President Cyril Ramaphosa: Developments in the country’s response to the Coronavirus COVID-19 pandemic

MaAfrika Borwa a Heso,

Dumelang,

Re entse qeto ya ho diehisa ho qala ha puo ena ka metsotso e ka etsang halofo ya hora  hobane qhoku ya Lekgotla la Kgaso la Afrika Borwa, Mofumahadi Noxolo Grootboom, o ne a bala ditaba tsa hae tsa ho qetela tsa isiXhosa tsa hora ya bosupa ho SABC bosiung bona.

Ke lakatsa ho lebisa tlhompho ho Mofumahadi Grootboom jwaloka moqolotsi wa ditaba ya ipabotseng eo, esale nakong ya mosebetsi wa hae o babatsehang, o tlisitseng diketsahalo tsa naha ya bo rona le tsa lefatshe ka bophara ka hara matlo a setjhaba sa bo rona.

Re lakaletsa Mofumahadi Grootboom tse molemo, le ho mo leboha ka dilemo tsa hae tse ngata tsa tshebeletso.

Re rata ho re, malapeng kaofela, re a o rata.

Ke ntho e ka bang ka hodima selemo esale re tsebahatsa Maemo a Naha a Koduwa mabapi le ho arabela ho sewa sa COVID-19 le ho lokela ho hlahisa ditsela tsa ho ngotla ho ata ha sona.

Esale ho tloha moo, bohle re ile ra lokela ho mamella dithibelo tse mabapi le karolo e nngwe le e nngwe ya maphelo a rona.

Seo mohlomong se bileng boima ka ho fetisisa ke kamoo sewa sena se ammeng phedisano ya setjhaba e etsang hore re ikutlwe re le karolo ya setjhaba.

Re hlolohellwa dintho tse ngata tseo re neng re di nka hanyane, tse kang ho kgona ho etela baratuwa ba rona, ho ya meketjaneng, kapa ho kenela ditshebeletso tsa bodumedi.

Selemo kamora moo, re entse kgatelopele e kgabane bakeng sa ho beha sewa sena ka tlasa taolo.

Mekutu ya boitelo ya basebeletsi ba rona ba tlhokomelo ya kalafo e bolokile dikete tse ngata tsa maphelo, le mosebetsi wa diteko wa borasaense ba rona o lebisitse dintshetsopeleng tse babatsehang mabapi le kutlwisiso ya rona ya kokwanahloko ena.

Ka diphethoho tseo rona bohle re di entseng boitshwarong ba rona, re itshireleditse le malapa a rona le metse ya rona.

Afrika Borwa, jwaloka ka dinaheng tse ding tse ngata lefatshe ho pota, ha re so be malala-a-laotswe bakeng sa ho kgutlela bophelong bo setlwaeding.

Bakeng sa selemo sa bobedi ka tatelano, re tla boela re lokela ho fokotsa ho kopakopana ha rona, ka ho qolleha nakong ya Paseka.

Sena se jwalo hobane re ntse re le ka hara a sewa sa kokwanahloko ya corona.

Selemong se fetileng, naha e rekotile ditlaleho tse fetang milione le halofo tsa kokwanahloko ya corona.

Mme ho rekotuwe mafu a fetang 52 000 a COVID-19.

Re hopola le ho llela maphelo ana kaofela a lahlehileng.

Jwaloka ha ke ile ka tlaleha ha ke ne ke qetela ho le tshetlehela puo, Afrika Borwa e tswile ka hara leqhubu la bobedi la ditshwaetso.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, palo ya ditlaleho tse ntjha e dutse e ntse e tsitsitse moo e ballwang ho ditlaleho tse 1 200 letsatsi ka leng.

Palo ya batho ba kenang sepetlele e ntse e theoha, jwalo feela ka palo ya mafu.

Sekgahla sa naha ya bo rona sa ho hlaphohelwa se eme ka hodimonyana ho 95%.

Sena ke ka diteboho ho mekutu e kopanetsweng ya maAfrika Borwa kaofela a ikobetseng dithibelo tseo esale di behwa ho tloha ka Tlhakubele ngwahola bakeng sa ho boloka maphelo.

E boetse ke bopaki ba boemo bo hodimo ba ho fadimeha boo esale re na le bona jwaloka naha mabapi le ho beha leihlo, ho etsa diteko, ho ba mohlaleng wa bao ho kopanweng le bona ba kulang le mekgwa ya thibelo.

Hona moo, lenaneo la rona la naha la kentelo le qadile mme le tla eketsa lebelo.

Mahareng a Hlakola, re qadile ka Mokgahlelo wa Pele wa lenaneo la rona la kentelo, le kenyeletsang ho entwa ha basebeletsi ba tlhokomelo ya kalafo.

Mokgahlelo ona o motjheng wa ho phethelwa nakong ya dikgwedi tse tharo.

Basebeletsi ba tlhokomelo ya kalafo ba fetang 250 000 ho fihlela mona ba se ba fumane ente ya Johnson & Johnson e le karolo ya letsholo la diteko tsa Sisonke.

Re fumane meriana e 11 milione ya ente ya Johnson & Johnson, eo re tsebang hore ke e hlwahlwa kgahlanong le ditshwaetso tsa mofuta o motjha wa kokwanahloko naheng ya bo rona.

Re boetse re fumane meriana e meng e 20 milione mme re ntse re phethela tumellano le Johnson & Johnson.

Re boetse re phethela tumellano bakeng sa meriana e 20 milione ya ente ya Pfizer, e batlang diente tse pedi.

Kaofela, phepelo ena ya diente e tla re neha meriana e lekaneng bakeng sa ho enta batho ba 41 milione.

Re tla etsa ditsebiso tse ding hang ha ditherisano tsena di se di phethetswe.

Re boetse re mehatong e fapafapaneng ya ditherisano le baetsi ba diente tse ding tse akgang Sinovac, Sinopharm le Sputnik V. Ba bang ba baetsi bana ba mehatong ya ho phethela motjha wa ho tjhaellwa monwana ha tshebediso ya diente tsena Afrika Borwa.

Ho tlatseletsa hodima meriana ya ente e re tla e thola ka kotloloho ka ditumellano le baetsi, hape re tla fumana kabo ya meriana ya ente ka boikitlaetso ba Kopano ya Afrika (AU) boo re bo thehileng ha ke ne ke le Modulasetulo wa AU.

Leha ho bile le ditiehiso mabapi le ho fumana diphepelo tsa ente, re ntse re na le tshepo ya ho fihlella merero ya rona ya kentelo.

Tlhoko ya diente lefatsheng ka bophara e tletse haholo ka tlhodisano empa re etsa ka hohle ka moo re ka kgonang ho thola phepelo e lekaneng bakeng sa batho ba Afrika Borwa le kontinente ya Afrika.

Re lokela ho itlwaetsa semelo se fetohang sa kokwanahloko le bopaki bo ntseng bo runya ba matla a diente tse fapaneng.

Re tla etsa bonnete ba hore re na le meriana e lekaneng ya diente tse matla bakeng sa ho fihlella kentelo ya bongata ka nako e kgutshwane kamoo ho ka kgonehang.

Mokgahlelo wa Bobedi o reretswe ho qala mahareng a Motsheanong.

Re kgolwa hore methamo e lekaneng ho tswa ho baetsi e tla fihla ka dipalo tseo ho dumellanweng ka tsona ho ya ka ditumellano tsa rona le bona.

Tlasa Mokgahlelo wa Bobedi re tshepa ho enta batho ba bangata nakong ya dikgwedi tse tsheletseng.

Ho ipapisitswe le ditlwaelo tse hlwahlwa ka ho fetitisa tsa matjhaba, re tla beha ka sehlohlolong batho ba kotsing e kgolo ka ho fetisisa ya ho kena dipetlele le ho hlokahala, ba akgang ba ka hodima dilemo tse 60 le batho ba nang le mafu a mang.

Mokgahlelo wa bobedi wa lenaneo la kentelo la COVID-19 o reretswe ho netefatsa hore re tla sireletsa badudi ba rona, ho thibela hore ditshebeletso tsa kalafo di se imelwe le ho fokotsa tlhokeho ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tse sitisang thuto, moruo le maphelo a rona ka bo mong.

Boingodiso ba ho thola ente bo reretswe mathwasong a kgwedi ya Mmesa.

Batho ba tla kgothaletswa ho ingodisa ka marangrang a inthanete, empa ba sa kgoneng ho fihlella inthanete ba tla kgona ho ingodisa ka bo bona.

Ho netefatsa hore re na le infrastraktjha ya tshehetso ho hlwauwe ditsha tse fetang 2 000 tsa kentelo ho phatlalla le naha.

Tsena di kenyeletsa diphaposi tsa dingaka, ditleliniki tsa setjhaba le dikhemisi, mabenkele a maholo mme mabakeng a mang, dibaka tse kgolo tse kang mabala a dipapadi le ditsi tsa dikopano.

Lenaneo la ho Ingodisetsa ho Entwa la Mokgwa wa Elektroniki le thehilwe ho laola phano ya diente le ho supisa batho ditsha tsa kentelo tse haufi le moo ba dulang teng.

Lenaneo lena le o le tla o thusa ho ingodisa, ho fumana letsatsi le setsha, le ho fumana setifikeiti sa dijithale kapa khopi e tiisang boemo ba hao ba kentelo hang ha o se o thotse ente.

Bohle ba tla entuwa ba lokela ho ngodiswa lenaneong lena pele, mme o tla memelwa ho ingodisa hang ha o se o tshwaneleha.

Re tla sebedisa makala a diprovense le a ditereke le mekgatlo ya badudi ho ngodisa baahi ba sa kgoneng ho fihlella thekenoloji.

Re ntse re hlophisa mekgwa ya ho hlwaya le ho ngodisa batho ba se nang ditokomane tsa boahi hore le bona ba tle ba entuwe.

Re tla dula re itlametse ho tsebisa naha ka mohato o mong le o mong wa motjha wa phano ya ente.

Maobane, nna le Motlatsi wa Moporesidente re ile ra etela polante e etsang meriana ya Aspen ho la Kapa Botjhabela, e leng e tla kenella mabapi le ho hlahisa diente tsa Johnson & Johnson.

Sena ke sebaka se maemong a lefatshe sa tlhahiso ya diente se nkuwang e le se hlwahlwa ka ho fetisisa lefatsheng.

Ena ke phihlello e babatsehang bakeng sa Afrika Borwa, e bontshang bokgoni ba rona ba tlhahiso e itlhommeng pele.

Ke lakatsa ho thoholetsa Aspen bakeng sa ho ba le ponelopele ya ho tsetela setsheng sena le ka potlako eo ba bileng malala-a-laotswe ho qala ka tlhahiso.

Se ka fetang halofo ya mothamo wa polante ena – o ka hlahisang meriana e 300 milione ka selemo – o itlametswe ho thusa Afrika.

Pejana bekeng ena, Teraste ya Phumantsho ya Diente ya Afrika e saenne tumellano ya theko lebitsong la ditho tsa dipuso tsa AU bakeng sa meriana e 220 milione ya ente ya Johnson & Johnson.

E na le kgetho ya tlatsetso ya meriana e180 milione.

Tumellano ena e bohlokwa bakeng sa Afrika, e seng feela hobane e fana ka matla maikemisetsong a rona a hore ho seke ha ba le naha e sallang morao, empa hape hobane diente tsena di hlahiswa hona mona kontinenteng ya rona.

Tshebedisano e matla pakeng tsa mmuso, dikgwebo, basebetsi le setjhaba ka kakaretso ke taba ya bohlokwa mabapi le katleho ya rona ya phano ya diente.

Lekala la poraefete le tswella ho bapala karolo ya bohlokwa ya tshehetso boitekong bona ba naha.

Re kgothatswa ka ho ikgetha ke boitlamo ba lekala la poraefete la tlhokomelo ya kalafo ka ho sebetsa le mmuso ka ho etsa hore phano ya diente e atlehe, re shebile bokgoni bo boholo boo re bo ntsheditseng pele lekaleng lena.

Re boetse re leboha dikhamphani tse ngata ka ho sebetsa le Letlole la Kopanelo bakeng sa ho fana ka mehlodi ya ditjhelete mabapi le phumantsho le phano ya diente.

Re thoholetsa Vodacom Group le Vodafone Foundation, tse nyehetseng ka R87 milione dinaheng tsa Afrika moo ba sebetsang teng bakeng sa lethathama la ho boloka diente di hatsetse le tsamaiso ya tsona bakeng sa hore diente tsa COVID-19 di fepelwe di sireletsehile.

Hodima moo, Vodacom e tla jala lepatlelo la taolo ya diente la maemo a hodimo ho phatlalla le ditho tsa dipuso tsa AU, ho latela phano e atlehileng ya lepatlelo le jwalo ka hara Afrika Borwa.

Ke rata ho ipiletsa ho balekane ba rona bohle ba lekala la poraefete ho tshehetsa mokgahlelo ona o motjha ntweng ya rona kgahlanong le sewa sena.

MaAfrika Borwa a Heso,

Matsatsing a mmalwa a tlang, naha e tla kena kgefung ya Paseka ya selemo ka seng.

Ho ba bangata, sena e tla ba nako e amohelehang bakeng sa ho kgefutsa le ho phomola, e ka ba mosebetsing kapa dithutong tsa rona, le ho dikgatello tsa dikgwedi tse fetileng.

Boholo ba rona bo entse meralo ya ho keteka mafelo a malele a beke a tlang.

Ba bang ba rona re tla be re itahla; ha ba bang ba tla be ba etela metswalle le ba malapa.

Boholo ba rona bo tla kenela dipokano le mekete.

Bakeng sa dimilione tsa batho, ena hape ke nako ya ditshebeletso tsa bodumedi.

Ha sekgahla sa ditshwaetso se dutse se tsitsitse, ha re a lokela ho itebala.

Ena ke nako ya hore re itlhokomele le ho feta.

Nnete ke hore motsamao o mongata wa batho, ho etela diprovenseng tse ding, tshebediso e kgolo ya dipalangwang tsa setjhaba le dipokano di ka baka kotsi ya keketseho ya ditshwaetso.

Matsatsing a mmalwa a fetileng, re batlile keletso ya ditsebi le ho rerisana le baemedi ba mebuso ya diprovense le ya lehae le baetapele ba botjhaba mabapi le hore ke ditsela dife tse lokelang ho kenngwa tshebetsong mafelong a malele a beke a tlang bakeng sa ho thibela ho ropoha botjha ha ditshwaetso.

Re thuisitse mabaka a mangata, ho kenyeletsa le ditlhahiso tse entsweng ke badumedi mabapi le ditsela tsa tlhokomediso tseo ba di kentseng tshebetsong bakeng sa dipokano tse lebeletsweng.

Ka lebaka la maemo a tlase a tshwaetso, re entse qeto ya ho tlohella naha Mohatong wa Pele wa Tlhokomediso ya kokwanahloko ya corona.

Leha ho le jwalo, ka lebaka la maemo a itseng a nakong ena, re lokela ho etsa diphethoho tse mmalwa.

Mehato e meng e tla dula e sa fetoha ke e latelang:

Thibelo ya motsamao e tla dula e le ka kgitla ho isa ho hora ya bone hoseng.

Dibaka tsa setjhaba tsa boikgathollo tse kang mabopo a lewatle, diphaka le matamo di tla dula di butswe.

Leha ho le jwalo, sena se tla tswella ho ba tlasa melawana e matla ya boitekanelo, e kang ho sielana sebaka, le ho kenya dimaske.

Mapatong ho tla dula ho dumellwa batho 100 mme tshebeletso e be dihora tse pedi.

Ho etela diprovenseng tse ding ho sa dumelletswe.

Leha ho le jwalo, ke kgothaletsa maAfrika Borwa kaofela ho fokotsa ho eta ka hohle kamoo a ka kgonang le ho ikobela melawana ya boitekanelo haeba a sa kgone ho qoba ho eta.

Leha ho le jwalo, ka lebaka la karolo eo tahi e e bapalang mabapi le ho fehla boitshwaro bo bohlaswa, re tla kenya tshebetsong dithibelo tse itseng mafelong a beke ya Paseka.

Ka lebaka lena, thekiso ya tahi bakeng sa ho reka le ho ya nwella ka ntle e tla thibelwa matsatsing a tlang a Labohlano, Moqebelo, Sontaha le Mantaha.

 

Thekiso ya moo ho dulwang direstjhurenteng, ditameneng le dibareng e tla dumellwa, ho ya ka maemo a dilaesense, ho fihlela ka 23:00.

 

MaAfrika Borwa a Heso,

 

Mafelo a beke a Paseka ke nako ya bohlokwa ya semoya, mme ho kenela ditshebeletso tsa bodumedi ho bohlokwa ho dimilione tsa batho.

Bakeng sa Bakreste, borapedi ba diphutheho ke karolo ya bohlokwa ya ho keteka Labohlano le Halalelang.

Majuta hajwale a keteka Paseka, mme Mamoselemo haufinyana a tla be a keteka kgwedi e Halalelang ya Ramadan.

Dibekeng tse mmalwa, re ile ra ba le ditherisano le badumedi bakeng sa ho fumana ditharollo tse molemo tsa diqholotso tsa ho laola matshwele ditshebeletsong tsa bodumedi.

Ho latela ditherisano tsena, ho boletswe hore dipokano tsa bodumedi nakong ena di tla ngotlelwa ho palo ya batho ba 250 ka hara moaho le ba 500 ka ntle.

Moo sebaka se leng senyane haholo bakeng sa ho nka dipalo tsena hore batho ba ka sielana sebaka ka nepo, ebe ke moo ho kekeng ha sebediswa ho feta 50% ya boholo ba sebaka seo.

Maphutheho ha a lokela ho bokana ka ntle ho meaho ya thapelo, mme batho ba lokela ho ya hae mme ba seke ba robaletsa kamora tshebeletso.

Ke lakatsa ho hlahisa diteboho tsa ka ho baetapele ba bodumedi ba buileng le rona ka mokgwa o motle re le mmuso.

Ho na le kananelo e tshwanang ya hore re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho tshehetsa batho ba bo rona hore ba sebedise bolokolohi ba bona ba bodumedi le ho boloka setjhaba sa bo rona.

Mabapi le dipokano tse ding, le tsona di tla dumella feela batho ba 250 ka hara moaho le ba 500 ka ntle.

Jwaloka ha ke boletse pele, moo sebaka se leng senyane haholo hore se ka nka dipalo tsena hore batho ba ka sielana sebaka, ebe ke moo ho kekeng ha sebediswa ho feta 50% ya boholo  ba sebaka seo.

Re tswella ho kgothaletsa maAfrika Borwa kaofela ho qoba dipokano haeba ba wela boemong ba batho ba ka bang kotsing, ba akgang maqheku le ba nang le mafu a mang.

Re boetse re kgothaletsa hore dipokano di ka tshwarelwa ka ntle ho meaho, e leng moo ho bolokehileng haholo ho feta ho bokana ka hara meaho.

Re tla sheba mehato ena botjha mabapi le boholo ba dipokano matsatsing a 15 a tlang ho itshetlehilwe hodima tekolo ya boemo ba sewa sena le sekgahla sa ho imatahanya le melawana ya boitekanelo.

Re tswella ho latela pehelo ya hore dithibelo ha di a lokela ho ba matla ho feta kamoo ho hlokehang kateng bakeng sa ho ngotla ho ata ha kokwanahloko.

Re tswella ho tataiswa ke tlhahisoleseding e mabapi le boemo ba tsa bongaka ba lefu lena le keletso ya ditsebi le ditherisano tse pharalletseng le balekane ba rona ba kahisano.

Re tla beha maemo leihlo le ho arabela ka potlako ho matshwao leha e le afe a ho ropoha botjha ha sewa sena.

MaAfrika Borwa a Heso,

Sewa sena se ntse se le teng ka matla.

Re lokela ho etsa dintho ka hloko, e seng feela bakeng sa mafelo ana a beke a tlang empa bakeng sa matsatsi, dibeke le dikgwedi tse tlang.

Ha re tsebe hore sewa sa kokwanahloko ya corona se tla fela neng, empa kaofela re tseba se lokelang ho etsahala.

Re a tseba hore ho dula re kentse dimaske, re hlapa matsoho kgafetsa kapa re sebedisa sebolaya-dikokwanahloko, ho sielana sebaka le ho phema matshwele e sa ntsane e le tsela e hlwahlwa ka ho fetisisa ya ho lwantsha kokwanahloko ena.

Ketso leha e le efe e re behang kapa e behang ba bang kotsing e lokela hore re e pheme.

Dithibelo tse teng bakeng sa boitekanelo le polokeho ya rona ka kopanelo di lokela ho ikobelwa.

Ha re beng setjhaba se nang le boikarabelo se tseba ka boteng ba kokwanahloko ena.

Ha re duleng malapeng kapa ka dihlopha tse nyane.

Ha re phemeng ho ba ka hara matshwele le dibaka tse sa keneng moya o lekaneng.

Ha re se keng ra ya mapatong ntle le haeba ke a maloko a haufi a lelapa mme re se etele malapa a ba hlokahalletsweng.

Bohle re na le karolo e kgolo boitekong bona bo matla ba naha ba ho fedisa COVID-19.

Ha re bapaleng karolo ya rona.

Nakong ena, ha molaetsa wa Paseka wa tshepo, tswalo botjha le ntjhafatso o fumane sefutho maphelong a bongata ba rona, ka kopo ha re fadimeheng.

Ha Modimo a tswelle ho hlonolofatsa Afrika Borwa le ho sireletsa batho ba yona.

Ke a le leboha.

Share this page

Similar categories to explore