Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 10 Phuptjane 2015

1. Ho kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e ile ya hlahlojwa ka ditlaleho tsa sephetho bakeng sa kotara ya bone (Pherekgong-Hlakubele 2015). E ile ya kgotsofatswa ke kgatelopele e entsweng mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha sena. Ditho tsa Phethahatso di tla hlophisa dikopano le boraditaba le bankakarolo ho hlopholla kgatelopele e entsweng ho kenngweng tshebetsong ha sephetho sa kotara ya bone. Dintlha ka botlalo di tla tsebiswa hang feela ha tlhophiso ena e se e phethetswe.

1.2. Kabinete e amohetse ho kgethwa ha bahlahisi ba 13 ba eneji e ka ntjhafatswang nakong ya sebaka sa bone sa mmuso sa Lenaneo la Ditheko la Bahlahisi ba ikemetseng ba Eneji e ka Ntjhafatswang. Bahlahisi bana ba eneji e ka ntjhafatswang (eneji ya matla a fehlwang ka letsatsi le ka moya) ba tla fana ka keketso ya dimekawate tse 1 084 bakeng sa ho tshehetsa marangrang a motlakase a naha mme kahoo ba thusa naha ho atamela phano ya eneji ya moshwelella bakeng sa nako e telele.

1.3.  Kabinete e amohela Sephetho sa Tekolo ya Ditjhelete sa Mebuso ya Lehae sa 2013-2014 le ho thoholetsa tshebetso ya bomasepala e bontshitseng ntlafalo e tsitsitseng mekgahlelong e batlang e akaretsa dintlha kaofela tsa sephetho sa bohlakisi ba bomasepala. Palo e matla ya bahlakisiwa ya 96% (bomasepala le dikaho tse ding tsa bomasepala) e kentse ditatemente tsa bona tsa maemo a ditjhelete ka nako, e leng ntlafalo e kgolo ho tloha ho 93% ka 2012/13 le 78% ka 2007/08.
Tlaleho e bontsha hore mekutu e kopanetsweng e entswe bakeng sa ho sebetsana le ditjeho tse sa tlwaelehang. Se hlahelletseng ka mahetla ke keketseho e bonahalang ya palo ya bomasepala le dikaho tsa bomasepala ka ditekolo tse se nang dipelaelo ho tloha ho tse 30 ka 2012/13 ho ya ho tse 58 ka 2013/14, ka tse supileng feela ka 2007/08 tse bontshang tsela e batlang e tsitsitse e lebisang ho tsamaiso e ntle le taolo ya ditjhelete e hlwahlwa.

Bahlahlobuwa ba nang le mehopolo e se nang dipelaelo jwale ba ikarabella bakeng sa 76% ya palo yohle ya ditekanyetso tsa ditjeho tsa mebuso ya lehae ya R315 bilione. Sena se bolela hore ho se ka fihlang ho tse robedi ho diranta tse ding le tse ding tse 10 tse sebediswang ke mebuso ya lehae e sebediswa ke dikaho tse nang le ditatemente tsa ditjhelete tse hlokang dipelaelo.

Ho bomasepala le dikaho tse 335 ba lekotsweng, ba 102 ba ntlafetse, ba 194 ba ntse ba tsitsitse, ba 27 ba boetse morao ha ba babedi e ne e le ba batjha mme ba 10 ba santse ba tla hlakisiwa. Sena se matlafatsa phano ya ditshebeletso tsa mantlha e kgabane le ho ba le boikarabelo ho imatahantswe le katamelo ya ‘Boela ho tsa Motheo’. Kabinete e amohela seo jwaloka ka Lewa la ‘Boela ho tsa Motheo’, tjantjello e ikgethang e tla tsepamiswa ho bomasepala ba 50 bao bohlakisi ba bona bo neng bo na le dipelaelo, haholoholo ba 25 ba ileng ba fumanwa ba na le dipelaelo bakeng sa dilemo tse hlano tse fetileng.

Kabinete hape e hlahisa ngongoreho ya yona mabapi le bomasepala ba tswelang pele ho hira batho ba hlokang mangolo mme kahoo ba nyefola mekgwa ya tsamaiso e hlwahlwa. Letona la Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba, le sebetsa le bomasepala, le tla potlakisa tsamaiso ya ho rarolla dintlha tsena.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Moralo wa ho Lokisa Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa (SAPO). Moralo ona o thusitse mabapi le ho fatolla motso wa disosa tsa mathata le ho hlwaya mawa a bohlokwa a boitshunyako bakeng sa ho lokisa kaho ena. Mmotlolo wa kgwebo o motjha o ntse o lokiswa bakeng sa ho fokotsa boitshetleho bo bongata kgwebong ya mangolo mme ho hlahiswe motswakong o tsitseng wa lekeno. Kabinete e na le tshepo e tiileng ya hore lewa lena le tla ntshetsa SAPO pele. Letona la Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahano le Ditshebeletso tsa Poso, mmoho le botsamaisi ba SAPO, le tla tshwara kopano ya boraditaba bakeng sa ho hlopholla moralo.

Kabinete e tjhaelletse monwana hore tlaleho e fumanweng mabapi le tlaleho ya pele ya Aforika Borwa e mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Tjhata ya Aforika mabapi le Ditokelo le Thekolohelo ya Ngwana (2000-2013), e hlahiswe Palamenteng. Tlaleho ena e ile ya amohelwa ho tswa ho Komiti ya Aforika ya Ditsebi mabapi le Ditokelo le Thekolohelo ya Bana. Kabinete e tjhaelletse monwana  mekgwa ya tsamaiso ho netefatsa katamelo e kopanetsweng, e tsamaelanang le e nang le bonkakarolo bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha Tjhata ya Aforika mabapi le Ditokelo le Thekolohelo ya Ngwana ho imatahantswe le ditokelo tsa molaotheo tsa bana.

Ho kenngwa ha tlaleho ya Aforika Borwa ho tsamaelana le melao ya matjhaba ya kgotso le maitlamo. Tlaleho ena hape e sebetsa jwaloka sekala sa kamoo naha e hatelang pele mabapi le ho baballa ditokelo tsa bana le thekolohelo.

3. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Hajwale

3.1. Kabinete e thoholetsa ho tshwarwa ho atlehileng ha Foramo ya Moruo ya Lefatshe (WEF) Aforika ho la Motse Kapa bekeng e fetileng, e tiisang botjha hore naha ena ke tulo ya maemo a phahameng hara mafatshe ya sebaka sa matjhaba bakeng sa diketsahalo tsa maemo a phahameng. WEF Aforika e fanne ka lepatlelo bakeng sa mmuso ho pepesa Aforika Borwa jwaloka sebaka sa matsete le kgwebo, e leng se hlokolosi bakeng sa ho kgotsofatsa sepheo sa Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

Kabinete hape e ananela karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke lekala la boraditaba ka ho netefatsa hore tlhahisoleseding ho tswa ho ketsahalo ena e hlokolosi e ile ya lebiswa ho phatlalla le mapatlelo a fapafapaneng bakeng sa hore dintlha di finyelle ho maAforika Borwa.
Ho methwa ha Aforika Borwa ho BBB ke Dihlahlobo tsa Fitch ho tiisa botjha hore naha e dula e bulehile bakeng sa matsete a ka ntle le ho boela e bontsha boitlamo ba mmuso bakeng sa taolo e hlwahlwa ya tsa ditjhelete. Ho leng jwalo, dintlha tse hlahisitsweng ke Fitch di fumana tjantjello ya mmuso boemong bo phahameng ka ho fetisisa.

3.2. Kabinete e amohela ho Thakgolwa ha Media Landscape 2014 – Re keteka dilemo tse 20 tsa Boraditaba ba Aforika Borwa, e sebetsang ka dintlha tse fapafapaneng tsa dilemo tse 21 tse kgothatsang moo boraditaba ba bapetseng karolo e hlokolosi. Kgaolo ka nngwe e nkela hloohong boemo ba boraditaba ho tloha ka 1994 le ho bontsha kamoo re tsamaileng ho fihlela mona, ha ho ntse ho shebilwe diphephetso tsa nako e tlang. Boholo ba bankakarolo bo a dumellana hore ho fihlelletswe tse ngata lekaleng lena.
Kabinete e kgothaletsa ba sebetsang ka hara mekgatlo ya boraditaba, dirutehi, setjhaba le mmuso ho bala Media Landscape 2014, e qholotsang dingangisano tse kgotsheng le dipuisano mabapi le dilemo tse 20 tsa boraditaba ka hara Aforika Borwa ya demokerasi. Kgatiso ena e fana ka ho phetwa ho hlokang leeme le ho tshepahalang ha lekala la boraditaba la naha. Nakong eo e ntseng e ralwa e ile ya baka tshebedisanommoho e matla pakeng tsa mmuso le indaseteri ya boraditaba, ka baetapele le mekgatlo ya setjhaba.

3.3. Kabinete e tiisa tshepo ya yona ho Bookamedi ba Botjthutjhisi ba Naha (NPA) ho phetha mesebetsi ya bona ka bokgabane jwaloka ha bo ronngwe ke Molaotheo wa rona ho sa natswe diphethoho tsa moraorao tjena boetapeleng ba ona.
NPA e dutse e ikemiseditse ka matla mosebetsing wa yona, le ho ba le dibopeho tse hlokahalang le ditsamaiso bakeng sa ho tswela pele ho kgothaletsa setjhaba se hlokang botlokotsebe. Ka 2014 mokgatlo ona o ntlafaditse sekgahla sa ona sa ho tshwara ba molato maemong oohle a makgotla a dinyewe ka 93.6% (dinyewe tse 273 641) makgotleng a dinyewe a ditereke, 76% (dinyewe tse 27 246) makgotleng a dinyewe a lebatowa le 88% (dinyewe tse 911) makgotleng a dinyewe oohle a phahameng.

3.4. Kabinete e amohela ho lokollwa ha Hlahlobo ya pele ya Aforika Borwa ya Sekgobo e tobisitsweng ho maikutlo mabapi le HIV le AIDS le TB Sebokeng sa bo-7 sa Aforika Borwa sa AIDS, se ntseng se tswela pele hajwale Durban. Hlahlobo ya Sekgobo, e leng e kgolohadi lefatsheng, e fana ka diketso tse kgonehang le tse ntlafatsang le mananeo bakeng sa ho lwantsha sekgobo le kgethollo kgahlanong le batho ba phelang ka HIV le TB.

3.5. Kabinete e ananetse katleho ya Beke ya Tshireletso ya Bana (CPW) le ho boeletsa hore bana ba rona ke lefika la motheo la bokamoso ba naha ya rona le ho kgothaletsa setjhaba ho ba tshireletsa kgahlanong le ho se ba kgathalle le tlhekefetso. Ho fetafeta moo, Kabinete isa diteboho ho makala oohle a mmuso, setjhaba le bomphato ba kahisano ba sebetsang ka boitelo le ho feta ka nqane ho CPW bakeng sa ho lemosa setjhaba mabapi le ho tshireletsa bana ba rona. 

3.6. Kabinete e ananela tokiso e matla ho Telkom moo mmuso e leng radiabo e moholo, ya nang le diabo tsa 40%. Tokiso ya khamphani e ile ya lebisa ho kgolo e matla ya lekeno le seabo lekgetlo la pele esale ka 2011 sa disente tse 245.

3.7. Kabinete e ile ya hlahlojwa ka ho kenngwa tshebetsong ha dihlomathiso tsa molao wa bofalli le melawana ya bofalli ya 2014, ho kenyeletswa ditlhokahalo tsa ho eta le bana ho parola le madiboho a Aforika Borwa, tse keneng tshebetsong ka la 1 Phuptjane 2015.

Kabinete le ha ho le jwalo e lemohile dikakanyo tse hlahisitsweng ke makala a fapafapaneng. Bakeng sa ho mamela dikakanyo tsena, Kabinete e entse qeto ya ho theha moifo wa Matona ho tswa ka bobedi ho makala a moruo le tshireletso. 

Moifo ona o lebeletswe ho sekaseka le ho tobana le dingongoreho ka sepheo sa ho fumana ditsela tsa ho sebetsana le diphetho tse neng di sa lebellwa tse bakilweng ke ho kenngwa tshebetsong ha melawana ena. Moifo ona o tla bokanngwa ke Letona Malusi Gigaba. 

Ho tlatseletsa moo, Komiti e kopanetsweng ya Matona e mabapi le bofalli le yona e tla tswella ka mosebetsi wa yona wa ho sheba botjha dintlha tsohle tse amanang le bafalli ba teng ka hara naha. Mosebetsi ona o tla thusa bakeng sa ho fana ka kgokahano pakeng tsa bofalli le melao ya rona.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla kenela mekete ya Letsatsi la Batjha ka la 16 Phuptjane 2015 ho la Tshwane Events Centre, Gauteng tlasa mookotaba: “Batjha ba ntshetsa Aforika Borwa pele”.
Moporesidente o tla boela a nke leeto la Siyahlola ho ya Yunivesithing ya Thekenoloji ya Tshwane Khempaseng e Borwa ya Soshanguve, Gauteng ka la 23 Phuptjane 2015. Leeto lena la ho beha leihlo le tla tsepamisa maikutlo ho boikitlaetso le boitshunyako tse entsweng bakeng sa ho ntlafatsa bophelo ba batjha ba rona le ho ba matlafatsa bakeng sa ho nka karolo betere moruong wa naha ya rona.

Kabinete e ipiletsa ho batho ba batjha ho kgola molemo wa menyetla e fanwang ke mananeo a mmuso a kang Lenaneo la Mesebetsi ya Badudi, le bontshang kamoo bolekane bo etsang phapang ho dikaho tsa motheo tsa badudi le ditshebeletso, le kamoo di hodisang menyetla ya mosebetsi le ho e etsa mesebetsi ya moshwelella ka lebaka la phethisetso le ntshetsopele ya maitsebelo.

Ka Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha, batjha ba bangata ba boela ba kenngwa ho moruo o phatlaletseng ka mananeo a bona a fanang ka tshehetso ho baetapele ba batjha ba dikgwebo.

4.2. Aforika Borwa e tla kenela mekete ya kontinente ka bophara ka la 23 Phuptjane 2015 ho tshwaya Letsatsi la Aforika la Tshebeletso ya Setjhaba tlasa mookotaba: “Mosebetsi wa Ditshebeletso tsa Setjhaba ho Matlafatso ya Basadi, Ntlafatso le Phano ya Ditshebeletso e Fihlellehang”. NDP hape e hlwaile ho matlafatsa bokgoni ba Puso jwaloka taba ya bohlokwa bakeng sa ho fihlella Pono ya 2030. Ho tloha ka 1994 naha e entse menyabuketso e matla ka boemedi ba basadi maemong a phahameng a botsamaisi ka hara Tshebeletso ya Setjhaba, e neng e dutse ho 39.8% ka Hlakubele 2014.

4.3. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle ho bapa le mmuso ka Letsatsi la Lefatshe la Baphaphathehi, 20 Phuptjane 2015, ho tiiseng botjha ha boitlamo ba naha ba ho tshwara baphaphathehi bohle ka seriti. Jwaloka setho ho Tumellano ya Baphaphathehi ya Geneva ya 1951 hape jwaloka naha e ananelang ditokelo tsa botho, re na le tshwanelo ya ho tshireletsa ditokelo tsa mantlha tsa baphaphathehi ka hara meedi ya rona. Nakong tse ngata batho bana ke banna, basadi le bana ba mohaung ba qobeletsweng ho baleha mahaeng a bona le ho etsa seo ka sebete, matla le maikemisetso.

4.4. Lefapha la Merero ya Selehae, mmoho le mafapha le makala a mang a mmuso, le tla thakgola Operation Pyramid ka la 19 Phuptjane 2015 Skukuza, ho la Mpumalanga tlasa mookotaba: “Re sebetsa mmoho bakeng sa meedi e bolokehileng le ho tshireletseha”. Operation Pyramid e tla hokahanya le ho matahanya betere diporojeke, mananeo le boitshunyako tsa mmuso le makala a ona. Boikitlaetso bona ba diphethoho bo tla sebetsa ho fihlela ho thehwa ho rerilweng ha Lekala la Bolaodi ba Meedi ka 2017. Bolaodi bo tshiretsehileng, bo kgabane le ho ba hlwahlwa ba motsamao wa ho parola meedi wa batho le phahlo bo tla etswa ka mokgwa o kgemang le dintlha tse ka sehloohong tsa ntshetsopele ya naha.

4.5. Sehopotso sa bo-60 sa Tjhata ya Tokoloho, se tla tshwauwa ka la 26 Phuptjane 2015, se tla sebediswa ho bontsha kgatelopele e entsweng bakeng sa ho fihlella maikemisetso a yona, le ho bontsha ho tsamaelana pakeng tsa maano a mmuso le tokomane ena e etsang nalane. Tjhata ya Tokoloho ke motheo oo ho ona ho thehilweng Molaotheo wa rona o hlomphuwang lefatsheng ka bophara; kajeno e fana ka matla naheng eo re e ahang le ho maano a rona le mananeo.

5. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.
5.1.  Monghadi Zacharia Isak Modise jwaloka Mokomishenara wa Naha wa Lefapha la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwarua.

5.2.  Mofumahadi Bernedette Muthien jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo wa Merero ya tsa Bong ho Lefapha la Basadi.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore