dibiliyone tsa diranta tse 18,9 bakeng sa dikgwebo tse 13 000 ka Morero wa Tiisetso ya Kadimo.

MaAforika Borwa a heso,

E se e le dikgwedi tse ka bang nne ho tloha ha ke ne ke eme ka pela seboka sa kopanelo sa Palamente ena, ho bua le setjhaba ka Leano la Kaho Botjha ya Moruo le la ho o Tsoseletsa.

Phirimaneng ena, ha re eme mona ho tla etsa ditshepiso empa ho tlaleha ka kgatelopele ya ho kenywa tshebetsong ha leano la ho tsoseletsa moruo le dikgato tse ka sehlohong tse re tlamehang ho di nka bakeng sa ho kgutlisa kgolo le ho theha mesebetsi.

Ho tloha ha ho ne ho thakgolwa leano lena, re tsepamisitse maikutlo ho dithuso tse nne tse ka sehlohong:

  • ho thakgolwa ha meralo ya motheo ka ho phatlalla le naha,
  • keketso e kgolo ya dihlahiswa tsa naha,
  • tshusumetso ya ho theha mesebetsi le ho tshehetsa mekgwa ya ho iphidisa, le
  • katoloso e potlakileng ya matla a rona a ho fehla motlakase.

Re phatlaladitse hore re tla kena letsholong le leholo la ho thakgola meralo ya motheo ho phatlalla le naha.

Re tsbile hore ho fihlela morero ona re hloka ho aha bokgoni le tsebo ya mesebetsi ya mahlale ka botsitso ka hara mmuso bakeng sa ho hlophisa le ho tsamaisa diporojeke tse kgolo tsa meralo ya motheo.

Hajwale re se re thehile motjha wa matsete a meralo ya motheo wa dibiliyone tse 340 tsa diranta ho diindaseteri tsa marangrang tse jwalo ka motlakase, metsi, dipalangwang le marangrang a dipuisano.

Diporojekeng tse ngata ho se ho qadile ho ahwa mme ho ntse ho kgathwa tema e bonahalang.

Ho tloha ha re ne re phatlalatsa Leano la Kaho Botjha ya Moruo le ho o Tsoseletsa, re se re thakgotse diporojeke tse pedi tse kgolo tsa bodulo ba batho tse tla fana ka matlo ho malapa a ka bang 68 000 porofenseng ya Gauteng.

Ho rerilwe diporojeke tse tshwanang le tsena tsa bodulo ba batho le diporofenseng tse ding.

Dilemong tse pedi tse fetileng, ke ile ka bua ka toro ya ho aha ditoropo tse ntjha tse tla re thusa hore re lebale ka ntshetsopele ya kgethollo.

Ditoropo tse ntjha tsa ka mora kgethollo di ntse di lohothwa dibakeng tse ngata tsa naha ya rona.

Lanseria Smart City, toropo ya pele ya ho ahwa ho Aforika Borwa e nang le demokerasi, e se e motjheng wa ho ba teng.

Moralo wa smart city ena – e tla ba lehae la batho ba pakeng tsa 350 000 ho isa ho halofo ya miliyone dilemong tse leshome tse tlang – o phethetswe ka Pudungwana 2020 mme jwale o se o batla maikutlo a setjhaba.

Ho ntse ho ba le kgatelopele mererong e mengata e meholo ya meralo ya motheo ya metsi.

Tsona di akga ka hare Karolo ya 2A ya Mokolo le Porojeke ya Noka ya Crocodile, le Porojeke ya Metsi ya uMkhomazi.

Morero wa Matsete a Meralo ya Motheo o bontsha merero ya ditsela ya dibiliyone tse 19 tsa diranta e akaretsang mokokotlo wa marangrang a ditsela tsa Aforika Borwa.

Mosebetsi wa ho phethela moralo wa tjhelete wa diporojeke tsena o ntse o tswelapele.

Disebediswa di ntshitswe mokotleng bakeng sa ho tshehetsa kaho le tokiso ya mmila e meholo ya N1, N2 le N3.

Merero ena ya meralo ya motheo e tla lebisa ho tsosoloso ya indaseteri ya kaho le ho theha mesebetsi e hlokwang haholo.

Letlole la Meralo ya Motheo la dibiliyone tse 100 tsa diranta le se le sebetsa ka botlalo.

Letlole lena le tla kopanya disebediswa ho tswa mokotleng le tshehetsong ya tjhelete e tswang makaleng a poraefete le ditheo tsa ntshetsopele.

Metjha ya diporojeke ya lona e dumelletsweng ya 2021 e fapafapane mme e akga ka hare Lenaneo la Kaho ya Bodulo ba Baithuti le ikemiseditseng ho fa baithuti ba 300 00 bodulo.

Porojeke e nngwe e dumelletsweng ke ya SA Connect, ka lenaneo la ho kenya marangrang a inthanete dikolong, dipetlele, diteisheneng tsa maponesa le ditheong tse ding tsa mmuso.

Thuso ya bobedi e ka sehlohong ya ho tsoseletswa ha moruo ke ho tshehetsa keketso e kgolo ya tlhahiso ya naha le ho etsa hore dihlahiswa tsa Aforika Borwa tse romelwang dinaheng tse ka ntle di kgone ho hlodisana le tsa lefatshe lohle.

Sena se tla kgothaletsa matsete a maholo ho tswa ho makala a poraefete mesebetsing ya tlhahiso.

Sa bohlokwa leanong lena ke boitlamo bo ntjhafaditsweng bo tswang ho mmuso, kgwebo le basebetsi hore ba reke dihlahiswa tsa naha.

Boitlamo bona bo tlameha ho eketsa dihlahiswa tsa naha, e leng se tla tsoseletsa lekala la tlhahiso.

Jwalo ka ha e le tumellano ya yona ya setjhaba, balekane bohle ba setjhaba ba nkileng karolo ho ntshetso pele ya Leano la Kaho Botjha ya Moruo le Tsoseletso ya ona, ba dumetse ho sebetsa mmoho bakeng sa ho fokotsa tshekamelo ya rona ho dihlahiswa le ditshebeletso tse hlahang dinaheng tse ka ntle ka diperesente tse 20 ilemong tse hlano tse tlang.

Ba supile dihlahiswa tse 42 – ho tloha ho dioli tse jewang ho isa ho thepa, mekedikedi ya ditholwana, diaparo tsa tshireletso, dihlahiswa tsa tshepe le disebediswa tsa moruo o motala – tse ka fumanwang dibakeng tsa rona.

Ha re ka fihlella pehelo ya rona, re tla eketsa moruo wa rona wa tlhahiso haholo, mme o ka nna wa kgutlisetsa dibiliyone tse 200 tsa diranta ka hara naha selemo le selemo.

Ngwahola re itlamme ho theha mmaraka o moholo bakeng sa dikgwebo tse nyane mme re kgethe dihlahiswa tse 1 000 tse hlahisitsweng ka hara naha, tse tlamehang ho rekwa ho tswa dikgwebong tse nyane, tse mahareng le tse ntseng di thuthuha (di-SMME).

Jwalo ka ha sewa sa COVID-19 se qobelletse ho kwalwa ha metjha ya tlhahiso ya lefatshe, re atlehile ho potlakisa mohato ona jwalo ka ha metjha ya phepelo ya lehae e ile ya buleha bakeng sa dihlahiswa tse entsweng ka hara naha.

Ho fihlela hajwale, Kabinete e dumelletse Leano le Tsepamisitseng Maikutlo ho Metjha ya Selehae ya Dikgwebo tse Nyane, tse Mahareng le tse Ntseng di Thuthuha tse supileng dihlaiswa tsena tse 1 000.

Ho feta mona, mafapha a Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le Kgwebisano, Makala le Tlhodisano a tshehetsa Dikgwebo tse Nyane, tse Mahareng le tse Ntseng di Thuthuha ho fihlella mebaraka e meholo ya lehae le ya matjhabatjhaba.

Matsapa ana a tshehetswa ke mananeo a matla a tshehetsang tlhahiso.

Puong ya Boemo ba Naha ya ngwahola, ke ile ka re pono ya rona ya ho etsa diindaseteri e tshehetswa ke maano a maholo a ho ntjhafatsa le ho hodisa diindasteri tsa bohlokwa.

Hajwale maano a mane a ka sehlohong ao e leng karolo ya tumellano ya rona ya setjhaba e pakeng tsa basebetsi, dikgwebo, mmuso le setjhaba a seng a phethetswe mme a saennwe – a se a bile le tshusumetso diindasetering tsa ona.

Ka ho kenngwa tshebetsong ha Leano le Leholo la Dikgoho, indaseteri e tsetetse dimiliyone tse 800 tsa diranta bakeng sa ho ntlafatsa tlhahiso.

Hajwale Aforika Borwa e hlahisa dikgoho tse ding tse miliyone beke le beke.

Leano le Leholo la Tswekere le ile la saenwa ka nako eo ho ntseng ho thibetswe metsamao le ditshebeletso tse itseng, ka boitlamo ba basebedisi ba baholo ba tswekere ba ho reka bonyane diperesente tse 80 tsa tswekere ho tswa ho balemi ba naha.

Ka lebaka la ho kenngwa tshebetsong ha leano lena, tlhahiso ya naha e ile ya hola ngwahola mme ho reka tswekere dinaheng tse ka ntle ho ile ha theoha, mme ha tlisa botsitso indasetering ena e nang le basebetsi ba ka bang 85 000.

Tshehetso bakeng sa dihwai tse nyane tsa batho ba batsho e ekeditswe, mme mohlahisi e moholo wa dino o tshepisitse ho reka ho bona haholo.

Ho tloha ha ho ne ho saenwa Leano le Leholo la Diaparo, Malapi, Dieta le Letlalo ka kgwedi ya Pudungwana 2019, indaseteri e tsetetse tjhelete e fetang halofo ya biliyone ya diranta bakeng sa ho hodisa ditshebeletso tsa naha tsa tlhahiso, ho kenyeletsa le Dikgwebo tse Nyane, tse Mahareng le tse Ntseng di Thuthuha.

Re sebeditse mmoho le lekala la dipalangwang bakeng sa ho lwantsha sewa sena.

Ha selemo se fela, lekala lena le ne le kgutlisitse diperesente tse 70 tsa tlhahiso ya lona ya selemo, maemong a boima.

Bekeng e fetileng, Khamphani ya Dipalangwang ya Ford e phatlaladitse matsete a dibiliyone tse 16 tsa diranta bakeng sa ho hodisa setsi sa bona sa tlhahiso Tshwane bakeng sa tlhahiso ya baki e latelang ya Ford Ranger.

Matsete ana a tla tshehetsa kgolo ya dikgwebo tse ka bang 12 tse nyane le tse mahareng tse hlahisang likarolo tsa dipalangwang.

Hoo e ka bang halofo ya tjhelete e sebedisetswang kaho dibakeng tse kgolo le meahong e meholo ya Sebaka se Ikgethang sa Moruo sa Tshwane e tlo abelwa Dikgwebo tse Nyane, tse Mahareng le tse Ntseng di Thuthuha mokgahlelong ona, ke tjhelete e ka lekanang le dibiliyone tse 1,7 ya phano ya menyetla.

Toyota e tsetetse setheong sa yona se KwaZulu-Natal bakeng sa ho qala tlhahiso ya mofuta wa pele wa dipalangwang tsa motlakase tse tla etswa Aforika Borwa.

Sena se latela diphatlalatso tsa matsete tsa Nissan, Mercedes Benz le Isuzu tsa ditsi tsa tlhahiso tse ekeditsweng, tseo tsohle di tiisang boemo ba Aforika Borwa jwalo ka monkakarolo tlhahisong ya lefatshe ya dipalangwang.

Monongwaha re tlo tsepamisa maikutlo ho ho kgutlisetsa indaseteri tlhahisong e felletseng, ho kenya Letlole la Boradiindaseteri ba Batho ba Batsho tshebetsong le ho sebetsana le motjha o motjha wa kgwebisano e ekeditsweng ya dipalangwang le kontinente yohle.

Ena e tla ba karolo ya matsapa a rona a maholo a ho matlafatsa lekala la tlhahiso.

Monongwaha re tla qala ho sebedisa menyetla e hlahiswang ke Leano la Kgwebisano e Lokolohileng ya Kontinente ya Aforika (AfCFTA), le keneng tshebetsong ka la 1 Pherekgong, ka mora ho amohelwa ha Tsebiso ya Johannesburg ke Mokgatlo wa Dinaha tsa Aforika (AU).

AfCFTA e fana ka motjha wa hore dikgwebo tsa Aforika Borwa di eketse tshebetso ya tsona ka ho kena dimmarakeng ho phatlalla le kontinente, le hore Aforika Borwa e ipehe e le yona monyako wa ho kena kontinenteng.

Bakeng sa ho rarolla ho se lekalekane ho tebileng setjhabeng sa rona, re tlameha ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha maano a phatlalletseng a matlafatso ya batho ba batsho moruong ka ho ba beng ba moruo, ho o laola le ho o tsamaisa.

Ngwahola mmuso o ile wa etsa ditumellano tsa bohlokwa le dikhamphani tse tla ntshetsa matlafatso ya batho ba batsho pele moruong ka ho etsa basebetsi ba tsona beng ba dikgwebo.

Ngwahola ka kgwedi ya Pudungwana, re ile ra tshwara Seboka sa rona sa boraro sa ho Tsetela Aforika Borwa bakeng sa ho lekola ho phethahatswa ha ditshepiso tse entsweng nakong e fetileng le ho tlisa matsete a matjha moruong wa rona.

Le tlasa maemo a boima a moruo, seboka sena sa matsete se atlehile ho bokella ditshepiso tse ding tsa ho tsetela dibiliyone tse 108 tsa diranta.

Mmoho le matsete a netefaditsweng dibokeng tse pedi tse fetileng, re se re fumane ditshepiso tsa matsete tsa dibiliyone tse 773 tsa diranta ho isa sepheong sa rona sa dilemo tse hlano sa ho fihlella ditiriliyone tse 1,2 tsa diranta.

Difeme di tlalehile hore dibiliyone tse 183 tsa diranta tsa matsete ana di se di kentswe diporojekeng tse thusang moruo wa Aforika Borwa.

Hona ho a bontsha hore naha ya rona e ntse e le sebaka se hohelang bakeng sa ho tsetela ha dikhamphani tsa lehae le tsa mose ho mawatle.

Re sebeditse bakeng sa ho tlisa matsete ka ho eketsa bobebe ba ho etsa kgwebo, ho kenyeleditse le ho etsa ho be bobebe ho qala kgwebo.

Ngwahola, dikhamphani tse ntjha tse fetang 125 000 di ngodisitswe ka motjha wa BizPortal, beng ba tsona ba phethela ngodiso nakong ya dihora fela ba le matlong a bona kapa diofising.

Re etsa ho be bobebe bakeng sa kgwebo hore e etse kgwebo.

Thuso ya rona ya boraro e ka sehlohong ke tshusumetso ya mesebetsi bakeng sa ho theha mesebetsi le ho tshehetsa ho iphedisa.

Mafapha a poraefete a tla theha mesebetsi e mengata diindasetering tse ngata ha moruo o ntse o iphumana.

Re tla tswela pele ho sebetsa le makala a poraefete bakeng sa ho theha maemo a etsang hore ho be bobebe ho theha mesebetsi.

Tshebedisano mmoho ya rona le makala a poraefete e tsheheditswe ke boitlamo bo hlakileng ba ho hodisa moruo wa rona le ho theha mesebetsi.

Le ha ho le jwalo, makala a mmuso a na le maikarabelo a ho susumetsa theho ya mesebetsi; ka thuso ya maano a yona mmoho le menyetla e otlolohileng ya ho theha mesepetsi.

Leano la Moporesidente la Tshusumetso ya Mesebetsi ke le leng la maano a bohlokwa a katiso ya khiro setjhabeng sa Aforika Borwa.

Ha kgwedi ya Pherekgong 2021 e fela, menyetla e fetang 43 000 e ne e se e tsheheditswe ka tshusumetso ena.

Hajwale menyetla e meng e 180 000 e mothating wa ho hira.

Menyetla ena e dibakeng tse jwalo ka tsa thuto, bonono le setho, ditshebeletso tsa lefatshe lohle tsa kgwebo, ntshetsopele ya thuto ya bana ba dilemong tsa ho hlophisetswa ho ya sekolong (ECD), le balemi ba boemo bo tlase ba lemelang ho iphepa le ho rekisa moo ba dulang.

E kenyeletsa mananeo a tikoloho a jwalo ka ho rema difate tse sa tsejweng tse sa lengwang, tlhabollo ya dibaka tse mongobo, thibelo ya mollo, le ho hlwekisa le ho jala botala bomasepaleng bohle.

Mananeo ana ke a maphelo a nnete le mesebetsi ya nnete.

Palo e ka bang halofo ya miliyone ya batho e na le lekeno hajwale, ka ho sibolla tsebo tse ntjha le ho kenya letsoho sethabeng sa bonale moruong wa naha.

Re tla tswela pele ho tshehetsa mesebetsi ha fela ho hlokeha ha mmaraka wa mesebetsi o ntse o iphumana, le ha re sa sebetsana le ho kgothaletsa kgolo e matla e bileng e tsitsitse makaleng a poraefete.

Puong ya Boemo ba Naha ya ngwahola, ke ile ka phatlalatsa hore Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha le Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane a tla fana ka tjhelete ya diphallelo le tshehetso ya dikgwebo ho batjha ba borakgwebo ba 1 000 nakong ya matsatsi a 100, e le ho rarolla phephetso e kgolo ya batjha ba sa sebetseng eo naha ya rona e tobanebg le yona.

Le ha lenaneo lena le ile la tlameha ho emiswa nakwana ka lebaka la dithibelo tse tlisitseng ke kokwanahloko ya corona, le ntse le atlehile ho fihlella pehelo ya lona ya dikgwebo tse 1 000 ka Letsatsi la Matjhaba la Batjha la di 12 Phato 2020.

Hona ho fana ka motheo o tsitsitseng bakeng sa matsapa a ho tshehetsa ho thehwa ha dikgwebo tse 15 000 ka selemo sa 2024.

Ngwahola re itse re tla theha Kgokahano ya Naha ya Tsamaiso ya Menyetla bakeng sa ho fana ka tshehetso le menyetla ho batjha ba naho ka bophara.

