Kubhaliswa kwetidzingo tekunakekelwa kwetilwane

Dintlha ka 
O lokela ho etsang 
Nako ya tshebetso 
Ditjeo ke bokae 
Diforomo tse tlatswang 
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho etsa kopo ya tumello le ngodiso ya disebediswa tsa bongaka ba diphoofolo tse rekisetswang dinaha tsa kantle

O ka kgona ho rekisa diphoofolo kapa dihlahiswa tsa diphoofolo kantle ho naha ha feela di tswa dibakeng tse phethahatsang ho ya ka maemo a dinaha tsa matjhabeng kapa molao wa naha e rekang kantle.

Dibaka tsena e ka ba bohlabelong ba diphoofolo, seteisheneng sa ho kgetholla tse ka bang le tshwaetso e mpe, setsing sa kemariso ya maiketsetso, setsing sa ho lata embriyo, polasing, sebakeng sa ho fepela, fektering e sebetsanang le dikhemikhale tsa dijo le dibaka tsa ho boloka dijo.

O lokela ho etsang

  1. Iteanye le Ngaka e haufinyana ya diphoofolo ya Mmuso Porofensing ya heno ho etsa kopo ya tlhahlobo bakeng sa ho ingodisetsa ho rekisa kantle ho naha.
  2. Etsa ditlhophiso le Ngaka ya diphoofolo ya Mmuso Porofensing ho hlahloba sebaka se sebediswang. 
  3. Ngaka ya diphoofolo ya Mmuso ya Porofense e tla tlatsa raporoto ya tlhahlobo, e nang le mabaka a tshehetsang le kgothalletso, mme e e romele Lefapheng la Temothuo, Meru le Ditlhapi bakeng sa ho tjhaelwa monwana.
  4. Ebang e amohetswe, Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi le tla ngodisa sebaka mme le fane ka setefekeiti sa boingodiso ba ho rekisa kantle, seo ka tlwaelo se leng molaong selemo se le seng.

Nako ya tshebetso

Ho fapana ka porovense e nngwe ho ya ho e nngwe.

Ditjeo ke bokae

Ditjeho di fapana ho ya ka porovense e nngwe ho e nngwe.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo ha di fumanehe inthaneteng, iteanye le Ngaka ya heno e haufinyana ya diphoofolo ya Mmuso Porofensing kapa Lefapha la Naha la Temothuo.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page