Moporesidente Cyril Ramaphosa: Puo ya Boemo ba Naha

Puo ya Boemo ba Naha ka Moporesidente Cyril Ramaphosa

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha (NA), Mofumahadi Thandi Modise,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP), Monghadi Amos Masondo,
Motlatsi wa Moporesidente Monghadi David Mabuza,
Moahlodi e Moholo Monghadi Mogoeng Mogoeng le ditho tse hlomphehang tsa Boahlodi,
Moporesidente wa mehleng, Monghadi Kgalema Motlanthe,
Moporesidente wa mehleng, Monghadi Thabo Mbeki,
Motsamaisi wa Dipuisano wa mehleng wa NA, Ngaka Frene Ginwala,
Motsamaisi wa Dipuisano wa mehleng wa NA, Monghadi Max Sisulu,
Motsamaisi wa Dipuisano wa mehleng wa NA, Mofumahadi Baleka Mbete,
Moporesidente wa Palamente ya Dinaha Tsohle tsa Aforika, Monghadi Roger Nkodo Dang,
Mekaubere ya ntwa ya tokoloho,
Ngaka Dennis Goldberg,
Ngaka Andrew Mlangeni,
Moadvokeiti Priscilla Jana,
Mofumahadi Joyce Dipale,
Mofumahadi Lillian Keagile,
Mofumahadi Smally Maqungo,
Matona le Batlatsi ba Matona,
Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba makgotla a ketsamelao a diporofense,
Modulasetulo wa Lekgotla la Mebuso ya Dibaka la Aforika Borwa (SALGA) le Bomajoro ba Phethahatso,
Mmusisi wa Banka ya Risefe, Monghadi Lesetja Kganyago,
Dihlooho tsa Ditheo tse Tshehetsang Puso,
Baetapele ba mekgatlo ya bodumedi,
Baetapele ba ditheo tsa borutehi le bofuputsi,
Ditho tsa bodiplomate,
Baeti ba bohlokwa ba menngweng,
Ditho tse Kgabane tsa NA,
Ditho tse Kgabane tsa NCOP,
MaAforika Borwa a heso,

Re kgobokana kwano re le tshimolohong ya Palamente ya botshelela ya Puso ya Demokrasi, dilemong tse 106 kamora Molao wa Mobu ho ba Batsho o ile wa ananelwa – enngwe ya diketso tse utlwisang bohloko ka ho fetisisa tsa kamoho, mahlonoko le tlontlollo.

Re hopola mantswe a Sol Plaatjie ketsahalong e mahlonoko eo, ha a ne a re:

“Re tsoha hoseng ka Labohlano, mohla la 20 Phupjane 1913, moAforika Borwa e motsho o iphumana e le hore ha se lekgoba, empa ke mophaphathehi naheng eo a leng letswallwa la yona.”

Batho ba habo rona ba sotlehile haholo ba ba ba mamella maima a ke keng a lekanngwa ka lebaka la ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Mobu ho ba Batsho. Ditlamorao tsa molao oo di ntse di le teng kahara rona.

Dilemong tse kahodimo ho tse lekgolo kamorao ho tlhokeho e mpe hakaalo ya toka, re koptjwa ho hahamalla ho Aforika Borwa eo ho yona ho sa tlo ba le motho eo e leng lekgoba kapa mophaphathehi, empa e be ya tla fuwa tokoloho le tekano le tlhompho feela.

Re kgobokana kwano ka nako e thata ka ho fetisisa ebile e le e qholotsang bophelong ba puso ya rona e ntjha ya demokrasi.

Athe re boetse re mothating wa nalane ya rona o fupereng tshepo le tshepiso e toma.

Dilemong tse 25 tsa puso ya demokrasi, re entse kgatelopele e babatsehang kahong ya setjhaba se setjha moo maAforika Borwa ohle a nang le ditokelo tse lekanang hammoho le menyetla e sarollotsweng.

Dilemong tse kahodimo ho 25, re sebeditse haholwanyane ho fihlella ditlhoko tsa mantlha tsa batho, ho fokotsa bohofe le ho fetola moruo o sithabetsang o neng o ahelwa ho sebeletsa ditabatabelo tsa ba mmalwa.

Ho sebetseng mmoho, re radile motheo o tiileng oo ho ona re ka ahang naha eo ho yona bohle ba ka fumanang kgotso le boiketlo le kgotsofalo.

Ebile, re boetse re kopana ka nako eo ho yona naha ya rona e tobaneng le diqholotso tse mpempe.

Moruo wa rona ha o hole. Ha ho thewe mesebetsi e lekaneng.

Ena ke ngongoreho e hlahellang kahodimo ho tsohle.

E ama bohle.

E a o ama, wena mohlankana wa Mzimhlophe Soweto, jwale o se o qetile dilemo tse hlano o qetile sekolong empa o ntse o e so fumane mosebetsi.

E a o ama, wena mme wa Delft ya hodisang bana o le mong, ka tjhelete eo o e fuwang ke mmuso e sa tshehetseng wena feela, empa e tshehetsa le ditloholo tsa hao.

E a o ama le wena, mosebetsi wa Nelson Mandela Bay, hobane le ha o ntse o fumana moputso wa kgwedi le kgwedi o ntse a hula ka falese. 

O thatafaletswe le wena, motjha eo e leng moithuti wa Yunivesithi ya Sol Plaatjie e Kapa Leboya, ya tlamehang ho tshepela dilopotsieng tseo o di fuwang ke batswadi ba hao, hore o iphepe.

Bonnete ba bophelo bo phelwang ke batho ba habo rona, ke yona hantle ntho ena eo ke qetang ho e hlalosa.

Ba lona bophelo ke ditshotleho tse phetsweng ke batho ba naha ena.

Re le utlwile, hammoho le ba bang ba bangata.

Boholo ba rona bao re leng baemedi ba kgethilweng kwano, re qetile dikgwedi tse mmalwa tse fetileng re ntse re haola le naha ya rona, re mamela batho ba habo rona.

Sibezwile abantu bakithi, bekhuluma nathi, singena siphuma ezindlini zabo.

Ro vha pfa hoṱhe hoṱhe he ra tshimbila hone. Ndi amba na he ha tshimbila Vho Maimane na Vho Julius Malema.

Lapho kuhambe khona uMhlonishwa Buthelezi naye uzwile ukuthi abantu bathini.

Le moo Monghadi Groenewald a ileng teng, jwalokaha re mmone a haola le naha, hey kan ook se dat hy het die mense gehoor.

Sinizwile. Hi swi twile. Ro ni pfa. Re le utlwile.

Ka dikgetho tse neng di tshwerwe ka Motsheanong, kaofela ha rona le re file thomo e totobetseng ya kgolo le ntjhafatso.

Bohle re le utlwile – nna, Mohlomphehi Maimane, Mohlomphehi Malema, Mohlomphehi Buthelezi, Mohlomphehi Groenewald, Mohlomphehi Meshoe, Mohlomphehi Holomisa, Mohlomphehi Zungula, Mohlomphehi De Lille, Mohlomphehi Magwaza-Msibi, Mohlomphehi Galo, Mohlomphehi Lekota, Mohlomphehi Nyhontso le Mohlomphehi Hendricks.

Masalla a sa feleng a puso ya kgethollo a siile naha ya rona e swahlamane – moruong le kahisanong.

Ka ho tshwanang, re tshwanela ho hlodisana le diphetoho tse potlakileng tsa theknoloji tse tlisang lepatlelo le letjha la mosebetsi, tse bopang botjha moruo wa lefatshe lohle di bile di hlalosa botjha ka dikamano tsa setjhaba.

Ha re le mmoho le ditjhaba tsohle tsa lefatshe, re tobane le diphetoho tse kotsi ka ho fetisisa tlelaemeteng ya lefatshe lohle nalaneng ya botho.

Maemo a lehodimo a mpefetseng haholo a amanngwang le phuthumalo ya sepakapaka ke tshita moruong wa rona, a sitisa maphelo le makeno a batho ba habo rona, mme haeba re sa nke dikgato hona jwale – a tla bea boteng bona ba rona tlokotsing.

Re a utlwile mantswe a batjha ba hwantetseng Union Buildings bekeng e fetileng, ha ba ne ba re ba kopa hore re nke dikgato tsa ho tshireletsa polanete ya rona.

E ne e le ho rarolla diqholotso tsena tsa bohlokwa moo re ileng ra ananela Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) ka 2012, ho lelekela matsapa a rona a naha a ho fekisa bohofe, leqeme la mesebetsi le ho se lekane.

Leha ho le jwalo, ka dilemo tsena tse 10 pele re fihla selemong sa 2030, ha re a etsa kgatelopele e lekaneng ya hore re fihlelle dipeelo tsa NDP.

Ntle le haeba re ka nka dikgato tse sa tlwaelehang, ha re ka ke ra e fihlella Tjhebelopele ya 2030.

Sena se bolela hore re tshwanela ho thathamisa dintho ka bohlokwa baa tsona.

Re tshwanela ho tsepamisa maikutlo dikgatong tseo tse tla tlisa diphetoho tse kgolo, dikgato tse tla susumetsa kgatelopele e potlakang, di tloha feela esita le dilemong tse leshome tse tlang.

Ho bohlokwa ho tseba hore Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng wa dilemong tse hlano tse fetileng o ne o na le masupatsela a 1 100, ao ka ona re neng re metha kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha NDP.

Jwale ke nako ya ho tsepamisa maikutlo tabeng ya ho kenya tshebetsong.

Ke nako ya ho ikgethela.

Bo bong ba boikgethelo bona bo ka nna ba eba boima, athe bo bong bo ka nna ba se ke ba kgotsofatsa bohle.

Moruong o sa holeng, ka nako eo ditjhelete tsa setjhaba di sa lekanang hantle, ha re ka ke ra kgona ho etsa ntho enngwe le enngwe ka nako e le nngwe.

Jwaloka ha re kena botsamaising bona bo botjha, re tla tsepamisa maikutlo dinthong tse supileng tse ka sehloohong:

  • Diphetoho tsa moruo le tlhahiso ya mesebetsi
  • Thuto, boqhetseke le bophelo bo botle
  • Ntlha enngwe ya bohlokwa e ka sehloohong, ke momahanyo ya tjhelete e fuwang setjhaba ka mokgwa wa ditshebeletso tsa mantlha tse tshepahalang ebile e le tsa boleng
  • Momahano ya dibaka, bodulo ba batho le mmuso wa dibaka
  • Momahano ya setjhaba le dibaka tse bolokehileng ke enngwe ntlha e ka sehloohong
  • Ho aha Puso e nang le bokgoni, boitshwaro le tswelopele
  • Aforika e betere hammoho le lefatshe le betere.

Mananeo le maano ohle a rona mafapheng le makgotleng ohle, a tla tataisetswa ho ntshetsa pele mesebetsi ena e hlokolotsi, eo re dumelang hore e tla fana ka bophelo bo betere ho maAforika Borwa ohle.

Ka ho tshwanang, re tlameha ho busetsa NDP boemong ba yona e leng setsiketsing sa matsapa a rona a naha, ho e etsa hore e phele, ho e etsa hore e be karolo ya bophelo bo phetsweng ke batho ba Aforika Borwa.

Tlhomamisong, re ile ra re ona ke mothati wa bohlokwa setjhabeng sa rona se setjha.
Setjhaba se tobaneng le diqholotso tse boima. Setjhaba se nang le batho ba 57 milione ba ileng ba rakalla ka dilemolemo mme ba fekisa tsamaiso e nyonyehang ka ho fetisisa e kileng ya etsuwa ke batho, e leng puso ya kgethollo. Naha ya batho ba nang le sebete. Naha ya batho ba nang le boikitlaetso bo boholo.

Re ile ra boela ra re ke ka lebaka la diketso tsa rona tsa jwale moo re tla kgona ho bona moo re yang teng.

Jwalokaha Aforika Borwa e kena dilemong tse ding hape tse 25 tsa puso ya demokrasi esita le ho hahamalla pele dipheong tsa NDP, bohle ha re tsebahatseng ka sepheo se matla se nang le tjhatjheho, sepheo se kopanyang, seo re nyehelang disebediswa tsohle le matla ohle a rona ho sona.

Jwalokaha re kena dilemong tse leshome tsa ho qetela tsa Tjhebelopele ya 2030, ha re hlaloseng ka ho hlaka le ho feta Aforika Borwa eo re e batlang re be re dumellane ka dikgato tse tiileng tseo re batlang ho di fihlella.

Ho netefatsa hore matsapa a rona a kenngwa motjheng, ke sisinya hore, kahara dintlha tse ka sehloohong tsa botsamaisi bona, re dumellane ka dipheo tse hlano tsa bohlokwa bakeng sa dilemo tse leshome tse tlang, e leng karolo ya tsena tse supileng tse ka sehloohong.

Ha re dumellaneng, re le setjhaba ebile re le batho ba kopaneng ka ditabatabelo tsa rona, hore nakong ya dilemo tse leshome tse tlang re tla be re entse kgatelopele twantshong ya bohofe, ho se lekane le leqeme la mesebetsi, moo e bang:

  • Ha ho motho ya tla robala a sa ja Aforika Borwa. Ona ke morero o matla oo ke nahanang hore re tla o fihlela. 
  • Moruo wa rona o tla hola ka sekgahla se fetang sa ho eketseha ha setjhaba sa habo rona.
  • Batho ba bang hape ba batjha ba dimilione tse pedi, ba tla fumana mesebetsi.
  • Dikolo tsa rona di tla ba le diphetho tse ntlenyana tsa thuto mme ngwana e mong le e mong ya dilemo di 10 o tla kgona ho bala ka kutlwisiso.
  • Ditlolo tsa molao tsa dikgoka di tla fokotswa ka halofo, haeba di sa fediswe.

Ha re etseng boikitlaetso bona hona jwale – ho rona esita le ho e mong ho e mong – re tseba hore boikitlaetso bona bo tla sarolla disebediswa tsa rona le makgabane a rona, empa re utlwisisa hore haeba re fihlella dipheo tsena tse hlano, re tla be re fetotse setjhaba sa habo rona ka bokgabane.

Re bea dipheo tsena tsa ho hahamalla pele, e seng ntle le maima a ha jwale, empa ka lebaka la ona.

Re bea dipheo tsena ho etsetsa hore diqeto tseo re di nkang hona jwale, di be matla mme re phahamele mapoqo.

Boikitlaetso ba rona ba hore nakong ya dilemo tse leshome tse tlang ha ho motho ya tla robala a sa ja Aforika Borwa, bo bohlokwa haholo matsapeng a rona a ho fedisa bohofe esita le ho fokotsa ho se lekane.

Ho eketseng hodima ho thewa ha mesebetsi le menyetla e meng ya moruo, sena se bolela hore re tlameha ho matlafatsa taba ya tjhelete e fuwang setjhaba re be re theole ditjeo tsa maemo a ho phela.

Hona ho bolela hore re tlameha ho ntlafatsa maemo a ho kgona, polokeho le ho kopanngwa ha dipalangwang tsa setjhaba bakeng sa ba malapa a fumanang meputso e tlase.

Leha e le mona re entse kgatelopele e matla phanong ya matlo, maAforika Borwa a mangata a ntse a hloka mobu wa ho aha matlo le ho iketsetse makeno a tjhelete.

Dilemong tse hlano tse tlang, re tla akofisa phano ya matlo a botleng hammoho le mobu ho maAforika Borwa a bahloki.

Ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba maAforika Borwa, ho fokotsa bohloki ka mefuta yohle ya bona esita le ho matlafatsa moruo wa rona, re tla tsepamisa maikutlo bophelong bo botle ba batho ba habo rona.

Re tlameha ho shebisisa bokgoni ba dipetlele le ditleliniki tsa habo rona.

Nkgono ya dilemo di 80 ha a ka ke, ebile ha a tshwanela ho qeta letsatsi lohle a le moleng a emetse ho fumana meriana ya hae.

Mokudi a ke ke a kgutlisetswa morao ka lebaka la kgaello ya dingaka le baoki.

Bophelo ba ngwana ya so belehwe eo mmae a leng mathuleng a ho beleha, bo ke ke ba bewa tlokotsing ka lebaka la koloi ya bakudi e diehileng ho fihla.

