Tlaleho ya Kopano ya Kabinete, Laboraro 15 Hlakola 2023

A. Maemo a Renang

1. Puo ya Boemo ba Naha (SoNA)

1.1. Kabinete e tobokeditse mantsweng a Mopresidente Cyril Ramaphosa a a buileng Puong ya hae ya Boemo ba Naha ya selemo sa 2023 a hore Maafrika Borwa kaofela a sebedisane, ho se be le ya sallang morao twantshanong le diphephetso tseo naha ena e tobaneng le tsona. 

1.2. Dinthong tseo Mopresidente a buileng ha batsi ka tsona o boletse hore mmuso o behileng mathata a motlakase sehlohlolong sa meralo ya ona e le ho qeta ho tingwa ha motlakase ke sepheo sa ho o baballa e le hore ho tle ho be le phepelo e tsitsitseng ya motlakase. 

1.3. Kabinete e etsa kgoeletso ho dikarolo tsohle tsa setjhaba ho tshehetsa maano a tshetlehilweng ke Mopresidente ho SoNA, a kenyeletsang haholoholo ho fokotsa leqeme la mesebetsi, bofuma, ditjeho tse hodimo tsa ho phela ha mmoho le botlokotsebe le bobodu. 

1.4. Mmuso o ikemiseditse ho potlakisa mosebetsi oo o seng o qadilwe wa ho eketsa phepelo ya motlakase mme sa rona ke ho tlosa ditshita tse ka phatsamisang mosebetsi ona. 

1.5. Dibekeng tse mmalwa tse tlang, makala a fapaneng a mmuso a tla fana ka maano a tshebetso a selemo sena jwalo ka ha Mopresidente Ramaphosa a boletse ho SoNA. Puo ya Kabo ya Matlotlo e tla tshetlehwa ka Laboraro la la 22 Hlakola 2023, yona e tla fana ka dintlha tse eketsehileng maanong ao a tshebetso.

2. Mining Indaba ya Afrika ya Selemo sa 2023

2.1. Kabinete e amohetse sephetho sa Mining Indaba ya Afrika e neng e tshwaretswe Cape Town International Convention Centre ho tloha ka la 6 ho isa ka la 9 Hlakola 2023, tlasa lepetjo le reng: “Tokollo ya Matsete a Afrika a Merafo: Botsitso, Tshireletso le Phepelo”.

2.2. Mining Indaba ena ya Afrika e ile ya kopanya bankakarolo ba fapafapaneng indastering ena kontinenteng ena esitana le matjhabeng, mme ya ipabola ka ho ba seboka se pele sa matsete ho tsa merafo kontinenteng ena. Merafo e ntse e tswelapele ho bapala karolo e pele ho tsa ntshetsopele le diindasteri ho phatlalla le kontinente ena. Merafo e bapala karolo e kgolo paballong le ho theheng menyetla ya mesebetsi eo re ka balang palo e batlang e finyella ho halofo ya milione e fumanweng lekaleng lena ka ho otloloha le e batlang e finyella ho milione e amanang feela le lekala lena mona Afrika Borwa. 

2.3. Tlhahiso ya lekala la merafo ngwahola mona Afrika Borwa e eketsehile ya fihla tjheleteng e ballwang ho R1.18 trilione, e leng se ileng sa tshehetsa tlhahiso ya thepa ya naha ena, thepa e romelwang matjhabeng esitana le lekeno la naha. Kabinete e etsa kgoeletso ho bankakarolo bohle indastering ena ho tswela pele ho sebedisana le mmuso ho tshehetsa indastering ena e boemong ba matjhaba, e kgonang ho nyolla maemo a moruo, ho theha mesebetsi le ho fana ka ntshetso pele e tsitsitseng. 

3. Dikgohola

3.1. Kabinete e fetisa matshidiso a yona malapeng ohle a lahlehetsweng ke ditho tsa ona ka lebaka la dikgohola tse etsahetseng dibakeng tse fapafapaneng naheng ena. 

3.2. Re leboha lekala la rona la ditshebeletso tsa tshohanyetso le pholoso naheng ena ka bophara ka ho sebetsa ka thata ho pholosa maphelo. Ha re kopaneng re le naha mme re thuseng bohle ba hlokang tshehetso le tlhokomelo. 

3.3. Kabinete e etsa boipiletso ho batho hore ba dule ka matlung ha pula e na ka matla le ka sefefo, mme hape e hopotsa ba dulang dibakeng tse dikoting hore ba dule ba ntshitse mahlo dinameng. 

3.4. Batho ba hlokomediswa hore ba se tshele, ba se sese kapa hona ho tshedisa dikoloi metsing a phallang ka matla, mebileng e kwahetsweng ke metsi, dinokeng le marokgong a tletseng metsi. 

4. Tshebediso e Bohlaswa ya Dithunya

4.1. Kabinete e fetisetsa matshidiso a yona lelapeng le metswalleng ya sebini sa mmino wa hip-hop Ntate Kiernan Forbes, ya neng a tumme ka la AKA, mmoho le sephehi se tummeng Ntate Tebello Motsoane, ba sa tswa thunngwa mane Thekong. 

4.2. Kabinete e boetsa e lebisa mantswe a kutlwelobohloko lelapeng le metswalleng ya molwantshi wa botlokotsebe Ntate Ayob Mungalee, ya sa tswa thunngwa mane Eldorado Park, Johannesburg. E ne e le molaodi wa mokgatlo o bitswang People Seeking Justice Action Group, e leng mokgatlo wa setjhaba o lwantshanang le maqulwana le thekiso ya dithethefatsi. 

4.3. Kabinete e lebisa matshidiso a yona malapeng le metswalleng ya batho ba sa tswa thunngwa ka bongata Kapa Bophirima, KwaZulu-Natal le Kapa Botjhabela. Dipolao tsena tse sehloho tse ntseng di fuphutswa ke ba qobellang molao di bontsha ka moo tshebediso e bohlaswa ya dithunya e phahameng ka teng setjhabeng.

4.4. Kabinete e rata ho netefaletsa Maafrika Borwa hore Sepolesa sa Afrika Borwa se matlafaditswe e le ho tiisa twantsho ya bonokwane. Sena se kenyeletsa ho jalwa ha sepolesa diterateng le ho theha dihlopha tse tla tobana le mefuta e itseng ya bonokwane. Afrika Borwa e tla boela e sebedisa le mekgwa e meng e ikgethileng e tla thusa ho hlwaya le ho tobana le dibaka tseo bonokwane bo etsahalang haholo ho tsona. 

4.5. Sepolesa sa rona se tiisa letsholo la sona la ho qeta dithunya le diqhomane tse seng molaong matsohong a dinokwane. Dikgweding tse 12 tse fetileng, sepolesa se kgonne ho hapa dithunya tse ka bang 65 519 tse seng molaong. 

4.6. Mmuso o etsa kgoeletso ho setjhaba le mekgatlo yohle ya setjhaba ho sebedisana le sepolesa se haufi ho lwantsha botlokotsebe setjhabeng. Haeba o na le tsebo ya diketso tsa botlokotsebe o ka tlalehela sepolesa nomorong ya 0800 10111. 

5. Mmasepala wa Lehae wa Enoch Mgijima (EMLM)

5.1. Letona la Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena, Nkosazana Dlamini Zuma, le la Matlotlo, Enoch Godongwana, ba ile ba tlalehela Kabinete ka kopano ya bankakarolo ba bohlokwa ho EMLM.

5.2. Ka Mmesa 2022, Kabinete e ne e tjhaele monwana taba ya ho kenella ho EMLM ho ya ka Karolo ya bo 139(7) ya Molaotheo wa Naha wa 1996 e kopantswe le Karolo ya bo 150 ya Molao o Laolang Matlotlo a Bommasepala wa 2003 (Molao wa bo 56 wa 2003). Mmasepala ona o ne o aparetswe ke mathata a ditjhelete le a phano ya ditshebeletso pele matona ana a kenella. 

5.3. Kabinete e thabetse ho hlwauwa ha mathata a teng ho mmasepala ona mme e netefaletsa badudi ba mmasepaleng ona hore ba tla tsebiswa ka se tla etsahala haufinyane. 

6. Polokeho Dikolong 

6.1. Polokeho dikolong ke ntho ya bohlokwa mmusong wa Afrika Borwa mme taba ya merusu ya barutwana dikolong ke e ngongorehisang haholo. 

6.2. Leha Lefapha la Thuto ya Motheo le na le maano a ho lwantsha mathata ana, batswadi le bahlokomedi le bona ba tlameha ho sebedisana le batsamaisi ba dikolo le baithuti ho netefatsa hore dikolo tsa rona e ba dibaka tsa polokeho bakeng sa baithuti le ntshetso pele ya bona. Polokeho ya matitjhere a rona dikolong le yona ke taba ya bohlokwa haholo. 

7. Polokeho Mebileng

7.1. Kabinete e ngongorehiswa ke dikotsi tse nyarosang mebileng ya naha ena. Mmuso o lohotha melao e metjha e tla qeta dikotsi tsa dilori ho kenyeletsa ho tlosa ho thothwa ha thepa diloring ho iswa ditereneng ka kgopolo ya ho fokotsa tshubuhlellano mebileng. 

7.2. Kabinete e etsa boipiletso ho bakganni bohle ho ikobela melao ya tsela, ho ba sedi esitana le ho mamellana mebileng. Dikotsi tse ngata mebileng ya rona di bakwa ke ba kgannang ba tahilwe, ba le tlasa tshusumetso ya dithethefatsi, ho kganna bohlaswa esitana le ho kganna ka lebelo le hodimo. 

B. Tshisinyo ya Melao

1. Tshisinyo ya Molao wa Taolo ya Madiboho (OSBP) ya 2022 

1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa OSBP bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tshisinyo ena e latela ho tjhaelwa monwana ha leano la OSBP ha mmoho le ho kengwa ha lona tshebetsong ka Tlhakubele 2022. Maikemisetso a lona ke ho kopanya taolo ya ho tshela ha batho le thepa madiboho a Afrika Borwa le dinaha tsa boahisane. 

1.2. Mohato ona o tla fokotsa tshubuhlellano ya bahahlaudi le barekisi madibohong a rona a mmileng. Mehato ena ke ya bohlokwa matsapeng a mmuso a ho theha Tumellano ya ho Hwebisana ha Dikgwebo tsa Dinaha tsa Kontinenteng ya Afrika Ntle le Ditshita (AfCFTA). 

1.3. Ditumellano tse boletsweng Tshisinyong ena di tla thusa ho potlakisa ho laola ho feta ha thepa, batho le dikoloi madibohong. Tshisinyo ena e boetse e ikamahantse le melao ya matjhaba e laolang ho tsamaya ha batho le thepa bakeng sa kgwebo. 

2. Tshisinyo ya Molao wa Boitsebiso le ho Ngodiswa ha Batho ya 2022 

2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa Boitsebiso le ho Ngodiswa ha Batho ya 2022 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tshisinyo ena ya Molao e dumella ho kengwa tshebetsong ha leano la Taolo ya Boitsebiso eo ka yona ho ikemiseditsweng ho ba le mokgwa o le mong wa dijithale wa ho ngodisa batho ba dulang naheng ena kapa ba kileng ba dula ho yona. 

2.2. Tshisinyo ena e tla thusa ho tseba palo ya batho ba teng naheng ena le ba nang le boahi bo feletseng ba kwano. E tla boela hape e thusa ho laola palo ya batho ba kopileng bodulo ba nakwana naheng ena. E tla boela e dumella le ho sebediswa ha Mokgwa o Ikgethileng wa ho Sebedisa Dikarolo tsa Mmele ya Batho ho Bona Boitsebiso ba Bona (NIS) o tla thusa ho fumana dintlha tsa motho eo dintlha tsa hae di fanweng ka ho nehelana ka tsona lenaneong la ho boloka dintlha tsa baahi lenaneong la ho boloka dintlha tsa boitsebiso. 

2.3. Mokgwa ona wa NIS o tla tsamaisana le tsela ya boitsebiso e sebediswang ke makala a mmuso le a ikemetseng. 

2.4. Ka bobedi Tshisinyo ya OSBP ya 2022 le ya Boitsebiso le ho Ngodiswa ha Batho ya 2022, di tla phatlalatswa ho websaete ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae: www.dha.gov.za. Setjhaba se kgothaletswa ho romela maikutlo a ngotsweng fatshe atereseng ena: The Director-General of Home Affairs, Private Bag X114, Pretoria, 0001. Mohala: 012 406 4353.

C. Diketsahalo tse Tlang

1. Seboka sa Dinaha tsa Afrika (AU) 

1.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla ya sebokeng sa bo 36 sa Dihlooho tsa Dinaha tsa Afrika se tla ba ka la 18 ho ya ho 19 Hlakola 2023 mane Addis Ababa, Ethiopia.

1.2. Seboka sena sa AU se tla tshwarwa tlasa lepetjo le reng “Re potlakisa ho Kengwa Tshebetsong ha AfCFTA”, mme pele ho sona ho tla qalwa ka sa Lekgotla le Ikgethileng sa bo 42 ka la 15 le la 16 Hlakola 2023. Baetapele ba dinaha ha mmoho le Mmuso wa AU ba tla sebedisa lepetjo lena ho itlama ho kenya leano lena la AfCFTA tshebetsong. 

2. Ketelo ya Semmuso ya Mopresidente wa Uganda

2.1. Mopresidente Yoweri Kaguta Museveni wa Uganda o tla etela Afrika Borwa semmuso ka Labobedi la la 28 Hlakola 2023 ho latela memo ya Mopresidente Ramaphosa. Maikemisetso a ketelo ena ke ho tiisa tshebedisano pakeng tsa dinaha tsena tse pedi. 

3. Dikgau tsa Boqolotsi tsa Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ho Afrika (SADC) tsa 2023

3.1. Kabinete e hopotsa baqolotsi bohle hore dikenelo tsa Dikgau tsa Boqolotsi tsa SADC tsa 2023 tse tla kwalwa ka Labobedi la la 28 Hlakola 2023, di buletswe baqolotsi bohle ba dinaha tsa SADC. 

3.2. Dikgau tsena tsa Boqolotsi di na le dikarolo tsa ba dingolwa, ditshwantsho, theleveshene le diyalemoya. Ho tsona ho shebilwe haholo tsela eo ho tlalehwang ditaba tse mabapi le sedika sena sa SADC.

D. Diteboho

1. Kabinete e lebisa ditebo le ditakaletso tse ntle ho: 
• Nomcebo Zikode, Zakes Bantwini le Wouter Kellerman ka ho hapa kgau ya matjhaba ka pina ya bona, Bayethe, Dikgaung tsa bo 65 tsa Grammy tsa Selemo le Selemo. 

E. Matshidiso 

Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya: 
• Batho ba ileng ba hlokahala kotsing ya bese le koloi e tsamaisang tjhelete mmileng o moholo wa N1 mane Limpopo. Kabinete e lakaletsa mahlatsipa ho fola ka pele. 
• John Moeti (56), sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana le Orlando Pirates eo e neng e le karolo ya sehlopha se neng se hape Mohope wa Dinaha tsa Afrika ka 1996. 
• Kabinete e boetse e lebisa matshidiso a yona mmusong le setjhabeng sa naha ya Türkiye le ya Syria moo ho hlokahetseng batho ba bangata, ha lemala le meralo ya motheo ka lebaka la ho reketla ha lefatshe ho neng ho etsahale ka la 6 Hlakola 2023 ho ballwang ho 7.8 sekaleng sa Richter. Re utlwela bohloko bohle ba lahlehetsweng ke beng ka bona le ba ntseng ba batlana le bona. Kabinete e leboha mekgatlo ya Afrika Borwa ya thuso ya setjhaba ka ho kenya letsoho koduweng ena. Kabinete e boetse e thoholetsa le e mong wa Sehlopha sa K-9 sa Mapolesa a Afrika Borwa ka thuso ya hae e entseng hore ho fumanehe nkgono ya dilemo di 80 a ntse a phela tlasa malwanglahla ao ka mora matsatsi a robedi mane Türkiye.

F. Kgiro

Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1. Mme Azola Mayekiso Motsamaisi ya ka Sehloohong (CEO) wa Koporasi ya Naha ya Tshehetso ya Ditjhelete tsa ho Reka Matlo. 
2. Ntate Lucas Thabiso Thiti Motlatsi wa Molaodi Kakaretso (DDG): Ntshetsopele le Tshehetso ya Lefapha Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo. 
3. Mme Boitumelo Mosako Motsamaisi ya ka Sehloohong (CEO) wa Banka ya Ntshetsopele ya Afrika e ka Borwa. 
4. Ntate Kabelo Rikhotso Molaodi e Moholo wa Boto ya Koporasi ya Matsete a Mmuso. 
5. Ntate Matsemela Moloi Motsamaisi wa Akgente ya Ditlolo tsa Molao Mebileng. 
6. Moatevokate Sonwabile Mancotywa Molaodi le Modulasetulo wa Boto ya Dipalangwang tsa Maeto a Parolang Madibohong. 

Ditlhakisetso: Ntate Michael Currin – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 082 462 7896

Share this page

Similar categories to explore