Tlaleho ka Kopano ya Kabinete ya la 21 Phuptjane 2023

A.  Maemo a Renang

1.   Dikgothaletso tsa Komeshene ya Dipatlisiso tsa Boahlodi e Batlisisang ka Menyenyetsi ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko, Bobodu le Bonyofonyofo Mmusong ho Kenyeletsa le Makaleng a Mmuso 


1.1.  Kajeno, 22 Phuptjane 2023 ho fela selemo kantoro ya Mopresidente e fumane tlaleho ya ho qetela ya Komeshene ya Dipatlisiso tsa Boahlodi e batlisisang ka Menyenyetsi ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko, Bobodu le Bonyofonyofo Mmusong ho kenyeletsa le Makaleng a Mmuso.
1.2.  Ka Mphalane 2022, Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a neha Palamente moralo wa ho kenya tshebetsong dikgothaletso tsa Komeshene. Kabinete e emetse tlaleho ya tema e seng e kgathilwe mosebetsing ona wa ho kenya dikgothaletso tsena tsa Komeshene tshebetsong. 

2.  Tumellano le Naha ya Fora ya ho eketsa tsebo ya tshebetso ya Lekala le Ikgethileng la Mafokisi (SIU) 

2.1.  Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo, Ntate Ronald Lamola wa Afrika Borwa le mphato wa hae wa Fora, Mme Catherine Colonna eo e leng Letona la Yuropa le Ditaba tsa Matjhabeng, ba ile ba tekena tumellano ya tshebedisano ho nyolleng tsebo ya tshebetso ya SIU. 
2.2.  Tshebedisano ena e tla thusa SIU diphuputsong tsa bonokwane ho tsa inthanete, tsa ditjhelete esitana le ho kgona ho hlopholla dintlha. 
2.3.  Tshebedisano ena e tla etsa hore ho bulwe Sekolo sa Dithuto tsa Twantsho ya Bobodu mane Tshwane. Sekolo sena se tla thusa SIU, mekgatlo e meng ya phethahatso ya molao le mekgatlo e lwantshang bobodu Dinaheng tse ka Borwa ho Afrika, tsa Commonwealth le tseo e seng tsa Commonwealth. 
2.4.  Tshebedisano ena e tla thusa naha ena ho kenya dikgothaletso tsa Komeshene ya Dipatlisiso tsa ho Hulwa ha Mmuso ka Nko tshebetsong. 

3.  Leeto la Tshebetso le Kopanelo la Tonakgolo ya Netherlands le ya Denmark

3.1.  Kabinete e amohetse dipuisano tse bileng teng pakeng tsa Mopresidente Ramaphosa, Tonakgolo Mark Rutte wa Netherlands le wa Denmark, Mette Frederiksen nakong eo ba neng ba le leetong la kopanelo Tshwane bekeng ena. 
3.2.  Dikamano tsa moruo pakeng tsa dinaha tsena tse tharo e bontsha dikamano tsa nako e telele tseo Afrika Borwa e nang le tsona le dinaha tsena tse pedi tseo e leng ditho tsa Mokgatlo wa Dinaha tsa Yuropa tse neng di fane ka tshehetso ya mekga ya naha ena e neng e lwanela tokoloho nakong ya kgethollo ya mmala. 
3.3.  Ketelong ena, Afrika Borwa e tekenne Tumellano ya Tshebedisano lekaleng la tlhahiso ya haedrojene e tala le matla le dinaha tsena tse pedi.  
3.4.  Dikhampani le mekgatlo ya dinaha tsena ka boraro e entse diphatlalatso tsa matsete le tshebedisano tse kenyeletsang le tjhelete e ballwang ho bilione ya Didolara tsa Amerika e leng tjhelete ya ho theha letlole la SA-H2 bakeng la ho matlafatsa projeke ena.
3.5.  Letlole le Meralo ya Motheo bakeng sa Metsi le Motlakase: Invest International le ikemiseditse ho theha letlole la dimilione tse 300 tsa Diyuro le tshehetso ya ditjhelete ya Diyuro tse milione di 100 tse tla thusa Afrika Borwa ho ntlafatsa meralo ya motheo ya motlakase le metsi. 