Ke batla ho kgothalletsa motjha e mong le e mong wa Aforika Borwa ho ikopanya le batho ba dimiliyone tse 1,2 ba seng ba le kgokahanong eo, mme ba nke mehato e pele e isang bokamosong bo tjhabileng.

Ka hara mathata a mangata ao setjhaba sa rona se ileng sa tlameha ho feta ho ona ngwahola, tshitiso ya ho ya sekolong e ile ya beha morwalo o moholo ho barutwana, matitjhere le malapa.

Ho sa natse hona, baile ba nna ba tsitlalla.

Maikemisetso a rona a ka sehlohong monongwaha ke ho kgutlisa nako e lahlehileng le ho ntlafatsa sephetho sa thuto, ho tloha dilemong tsa pele tsa ho ya sekolong ho isa ho sekolo se phahameng le thuto ya kamora sekolo le thupelo.

Maikemisetso a bone a ka sehlohong a Kaho botjha ya Moruo le Leano la Tsoseletso ke ho potlakisa keketso ya matla a ho fehla motlakase.

Ho kgutlisetsa Eskom maemong a matle a tshebetso le a ditjhelete le ho potlakisa ntlafatso ya yona ho bohlokwa haholo bakeng sa sepheo sena.

Eskom e hlophisitswe botjha hore e be le dikoto tse tharo bakeng sa tlhahiso, phetiso le kabo.

Sena se tla rala metheo ya tsamaiso e matla, ya sejwale-jwale e nang le tlhodisano.

Eskom e ntse e hatela pele haholo ka tlhokomelo e matla le mananeo a tshebetso e tswileng matsoho bakeng sa ho ntlafatsa botshepehi ba phepelo ya yona ya mashala.

Re sebetsa mmoho le Eskom dikopong tsa ho ntlafatsa maemo a yona a ditjhelete, ho laola mekitlane ya yona le ho fokotsa ho itshetleha ho dithuso tsa ditjhelete hotswa ho mmuso ha yona.

Sena se hloka hore ho hlahlojwe metjha ya lekgetho botjha bakeng sa ho netefatsa hore e hlahisa ditjeho tsohle le mehato ya ho rarolla bothata ba mokitlane wa masepala.

 Ka kgwedi ya Tshitwe 2020, mmuso le balekane ba ona ba setjhaba ba saenne Tumellano ya Eskom ya Setjhaba e entseng nalane, e hlalosang mehato ya bohlokwa eo re tlamehang ho e nka ka kopanelo kapa jwalo ka mabatowa ka bonngwe ba ona, bakeng sa ho fihlella ditlhoko tsa naha tsa motlakase hajwale kapa nakong e tlang.

Ngwahola re ile ra nka mehato bakeng sa ho eketsa matla a ho fehla motlakase haholo mme ka potlako bakeng sa ho eketsa motlakase oo Eskom e o fehlang:

  • Lefapha la Mehlodi ya Dimenerale le Motlakase le tla phatlalatsa bareki ba atlehileng ba 2 000 megawatts (MW) tsa motlakase wa tshohanyetso.
  • Melao e hlokahalang e se e ntlafaditswe mme tse hlokahalang bakeng sa hore bomasepala ba reke motlakase hotswa ho bahlahisi ba ikemetseng ba motlakase di hlalositswe. Ho na le metjha e kentsweng tshebetsong bakeng sa ho tshehetsa bomasepala ba tshwanetseng.
  • Haufinyana mmuso o tla be o qala motjha wa ho reka motlakase o mong o etsang 11 800 MW ho tswa ho motlakase o ntjhafatswang, kgase ya tlhaho, polokelo ya dibeteri le mashala ho latela Leano le Kopaneng la Disebediswa la 2019.

Ntle le mosebetsi ona, Eskom e lekanya hore, ntle le matla a mang, ho tla ba le kgaello ya phepelo ya motlakase e pakeng tsa 4 000 le 6 000 MW dilemong tse hlano tse tlang, jwalo ka ha bophelo ba ditsha tsa kgale tsa ho fehla motlakase ka mollo wa mashala bo fihla pheletsong.

Jwalo ka karolo ya mehato ya ho rarolla bothata bona, dibekeng tse tlang re tla ntsha memo ya dikopo bakeng sa 2 600 MW ho tswa ho motlakase wa moya le matla a letsatsi jwalo ka karolo ya Mokgahlelo wa Bohlano wa ho Etsa Dikopo (Bid Window 5).

Sena se tla latelwa ke mokgahlelo o mong wa dikopo ka kgwedi ya Phato 2021.

Ditlhahlobo tsa moraorao tjena di sisinya hore ho bebofatsa ditlhoko tsa laesense bakeng sa diporojeke tse ntjha tsa ho fehla motlakase ho ka bula matla a eketsehileng a ho fihlella ho 5 000 MW le ho thusa ho bebofatsa ditlamorao tsa ho imollwa ha motlakase.

Ka hoo, re tla ntlafatsa Tlhophiso ya 2 ya Molao wa Taolo ya Motlakase, ya 2006 (Molao wa bo 4 wa 2006) dikgweding tse tharo tse tlang bakeng sa ho eketsa moedi wa laesense bakeng sa ho fehla motlakase.

Sena se tla kenyeletsa dipuisano ka hara bankakarolo ba bohlokwa boemong boo moedi o motjha o tlamehang ho bewa le ho phethelwa ha maano a matjha a hlokahalang.

Eskom e se e qadile mosebetsi wa ho potlakisa tshebetso tsa yona tsa kgwebo le tsa tekgeniki bakeng sa ho dumella hore matla ana a mang a kene ka hara marangrang ntle le ho dieha ho sa hlokahaleng.

Ha re ntse re bokella disebediswa tsohle tseo re nang le tsona bakeng sa ho tshehetsa ho iphumana ha moruo, re ke ke ra lebala kotsi e bakwang ke phetoho ya maemo a lehodimo (tlelaemete) bophelong ba tikoloho, ntshetsopeleng ya setjhaba le moruo le ho kgolo ya moruo.

Ka hoo, re ntse re sebeletsa ho phetha ditshepiso tsa rona ka tlasa Tumellano ya Leano la Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Phetoho ya Maemo a Lehodimo (Tlelaemete) le Tumellano ya yona ya Paris e kenyeletsang ho fokotsa kgase e e tswang ntlong e tala.

Eskom, e leng setheo se seholo se ntshang kgase e hlahang ntlong e tala, e tshepisitse hore e tla be e ntsha kgase e lekaneng (net zero) ka selemo sa 2050 mme e tla eketsa matla a yona a ntlafaditsweng.

Eskom e tlabe e batla ho sebedisana mmoho le batsetedi bakeng sa ho rera botjha le ho matlafatsa karolo e nngwe ya setsi sa yona sa mashala hape.

Jwalo ka karolo ya phetoho e lokileng, sena se tla etswa ka tsela e susumetsang matsete, tshebetso ya moruo wa lehae le tlhahiso ya lehae.

Mosebetsi wa rona ho phethoho ya maemo a lehodimo o tla tataiswa ke Khomishene ya Moporesidente ya Bohokahanyi ho Phetoho ya Maemo a Lehodimo, e tla kopana lekgetlo la pele kgweding ena.

Khomishene e tla sebetsana le leano le lokileng la ho fetohela ho moruo o khabone e tlase (e sa silafatseng moya) le setjhaba se mamellang maemo a lehodimo.

Re ke ke ra fihlella sekgahla se phahameng sa kgolo le mesebetsi ha eba re sa sebedise meralo ya tlhabollo ya moruo.

Dintlafatso tsena di bohlokwa bakeng sa ho fokotsa ditjeho le ditshitiso tsa ho kena, ho eketsa tlhodisano, ho susumetsa matsete a matjha le ho etsa sebaka bakeng sa ba batjha mmarakeng.

Mosebetsi ona o susumetswa ke Letsholo la Vulindlela, le kenyeletsang sehlopha sa Lefapha la Matlotlo a Naha le kantoro ya Moporesidente.

Letsholo la Vulindlela le tsepamisitse maikutlo hodima ntlafatso ho makala a motlakase, metsi, marangrang a dipuisano le dipalangwang, mmoho le ho ntlafatso ya ditshebeletso tsa rona tsa di-visa le bojaki.

Ho phethelwa ha ho fetohela ho ditshebeletso tsa dijithale ho bohlokwa haholo bakeng sa bokgoni ba rona ba ho sebedisa menyetla e mengata e tliswang ke phetoho ya theknoloji.

Ka mora ho dieha ho hongata, re tla qala mekgahlelo ya rona ya ho fedisa dithelebishene tsa analoko ho tloha kgweding e tlang.

Ho lebelletswe hore tshebetso ena, e tla etswa porofense ka perofense, e tla phethelwa mafelong a kgwedi ya Tlhakubele 2022.

Tshebetso ya ho fana ka laesense ya phapang e hodimo e boemong bo tswetseng pele.

Re tshepa hore dinyewe tse ntseng di tswela pele tsa phumantso ya laesense di tla fana ka tiisetso ya semolao mme ha e na diehisa motjha wa phumantso.

Lekaleng la metsi, re ntse re sebetsa ka Letsholo la Vulindlela bakeng sa ho etsa bonnete ba hore dikopo tsa dilaesense tsa metsi di phethelwa ka nako e ntlafaditsweng ya matsatsi a 90; le ho ntjhafatsa mananeo a metsi a sa nweheng le metsi a nwehang bakeng sa ho matlafatsa tlhahlobo ya boleng ba metsi.

Re tla phethela le ho kenya Leano le ntlafaditsweng la Theko ya Metsi, le ho potlakisa ho thehwa ha lefapha la naha la disebediswa tsa moralo wa motheo la metsi.

Bokgoni ba rona ba ho hlodisana le mebaraka ya lefatshe bo itshetlehile ho bokgoni ba marangrang a diporo le boemakepe.

Re fetola Durban hore e be boemakepe ba mantlha ba Kgutlo e ka Borwa ya Lefatshe le ho ntshetsapele Ngqura jwalo ka setsi sa kgetho sa mabokose a tshepe a tshelang thepa.

Seporo se tswang Gauteng se ntse se eketswa hore se etse ho be bobebe ho romela dipalangwang dinaheng tse ka ntle ho tloha Port Elizabeth.

Ena ke mehato ya bohlokwahlokwa bakeng sa ho tlosa thepa tseleng ho e isa seporong le ho eketsa tlhodisano ya diterene.

Mosebetsi wa ho ntlafatsa ditshebeletso tsa dikopo tsa visa le bojaki o sa tswela pele bakeng sa ho hohela tsebo le ho hodisa lekala la bohahlaodi.

Jwalo ka ha maeto a matjhabatjhaba a qala kgutla ka lebaka la COVID-19, re tla ntsha di Visa ka mokgwa wa inthanete bakeng sa baeti ba tswang China, India, Nigeria, Kenya le dinaha tse ding tse leshome.

Lenane le ntlafaditsweng la ditsebo tse hlokolosi le tla phatlalatswa ke Lefapha la tsa Selehae bakeng sa maikutlo a setjhaba, ho etsa bonnete ba hore lenane la ho qetela le bontsha tsebo e hlokwang ke moruo.

Mokoka o seng o thehilwe ke Letsholo la Vulindlela, mmoho le tshehetso eo le seng le e fumane ho tswa ho mmuso, di a bontsha hore re ikemiseditse ka ntjhafatso ena.

Re tla tswela pele ho sebetsa re sa phetse le ntle le kgefutso bakeng sa ho theha moruo wa sejwalejwale, o sebetsang hantle mme o na le tlhodisano ebile o buletswe maAforika Borwa ohle.

Bakeng sa ho tshehetsa tshebetso ya rona ya ntlafatso, Khansele ya Moporesidente ya Dikgwebo tsa Mmuso (SOEs) e hlahisitse lenane le hlakileng la diphetoho tse tla nolofatsa dikhamphani tsena tsa tsa bohlokwa tsa setjhaba bakeng sa ho phetha thomo ya tsona ya kgolo le ntshetsopele.

Melao e akaretsang ya dikhamphani tsa mmuso e tla tekwa Kabineteng selemong se hodimo sa ditjhelete le Palamenteng selemong se tlang sa ditjhelete.

Leano le akaretsang la dikhamphani tsa mmuso le ntse le kenngwa tshebetsong selemong sena sa ditjhelete, mme le tla netefatsa taolo e tshwanang, botsamaisi ba ditjhelete le moralo wa tshebetso bakeng sa dikhamphani tsohle tsa mmuso.

Thomo ya dikhamphane tsohle tsa mmuso e ntse e lekolwa botjha bakeng sa ho netefatsa hore di araba ditlhoko tsa naha le ho kenngwa tshebetsong ha Leano la Ntshetsopele ya Naha.

Ka hara tshenyo e bakilweng ke COVID-19, lekala la Aforika Borwa la temo le sebeditse ka bokgabane.

Ka selemo sa 2020, re ile ra ba barekisi ba bobedi ka boholo ba rekisetsang dinaha tsa ka ntle siterare, ebile re na le kgolo e matla ya ho rekisetsa dinaha tsa ka ntse waene, pone, matokomane, ditholwana le ntshwe.

Maemo a matle a lehodimo a selemo sa 2020 le qalong ya selemo sa 2021 a bolela hore temo e kanna ya hola sehleng se tlang.

Sena se fana ka monyetla wa ho sebedisana mmoho ho hong hape ha mafapha a poraefete le a mmuso ho tsa temo bakeng sa ho kgothaletsa phetoho le ho netefatsa kgolo e tsitsitseng.

Ke monyetla wa ho potlakisa kabo botjha ya mobu ka maano a fapaneng a jwalo ka ho hapa le ho kgutlisetsa mobu bakeng sa ho matlafatsa temo.

Ho fihla hajwale, mmuso o se o abile dihektara (ha) tse fetang tse dimiliyone tse hlano tsa mobu, e leng dipolasi tse ka bang 5 500, ho batho ba fetang 300 000.

Hona ho tlatseletsa tshebeletso ya pusetso ya mobu, e thusitseng batho ba fetang dimiliyone tse pedi mme ya bona phetisetso phetisetso ya dihektara tse ka bang 2,7.

Re ntse re tswela pele ka maano a ho thusa borapolasi ba banyane le borapolasi ba ntseng ba thuthuha ho fihlella mmaraka, ho ntshetsa pele bokgoni le tsebo ka ho phatlalla le makala ohle a temo le ho eketsa palo ya dihwai tsa batho ba batsho.

Selemong se tlang sa ditjhelete, re tlo theha lekala la kgapo le pusetso ya mobu bakeng sa ho potlakisa leaono la kgapo ya mobu.

Makala a ditshebeletso tsa setjhaba a tlasa kgatello ya mmuso, mme kgaello ya tsebo le bokgoni ha di ame phano ya ditshebeletso fela; empa e boetse e fokotsa le tshepo ya setjhaba mmusong.

Botshepehi le boitshwaro bo botle di bohlokwa haholo bakeng sa ho aha naha e nang le boiphihlelo.

Re ntse re tswela pele ho fana ka dithuto le mananeo a kwetliso bakeng sa basebetsi ba mmuso ho tloha boemong bo qalang ho isa ho botsamaisi bo phahameng le ba Phethahatso.

Ngwahola ka kgwedi ya Mphalane, ke saenne tumellano ya tshebetso ya matona le Matona ohle, mme e se e phatlaladitswe inthaneteng.

Sena se tla ntlafatsa boikarabello le tshebetso e tsepameng ya ditho tsa Phethahatso.

Re dula re le mothating wa ho aha tshebeletso ya setjhaba e nang le bokgoni, tsebo le boiphihlelo, e phethang thomo le ho ikarabella ho setjhaba sa Aforika Borwa.

Re sa tswela pele ka matsapa a rona a ho matlafatsa meralo ya motheo ya mmuso wa lehae le ho potlakisa phano ya ditshebeletso ka Motjha wa Ntshetsopele ya Setereke.

Motjha ona o etsa hore dikarolo tsa mmuso tsohle di le tharo di tsepamise maikutlo ho dintlha tsa bohlokwa tse ka sehlohlolong le ho phethahatso ya diporojeke bohlokwahlokwa.

Ka tshebetso mmoho le balekane ba makala a mmuso le a poraefete, mmuso o kenya maano a fapafapaneng tshebetsong bakeng sa ho tshehetsa bomasepala ho rarolla bothata ba phano ya ditshebeletso tsa boemo bo fatshe tse sa tsitsang makaleng a kang a phepelo ya metsi, kaho ya meralo ya motheo le tlhokomelo ya yona.

Re tsepamisitse maikutlo ho ho thonya basebetsi ba kwetlisitsweng ba bile ba kgona ho phetha mosebetsi hantle boemong ba lehae bakeng sa ho netefatsa taolo e hlwahlwa ya phano ya ditshebeletso

Jwalo ka ha re ntse re itllophisetsa dikgetho tsa mmuso wa lehae, tse tlo ba teng monongwaha, re tla tlameha ho ikamahanya le maemo ao re a qobelletsweng ke COVID-19 bakeng sa ho etsa bonnete ba hore setjhaba sa naha ena se kgona ho kgetha hore se emelwe ke mang boemong bona ba bohlokwahlokwa ba puso.

MaAforika Borwa a heso,

Bobodu ke enngwe ya ditshita tse kgolohadi tsa kgolo le ntshetsopele ya naha.

Ditshenolo tse tswang Khomisheneng ya Dipatlisiso ya Zondo di pepesa botebo ba tshusumetso e mpe diqetong tsa mmuso le bobodu bo amanang le yona.

Bopaki ba khomisheneng bo bontshitse ka moo botsamaisi ba toka ho botlokotsebe e ileng ya kenakenwa le ho fokotswa matla.

Ka hoo, ho bohlokwa hore re boloke mokoka wa matsapa a kaho botjha a qadileng dilemong tse tharo tse fetileng.

Ho bile le kgatelo pele e kgolo ya ho lokisa makala a ho kenya molao tshebetsong.

Ditulo tsa bohlokwa tsa boetapele di tlatsitswe ke ditsebi tse nang le bokgoni, boiphihlelo le botshepehi.

Ho na le tshebedisano mmoho e ntlafetseng le karolelano ya disebediswa pakeng tsa makala a fapaneng a kenyang molao tshebetsong, e leng se nolofatsang tshebedisano mmoho bakeng sa dipatlisiso le diqoso.

Re se re qadile ho kenya Leano la Naha le Kgahlano le Bobodu tshebetsong, e leng le etsang motheo o feletseng le o kopaneng wa setjhaba o kgahlano le bobodu.

Nakong e sa fediseng pelo re tla be re kgetha ditho tsa Lekgotla la Naha la Boeletsi Kgahlano le Bobodu, e leng lekala le nang le dikarolo tse ngata le tla hlokomela qalo ya ho kenngwa tshebetsong ha leano lena, le ho theha mokgatlo o ikemetseng o kgahlano le bobodu o tlalehang palamenteng.

Ngwahola ha ditlaleho tsa bobodu ba theko ya thepa le ditshebeletso tsa COVID-19 di ne di qala ho hlaha, re nkile mehato e tsepameng ya ho fuputsa diqoso tsohle le ho nka kgato kgahlano le baqosuwa bakeng sa ho emisa diketso tsena.

Re thehile setsi sa kgokahanyo, se kopanyang makala a bohlokwa a ho kenya molao tshebetsong bakeng sa ho arolelana lesedi le disebediswa.

Setsi sa kgokahanyo se tlisitse dinyewe tse ngata kgotla mme se bolokile kapa ho kgutlisa dimiliyone tsa diranta tsa matlole a setjhaba.

Lekala le Ikgethang la Diphuputso (SIU) le fuwe matla a ho fuputsa diqoso tsa boitshwaro bo seng molaong mabapi le theko ya disebediswa le ditshebeletso tsa COVID-19 ke mekgatlo yohle ya mmuso nakong ena ya Maemo a Naha a Koduwa.

Jwalo ka ha le tlalehile bekeng e fetileng, Lekala le Ikgethang la Diphuputso le phethetse diphuputso tsa dikonteraka tse 164 tsa boleng ba dibiliyone tse 3,5 tsa diranta ha di kopane.

Ka lebaka la bohlokwa la ho tlisa ponaletso le boikarabollo, Molao wa Tshehetso ya Mekga ya Dipolotiki ka Tjhelete, wa 2018 (Molao wa bo 6 wa 2018) o tla kenngwa tshebetsong monongwaha ka di 1 Mmesa.

Ona o tla laola tshehetso e pontsheng le e poraefete ya mekga ya dipolotiki. Hara tse ding, e batla ho tsebahatswe dinehelo ho mekga mme e theha mefuta e mmedi ya matlole a tla thusa mekga ya dipolotiki e nang le kemedi ho phetha mananeo a yona.

Ditlolo tsa molao le merusu di tswela pele ho nyatsa kutlwisiso ya batho ya polokeko le tshireletso.

Twantsho ya botlokotsebe e bohlokwa haholo bakeng sa hore re atlehe ho iphumana.

Botlokotsebe bo jwalo ka boshodu ba mehala (kheibole), tshenyo ya seporo, boipehi, tshitiso ya ditsha tsa kaho le ditlhaselo tsa bakganni ba dinthoronthoro di sitisa tshebetso ya moruo le ho nyahamisa matsete.

Re nkile mehato mme re tla tswela pele ho thibela botlokotsebe bona le ho kgalema ditlokotsebe ka mokgwa o molaong.

Ho thehilwe dihlopha tsa tshebetso diporofenseng tse ngata bakeng sa ho thibela boshodu ba tjhelete le ho thiba meferefere ditsing tsa dikgwebo.

Re boetse re potlakisa ho kenya tshebetsong le ho matlafatsa Setheo sa Tsamaiso ya Meedi bakeng sa ho thibela bojaki bo seng molaong le botlokotsebe ba meeding.

Ho fedisa meferefere ya bong (GBV) ho bohlokwa ha eba re bolela hore re setjhaba se ratang tekatekano le ho se be le kgethollo ya bong.

Ngwahola ka Mmesa, ha ke ne ke thakgola Leano la Naha le Sebetsanang le Tlhekefetso ya Bong le Dipolao tsa Basadi, ke ile ka tshepisa basadi le bana ba naha ena hore re tlo matlafatsa Tshebeletso ya Toka ho Botlokotsebe bakeng sa ho thibela hore ba se sotlakakwe hape, le ho netefatsa hore ditlokotsebe di tobana le toka.

Ho phethahatsa sena, dikarolo tse tharo tsa molao di ile tsa tsebahatswa Palamenteng ngwahola bakeng sa ho etsa hore tshebeletso ya toka ho botlokotsebe e sebetse hantle bakeng sa ho lwantsha Tlhokofetso ya Bong.

Ho netefatsa hore ditlokotsebe di tobana le toka, re ntse re kgatha tema e bonahalang ya ho fokotsa ditlaleho tsa melato ya Tlhekefetso ya Bong.

Re tswela pele ho hlokomela le ho tshehetsa ba phonyohileng Tlhekefetso ya Bong.

Puong ya Boemo ba Naha ya ngwahola, ke ile ka re re tla beha ntshetsopele ya basadi moruong ka pele.

Ngwahola, Kabinete e tjhaelletse monwana leano la hore diperesente tse 40 tsa phumantsho ya setjhaba di tlameha ho ya dikgwebong le ditheong tsa basadi.

Mafapha a mangata a se a qadile ho kenya leano lena tshebetsong mme a kgatjha tema.

Bekeng e fetileng, re boetse ra thakgola Letlole le etelletsweng pele mafapha a poraefete la ho Thusa Twantsong ya Merusu ya Bong (GBVF).

Dikhaphani tse mmalwa tsa Aforika Borwa le banyehelani ba lefatshe ka bophara ba entse ditshepiso tsa boleng ba dimiliyone tse 128 tsa diranta.

Dilemong tse tharo tse tlang, mmuso o tla aba tjhelete e ka bang dimiliyone tse 12 tsa diranta bakeng sa ho kenywa tshebetsong ha dikarolo tse fapaneng tsa Leano la Naha la Tshebetso.

Merusu ya Bong e tla fela ha motho emong e mong le emong a ka nka boikarabelo ba ho etsa jwalo lapeng la hae, motseng a hae, mosebetsing wa hae, sebakeng sa hae sa thapelo le sekolong sa hae.

Ka mokgwa o tshwanang, re tlameha ho tsepamisa maikutlo ho dintho tse amang bana, tse akgang ho ntlafatsa dikolo hore di be malala a laotswe, thero le tshehetso ya tjhelete bakeng sa Thuto ya Dilemo tse Qalang tsa Bana (ECD), tshireletso kgahlano le mafu a thibelwang, ntlafatso ya maano a amanang le thekolohelo ya bana le ho fokotsa dintwa kgahlano le bana.

Isao re tlo boela re tswela pele ka ho fana ka menyetla e mengata ho batho ba nang le boqhwala hore ba nke karolo moruong le setjhabeng ka kakaretso.

Jwalo ka ha re aha moruo wa rona botjha ka nako ya sewa, ho bohlokwa hore re tswelepele – ka moo re ka kgonang – ho tshehetsa dikgwebo le batho ba tswelang pele ho ameha haholo.

Dikgwebo makaleng a mmalwa di ntse di hula ha boima mme malapa a mangata a ntse a tswela pele ho hlopheha jwalo ka ha mesebetsi e ntse e iphumana butle butle.

Dikgweding tse mmalwa tse fetileng, re bile le dipuisano tse tswelang pele le balekane ba rona ba setjhaba ho tsa kgwebo, basebetsi le mekgatlo ya setjhaba, mme ba kopile hore ho eketswe tshehetso tse ding tsa setjhaba le tsa moruo.

Ka hoo, re nkile qeto ya ho eketsa nako ya phano ya tjhelete e ikgethang ya Diphallelo tsa COVID-19 e leng diranta tse 350 ka dikgwedi tse ding tse tharo.

E bonahetse e le mgokwa o hlwahlwa wa thuso ya nako e kgutshwane bakeng sa ho fekotsa kgahlamelo e teng hajwale ho metjha ya ho iphidisa ya maAforika Borwa a kojwana di mahetleng.

Re boetse re nkile qeto ya ho eketsa nako ya Thuso ya Nakwana ya Kimollo ho Monga Mosebetsi le Mosebeletsi (TERS) ya COVID-19 ho fihlela ka 15 Tlhakubele 2021, bakeng sa makala a ileng a sitwa ho bula le ho sebetsa fela.

Maemo a keketso ena le makala a tla kenyeletswa di tla phatlalatswa ka mora dipuisano le balekane ba setjhaba ho Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Khansele ya Basebetsi.

Lefapha la Matlotlo a Naha le tla sebetsa le balekane ba lona le bankakarolo bakeng sa ho ntlafatsa Leano la Tiisetso ya Kadimo e le hore le tsebe ho sekaseka dinnete tsa Dikgwebo tse Nyane le tse Mahareng (SMME’s) le dikgwebo tse ding jwalo ka ha di ntse di lwanela ho iphumana.

Re tla sebetsa le balekane ba rona ba setjhaba bakeng sa ho etsa bonnete ba hore mehato ena le e meng e fana ka thuso ho ba e hlokang haholo.

MaAforika Borwa a heso,

Jwalo fela ka ha mollo o bohale o fa feinbos ya naha ya rona bophelo bo botjha, koduwa ena ke monyetla wa ho aha Aforika Borwa e fapaneng, e betere.

Ho aha naha ya rona botjha ho hloka matsapa a tswhanang.

Ho hloka hore maAforika Borwa ohle a nke boikarabelo mme a bapale karolo ya ona.

Ha re sebetseng mmoho re le mmuso, kgwebo, basebetsi, mekga ya dipolotiki le setjhaba sohle ho hleka matlakala le ho rala motheo o motjha.

Ka hodima tsohle, ha re kgutlisetseng naha ena ho boleng bo e theilweng hodima bona.

Ka letsatsi lena la ho lokollwa ha hae, dilemong tse 31 tse fetileng, moo a buileng le setjhaba lekgetlo la pele, moo a hopoditseng maAforika Borwa hore ho sa na le matsatsi a boima a tlang, mme ntwa e sa le hole le ho hlolwa.

Madiba o itse:

“Jwale ke nako ya ho matlafatsa ntwa ka mahlakoreng ohle.”

Ho nyehlisa matsapa a rona hona jwale e ka ba phoso eo meloko e tlang e ke keng ya kgona ho e tshwarela.

Ha re ka bala ditshenyehelo tse kgolo setjhabeng sa rona tsa ngwahola, re ka nna ra batla re fellwa ke tumelo.

Empa re ka feta ho sena. Hobane re naha ya bahale.

Ha ke bue ka moloko o babatsehang wa balwanedi ba kgale ba tokoloho, empa ke bua ka bahale ba tsamayang hara rona letsatsi le letsatsi, ba sebetsang ka thata letsatsi le letsatsi ho beha dijo tafoleng, ho boloka kgwebo e sebetsa, le ho fana ka tshehetso, thuso le tlhokomelo ho setjhaba sa rona.

Ke mamello ya hao e tla thusa naha ena ho iphumana.

Ho tlatseletsa diphephetsong tse ngata tse aparetseng naha ya rona, re utlwile hore Motlotlehi Morena Goodwill Zwelithini ha a phela hantle morao tjena mme o amohetswe sepetlele.

Ke lakatsa ho fetisa ditakaletso tsa ho hlaphohelwa kapele ho Motlotlehi Morena Goodwill Zwelithini wa Bhekuzulu.

Mehopolo le dithapelo tsa rona di ho ba ntlo ya Borena le Setjhaba sa MaZulu nakong ena.

Ke takatso ya rona bohle hore Isilo Samabandla Wonke a fole ka potlako.

Ha re ntse re itokisetsa tsela e thata e ka pele, re ka nka matla ho tswa ho thothokiso e tsebahalang haholo ya Maya Angelou, e reng Still I rise.

O re:

Out of the huts of history’s shame
I rise
Up from a past that’s rooted in pain
I rise
I’m a black ocean, leaping and wide,
Welling and swelling I bear in the tide.

Leaving behind nights of terror and fear
I rise
Into a daybreak that’s wondrously clear
I rise
Bringing the gifts that my ancestors gave,
I am the dream and the hope of the slave.
I rise I rise I rise.

MaAforika Borwa, ke naha ya lona e le bitsang hore le phahame.

Ha re hahabelleng pele mmoho bakeng sa tekatekano, kgolo, seriti le ho iphumana.

Modimo a hlohonolofatse Aforika Borwa mme a tshireletse bara le baradi ba hae.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore