Ho kopa CCMA ho fumana tumellano mabapi le melawana ya ho phiketa ka nako ya seteraeke

Mokgatlo wa basebetsi o ngodisitsweng o ka nna wa fana ka tumelo ya hore ditho le batshehetsi ba ona ba itseke ka sepheo sa ho tshwara ditshupiso tsa kgotso.

Boitseko bo ka nna ba tshwarelwa sebakeng sefe kapa sefe seo setjhaba se ka se fihlellang. Bo ka tshwarelwa kantle ho sebaka kapa ka hara sona ka tumello e tswang ho mohiri.

Haeba ho na le tsekisano mabapi le melawana ya ho etsa boitseko, mokgatlo wa basebetsi o ngodisitseng kapa mohiri ba ka etsa kopo ho CCMA ho sireletsa tumellano mahareng a mekgatlo.

Haeba ha ho na tumellano e fihlelletsweng, CCMA e tlamehile ho theha melawana ya ho etsa boitseko e ntse e lemohile hore ho na le maemo a itseng a ikgethileng mosebetsing moo kapa sebakeng se seng bakeng sa ho tswela pele ho itseka hape le khoutu efe kapa efe e tshwanetseng ya tshebetso e phethahetseng.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le sho sireletsa tumellano ka melawana ya ho itseka kapa o iteanye le CCMA.

 

Share this page