4.  Leano la Afrika la Kgotso

4.1.  Kabinete e amohetse tlaleho ya Mopresidente Ramaphosa ya leeto la Leano la Afrika la Kgotso naheng ya Ukraine le ya Russia moo Mopresidente a neng a tsamaisana le baetapele ha mmoho le ditho tsa mmuso wa Senegal, Comoros, Zambia, Ekgepeta, Congo-Brazzaville le Uganda. Leano lena le ne le paka ntlhakemo ya Afrika Borwa ntweng ena ha mmoho le keletso ya yona bakeng sa tharollo ya pharela ena ka mokgwa wa dipuisano. 
4.2.  Kabinete e etse hloko hore Mopresidente Volodymyr Zelensky wa Ukraine le Vladimir Putin wa Russia ba ile ba amohela Leano la Afrika la kgotso mme ba ikana hore ba tla nne ba buisane le baetapele bana ba Afrika ho ya pele tabeng ena ya tharollo ya qabang ena.  
4.3.  Leano lena le ne le hatella taba ya ho fokotsa sekgahla sa pharela ena e le ho leka ho potlakisa ho qala dipuisano tsa kgotso, hore ho kgutliswe bana ba tlositsweng Ukraine ha mmoho le ho lokollwa ha batshwaruwa ba ntwa le ho rala mokgwa wa ho tlisa thuso bathong ba thefutsweng ke ntwa ena. 
4.4.  Kabinete e thabela le hona ho amohela thoholetso ya baetapele ba matjhaba ho Baetapele bana ba Afrika ka Mohato wa bona wa Kgotso moo hara ba ntshitseng maikutlo re ka balang Tonakgolo ya Denmark, ya Netherlands le Letona la Matjhabeng la Fora ha re bala ba mmalwa. 
4.5.  Ka lebaka la leano lena la kgotso, Afrika Borwa e tla nka karolo Sebokeng sa Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika le Russia mane Moscow ka Phupu moo mmuso wa rona o tlang ho sebedisa monyetla oo ho boela o hopotsa Russia ka ditshepiso tseo Bapresidente bao ba babedi ba ileng ba di etsa. 
4.6.  Moeletsi wa Mopresidente Ramaphosa tabeng tsa Tshireletso ya Naha Moprofesara Fholisani Sydney Mufamadi, yena o tla ya Sebokeng se tla beng se hlophisitswe ke Mopresidente Zelenksy, mane Copenhagen, Denmark, ka Phato.
4.7.  Ha re tla tabeng ya sefofane se neng se tsamaisitse sehlopha sa tshireletso sa Mopresidente ha mmoho le baqolotsi ba ditaba se neng se tlameha ho ya pota Poland tseleng ya sona e lebisang Ukraine le Russia, Kabinete e utlwisisa pharela ena e neng e etsahale ha sefofane se ne se tsorama mane Warsaw, Poland.
4.8.  Kabinete e amohetse taba ya hore Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisanommoho le tla sala taba ena morao ka tsela, mokgwa le metjha e nepahetseng. 

5.  Ditaba tsa Kgwebisano

5.1.  Kabinete e etse hloko dipalopalo tsa kgwebisano tse sa tswa lokollwa ke Lefapha la Dikgwebo, Diindasteri le Ditlhodisano tse bontshang hore thommello ya thepa naheng ya Tjhaena e finyelletse dibilioneng tse 33 tsa didolara tsa Amerika ka 2022 e leng maemo a phetileng habedi a naha e boemong ba bobedi ho tseo re hwebisanang le tsona e leng Jeremane.  
5.2.  Ka kakaretso, kgwebisano pakeng tsa Afrika Borwa le Tjhaena e nyolohile ka peresente tse 30 ho tloha ho dibilione tse 44 tsa didolara ka 2018 ho ya ho tse dibilione tse 57 tsa didolara mafelong a selemo sa 2022. Ho tloha ka selemo sa 2018 ho tla ho selemo sa 2022, kgolo ya kgwebisano e nyolohile ka peresente tse 10 bakeng sa thepa e romelwang kantle le tse 4.5 ya e kenang kwano. Afrika Borwa e bile le kgwebisano e kgolo haholo dilemong tseo tse hlano. 

6.  Motlakase

6.1.  Kabinete e amohetse tumellano e tla etsa hore naha ya Mozambique e fepele Afrika Borwa ka motlakase wa dimekawate tse 100 dikgweding tse tharo (3) tse tlang ha Tumellano ena ya Thekisetsano ya Motlakase e se e tekennwe. Dikgweding tsena tse tharo ho isa ho tse 12 tse tlang, re tla bona Afrika Borwa e kgona ho reka motlakase wa dimekawate tse 1 000 ho Mozambique.
6.2.  Kabinete e boetse e thabetse ditaba tsa ho ntlafala ha karolo e fehlang motlakase ha Eskom e entseng hore khamphane ena e be le tlhahiso ya peresente tse 60. 
6.3.  Kabinete e boetse e leboha Maafrika Borwa a nkileng karolo ho theoleng sekgahla sa tlhokeho ya motlakase ka ho fokotsa tshebediso ya ona e leng se entseng ho fokotsehe le sekgahla sa ho tingwa ha ona ka sepheo sa ho o baballa. Paballo ya motlakase ke boikarabelo ba rona bohle jwalo ka ha ho re tswela molemo kaofela. 
6.4.  Kabinete e boetse e leboha mpho e tswang ho People’s Republic of China ya motjhini o bitsang dimilione tse R167 o fehlang motlakase. Ho ntse ho lohothwa leano ho netefatsa hore motjhini ona o kenngwe sebakeng sa setjhaba, se tlang ho thuseha ka hore se seke sa angwa ke ho tima ha motlakase. Motjhini ona, o tla amohelwa semmuso ha ho se ho phethetswe tshebetso ya ngodiso ya ona kwano. 

7.  Metsi 

7.1.  Kabinete e fumane kakaretso ya tlaleho ho tswa ho Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere ka diphephetso tse tobaneng le naha ena. 
7.2.  Tlaleho ena e bolela le ka ho potlakiswa ha diprojeke tse bileng le mathata pele tse kang: 
7.2.1.  Ho ahwa ha Mokgahlelo wa bobedi wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Naha ya Lesotho ya dibilione tse R40 e tla fepela Gauteng le profinse tse ding ka metsi. Mosebetsi ona o tla be o phethetswe ka selemo sa 2027. 
7.2.2.  Projeke ya Metsi e bitswang Mokolo Crocodile Water Augmentation Project mane Leboya Bophirima le Limpopo. Tjhelete ya projeke ena e se e bokeleditswe mme yona e reretswe ho qala ka Motsheanong 2024 mme e fele ka selemo sa 2030. 
7.2.3.  Projeke ya kopanelo pakeng tsa mmuso le khampani ya merafong e bitsang dibilione tse R24 ya Noka ya Olifants mane Limpopo e ntse e tswela pele mme e reretswe ho fela ka selemo sa 2030. 
7.2.4.  Ho na le projeke e tshwanang ya kopanelo le khampani tsa merafo mane Kapa Leboya, projeke ena e bitswang Vaal Gamagara e bitsang dibilione tse R10 e lebeletswe ho qala ha morao selemong sena mme le yona ho lebeletswe hore e phethelwe ho ya selemong sa 2030. 
7.2.5.  Projeke e bitswang Groot Letaba Water Augmentation Project mane Limpopo e bitsang dimilione tse R500 e sa tswa qala hona jwale ka Phuptjane 2023 mme ho lebeletswe hore e thuse ho tlatsa Letamo la Tzaneen. Projeke ena yona e tla phethelwa ka selemo sa 2025.
7.2.6.  Mane Kapa Bophirima teng projeke ya Voëlvlei Augmentation Scheme e bitsang dibilione tse R1,2 ho lebeletswe hore e qale isao ka 2024 mme e phethelwe ka 2026.
7.3.  Diprojeke tsena di tla thusa setjhaba ka metsi mme diketekete tsa batho di tla fumana le mosebetsi le dikgwebo tse haufi le diprojeke tsena le tsona di kgole molemo ho basebetsi ba tla hirwa ha mmoho le borakonteraka. Sena hape se tla ntlafatsa le meralo ya motheo se nyolle le moruo wa lehae. 

8.  Ho Thakgolwa ha Setsi sa Afrika Borwa sa Isotope (SAIF)

8.1.  Kabinete e thabetse tshebedisanommoho ya Lefapha la Saense le Mahlale le IThemba LABS, e thusitseng ho bulweng ha SAIF, e leng setsi sa boemo ba matjhaba se thusang twantshong ya mofetshe jwalo ka ha e le se seng sa disosa tse pele tsa ho shwa ha batho. Setsi sena se tla thusa ho etsa diphuputso tse phatlaletseng ha mmoho le thupello esitana le ho thusa tlhahisong ya di-radioisotope. Kalafo ya radioisotope e shebana haholo le masole a mmele a nang le mofetshe a so kang a lemala a phelang. 
8.2.  Ha jwale ke bakudi ba ka bang 5 000 Afrika Borwa ba unang molemo kalafong ena mme ho lebeletswe hore palo ena e nyolohele ho dikete tse supileng ho ya ka tlhahiso ya SAIF le phumaneho ya mefuta e metjha ya isotopes.

9.  Ho Pasiswa ha Tshisinyo ya Molao wa Postbank Limited 

9.1.  Kabinete e amohetse ho pasiswa ha Tshisinyo ya Molao wa Postbank Limited ke Palamente (ke Ntlo ya Ketsa Molao le ya Moifo wa Naha wa Diprofinse), e leng mohato o betlang tsela ya hore banka ena ya mmuso e fumane laesense. 
9.2.  Tshisinyo ena ya Molao e sebetsana le dikotsi tse amanang le sebopeho sa ha jwale sa Postbank, ka ho fetola monga yona, tatellano ya maemo a yona a tshebetso le ho thehwa ha khampani ya bookamedi bo botjha Postbank. 
9.3.  Kabinete e emetse Mopresidente hore a tekene Tshisinyo ena ho ba molao e tla dumella Postbank ho ba Khampani ya Bookamedi ba Banka.

10.  Tshehetso ya Batjha

10.1.  Kabinete e leboha Maafrika Borwa ka ho ikamahanya le mekete ya ho keteka Letsatsi la Naha la Batjha ka la 16 Phuptjane 2023 tlasa lepetjo le reng: “Re potlakisa tataiso ya batjha bokamosong ba moruo o tsitsitseng.” 
10.2.  Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha leano la Dikantoro tsa Hloma-o-hlomole tsa Bese bakeng sa Kgiro ya Setjhaba ka kopanelo ya Lefapha la Thuto ya Motheo, la Thuto e Phahameng, Saense le Mahlale, la Mesebetsi le Kgiro ha mmoho le Lenaneo la Thupello ya Kgiro la Mokgatlo wa Dinaha tsa Yuropa. Dibese tsena di hahlaula le dibaka kaofela ho thusa baithuti ha mmoho le batho ba batlanang le mosebetsi ho ba thusa ho shebana le bokgoni ba motho ka mong ho mo thusa ho fumana mosebetsi o tla mo lokela. 
10.3.  Kabinete e boetse e thabetse mohato wa Lefapha la Temo, Ntlafatso ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng ka ho tshehetsa batjha ba nkang karolo ho tsa temo, ka ho tshehetsa mekgatlo ya matsema e kang wa Marapyane-Bakgatla. Mokgatlo ona o thusise batjha ba fetang 100 ho fumana mesebetsi metsaneng e haufi mme batjha bana ba lema dijothollo le sunflower. 

11.  Tlotlo ho ba Ditimamollo
 
11.1.  Kabinete e rolela basebeletsi ba 400 ba tshebeletso ya ditimamollo Afrika Borwa kgaebana ka ho thusetsa ho pholoseng maphelo a batho, mahae, dikgwebo le tikoloho hlaheng e neng e tjha Profinseng ya Alberta mane naheng ya Khanada. 
11.2.  Ho romelwa hona ha bona selemong sena sa 2023, ho latela kopo ya Setsi sa Taolo ya Hlaha ya Meru naheng eo ya Khanada. Tshebedisano ena ya bohlano e bontsha maqhama a matle pakeng tsa Afrika Borwa le naha ya Khanada e leng se bontshang boinehelo ba Afrika Borwa ba ho baballa tlhaho ho sa natse hore mathata a hlahile karolong e fe ya lefatshe. 

12.  Dipapadi tse Ikgethileng tsa Matjhaba tsa Diolimpiki tsa Hlabula 

12.1.  Sehlopha sa Afrika Borwa se ntse se tswela pele ho phahamisetsa folakga ya Afrika Borwa hodimo Dipapading tse Ikgethileng tsa Matjhaba tsa Diolimpiki tsa Hlabula tsa 2023 mane Jeremane ho tloha ka la 17 ho isa ka la 25 Phuptjane 2023. Sehlopha sa Afrika Borwa se na le boramabelo ba 64 le bakwetlisi ba 21 mme se qothisana lehlokwa le boramabelo ba 7 000 ho tswa dinaheng tse 180 lefatsheng ka bophara. Ke bona ba emetseng naha ena ya rona e kgabane. 

B.  Diqeto tsa Kabinete 

1.  Ho Tjhaelwa Monwana ha Melao ya Luxembourg ya Dithahasello tsa Matjhabeng ho Disebediswa tse Tsamayang Mabapi le Ditaba tse Ikhethileng tsa Dipalangwang tsa Seporong 
1.1.  Kabinete e amohetse ho tliswa ha lananeo la Melao ya Diterene ya Luxembourg Palamenteng ho tla tjhaelwa monwana. Lenaneo lena le tla thusa ntlafatsong ya moruo ka ho dumella lekala le ikemetseng ho tshehetsa indasteri ya diterene ka ditjhelete. 
1.2.  Melao ena ya Diterene ya Luxembourg e tla ka mora Tumellano ya Matjhaba e neng e tekenwe ka 2007 mane Kapa bakeng la Tshebediso ya Matjhaba ho Disebediswa tsa ho Thothwa ha Thepa. Afrika Borwa e tekenne tumellano ena ka 2022 e leng sesupo se bontshang ka moo naha ena e ikemiseditseng ka teng ka diphetoho indastering ya diterene. 

C.  Khiro 

Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang. 

1.  Ntate Evert Potgieter e le Molaodi e Moholo wa Ditjhelete Lekgotleng la Taolo ya Barekisi ba Matlo. 
2.  Ntate Sandile Psychology Mkhize e le Motsamaisi e Moholo wa Magalies Water (ho ekeditswe nako ya konteraka). 
3.  Ditho tsa Moifo wa Diphuputso ho tsa Temo: 
(a)  Mme Joyene Isaacs (o boetse a hirwa);
(b)  Ngaka Poncho Mokaila (o boetse a hirwa);
(c)  Ngaka Jonty Tshipa;
(d)  Ntate Neo Harrison Masithela;
(e)  Mme Clarinda Elizabeth Simpson;
(f)  Ngaka Hilke Maartens;
(g)  Ntate Goodman Gcaba (o boetse a hirwa);
(h)  Ngaka Troy Govender; 
(i)   Ngaka Konanani Liphadzi (o boetse a hirwa);
(j)   Ngaka Pieter Naude Malan (o boetse a hirwa); le
(k)  Ngaka Owen Horwood.

4.  Ho tlatswa ha dikgeo Setsing sa Dipalangwang tse Tshelang Meedi: 
(a)  Mme Bukeka Mahlutshana; le
(b)  Ntate Leroy Nsibande. 

5.  Ho tlatswa ha dikgeo ho Boto ya Afrika Borwa ya Bofofisi: 
(a)  Mmuelli Mpati Lebakeng; le 
(b)  Ntate Tshepo Peege. 

D.  Tshisinyo ya Melao

1.  Tshisinyo ya Molao wa 2022 wa Manyalo 


1.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa 2022 wa Manyalo bakeng sa maikutlo a setjhaba. 
1.2.  Tshisinyo ena e netefatsa Moralo wa Molao wa Manyalo wa Afrika Borwa o neng o tjhaelwe monwana ke Kabinete ka 2022. Tshisinyo ena e dumella Lefapha la Ditaba tsa Lehae ho ba le Molao o le mong o laolang Manyalo naheng ena. 
1.3.  Tshisinyo ena ya molao e batla ho netefatsa hore manyalo ohle a latela se ngotsweng ho Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996 mabapi le tekatekano, seriti sa botho ha mmoho le ho se kgethollane. 
1.4.   Tshisinyo ena ya molao e dumella Maafrika Borwa ohle a bong bo fapafapaneng, a tumelo ha mmoho le setso se fapafapaneng ho kena manyalong a molaong ho latela se boletsweng ke molaotheo. 
1.5.  Tshisinyo ena e na le dipehelo tsa thibelo ya manyalo a bana le ho hanyetsa taba ya ho tekenwa ha lenyalo molekane e mong a le siyo. 

2.  Tshisinyo ya Molao wa 2022 wa Setsi sa Naha sa Moralo wa Motheo wa Metsi (NWRIA)

2.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya NWRIA. Tshisinyo ena ya molao e sisinya ho thehwa ha NWRIA e tla ikarabella tabeng ya moralo, tshehetso ya ditjhelete ha mmoho le ntshetsopele ya moralo wa motheo wa metsi naheng ena. E tla boela e ikarabela le tlhokomelong ya meralo e teng ha jwale ya meralo ya motheo ya metsi. 
2.2.  Setsi sena se tla netefatsa phepelo e tsitsitseng le ya moshwelella ya metsi ho latela boitlamo bo boletsweng molaotheong wa naha hore batho ba hloka metsi le tikoloho e sireletsehileng. E tla thehwa e be Khampani ya Mmuso e tlasa Lenaneo la Bobedi Molaong o Laolang Matlotlo a Setjhaba wa 1999 (Molao wa 1 wa 1999). Setsi sena se tla etsa mosebetsi oo ha jwale o etswang ke Trans-Caledon Tunnel Authority.

3.  Tshisinyo ya Molao wa Tlhalano wa 2023 

3.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao wa Tlhalano wa 2023.
3.2.  Tshisinyo ena ya molao e tlisa diphetoho Molaong wa Tlhalano wa 1979, (Molao wa bo 70 wa 1979) ka maikemisetso a ho sireletsa bana ba sa leng banyane kapa ba manyalong a ma-Muslim ba ntseng ba hloka tlhokomelo. Tse ding tsa diphetoho di kenyeletsa kabo ya mafa nakong ya tlhalano esitana le ho tingwa ha melemo ya lenyalo tlasa manyalo a ma-Muslim. 
3.3.  Ka Phuptjane 2022, Lekgotla la Molaotheo le ne le fumane hore Molao ona wa Tlhalano ha o ikamahanye le Molaotheo jwalo ka ha o qhelela ka thoko manyalo a ma-Muslim. Lekgotla le ne le fumane hore karolo e itseng ya molao ona e kgetholla pakeng tsa bana ba batswadi ba nyalaneng le ba sa nyalanang. 

4.  Tshisinyo ya Molao wa Tsoseletso ya Afrika le Letlole la Tshebedisano ya Matjhaba (ARF) 

4.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ena ya molao wa ARF bakeng sa maikutlo a setjhaba. Maikemisetso a Tshisinyo ena ya molao ke ho tlisa diphetoho ho Molao wa ha jwale wa ARF (Molao wa bo 51 wa 2000). Diphetoho tsena di tla etsa hore ARF e bitswe Setsi sa Tshebedisano ya Ntshetsopele ya Afrika Borwa. Setsi sena se tla thusa taolong ya tshebetso, tshehetso esitana le ho potlakisa thuso le tshebedisano. 
4.2.  ARF e tlilo phahamisa makgabane a Afrika Borwa le Tsoseletso ya Afrika ka sepheo sa ho theha lefatshe le molemo ho bohle. 
4.3.  ARF e boetse e bohlokwa bakeng sa Afrika Borwa jwalo ka ha e ntlafatsa tshebedisano mmoho ya naha ya habo rona le tse ding, haholo tsa mona Afrika ka ho ntshetsapele demokrasi, puso e nepahetseng, thibelo le tharollo ya diqabang esitana le ntshetsopele ya moruo le tsa bodulo ha mmoho le dithuso tsa setjhaba le ntshetsopele ya ntlafatso ya disebediswa tsa thuso ya batho.  

5.  Tlaleho ka ho Kgethwa hape ha Afrika Borwa ho ba Setho sa Moifo wa Matjhaba wa Bofofisi 

5.1.  Kabinete e thabetse ho kgethwa hape ha Afrika Borwa ho ba Setho sa  Moifo wa Matjhaba wa Bofofisi 

F.  Diketsahalo tse Tlang

1  Kgwedi ya Mandela 


1.1  Afrika Borwa le lefatshe lohle, di tla keteka Kgwedi ya Mandela kgweding ya Phupu tlasa lepetjo le reng “Maemo a Lehodimo, Dijo le Kopano.” Mona ho tla be ho hopolwa bophelo ba Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela ha mmoho le seo a se entseng ka ho nka mehato ho thusa ho tlisa diphetoho setjhabeng ka mekgwa e fapaneng ho kenyeletsa le ho lwantsha bofuma le ho selekalekane. 
1.2  Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle ho sebedisetsa kgwedi ena ho etsa dintho tse tla tlisa phapang setjhabeng le ho aha Afrika Borwa eo Mandela a neng a e labalabela. 

2  Seboka sa Tumellano e Ntjha ya Matjhaba ya Tshehetso ya Ditjhelete 

2.1  Ka la 22 le 23 Phuptjane Mopresidente Ramaphosa o tla nka karolo sebokeng sa tumellano e ntjha ya tshehetso ya ditjhelete mane Fora. 
2.2  Afrika Borwa e tla sekaseka dintlha tse ngata tsa bohlokwa tse kenyeletsang diphetoho thehong ya mekgatlo e fapafapaneng ya tshehetso ya ditjhelete, mathata a dikoloto, mekgwa ya tshehetso ya ditjhelete, lekgetho la matjhaba ha mmoho le ditokelo tse ikgethang tsa ho ikgula tumellanong. 

3  Seboka sa Moifo wa Kemedi ya Baithuti 

3.1  Seboka sa RCL se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Tshwane ka la 29 ho ya ho la 30 Phuptjane 2023 ka sepheo sa ho theha le ho matlafatsa karolo ya RCL dikolong. 
3.2  Seboka sa selemo sena se tla shebana le ho tshehetsa baithuti ka ho hlwaya ditlhoko tsa baithuti le ho ntlafatsa mosebetsi wa di-RCL. Ona ke motjha wa bohlokwa bakeng sa ntshetsopele ya baithuti naheng ena. 

4  Mohope wa Lefatshe wa 2023 wa Netball 

4.1  Jwalo ka ha ho se ho setse matsatsi a 36 feela pele Mohope wa Lefatshe wa Netball wa 2023 o qala mane Cape Town International Convention Centre ho tloha ka la 28 Phupu ho isa ka la 6 Phato 2023, Kabinete e leboha Maafrika Borwa ohle ka kamohelo ya ona e mofutho nakong ya dipontsho tsa Mohope ona ho phatlalla le naha. 
4.2  Leeto la dipontsho tsa mohope ke karolo ya boitokisetso ba ho qala ha dipapadi tsena. Leeto lena le qadile mane KwaZulu-Natal mme le tla leba Gauteng, Mpumalanga, Limpopo, Leboya Bophirima, Foreisitata, Kapa Leboya le Kapa Botjhabela. Leeto lena le tla qetella Kapa Bophirima jwalo ka ha e le moo thonamente e tla tshwarelwa ho teng, pele e qala ka la 28 Phupu 2023. 

5  Leeto la Banyana Banyana la ho ya Mohopeng wa Lefatshe wa Bolo ya Basadi 

5.1  Lebitsong la setjhaba kaofela, Kabinete e lakaletsa sehlopha sa naha sa bolo sa basadi, Banyana Banyana, jwalo ka ha se tla tsamaya ka Labohlano la la 23 Phuptjane 2023 ho ya Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA wa Basadi o tla tshwarelwa naheng ya Australia le ya New Zealand ka Phupu.
5.2  Tsela eo sehlopha sena se bapetseng ka yona dithonamenteng tse fapafapaneng e hohetse mahlo a lefatshe lohle ntshetsopeleng ya bolo ya basadi Afrika, e leng karolo ya ntshetsopele ya boikemisetso ba botho setjhabeng hammoho le ho basadi naheng ena. 

G.  Melaetsa

1.  Diteboho


Kabinete e lebohisa le hona ho lebisa ditakaletso tse ntle ho: 

  • Bomampodi ba Afrika Borwa dipapading tsa tenese tsa ba tsamayang ka ditulo tse nang le mabidi e leng Donald Ramphadi le Kgothatso Montjane bao e bileng bompodi ba Grand Slam dikarolong tse fapafapaneng thonamenteng ya Garros mane Fora.
  • Boramabelo bohle ba nkileng karolo Lebelong la Comrade le neng le tloha Pietermaritzburg ho ya Thekong. Re lebohisa haholoholo Tete Dijana le Gerda Steyn, e seng feela ka ho hapa lebelo la banna le la basadi ka tatelano, empa le ka ho roba rekoto ya mabelo ana ka bobedi. 
  • Ka ho qoholleha re rata ho lebohisa Ntate Johannes Mosehla wa Limpopo ya dilemo di 81 eo e bileng yena motho e moholo ka ho fetisisa ya kgonneng ho qeta lebelo la Comrade. Kgweding ena ya Batjha, Maafrika Borwa a dilemo tse fapafapaneng a tlameha ho ithuta ho motho enwa e moholo makgabane le melemo ya ho ipoloka o phetse hantle. 
  • Kabinete e boetse e thoholetsa Nomhle Ngwenya ka ho ba mosadi wa pele e motsho ya monyane dilemong wa ho ba le mangolo a thuto ya PhD ho saense Yunivesithing ya Wits a le dilemo di 25 feela. 
  • Mme P Khoza o kgethetswe ho ba Mopresidente wa Kopano ya bo 42 ya ICAO e neng e tshwerwe ka la 27 Loetse ho isa ka la 7 Mphalane 2022 mane Montreal, Khanada. 
     

2.    Matshediso 

Kabinete e lebisa matshediso le kutlwelobohloko lelapeng le metswalleng ya: 

  • Setho sa Palamente, Mme Tina Joemat-Pettersson, eo e neng e le Modulasetulo wa Komiti ya Palamenteng e Shebaneng le Lefapha la Mapolesa. Pele ho moo e kile ya eba Letona la tsa Temo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi, hape e kile ya eba Letona la Eneji. Pele ho moo e kile ya eba Letona la Thuto Profinseng ya Kapa Leboya. E ne e boetse e le setho sa Komiti ya Naha ya African National Congress (ANC) le sa Lekala la yona la Mafumahadi. E ne e boetse e le molwanedi wa tokoloho le setho sa United Democratic Front. 
  • Kgoshi Kgagudi Kenneth Sekhukhune, Kgoshi ya Marota Mohlaletse, Hlabirw’a a Bauba le moemedi wa mehleng wa nako e telele wa Boreneng ba Bapedi. Kabinete e beha Lelapa la Boreneng dithapelong tsa yona jwalo ka ha le etsa ditlhophiso tsa ho boloka Mmusi enwa. 
  • Mokaubere wa mokwetlisi wa mehleng wa Bafana Bafana, Clive Barker, ya neng a etelle sehlopha sa rona sa naha tlholong ya Mohope wa Dinaha tsa Afrika ka selemo sa 1996, o neng o tshwaretswe lekgetlo la pele naheng ena. 


Dipotso: Monghadi Michael Currin – Sebueledi sa Mmuso se Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 082 462 7896
 

Share this page

Similar categories to explore