Polelo ya Presidente Cyril Ramaphosa ka Kgatelopele Maitekong a Naha a ho Laola Sewa sa COVID-19 

Maafrika Borwa a heso,

Ke nako e batlang e ba dilemo tse pedi jwale esale ke ema ka pela lona ke le tsebisa hore Afrika Borwa e tla kwala ditshebeletso naheng ka bophara molemong wa ho laola ho jaleha ha vaerase ya COVID-19.
Ona e e ne e le mohato o matla le o so kang o nkuwa pele. 
O ile wa theola sekgahla sa ho jaleha ha vaerase mme sena sa thusa dibaka tse nehelanang ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle le setjhaba ka kakaretso ho ba le nako e lekaneng ya ho itokisetsa keketseho ya ditshwaetso e neng e lebelletswe. 

Ho tloha nakong eo, re ile ra tlameha ho etsa diphetoho mokgweng oo re lwantshang sewa ka ona hobane le sona se fetohile, le palo ya batho ba tshwaetswang e nyolohile ya theoha, mme le dipetlele di bile tlasa kgatello. 
Ke dilemo tse pedi jwale re phela le sewa sena. 
Afrika Borwa ho bile le batho ba fetang dimiliyone tse 3.7 ba tshwaeditsweng mme ha hlokahala ba batlang ba ba 100 000 ka lebaka la COVID-19.
Lefu lena le fetotse tsela eo re sebetsang, re etang, re kerekang re bileng re phedisanang le batho ka yona.
Le sentse mekgwa ya batho ya ho iphedisa mme ya putlamisa moruo, mme sena sa lebisa ho kwalweng ha dikgwebo tse ngata le tahlehelong ya mesebetsi e ka bang dimiliyone tse pedi. 
Le boetse le bontshitse kamoo Maafrika Borwa e leng batho ba nang le lerato le kutlweloboholoko kateng, ha ba thusana nakong e boima. 
Ha re ne re kotjwa ho hlompha dithibelo metsamaong ya rona, dikgobokanong le diketsahalong tse fapaneng, re le Maafrika Borwa, re ile ra etsa jwalo molemong wa ho sireletsa maphelo a rona le molemong wa naha ena. 
Dilemong tse pedi tse fetileng, re nkile mehato ya pele ya ho matlafatsa dibaka tse fanang ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle. 
Re hirile batho ba bang ho sebetsana le sewa sena, ra eketsa mothamo wa dipetlele le dilaboratri mme ra netefatsa hore bakudi ba COVID ba a hlokomeleha dipetleleng tsa rona. 
Nako e boima e batla e fetile. 
Jwale re malala a laotswe ho kena mokgahlelong o motjha taolong ya rona ya sewa. 

Kamora maqhubu a mane a tshwaetso, ba a fokotseha batho ba kulang haholo le ba hlokang ho robatswa sepetlele. Ha ba sa le bangata le batho ba hlokahalang ha ho bapiswa le pele. 
Ditsebi tsa rona di re sena se bakwa haholoholo ke hore batho ba ballwang ho 60% ho ya ho 80% ba se ba sireletsehile vaeraseng, hobane ba kile ba tshwaetseha kapa ba entile.
Ba ditshebeletso tsa bophelo bo botle ba se ba na le boiphihlelo ba dilemo tse pedi ba ho laola lefu lena hantle. 

Re se re tlwaetse ho rwala dimonkwana le ho hlapa matsoho kgafetsa. 
Sa bohlokwahlokwa ke hore batho ba baholo ba ballwang dipersenteng tse 48 ba se ba entile bonnyane hanngwe. 
Re kena selemong sa boraro sa sewa sena re na le tshepo ho feta pele.
Leha sewa se eso fele mme re ntse re le sedi, maphelo a rona a kgutlela setlwaeding. 
Batho ba kgutlela mosebetsing. 
Tshabo le ho fellwa ke tshepo tsa dilemo tse pedi tse fetileng di a tloha. 
Erekaha sewa se a fetoha, mme le kgatelopele e se e entswe ka maiteko a rona bohle, re ikemiseditse ho fedisa Boemo ba Naha ba Koduwa hang ha ho phethelwa maikutlo a batho ka melawana ya bophelo bo botle e phatlaladitsweng ke Letona la Bophelo bo Botle. 
Melawana ena, ha e se phethetswe, e tla sebediswa sebakeng sa melawana ya Maemo a Koduwa mme e be sesebediswa sa molao se sebediswang ho laola sewa sena. 
Maafrika Borwa kaofela a kotjwa ho ntsha maikutlo a ona melawaneng e sisintsweng pele ho la 16 Mmesa.

Se lokelang ho hlaka ke hore ho fela ha Boemo ba Naha ba Koduwa ha ho bolele hore sewa se fedile. 
Ho mpa ho bolela hore re fetola tsela eo re laolang sewa ka yona, mme re itshetleha melawaneng ya bophelo bo botle eseng ya taolo ya koduwa. 
Ho bolela hore re ithuta ho phela le vaerase ena. 
Ho bolela hore re kgutlela mekgweng eo re neng re phela ka yona pele ho sewa, haholo kamoo re ka kgonang kateng. 
Ho bolela hore re kgutlela mesebetsing ya rona, le hore re tswella ka diketsahalo tsa setjhabeng le tsa boithabiso tseo esaleng re di hlolohetswe dilemo tse pedi tse fetileng. 
Ho tloha ngwahola ka Mphalane, naha ena esale e le Boemong ba Pele bo Fetotsweng, mme seo se bolela hore diketsahalo tse ngata tse tlwaelehileng di kgutlile empa ka dinako tsohle diketsahalo tsena di phethahatswa ho ikamahantswe le ditataiso tsa bophelo bo botle. 
Dithibelo tse ngata mosebetsing ha di sa le yo. 
Re ka boela ra tlosa dithibelo tse ding hape. 

Ha re nka qeto ka dithibelo tseo re lokelang ho di nyehlisa le ho di boloka, kamehla re tataiswa ke Komiti ya Boeletsi ya Matona ka COVID-19. 
Re boetse re nkile malebela boiphihlelong ba dinaha tse ding, ho kenyeletsa dinaha tse ileng tsa tlosa dithibelo mme ha latela ho eketseha ha batho ba bangata ba kulang le ba hlokahalang. 
Erekaha re ne re tseba hore re tla kena mokgahlelong o motjha taolong ya rona ya sewa sena, re nkile nako re buisana le ba bangata ba nang le seabo tabeng ena, ho kenyeletsa mekgatlo ya ditumelo le baetapele ba setso. 
Pejana kajeno, re bile le kopano ya Lekgotla la Bohokahanyi la Bookamedi, le kopanyang Ditonakgolo, Bomajoro ba Bomasepala ba Baholo, Matona le Batlatsamatona, baemedi ba Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Mebuso ya Lehae mmoho le baetapele ba setso. 
Kamora dipuisano tsena le dikgothaletso tsa Lekgotla la Naha la Vaerase ya Corona le Laolang, Kabinete e nkile qeto ya ho nyehlisa dithibelo e le karolo ya Boemo ba pele bo Fetotsweng. 

Ho na le diphetoho tse matla dikopanong. 
Melawaneng e fetileng ho ne ho toboketswa haholo palong e dumelletsweng ya batho ba ka kgobokanang. 
Ho tloha jwale dibaka tsa dikopano tsa kahare le tsa kantle di ka nka ho fihlela halofo ya mothamo wa tsona ha feela ba tlang kopanong ba hlahisa bopaki ba ho enta kapa teko ya COVID e entsweng ho eso fete matsatsi a mararo. 
Moo batho ba sa hlahiseng bopaki ba ho enta kapa teko ya COVID, pehelo ya kgale ya palo e dumelletsweng ya batho e tla sebetsa – e leng batho ba 1 000 kahara sebaka le ba 2 000 kantle. 
Phetoho ena dithibelong tsa dikopano e tla ba molemo haholo diindastering tsa dipapadi, tsa mekete, ho tsa boithabiso le ho tsa tlhophiso ya diketsahalo.
Sena se bolela hore ebang re entile kapa re sa tswa etswa diteko tse reng ha re na lefu lena re ka kgutlela mabaleng a dipapadi ho ya shebella dipapadi le ho ya meketeng ya mmino, ra ya boha dipapadi tsa kalaneng, dibokeng le diketsahalong tse ding. 

Palo e hodimo ya batho ba dumelletsweng ho ya lepatong e tla eketseha ho tloha ho 100 ho ya ho 200. 
Jwaloka pele, ditebelo le dikopano tsa kamora phupu ha di a dumellwa. 
Ho boetse ho na le diphetoho tsa bohlokwa melawaneng e amanang le ho rwala dimonkwana. 
Jwalo feela ka pele, ke tlameho ho rwala semonkwana sa lesela kapa ho hong ho kwahelang nko le molomo ha motho a le kahara sebaka se itseng hara batho.
Ha ho hlokehe hore motho a rwale semonkwana ha a le kantle. 
Sena se bolela hore re ntse re tlameha ho rwala dimonkwana ha re le mabenkeleng, ditsing tsa mabenkele, diofising, difemeng, kahara ditekesi, kahara dibese, ditereneng kapa kae kapa kae moo ho nang le batho kahare. 
Ha ho hlokahale hore re rwale dimonkwana ha re itsamaela kantle kapa lepalapaleng, ha re ikwetlisa kantle kapa re le kopanong e kantle. 

Melawana ya ho arohana ha batho le yona e a fetoha, mme ho batleha sebaka sa mitara e le nngwe pakeng tsa batho hohle ntle le sekolong. 
Ho boetse ho na le diphetoho melawaneng e amang baeti ba hlahang dinaheng tse ding. Baeti ba kenang Afrika Borwa ba lokela ho hlahisa bopaki ba ho enta kapa sephetho sa teko ya PCR se reng motho ha a na COVID-19 se fumanehileng ho eso fele matsatsi a mararo. 
Baeti bohle ba sa entang ba kenang naheng ena ba batlang ho enta ba ka enta. 

Mehato ena e kena tshebetsong ho tloha hosane, ka Laboraro la la 23 Tlhakubele 2022, ha melawana e metjha e se e phatlaladitswe semmuso. 
Diphetoho tsena di bolela hore di mmalwa dithibelo tsa setjhabeng le mosebetsing tse sa leng teng. 
Ho tloha jwale tsa bohlokwa tseo re ka itshireletsang ka tsona lefung lena ke ente, le ho hlompha mehato ya motheo e kang ho rwala dimonkwana ha re le kahara dibaka. 
Ho nyehliswa ha dithibelo tse ding tse salletseng ho hloka hore ho eketsehe palo ya batho ba entang. 
Ho bonahala ente e fokotsa ho kula ha batho haholo. 
Dipalopalo tsa dipetlele di bontsha ka ho hlaka hore batho ba sa entang ba ka qetella ba robatswa sepetlele kapa ba hlokahala ka lebaka la COVID-19.
Ho enta ho ka fokotsa tshwaetso lapeng le dibakeng tse kang dikolong le diyunivesithi moo batho ba atamelanang.
Kahoo, leha re ananela hore batho ba kahodima dilemo tse 60 ba ballwang dipersenteng tse 68 ba entile, re kgathatsehile ka hore ke dipersente tse 35 feela tsa batho ba dilemong tse 18 ho ya ho 35 ba entileng.
Ho bohlokwa haholo hore ho kgothaletswe batho ba bangata ba dilemong tse 18 ho ya ho 35 hore ba ente, mme ke ka hona ho thakgotsweng letsholo la #KeReady kgweding e fetileng. 
Letsholo lena le kenyeletsa melaetsa ya batjha mme le tsepame ho kgothaletseng batjha ba dilemong tse 18 ho ya ho 35 ho enta. 
Ho feta moo, re kgothaletsa ba entileng ho ya fumana ente e matlafatsang. 
Ha re entile kaofela ha rona, re ka sebedisa matla, disebediswa le maiteko a rona ho aheng botjha moruo wa rona le ho theheng mesebetsi e hlokehang ka matla. 
Dilemong tse pedi tse fetileng ha re ne re tsebisa ka qaleho ya ho kwalwa ha ditshebeletso tsa naha, ke ile ka re matsatsing le dibekeng le dikgweding tse tlang re tla lekwa ho feta nako e fetileng, re le setjhaba, hore na re na le maikemisetso le bohlale bo bokae. 
Ke ile ka ipiletsa ho lona bohle ho ba le seabo:
“Ho ba sebete, ho ba le mamello, mme ho feta moo re bontshe kutlwelobohloko.” 

Maafrika Borwa a arabetse piletso eo ka makgetlo. 
Re boetse re kotjwa hape ho ba le seabo – ka ho enta, ha re kena botjha ntweng kgahlano le sewa sena re e na le tshepo le maikemisetso. 

Ke a leboha.
 

Share this page

Similar categories to explore