E le karolo ya mosebetsi oo re tlamehang ho o etsa ka potlako ho ntlafatsa boleng ba tsamaiso ya bophelo bo botle, re phethela taba ya Seboka sa Moporesidente sa Bophelo bo Botle, se tla shebisisa dikateng se be se kgobokanye bokgoni ba bohle ba amehang, ho rarolla tlokotsi e ditleliniking le dipetleleng tsa rona.

Re se re hatetse pele haholo ka tjhebo botjha ya morero o tebileng wa ho kenngwa tshebetsong ha Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI), ho akga le ho akofisa boleng ba dikgato tsa tlhokomelo ditsing tsa kokelo ya setjhaba, ho aha bokgoni ba basebetsi, ho thewa ha mokgwa wa Letlole la NHI, esita le ho bala ditjeo tsa tsamaiso ya Letlole la NHI.

Re dula re ntse re ngongorehiswa ke sekgahla se nyolohang sa ditshwaetso tsa HIV, haholoholo ho barwetsana, esita le lenane le fokolang la banna ba etsang diteko tsa HIV ba be ba qale ho sebedisa kalafo.

Re tla matlafatsa mosebetsi wa rona hore ka 2020 re kenye tshebetsong Lewa la 90-90-90 (Moo 90% ya batho bohle ba phelang ka HIV ba tla tseba maemo a bona a HIV. Moo 90% ya batho bohle ba fumanweng ba na le tshwaetso ya HIV ba tla fumana kalafo ya nako e telele ya di-antiretroviral hape, sekgahla sa vaerase ho 90% ya batho bohle ba fumanang kalafo ya di-antiretroviral se tla theoha haholo) hore re fedise HIV eo e leng tshita bophelong bo botle ba setjhaba, ho akga le ho eketsa lenane la batho ba sebedisang kalafo ka dimilione tse ding hape tse pedi ka Tshitwe ya 2020.
 
Haeba re tshwanela ho rarolla qholotso ya bohofe ka katleho setjhabeng sohle, re tshwanela ho fana ka boqhetseke re be re thee menyetla ya mesebetsi bakeng sa batho ba holofetseng.

Ka hona, ke ntho e ngongorehisang haholo ya hore ho na le bana ba holofetseng ba ka bang halofo ya milione ba dilemong tsa ho kena sekolo, empa ha ba kene sekolo.

Ho arabeleng diqholotsong tsena, re falliseditse tlhophiso ya dikgato tsa bokowa hore e ye setsiketsing sa mmuso, e leng Kantoro ya Mopresidente.

Re tsosolositse Sehlopha sa Tshebetso sa Moporesidente ho tsa Bokowa, mme monongwaha re tla tekela Palamente Mokgwatsamaiso Ditokelong tsa Batho ba nang le Bokowa Aforika, hore o tjhaellwe monwana.

Ho rarolla mathata a basebetsi ba futsanehileng, Moputso wa Mathomo wa Naha (NMW) o se o na le dikgwedi tse tsheletseng o sebetsa mme tse ntseng di ipetsa di kuma hore, boholo ba dikhamphane di a ikamahanya.

Khomishene ya NMW e lebelletswe ho phethela diphuputso tsa sekgahla sa NMW mesebetsing, bohofeng, ho se lekane le ho diphapang tsa meputso ha ho fela Loetse 2019.

Ha re ka ke ra fetola mawa a matlotlo a rona ntle le tsepamiso ya maikutlo e tsepameng hodima kgolo ya moruo.

Nakong ya dilemo tse leshome tse tlang, ke tabatabelo ya rona hore moruo wa rona o hole ka sekgahla se seholoholo ho feta sa kgolo ya setjhaba sa rona.

Ke ha feela re fihlella dikgahleng tse hodimo tsa kgolo moo re tla kgona ho lokisa tshenyo e entsweng moruong ka nako e fetileng.

Re etsa polelo ena mothating oo sebopeho sa moruo se fokolang ka ho fetisisa.

Kamora ho qepha ha kgolo sehleng sa pele, banka ya risefe jwale e hakanya hore kgolo ya 2019 e ka nna ya eba katlase ho moo e neng e lebelletswe ka teng Ditekanyetsong tsa Ditjhelete tsa Hlakola.

Lebaka le leng la tshebetso e monyebe ya moruo e bile ya ho tima ha motlakase pejana monongwaha, hammoho le ho tswela pele ha tlhokeho ya botsitso phepelong ya motlakase, le maemo a Eskom.

Mona thuto e totobetse: bakeng sa kgolo, re hloka phepelo ya motlakase e tshepahalang ebile e le e tsitsitseng.

Eskom e tobane le pharela ho tsa ditjhelete, tshebetso le sebopeho sa yona.

Haesale ho tloha nakong ya ho tima ha motlakase pejana monongwaha, Eskom e se e entse kgatelopele e bonahalang ya ho kenya tshebetsong Morero wa yona wa Dikgato tse Robong, o netefatsang poloko e ntlenyana ya letoto la metjhine ya yona e fehlang motlakase, phokotso ya ditjeo le ho netefatsa boteng ba dipolokelo tsa mashala a lekaneng.

Ho ya ka dikgothaletso tsa Setlamo sa Tshebetso ya Botsitso sa Eskom le Setlamo sa Tlhophobotjha ya Setekgeniki, Eskom e jalajala basebetsi ba yona ba nang le boqhetseke le malebela ka ho fetisisa, moo ba hlokehang ka ho fetisisa.

Maemo a tsa ditjhelete setheong sena e ntse e le ntho e ngongorehisang haholo.

Ka boitlamo ba thuso ya ditjhelete bo entsweng ke mmuso, bo talotsweng Ditekanyetsong tsa Ditjhelete tsa 2019, Eskom e na le tjhelete e lekaneng ya ho phetha mosebetsi wa yona ho fihlela mafelong a Mphalane.

Ha Eskom e ka salla morao ka dikadimo tsa yona, seo se tla baka ho tota ha mekitlane ya yona e so lefshwe ebile e tla thefula haholo kotla e se ntse e dutla.

Kahoo, re tla tshwanela ho rarolla taba ena ka ho teka Bili e Qollehileng ya Tjhelete e ka Thoko, e le ka potlako, ho aba karolo e tomanyana ya R230 bilione e le tshehetso ya ditjhelete tseo Eskom e tla di hloka dilemong tsena tsa pele tsa dilemo tse 10 tse tlang.

Sena re tlameha ho se etsa, hobane Eskom e bohlokwa haholo moruong wa rona hore e ka tlohellwa hore e putlame. Eskom ke boikarabelo ba rona bohle re le setjhaba mme re tlameha ho netefatsa hore re a e tshehetsa.

Dintlha tse ding di tla fumanwa ho Letona la tsa Ditjhelete kgabareng.

Re tla tsebisa ka ho hirwa ha Mohlanka e Moholo wa Phethahatso, kamora ho itokolla ha Monghadi Phakamani Hadebe. O kene ka nako e boima ho Eskom mme o entse boholo mmoho le boto e etelletsweng pele ke Monghadi Jabu Mabuza, ho tsitsisa khamphane. 

Hape, haufinyane re tla be re hira Mohlanka e Moholo wa Tlhophobotjha, ya tla lebellwa hore a busetse Eskom botsitsong ba tsa ditjhelete a tsepamisitse maikutlo motswakong o dipakeng tsa sebopeho sa pokello ya ditjhelete, mekitlaneng le ditjeong tsa khamphane.

Eskom e boetse e sebetsa le mmuso le ba bang ba amehang, ho rarolla taba ya morero o batsi wa sebopeho sa yona esita le mokitlane wa yona ka kakaretso, hammoho le mokitlane o kolotwang ke bomasepala le basebedisi ka bomong.

Re le naha, re tlameha ho thasisetsa taba ya hore bao ba sebedisang motlakase ba tlameha ho o lefella.

Ho hloleha ho lefa ho thefula phepelo yohle ya motlakase, moruo wa rona le matsapa a rona a ho thea mesebetsi.

Matsatsi a matsholo a ho hana ho lefa a fedile. Ena jwale ke nako ya ho aha, ke nako ya hore rona bohle re kenye letsoho.
Kahoo, re etsa kgoeletso bathong bohle ba habo rona ba sebedisang motlakase hore ba lefe, ho etsetsa hore Eskom e kgone ho fana ka ditshebeletso.

MaAforika Borwa a heso,

Ho fihlella dipeelo tsa rona tsa kgolo, re tla aha botjha metheo ya moruo wa rona ka ho tsosolosa le ho atolla makala a tlhahiso.

Sena se hloka hore re nahane botjha ka lewa la diindasteri tsa rona, ka ho utolla botsetedi ba poraefete le ho kenya morolo pusong, e le ho matlafatsa kenyeletso ya bohle moruong.

Ho hlokeha hore Puso e etse seabo sa yona ka bokgabane e le Mothusi ya fanang ka ditshebeletso tsa mantlha le meralo ya motheo ya bohlokwa, molaodi ya beang melawana e theang menyetla e lekanang ya bohle ba amehang, ebile e le moabi ya netefatsang hore boholo ba bao ba tlokotsing setjhabeng, ba a tshireletswa ba be ba fuwe monyetla wa ho ipabola kahohlehohle maphelong a bona.

Ho na le seabo se seng seo re batlang hore Puso e se etse, seo ke seabo sa dikgwebo. Seabo seo ho sona Puso e kgonang ho nka dikgato tse thatanyana e le ho thusa moruo hore o hole.

Re tla fana ka menyetla e ka sehloohong makaleng a moruo a nang le bokgoni bo boholo ba kgolo.

Ha re lekola dikatleho tse lekaleng la makoloi, re tla kenya tshebetsong merero e meholo e theilweng, re le mmoho le dikgwebo le bosebetsi diindastering tse kang tsa makala a diaparo le masela, gase, dikhemikhale le dipolasteke, dintjhafatsuwa, esita le a ho kgobokanngwa ha ditshepe.

Re tla atolla haholwanyane lekala la temo le dihlahiswa tsa temo, ka ho tshehetsa mefuta ya boleng ya keketso e ka sehloohong le dihlahiswa, re thee mebaraka e metjha re be re fokotse ho tshepela ha rona dihlahisweng tsa temothuo tsa ditswantle.

Re tla matlafatsa diindasteri tsa merafo ka ho thea mebaraka ya dirafshwa tsa Aforika Borwa re shebile ho betlwa ha dirafshwa tse itseng, ditjeo tse fokoditsweng tsa dikabelo, esita le diphuputso le dintshetsopele tse ekeditsweng.

Ka bokenadipakeng ho tsa sepakapakeng jwaloka mabatowa a kgethehileng a moruo, tsosoloso ya mapatlelo a diindasteri tsa lehae, ditsi tsa kgwebo, ditsi tsa dijithale le dikgwebo tsa makeisheneng le mahaeng, re tla tlisa dintshetsopele tsa moruo dibakeng tsa lehae. Re tla boela re tsepamisa maikutlo dikgwebong tse nyenyane le tse mahareng ditoropong tse kgolo, makeisheneng le dibakeng tsa mahaeng re be re ahe dibaka tsa mebaraka moo ba tla hwebisana ka dihlahiswa tsa bona.

Re tla ntlafatsa tabatabelo ya rona ya ho menahanya dikgoro tsa ho kena ha bahahlaudi ba matjhabatjhaba, ho ya ho 21 milione ka 2030.

Sena se tla fihlellwa ka ntjhafatso ya letshwao la naha la boitsebahatso, ho hlahiswa ha taolo e tswileng matsoho ya visa esita le tjhadimo e matla mebarakeng ya China le India, le ho fihla ha difofane tse tswang hohle khontinenteng ya rona.

Re ikemiseditse ho netefatsa hore bahahlaudi ba hahlaulelang naheng ya rona ba a bolokeha.

Re tla atolla diindasteri tsa rona tsa theknoloji ya maemo a hodimo ka ho netefatsa hore moralo wa molao le wa taolo o bapatsa bosibolli, o phahamisa ntshetsopele ya boqhetseke bakeng sa batjha ditheknolojing tse ntjha, ebile e fokotsa ditjeo tsa deitha. Kae kapa kae moo re neng re ile teng, haesale batjha ba ntse ba lla ka taba ya ditjeo tse hodimo haholo tsa deitha Aforika Borwa.

Ho fana ka morolonyana mosebetsing ona, nakong ya kgwedi e tlang, Letona la Dikgokahanyo le tla ntsha tataiso ya leano ho Lekgotla le Ikemetseng la Dikgokahanyo la Aforika Borwa (ICASA), ho thakgola mosebetsi wa ho ntshuwa ha lethathama la dilaesense.

Mosebetsi ona o tla kenyeletsa mekgwa ya ho phahamisa tlhodisano, phetoho, kgolo ya lekala e kenyeletsang bohle, esita le phihlello lefatsheng lohle.

Ena ke karolo ya bohlokwa ya ho theola ditjeo tsa deitha, mme e a hlokeha bakeng sa ntshetsopele ya moruo le ho utolla menyetla ya batjha.

Re etsa kgoeletso diindastering tsa dikgokahanyo tsa mehala hore di theole ditjeo tsa deitha le ho feta, ho etsetsa hore di tsamaisane le ditheko tsa dinaha tse ding lefatsheng.

Re matlafatsa thahasello ya rona ya botsetedi.

Ho R300 bilione ya matsete e tsebisitsweng tlhomamisong ya rona ya Seboka sa Botsetedi ngwahola, diprojeke tsa boleng bo kahodimonyana ho R250 bilione di se di kene mokgahlelong wa ho kenngwa tshebetsong.

Re tswela pele ho aha lethathama la matsete, le tla bapatswa Sebokeng sa bobedi sa Botsetedi Aforika Borwa, se tla tshwarwa ho tloha ka la 5 ho isa ho la 7 Pudungwana monongwaha.

Nakong ya diqeaqeo, mosebetsi wa maqosa a botsetedi o ahile dikamano tsa bohlokwa dipakeng tsa mmuso le lepatlelo la bahwebi.

Ho ya ka ditlaleho tsa bona, ho hlakile hore di ngata dintho tse ntseng di tshwanela ho etsuwa ho ntlafatsa maemo a botsetedi.

Tsena di akga tlhophobotjha ya mokgwa oo mmuso o hlophisang ka teng mosebetsi wa ho rarolla diqholotso tseo batsetedi ba tobaneng le tsona, esita le ho fetola leano le kaho ya phahamiso ya botsetedi ba rona.

Kgatelopele e ntle e se e entswe ka Kgato ya Kgolo ya Setjhaba le Poraefete, e leleketsweng ke Letona Nkosazana Dlamini-Zuma, Monghadi Roelf Meyer le Ngaka Johan van Zyl Slabbert.

Lekala la poraefete le ikitlaeditse ho tsetela R840 bilione diprojekeng tse 43 makaleng a kahodimo ho 19, esita le ho theeng mesebetsi e 155 000 dilemong tse hlano tse tlang.

Dipuisanong le ba kgwebo, mmuso o ikitlaeditse ho tlosa ditshita tsa leano o be o akofise ho kenngwa tshebetsong ha diprojeke tsena.

Re tlola matjato mme re sebeletsa sete ya diphetoho tse ka sehloohong e le ho ntlafatsa manolo a ho etsa kgwebo ka ho momahanya le ho hlopha botjha mesebetsi ya taolo, ho fetola tumello esita le dikopo tse ding, le ho fokotsa ditjeo tsa boikamahanyo.

Meralo ya motheo ke karolo ya bohlokwa ya botsetedi e tshehetsang phetoho ya sebopeho, kgolo le tlhahiso ya mesebetsi.

Ho bohlokwa tsosolosong ya moruo wa rona, ho fana ka moelelo le sephetho sehleng sa rona se setjha.

Mokgwa wa rona o motjha wa ho etsa dintho kahong ya meralo ya motheo, o itshetlehile dilekaneng tse matla dipakeng tsa makala a setjhaba le a poraefete, esita le dibaka tsa lehae.

O akga lethathama le qollehileng la mehato ya tsa ditjhelete le ya ditheo ho matlafatsa dikaho le ho bea ka sehloohong taba ya meralo ya motheo ya metsi, mebila le bodulo ba baithuti, ka tshebediso e ntlenyana ya tjhelete e lekanyeditsweng.

Jwalokaha ho tsebisitswe ho SoNA e fetileng, mmuso o beelletse ka thoko R100 bilione ho tshehetsa Letlole la Meralo ya Motheo.

Re sebeletsa hore letlole lena e be la setheo, le tla laolwa ke Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e ka Borwa, le Lefapha le sa tswa botjwa la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo le tla ba le seabo sa tekolo.

Re nnile ra etsa sena ka dipuisano le batsetedi ba poraefete, ba kang matlole a dipenshene, ba nang le tjhatjheho ya ho kenya letsoho Letloleng la Meralo ya Motheo.

Ditlhabollo tsena di tla netefatsa hore ho ba le merero e betere ya ho etsa diprojeke tsa meralo ya motheo, mosebetsi o thata wa kgonahalo le tlhophiso, botsamaisi ba lewa le ntlafaditsweng, ho kenngwa tshebetsong ho se nang diphoso le puso e ntlenyana.

Sena se tla fana ka matlafatso e hlokehang haholo lekaleng la dikonteraka le bileng maqakabetsing ka nako e teletsana.

Re tla hlokola tlhokeho e kgolo ya dihlahiswa tsa kwano lapeng, re be re hodise tlhahiso ya Aforika Borwa ka ho netefatsa hore letsholo la ‘Reka kwano lapeng’ le hohle ebile ke motjhaotjhele.

Re etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle hore kgafetsakgafetsa ebile e le ka boomo, ba reke thepa e hlahisitsweng kwano lapeng.

Sutu, hempe le sekgama tsena tseo ke di apereng kajeno, di entswe hona kwano lapeng ke basebetsi ba tsa masela ba Aforika Borwa lebenkeleng la House of Monatic le kwano Salt River Motse Kapa.

Bohle ha re rekeng dihlahiswa tse entsweng kwano lapeng ho phahamisa tlhokeho e kgolo ya thepa moruong wa rona.

Nakong ena ya selemo se tlang, re habile ho phethela ditumellano le ba mabenkele hore ba kenye thepa e tomanyana ya Aforika Borwa mabenkeleng a bona, ba be ba bapatse dihlahiswa tse kgabane tse entsweng ke basebetsi Aforika Borwa.

Ka mokgwa o tshwanang, re tla bapatsa dihlahiswa tsa rona haholwanyane khontinenteng ya Aforika esita le lefatsheng lohle.

Mehato ena e tsheheditswe ke boikitlaetso ba rona bo matla moralong wa leano la sekepele sa moruo le tsa ditjhelete se tla tswela pele ho matlafatsa boitshepo le botsetedi.

Re ikemiseditse ho ba sedi ka bolaodi ba ho kadima le ho itlama mala masesane tshebedisong ya ditjhelete, e le ho tsitsisa ditjhelete tsa setjhaba sa rona le ho fokotsa qaka ya mekitlane.

Banka ya Risefe ya Aforika Borwa ke setheo sa bohlokwa pusong ya rona ya demokrasi, mme e tshepahala haholo ebile e boemong bo botle naheng ena esita le matjhabeng.

Botsitso ba ditheko ke ntho e hlokehang, leha ho le jwalo, ha ho a lekana bakeng sa kgolo ya moruo.

Ditheko tse nyolohang tsa dihlahiswa le ditshebeletso di sithabetsa matla a ho reka a maAforika Borwa ohle, haholoholo a bahloki.

Infleishene e boela e nyotobetsa tlhodisano ya difeme tsa rona tse qothisanang lehlokwa ka diyantle le ditswantle, mme e bea diindasteri le mesebetsi tlokotsing.

Ka mabaka ana, Molaotheo wa rona o roma Banka ya Risefe ya Aforika Borwa ho tshireletsa boleng ba matla a tjhelete ya rona, molemong wa kgolo e tsitsitseng ebile e le ya nako e telele.

Kajeno, re thasisetsa thomo ena ya molaotheo wa rona, eo banka ya risefe e tlamehang ho e ntshetsa pele ka boikemelo, ntle le tshabo, lereko kapa ho kgetha nku ka pere.

Molaotheo wa rona o boela o hloka hore ho be le dipuisano kgafetsa dipakeng tsa banka ya risefe le Letona la tsa Ditjhelete ho bapatsa tlhophiso ya sekepele sa moruo, mme tseo tsohle di etsuwa molemong wa tlhahiso ya mesebetsi le kgolo ya moruo.

Haeba re batla ho qothisana lehlokwa boemong ba matjhaba, haeba re batla ho hohela botsetedi, re tlameha ho rarolla bothata ba ditjeo tse hodimo tsa ho etsa kgwebo Aforika Borwa, hammoho le ditshebetso tsa taolo tse rarahaneng di bile di nka nako e telele.

Re tlameha ho fihlella boemong boo e bang ha ho khamphane e tshwanelang ho leta nako e kahodimo ho dikgwedi tse tsheletseng hore e fumane tumello kapa laesense, athe dikhamphane tse ntjha tsona di tshwanelwa ke ho ngodiswa nakong ya letsatsi le le leng.

Re tla tswela pele ho fokotsa ditjeo tsa ho etsa kgwebo ka ho fokotsa ditefiso tsa diyantle madibohong, re hahamalla pele ka mekgwa ya ditjeo tse tlase tsa phehlo ya motlakase, le ho etsa dipalangwang tsa diterene hore di kgone ho qothisana lehlokwa di be di sebetse hantle le ho feta.

Re tataiswa ke NDP, ke boikarabelo ba rona ho hahamalla ntshetsopeleng e kenyeletsang bohle, ya nako e telele ebile e le e tla itwanela diphetohong tsa tlelaemete.

Ha re sebetsa ka selekane le lekala la poraefete, bosebetsi le ba matjhabatjhaba; re tla matlafatsa matsapa a rona a boiphetolo le nolofatso.

Re na le monyetla wa ho di hula pele kgolong e sa silafatseng tikoloho, diindastering tse ntshang khabone e fokolang haholo, ho katolleng dikgoro ditheknolojing tse ntjha esita le ho hlabeletsa re hahamalletse moruong wa kamoso.

Re tlameha ho eketsa seabo sa eneji e ntjhafatsehang le e hlwekileng motswakong wa eneji ya rona ya naha, re be re lekodisise bokgoni ba moruo wa haeterojene.

Kgolo e potlakileng ya moruo e boela e hloka tlhabollo ya mobu e potlakisitsweng dibakeng tsa mahaeng le tsa ditoropong, esita le mmuso o hlaketsweng mabapi le ditokelo tsa thepa.

Re se re amohetse tlaleho ya Setlamo se Eletsang Moporesidente ka Tlhabollo ya Mobu le Temothuo, se neng se etelletswe pele ke Motlatsi wa Moporesidente, e seng e tla tekelwa Kabinete bakeng sa ho tshetshethwa.

Dikgothaletso tsa setlamo sena di tla susumetsa ho thethwa ha lenaneo la tlhabollo ya mobu le phethahetseng, la mathulahohle ebile e le le tlisang diphetoho.

Nakong e sa fediseng pelo, mmuso o tla akofisa matsapa a ho hlwaya le ho neelana ka mobu o tshwanetseng bodulo bo botle ba ditoropong, esita le bohwai.

Senyetheng sa ditsiane le boiphumano tse tsebisitsweng ngwahola, re ile ra tshepisa ho bea ka sehloohong taba ya tjhelete ya dihwai tse thuthuang.

Nakong ya ditekanyetso tsa ditjhelete tsa sehla se bohareng, R3.9 bilione e abetswe Banka ya tsa Mobu hore e tshehetse dihwai tsa kgwebo tsa rantsho.

Karolo ya bohlokwa ya lewa la kgolo la Aforika Borwa ke ho kopanngwa ha moruo wa rona le wa baahisane ba rona, esita le khontinente yohle ya rona.

Sebaka sa Kgwebisano e Lokolohileng Khontinenteng ya Aforika se tla ntlafatsa ho tsamaiswa ha thepa le ditshebeletso, se ntlafatse le tjhelete ya ho qala kgwebo hammoho le mekgwa ya tlhahiso khontinenteng yohle.

Lewa la rona la tsosoloso ya diindasteri le shadimme katoloso ya mahokela a rona a kgwebisano le botsetedi ka tshebedisano le lebatowa lohle la Aforika e ka Borwa esita le khontinente ka bophara.

Kahare ho Ntshetsopele ya Dinaha tsa Borwa ba Aforika (SADC), re tla e bea ka sehloohong ntshetsopele ya keketso ya boleng ka mahlakoreng ohle a meedi, makaleng a bohlokwa a kang eneji, merafo le dipeelo tsa ho betlwa ha dirafshwa tse itseng, tlhahiso, meralo ya motheo le ho etswa ha dihlahiswa tsa temothuo.

MaAforika Borwa a heso,

Kgolo ya moruo wa rona e tla ba le boleng bo bonyenyane, ntle leha e ka thea mesebetsi ka bongatanyana.

Bonnete ba hore sekgahla sa leqeme la mesebetsi batjheng ba Aforika Borwa se kahodimo ho 50%, ehlile ke koduwa ya naha e hlokang ditharollo tsa ka potlako, tsa bosibolli le tlhophiseho, moo bohle re tshwanelang ho e bona e le tlhokeho ya ho sebetsa mmoho.

Erekaha batjha ba bangatanyana ba kena mesebetsing selemo le selemo, moruo o tshwanela ho thea mesebetsi e mengatanyana ya batjha ho feta kamoo o etsang kateng ha jwale; hore feela o boloke sekgahla sa leqeme la mesebetsi ya batjha se le tlase.

Nnete ya mmakoma ke hore ha ho tluwa ditabeng tsa leqeme la mesebetsi batjheng, re tshwanela ho matha lepatlaka, empa re eme nqa e le nngwe.

Kahoo ho a hlokeha hore re tswele pele ho kenya tshebetsong morero o phethahetseng ntle le tieho – o thakgolwang o bile o hlophiswa Kantorong ya Mopresidente – hore ho theelwe batjha mesebetsi e metjha e seng katlase ho dimilione tse pedi nakong ya dilemo tse leshome tse tlang.

Morero ona o tla sebediswa mafapheng ohle a mmuso esita le makaleng ohle a mararo a mmuso, ka selekane le lekala la poraefete.

Re se re ntse re sebetsa le lekala la poraefete ho thea metjha ya mesebetsi bakeng sa batjha, ka ho eketsa metjha e seng e le teng ya bolaodi ba marangrang.

Ana ke marangrang a dumellang batjha ba kgethang ponahalo e eketsehileng, tshehetso le menyetla ya marangrang ho bontsha boteng ba bona bakeng sa mesebetsi le ho itshebetsa.

Ba netefatsa hore batjha ba tswang malapeng a futsanehileng – haholoholo barwetsana – ba a matlafatswa hore ba nke menyetla e metjha.

Mmuso o tla tswela pele ho fana ka mesebetsi ka Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba e Atolotsweng (EPWP), haholoholo dikarolong tseo ho sebetswang ka thata ho tsona jwaloka tokisong le paballong ya dithepa, ho kgotha dihlahla, ho kiba moo ho dutlang metsi le ho aha mebila.

Re tla tswela pele ho etsa mananeo a ho netefatsa hore batjha ba kotetsweng moruong ba lokela mesebetsi, ba be ba kenngwe makaleng ao ho ona ‘tlhokeho ya mesebetsi’ e holang.

Makala ana a akga ditsi tsa mehala tsa ditshebeletso tsa matjhaba tsa kgwebo ya ho lokiswa ha dihlahiswa, keketso ya boleng ho tsa temothuo, ho hokelwa ha dintho tsa setekgeniki, ditokiso le poloko ya boemo bo le botle, esita le menyetla e metjha eo ho fanwang ka yona ka moruo wa dijithale le Maemo a Bone a Ditheknoloji tse Fetofetohang Diindastering (4IR).

Mmuso o tla boela o netefatsa hore batjha ba a hirwa mesebetsing ya moruo wa kahisano e kang tlhokomelo ya kgodiso ya bana le ya bophelo bo botle.

Re tla atolla Tshebeletso ya Batjha ya Naha, hore e nke batjha ba 50 000 ka selemo.

Mmuso o tla tshehetsa mapatlelo a thusang ka theknoloji bakeng sa batjha ba itshebetsang dibakeng tsa mahaeng le makeisheneng.

Re tla atolla mananeo a rona ho thusa batjha ho fumana malebela a ho lefshwa mosebetsing, ka matsholo a kang Tshebeletso ya Mesebetsi ya Batjha, esita le ho hlophisa boithuto ba boitlwaetso ba mesebetsing. 

Re tla aha ditsi tsa kgodiso ya dikgwebo tse nyenyane, ho fa dikgwebo tse qalwang ke batjha keletso ya tsa ditjhelete le dinnete tsa tshebetso ha ba qala ho thakgola dikgwebo tsa bona.

Maobane mona, ke bile le monyetla o moholo wa ho teana le ho dula majwana le batjha ba bangatanyana ba Aforika Borwa ba etsang mosebetsi o motle ruri wa ho aha naha ya rona ba bile ba ntshetsa pele batho ba habo rona.

Ke bahwebi ebile ke baahi ba setjhaba, ke baitseki hape ke banono.

Haeba ho na le ntho e le nngwe eo re ithutileng yona dipuisanong le batjha ba naha ena, ke hore ha re ka ke ra qobella ditharollo tsa rona ho bona: ntho enngwe le enngwe eo re tshwanelang ho e etsa e tlameha ho etellwa pele ke batjha ka bobona. 

Ba re bolelletse ka seo ba se batlang le seo ba se hlokang.

Ba batla ho hirwa, ehlile, empa ba boetse ba batla ho ba bahiri.

Ba na le maikutlo a kgaphatsehang, ba tshwere teu bosibolling, mme ba batla ho iketsetsa dintho tsa bona.

Re tshwanela ho tshehetsa tlhase ya bohwebi hobane matlotlo a naha ena a itshetlehile bokgoning le neong ya bonono ba batjha ba rona.

MaAforika Borwa a heso,

Haeba re tshwanela ho netefatsa hore nakong ya dilemo tse leshome tse tlang ngwana e mong le e mong ya dilemo di leshome o kgona ho bala ka kutlwisiso, re tla tlameha ho ngoka setjhaba sohle hore se tshehetse letsholo la letonana la ho bala.

Ho tseba ho bala dilemong tsa bongwana ke motheo wa mantlha o lepang kgatelopele ya thuto ya ngwana, ka sekolo, ka thutong e phahameng esita le ka mosebetsing.

Mehato e meng yohle ya bokenadipakeng – ho tloha mosebetsing o etsuwang wa ho ntlafatsa boleng ba thuto ya motheo ho isa phanong ya thuto e phahameng ya mahala ho bafutsana, ho tloha botseteding ba rona dikholetjheng tsa Thupelo ya Setekgeniki le Mesebetsi ya Matsoho ho isa katolosong ya boithuto dibakeng tseo ho sebetswang ho tsona – re ke ke ra hlahisa diphetho tseo re di hlokang ntle le ha re ka qala ka ho netefatsa hore bana ba tseba ho bala.

Ke ka matsholo a kang a Boikopanyo ba Naha ba ho Bala, moo re tla kgona ho hlophisa matsapa ana a naha.

Matitjhere ohle a mophato wa motheo le o mahareng a tlameha ho rupellwa hore a rute ho bala le ho ngola ka Senyesemane le maleme a Seaforika, ebile re se re ntse re rupella re bile re jala mabotho a bakwetlisi ba nang le malebela hore ba ilo fana ka tshehetso ya boleng bo hodimo moo matitjhere a leng hona teng.

Re kenya tshebetsong Lenaneo la ho Bala la Mephato ya Mathomo, le fupereng lethathama le kopantsweng la merero ya thuto, disebediswa tse ding tsa ho bala esita le tshehetso ya seporofeshenale matitjhereng a Mophato wa Motheo.

Sena se bopa karolo ya matsapa a batsi a ho matlafatsa tsamaiso ya thuto ya motheo ka ho matlafatsa dihlopha tsa boetapele ba dikolo, ho ntlafatsa bokgoni ba matitjhere le ho netefatsa boteng ba mehato e tsitsitseng haholwanyane ya kgatelopele bakeng sa mophato wa boraro, wa botshelela le wa borobong.

Re boela re tlameha ho rupella batjha ba rona bakeng sa mesebetsi ya kamoso.

Ke kahoo re lelekelang dithuto tse rutang baithuti dithuto tse kang tsa ho ngola dikhoutu tsa dikhomphyutha le dithuto tsa ho sekaseka lesedi ka dikhomphyutha ba sa ntsane ba le dikolong tsa poraemare.

Ditho tse Kgabane,
 
Aforika Borwa eo re e labalabelang ke naha eo batho bohle ba bolokehileng ba bile ba ikutlwa ba bolokehile.

Kahoo, ha re sebetseng mmoho ho netefatsa hore ditlolo tsa molao tse nang le dikgoka di fokotswa ka halofo nakong ya dilemo tse leshome tse tlang.

Kgato ya pele ke ho eketsa ponahalo ya mapolesa ka ho hira mapolesa a mangatanyana, esita le ho thea lepatlelo la hore baahi ba kenye letsoho ka diforamo tse sebetsang hantle tsa bopolesa ba setjhaba.

Ha jwale, ho na le baithuti ba kahodimo ho 5 000 ba ngodiseditsweng thupelo ya motheo dikholetjheng tsa rona tsa thupelo ya mapolesa, mme re lohotha hore lenane lena le tla be le ekeditswe ho ya ho 7 000 nakong ya makgetlo a mabedi a tlang ha ho tla be ho nkuwa ba bang.

Re sebeletsa ho ntlafatsa sekgahla sa dikatleho ho batlisiseng le ho tjhutjhisweng ha ditlolo tsa molao, ho netefatsa thupello e ntlenyana le seporofeshenale ka tsamaiso ya toka ditlolong tsa molao.

Ditlolo tsa molao tse nang le dikgoka ke bothata setjhabeng di hloka tsheohelo e batsi ya setjhaba.

Re sebetsa le mekgatlo ya setjhaba ka mawala a ho fedisa Dikgoka tse Amanang le Bong (GBV) esita le diphenetho tsa ba batshehadi.

Kamora metshetshetho e matla, re sebeletsa ho thea Lekgotla le kgahlanong le GBV esita le Diphenetho tsa ba Batshehadi hammoho le Morero wa Lewa la Naha, tse tla re tataisa bohle, kae kapa kae moo re leng teng, matsapeng a rona a ho fedisa sewa sena sa naha.

Re matlafatsa re bile re hlomella tsamaiso ya sepolesa le makgotla a dinyewe, ho tshehetsa mahlatsipa a GBV.

Re tiisa twantsho ya maqulwana a dithethefatsi ka ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Naha le Kgahlanong le Maqulwana a Dinokwane esita le Morero wa Naha o lekotsweng botjha wa ho Hlola Dithethefatsi.

Bomme le Bontate,
Baeti ba bohlokwa ba qollehileng,

Katleho ya dipheo tsena tsohle e hloka Puso e nang le bokgoni ebile e le e tswelang pele.

Ena ke naha e sa faneng feela ka ditheo le meralo ya motheo e thusang moruo le setjhaba ho sebetsa, empa e na le bokgoni ba ho ntshetsa pele diphetoho.

Pejana kgweding ena, re tsebisitse ka popobotjha ya mafapha a mangatanyana ho a thusa ho sebetsa dithomong tsa wona.

Qeto ya rona e ne e itshetlehile tshebetsong e ntle, e baballang ditjeo, ya puso ya kopanelo le lewa la tlhophiso.

Ena ke qaleho ya mosebetsi o batsi wa ho kgina nyotobelo ya bokgoni ba Naha esita le ho hlopha botjha mokgwa wa rona wa phano ya ditshebeletso, ho etsetsa hore o tle o sebeletse baahi ba naha ya rona ka bokgabane.

Re tla ananela mokgwa oo motheo wa wona e leng ditereke – re tsepamisitse maikutlo diterekeng tse 44 le bomasepaleng ba baholo ba robedi – ho akofisa phano ya ditshebeletso, ho netefatsa hore bomasepala ba tshehetswa ka nepo ba bile ba hlomellwa ka ho lekaneng.

Ho netefatsa hore Naha e kgona ho thusa ntshetsopeleng e ntle ya moruo le setjhaba, ho bohlokwa hore re matlafatse Dikgwebo tsa Mmuso (di-SOE).

Ka Lekgotla la Moporesidente la di-SOE, mmuso o ikemiseditse ho thea tlhophiso dipakeng tsa dikhamphane tsohle tseo e leng tsa mmuso esita le ho hlalosisa dithomo tsa tsona tse fapaneng.

Ka lekgotla lena, re tla sebetsa le baetapele ba di-SOE ho thea tikoloho ya molao le taolo e kgothaletsang tshibollo le mahlahahlaha, ebile e ntlafatsa maemo a tsona a ho qothisana lehlokwa. 

Re tla ahella hodima mosebetsi oo re seng re o thakgotse ho rarolla mathata a puso e mpe, ho se sebetse hantle le botsitso ho tsa ditjhelete.

Re ikitlaelleditse ho aha Naha e tsitlallelang molao moo ho yona ho se nang bonyofonyofo, sewesoweso, boithuiso le ho hwebeletswa ha tjhelete ya setjhaba.

Re batla sehlopha sa basebetsi ba setjhaba ba nang le boqhetseke le boporofeshenale ba maemo a hodimo – bo nyehelwang tshebeletsong ya setjhaba.

Dikgato tseo re di nkileng tsa ho fedisa tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso le twantshong ya bonyofonyofo, ho akga le dikgato tsa ho matlafatsa Lekgotla la Botjhutjhisi ba Naha (NPA), Yuniti ya Dipatlisiso tse Kgethehileng (SIU), Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS) le Lekala la Tshireletso ya Mmuso (SSA), di kgola ditholwana tsa bohlokwa.

Empa ho ntse ho na le mosebetsi o tomanyana o tshwanelang ho etsuwa.

Re kopile Mookamedi wa Naha wa Botjhutjhisi ba Setjhaba ho etsa morero wa ho eketsa haholwanyane bokgoni le tshebetso e ntle ya NPA, ho akga le ho netefatsa boteng ba tshebetso e ntle ya kgapo ya thepa.

Re tshwanela ho netefatsa hore tjhelete ya setjhaba e utswitsweng e a kgutliswa mme e sebedisetswa phano ya ditshebeletso le meralo ya motheo ya mantlha dibakeng tse futsanehileng.

Re lebelletse hore Lekgotla le letjha le Kgethehileng la SIU le tla thakgola mosebetsi wa lona dikgweding tse mmalwa tse tlang ho akofisa ditseko tsa setjhaba tse ropohang dipatlisisong tsa SIU, tseo e bang ha jwale di hakanyetswa ho R14.7 bilione.

Aforika Borwa e tla tswela pele ho ba le seabo sa bohlokwa dikamanong tsa matjhaba e le ho tsoma kgotso le tshireletso lefatsheng lohle, ntshetsopele le katleho tse reretsweng batho bohle.

Re ntjhafatsa boikitlaetso ba rona ba ho sebetsa ka tumellano le dinaha tsa matjhaba ho boloka le ho tshireletsa tsamaiso ya dinaha tse ngata e itshetlehileng ka melawana, moo Matjhaba a Kopaneng (UN) a leng ka sehloohong.

Re tla sebedisa botho ba rona ba Lekgotla la Tshireletso la UN ho kgothaletsa tharollo ya dikgohlano ka kgotso, haholoholo khontinenteng ya rona.

MaAforika Borwa a heso,

Haeba re batla ho fihlella Aforika Borwa eo re e labalabelang, re hloka tumellano e ntjha ya setjhaba.

Re tshwanela ho bopa selekane se tiileng dipakeng tsa mmuso, dikgwebo, mekgatlong ya bosebetsi, setjhaba le mekgatlong ya setjhaba.

Sena se bea boikarabelo ho e mong le e mong wa rona esita le ho rona bohle.

Mmuso o tlameha ho thea tikoloho e ntle, o sebedise mehlodi ya setjhaba ka bohlale o be o tsetele kahong ya bokgoni ba batho ba naha ena.

Re lakatsa hore dikgwebo di nkele hloohong dipheo tsa lewa la naha le maikutlo a setjhaba diqetong le diketsong tsa tsona.

Re a dumela hore bosebetsi bo tshwanela ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa basebetsi, ha ka lehlakoreng le leng, bo kgothaletsa botsitso ba dikgwebo le tlhahiso ya mesebetsi.

Mekgatlo ya setjhaba e tshwanela ho tswela pele ho etsa seabo sa yona sa hore mmuso o nke boikarabelo, empa e boela e tlameha ho ikamahanya le rona mesebetsing eo re e etsang ho fihlella dipheo tsa rona tse tshwanang.

Re lelaletsa mahlo a rona mekgweng e Palamenteng ena hore e be karolo ya bohlokwa selekaneng sena, e kenye letsoho, e tle le maikutlo le ditharollo tse tshwarehang esita le matsapa a ho bapatsa ditabatabelo tsa naha.

Momahano ena ya setjhaba e batla e mong le e mong a be le seabo.
 
E tla boela e hloka bointshasehlabelo le boitelo.

Ho fihlella moo re habileng teng ho itshetlehile boitshwarong ba e mong le e mong.

Haeba ra tshwanela ho tsosolosa ho kenngwa tshebetsong ha NDP, re tlameha ho akga mahlo a rona bokamosong bo batsibatsi.

Re batla Aforika Borwa eo ho yona bohle ba nyakallelang katleho le boiketlo.

Empa re boela re batla Aforika Borwa eo ho yona re tla thathalatsa makgabane a rona kahohlehohle ha re ntse re hahamalla pele tseleng ya rona ya kgatelopele.

Re batla Aforika Borwa e beileng diporo tsa diterene ka sehloohong, e ahang diterene tse tsamayang ka lebelo le hodimo tse kopanyang ditoropo tsa rona tse kgolo le dibaka tse dikgotjheletsaneng ka ho fetisisa tsa naha ya rona.

Re tshwanela ho araburetsa ka naha eo ho yona diterene tse lebelo la kulo di fetang Johannesburg ha di haola ho tloha mona ho ya Musina, di bile di emisa Buffalo City ha di le tseleng e tswang Thekong di kgutlela kwano Motse Kapa.

Re batla Aforika Borwa e nang le moruo o sebedisang theknoloji ya maemo a hodimo moo ditshebeletso tsa e-health, dirobotiki le meriana e tshophodi di sebediswang ha re ntse re anetsa NHI.

Ke Aforika Borwa ya mofuta ofe eo re e batlang?

Re batla Aforika Borwa e sa rekisetseng dintho tsa yona kantle feela, empa e fetohileng kgubu ya tlhahiso bakeng sa disebedisuwa tsa bohlokwa tse sebediswang ho diilektroniki, makoloing le dikhomphyutheng.

Re tlameha ho ba naha e ka iphepang ebile e momahanya ditshebeletso tsa temothuo ya sejwalejwale.

Ke na le toro ya Aforika Borwa moo ho tla ropoha toropo e kgolo ya pele e ntjhantjha e tla ahwa nakong ena ya puso ya demokrasi, ka meaho e mekato e mengata e yang hodimo, dikolo, diyunivesithi, dipetlele le difeme.

Toro ena eo ke nang le yona e susumeditswe ke dipuisano tsa ka le batho ba bane ba bohlokwa: Ngaka Nkosazana Dlamini Zuma, Ngaka Naledi Pandor, Mofumahadi Jessie Duarte le Moporesidente Xi Jinping wa China, eo tlhaloso ya hae ya kamoo China e ahang ka teng toropo e kgolo e ntjha dikhilomitareng tse 100 ho tloha Beijing e thusitseng ka teng ho bopa toro ya ka.

Ena ke toro eo bohle re ka abelanang ka yona re be re kenye letsoho ho e aha.

Ha re eso ka re aha toropo e kgolo e ntjha dilemong tse 25 tsa puso ya demokrasi.

MaAforika Borwa a etsang 75% a tla dula dibakeng tsa ditoropong ka 2030.

Ditoropo tse kgolo tsa Johannesburg, Tshwane, Motse Kapa le Thekong di fellwa ke sebaka sa ho amohela bohle ba subuhlellanang ditoropong tse kgolo.

Na ebe ha e so fihle nako ya rona hore re be sebete mme re qhomele dinaleding re etse ntho e bonahalang eka e ke ke ya kgoneha ho hang?

Na ebe ha e so fihle nako ya ho aha toropo e kgolo e ntjha e radilweng ka ditheknoloji tsa 4IR? 

Ke lakatsa ho mema maAforika Borwa ohle hore a qale ho araburetsa tjhebelopele ena.

Re setjhaba sa Aforika Borwa, seo ka Molaotheo wa sona, se fanang ka tshepo ho ba se nang yona, ditokelo ho ba di amohilweng ba bile ba kotetswe, esita le ho phela ka boiketlo le tshireletso ho banna, basadi le bana ba yona.

Le haeba re kile ra tsherema, ha re e so lebale hore na re bomang, esita le seo re se emelang.

Re ntse re le setjhaba seo.

Le ka nna la botsa hore na ho etsahala ha jwang hore ke be le tshepo nakong e thata hakana.

Ke na le tshepo hobane ke sebeditse le batho ba naha ena – baoki le basebeletsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle, mapolesa, matitjhere dikolong tsa rona, baithuti bao ebang ntle le maima a mahabo bona ba ikemiseditse ho atleha, le batjha ba lekang ho qala dikgwebo tsa bona, ho sibolla le ho thea, esita le ho phahamela mapoqo.
 
Ke lona ba mphang morolo, bao le nna ke le fang morolo.

Ba lora ka bophelo bo botle ba maAforika Borwa ohle.

Ha re sebetsa mmoho ha ho letho leo re ka sitwang ho ba lona, ha ho letho le ka re sitang ebile ha ho letho leo re ke keng ra le fihlella.

Ha ho ntho e ke keng ya etsahala.

Tsohle di matsohong a ba di etsang, baetsi ba kgonang ho etsa hore mosebetsi o phethahale. Baetsi ba kgonang ho ba le maikemisetso a hlakileng ka se tshwanelang ho etsuwa ba be ba e etse hore e etsahale. 

Ehlile, ke bona batho bao ba re kgothatsang rona batho ba Aforika Borwa. Ke batho ba hlokomelang bao ba kgonang ho shebela pele mme ba bone Aforika Borwa e atlehileng. 

Ina, hi vona vanhu lava, lava hlohlotelaka vanhu va Afrika-Dzonga. I vanhu lava va hlayisaka volavo va kotaka ku languta emahlweni na ku vona Afrika-Dzonga leri humeleleke.

Ndi vhenevho vhane vha ri Afrika Tshipembe heḽi ḽashu vha ṱoḓa ḽi tshi ya phanḓa, ḽi vhe na mvelaphanḓa ine ya ḓo vhonwa nga vhathu vhoṱhe.

Ena ke Aforika Borwa e tshwanetseng ho re kgothatsa.

Ha re sebetsa mmoho ha ho letho le ka re hlolang, ebile ha ho ntho eo re ke keng ra e fihlella.

Jwalokaha re kena mothating ona o motjha, ha re nkeleng hloohong mantswe a Ben Okri ha a ne a re:

Will you be at the harvest,
Among the gatherers of new fruits?
Then you must begin today to remake
Your mental and spiritual world,
And join the warriors and celebrants
Of freedom, realizers of great dreams.
You can’t remake the world
Without remaking yourself.
Each new era begins within.
It is an inward event,
With unsuspected possibilities
For inner liberation.
We could use it to turn on
Our inward lights.
We could use it to use even the dark
And negative things positively.
We could use the new era
To clean our eyes,
To see the world differently,
To see ourselves more clearly.
Only free people can make a free world.
Infect the world with your light.
Help fulfil the golden prophecies.
Press forward the human genius.
Our future is greater than our past.

MaAforika Borwa a Heso, 

Ke yona ena ntho eo e bang ka nako tsa diqholotso re tshwanela ho qala ka ho araburetsa Aforika Borwa eo re e batlang.

Ke ha naha ya rona e tobane le diqholotso tse kgolo moo re shebang hojana mme re bone Aforika Borwa e nang le moruo o holang le batjha ba hirilweng; Aforika Borwa e atlehang ebile e ikemiseditse ho hatela pele.

Ena ke Aforika Borwa eo batho ba habo rona ba e labalabelang. Ena ke Aforika Borwa eo maAforika Borwa ohle a itseng a batla ho e bona. 

Ha re yeng re ilo aha Aforika Borwa ena. 

Ke le leboha haholo.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore