Pehelo ya kopano ya Kabinete ya ka Labobedi, mohla la 1 Phato 2017

Kabinete e ile ya kopanela Tlung ya Baeti ya Moporesidente ya Sefako M Makgatho Pretoria, ka Labobedi, mohla la 1 Phato 2017.

1.  Diqeto tsa Kabinete

1.1. Aforika Borwa e keteka Kgwedi ya Basadi ka Phato, e le tlotlo ho basadi ba kahodimo ho 20 000 ba ileng ba hwantela Union Buildings ka la 9 Phato 1956, ba ipelaetsa kgahlanong le katollelo ya melao ya dipasa hore e ye basading.
Meketjana ya Letsatsi la Naha e tla tshwarelwa Lebaleng la Dipapadi la Galeshwewe, Kimberley Kapa Leboya. Kabinete e ananetse mookotaba wa meketjana ya monongwaha e le “Selemo sa OR Tambo: Basadi ba momahane ho ntshetsa Aforika Borwa pele.” Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho sebedisa kgwedi ya Phato ho keteka seabo sa basadi setjhabeng sa rona.

1.2. Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka lenaneo la dilemo tse tharo le tla etsuwa ke Mokgatlo wa Tsosoloso ya Boitshwaro (MRM). MRM e filwe matla a ho nolofatsa, ho kgothaletsa le ho hlophisa lenaneo le habileng ho kgutlisa boitshwaro bo botle ba setjhaba sa habo rona. Mokgatlo ona o habile ho tsosolosa moya wa Ubuntu/Botho o sebedisa mehlodi ya mmuso le ya setjhaba.
Kabinete e ananetse lenaneo la MRM la tshebetso ya dilemo tse tharo, esita le mokgwa o kentsweng wa ho tsitsisa lenaneo la tsosoloso ya boitshwaro kahare mmusong.

1.3.  Kabinete e ananetse taba ya hore Aforika Borwa e kenye boiketo ba yona ba ho tshwara Mohope wa Lefatshe wa Rabi (RWC) wa 2023. Sena se tla boela se fa Aforika Borwa monyetla wa ho bapatsa naha matjhabeng. Nakong e fetileng Aforika Borwa e se e kile ya tshwara dipapadi tsa maemo a hodimo tse kang Dipapadi tsa Aforika Yohle, Mohope wa Lefatshe wa Kherikete, 2010 FIFA World CupTM esita le diboka tse ngata tsa matjhaba. Re le naha, re ithutile boholo malebeleng ana a nako e fetileng, haholoholo dipheteletso tsa ditjeo le bononnori bo amanang le 2010. Ka lebaka lena, Aforika Borwa e hanne ho tekena sekepele sa tjhelete se se nang kgutlo, se entseng hore Aforika Borwa e hule boiketo ba yona ba ho tshwara Dipapadi tsa-Commowealth.

Kabinete e ile ya hlokomediswa ka makere a diketsahalo tse jwalo. Aforika Borwa e se ntse e na le meralo ya motheo e hlokehang bakeng sa ho tshwara thonamente, ntle le ho aba bajete ya kaho ya meralo ya motheo. Dipapadi di nkuwa e le enngwe ya dintho tse sebetsang hantle ka hofetisisa kahong ya setjhaba, mme mananeo a dipapadi tsa rabi a tla ntlafatsa momahano ya setjhaba. Mananeo a tla nanabetswa naha ka bophara ditlhophisong tse lebisang ho 2023 a tla siya lefa la nako e telele bakeng sa ntshetsopele ya rabi dibakeng tse futsanehileng.

Kabinete e ananetse kakaretso ya ditshisinyo tse entsweng bakeng sa thonamente ena, e leng boiketo ba moruo bo tla fokotsa ditlhokeho ditjheleteng bo be bo sututse tlhahiso ya mesebetsi le matlafatso tshebetsong ya moruo.

Thonamente e tla kenya letsoho ho sututsweng ha moruo wa rona ka ho tshehetsa dintho tsa mmuso tse ka sehloohong, haholoholo hobane e amana le phumantsho le tsitlallelo tse qollotsweng Tokomaneng ya Phetoho Dipapading. Thonamente ena e tla boela e matlafatsa lekala la rona la bohahlaudi le kamohelo ya baeti.

Kabinete e ananetse ho thewa ha Komiti ya Matona a Kopaneng (IMC) ho tsa RWC ya 2023. IMC e tla tataisa mosebetsi wa boiketo bakeng sa ho tshwara RWC ya 2023 e be e netefatse hore naha e fola molemo wa moruo thonamenteng ena. Letona la tsa Dipapadi le Boithabiso, Monghadi Thulas Nxesi, o tla ba le puisano e lehlakoreng le ba mehlodi ya ditaba ho manolla tsa mosebetsi wa boiketo.

1.4.Kabinete e ananetse Leano la Nakwana la Seruuwa sa Tlhalefo (IP) la Aforika Borwa – Mokgahlelo wa I (2017) hore le phatlalatswe Koranteng ya Mmuso bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba.
Sena se arabela kgoeletsong ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) ya bohlokwa ba tshibollo, tlhahiso e ntlafetseng, ho hahamalla pejana tsebong ya moruo, le tshebediso e betere ya melemo ya papiso le tlhodisano.

Leano la IP ke sesebediswa sa bohlokwa sa leano phahamisong ya tshibollo, phetisetso ya tsebo ya theknoloji, phuputso le ntshetsopele, boiponahatso ba boqapi, tshireletso ya bareki, ntshetsopele ya diindasteri esita le kgolo ya moruo ka bobatsi.

1.5.Kabinete e ananetse Lewa la Nakwana la Dipalangwang tse sa senyeng Tikoloho hore le phatlalatswe bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Leano lena le tla bopa tshiya ya ntshetsopele ya leano kahara lekala la tsa dipalangwang, mabapi le ho kokobetswa ha kunkelo ya Dikgase tse Amanang le Tikoloho (GHG). Sepheo sa leano lena ke ho kokobetsa ditlamorao tse mpe tse bakwang ke dipalangwang tikolohong, ha ka ho le leng le ntse le rarolla ditlhokeho tsa jwale le tsa kamoso ho ya ka mekgwatsamaiso ya ntshetsopele ya nako e telele.

Mekgwatsamaiso ya dipalangwang ke tshiya ya diketsahalo tsa moruo kahisanong ya Aforika Borwa, ka ho thusa ho tsamaisa batho le thepa. Leha ho le jwalo, kunkelo e tswang lekaleng la dipalangwang e etsa 10.8% ya palo yohle ya kunkelo ya GHG, ka dipalangwang tsa mebileng tse bakileng 91.2% ya kunkelo ena ya GHG. Aforika Borwa e intshitse sehlabelo sa ho etsa bonnete ba hore e fihlella pehelo ya ho fokotsa kunkelo ya GHG ka 34% selemong sa 2020 le ka 42% selemong sa 2025.

1.6.Kabinete e ananetse hore Lefapha la Merero ya Lehae le ka bula hape mosebetsi wa dikopobotjha bakeng sa maZimbabwe ao hajwale a nang le Tumello e Kgethehileng, katlasa maemo a itseng. Selekane se Kgethehileng sa sethathong sa maZimbabwe se ile sa ananelwa ka Mmesa 2009 ho ngodisa batho ba Zimbabwe ba neng ba le Aforika Borwa ntle le molao. Ditumello tsa bona di fellwa ke nako ka la 31 Tshitwe 2017. Letona la Merero ya Lehae, Moporofesara Hlengiwe Mkhize, o tla tshwara puisano e lehlakoreng ho hlalosa maemo le methati e tla latelwa hang ha dikopobotjha di bulwa.

1.7.Kabinete e ananetse meralo ya Khamphane ya Minti wa Aforika Borwa bakeng sa mmala wa 2017 wa ho keteka lethathama la tjhelete e lewana: Dipalesa le Dinonyana tsa Serapa sa Tikoloho ya Lebopo la Bophirimela ba Kapa. Hona ke keketso mefuteng ya tjhelete e lewana ya ho keteka, e tla ntshuwa ka 2017.

2.  DIbili

2.1.  Kabinete e ananetse phatlalatso ya Bili ya Sehlomathiso ya Poloko ya Direkoto tsa Phetiso ya Thepa ya 2017 bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. E hlomathisa Molao wa Poloko ya Direkoto tsa Phetiso ya Thepa, 1937 (Molao wa 47 wa 1937), e le ho ntshetsapele le ho ntlafatsa tshebediso le ho kenngwa tshebetsong ha Molao. Bili e tla boela e tsitsisa ebile e ntlafatsa tsamaiso le ngodiso ya phetiso ya thepa.

3. Melaetsa ya matshediso

Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho ba malapa a balatedi ba babedi ba bolo ya maoto ba hlokahetseng nakong ya setha se wele Lebaleng la FNB ka Moqebelo, mohla la 29 Phupu 2017. Moporesidente o kgobokantse Komiti ya Dipatlisiso ya Matona, e etelletsweng pele ke Letona Nxesi, ho fuputsa maemo a lebisitseng koduweng ena.

4.    Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

4.1. Monghadi Lefentse Cuitzen Radikeledi o thontswebotjha e le moemedi wa tsa Matlotlo a Naha Botong ya Koporasi ya Inshorense ya Tlotlo ya Diyantle ya Aforika Borwa SOC Limited.
4.2. Keketso ya nako ya ho tsamaisa kantoro ha Mofumahadi Thabang Charlotte Christine Mampane e le Mokhomishenara wa Khomishene ya Dilothari tsa Naha (NLC).
4.3. Moporofesara Ntshengedzeni Alfred Nevhutanda o thontswebotjha e le Modulasetulo wa NLC.
4.4. Mofumahadi Fadila Ethne Lagadien e le setho sa Boto ya NLC ya Lekgotla la Kanetso la Bonono, Nalane ya Botjhaba le Naha, Tlholeho, Letlotlo la Botjhaba le Botaki ba Meralo.
4.5. Monghadi Sunrise Vusumuzi Mkhize e le Motsamaisikakaretso (DG) wa Lefapha la Bonono le Botjhaba.
4.6. Mofumahadi Thathakahle Jordan-Dyani e le Motlatsi wa Motsamaisikakaretso (DDG): Merero ya Matjhaba ya ICT le Kgwebisano Lefapheng la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso.
4.7. Ho thonngwabotjha le ho thonngwa ha balaodi bao e seng ba phethahatso ba Boto ya Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e ka Borwa bakeng sa dilemo tse tharo (hofihlela ka la 31 Phupu 2020):
4.7.1. Mofumahadi Anuradha Singh (thonyobotjha);
4.7.2. Mofumahadi Gugu Mtetwa (thonyobotjha);
4.7.3. Moporofesara Mark Swilling (thonyobotjha);
4.7.4. Mofumahadi Zanele Monnakgotla (thonyo);
4.7.5. Monghadi Lufuno Motsherane (thonyo);
4.7.6. Mofumahadi Bulelwa Ndamase (thonyo);
4.7.7. Mofumahadi Pinkie Nqeto (thonyo);
4.7.8. Mofumahadi Letlhogonolo Meko (thonyo); le
4.7.9. Monghadi Blessing Mudavanhu (thonyo);
4.8. Thonyo le thonyobotjha ya balaodi bao e seng ba phethahatso ba Boto ya Koporasi ya Matsete a Setjhaba SOC Limited bakeng sa dilemo tse tharo (hofihlela ka la 31 Phupu 2020):
4.8.1. Ngaka Xolani H Mkhwanazi (Motlatsi wa Modulasetulo) (thonyo);
4.8.2. Mofumahadi Mathukana Mokoka (thonyo);
4.8.3. Mofumahadi Dudu Hlatshwayo (thonyobotjha);
4.8.4. Mofumahadi Sibusisiwe N Ngubane (thonyobotjha); le
4.8.5. Ngaka Trueman Goba (thonyobotjha).

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisikakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore