Pehelo ka Moporesidente Cyril Ramaphosa Mabapi le Kgatelopele ya Matsapa a Naha a ho Fedisa Sewa sa COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

Ho se ho fedile halofo ya selemo hantle, haesale re ne re tsebahatse ka maemo a koduwa ya naha e le yona karabelo seweng sa kokwanahloko ya corona.

Nakong eo yohle, ho hlokahetse Maafrika Borwa a kahodimo ho 15 000 ka lebaka la lefu lena mme ya eba ba kahodimo ho 650 000 ba netefaditsweng hore ba tshwaeditswe.

Ho bile le ho ruthutheha ho hoholo moruong wa habo rona esita le setjhabeng sa habo rona.

Re ile ra lebahanya thebe le maima a maholo ebile e le a tamukanyang.

Empa, ka ho ipopa ngatana nngwe, le ka ho dula re tiile mangole, re e lwantshitse.

Dikgweding tse pedi tse fetileng, ha sefefo se ne se ruthutha ka matla, re ne re ngodisa ditshwaetso tse ntjha tse ka bang 12 000 ka letsatsi.

Empa jwale, ka kakaretso re se re ngodisa ditshwaetso tse katlase ho 2 000 ka letsatsi.

Jwale re na le sekgahla sa 89% sa ba fodileng.

Esita leha dithibelo di ile tsa nyehliswa nakong e ka etsang kgwedi e fetileng ka ho theohela boemong ba bobedi, hanyane hanyane ho bile le phokotseho ya ditshwaetso tse ntjha, ya dikamohelo dipetlele le ya ba hlokahalang.

Tlhokeho e kgolo ya dibethe dipetlele, ya dithusaphefumoloho, oksijene le ya dintho tse ding tsa mantlha tse hlokehang tsa bongaka, le yona e fokotsehile hanyane hanyane.

Re atlehile ho fenya mokgahlelo o kotsi ka ho fetisisa wa sewa sena, ha ka ho le leng re ne re sireletsa bokgoni ba tsamaiso ya habo rona ya bophelo bo botle.

Ke batla ho thoholetsa lona, setjhaba sa Afrika Borwa, ka katleho ena esita le ka diketekete tsa maphelo a ileng a pholoswa ka lebaka la diketso tsa lona ka kopanelo.

Katleho ena e ile ya boela ya ananelwa ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), o ileng wa re atamela haholo e le ho matlafatsa karabelo ya rona.

Jwaloka ha re se re boletse pejana, ba nnile ba tswela pele ka ho re fa dikeletso ba ba ba romela le ditsebi tsa bona naheng ya habo rona.

Re motlotlo ka tshehetso yohle eo re e fumaneng ho Mookamedi e Moholo (DG) wa WHO Geneva, esita le Ditsi tsa Afrika tsa Taolo le Thibelo ya Mafu.

Leha re entse kgatelopele e tsotehang, batho ba habo rona ba bangatanyana ba ntse ba tshwaetseha ha ba bang bona ba hlokahala.

Leha ho le jwalo, re ntse re le kahara sefefo sa sewa sena se bolayang.

Qholotso ya rona e kgolokgolo, ebile e le mosebetsi wa rona wa bohlokwa ka ho fetisisa, ke ho netefatsa hore ha re fefolwe ke leqhubu le leng le letjha la ditshwaetso.

Dinaha tse ngatanyana ho potoloha le lefatshe di thutswe ke ‘leqhubu la bobedi’ kapa ho ropoha botjha ha ditshwaetso.

Boholo ba dinaha tsena di ne di se di fetile sehlohlolong sa ditshwaetso mme ho bonahala di beile kokwanahloko ena katlasa taolo.

Tse ding tsa tsona di ne di se di tlohetse le boholo ba dithibelo diketsahalong tsa moruo le tsa kahisano.

Ka makgetlo a mangatanyana, leqhubu lena la bobedi le ile la mpefala ho feta la pele.

Dinaha tse ngatanyana di ile tsa tshwanela ho qobella botjha ho kginwa ho thata ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Karabelo ya rona bophelong bo botle ba setjhaba jwale e tsepame ho tsweleng pele ka ho fokotsa tshwaetsano ya kokwanahloko ena, esita le ho itlhophisetsa ho ropoha botjha ho ka nnang ha etsahala.

Jwale re se re nkile qeto ya hore re tla tswelapele ka ho eketsa diteko tsa kokwanahloko ya corona.

Ka lebaka la ho fokotseha ha ditshwaetso tse ntjha le kgatello e fokotsehileng ditsing tsa rona tsa bophelo bo botle, re na le bokgoni bo lekaneng ba ho etsa diteko hoo re ka eketsang le mekgwa e fapaneng ya ho etsa diteko.

Lethathameng la batho ba tla etswa diteko, jwale re tla kgona ho etsa diteko ho bohle ba amohetsweng dipetlele, ho bakudi ba etelang ditsing tsa rona tsa kokelo ba na le matshwao a COVID-19, le bathong ka bomong, ho sa natsehe hore ba na le matshwao kapa tjhee, ba ileng ba atamelana le bao ho netefaditsweng hore ba tshwaetsehile.

Ho tse tla tsamaisana le ho etsuwa ha diteko, re ntlafatsa bofofonedi ba ho fofonela batho ba ileng ba kopana le bakudi ba nang le lefu lena ka tshebediso ya COVID-19 Alert South Africa Mobile phone app esita le lepatlelo la COVID-19 Connect WhatsApp.

Mekgwatsamaiso ya ho etswa ha diteko tse ntle le ho fofonela batho ba ileng ba kopana le bakudi ba nang le lefu lena, e tla re dumella ho hlwaya ka potlako le ho fedisa leqhubu pele le ata ho ya pele.

Phirimaneng ena ke batla ho etsa kgoeletso ho bohle ba nang le di-smartphone Afrika Borwa hore ba monyolle COVID-19 Alert South Africa ho Apple Store kapa ho Google Play Store.

Dikhamphane tsa marangrang di entse hore app ena e se ke ya lefellwa letho, ho etsetsa hore lona le e monyolle ntle le ditjeo tsa data.

Ka tshebediso ya theknoloji ya Bluetooth, app ena e tla hlokomedisa mosebedisi ofe kapa ofe wa yona haeba a ile a atamelana le motho ofe kapa ofe eo diteko di mo fumaneng a e na le tshwaetso ya kokwanahloko ya corona matsatsing a 14 a fetileng.

App ena ke pinyane kahohlehohle, ha e bokelle lesedi le hlokolosi la motho ofe kapa ofe, ebile ha e fofonele sebaka seo motho a leng ho sona.

Lefapha la Bophelo bo Botle le lona le iketseditse mokgwatsamaiso wa WhatsApp le SMS bakeng sa batho ba se nang di-smartphone hore ba fuwe diphetho tsa diteko ba be ba hlokomediswe ka kgonahalo efe kapa efe ya ho pepeseha kokwanahlokong ena.

Ho fofonela batho ba ileng ba kopana le batshwaetsuwa ke mokgwa wa bohlokwa wa ho itshireletsa bowena le ba lelapa le metswalle.

Re tla potoloha le naha ena re etse boithuto ba ho sekaseka boemo ba sebele ba ditshwaetso kahara setjhaba.

Boithuto bona, bo tsejwang ka hore ke boithuto ba seroprevalence, bo sebedisa diteko tsa di-antibody ho bona hore na ebe motho ha a ya pepeseha kokwanahlokong ya corona.

Boithuto bona ba naha ka bophara bo tla fa borasaense monyetla wa ho hakanya sekgahla sa ditshwaetso tse se nang matshwao esita le tshireletseho kahara setjhaba, le ho utlwisisa haholwanyane ka mekgwa ya phetisetso ya kokwanahloko ena.

Re tswela pele ka ho boloka bokgoni ba tlhokomelo ya habo rona ya bophelo bo botle e le ho netefatsa hore re kgona ho a laola ka bokgabane maqhubu afe kapa afe a ka ropohang, le ho netefatsa hore e mong le e mong o fumana tlhokomelo eo a e hlokang.

Lefapha la Bophelo bo Botle le sebetsa ka katamelano le mekgatlo ya basebetsi le ba bang ba amehang, e le ho netefatsa hore basebetsi bohle ba tlhokomelo ya bophelo bo botle le ba bang ba moleng o kapele, ba na le disebediswa tse hlokehang tsa boitshireletso esita le maemo a bolokehileng ao ho sebeletswang ho ona.

Ke batla ho leboha basebetsi ba setjhaba ba moleng o kapele ka ho hlahisa taba ya polokeho mme ba e thula phatla ntjhotjho kgafetsa kgafetsa.

Ke batla ho ba leboha ka boikitlaetso ba bona ba ho hlokomela batho ba habo rona esita le ka boitelo bo boholo boo ba bo entseng.

Ha re ntse re sebeletsa ho thibela ditshwaetso tse ding tsa kokwanahloko ena, ka ho le leng re itokisetsa le nako eo ente ya yona e tla fumaneha ka yona.

E le ho netefatsa hore Afrika Borwa e kgona ho fihlella ente e sebetsang hantle, ka potlako e kgolo kamoo ho ka kgonehang ka teng ebile e le ka bongata bo lekaneng ho tshireletsa setjhaba, naha e na le seabo letsemeng la lefatshe lohle le tsheheditsweng ke WHO la ho kgobokanya mehlodi bakeng sa ntshetsopele le kanetso ya ente.

Ka letsema lena, Afrika Borwa e ikamahanya le dinaha tse ding ho tshehetseng mananeo a mangatanyana a ntshetsopele ya ente ebile e habile le phihlellong e lekanang ya bohle katlehong ya diente tsena, ka ditjeo tse tlase.

Ka boemo ba rona ba bodulasetulo ba Kopano ya Dinaha tsa Afrika, haesale re kgothalletsa hore ho be le phihlello e lekanang lefatshe ka bophara, ho etsetsa hore ho se ke ha eba le naha e sallang kamorao.

Re boetse re tsetela le bokgoning ba habo rona ba ho hlahisa le ho anetsa diente kwano lapeng, ho etsetsa hore Afrika Borwa e kgone ho ba le seabo sa bohlokwa matsapeng a ho pharallisa phihlello ya diente.

Naha ya habo rona e se e kentse letsoho ditekong tse tharo tsa diente, e leng ntho e bontshang hore borasaense ba habo rona ba na le bokgoni.

Maafrika Borwa a heso,

Nakong ya kgwedi e fetileng, ho fokotseha ka sekgahla ha ditshwaetso tse ntjha ho thusitse naha hore e theohele boemong ba bobedi ba kokwanahloko ya corona.

Jwale, re ntse re ipapisitse le kgatelopele eo re seng re e entse jwaloka ha ditshwaetso di fokotsehile le ho feta, re malalaalaotswe jwale bakeng sa mokgahlelo o motjha karabelong ya rona seweng sena.

Re se lwantshitse sefefo sena sa kokwanahloko ya corona.

Jwale ke nako ya ho kgutlisetsa naha ya habo rona, setjhaba sa yona le moruo wa habo rona maemong a batlang a tsitsitse, a tshwanang haholwanyane le maphelo ao re neng re a phela dikgweding tse tsheletseng tse fetileng.

Jwale ke nako ya hore re kene ho seo e tla ba tlwaelo ya rona e ntjha ya ho phela ha feela kokwanahloko ya corona e ntse e le teng kahara rona.

Leha boholo ba diketsahalo tsa moruo di thakgotswe botjha ka Phuptjane 2020, jwale ke nako ya ho tlosa dithibelo tsa diketsahalo tse setseng tsa moruo le tsa kahisano tse ngata kamoo ho ka bolokehang ka teng ho etsa jwalo.

Kamora ho dula majwana le baemedi ba mebuso ya diprovense le wa naha, re bile re ipapisitse le dikeletso tsa borasaense esita le metshetshetho eo re bileng le yona mmoho le ba amehang ba bangatanyana, Kabinete e nkile qeto hoseng ha kajeno hore naha e tshwanela ho kena boemong ba pele.

Kgato ya ho kena boemong ba pele e tla qala ho tloha ka kgitla ka Sontaha sa mohla la 20 Loetse 2020.

Kgato ena e ananela hore sekgahla sa ditshwaetso se batla se le tlase, ebile ho na le bokgoni bo lekaneng bo teng ba ho laola tlhokeho ya hajwale tsamaisong ya habo rona ya bophelo bo botle.

Ho kena boemong bona ba pele ho bolela hore dithibelo tsa dikgobokano tsa batho di tla nyehliswa le ho feta.

  • Dikgobokano tsa setjhaba, tsa bodumedi, tsa dipolotiki esita le tse ding di tla dumellwa, ha feela lenane la batho le sa fete 50% ya mothamo o tlwaelehileng wa sebaka seo, ebe lenane la batho le sa feteng 250 dikgobokanong tse kahara meaho hammoho le batho ba 500 dikgobokanong tse kantle ho meaho.

Methati ya bophelo bo botle, e kang ho hatlela kapa ho bolaya dikokwanahloko matsohong, ho qaqolohana ha batho le ho kenya sekwahelanko le molomo, e tla tlameha hore e nne e latelwe ka matla.

  • Lenane le hodimodimo la batho ba ka yang mapatong le a nyollwa ho tloha ho 50 ho ya ho 100 ka lebaka la tlokotsi e kgolwanyane ya phetisetsano ya dikokwanahloko mapatong. Ditebelo tsona di ntse di sa dumellwa.
  • Dibaka tsa boikwetliso, tsa boikgathollo le tsa boithabiso, tse kang ditsi tsa ho ikwetlisetsa le tsa ditshwantshiso tsa kalaneng, tse neng di kginnwe hore lenane la batho le se ke la feta ho 50, jwale di tla dumellwa hore di amohele batho ba etsang 50% ya mothamo wa sebaka seo jwaloka ha ho tla tataiswa ke boholo ba sona, ho ntse ho ipapisitswe le ditsamaiso tsa ho qaqolohana ha batho le tse ding tsa bophelo bo botle.
  • Dithibelo tse teng diketsahalong tsa dipapadi di tla dula di ntse di le jwalo.

Moo ho hlokehang, le teng e le molemong wa ho ingodisetsa ho vouta kapa wa ho vouta ho kgethehileng, Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) e tla dumellwa hore e etele ditsing tsa tshokollo ya batshwaruwa, ditsing tsa bophelo bo botle, mahaeng a metsofe le ditheong tse ding tse kang tseo.

Tsena di tla etsahala ho ipapisitswe le ditsamaiso tsohle tsa bophelo bo botle, ho akga le ho kenngwa ha dikwahelanko le molomo esita le ho hatlela kapa ho bolaya dikokwanahloko matsohong.

Enngwe ya dikgato tsa pelepele tseo re ileng ra di nka e le ho kgina ho ata ha kokwanahloko ena, e bile ho thibela ho kena ha baeti ba matjhabatjhaba ka matla esita le ho kwala madiboho a habo rona.

Ka ho kena boemong bona ba pele, re tla nyehlisa dithibelo tsa maeto a matjhabatjhaba butlebutle ebile e le ka hloko e kgolo.

Re tla dumella maeto a yang kantle le a kenang kahare ho Afrika Borwa ka mabaka a kgwebo, a boithabiso le mabaka a mang, ho tloha mohla la 1 Mphalane 2020.

Sena se etsuwa ho ipapisitswe le dikgato tsena tse fapaneng tsa taolo le phokotso:

  • Maeto a ho ya le ho kgutla dinaheng tse itseng tse nang le sekgahla se hodimo sa ditshwaetso, a ka nna a thibelwa. Lenane la dinaha tseo le tla phatlalatswa ho ya ka dipalopalo tsa moraorao tse ipapisitseng le saense.
  • Baeti ba tla kgona ho sebedisa lediboho le le leng feela madibohong a neng a ntse a butswe nakong ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, kapa enngwe ya maemafofane a mararo a maholo: Boemafofane ba Matjhaba ba King Shaka, ba OR Tambo le ba Cape Town.
  • Baeti ha ba fihla, ba tlameha ho hlahisa sephetho sa teko ya COVID-19 sa nako e sa feteng dihora tse 72 ba tlohile moo ba tswang teng, se bolelang hore ha ba na yona tshwaetso ya COVID-19.
  • Moo baeti ba sa kang ba etsa diteko tsa COVID-19 pele ba tloha moo ba tswang teng, ba tla tshwanela hore ba ilo dula tshekehong e tlamang le teng e le ka ditshenyehelo tsa bona.
  • Baeti bohle ba tla hlahlobisiswa ha ba fihla kwano mme bao ba tla bonahala ba e na le matshwao, ba tla tlameha ho sala tshekehong ho fihlela ho etsuwa teko enngwe hape ya COVID-19.
  • Baeti bohle ba tla koptjwa hore ba hokele COVID-19 Alert South Africa difonofonong tsa bona.

Dinaha tse seng di ile tsa sebedisa mofuta ona wa app di kgonne ho laola sewa sena sa kokwanahloko ya corona ka bokgabane.

Boitlhophisetsong ba ho bula madiboho a habo rona botjha, ditsi tsa baemedi ba Afrika Borwa dinaheng tse ding di tla bula bakeng sa ho etsuwa ha dikopo tsa di-visa, athe di-visa tsa nako e telele tsona di tla tsosoloswa.

Lekala la bohahlaudi ke le leng la makala a habo rona a maholoholo a hodisang moruo.

Re malalaalaotswe ka ho bulela lefatshe lohle mamati a rona, re mema baeti hore ba nyakallele dithaba tsa habo rona, mawatle a habo rona, ditoropo tsa habo rona tse hlamaselang esita le dirapa tsa habo rona tsa diphoofolo tse hlaha, ka polokeho le ka diphatla tse phahameng.

Hape, e le karolo ya ho kgutlela butlebutle diketsahalong tse tlwaelehileng tsa moruo le tsa kahisano:

  • Dihora tsa qomatsi di fetotswe. Qomatsi jwale e tla sebetsa dipakeng tsa kgitla le hora ya bone ka madungwadungwana.
  • Thekiso ya jwala mabenkeleng, bakeng sa hore bo ilo nwellwa malapeng jwale e dumelletswe ho tloha ka Mantaha ho isa ho Labohlano, ho tloha ka hora ya borobong hoseng ho isa horeng ya bohlano mantsiboya.
  • Jwala bo tla dumellwa hore bo nwellwe moo bo rekiswang teng haeba e le dibaka tse nang le dilaesense feela, le teng ho ipapisitswe le methati e matla ya melawana ya qomatsi.

Matsatsing a mmalwa a tlang, melawana e lokisitsweng hantle e tla phatlalatswa mme Matona a tla fana ka dintlha tse tebileng.

Haufinyane Lefapha la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba le tla ntsha ditsebiso tse yang ho basebetsi bohle ba setjhaba mabapi le dikgato tse tla thusa ho kgutlisetsa dibaka tsohle tsa mmuso tshebetsong e phethahetseng ka polokeho, ebile e le ntle le tiehiso ya letho.

Erekaha ho e na le dithibelo tse mmalwanyana tse setseng tse ka fetohang melawana ha feela melawana ya koduwa e kgema le nako, re se re atollotse boemo ba koduwa ya naha ka kgwedi e le nngwe ho fihlela mohla la 15 Mphalane 2020.

Ho kena boemong bona ba pele ho tlosa boholo ba dithibelo tse setseng diketsahalong tsa moruo, leha e le hore ho ka nna ha nka nakwana pele ho bolokeha bakeng sa makala ohle hore a kgutlele tshebetsong e phethahetseng.

Tlhokeho e kgolo le phepelo ya lefatshe lohle le ya kwano lapeng ya dithepa le ditshebeletso tsa makala a itseng e tla dula e le tlase ka nako e teletsana e tlang, leha ho se ho tlositswe dithibelo tsa tsona.

Kahoo, ho bohlokwa hore re akofele ho aha moruo wa habo rona botjha, re tsosolose kgolo re be re thee le mesebetsi.

Kamora motshetshetho wa dibeke tse ngatanyana, balekane ba habo rona kahisanong ba ha NEDLAC, ba entse kgatelopele e babatsehang ka momahanyo ya setjhaba e tsotehang bakeng sa tsosoloso ya moruo.

Sena ke katleho e etsang nalane e kgolo naheng ya habo rona, e leng sesupo sa hore na re ka fihlella eng haeba re le ngatana nngwe mme re lwantshana le koduwa ya tshohanyetso.

Kabinete e tla ahella hodima lepatlelo lena e le ho phethela morero wa kahobotjha ya moruo le tsosoloso ya naha ya habo rona dibekeng tse tlang.

Morero ona o tla phethelwa wa kahobotjha le tsosoloso, o tla ahella hodima pakana ya kimollo ya moruo le setjhaba ya R500 bilione eo re ileng ra tsebahatsa ka yona ka Mmesa 2020, e ileng ya fana ka tshehetso ya bohlokwa malapeng, dikhamphaneng le basebetsing ka nako ya tlhokeho e kgolo.

Ka dithuso tse kgethehileng tsa ditjhelete tsa COVID-19 esita le ka tlatselletso ya dithuso tse seng di le teng tsa ditjhelete, tjhelete enngwe e ekeditsweng ya tshehetso e kahodimo ho R30 bilione e se e fanwe ka kotloloho bathong ba kahodimo ho 16 milione ba malapeng a kojwana di mahetleng.

Dikhamphane tse kahodimo ho 800 000 di fotse molemo ka letsete la tshehetso ya meputso la Letlole la Inshorense ya ho Fellwa ke Mesebetsi (UIF) ka mokgwa wa dithuso tsa ditjhelete hammoho le dikadimo tsa ditjhelete tse fanwang ke mafapha a fapaneng a mmuso esita le ke ditheo tsa setjhaba.

Basebetsi ba kahodimo ho 4 milione ba amohetse tjhelete ya tshehetso ya meputso e kaalo ka R42 bilione, e ileng ya thusa ho sireletsa mesebetsi ena esita le ha dikhamphane di ne di sa kgone ho sebetsa.

Tshehetso ena e fihlelletse maphelo a dimilione tsa Maafrika Borwa ebile e entse phapang ya sebele ho bao ba neng ba e hloka ka ho fetisisa.

Kamohelo ya tjhelete ya UIF e atolletswe ho ya fihla mafelong a maemo a koduwa ya naha, e le ho netefatsa boteng ba tshehetso e tswelang pele ya basebetsi bao lekeno la bona le ntseng le le tlokotsing, esita le dikhamphane tseo lekeno la tsona le ntseng le le tlokotsing.

Ho eketsa hodima dikgwebo tseo tse fumaneng tshehetso ka kotloloho, dikhamphane tse ngata le ho feta di fotse molemo dikgatong tsa kimollo ya lekgetho ya boleng bo ka etsang R70 bilione.

Jwale ke dimilione tsa Maafrika Borwa tse fotseng molemo phokotsong e kgolo ya sekgahla sa tswala.

Diphetophetolo di se di entswe Letseteng le Netefaditsweng la Dikadimo tsa Ditjhelete e le ho nolofaletsa dikhamphane tse kgolo le tse nyenyane hore di fumane mekitlane ka sekgahla se tlase sa tswala, mme ditefo tsona di tla sisithehiswa ka nako e ka fihlellang dikgweding tse leshome le metso e mmedi.

Re kgothalletsa dikhamphane tsohle tse ileng tsa sitiseha dikunong tsa tsona hore di batle tshehetso letseteng lena ha moruo o ntse o hlaphoha.

Qalehong ya sewa sena re ile ra ipiletsa ho Maafrika Borwa hore a bontshe tshehetsano le lerato la naha ka ho tshehetsa matsapa a mmuso a ho lwantshana le sewa sena.

Re ile ra thea Letlole la Tshehetsano, le seng le fumane dinyehelo tse ka bang 300 000 bathong ka bomong ba ka bang 15 000 esita le dikhamphaneng tse atamelang ho 2 500.

Dinyehelo tsena di ne di tswa bathong feela esita le ho basebetsi, mekgatlong ya bodumedi, mekgeng ya dipolotiki, mekgatlong eo e seng ya mmuso, botseteding le metheong e kgethehileng.

Letlole la Tshehetsano, ka mosebetsi wa lona, le bontshitse hore na matla a selekane le tshebedisanommoho ya setjhaba a jwang.

Haesale le ne le thewe, le se le nyollotse kotla ya R3.1 bilione ho tswa dikhamphaneng, metheong e kgethehileng le bathong ka bomong.

Ho fihlela jwale, le se le nanabeditse tjhelete e kaalo ka R2.4 bilione e le ho tshehetsa dikarolo tsa bohlokwa karabelong ya naha ya habo rona kokwanahlokong ya corona.

Tsona di akga ho rekwa ha metjhine ya ho etsa diteko, disebediswa tsa phepelo ya tsa bongaka le tsa boitshireletso esita le tlhahiso ya kwano lapeng ya dithusaphefumoloho. Le bile le thusa le ka kimollo ya dijo bakeng sa malapa a tlokotsing, divaotjhara bakeng sa dihwai tse thuthuang, tlhokomelo ya mahlatsipa a ditlhekefetso tse amanang le bong (GBV) le letsholo la naha la tlhokomediso ka COVID-19.

Maafrika Borwa a heso,

Ditlhekefetso kgahlanong le basadi le bana di tswetse pele di sa phetse nakong ya sewa sena.

Re ikemiseditse ho tswelapele ka qeto ya rona ya ho sebetsana le sewa sena sa GBV le phenetho ya basadi.

Ho ya ka lenane la moraorao, re hlwaile dibaka tse 30 ho potoloha le naha moo e totileng haholo, tseo ho tsona bothata bona bo jeleng setsi ka ho fetisisa.

Jwaloka ha re kena boemong bo latelang, re a eketsa re bile re ntlafatsa ditshebeletso tsa tshehetso bakeng sa mahlatsipa a GBV, haholoholo dibakeng tse hlwailweng e le tseo ho tsona e totileng haholo.

Re tshwanela ho etsa jwalo e seng feela hobane ho nyehliswa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, empa hobane e le karolo ya mosebetsi o seng o le kgabong wa ho kenya tshebetsong Morero wa Lewa la Naha o ananetsweng ke Kabinete pejana monongwaha.

Sena se kenyeletsa kanetso ya mmotlolo o momahantsweng o mahlakore a mangata a akaretsang tshehetso ya maikutlo le kahisano, dipatlisiso tsa dinyewe, ditshebeletso tsa bodulo le matlafatso ya moruo bakeng sa mahlatsipa a le sebakeng se le seng.

Ditsi tseo ho Fumanehang Tsohle ho Tsona tsa Khuseleka di eketsa hodima matlataelo a marangrang a seng a le teng a Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela, mme di se di ntse di sebetsa diterekeng tsa Leboya Bophirimela, Limpopo le Kapa Botjhabela.

Mosebetsi wa ho atolla mmotlolo ona wa tlhokomelo le tshehetso ho ya diprovenseng tsohle o se o thakgohile.

Ha re etseng makgobonthithi ohle a hore re fedise bothata bona ba ditlhekefetso kgahlanong le basadi le bana.

Sewa sa kokwanahloko ya corona se pepesitse sekgahla seo bonyofonyofo bo thuntheditseng setjhaba sa habo rona ka teng, bo bile bo utswetsa naha ya habo rona mehlodi ya bohlokwa mme e le ka nako eo re e hlokang ka ho fetisisa.

Diakgente tsa habo rona tsa qobello ya molao di etsa kgatelopele ya bohlokwa ho batlisiseng dipelaelo tsohle tsa tshebediso e mpe ya ditjhelete tse amanang le COVID-19.

Yuniti e Kgethehileng ya Dipatlisiso (SIU) e tlisitse tlaleho ya yona ya pele ya nakwana ho nna, e talolang kgatelopele ya dipatlisiso tsa yona diprovenseng tsohle le mafapheng a mang a naha, esita le ditheong tse ding tsa naha.

Jwaloka ha SIU e phethela dipatlisiso tsa yona, re tla ba boemong bo botle ba ho phatlalatsa diphumano tsa bona.

SIU e sebedisana mmoho le diakgente tse ding tse robedi tse setsing sa kopano sa COVID-19 e le ho fofonela, ho batlisisa le ho tjhutjhisa diketsahalong dife kapa dife tsa bonyofonyofo.

E le karolo ya matsapa a ho kgothalletsa ponaletso le boikarabelo, Lefapha la Matlotlo a Naha le phatlaladitse dintlha tsohle tsa dikonteraka tse amanang le COVID-19 tse neanweng ke ditheo tsa mmuso boemong ba naha le ba diprovense.

Ena ke kgatelopele ya bohlokwa eo re tshepang hore e tla tea mohlala bakeng sa ditshenyehelo tsohle tsa mofuta ona kamoso.

Kantoro ya Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete (AG) le yona e bile le seabo sa bohlokwa ho hlwayeng mafokodi le ditlokotsi tse taolong ya mehlodi ya COVID-19, le ho fofoneleng diketsahalo tse ka etsahalang tsa boqhekanyetsi bakeng sa dipatlisiso tse etswang ke diakgente tse emetseng setsi sa kopano.

Re tswelapele ka ho sebeletsa ho matlafatsa matsapa a rona a kgahlanong le bonyofonyofo ka dikgato tsa ho fa Lekgotla la Botjhutjhisi ba Naha (NPA) le diakgente tse ding tsa qobello ya molao mehlodi ya basebetsi le ditjhelete e hlokehang haholo bakeng sa ho lwantsha bonyofonyofo, ho matlafatsa makgotla a kgethehileng a ditlolo tsa molao tsa boqhekanyetsi ba ditjhelete, a tla thusa ho akofisa dinyewe tse amanang le COVID-19, esita le ho phethelwa ha Lewa le letjha la Naha le Kgahlanong le Bonyofonyofo

Re ikemiseditse ho netefatsa hore dimpe tsohle tsa sewa sena re di sia kamorao.

Ha re batle ho lebahanya thebe le leqhubu le leng la ditshwaetso naheng ya habo rona.

Leqhubu la bobedi le ka ruthutha le ho feta naheng ena ya habo rona, ebile le ka boela la sitisa maphelo le makeno a rona

Ke boikarabelo ba Moafrika Borwa e mong le e mong ho netefatsa hore sena ha se etsahale.

Jwaloka ha re tsitsa tlwaelong e ntjha re bile re ithuta ho phela mmoho le kokwanahloko ena, re tlameha ho tswelapele ka ho dula re le sedi kahohlehohle e le ho qoba ho tshwaetsa ba bang.

Ona ke mokgwa oo ka ona re tla kgona ho dula re bolokehile esita le ho boloka moruo wa habo rona o sebetsa:

Wa pele, re tla tlameha ho kenya sekwahelanko le molomo ka dinako tsohle ha re le moo ho phetheselang setjhaba, re be re netefatse hore di kwahedisisa nko le molomo.

Wa bobedi, re tlameha ho qaqolohana le batho ba bang ka sekgeo sa mithara le halofo ka dinako tsohle, re be re netefatse le hore re ba dibakeng tseo ho tsona moya o fokaelang hantle.

Wa boraro, re tlameha ho tswelapele ho hatlela matsoho a rona kapa ho sebedisa sebolayadikokwanahloko sa matsoho kgafetsa.

Wa bone, re tlameha ho monyolla app ya COVID-19 Alert South Africa, re tsebe ho sireletsa ba malapa a rona le setjhaba.

Ka nako e kahodimonyana ho beke ho tloha hona jwale, Maafrika Borwa a tla keteka Letsatsi la Letlotlo la Botjhaba katlasa maemo a tla be a le matlenyana ka mekgwa e mengata ho feta ao re fetileng ho ona dikgweding tse tsheletseng tse fetileng.

Ke kopa hore e mong le e mong a sebedise letsatsi lena la phomolo ka hore a le etse nako ya lelapa, a hetle morao leetong le boima leo bohle re le tsamaileng, a hopole bao ba hlokahetseng, a be a nyakalle ka kgutso letlotlong lena la naha ya habo rona le tsotehang le bile le fapafapane.

Ebile ha ho mokgwa o betere wa ho keteka Boafrika Borwa ba rona ho feta ho ikamahanya le sefutho se kgurumeditseng lefatshe lohle, e leng ho qothisana lehlokwa ka motjeko wa pina ya Jerusalema.

Kahoo, ke a le kopa kaofela ha lona hore ka Letsatsi la Letlotlo la Botjhaba le qothisaneng lehlokwa mme le bontshe lefatshe lohle seo re kgonang ho se etsa.

Hantle feela jwaloka ha re ile ra ba ngatana nngwe ho fenya kokwanahloko ena, re tlameha ho tiisa meqheleba re be re kene kgabong ya ho aha moruo wa habo rona botjha.

Re na le moepamoholo monyolosa thaba kapele ho rona.

Ho tla hlokeha matsapa a kopanetsweng ke Moafrika Borwa e mong le e mong hore ho tsosoloswe katleho le ntshetsopele ya setjhaba sa habo rona.

Jwale ona ke mosebetsi wa moloko wa rona, mme mosebetsi wa rona o qala hona kajeno.

Re ile ra fenya diqeaqeo le ditsheollo yaba re e nka lekgarakgara tshoso e mpe ka ho fetisisa eo re kileng ra utlwela ka yona ho tsa bophelo bo botle.

Re bontshitse seo rona Maafrika Borwa re kgonang ho se etsa haeba re tshwarana ka matsoho.

Ha re tsitlalleleng moya oo wa momahano le tshehetsano.

Ha re hahamalleng pele ka boikitlaetso le ditharollo.

A Modimo o tswelepele ho hlohonolofatsa Afrika Borwa le setjhaba sa yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore