Molaetsa wa Moporesidente Ramaphosa Mabapi le sewa sa COVID-19

Maafrika Borwa a heso,
Ke a le dumedisa phirimaneng ena,

E se e le matsatsi a mane jwale haesale naha ya rona ka bophara ba yona, e kene kgabong ya ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha lekgetlo la pele nalaneng ya demokrasi ya rona.

Ena ke kgato e matla eo re ileng ra tlameha ho e nka e le ho arabela seweng sena sa COVID-19.

Re le mmuso, re elelletswe hore ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho bakile tshitiso e kgolo maphelong a rona ha ba ha baka le moepamoholo monyolosathaba moruong wa rona. 

Empa bohle re a tseba ebile re a dumela hore ho kginwa hona ha metsamao le di tshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, ho fela ho hlokeha e le ho boloka maphelo a diketekete le a dikete tse mashomeshome a batho ba habo rona.

Dinaha tse ngata khontinenteng ya rona esita le lebatoweng la rona la Ntshetsopele ya Dinaha tsa Borwa ba Aforika (SADC), di nkile dikgato tse tshwanang le tsa rona.

Bohloko bona bo ata ka potlako dinaheng tse ngata ho potoloha le lefatshe, moo batho ba ka bang 740 000 ba seng ba tshwaetsehile lefatshe ka bophara. 

Batho ba kahodimo ho 35 000 ba se ba hlokahetse.

Mekgwatsamaiso ya bophelo bo botle ya dinaheng tse ngata, ho akga le dipetlele le ditleliniki, e katlasa kgatello e matla kaha e sebetsana le sewa sena.

Bafuputsi le borasaense ba rona ba re bolelletse hore qeto ya rona ya ho kgina metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ke e nepahetseng. 

Ba ne ba ngongorehisitswe ke hore ha re ne re sa nke kgato e potlakileng, re ne re tla sallwa ke dibeke tse mmalwa feela pele re wela boemong bo tshwanang le ba dinaha tse ding tse anngweng ke sewa sena ha bohlaswa.

Ke kahoo re nkileng kgato e potlakileng ya ho kgina naha ka matsatsi a 21.

Boholo ba nako, Maafrika Borwa a arabetse ka boikarabelo bo boholo qetong ena, ka ho dula malapeng, ho hlompha melawana le ho itlhokomela bobona. 

Ke batla ho leboha batho ba Afrika Borwa ka ho itshwara hantle nakong ena e boima haholo.

Leha ho le jwalo, re ngongorehile ka bao ba so ananele bokotsi ba bohloko bona.

Re le setjhaba, re ile ra utlwa bohloko haholo ha re ne re utlwa hore matsatsing a mmalwa a fetileng, Maafrika Borwa a mararo a se a bolailwe ke bohloko bona.

Re fetisa kutlwelobohloko le matshediso a rona ho ba malapa a bona le metswalle esita le setjhabeng sa habo bona.

Lenane la ditshwaetso le tswelapele ho eketseha mme jwale ho na le ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona tse 1 326 tse netefaditsweng Afrika Borwa.

Ke boela ke etsa kgoeletso ya hore Moafrika Borwa e mong le e mong a dule lapeng ka matsatsi a 17 a tlang. 

Tloha ha hao ha feela o ilo batla dijo le ditlhoko tse ding, o ilo amohela peyi, o ilo reka meriana kapa o potlakela ngakeng. 

Batho ba ka yang mosebetsing ke basebetsi ba tsa bophelo bo botle, basebetsi ba tshireletso le ba tshohanyetso, bao mosebetsi wa bona e leng ho netefatsa hore batho ba habo rona ba fumana phepelo ya dijo, meriana le dithepa tsa mantlha esita le bafani ba bang ba ditshebeletso tsa mantlha jwaloka ha di hlalositswe melawaneng.

Haeba o tlameha ho tswela kantle, netefatsa hore o etse kahohlehohle kamoo o ka kgonang kateng hore o se ke wa tshwaetseha le hore o se ke wa tshwaetsa ba bang.

Batho ba bang ba nahana hore bohloko bona ke ntho enngwe e sa ba ameng ho hang, ebile e ke ke ya hlola e ba ama.

Ba re ke ntho eo ba balang feela ka yona dikoranteng kapa eo ba bonang ho buuwa ka yona thelevisheneng.

Empa e fela e le teng, mme e tlisa kotsi e kgolo ho e mong le e mong wa rona esita le setjhabeng sa habo rona.

E tshwaetsa barui le bafutsana, batjha le metsofe, ba batsho le ba basweu, bao ba dulang ditoropong le bao ba dulang mahaeng. 

Ha re se keng ra etsa phoso ya ho nahana hore bona ke bothata ba motho e mong osele. 

Nako le nako ha o thunthetsa melawana ena e ntshitsweng ke mmuso kapa o leka ho kwekwetla melawana ena, o ipea kotsing hammoho le ba bang ebile o thusa kokwanahloko ena ho ata.

Matsatsi a 17 a tlang a tla ba boima ho e mong le e mong.

Batswadi ba ngongorehile ka polokeho ya bana ba bona. 

Beng ba dikgwebo tse nyenyane le baitshokodi, ba lahlehelwa ke boholo ba lekeno la bona, kapa ke lekeno lohle la bona.

Basebetsi ba ngongorehile ka mesebetsi ya bona.

Metsofe le bao ba tsheremang, ba hloka batho ba tla ba hlokomela. 

Ba bang ba bao ba dulang mebileng, ha ba na bodulo kapa dijo.

Baithuti ba foswa ke dithuto tsa bona mme ba ngongorehile haholo ka bokamoso.

Bohle re thulana le mathata a maholo le tshabo e kgolo nakong ena. 

Re kopane le diqholotso tse ngatanyana tse tlisitseng merwalo e boima bathong ba habo rona. 

Ke kahoo re nkang dikgato tse fapaneng tsa ho tshehetsa dikgwebo tse maqakabetsing, re thusang basebetsi bao mesebetsi ya bona e bonahalang e le tlokotsing re bile re fana ka thuso ya ditjhelete dikgwebong tse nyenyane.

Re fana ka bodulo ho baleleri. 

Re ntse re tswelapele ho fana ka metsi dibakeng tse se nang metsi, ho etsetsa hore batho ba habo rona ba kgone ho boloka maemo a hodimo a bohlweki.

Re ngongorehile, haholoholo ka sefutho sa ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho bao ba itshebetsang esita le dikgwebong tsa baitshokodi.

Re eketsa mekgwa e potlakileng ya ho ba fa tshehetso nakong ena ya mathata.

Re a tseba hore ha jwale ho na le Maafrika Borwa a mang a mangata a dinaheng tsa bolata mme a batla ho tla lapeng. 

Re tsepamisitse maikutlo tabeng ena mme re tla fana ka thuso moo ho kgonehang, ho ya kamoo matla a rona a fellang teng.

Maafrika Borwa a heso,

Jwale re kena mokgahlelong o motjha wa twantsho ya sewa sena sa COVID-19.

Matsatsing a tlang, mmuso o tla sebetsa ka sekgahla se seholo ho nanabetsa lenaneo la taolo ya tekodisiso, ho etsuweng ha diteko, ho latela mohlala wa ba tshwaeditsweng esita le bongaka.

Basebetsi ba ka bang 10 000 ba tla etela malapa metsaneng, ditoropong tse kgolo le tse nyane, ho ya lekodisisa badudi bakeng sa matshwao a COVID-19.

Batho ba nang le matshwao a bohloko bona ba tla romelwa ditleliniking tse haufi, kapa ditleliniking tsa hloma o hlomolle hore ba ilo etswa diteko.

Batho ba tshwaeditsweng ke kokwanahloko ena ya corona, empa ba se na matshwao ho hang kapa ba na le matshwao a seng makaalo, ba tla dula ba le boitshekong ba malapeng kapa setsing seo mmuso o faneng ka sona, mme bao ba nang le matshwao a mpefetseng bona ba tla fetisetswa dipetlele.

Ka tshebediso ya theknoloji ya mathulahohle, mokgwatsamaiso o matla wa ho latela mohlala wa ba tshwaeditsweng o tla kenngwa tshebetsong ka potlako, ho fofonela mohlala wa bao ba ileng ba teana le batho ba netefaditsweng hore ba tshwaeditswe ke kokwanahloko ena ya corona, esita le ho bea leihlo dibaka tseo ditshwaetso tse ntjha di ropohileng ho tsona.

Lenaneo lena le thusa batho ba bangata haholo, le momahane ebile le na le sekgahla se qollehileng.

Koduwa ena ya tshohanyetso ho tsa bophelo bo botle e etsahala ka nako eo moruo wa rona o leng tlasa kgatello e kgolo.

Jwaloka ha naha e le kgabong ya ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, re fumane ditaba tsa hore akgente e lekolang maemo a botsitso ba moruo, Moody’s, e theoletse Afrika Borwa boemong bo katlase ho ba botsetedi bo itseng tjha.

Sena se tla eketsa ditjeo tsa ho kadima tjhelete ya ho phetha mesebetsi ya mmuso haholo, ebile se tla ba le diphetho tse bosula moruong.

Ketsahalo ena e ke ke ya sithabetsa karabelo ya rona seweng sena sa COVID-19.

Re hahamalla pele ka ho kenya tshebetsong bokenadipakeng bo hlokehang ba bophelo bo botle le mekgwa ya moruo le kahisano, ho kgina ho ata ha bohloko bona esita le ho fedisa ditlamorao tsa bona bathong ba habo rona.

Kahara dikgaello tsa koduwa ena ya ha jwale, re dula re ikitlaelleditse ho kenya tshebetsong ditlhabollo tsa sebopeho sa moruo e le ho rarolla kgolo e fokolang ya moruo, ditjhelete tsa setjhaba tse imetsweng esita le dikgwebo tsa mmuso tse hulang ka falese.

Re sebetsa mmoho le balekane ba rona kahisanong ho hlwaya mekgwa e meng hape eo re ka e sebedisang ho kgina tshenyeho e moruong wa rona, esita le ho netefatsa hore ha re ntse re inoleha seweng sena, re tsepamisa moruo wa rona tseleng e totobetseng ya kgolo.

Esita leha naha ena ya rona e tobane le diqholotso tse tebileng ebile e le tse potlakileng mapatlelong a mangatanyana, ha ho potang kelellong ya ka hore re tla hlola.

Ho jwaana ka hobane Maafrika Borwa a momahane ka mokgwa o e so kang o bonwa haesale, mme ba e lata letailana ntwa ena e kgahlanong le kokwanahloko ena.

Dikgwebo tse ngata le batho ka bomong ba nyehela ka ditjhelete le dinyehelo tse ding ntweng ena.

Ho eketseng hodima ditshepiso tsa ditjhelete tse tsebisitsweng bekeng e fetileng, re amohela ka atla tse pedi boitlamo ba Letlole la Motsepe ba R1 bilione esita le ba Naspers ba R1.5 bilione karabelong ya kokwanahloko ya corona.

Re boela re leboha haholo ho Monghadi Jack Ma, mothei wa khamphane ya China ya Alibaba, ya nyehetseng ka disebediswa tsa bohlokwa tsa bongaka ho Afrika Borwa le dinaha tse ding ho potoloha le Afrika.

Re batla ho leboha baoki ba rona, dingaka le basebetsi ba bang ba bophelo bo botle, basebetsi ba setjhaba le basebetsi ba mmuso ba di hulang nthau.

Re leboha basebetsi ba tshireletso ba 18 000, ba latilweng tshebeletsong ya sepolesa, lebothong la sesole, sepoleseng sa masepala esita le ditheong tse ding tse ikarabelang ka tshireletseho ya rona.

Re totobaditse hore mosebetsi wa basebetsi ba rona ba tshireletso ke wa ho tshehetsa, ho kgothatsa le ho tshedisa batho ba habo rona, le ho netefatsa hore ho ba le kgotso le botsitso.

Ba a tseba hore ba tlameha ho ipapisa le molao ka dinako tsohle, le hore ha ba a tlameha ho lematsa motho ofe kapa ofe. 

Jwale ho teng e mong le e mong wa lona, baahi ba Afrika Borwa ba 58 milione le badudi ba ikentseng kgokanyana phiri ho tobaneng le maemo ana a naha a tshohanyetso ho tsa bophelo bo botle. 

Kahara rona ho na le banna le basadi ba tsohang ka madungwadungwana kamehla, ba bile ba sebetsa le bosiu bohle ho boloka naha ena e ntse e hatela pele.

Ke bua ka mosebetsi wa dipolasing ya thusang ho re boloka re ntse re fumana dijo.

Ke bua ka motekgeniki ya seteisheneng sa matla a motlakase ya sebetsang tjhifi kamora tjhifi ho boloka mabone a kgantshitse.

Ke bua ka mohlokomedi ya sebetsang lehaeng la metsofe, lehaeng la tlhokomelo ya bana le lehaeng la tlhokomelo ya bababi, ba tlang kamehla ho tla hlokomela baahi ba habo rona ba tlokotsing ka ho fetisisa.

Ho mokganni wa tekesi, mmokelli wa dilahlwang, kheshiya ya suphamaketeng, mohlwekisi wa sepetlele, motshedi wa peterole esita le basebeletsi bohle ba ditshebeletso tsa mantlha, lona le bahale ba rona ba sa natsweng, mme re a le hlompha.

Kahara yona qeaqeo ena, ho na le pale e re tlisetsang tshepo le kgothatso. 

Maobane, ke ile ka ya teana le Maafrika Borwa a 114 a ileng a pholoswa Wuhan kwana China, mme a kgutlela malapeng a bona kamora dibeke tse pedi tsa tshekeho Polokwane.

Ke sehlopha sa Maafrika Borwa a tsotehang a fapafapaneng ka dilemo, ka morabe, ka bong le ka dibaka tseo ba tswaletsweng ho tsona.

E se e le dikgwedi ba kwaletswe, pele e bile Wuhan ka matsatsi a 51, ya ba Polokwane ka matsatsi a 14.

Jwale ba boela ba tshwanela ho qeta matsatsi a mang a 17 a ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ba le malapeng.

Bohle re tshwanela ho ba thabela kaha diteko di bontshitse hore ha ba na yona kokwanahloko ena mme ba phetse hantle. 

Ba nyakalletse ebile ba leboha haholo ka seo naha ena e ba etseditseng sona ka ho ba tlisa lapeng ba bolokehile. 

Ba bang ke baithuti, ba bang ke dititjhere ha ba bang ba ne ba sebetsa China. 

Re leboha moifo wa khamphani ya Difofane tsa Afrika Borwa (SAA), sehlopha sa dingaka, mapolesa le masole esita le basebetsi le baokamedi ba Ranch Hotel ba tsotehang, ka ho atlehisa tshebetso ena.

Malebela a Maafrika Borwa ana a kgutlileng Wuhan a re kgothatsa jwaloka ha re tobane le diqholotso tsena tse kapele ho rona.

Ena ke nqalo eo bohle re sa e tsebeng.

Ha re e so ka re kopana le maemo a tjena pele mme diphoso tse ngatanyana di tla etsuwa, empa re kopa hore batho ba utlwisise hore tsena tsohle di etswa molemong wa bohle. 

Re tla tswelapele ka ho lokisa diphoso kae kapa kae moo di etsuwang.

Empa ke kgodisehile hore re tla atleha, hobane re tla e nkela hloohong tshoso ena ya kokwanahloko ya corona, re tla tlwaelo re le setjhaba, ebile bohle re tla nka boikarabelo.

Haeba re sebetsa mmoho, haeba re tsepama tseleng eo re tsebang hore re tshwanela ho e tsamaya, re tla bo hlola bohloko bona.

Ha ke na qeaqeo ya hore re tla hlola.

Robalang hantle.

A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o tshireletse setjhaba sa yona.
 

Share this page

Similar categories to explore