Tlaleho ya Mopresidente Cyril Ramaphosa mabapi le Kgatelo pele e seng e fihletswe ka Boiteko ba Naha ba ho Lwantsha Koduwa ya COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

Ke rata ho qotsa mantswe a bukeng ya Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela a reng:

“Ke tsamaile leeto le le lelele la tokoloho. Ke lekile hore ke se nyahame; ke tsamaile ke kgetshemela mona le mane.

“Leha ho le jwalo, ho na le sephiri seo ke se fumaneng sa hore ka mora ho feta mathateng a maholo, o se ithetse wa re o hlotse, o ntse o tla kopana le a mang ka pele”.

Re le naha, re ile ra tobana le maqhubu a mabedi a tshwaetso ya kokwanahloko ya khorona.

Re ile ra a hlola ka hobane re ne re tlole matjato ra nka bohato re sebetsa mmoho ho fokotsa tshwaetso le ho sireletsa setjhaba.

Jwale re boetse hape re shebane le a mang mathata.

Matsatsing a leshome le metso e mmedi a fetileng, ke ile ka le hlokomedisa hore ho teng leqhubu la boraro le kotsi le seng le qadile diprofensing tse ding le tlileng le haketse haholo.

Tshwaetso tsa letsatsi ka leng di ne di ipheta, le ba amohelwang dipetlele ba ne ba ata mme mafu ka lebaka la COVID-19 a ne a eketseha ka persente tse ka bang 50.

Jwalo ka ha ke bua le lona phirimaneng ena tjena, maemo a mpefetse jwale.

Tshwaetso e bonahala e eketseha Afrika Borwa le dinaheng tse ding tsa Afrika.

Setsi sa Afrika sa Taolo ya Ditshwaetso le Thibelo ya tsona, se tlalehile hore leqhubu la boraro la kokwanahloko ena le se le qadile kontinenteng.

Ho fihlela kajeno, dinaha tsena tse tlasa Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika, di se di na le batho ba dimilione di 5.2 ba tshwaeditsweng mme mafu a COVID-19 ona a feta 138 000.

Kokwanahloko ya COVID-19 e fihlileng naheng ena ka Tlhakubele ngwahola, e tswela pele ho ikatisa le ho iphetola dibopeho.

Borasaense ba rona ba re COVID-19 e mefuta e mengata.

Ngwahola re bile le mofuta wa Beta.

Ho tloha moo, jwale re shebane le mofuta o bitswang Delta.

Mofuta ona o qadile India mafelong a Tlhakubele selemong sena mme jwale o se o fumaneha dinaheng tse 85 lefatsheng ka bophara.

Mofuta ona wa Delta o ne o ata ka sekgahla se tshosang mane India.

Mona Afrika Borwa mofuta ona wa Delta jwale o fumaneha profensing tse hlano, e leng Kapa Botjhabela, Foreisitata, Gauteng, KwaZulu-Natal le Kapa Bophirima.

Bopaki boo re nang le bona bo bontsha hore mofuta ona wa Delta o feta wa Beta o neng o le teng ho fihlela ha jwale.

Ho ata ka sekgahla ha mofuta ona ho a re ngongorehisa.

Taba ya pele, ke hobane o tshwaetsa ha bobebe ho feta wane wa pele.

Ho nahanwa hore bokotsi ba ona bo feta ba mofuta wa Beta habedi ka matla.

Ya bobedi, jwalo ka ha o le kotsi, o ka tshwaetsa batho ba bangata haholo.

Jwalo ka mefuta e fetileng, le ona o ke se bone leha o se o o tshwaeditse.

Ya boraro, bopaki ba borasaense bo bontsha hore haeba o ne o tshwaeditswe ke mofuta wa Beta sena ha se bolele hore o ka se tshwaetswe ke mofuta wa Delta, o ka nna wa tshwaetseha hape..

Ya bone, ka lebaka la kotsi ya ona mofuta ona, dipehelo tseo re nang le tsona ha jwale re bona di ka nna tsa se kgone ho fokotsa tshwaetso ya ona.

Hape ho na le tse ngata tseo re sa di tsebeng ka mofuta ona.

Re ka etsa mohlala ka hore ha re na bonnete ba hore matshwao a ona a matla ho le ho kae.

Dintlha tsa nakwana ho tswa dinaheng tse ding di bontsha ha matshwao a teng a se mabe hakalo.

Ditlaleho ho tswa dinaheng tse ding ho kenyeletsa tsa kontinente ena ya rona di bontsha ha mofuta ona wa Delta o kgona le ho kodisa bana leha menyetla ya teng yona e le tlase haholo ha ho bapiswa le bathong ba baholo.

Mofuta ona o hlile o ata ka sekgahla se kotsi haholo.

Leha matshwao a ke se be mabe, empa sekgahla sa teng se ka etsa hore ho tshwaetsehe batho ba bangata ka nako e le nngwe mme ba hloke kalafo ka nako e le nngwe.

Re tlameha ho ba hlokolosi haholo.

Palo ya batho ba tshwaetsehang ka letsatsi matsatsing a supileng a fetileng, e feta hole ya ba neng ba tshwaetseha sehlohlolong sa leqhubu la pele ka Phupu ngwahola mme ho bonahala hore ho se ho se ho kae hore sekgahla sena se fete palo ya sehlohlolo sa leqhubu la bobedi leo re bileng le lona ka Pherekgong selemong sena.

Bathong kaofela ba tshwaetsehileng naheng ena, persente tse 60 tsa bona ke ba leng Gauteng.

Ntle le profensi ya Kapa Leboya le Foreisitata, diprofensing tse ding ditshwaetso di ata ka sekgahla se seholo.

Le hona Kapa Leboya le Foreisitata, haeba re sa bule mahlo, dipalo tsa teng di ka nna tsa nyoloha hape lekgetlo la bobedi.

Se etsahalang ka pela mahlo a rona mona se tlamehile ho re tshwenya

Kaofela ha rona re tseba motho ya tshwaeditsweng, e kaba motswalle, wa leloko kapa yena mosebetsimmoho.

Ba mmalwa naheng ena batho ba so kang ba pata motho ya hlokahetseng ka lebaka la kokwanahloko ena ho sa natsehe hore ke setho sa lelapa, motswalle kapa eo ba phelang le yena.

Re maemong a thata a leqhubu le bontshang le tlo ba kotsi ho feta ane a mabedi a pele.

Sehlohlolo sa leqhubu lena la boraro ho bonahala e tla ba se matla ho feta sa a mabedi a fetileng.

Leqhubu la pele le ne le nke dibeke tse 15 ho fihla sehlohlolong. La bobedi lona la nka tse robong.

Ha re tsebe hore ho tla nka nako e kae hore lena lona le fihle sehlohlolong, empa re bona eka ho tla nka nako e teletsana.

Ke a tseba hore ena ke taba eo ba bangata ba lona ba sa rateng ho e utlwa.

E se e le selemo le halofo jwale re le mathateng ana.

Jwalo ka ha dintho di ntse di kgutlela setlwaeding butle butle, re qetella re kgella fatshe le dipehelo tsa bophelo bo botle.

Mohlomong re kgathetse jwale ke ho apara dimonkwana dipalangweng tsa setjhaba mme re nke qeto ya ho se di apare letsatsi feela, mme e re ha ho se ya tletlebang kapa ya kgalemang, re lebale tu ka tsona.

Re apara dimonkwana ha re kena dibakeng tsa boithabiso, empa re di hlobole ha re se re le ka hare.

Ha re kopana le metswalle le bao re phelang le bona re a ba aka, re ba tshware ka matsoho, re ba sune hobane re ipolella hore re bolokehile.

Re tswela pele ho mengwa meketjaneng le hona ho etsa ya rona.

Se bohloko ke hore ngwana mahana a jwetswa o bona ka madi ho fopha.

Re tlameha ho itlhokomela mme re be hlokolosi ka dinako tsohle.

Re tlameha ho latela dipehelo tsa bophelo bo botle bakeng sa polokeho ya rona le ya ba bang.

Seo re se behileng pele ha jwale ke ho netefatsa hore ditsi tsa bophelo bo botle di na le ditlhoko tse hlokehang hore re kgone ho lwantshana le keketseho ya batho ba tshwaetsehang.

Diprofensing tse ding ditsi tsa mmuso tsa bophelo bo botle le tse ikemetseng di tlasa kgatello e kgolo.

Leha dipetlele di etsa matsapa a ho amohela bakudi, empa dibethe di a haella phaposing tsa ba kulang haholo.

Re hlokomela hore dipehelo tse teng ha jwale ha di thuse ho fokotsa sekgahla se setjha sa ditshwaetso.

Ho fumana hore ke mehato e fe e metjha eo re ka e nkang, re lekile ho lekola hore dinaha tse ding tsa matjhaba tsona di etsa jwang le ho sheba tshedimoso e teng dipatlisisong tsa lekaleng la saense. Ho fumana hore ke mehato e fe e metjha eo re ka e nkang, re lekile ho lekola hore dinaha tse ding tsa matjhaba tsona di etsa jwang le ho sheba temoso e teng dipatlisisong tsa lekaleng la saense.

Mohato wa pele ke ho leka ho fokotsa ho kopana ha batho boitekong ba ho fokotsa tshwaetso tsena.

Ho latela keletso ya saense eo re e fumaneng ho tswa Komiting ya Dikeletso ya Matona, le ka mora ho buisana le diprofensi, bomasepala ba baholo le marena, le dikgothaletso tsa Moifo wa Naha o Shebaneng le Kokwanahloko ya Khorona, Kabinete e nkile qeto ya ho theolela ho Kginwa ha Ditshebeletso Naheng ka bophara Maemong a Lekotsweng Botjha a Bone.

Kabinete e nkile mohato ona ho latela maemo a renang ha jwale mme dipehelo tseo re di phatlalatsang phirimaneng ena di tla sebetsa nako ya matsatsi a 14 ho tloha kajeno.

Ka mora matsatsi ana a 14, re tla lekola maemo ho bona hore re tswele pele le tsona kapa re di nyehlise.

Dipehelo tse latelang di tla sebetsa naha ka bophara ho tloha hosane ka Mantaha wa la 28 Phuptjane 2021 ho ya ho Sontaha sa la 11 Phupu 2021:

  • Dikopano kaofela – ka hara moaho le kantle – ha di a dumellwa. Tsona di kenyeletsa tsa dikereke, tsa dipolotiki, tsa setso le tsa boithabiso.
  • Mafung le ho tjhesweng ha bafu teng ho tla dumellwa batho ba sa feteng 50 ba dutseng ka ho qaqolohana ba latelang le dipehelo tsa bophelo bo botle.
  • Ditebelo le meketjana ya ka mora mafu ha di a dumellwa.
  • Dibaka tsa setjhaba tse kang dipaka le mawatle ha di na ho kwalwa, empa ha ho dikopano tse tla dumellwa teng.
  • Nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu yona jwale e tla qala ka hora ya borobong ka phirimana ho isa ho ya bone ka meso mme ditsi kaofela tse sa faneng ka tshebeletso tsa bohlokwa di tlameha ho kwala ka hora ya borobedi ka phirimana.
  • Ho sa natsehe hore o reka o dula o nwa kapa o tsamaya, thekiso ya jwala ha e a dumellwa. Komiti ya rona ya Dikeletso ya Matona e tletlebile ka hore dipehelo tse teng ha jwale ha di a sebetsa jwalo ka ha ho na le palo e kgolo ya batho ba amohelwang dipetlele ka mabaka a amanang le jwala.
  • Ka lebaka la palo e hodimo ya ditshwaetso Gauteng, ho tswa kapa ho etela profensi ena tlasa mabaka a boithabiso ha ho a dumellwa. Hona ha ho kenyeletse ho eta ka mosebetsi, kgwebo, ho tsamaya ka sefofane kapa hona ho thotha thepa.

Haeba o tlameha ho kena kapa ho tswa Gauteng hobane o leba lapeng, leeto la hao lona le tla dumellwa.

  • Ketelo ya mahae a maqheku, a tlhokomelo le a mang a jwalo, e tla fokotswa.
  • Direstjuarente jwale di se di tla rekisetsa batho ba rekang ba tsamaya kapa ba tlisetswang dijo dibakeng tsa bona. Ba rekang ba jela teng ha ba a dumellwa hobane ba ke se kgone ho ja le ho nwa ba apaere dimonkwana.

Dikolo di tla phakisa ho kwalwa sehleng sena sa mariha.

Dikolo di tla qala ho kwalwa ka Laboraro lena la la 30 Phuptjane 2021, mme Labohlano la la 02 Phupu ke letsatsi la ho qetela la hore dikolo kaofela di be di kwetswe.

Ho rutwa ha barutwana ba le phoposing ditsing tsa thuto e phahameng ho tla qetela ka Laboraro la la 30 Phuptjane 2021, ka mora moo ha ho na dumellwa mang le mang ho kena ditsing tseo.

Dibaka tsa bodulo tsona ha di na ho kwalwa.

Letona la Thuto ya Motheo le la Thuto e Phahameng, Saense le Mahlale ba tla fana ka dintlha kaofela tabeng ena.

Dipehelo tsena tseo re di kenyang tshebetsong, di tla thusa ho thibela ho ata ha tshwaetso, mme ka ho le leng di nne di dumelle ho sebetsa ha moruo wa naha.

Dikgwebo tse ngata ha di na ho ameha haholo jwalo kaha di dumelletswe hore di sebedise basebeletsi bohle ba tsona.

Maikemisetso a rona ke ho fokotsa ho kopana ha batho re ntse re hlokometse moruo wa rona.

Ke batla ho hatella taba ena ya hore motho o tlameha ho apara semokwana se kwahelang nko le molomo ha a le setjhabeng.

Ke tlolo ya molao ho se etse jwalo.

Batshwari le beng ba meaho ya setjhaba, ditsi tsa mabenkele, direstjuarente, ditekesi le dibese ba tlameha ho netefatsa hore bareki kapa bapalami ba bona ba apere dimonkwana.

Ha maemo a dumela, bahiri ba tlameha ho dumella basebeletsi ba bona ho sebeletsa lapeng mme hape ba emise maeto ao e seng a bohlokwa mmoho le dikopano tsa teng.

Mmuso le ona o tla etsa matsapa a ho fokotsa taba ya hore basebeletsi ba ona ba sebeletse sebakeng se le seng, empa o ntse o netefatsa hore seo ha se phatsamise phano ya ditshebeletso setjhabeng.

Leha re ntse re tswela pele le ho kenya dipehelo tsena tshebetsong, ka ho le leng re ntse re matlafatsa phano ya ditshebeletso ho tsa bophelo bo botle.

Gauteng, ho kwalwa ha sepetlele sa Charlotte Maxeke ho butse sekgeo se seholo mme ha baka kgatello dipetleleng tse ding.

Re etsa matsapa ohle ho leka ho eketsa dibethe le ho potlakisa ho bula sepetlele sena sa Charlotte Maxeke.

Gauteng ha jwale e ekeditse dibethe tse 830 ka hore ho tjhetjhiswe diophareishene tseo e neng e se tsa bohlokwa le ho sebedisa meaho e meng e sa tlwaelehang ho ba dipetlele mo ho entsweng sekgeo sa dibethe tse 400.

Re ntse re buisana le bahlahisi ba mabotlolo a moya o sebediswang ho thusa ho hema dipetlele hore ba hlahise a mangatanyana ho leka ho kwala sekgeo se ka hlahang sa tlhokeho ya ona.

Re dutse re hlahloba hore disebediswa tsa polokeho mmoho le meriana e lekaneng e dutse e le teng.

Lefapha la Bophelo bo Botle la Gauteng le eketsa lenane la basebeletsi ba lona ho etsetsa ho shebana le bongata ba mosebetsi o teng.

Letlole la Tshebedisanommoho le nehetse ka R16 milione ho thusa ho hira baoki ba bang ba tla thusetsa sehlopha sa bophelo bo botle sa sesole se keneletseng.

Ho netefatsa hore re shebana hantle le palo e hodimo ya ba kulang haholo ke COVID-19, re ekeditse dibethe le basebeletsi ba rona.

Re ntse re tswela pele le ho potlakisa lenaneo la naha la ho enta setjhaba.

Lenaneo lena le kene motjheng mme le se le bile le hatetse pele haholo.

Ho tloha maobane ka kgitla, e se e le batho ba ballwang ho dimilione tse 2.7 ba seng ba entilwe Afrika Borwa.

Bekeng ya ho feta, ho ne ho entwa ba fetang 100 000 ka letsatsi.

Matsatsing a mararo a fetileng, re fumane dibotlolwana tse ding tse dimilione di 1.2 tsa ente ya Johnson & Johnson le tse dimilione di 1.4 tsa ente ya Pfizer ho tswa ho COVAX.

Keketseho ena ya ente e tla nyolla palo ya ba entwang bekeng ena le tse ding tse latelang.

Lenaneong la ho enta basebeletsi ba tsa bophelo bo botle teng ho se ho entilwe basebeletsi ba 950 000 naheng ka bophara mme boingodiso le ho entwa ho ntse ho tswela pele.

Mokgahlelo wa bobedi wa ho enta setjhaba, e leng wa batho ba dilemo di 60 le ho feta o ntse o tsamaya hantle mme ho entwa le boingodiso ho ntse ho tswela pele.

Jwalo ka ha re ikemiseditse ho enta bohle ba mokgahlelong ona ba ballwang dimilioneng tse hlano, profensi ka nngwe e kene letsholong la ho kopa setjhaba ho thusa bohle ba mokgahlelong ona ho ingodisa le ho entwa.

Ho fihlela kajeno, e se e le batho ba ballwang dimilioneng tse 3.8 ba seng ba ingodisitse Lenaneong la ho Ingodisetsa ho Entwa ka Mokgwa wa Elektroniki (EVDS).

Lenaneo lena la naha la ho enta setjhaba le arotswe ka dihlopha tse tharo.

Sehlopha sa pele ke sa setjhaba ka kakaretso ho ya ka dilemo tsa batho.

Sehlopheng sena, mokgahlelo o latelang ke wa batho ba dilemo di 50 ho ya ho tse 59 mme bona ba tla dumellwa ho ingodisa ho tla ka Labone la la 01 Phupu 2021 le ho entwa ho tloha ka Labone la la 15 Phupu 2021.

Sehlopha sa bobedi sona se se se qadile, e leng sa ho enta basebeletsi ba thuto ya motheo moo ho seng ho entilwe batho ba 184 000 ho fihlela kajeno.

Sehlopha sa boraro sona ke sa mapolesa le basebeletsi ba tshireletso.

Sehlopha sena se tla qala ho entwa ka Mantaha wa la 5 Phupu 2021.

Sehlopha sa bone sona ke sa makala a mesebetsi a bohlokwa moruong a kang merafo, la tlhahiso le la ditekesi.

Ke etsa kgoeletso ho bohle ba lokelang ho ingodisa ho etsa jwalo ka inthanete, ka SMS, ka mohala kapa ba ingodise ka sebele setsing.

Re tla tswela pele le mahlahana a rona le setjhaba ho thusa batho ba bangata le ka pele ka moo re ka kgonang.

Maafrika Borwa a heso,

Ho na le ditaba tse ngata tse buehang tseo e seng nnete ka ente ya COVID-19.

Ditaba tsena di qoqwa ka melaetsa ya WhatsApp, metjha ya kgokahano, ba bang ba e qoqa ka melomo, ba bolela hore ente ena ha e a bolokeha, ha e sebetse le hore e a kudisa.  

Nkile ka e bolela taba ena, mme ke tla e pheta hape: a ko ipotse o ikarabe pele o fetisa kapa o romela molaetsa.

A ko nahane ka kotsi eo o ka e bakang ka molaetsa oo.

O fetisa pherekano, tshabo le tsitsipano eo re sa e hlokeng ka nako ena.

Bopaki ba borasaense ba rona bo bontsha hore ente e a sebetsa, e bolokehile mme e pholosa le maphelo.

Haeba o na le dipotso kapa yona kgwao ka ente tsena, sebedisa lesedi le tswang Lefapheng la Bophelo bo Botle kapa ho dingaka.

O ka nna hape wa ipotsa hore e be ente tseo re nang le tsona di a kgona ho thibela hore motho a se kule haholo, a se kene sepetlele le hona ho lwantsha mofuta ona o motjha wa kokwanahloko.

Ho na le bopaki ba hore ente tseo re di sebedisang mona Afrika Borwa di a kgona ho lwantsha mofuta ona o motjha wa kokwanahloko o bitswang Delta.

Komiti ya Matona e shebaneng le Dikeletso mapapi le Diente, e tla tswela pele ho sebedisa dintlha tsohle tseo e di fumanang mme e re eletse ho latela bopaki bo botjha bo ntseng bo hlaha.

Re tlameha ho hopola taba ya hore le ha o entilwe o ntse o ka tshwaetseha mofuteng ofe kapa ofe hobane ha ho ente e sebetsang ka ho phethahala.

Leha o ka tshwaetseha, empa ha o entile, matshwao a tla ba bobebe feela.

Sa bohlokwa ke hore ente tseo re di sebedisang di thibela hore motho a se kule haholo, a se kene sepetlele mmoho le ho qoba ho bolawa ke kokwanahloko ena.

Ke boetse ke rata ho hopotsa Maafrika Borwa hore leha o entile o ntse o tlameha ho latela dipehelo tsa bophelo bo botle.

Haesale koduwa ena e qala, ho sohle seo re se etsang, re eteletswe pele ke ditsebi tsa bophelo bo botle, basebeletsi ba teng mmoho le borasaense.

Re hloka ho ba leboha haholo ka boinehelo le mosebetsi wa bona o tswileng matsoho.

Ke ntho e nyedisang ho bona baetapele ba dipolotiki ba bua hampe ka basebeletsi bana ha ba etsa mosebetsi oo ba o laetsweng ho o etsa.

Re tlameha ho hopola hore Mokgatlo wa Afrika Borwa o Laolang Dihlahiswa tsa Bophelo (SAHPRA) ke mokgatlo o ikemetseng o laolang dihlahiswa tsena ho latela bopaki ba borasaense e le ho netefatsa polokeho, boleng le ho sebetsa hantle ha dihlahiswa tsena molemong wa bophelo ba setjhaba.

SAHPRA e tlameha ho etsa mosebetsi wa yona ntle le ditshoso kapa yona tshusumetso ya dipolotiki ho etsetsa hore e re ha ba tjhaela diente monwana, setjhaba se tle se tshepe hore ente tseo di bolokehile, ke tsa boleng di bile di a sebetsa.

Maafrika Borwa a heso,

Haesale ho tloha ho ne ho fumanehe motho wa pele ya nang le kokwanahloko ena e kotsi, re ne re elellwe hore mona teng re tlameha ho tshwarisana.

Leha re ne re tshepa hore koduwa ena e tla feta ka pele, empa jwale re a tseba hore ha ho jwalo.

Leha re sa tseba hore koduwa ena ka lehlahlamang ho tla etsahala eng ka yona, empa ho na le seo re nang le bonnete ba sona.

Ke bua ka ho tswela pele le ho itshireletsa ka mekgwa yohle eo re e tsebang.

Mekgwa ena eo re e behetsweng ke ba tsa bophelo bo botle, ho bonahetse hore e a sebetsa mme ke yona tsela e betere ya ho lwantsha koduwa ena.

Mekgwa ena ha e thata, ha e boima, athe hape ha e bitse.

Leha e ka phatsamisa maphelo a rona jwang, empa e betere ho ena le hore motho a kule a be a hloke ho kena sepetlele.

Re tlameha ho apara dimonkwana ha re le setjhabeng.

Re tlameha ho hlapa kapa hona ho hlwekisa matsoho a rona ka sebolaya dikokwanahloko.

Re tlameha ho dula re qaqolohane le ba bang.

Re tlameha ho dula lapeng, re tswe feela ha ho hlokahala.

Haeba o na le matshwao a COVID-19, ho sa natsehe hore a bobebe ho le ho kae, ipoloke o le mong, le bona ba lelapa o be hole le bona.  

Haeba teng o kile wa kopana le motho ya nang le yona COVID-19, moo teng o tlameha ho ipoloka o le mong matsatsi a leshome.

Haeba o sa tswa fumana hore o na le COVID-19, o tlameha ho tsebisa batho bohle bao o kileng wa kopana le bona hore ba tle ba itshireletse mmoho le ba bang.

Ke boikarabelo ba rona ho sireletsa maphelo a rona mmoho le a bohle bao re phelang le bona.

Leha koduwa ena e re bakela mathata, empa ho teng seo re ka se etsang ka yona.

Qeto tseo re di nkang di ka thusa ho fokotsa koduwa ena.

Re mona moo re iphumanang re le teng kajeno ka lebaka la tsona. E se e le selemo le halofo jwale re shebane le mathata ana.

Re fetile maimeng le mathateng a mangata.

Hobane re batho ba matla, ba fetileng maimeng a fetang ana nakong e fetileng, le kajeno ke rona bana re ntse re phela.

Leqhubu lena la boraro jwale le ya le ntse le matlafala.

Re boetse hape re tlameha ho bontsha bokgoni ba rona ba ho lwantsha kokwanahloko ena.

Re tlameha ho sebedisa matla le bokgoni boo re nang le bona, re beng sebete ho lwantsa leqhubu lena ho fihlela le feta.

Re tla boela re tsoha re sheba pele.

A mangata mathata ao re a hlotseng nakong e fetileng, mme le ana re ntse re tla a hlola.

Sena re tla se fihlela feela ha re tshwarisana jwalo ka ha re tlwaetse ho etsa.

Ke rialo hobane ke le tshepa jwalo ka batho ba Afrika Borwa.

Ke a tseba hore le tla tswela pele ho etsa se nepahetseng jwalo ka ha le tlwaetse ho etsa.

Ke a tseba hape hore ho sa natsehe hore  ho thata ho le ho kae, re ke ke ra lahla tshepo.

E se e ka Modimo a ka hlohonolotsa Afrika Borwa mme a baballe le setjhaba sa yona.

Ha e lale.

Share this page

Similar categories to explore