Dintlha ka | O lokela ho etsang | Nako ya tshebetso | Ditjeo ke bokae | Diforomo tse tlatswang | Dintlha tsa ho iteanya
Mabapi le ho ngodisa jwalo ka mohlokomedi wa maqheku
Ha o batla ho fana ka tlhokomelo e theilweng lapeng maqhekung, o lokela ho ingodisa jwalo ka mohlokomedi ofising e haufi ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Bakeng sa ho ngodiswa jwalo ka mohlokomedi ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, moabi wa tshebeletso ya o hirileng o lokela ho etsa bonnete ba hore o ya thupelong ya tlhokomelo e theilweng lapeng le hore o ba le setifikeiti se bontshang hore o fumane thupelo ho tswa institjhusheneg e ananetsweng ke Bolaodi ba Dikhwalifikheishene ba Afrika Borwa (South African Qualificaton Authority).
Mohlokomedi ke motho ya fanang ka thuso bathong ba bang ba sa kgoneng ho iphelela ka boikemelo ka botlalo ka baka la ho se itekanele mmeleng, monahanong, kapa kelellong.
O lokela ho etsang
- E ya ofising e haufi ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
- Tlatsa Foromo ya 7
- Romela ho latelang:
- khopi e tiiseditsweng ya Tokomane ya Boitsebiso kapa phemiti ya bodulo
- khopi e tiiseditsweng jwalo ka bopaki boo ho fanweng ka bona ke institjhushene ya thupelo hore o rupelletswe ho ba mohlokomedi.
- Hang ho ba o ngodiswe o tla fuwa setifikeiti sa ngodiso.
- O ka etsa kopo ya duplikheiti ha o ka lahlehelwa ke setifikeiti sa hao sa mantlha kapa ha se ka senyeha.
Diforomo tse tlatswang
Diforomo tsohle di fumaneha ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.